Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | January
    • Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala

      1. Re lokela ho talima linehelano tse fanoeng e le mohlala joang?

      1 Linehelano tse fanoeng e le mohlala bakeng sa ho tsamaisa limakasine le lingoliloeng tse ling li hlaha khafetsa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Ha re le tšebeletsong, ha ho hlokahale hore re li phete hantle kamoo li ngotsoeng kateng. Re li lokiselitsoe bakeng sa ho re fa leseli la seo re ka ’nang ra se bua. Hangata re tla atleha haholoanyane haeba re fana ka linehelano tsena ka mantsoe a rōna. Ho itlhalosa ka mokhoa oa tlhaho ho re thusa ho etsa hore mong’a ntlo a lokolohe, ’me ho bontša hore re tiile ebile re kholisehile.—2 Bakor. 2:17; 1 Bathes. 1:5.

      2. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka maemo a sebaka seo re leng ho sona ha re lokisetsa linehelano?

      2 Etsa Hore Nehelano ea Hao e Lumellane le Maemo: Tsela eo re bolelang litaba tse molemo ka eona e angoa haholo ke litloaelo tsa sebaka seo re leng ho sona. Na u ka lumelisa mong’a ntlo u ntan’o kenyelletsa nehelano moqoqong oa lōna, kapa batho ba tšimong ea lōna ba lebeletse hore u kene tabeng hang-hang? Seo se fapana ho ea ka libaka ’me ka linako tse ling se fapana ho ea ka batho. Ho boetse ho hlokahala temoho ha re botsa lipotso. Lipotso tse loketseng sebakeng se itseng li ka etsa hore batho ba sebaka se seng ba ikutloe ba sa lokoloha. Kahoo, re lokela ho ba le kahlolo e molemo ’me re lumellanye linehelano tsa rōna le se amohelehang sebakeng seo re leng ho sona.

      3. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka limelo tsa bao re buisanang le bona le mokhoa oo ba nahanang ka oona?

      3 Ho phaella moo, re lokela ho nahana ka limelo tsa batho ba tšimong ea rōna le mokhoa oo ba nahanang ka oona ha re lokisetsa tšebeletso ea tšimo. Ka mohlala, mohlomong u ne u ka hlalosetsa Mok’hatholike ea chesehang Matheu 6:9, 10 ka tsela e fapaneng le eo u neng u ka e hlalosetsa motho ea sa tloaelang thapelo ea “Ntat’a Rōna.” Ka ho nahana esale pele, re ka etsa hore linehelano tsa rōna li ipiletse haholoanyane ho batho bao re teanang le bona tšebeletsong.—1 Bakor. 9:20-23.

      4. Ke hobane’ng ha ho lokisetsa hantle e le habohlokoa?

      4 Esita le haeba re rera ho sebelisa nehelano e fanoeng e le mohlala joalokaha e ngotsoe, ha ho letho le molemo ho feta ho lokisetsa hantle. Re lokela ho bala ka hloko sehlooho kapa khaolo eo re rerang ho e sebelisa ’me re batle lintlha tse ka tsosang thahasello. Ebe re li kenyelletsa nehelanong ea rōna. Re ka tsamaisa lingoliloeng tsa rōna ka cheseho hafeela re tseba boitsebiso bo molemo bo ka har’a tsona.

      5. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra lokisetsa nehelano e fapaneng, ’me re ka ho etsa joang?

      5 Linehelano Tse Ling: Na re lokela ho sebelisa feela linehelano tse fanoeng e le mohlala? Che. Haeba u nolofalloa ke ho sebelisa nehelano e ’ngoe kapa lengolo le leng, etsa joalo. Ka ho khetheha haeba u tsamaisa limakasine, batla menyetla ea ho buella lihlooho tse ka hare tse ka tsosang thahasello e khethehileng tšimong ea lōna. Ha ho etsoa lipontšo tsa linehelano tsa tšebeletso ea tšimo Sebokeng sa Tšebeletso, ho ka etsoa litokisetso tsa hore ho sebelisoe nehelano leha e le efe e sebetsang tšimong ea phutheho. Ka tsela ena, bohle ba tla thusoa ho bolela litaba tse molemo ka katleho.

  • Peho ea Tšebeletso ea September
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | January
    • Peho ea Tšebeletso ea September

      Bahoe. Bo-pu. Bo-pu.

      Bohle Ba Thus. Ba Kam.

      Afrika Boroa 75 219 1 789 6 531

      Botswana 1 388 53 83

      Lesotho 3 008 112 268

      Namibia 1 207 32 75

      St. Helena 125 - 1

      Swaziland 2 166 58 179

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | January
    • Tsela ea ho Buella Limakasine

      Molula-Qhooa Jan. 15

      “Kaofela ha rōna re lakatsa ho phela hamonate le bana ba rōna, empa ba bangata ba na le maikutlo a hore ha ba na matla a ho finyella sena. Na u nahana hore re ka laola bokamoso ba rōna? [Emela karabo.] Makasine ena e bontša hore Bibele e re re na le matla ’me bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka seo re se khethang hona joale.” Bala Deuteronoma 30:19.

      Molula-Qhooa Feb. 1

      “Na ha ho utloise bohloko hore ebe batho ba bangata hakaale kajeno ba hateletsoe le ho tšoaroa ka mabifi? [Bolela mohlala oa morao-rao o tsebahalang sebakeng seo, ’me u emele karabo.] Makasine ena e bolela kamoo Molimo a talimang bophelo ba batho kateng. E boetse e bontša kamoo a tla re lopolla mahlomoleng a leng teng kajeno.” Bala Pesaleme ea 72:12-14.

      Tsoha! Feb. 8

      “Bo bong ba mathata a maholo ao re talimanang le ’ona kajeno ke hore na re ka sebetsana ka katleho joang le khatello ea kelello. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ke ka nepo Bibele e boletseng esale pele hore ho tla ba joalo. [Bala 2 Timothea 3:1.] Makasine ena e fana ka litlhahiso tse sebetsang tse ka thusang uena le lelapa la hao ho sebetsana ka katleho le khatello ea kelello.”

      Nehelano e ’ngoe: “Ha re kula, kaofela ha rōna re ananela ngaka e nahanelang maikutlo a rōna. Empa na u nahana hore bakuli ba bangata ba nahanela maikutlo a lingaka tsa bona? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla liphephetso tseo lingaka li talimanang le tsona le seo bokamoso bo se tšoereng bakeng sa mosebetsi oa bongaka.” Bala Esaia 33:24.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela