Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/10 maq. 20-21
  • Ke Eng se Etsang Hore re be Molemo Kapa re be Babe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Etsang Hore re be Molemo Kapa re be Babe?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsoalo le ho se Phethahale
  • Tikoloho e Silafetseng
  • Ke Uena ea Ikhethelang ho Etsa Botle Kapa Bobe
  • Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Kamoo Botle bo Tla Hlōla Bobe Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 4/10 maq. 20-21

Pono ea Bibele

Ke Eng se Etsang Hore re be Molemo Kapa re be Babe?

TLALEHO ea histori e tletse ka liketso tsa lehloeo le tšollo ea mali. Leha ho le joalo, ha ho e-ba le litlokotsi, hangata ho hlahella batho ba bontšang boitelo le mosa ka tsela e sa tloaelehang. Ke hobane’ng ha motho e mong e e-ba ’molai ea sehlōhō, ha e mong eena a thusa ba bang ka kutloelo-bohloko? Ke hobane’ng ha ka linako tse ling batho ba bontša litšobotsi tsa bophoofolo?

Letsoalo le ho se Phethahale

Ka ho toba, Bibele e re: “Monahano oa motho o mobe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21, Revised Standard) Ke kahoo bana ba ratang ho etsa botoutu. (Liproverbia 22:15) Ho tloha ha re hlaha, kaofela ha rōna re na le tšekamelo ea ho etsa se fosahetseng. (Pesaleme ea 51:5) Ho etsa se molemo ho hloka boiteko, joaloka ho soka seketsoana u nyoloha le nōka.

Leha ho le joalo, re boetse re fuoe letsoalo. Boholo ba rōna re susumetsoa ke boikutlo bona ba tlhaho ba se nepahetseng le se fosahetseng hore re etse lintho tse amohelehang mahlong a batho ba bangata. Ka lebaka lena, esita le batho ba sa rutoang mekhoa e metle ba ka ’na ba tsejoa ka liketso tse mosa. (Baroma 2:14, 15) Empa joalokaha re hlokometse ka holimo, ho sekamela ha rōna bobeng ho ka etsa hore re be le maikutlo a loantšanang. Ke eng hape e ka re susumetsang ntoeng ee ea botle le bobe?

Tikoloho e Silafetseng

Lempetje le fetola ’mala hore le tšoane le sebaka seo le leng ho sona. Ka ho tšoanang, batho ba tloaelanang le linokoane ho ka etsahala hore ba nke mekhoa ea tsona. Bibele ea lemosa: “U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.” (Exoda 23:2) Ka lehlakoreng le leng, ho tloaelana le batho ba tšepahalang, ba lokileng le ba boitšoaro bo botle ho ka re susumelletsa hore re etse lintho tse ntle.—Liproverbia 13:20.

Leha ho le joalo, re ke ke ra nka hore re sireletsehile tšusumetsong e mpe hobane feela re sa tloaelana le batho ba etsang lintho tse mpe. Kaha ha rea phethahala, bobe bo ka ’na ba lalla likelellong tsa rōna, bo emetse monyetla oa hore bo itsetsepele. (Genese 4:7) Ho feta moo, bobe bo ka ’na ba fihla malapeng a rōna ka mecha ea phatlalatso. Hangata lipapali tsa video, mananeo a thelevishene le lifilimi li khothalletsa pefo le ho iphetetsa. Esita le ho shebella litaba tsa machabeng kapa tsa lehae kamehla ho ka ’na ha etsa hore re se hlole re tsotella mahlomola a batho le ho sithabela ha bona.

Hantle-ntle ke eng e silafalitseng tikoloho eo re phelang ho eona? Bibele e araba tjena: “Lefatše lohle le matleng a ea mobe.” (1 Johanne 5:19, RS) Mangolo a senola hore enoa “ea mobe,” e leng Satane Diabolose, ke raleshano ebile ke ’molai. (Johanne 8:44) O sebelisa lefatše la hae ho ntšetsa bobe pele.

Ka lebaka la lintho tsena tsohle tse susumetsang boikutlo ba rōna le liketso, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha ba ikarabelle ka liketso tsa bona tse mpe. Empa hoo e leng hona ke hofe? Feela joalokaha setering se laola hore na koloi e lebe hokae le lesokoana la sekepe le laola hore na se lebe hokae, ’mele o laoloa ke kelello.

Ke Uena ea Ikhethelang ho Etsa Botle Kapa Bobe

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a e etsang ka morero, ebang e ntle kapa e mpe, o nahana ka eona pele. Ha motho a nahana ka lintho tse ntle le tse khabane, o kotula litholoana tse molemo. Ka lehlakoreng le leng, haeba peō ea litakatso tsa boithati e lumelloa hore e mele ka kelellong, e ka beha litholoana tse mpe tse ngata. (Luka 6:43-45; Jakobo 1:14, 15) Kahoo, ho ka boleloa hore ebang motho o etsa botle kapa bobe, ke eena ea ikhethelang.

Ka lehlohonolo, Bibele e bontša hore batho ba ka ithuta ho ba molemo. (Esaia 1:16, 17) Lerato ke lona le re tlamang ho etsa se molemo, kaha “lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe.” (Baroma 13:10) Ha re ithuta ho rata batho ba bang, ho hang re ke ke ra etsa motho leha e le ofe hampe.

Ke sona seo Ray oa Pennsylvania, U.S.A., a ileng a ithuta sona. Kaha o ile a ithuta ho loana a sa le monyenyane, batho ba ne ba mo reneketsa ka ho re ke Punch. E ne e bile e le sefela-peloana. Leha ho le joalo, o ile a fetoha hanyane ka hanyane ha a sebelisa melao-motheo ea Bibele. Empa e ne e se kamehla ho leng bonolo. Ka linako tse ling o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang le eo mongoli oa Bibele, Pauluse a neng a ikutloa ka eona: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” (Baroma 7:21) Hona joale, ka mor’a hore Ray a qete lilemo a ntse a leka, o khona ‘ho hlōla bobe ka botle.’—Baroma 12:21.

Ke hobane’ng ha re lokela ho leka hore re “tsamaee tseleng ea batho ba molemo”? (Liproverbia 2:20-22) Ke hobane qetellong botle bo tla hlōla bobe. Bibele e re: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa . . . Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:9-11) Molimo o tla felisa bobe ka ho feletseng. Ba ikitlaelletsang ho etsa lintho tse ntle ba letetsoe ke bokamoso bo thabisang hakaakang!

NA U KILE UA IPOTSA?

● Ke mang ea ikarabella ka lintho tseo re li etsang?—Jakobo 1:14.

● Na re ka khona ho fetola boitšoaro ba rōna?—Esaia 1:16, 17.

● Na bobe bo sa tla ke bo fele?—Pesaleme ea 37:9, 10; Liproverbia 2:20-22.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Ebang motho o etsa botle kapa bobe, ke eena ea ikhethelang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela