Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb11 maq. 162-255
  • Estonia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Estonia
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
  • Lihloohoana
  • E FETILE MAHLOMOLENG
  • MENGOAPO EA BOLUMELI BA BOHATA
  • “U NA LE MOLOMO”
  • “U KE KE UA JEOA KE BOLUTU”
  • LEKALA LA PELE
  • BAEVANGELI BA PELE
  • MATHATA A BAREKISI BA LIBUKA
  • MOSEBETSI O NENG O ETSOA KE LEKALA SETHATHONG
  • LITABA TSE MOLEMO LI HASOA KA LIPUO TSE NGATA
  • “KOLOI EA ’MUSO O LEHOLIMONG”
  • HO NE HO BONAHALA HORE HO TLA LUBEHA
  • KOPANO EA HO QETELA E TŠOAROANG KA BOLOKOLOHI
  • MESALETSA EA BATHO BA TSOANG LINAHENG TSE LING EA TSAMAEA
  • LITEKO TSE MATLA TSA TUMELO
  • SENGANGELE SE FETOHA PAKI
  • BA TSONGOA HO FIHLELA BA TŠOAROA
  • ‘BA NE BA LE SELI JOALOKA LINOHA, BA HLOKA MOLATO JOALOKA MAEBA’
  • BA HLONGOA LIPOTSO EBE BAA AHLOLOA
  • BA TLOSOA ESTONIA BA ISOA SIBERIA
  • BACHA BA SEBETE
  • HO PHELA SIBERIA LE HO SHOELA TENG
  • ’MUSO O BA LEFELETSE HO EA TŠIMONG E NCHA!
  • BA NE BA FUMANA LIJO TSA MOEA JOANG?
  • BOHLOKOA BA LIBOKA
  • MATLA A LERATO LA ’NETE LA BAKRESTE
  • BA KHUTLELA ESTONIA
  • BA HOPOLA SIBERIA
  • HO FETOHILE MOPALAMI EMPA PERE E NTSE E LE EONA
  • BA BOETSE BA KOPANA LE “’MÈ” OA BONA
  • MOSEBETSI O HLOPHISOA HANTLE
  • HO NE HO HLOKAHALA HORE BA BE SELI
  • BARAB’ABO RŌNA BA RUSSIA BA FALLELA ESTONIA
  • LITSELA TSE SA TŠOANENG TSA HO PAKA HA MONYETLA O HLAHA
  • HO PAKA HA MOSEBETSI O THIBETSOE
  • O TSOHA MOLOTA KA MOR’A HO KOPANA LE BONA SERAPENG
  • BACHA BA EMELA BORAPELI BA BONA KA SEBETE SEKOLONG
  • MEHLA EA FETOHA
  • BA KŌPTJOA HO FANA KA LIPUO TSA PHATLALATSA
  • BA MALALA-A-LAOTSOE HO HLOPHISA MOSEBETSI OA ’MUSO
  • BA EA KOPANONG E ’NGOE E MONATE KA NTLE HO NAHA
  • BA TŠOARA KOPANO KA BOLOKOLOHI KA LEKHETLO LA PELE
  • LITORO TSA BONA LIA PHETHAHALA
  • KETSAHALO EA BOHLOKOA E THABISANG PALENG EA BATHO BA MOLIMO
  • BA NE BA TUKA KE CHESEHO!
  • KOPANO EA RUSSIA—MONATE HA O PHUTHELOE KA KOBO!
  • HO NE HO HLOKAHALA BAITHAOPI
  • BA QALA HO ETELOA KE BALEBELI BA POTOLOHO
  • MATHATA A HO ITHUTA PUO E NCHA
  • MOAHLOLI EA RENG MOLIMO HA A EO O ITHUTA ’NETE
  • SEHOPOTSO HAR’A LIHOPOTSO
  • ‘LIPAKI TSA MESEBETSI EA LŌNA E METLE’
  • “JEHOVA O ARABETSE THAPELO EA KA!”
  • HO HLOKAHALA LIHOLO TSA ’MUSO KA POTLAKO!
  • OFISI E NCHA EA PHETOLELO
  • LIKOPANO TSA MACHABA TALLINN
  • E BOETSE E BA LE LEKALA
  • TŠEPO EA BONA EA KHANYA
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
yb11 maq. 162-255

Estonia

ENA ke pale ea Estonia! U tla hlolloa ha u bala ka naha ena e ratoang haholo le e ntle ea Baltic, e nang le meru le mekhoabo, metse e bohehang e sikileng le lebōpo la leoatle, matša a fetang 1 400 le lihlekehleke tse fetang 1 500. Hoo e ka bang halofo ea naha ea Estonia e apere mefero le lifate tse teteaneng, ’me lintho tsena ke mesaletsa ea meru e neng e koahetse boholo ba Europe nakong e fetileng. Estonia, e batlang e le khōloanyane ho Switzerland kapa Denmark, ke e ’ngoe ea linaha tse nyenyane ka ho fetisisa tsa Europe.

U tla elelloa hore baahi ba naha ena e ntle le e nyenyane ba nang le botsoalle empa ba sa bue haholo, ba na le litšobotsi tse ngata tse ratehang e le kannete. Boholo ba bona ke batho ba rutehileng, ba tsebang ho bala le ho ngola, ebile ba rata ho bala. Le hoja baahi ba 30 ho ba lekholo ba bua Serussia, puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao ke Seestonia. Leha ho le joalo, ha ho bonolo ho ithuta puo eo hobane e thata haholo. Ka mohlala, e na le mantsoe a mangata a bolelang “sehlekehleke,” ’me a itšetlehile ka ponahalo ea sehlekehleke seo, boholo ba sona le hore na ke sa khale hakae.

E FETILE MAHLOMOLENG

Linaha tse matla tsa boahelani li ’nile tsa chenchana ka ho busa Estonia. Mathoasong a lekholo la bo13 la lilemo, e ile ea haptjoa ke bahlabani ba Jeremane le mabotho a Denmark, ’me ka mor’a moo, ho ile ha feta lilemo tse makholo Denmark, Lithuania, Norway, Poland, Russia le Sweden li loanela ho busa Estonia.

Ho tloha moo, ka mor’a hore e busoe ke Sweden ka lilemo tse fetang tse lekholo, e ile ea busoa ke Russia ka 1721. Hoba Estonia e ipuse ka nakoana ho tloha ka 1918 ho fihlela ka 1940, Soviet Union e ile ea kena ka har’a naha eo ’me ea e hapa. Ka 1941, Jeremane ea Manazi e ile ea hapa Estonia empa ea felloa ke matla ha Soviet Union e kena ka 1944. Estonia e ile ea qeta hoo e ka bang lilemo tse 50 e le karolo ea Soviet Union, ho fihlela ka 1991 ha e e-ba rephabliki ea pele ea Soviet Union e fumanang boipuso.

Liketsahalo tseo li ile tsa ama Lipaki Tsa Jehova tsa Estonia joang? Ho ile ha etsahala’ng ka bahlanka ba Molimo oa ’nete pusong ea Majeremane e sehlōhō le pusong e thata ea Soviet Union? Bala pale ea bona e thabisang ea kamoo ba ileng ba bontša tumelo, sebete le tsela e bohlale eo ka eona ba ileng ba sebetsana le mahloriso a sehlōhō.

MENGOAPO EA BOLUMELI BA BOHATA

Masole a bolumeli a ileng a hapa Estonia lekholong la bo13 la lilemo a ile a qobella batho hore e be “Bakreste.” Leha ho le joalo, ba ne ba sokolohile ka lebitso feela. Ka mor’a moo, baahi ba metse eo kaofela, ba ile ba iphafatsa ka metsi ’me ba foka matlo a bona ka metsi e le hore ba itlhatsoe sesila sa ho kolobetsoa ka sheshe, ba nt’o khutlela borapeling ba bona ba bohetene. Batho ba ile ba tsoela pele ho rapela pōpo ’me ba etsa mekete ea bohetene ho fihlela ha butle-butle meetlo ea bona e tsoakana le litumelo tsa Mak’hatholike.

Lekholong la bo17 la lilemo, Maestonia a ile a sokolohela Kerekeng ea Lutere, ’me hamorao Kereke ea Orthodox ea Russia ea e-ba kereke ea Naha ea Estonia. Ka 1925, Kereke le ’Muso li ile tsa arohana. Ho latela phuputso e entsoeng, ho na le Maestonia a 14 feela ho a lekholo a bolelang hore bolumeli ke ba bohlokoa bophelong ba ’ona ba letsatsi le letsatsi.

Leha ho le joalo, mehleng ea morao tjena Maestonia a mangata a lipelo li ntle a amohetse ’nete ea Lentsoe la Molimo e tšoanang le setlhare se phekolang, e leng “thuto e phelisang hantle ho ea ka litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:10, 11) Ka lebaka leo, ho tloha ka 1991 palo ea Lipaki Tsa Jehova tse phatlalatsang ’Muso oa Molimo e eketsehile ho tloha ho tse ka tlaasenyana ho 1 000 ho ea ho tse fetang 4 000. Empa litaba tse molemo li ile tsa fihla joang naheng ee e nyenyane ea Estonia?

“U NA LE MOLOMO”

Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ha Martin Kose le moholoane oa hae Hugo ba le United States, ba ile ba fumana lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng). Martin o ile a tlala thabo ke seo a se fumaneng eaba o nahana haholo ka batho ba naha ea habo, moo a neng a tseba hore ha ho na Liithuti Tsa Bibele. O ile a fumana aterese ea ntlo-khōlō e New York bukaneng, eaba hamorao o ea moo ’me a bolella J. F. Rutherford, ea neng a okametse mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele ka nako eo hore na o ikutloa joang.

Martin o ile a re: “Ke etse joang?”

Mor’abo rōna Rutherford a mo araba a re: “Akere u na le molomo. U sa batla’ng hape? Khutlela haeno u e’o o sebelisa.”

Martin o ile a fela a etsa joalo! Hoo e ka bang ka 1923 o ile a khutlela Estonia, ’me a qala ho bolela litaba tse molemo, e le eena Seithuti sa Bibele sa pele naheng eo. Martin o ile a ruta lelapa la hae linnete tsa Bibele ’me mora oa hae Adolf, e ile ea e-ba mohlanka ea tšepahalang oa Molimo le tšiea ho balumeli-’moho le eena mehleng e thata e neng e larile ka pele. Moholoane oa Martin, e leng Hugo, le eena e ile ea e-ba Seithuti sa Bibele, ’me o ile a khutlela Estonia empa a se ke a lulela ruri.

“U KE KE UA JEOA KE BOLUTU”

Kopanong ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tšoaretsoe London ka 1926, Mor’abo rōna Rutherford o ile a kōpa baithaopi ba ka eang linaheng tsa Baltic. Albert West, Percy Dunham le James Williams ba ile ba phahamisa matsoho. Nakoana ka mor’a moo, ba ile ba khethoa hore ba hlophise mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo Estonia, Latvia le Lithuania. William Dey, eo ka nako eo a neng a okametse Ofisi ea Europe Leboea e neng e le Denmark, o ile a tsamaea le Albert West ba ea Tallinn, e leng motse-moholo oa Estonia. Ka mor’a hore Mor’abo rōna Dey a fumanele Albert sebaka sa bolulo, o ile a mo phaphatha lehetleng eaba o re: “Sala hantle Albert. U ke ke ua jeoa ke bolutu. Haufinyane Molula-Qhooa o tla fihla!”

Barekisi ba libuka, e leng kamoo bo-pula-maliboho ba neng ba tsejoa kateng ka nako eo, ba ile ba tla etsa tsoho la monna ba tsoa Engelane, Jeremane le linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ba ne ba sa khone ho lula nako e telele kaha ho ne ho le thata hore ba ekelletsoe nako ea ho lula naheng eo. Barekisi ba libuka ba Mafinnishe ba ne ba tloaela sebaka kapele, kaha Seestonia le Sefinnishe li batla li tšoana. Baboleli ba bangata ba litaba tse molemo ba nako e tletseng ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba jala peō ea ’Muso ka mahlahahlaha le ka bongata. Baahi ba ne ba khahloa ke batho ba tsoang linaheng tse ling, hangata ba ba amohela ka mofuthu, ’me ba ba bitsa ka mabitso a bosoasoi a kang ‘Soome Miina’ (Miina ea tsoang Finland). Haeba sebui se ne se tsoa Brithani, se ne se tsebisoa bamameli feela ka ho re ke “Molondon.”

LEKALA LA PELE

Barab’abo rōna ba ne ba sa khone ho fumana liofisi tse lekaneng ’me kaha ho ne ho nkoa hore batho ba tsoang linaheng tse ling ke barui, ba ne ba lefisoa rente e phahameng. Leha ho le joalo, ka 1926, ho ile ha buloa ofisi ea lekala foleteng e nyenyane, atereseng e latelang: 17 Kreutzwaldi Street, Tallinn, ’me Albert West ea e-ba mohlanka oa lekala. Libukana tsa pele tsa Seestonia, tse akarelletsang ea Millions Now Living Will Never Die!, li ile tsa lokolloa selemong sona seo.

Moroetsana e mong oa Moestonia ea bitsoang Hilda Ang o ile a bolelloa ’nete ke metsoalle ea hae. Ha a le ofising ea lekala ho ea batla lingoliloeng, mora e mong oabo rōna oa Lejeremane o ile a mo kōpa hore na a ka fetolela puo ea hae ea phatlalatsa. O ile a lumela, ’me ka 1928 a bitsoa hore e tl’o ba mofetoleli ofising ea lekala. Ka mor’a nako o ile a nyaloa ke mor’abo rōna oa Lenyesemane ea bitsoang Alexander Brydson, ea neng a tlile Estonia ho tla bolela litaba tse molemo ka nako e tletseng. Hilda e ile ea e-ba mofetoleli ea nang le bokhoni le ea ikitlaetsang, ’me hamorao ha mosebetsi o etsoa ka sekhukhu eena le monna oa hae ba ile ba tlameha ho tloha Estonia. O ile a tsoela pele ka lilemo tse ngata a fetolela ka lenyele a le naheng e ’ngoe. Ha ho kopanngoa lilemo tseo eena le monna oa hae ba li qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng, li feta 100!

Ka 1928 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hatisa buka ea tsona ea pele ea Seestonia ea The Harp of God. Ho phaella moo, pele ho Ntoa ea II ea Lefatše ho ile ha hatisoa Molula-Qhooa le libuka tse ling tse supileng hammoho le libukana tse ngata ka Seestonia.

BAEVANGELI BA PELE

Barekisi ba libuka ba ile ba sebetsa libaka tse khōlō ba tsamaea ka libaesekele ’me ba robala hohle moo ba neng ba ka fumana marobalo teng—ebang ke matlong a maholo a hahiloeng mahaeng kapa ao ho bolokoang furu ho ’ona. Batho ba ne ba futsanehile, empa ba rata ho mamela molaetsa oa ’Muso. Ka lebaka leo, baboleli bana ba litaba tse molemo ba nako e tletseng ba ne ba sebetsa ba thabile, ba qeta lihora tse pakeng tsa 150 le 200 ka khoeli ’me khoeling e ’ngoe e mong o ile a tlaleha lihora tse 239! Ba ne ba le mahlahahlaha, ba le sebete ebile ba tiisetsa tšebeletsong. Ha morali’abo rōna e mong a qala ho ea tšimong ho ile ha etsahala se latelang:

Morali’abo rōna oa Mofinnishe ea chesehang o ile a re ho eena: “Na u tseba ho palama baesekele?”

Eaba morali enoa oabo rōna o re, “E, kea tseba.”

Morali’abo rōna oa Mofinnishe o ile a thaba eaba o re, “Haeba ho joalo, a re ee Sarema,” e leng sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa sa Estonia se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 200.

Ha ba fihla motseng oa pele, e leng oa Sarema, morali’abo rōna oa Mofinnishe o ile a etsa tlhahiso ena: “U qale ka lehlakoreng lena, ’me ’na ke tla qala ka ho lane. Mantsiboea re tla kopana har’a motse.” Morali enoa oabo rōna o ne a qala ho bolela litaba tse molemo. Empa ha a fihla ntlong ea pele, o ile a utloa hore Jehova oa mo tšehetsa ’me ka potlako a ba sebete hoo a ileng a thabela leeto leo kaofela.

Hellin Aaltonen (eo hamorao e ileng ea e-ba oa ha Grönlund) o ile a kopana le batho ba tsoang sehlekehlekeng sa Vormsi ’me a utloa hore ba bua puo eo a qalang ho e utloa.

Eaba o re ho bona: “Na le bua Seestonia?”

Ba mo araba ba re: “Che, re bua Seswedishe.”

Hellin a re: “Na le na le libuka tsa Seswedishe?”

Ba ile ba feteletsa litaba ka ho re: “Ho fetile makholo-kholo a lilemo re sa fumane libuka tsa Seswedishe.”

Ha Hellin a lemoha hore baahi ba Vormsi ba hloka lingoliloeng tsa Seswedishe, o ile a etsa qeto ea ho etela sehlekehlekeng seo le Fanny Hietala, ea neng a bua Seswedishe.

Hellin o re: “Re ile ra nka libuka tsohle tsa Seswedishe tse neng li le teng ofising eaba re tsamaea ka seketsoana ho ea moo. Ra sebetsa sehlekehleke seo ka matsatsi a mararo ’me ra tsamaisa hoo e ka bang lingoliloeng tsa rōna kaofela. Ka mor’a lilemo tse mashome, ke ile ka utloela hore ho na le mor’abo rōna e mong Sweden ea ithutileng ’nete ka libuka tseo a li fumaneng Vormsi!” Khafetsa baboleli ba ’Muso ba ne ba bona ha mantsoe a Moeklesia 11:6 a phethahala. Eona e re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho.”

MATHATA A BAREKISI BA LIBUKA

Mosebetsi oa barekisi ba libuka o ne o se bonolo. Nakong ea mariha ba ne ba e-ea libakeng tse bohōle ba lik’hilomithara tse 20 ho isa ho tse 40 ka letsatsi ba tsamaea ka maoto kapa ka mapolanka a ho thelelisa leqhoeng. Ho ne ho bata haholo ’me ho e-na le libaka tse seng kae feela tse mofuthu tseo ho ka robaloang ho tsona. Ba ne ba nka feela lijo tse hlokahalang le lintho tse ling tsa bohlokoa hobane ba ne ba boetse ba nka mabokose a lingoliloeng. Lipula tsa litloebelele li ne li atisa ho koala mebila. Hangata maemo a ne a qobella barekisi bana ba libuka hore ba robale ka ntle bosiu. Mosebetsi ona o boima o ne o hloka hore e be batho ba shahlileng le ba mokoka. Empa baboleli baa ba litaba tse molemo ba ikitlaetsang ba ne ba ikutloa joang ka tšebeletso ea bona?

Mor’abo rōna oa Mofinnishe ea chesehang ea bitsoang Vilho Eloranta, ea ileng a qeta likhoeli tse ngata a bolela litaba tse molemo ka nako e tletseng libakeng tse qalikaneng, o re: “Ha ho mohla ke ileng ka hloka letho leo e hlileng e leng la bohlokoa. Hangata ke ne ke fumana lijo tsa letsatsi le letsatsi le marobalo ka hore ke fe beng ba matlo lingoliloeng. Ho ne ho sa hlokahale hakaalo hore ke be le chelete. Ha shoalane e tšoara, ke ne ke qala ho kōpa marobalo. E ne e le ka seoelo batho ba hanang ho mpha marobalo, haholo ha e se e le ka shoalane kapa polasi e latelang e le hōle.”

Vilho o tsoela pele o re: “Ke ne ke amehile haholo ka ho fa batho molaetsa oa ’Muso hoo ho seng mohla maemo a tlaase a bophelo a kileng a ntšitisa ho lula ke khotsofetse ebile ke thabile mosebetsing oa boboleli.”

Bara le barali bao babo rōna ba neng ba sebetsa ka thata ba ile ba rala motheo bakeng sa keketseho ea nakong e tlang hobane ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata. Ka 1929 baboleli ba evangeli ba seng bakae ba ile ba tsamaisa libuka le libukana tse 53 704.

Adolf Kose o re, “Estonia ho ne ho e-na le barekisi ba libuka ba ka bang 30 ba ileng ba bolela litaba tse molemo naheng eo kaofela pele Ntoa ea II ea Lefatše e qala.”

Litholoana tsa mosebetsi o ileng oa etsoa ke baboleli bao ba pele ba mahlahahlaha, li sa ntse li bonahala. Ka mohlala, mathoasong a bo-1990, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kopana le nkhono e mong ea bitsoang Ruth. Molaetsa oa tsona o ne o utloahala o se mocha litsebeng tsa hae. O ne a hopola hore lilemong tse fetang 60 pele ho moo, o ile a mamela Seithuti sa Bibele sa Lejeremane se ileng sa etela moahelani oa hae ka makhetlo a ’maloa. Le hoja Ruth a ne a se a sa utloe hantle litsebeng a bile a hōlile, o ile a elelloa hore litaba tseo ke ’nete, a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele, eaba o kolobetsoa hoo e ka bang lilemo tse 70 ka mor’a hore a kopane le Lipaki ka lekhetlo la pele!

MOSEBETSI O NENG O ETSOA KE LEKALA SETHATHONG

Mehleng eo ea pele, likopano li ne li tšoareloa ofising eo ea lekala e nyenyane. Ka June 1928 ho ile ha tšoaroa kopano ea pele, ’me ha e-ba le batho ba 25, ha kolobetsoa ba 4. Selemong se latelang, barab’abo rōna ba Mafinnishe ba 80 ba ile ba tla kopanong ho tla thusa le ho sebetsa tšimo.

Albert West, eo e neng e le mohlanka oa lekala la Estonia, o ile a kōptjoa hore a thuse William Dey, ’me hamorao a nka sebaka sa hae e le mohlanka oa lekala la Denmark. Ke mang eo e neng e tla ba mohlanka oa lekala la Estonia sebakeng sa Mor’abo rōna West? Wallace Baxter, oa Scotland, e ne e le mor’abo rōna ea lerato le ea qabolang. Pele a tseba ’nete, o ile a loana Ntoeng ea I ea Lefatše e le lesole la Brithani, Fora. Lintho tseo a neng a li bone ntoeng ena le tseo a ileng a feta ho tsona, li ne li sa lumellane le lithuto tsa Jesu Kreste.

Mor’abo rōna Baxter o re: “Ke ne ke ferekane ’me ka qala ho hlokomela hore lintoa tsohle tsa batho li fosahetse, ho sa tsotellehe hore na ho loantšoa mang. Haesale ke ntse ke lumela hore batho bohle ke bana ba motho le hore motho e mong le e mong ea batlang Molimo o tla qetella a mo fumane. Ha ke ntse ke nahana ka lintho tseo, ke ile ka khumama ka mokoting oo ke neng ke ipatile ho oona eaba ke ikana ka tieo ho Molimo hore haeba a ka mpholosa ’me ka khutlela haeso, ke tla mo sebeletsa bophelo bohle ba ka.”

O ile a fela a etsa joalo. A ithuta ’nete, ’me ka mor’a moo ka 1926 a qala tšebeletso ea nako e tletseng a le mafolofolo. Lilemo tse peli hamorao a lumela ha a mengoa hore a e’o sebeletsa Estonia, moo a ileng a tsoela pele a ntse a cheseha. O ile a khethoa hore e be mohlanka oa lekala ka 1930, e leng selemo seo Mor’abo rōna West a ileng a tsamaea ka sona. Ka 1932 Ofisi ea lekala e ile ea fallisetsoa 72 Suur Tartu Road, Tallinn, ’me selemong se latelang Watch Tower Bible and Tract Society ea ngolisoa ka molao Estonia.

LITABA TSE MOLEMO LI HASOA KA LIPUO TSE NGATA

Khale koana ka 1927, Mor’abo rōna West o ile a lumelloa ho hasa litaba tse molemo seea-le-moeeng sa Tallinn se sa itšetlehang ka chelete ea ’muso. Puo eo a ileng a fana ka eona e neng e re, “Mahlohonolo a Puso ea Lilemo Tse Sekete,” e ile ea fetoleloa ka Seestonia. Puo eo e ile ea tsosa thahasello e matla empa ea boela ea tsosa likhang. Kahoo barab’abo rōna ha baa ka ba lumelloa hore ba tsoele pele ho hasa lipuo tsena ho fihlela ka 1929. Ka mor’a moo, lipuo tseo li ile tsa hasoa ka Sontaha se seng le se seng. Li ne li fanoa ka Seestonia, Sefinnishe, Senyesemane, Serussia, ka linako tse ling li fanoa ka Seswedishe le ka Sejeremane, ’me bonyane ka lekhetlo le leng ho ile ha fanoa ka puo ka Sedanishe. Li ile tsa boela tsa tsosa thahasello e khōlō ’me batho ba ne ba li utloa ba le hōle koana Norway, Denmark, Sweden, Finland le Leningrad (hona joale ke St. Petersburg), Russia. Selemong sa tšebeletso sa 1932, lipuo tse 200 tse ileng tsa hasoa li ile tsa atleha ho tsebahatsa lebitso la Jehova. Ha ho makatse hore ebe baruti ba ile ba tsosa khanyetso ha ba utloa lipuo tsena!

Kaha baruti ba ne ba tseba hore ba boholong Estonia ba tšaba eng kapa eng e amanang le Bokomonisi, ba ile ba etselletsa Lipaki ka hore li sebelisana le Makomonisi. Ba boholong Estonia ba ne ba potlakela ho nka khato mabapi le eng kapa eng eo ba nahanang hore e tla ketola ’muso, kahoo ka 1934 ba ile ba thibela lipuo tseo seea-le-moeeng. Leha ho le joalo, hase bohle ba ileng ba thabela qeto eo. Moshanyana e mong oa sekolo o ile a ngola lengolo le latelang ka Senyesemane:

Ho Mokhatlo oa Watch Tower le Moahloli Rutherford:

Ke masoabi hore ebe ’muso oa heso oa Estonia o thibetse lipuo tsa lōna seea-le-moeeng. Ke ngoana oa sekolo. Batsoali ba ka hase barui, ’me ba sebetsa ka thata hore ba phelise bana ba bona. Empa lifahleho tsa bona li khanya khotso ka lebaka la lerato leo ba ratang Morena ka lona le tšepo eo a ba fang eona. Ke ne ke kula haholo mariha, ’me ka nako eo ke ne ke tšelisoa feela ke lipuo tsa lōna seea-le-moeeng. Ka nako eo, meokho ea thabo e ne e lula e keleketla mahlong a ka. . . . Nka fumana lipuo tsee hokae? . . . Ke ile ka qala ho ithuta Senyesemane ’me lengolo lena ke la pele leo ke le ngotseng ka sona, kaofela ke le ngotse ke sa sebelise dikishinari. . . . Ke lakaletsa Moahloli Rutherford khotso.

Mor’abo rōna Rutherford o ile a ngolla moshanyana enoa ka boeena a ba a mo romella lirekoto tse ling tsa lipuo tsa hae.

“KOLOI EA ’MUSO O LEHOLIMONG”

Morekisi oa libuka ea chesehang ea bitsoang John North, ea neng a tsoa Engelane, o ne a lula k’haraveneng le lelapa la hae ha a ntse a bolela litaba tse molemo Estonia. Ho pholletsa le Estonia boroa batho ba ile ba khahloa haholo ke sena. Koranta ea moo e ile ea hlalosa k’haravene eo ka tsela ena: “Ba Mokhatlo [oa Watch Tower] ba haha koloi e kang ntlo motseng oa Tartu, ’me ba rerile ho pota naha ka eona le hore ba tšoarele litšebeletso tsa bolumeli ho eona. Ba tsamaea ka ‘koloi ea ’Muso o leholimong’ ha ba ruta batho Bibele ’me ba tsamaisa libuka tse hlalosang Bibele. Batho ba tsamaeang ka ‘koloi’ ena ba bahlano, ke moromuoa ea etelletseng sehlopha sena pele, mosali oa hae, ngoana oa bona le bahlankana ba sehlahlo ba babeli. Moo ‘koloi’ ena e emang teng, bahlankana bana baa phatlalla ba jahile libaesekele tsa bona (ba khanna joaloka Jehu) ha ba il’o abela batho lingoliloeng.”

Nakong ea merusu ea lipolotiki bohareng ba bo-1930, Nikolai Tuiman, eo e neng e le mokhanni oa lifofane tsa ntoa, o ile a kenngoa chankaneng ka lebaka la ho sebelisana le mokhatlo oa Bofasista oa Estonia. Ha a le laebraring ea chankana o ile a fumana libuka tse ling tsa J. F. Rutherford tse ileng tsa mo hlokomelisa hore o tseleng e fosahetseng. Ha a se a lokolotsoe o ile a ea Tallinn atereseng eo a neng a e bone bukeng ea mosali oa hae, e neng e hatisitsoe ke Lipaki. Mor’abo rōna Baxter o ile a thusa Nikolai hore a fetole bophelo ba hae ka ho feletseng, a tlohele lipolotiki, ’me e ile ea e-ba Paki ea Jehova e phelang le batho ka khotso le e chesehang. Hamorao, ha mosebetsi o ntse o thibetsoe, e ne e le e mong oa litšiea ka phuthehong, a thusa mosebetsing oa khatiso o etsoang ka sekhukhu. O ile a lula a tšepahala lilemong tse ka bang 15 tseo a bileng botlamuoeng ka tsona Siberia.

Motho e mong ea neng a kene lipolotiking ’me tsa mo soetsa ke ngaka e bitsoang Artur Indus. O ile a qala ho thahasella ’nete ha a ne a ile lapeng ha Martin Kose a il’o phekola mokuli. Mor’abo rōna Kose o ile a khothalletsa Artur hore a ithute Bibele, ’me kaha Artur o ne a tseba Sejeremane, Mor’abo rōna Kose o ile a mo odarela lingoliloeng tsohle tse neng li fumaneha ka puo eo. Martin o ile a thusa Artur hore a amohele ’nete, a inehele ho Jehova ’me a kolobetsoe. E ne e le ngaka e tummeng le e hlomphehang, hape o ile a tsejoa e le mor’abo rōna ea chesehang le ea hlomphehang.

HO NE HO BONAHALA HORE HO TLA LUBEHA

Bohareng ba lilemo tsa bo-1930, ho ne ho tletse meferefere. Ka lebaka la khatello ea Jeremane ea Bonazi le Kereke e K’hatholike, ka January 1935 ’muso o ile oa amoha barab’abo rōna bukana ea Righteous Ruler.

Selemong sona seo, Letona la Litaba Tsa ka Hare ho Naha le ile la koala Mokhatlo oa Watch Tower oa Estonia, ’me la o amoha lingoliloeng le setša. Le hoja ho ne ho se ho patiloe lingoliloeng tse ngata, barab’abo rōna ba ile ba amohuoa tse ka bang 76 000. Leha ho le joalo, bothata bona ha boa ka ba emisa mosebetsi. Barab’abo rōna ba ile ba hlolloa ba ba ba thaba ha ba bona likoranteng tse peli tse baloang haholo tseo ho rekoang tse 100 000 ho hatisitsoe litaba tsa libukana tsena tse peli tse nkiloeng ka mahahapa. Le hoja barab’abo rōna ba ile ba amohuoa lingoliloeng, lebitso la Jehova le ile la phatlalatsoa ka tsela e batsi ho feta kamoo le ka beng le ile la phatlalatsoa kateng ha e ne e le bona ba abang libukana tseo.

Khabareng, mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele, ’me ofisi ea buloa. Bohato bona ba ho amoha barab’abo rōna libuka bo ile ba tsoela pele lilemong tse latelang. Ka lekhetlo le leng ha mapolesa a hlasela, a ile a fumana Hellin Aaltonen a ntse a sebetsa lekaleng.

Morali’abo rōna Aaltonen o re: “Bahlankana ba bararo ba mapolesa ba ile ba fihla ba tlil’o re amoha libukana tsa Millions Now Living Will Never Die! empa li ne li le sieo. Ba ile ba ntša libuka tsohle tse lishelefong eaba ba li lahlela fatše. Ho ne ho se letho leo Mor’abo rōna Baxter a ka le etsang, kaha ba ne ba mo behile leihlo. Empa, ke ile ka phutha bohlasoa boo ba mapolesa eaba ka bohlale ke ea deskeng ea Mor’abo rōna Baxter ho bona hore na ho na lipampiri leha e le life tseo mapolesa a sa tšoanelang ho li bona. Ke ile ka bona lengolo le nang le mabitso a bahoeletsi bohle le liaterese tsa bona. Eaba ke le lahlela ka moqomong oa lithōle o neng o le k’honeng. Ha mapolesa a qala ho kenya libuka ka mabokoseng, ofisiri e ikarabellang e ile ea phamola lebokose le leng ka boikhohomoso bohle ’me ea le akhela ka mabifi hoo e ileng ea robeha letsoho! Eaba mapolesa a e potlakisetsa sepetlele, kahoo ra ba le monyetla oa ho sheba hore na ka mabokoseng ao ho na le libuka tseo re ka li patang pele mapolesa ao a khutla.”

Mor’abo rōna Baxter o tsoela pele o re, “Mapolesa a ile a khutla ’me ha a ntse a thotha, ke ile ka bona le leng le nka buka ea Deliverance le e kenya ka pokothong e khōlō ea jase ea lona. Ke ’nile ka ipotsa hangata hore na ntle le buka eo, ke libuka tse kae tse ling tseo banna bao ba ileng ba li nka ’me ba li bala.”

Selemong seo sa 1939 maemo a ne a sa tsitsa a bile a tšosa. Mabotho a ’maloa a Soviet Union a ile a lumelloa hore a kene Estonia. Mor’abo rōna Baxter o ile a ngola a re: “Letsatsi le letsatsi seea-le-moea se ne se sa phetse ho phatlalatsa mashano a Makomonisi. Batho ba ne ba ipotsa ntho-li-hana-ho-fela, ba ferekane, ba tšoenyehile ba bile ba tšohile. Sepakapakeng ho ne utloahala molumo oa lifofane tsa Soviet Union ’me lifofane tsena li ne li laetse masole a lipharachute.” Na boemo boo bo kotsi bo ne bo tla emisa mosebetsi oa ho paka?

Ho sa tsotellehe morusu oo ’ohle, ka 1940 bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ile ba tsamaisa libuka le libukana tse 59 776—e leng mosebetsi o tsotehang o entsoeng ke bahoeletsi ba 27 feela le bo-pula-maliboho ba 15! Ba ne ba etsa sohle seo ba ka se khonang nakong e neng e ba saletse ea tokoloho.

KOPANO EA HO QETELA E TŠOAROANG KA BOLOKOLOHI

Nakoana pele puso ea Soviet e qala, barab’abo rōna ba ile ba khona ho lokisetsa kopano motseng oa Tallinn—’me e bile kopano ea ho qetela e ileng ea tšoaroa ka bolokolohi hobane lilemong tse mashome a mahlano tse latelang ba ne ba se na bolokolohi. Ba ile ba tšohla lihlooho tsa Molula-Qhooa tse kang “Puso ea Molimo,” “Ho se Jele Paate,” “Maraba” le “Timetso ea Bolumeli.” Tsena e ne e le lijo tsa moea tse fanoeng ka nako ’me li ile tsa thusa batho ba Molimo hore ba itokisetse se neng se tla ba etsahalla.

Estonia e ne e tla tloha e apareloa ke Ntoa ea II ea Lefatše, ’me ha ho potang hore liphello tsa eona li ne li tla ama barab’abo rōna. Ka la 16 June, 1940, Union of Soviet Socialist Republics e ile ea ntša taelo e eang ’musong oa Estonia ea hore o khethe ’muso o mocha ’me o lumelle mabotho a Soviet hore a kene Estonia. Mokha oa Makomonisi oa Estonia o nang le litho tse ka tlaase ho 150 o ile oa ngolisoa ka molao, ’me Estonia ea haptjoa ke Soviet Union. Ka nako ea likhoeli tse ’maloa feela batho ba Estonia ba likete ba ile ba isoa botlamuoeng Siberia, ’me matlo a bona le mapolasi a siuoa a se na batho, a chesoa kapa a fuoa Marussia a neng a futuhetse naha. Ba bang ba likete-kete ba ile ba leka ho baleha ba palame liketsoana tsa ho tšoasa litlhapi, ’me boholo ba bona ba leba Sweden. Ba bangata ba ile ba fihla, empa ba bang ba bolaoa ke leoatle le befileng.

MESALETSA EA BATHO BA TSOANG LINAHENG TSE LING EA TSAMAEA

Ha ’muso oa Bokomonisi o qala, ofisi ea lekala e ile ea koaloa hape. Le hoja mor’abo rōna Alexander Brydson le mofumahali oa hae Hilda hammoho le mor’abo rōna Baxter ba ne ba ikemiselitse ho lula kabelong ea bona, ho ne ho ntse ho e-ba kotsi hore batho ba tsoang linaheng tse ling ba lule. Ka lebaka leo, Mor’abo rōna Rutherford o ile a ba eletsa hore ba tsoe naheng eo. Mor’abo rōna Baxter le ba ha Dunham ba tsoang Latvia ba ile ba tsamaisoa ka terene ho haola le Siberia ’me ba qetella ba le Australia. Ba ha Brydson ba ile ba tsamaea selemo hamorao, ba ea Sweden. Mor’abo rōna Baxter o ile a sebeletsa ka botšepehi Komiting ea Lekala ea Australia ho fihlela a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng ka la 21 June, 1994.a

Ebe sehlotšoana sa barab’abo rōna ba Estonia se ne se tla tleloa ke eng ha barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba se ba tsamaile? Ba ne ba le bacha ’neteng, ’me ntoa e mahlo-mafubelu e ne e ba kopetse ka lehare. Ntoa e ile ea ba nyahamisa ’me mosebetsi oa theoha. Ka mor’a hore re fumane tlaleho ea bona ea ho qetela ka 1941, ha hoa ka ha e-ba le monyenyetsi feela ka bona ka nako e ka etsang lilemo tse 20.

LITEKO TSE MATLA TSA TUMELO

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, mabotho a Majeremane a ile a ntša Masoviet eaba a hapa Estonia ’me a lula teng ho tloha ka 1941 ho ea ho 1944. Leha ho le joalo, maemo ha aa ka a ntlafala bakeng sa barab’abo rōna. Mor’abo rōna Jaan Pärrat ea neng a e-na le bokooa ba kutlo, o ne a bolela litaba tse molemo motseng oa Tartu ka 1942 ha a tla tšoaroa ke Majeremane. O ile a qosoa ka hore o leka ho phethola ’muso eaba o koalloa chankaneng. Ho latela litokomane tsa chankana, molebeli oa chankana o ne a filoe litaelo tse reng motšoaruoa enoa, Jaan Pärrat, a “ntšoe ka har’a naha e le hore a tlosoe tseleng.” Ha e le hantle, eo e ne e le taelo ea hore a bolaoe. Banna ba bang ba ile ba bona a ntšetsoa ka ntle eaba ba utloa ha sethunya se khabola. Ha aa ka a hlola a khutlela chankaneng ebile ha ho na motho ea ileng a mo bona hape ka mor’a moo.

Ka sebele, barab’abo rōna ba ne ba hula ka thata. Qalong bahlankana ba ne ba thaotheloa sesoleng ke lebotho la Masoviet, hamorao ba ile ba thaothoa ke lebotho la Majeremane. Adolf Kose o re: “Re ne re lokela ho ipata e le hore re se ke ra qobelloa ho kena sesoleng. Haeba re ne re ka tšoaroa, re ne re lokela ho khetha pakeng tsa ntho tse peli: ho kena sesoleng kapa ho thunngoa. Bonneteng, mosebetsi oa ’Muso o ne o sa tsoele pele hantle hobane ho ne ho le thata ho etsa eng kapa eng.”

Ho elella bofelong ba 1944 lebotho la Masoviet le ile la boea sekoele ’me la ntša la Majeremane Estonia ka ntšoe li sa fohloa, ’me Estonia ea boela ea busoa ka lere la tšepe ke Masoviet. Batho ba Estonia ba ile ba ba har’a masisa-pelo ka lebaka la ntoa eo le ka lebaka la khatello e ileng ea nka lilemo ka mor’a moo. Baahi ba moo ba ka etsang kotara ba ile ba bolaoa kapa ba lelekelloa libakeng tsa Soviet Union tse hōle haholo le ha habo bona, kapa ba khona ho balehela ka ntle ho naha. Ho theosa le lilemo tsena, Marussia a baloang ka makholo a likete a ile a fallela Estonia, ’me e ne e se e se Maestonia feela a lulang naheng eo. Puso ea Masoviet e ile ea leka tumelo ea barab’abo rōna haholo tumelo, joalokaha re tla bona.

SENGANGELE SE FETOHA PAKI

Mokhatlo oa lingangele oa mehleng eo o neng o e-na le moea oa bochaba ’me o le khahlanong le ’muso oa Soviet Union o ne o bitsoa “Lingangele Tsa Merung” hobane litho tsa oona li ne li ipata merung e teteaneng. Har’a tsona ho ne ho e-na le batho ba bangata bao e neng e se lingangele empa ba lokela ho ipata hobane ba Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union (KGB) ba ba batla sa ntja le katse. Ho hakanngoa hore ka linako tse ling, ho ne ho e-ba le banna ba 15 000 ho ea ho 20 000 ba neng ba ipata merung, ba bang ba bona ba ile ba nyamela ka lilemo ba boholong ba sa khone ho ba fumana. Ha e le hantle, motho oa ho qetela ho ba neng ba ipatile o ile a fumanoa ka 1978! Na ho na le Sengangele sa Merung se neng se ka amohela ’nete ’me ea e-ba e mong oa barab’abo rōna?

Erik Heinloo o ne a tseba hore bophelo ba hae bo kotsing ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa ’Musong oa Estonia. Ha Soviet Union e hapa Estonia, eena le mosali oa hae, e leng Magda, ba ile ba leka ka makhetlo hore ba balehele Sweden ka sekepe. Lekhetlong la ho qetela leo ka lona ba ileng ba palama sekepe ha ba leka ho baleha, enjene ea sona e ile ea robeha, kahoo ba tlameha ho khutlela hae. O ile a nka lilemo tse supileng a ntse a baleha ba boholong ka hore a ipate merung, empa ba qetella ba mo tšoere. Ka mor’a moo, eena le mosali oa hae ba ile ba isoa likampong tse sa tšoaneng tsa chankana Soviet Union.

Ha Magda a le chankaneng o ile a kopana le baralib’abo rōna ba babeli ba ileng ba bua le eena ka tšepo ea ’Muso. Hang-hang Magda o ile a lemoha hore o fumane ’nete eaba o thaba haholo hoo a ileng a tlōla-tlōla! Magda o ile a lokolloa ka 1956 eaba o kolobetsoa ka 1960. Lilemo tse supileng ka mor’a hore Erik a lokolloe, le eena o ile a amohela ’nete. Ke kamoo Sengangele sa Merung se ileng sa qetella e le Paki.

BA TSONGOA HO FIHLELA BA TŠOAROA

Ka mor’a hore barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba tlamehe ho tsoa Estonia, mor’abo rōna ea sebete ea bileng a chesehang, e leng Martin Kose, o ile a fuoa kabelo ea ho hlokomela mosebetsi Estonia Leboea. Estonia Boroa e ile a hlokomeloa ke Friedrich Altpere, Moestonia oa seema-ka-litlhako, ea neng a le mekhoa e metle ebile e le tichere ea Senyesemane sekolong se mahareng. Khale koana ka bo-1930, o ne a ile a kōptjoa ho fetolela puo ea e mong oa bo-pula-maliboho ba tsoang ka ntle ho naha ea neng a tlile Võru. Ka mor’a moo, o ile a lemoha hore o fumane ’nete. Mothating ona o ne a se a hatetse pele hoo a neng a ka etella pele mosebetsi oa boboleli Estonia e ka boroa.

Ho ne ho se bonolo hore bara bana babo rōna ba etelle pele hobane ba ne ba sa khone ho ikopanya le mokhatlo ebile bobeli ba bona ba se na boiphihlelo bo bokaalo. Le har’a mathata a ho sebetsa ka sekhukhu, bara bana babo rōna ba babeli ba ile ba sebeletsa ka botšepehi ho tloha ka 1940 ho fihlela ba tšoaroa ho ella bofelong ba 1948.

Ha Martin Kose le Friedrich Altpere ba tšoaroa, ho ile ha thehoa Komiti ea Tšebeletso, eo litho tsa eona e neng e le Albert Kruus, Karl Talberg le Artur Indus, ’me mothusi oa bona e le Lembit Toom. Ha litho tse ling tsa komiti li sebetsa li ipatile, Mor’abo rōna Toom ke eena feela ea neng a tsamaea ka bolokolohi ’me a etela lihlopha. Hobane’ng? O ne a sebetsa leloaleng le tsamaisoang ka moea, ’me matsatsing ao ka ’ona ho se nang moea leloala le ne le sa sebetse, kahoo a lokoloha hore a iketsetse mesebetsi ea hae.

Barab’abo rōna ba nang le boikarabelo Estonia ba ne ba beha bophelo ba bona kotsing hore ba thuse barapeli-’moho le bona. Bao ho neng ho nkoa hore ke bona baeta-pele, litšoantšo tsa bona li ne li manehoa liteisheneng tsa terene, joalokaha eka ke linokoane tse batloang ka hohle-hohle. KGB e ne e sebelisa baemeli ba lefapha la tšireletso ba bane hore ba lise e mong le e mong oa bara bao babo rōna ba bane ba bonolo le ba ikokobelitseng joaloka linku. Le hoja ho ne ho le thata ho tloha ka 1948 ho fihlela ka 1951, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bahlanka ba hae ba inehetseng mosebetsing oa ho bolela. Ka lebaka leo, lenane la bahoeletsi le ile la eketseha hoo ba ileng ba feta 100.

‘BA NE BA LE SELI JOALOKA LINOHA, BA HLOKA MOLATO JOALOKA MAEBA’

Barutuoa ba Jesu ba Estonia ba ile ba tsoela pele ho bona bonnete ba temoso ea Monghali oa bona e reng: “Le be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo le hloke molato joaloka maeba. Itebeleng khahlanong le batho; etsoe ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” (Mat. 10:16-18) Leha ho le joalo, ho na le ba bang ba neng ba e-na le tumelo e matla, empa ba sa lemohe hore hase kamehla Jehova a re sireletsang ka mohlolo khatellong ea Satane. (Jobo 1:9-12; 2:3-6) E ne e se kamehla Lipaki tse ling li bang “seli joaloka linoha” joalokaha li ne li lokela, kahoo li ile tsa hlaseloa habonolo ke bahlorisi bao ba khopo.

Adolf Kose o re: “Ho ne ho e-na le monna e mong ea thahasellang ea neng a bonahala a chesehela ’nete haholo a bile a le sebete. O ile a fuoa boikarabelo ka phuthehong ’me baralib’abo rōna ba mo rata haholo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba qala ho mo belaella, eaba ba lemosa baralib’abo rōna hore ba se ke ba ea le eena libakeng tsohle tseo re kopanelang ho tsona.” Ka bomalimabe, ba bang ha baa ka ba mamela temoso eo, ’me monna eo o ile a khona ho fetisetsa boitsebiso bo bongata ho litho tsa KGB.

Lembit Toom o re: “Ka 1950, re ile ra fumana limakasine tsa Molula-Qhooa tse tsoang Jeremane, tseo re neng re batla ho li abela barab’abo rōna bohle ba Estonia.”

Ho ile ha lokisetsoa hore ho tšoaroe kopano molikong oa furu sebakeng se ka thōko. Leha ho le joalo, KGB e ile ea tseba hore na re rerile’ng ’me ea lokisetsa ho tšoara bara le barali babo rōna kaofela. Eaba e beha masole a tletseng literaka tse peli hore a lalle barab’abo rōna seteisheneng sa terene seo ba neng ba tla theoha ho sona. Ho ile ha lokisetsoa hore Lipaki tse tharo li eme sebakeng se itseng tseleng e eang moo kopano e tla tšoareloa teng e le hore li ka bontša batho ba eang kopanong tsela. E mong oa barab’abo rōna o ile a utloa mokhoathatsa har’a lifate ’me a leba teng ho ea sheba hore na ho etsahala’ng. Ke ha ka tšohanyetso a iphumana a shebiloe ke molomo oa sethunya! Masole a ile a mo isa moo barab’abo rōna ba bang ba babeli ba neng ba le hona teng, eaba Lipaki tse tharo kaofela lia tšoaroa.

Ha Lembit Toom le Ella Kikas (eo hamorao e ileng ea e-ba oa ha Toom) ba elelloa hore bara bao babo rōna ba bararo ba tšoeroe, ba ile ba nka bohato ka potlako. Ba palama sethuthuthu sa Lembit ’me ba se beisa ha ba ea seteisheneng se tlang pele ho seo ho ea hlabela barab’abo rōna ba palameng terene e tlang mokhosi. Lembit le Ella ba ile ba potlakela seteisheneng seo, ba itšohlometsa ka har’a terene, ’me ba re barab’abo rōna ba theohe ka potlako! Ka lebaka leo, ha terene e ema seteisheneng seo mapolesa a KGB a neng a ba emetse ho sona, a ile a nyahama ha a bona hore ha ho na Lipaki ka tereneng eo.

Ka nako eo, bara ba bang babo rōna ba ile ba potlakela ho fumana polasi e ’ngoe eo kopano e ka tšoareloang ho eona. Eaba ba nkisa batho ba eang kopanong tsela e se nang batho e bolelele ba lik’hilomithara tse fetang leshome ho ea sebakeng se secha. Masole a ile a qeta nako ena eohle a ntse a e-ea holimo le tlaase ka literaka mebileng e meholo, a batla batho ba eang kopanong ba nyametseng ka mohlolo. Kopano eo e ile ea tšoaroa ho se tšitiso ea letho ’me ha e-ba le batho ba 111. Ba ne ba sithabetse haholo hobane bohle ba ne ba tseba hore neng kapa neng le bona ba ka tšoaroa. Lenaneong leo ho ne ho boetse ho e-na le litlaleho tsa bara le barali babo rōna ba linaheng tse ling, ho akarelletsa le liphihlelo tse matlafatsang tumelo tsa Lipaki Tsa Jehova tse neng li bile likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Le hoja bara bao babo rōna ba ile ba phema ho tšoaroa lekhetlong leo, ba ile ba tšoaroa nakoana hamorao, ’me kopanong eo ba ne ba fumane tataiso ea bohlokoa le matla a ho tobana le liteko tse neng li larile ka pele.

BA HLONGOA LIPOTSO EBE BAA AHLOLOA

Likhoeling tse ’maloa tse latelang, barab’abo rōna bohle ba ikarabellang ba ile ba tšoaroa ka ho latellana hammoho le bahoeletsi ba fetang 70 le batho ba bang ba neng ba sebelisana le Lipaki Tsa Jehova. Joale, bahlanka ba Jehova ba ratang khotso ba ne ba hlongoa lipotso tseo ho neng ho bonahala eka ha li na ho fela; ba neng ba e-s’o tšoaroe ba ne ba tseba hore ba ka tšoaroa neng kapa neng.

Kaha hangata barab’abo rōna ba ne ba hlongoa lipotso bosiu ’me seo se nka likhoeli, ba koaletsoeng ba ile ba qeta nako e telele ba sa khone ho robala hantle. Kaha ba ile ba nka nako e telele ba hlobaela, likelello tsa bona li ile tsa imeloa ’me ba tepella. Barab’abo rōna ba ne ba ahloloa ho sa tšoaroa nyeoe ’me ba bolelloa kahlolo ea bona eo e neng e e-ba lilemo tse 5 ho ea ho tse 12 chankaneng kapa likampong tsa mosebetsi o boima. Ba bangata ba ne ba ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome chankaneng. Ba ne ba entse’ng e khahlanong le molao? Ho latela litlaleho tsa ’muso, ba ne ba phatlalatsa “mashano a Khahlanong le Naha le ho leka ho ketola ’muso.” Nakoana ka mor’a moo, molao o ile oa fetoha ’me Lipaki tsa qala ho ahloleloa lilemo tse 25 chankaneng. Ka mor’a hore August Pressraud ea neng a le lilemo li 63 a ahloloe, ho boleloa hore o ile a bua ka ho soasoa a re: ‘Ke lakatsa ho leboha Lekhotla lena le hlomphehang ha e le mona le mphile kahlolo e telele hakana. Ke ne ke nahana hore ke saletsoe ke lilemo tse 12 ke phela. Empa le mphile tse 25!’

Lipaki li ne li ahloleloa ho ea lichankaneng tse tummeng hampe kapa likampong tsa mofuta oo tsa mosebetsi o boima ’me li hasanngoa ho pholletsa le Soviet Union, haholo-holo Siberia le Bochabela bo Hōle kapa Leboea le Hōle Russia, moo maemo a teng a bophelo a neng a le boima haholo. Ho ne ho se na tšepo ea hore ha motho a ile moo a ka khutlela hae, ’me batšoaruoa ba bangata ba bona ho le molemo hore ba mpe ba shoe.

Esita le ba neng ba iketsa eka ke barab’abo rōna empa ba sebelisana le ba boholong, bahlorisi bao ba ile ba ba sheshenella. Sena se ile sa etsahalla ba bang ba babeli bao e ileng ea e-ba limpimpi tsa KGB. Hang ha ba qeta ho phetha mosebetsi oa bona, ma-KGB a ile a ba hlorisa. Ka bobeli ba ile ba isoa botlamuoeng likampong tsa chankana. Ho hang ma-KGB ha aa ka a tlotla limpimpi tseo tsa makoala.b

BA TLOSOA ESTONIA BA ISOA SIBERIA

Kaha joale ma-KGB a ne a tšoere batho bao ho nkoang hore ke bona ba li hulang pele har’a Lipaki, a ne a ikemiselitse ho felisa Lipaki Tsa Jehova tse setseng. A ile a tsoa letšolo mesong ea la 1 April, 1951. A nka bohato ka tsela e hlophisitsoeng hantle ka ho fetisisa likarolong tsohle tsa naha (ho akarelletsa le Latvia, Lithuania le Ukraine Bophirimela), ’me a li futuhela ka nako e le ’ngoe.

A ile a kena malapeng ’me ka ho panya ha leihlo a ntša hoo e ka bang Lipaki Tsa Jehova kaofela, boholo ba beng ka tsona ba haufi esita le batho ba thahasellang eaba a ba bokella liteisheneng tsa terene ’me a ba kenya makarecheng a thepa. Ba ne ba lumeletsoe hore ba nke lijo tse seng kae le lintho tseo ba tla li hloka, empa thepa ea bona e ’ngoe e ile ea nkuoa. Letsatsing leo, batho ba Estonia ba ka bang 300 ba ile ba isoa Siberia ka terene ba sa ka ba qosoa kapa hona ho bolelloa lebaka, ’me boholo ba bona ba isoa motseng oa Tomsk, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 5 000.

BACHA BA SEBETE

Corinna Ennika, ea neng a le lilemo li 17 le ngoan’abo ea bitsoang Ene, ea neng a le lilemo li 13, ba ne ba le sieo ba etetse beng ka bona. U se u ka inahanela hore na ba ile ba sulafalloa hakae ha ba fihla lapeng ’me ba fumana ntlo e koetsoe ba sa tsebe hore na ’mè oa bona o hokae! Leha ho le joalo, ha ba utloa hore o tšoeroe, ho ile ha batla ho re kokololo! Hobane’ng?

Corinna o re: “Bonyane o ne a sa ntse a phela! Ha re elelloa hore e tlameha ebe le ba bang ba tšoeroe, re ile ra nahana hore e lokela ebe ’Mè le eena o har’a batho ba Jehova. Ka sebele re ile ra utloa hore Jehova o re tšehelitse haholo ebile o re file khotso. Ha kea ka ka lla, esita le Ene ha aa ka a lla, le hoja e le motho ea batlang a lla le feela a bile a fokola. Ka Mantaha, ka bobeli ba rōna re ile ra ea sekolong empa ha ho motho eo re ileng ra mo bolella hore ’mè oa rōna o tšoeroe.”

Corinna le Ene ha baa ka ba tšoha ha ba boholong ba tlil’o ba lata. Corinna o re: “Kaofela re ne re khobile matšoafo ka tereneng. Morali’abo rōna e mong o ile a re tšelisa, a re Jehova a ke ke a lumella hore re hlaheloe ke matšoenyeho a fetang matla a rōna ’me re lokela ho lumela tšepiso ea hae ha a re o tla re thusa.” Banana bana ba ile ba arohana le ’mè oa bona ka lilemo tse tšeletseng.

Ho bontšang hore bahlorisi bana ba ne ba e-na le lehloeo le se nang mabaka ke hore ba ile ba isa lesea le likhoeli li tšeletseng botlamuoeng. Lesea lena le ne le isoa botlamuoeng hobane ho thoe le tlōtse molao ka ho ba “sera sa Naha.”

E ne e le ntho e utloisang bohloko haholo hore batho ba lelekoe ha habo bona ’me ba isoe botlamuoeng, ebile ba ne ba hlabisoa lihlong le ho tlotlolloa ka litsela tsohle. Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea, e mong le e mong o ne a lumelloa hore a theohe terene ’me a ee ntloaneng le hoja ho ne ho se na matloana. Morali’abo rōna e mong o re: “Ho hang ba ne ba re hlokela tlhompho ba bile ba sa re tšoare joaloka batho. Banna le basali ba ne ba sa aroloe. Re ne re bonoa ke batho ba fetang ka tsela, ’me balebeli ba eme ka mahlakoreng ’ohle ba re lebetse.”

HO PHELA SIBERIA LE HO SHOELA TENG

Ka mor’a leeto leo le boima la terene le ileng la nka libeke tse peli, batlamuoa bana ba nkileng lintho tsa bona tse seng kae feela ba ile ba laeloa hore ba theohe ka makarecheng, ba theohele lehloeng le batang. Ho ile ha tla liforomane tsa polasing e kopanetsoeng e haufi le moo hore li tl’o khetha basebetsi ba shebahalang ba le mahlahahlaha; e ne eka ke bo-rapolasi ba rekang basebetsi ’marakeng oa makhoba.

Boholo ba batho ba neng ba lula Siberia le bona ba ne ba lelekiloe mahahabo bona, ’me ba qenehela ba fihlang. Kahoo, ka thuso ea balumeli-’moho le bona le batho ba moo ba mosa, bara bana babo rōna ba isitsoeng botlamuoeng ba ile ba tloaela sebaka kapele. Ba bang ba ile ba ba ba khona ho phela ka tsela e batlang e tloaelehile. Ba ’maloa ba ile ba ba ba rua molemo ba sa lebella. Ka mohlala baralib’abo rōna ba babeli ba Maestonia ba neng ba tšoeroe ke lefuba (TB) ba ile ba fola ha ba fallela Siberia moo ho ommeng.

Empa hase bohle bao lintho li ileng tsa ba tsamaela hantle. Ngoana e mong o ile a hlokahalla tereneng, ’me ntate-moholo e mong oa Paki o ile a hlokahala ka lebaka la maemo a boima kapa ho tšoha haholo. Bara ba bang babo rōna ba ile ba holofala ka lebaka la ho se fumane meriana e nepahetseng, kapa hobane mosebetsi oa bona o ne o le boima haholo. Ba bang ba ile ba angoa ke maemo a thata a bophelo, ho se fumane lijo tse nang le kotlo, bokuli, likotsi le serame se matla. Ho feta moo, ba bangata ba ile ba mamella bohloko ba ho isoa hōle le ba habo bona ka lilemo tse ngata ’me ho hang ba sa fumane mangolo a tsoang ho baratuoa ba bona.

Tiina Kruuse o re: “Kaha heso re ne re setse re le bana feela ba akarelletsang basetsana ba babeli, re ile ra isoa polasing e kopanetsoeng eo ho eona ho neng ho huloa ka thata. Batho ba lulang moo, ba ne ba sokola lijo, re se re sa re letho ka rōna. Batho ba fihlang ba ne ba ja makhapetla a sefate sa phaene ba bile ba ja metso e jeoang ’me hangata ba lokela ho pheha moroho oa bobatsi.”

Mariha a Siberia a nka nako e telele ebile serame sa teng se kena masapong, e leng boemo ba leholimo bo batang haholo boo batlamuoa ba tsoang Estonia ba neng ba sa bo tloaela. Esita le mesebetsi e tloaelehileng, e kang temo ea litapole, e ne e atleha ka seoelo. Selemong sa pele se ile sa imela batho ba bangata ba botlamuoeng’me ba qetoa ke tlala ea boja-likata.

Hiisi Lember o re: “Mohatsela o ne o fihla likhatong tse 50 tsa Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo. Ka lebaka la serame, re ne re beha serobe sa likhoho ka tlas’a bethe ea rōna e le hore li se ke tsa bolaoa ke serame. Ba bang ba ne ba bile ba robala le namane ka tlung haeba e hlahile nakong ea mariha.”

’MUSO O BA LEFELETSE HO EA TŠIMONG E NCHA!

Lilemo tse ngata pele ho moo, William Dey o ne a ile a re haeba ho ne ho ka etsahala hore Soviet Union e hape linaha tsa Baltic, barab’abo rōna ba ne ba tla ba le masimo a macha a maholo ao ba lokelang ho bolela litaba tse molemo ho ’ona. Ka sebele mantsoe ao a ile a phethahala! ’Muso oa Soviet Union o ile oa hla oa thusa Lipaki Tsa Jehova hore li atolose mosebetsi oa tsona oa boboleli ho ea fihla Siberia le libakeng tse ling tse hōle haholo tseo li neng li isitsoe botlamuoeng ho tsona. Le hoja Jehova a ile a lumella hore Lipaki tsa hae li lekoe, seo se ile sa etsa hore batho ba bangata bao le ka mohla ba neng ba e-s’o utloe lebitso la Molimo ba fumane monyetla oa ho ithuta ’nete.

Ka mohlala, Lembit Trell, o ne a tšoaretsoe ho etsa lintho tse khahlanong le ’muso. O ile a utloa ’nete ka 1948 ka tsela e sa tloaelehang a le ka seleng ea chankana motseng oa Tartu. Ho na le lesole la Lerussia leo le lona le neng le tšoeroe le ileng la mo bolella ka Lipaki tseo le kopaneng le tsona seleng e ’ngoe ea chankana. Lesole leo le ile la bolella Lembit lithuto tsa Lipaki ka bokhutšoanyane. La mo hlalosetsa hore puso ea Molimo ke eona feela e tla rarolla mathata le hore haufinyane Molimo o tla qala ho busa lefatše. Seo se ile sa etsa hore Lembit a batle ho tseba haholoanyane.

Qetellong Lembit o ile a isoa kampong ea chankana e toropong ea Vorkuta, e leboea le hōle la Siberia, haufi le Leoatle la Arctic. Ha a le moo o ile a utloa Lipaki li tšohla Bibele. Ha a atamela, a lemoha hore litaba tsa tsona li tšoana le tseo lesole lane le mo boleletseng tsona, kahoo a qala ho qoqa le tsona.

Barab’abo rōna ba ile ba re ho Lembit, “U chankaneng moo ka lebaka lefe?”

A re: “Ke ne ke loanela toka.”

E mong oa Lipaki tseo a mo botsa a re: “Na u atlehile?”

Karabo e ne e hlakile, empa Lembit o ile a mo araba ka ho re: “Che, ke hlōlehile.”

Mor’abo rōna e mong a re ho Lembit: “Bona! U ne u thusa ba lireng, u le ka lehlakoreng lesele. Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore u thusetse lehlakore le nepahetseng?” Eaba ba qala ho mo hlalosetsa seo Bibele e se buang ka ntoa ea moea. Ha Lembit a ntse a ba mametse, o ile a lemoha hore o fumane ’nete, ’me a bona hore ho hlokahala hore a eme ka lehlakoreng la Jehova ntoeng ena ea moea.

Ka mor’a hore Lembit a lokolloe, o ile a khutlela Estonia ’me a qala ho loana ntoa ea moea. Hona joale ke pula-maliboho oa kamehla. Mofumahali oa hae, e leng Maimu, le eena o ile a fumana ’nete ka tsela eo; motho e mong eo e seng Paki o ile a etsa hore a thahaselle ’nete ha a le chankaneng.

Barab’abo rōna ba neng ba sa tsebe Serussia hantle ba ne ba thatafalloa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Empa kaha ba ne ba tseba mantsoe a seng makae, kamehla ho ne ho e-ba bonolo hore ba qale moqoqo ka ho bua ka lebaka leo ka lona ba leng botlamuoeng Siberia. Mokhoa ona oa ho qala moqoqo o ile oa thusa barab’abo rōna hore ba tsebe ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha. Ho feta moo, ba ne ba e-na le monyetla oa ho pakela Maestonia a botlamuoeng ka puo ea habo ’ona. Morali’abo rōna e mong ea neng a le botlamuoeng o hakanya hore Maestonia a 15 ho ea ho a 20 a ile a ithuta ’nete likampong tsena, esita le Marussia le Malithuania a mangata.

BA NE BA FUMANA LIJO TSA MOEA JOANG?

Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona Libibele le lijo tse ling tsa moea li neng li kenngoa ka lenyele lichankaneng le libakeng tse qaqolohaneng moo Lipaki tse botlamuoeng li neng li lula teng. Mora e mong oabo rōna o re: “Re ne re fumana maqephe a lingoliloeng ka har’a linkhoana tse tšetseng mafura a kolobe kapa a liphoofolo tse ling. Kaha mafura a ba masoeu ha ho bata, pampiri eo e ne e sa bonahale habonolo. Le hoja ba boholong ba ne ba kenya thipa ka har’a linkhoana tseo, ho ne ho le thata hore ba bone pampiri eo hobane e ne e le tšesaane e bile e peteletsoa ka mahlakoreng a nkhoana.” Ke ka seoelo ba boholong ba neng ba fumana lijo tseo tsa moea tse patiloeng ka har’a nkho e tšetseng lijo tsa nama.

Ho ne ho boetse ho rōkelloa likhechana tsa lingoliloeng ka har’a mekotlana kapa liaparong, kapa li patoa ka har’a lebokose la sesepa ’me tse ling li suteloa ka har’a setene sa sesepa se fatiloeng. Ella Toom o re: “Ke ne ke khona ho kenya Melula-Qhooa e mene ka har’a lebokose la sesepa.”

Le hoja mangolo a ne a hlahlojoa, Lipaki li ile tsa ithuta tsela ea ho pata linnete tsa Bibele le puo ea ka phuthehong ka ho sebelisa mantsoe a sebelisoang letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, morali’abo rōna e mong o ile a ngola tjena: “Ntate oa rōna o re hlokometse hantle, ebile re na le thapo e ka fihlang selibeng.” O ne a bolela hore “Ntate,” e leng Jehova, o ne a ba hlokometse moeeng; hore ba ne ba khona ho fihla “selibeng,” e leng mokhatlong oa Jehova; le hore ba ne ba e-na le metsi a ’nete a fanang ka bophelo, e leng lingoliloeng tsa Bibele.

Le hoja lingoliloeng tse ngata li ne li kopitsoa ka letsoho feela, tse ling li ne li kopitsoa ho sebelisoa mekhoa e bonolo ea ho hatisa. Lipaki li ne li thabela ho kopitsa lingoliloeng ka letsoho ha li fuoe kotlo ea hore li koalloe li le ling ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. Hobane’ng? Morali’abo rōna e mong o re: “Ho ne ho le molemo ha ke koaletsoe ke le mong. Ho ne ho e-ba bonolo hore ke fetolele Molula-Qhooa, kaha ho ne ho se na litšitiso tse ngata.” Ena ke e ’ngoe ea litsela tse ngata tseo ka tsona maqheka a bahlorisi ba rōna a neng a nyopa ’me hangata a fella ka hore mosebetsi o amanang le ’Muso o hatele pele!—Esa. 54:17.

BOHLOKOA BA LIBOKA

Menyetla ea hore Lipaki li be hammoho libokeng e ne e hlaha ngope-setšoha ’me barab’abo rōna ba e nka e le ea bohlokoa haholo. Corinna Ennika o hlalosa kamoo eena le morali’abo rōna e mong ba ileng ba iteta sebete kateng hore ba tlohe mosebetsing ka matsatsi a seng makae ba sa kōpa tumello e le hore ba ee libokeng. Corinna o re: “Re ile ra tloha mosebetsing mantsiboea, eaba re leba seteisheneng sa terene se bohōle ba lik’hilomithara tse 25. Terene e ile ea tloha ka hora ea bobeli hoseng, eaba re tsamaea ka eona ka lihora tse tšeletseng pele re theoha ra ntoo tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse leshome ho ea sebakeng seo ho neng ho kopaneloa ho sona. Re ile ra fumana ntlo eo re eang ho eona, ’me ha re ntse re nahana hore na ke mang ea tla bolela lepetjo leo Lipaki li tsebanang ka lona, ha hlaha mor’abo rōna ea ileng a lemoha hore re Lipaki eaba o bua a thabile o re: ‘Le fihlile sebakeng se nepahetseng. Kenang!’ Re ile ra ithuta Molula-Qhooa ra ba ra bina lipina tsa ’Muso. Seo se ile sa re matlafatsa sa ba sa re tiisa tumelo.” Ha ba khutlela mosebetsing ka mor’a matsatsi a mararo, ba ile ba imoloha ha ba utloa hore mookameli oa polasi ha aa ka a lemoha hore ha ba eo. Ruri ho ba teng libokeng tsena tse tšoaroang ka lenyele ho ile ha matlafatsa tumelo ea bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ’me ha ba fa sebete.

Ka lekhetlo le leng, barab’abo rōna ba ne ba tšoere seboka ka har’a chankana ha balebeli ba fihla thoso! ba batla lingoliloeng. Mor’abo rōna e mong ea neng a tšoere maqephe a lingoliloeng o ile a nanabela lefielo eaba o qala ho fiela. Balebeli ba ile ba phenyekolla, empa ha baa ka ba fumana letho eaba baa tsamaea. Ka nako eo mor’abo rōna o ne a fupere lingoliloeng hammoho le lefielo, a ntse a fiela ka hloko ’me li sa bonahale!

MATLA A LERATO LA ’NETE LA BAKRESTE

Adolf Kose o re: “Ke ile ka qeta lilemo tse hlano ke sebetsa ka mokoting oa morafo oa mashala. Re ne re le ka leboea ho Arctic Circle, moo letsatsi le sa chabeng mariha. Ha chifi ea rōna e fela ’me re nyoloha ka mokoting, re ne re fumana ho le lefifi. Kahoo, re qeta likhoeli re sa bone letsatsi hape re sa fumane lijo tse lekaneng. Sena se ile sa etsa hore ke be motho ea lebalang le ea sa tsebeng nako. Kaha re ne re sebetsa ka thata, lijo li haella ’me re lula re khathetse, re ne re se na nako e kaalo ea ho bua ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, ha re bua ka linnete tsa ’Muso teng, re ne re sa ome mathe. Re ne re qeta lihora.”

Har’a mathata ao kaofela, batho ba Jehova ba ile ba ithuta ho bontšana lerato le se nang boithati. Mor’abo rōna Kose o re: “Eng kapa eng eo re neng re e-na le eona, esita le eng kapa eng eo re neng re e fumana, re ne re e arolelana ka tsela e lekanang re le Lipaki. Kaofela ha rōna re ne re hloka, kahoo re ile ra ithuta ho arolelana eng kapa eng eo re nang le eona.”—1 Joh. 4:21.

Esita le balebeli ba ne ba tseba hore kamehla Lipaki lia thusana. Ha Aino Ehtmaa a ne a isoa kampong e ’ngoe a tlosoa ho e ’ngoe, o ne a se na khaba le sekotlolo—e leng lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa likampong.

Motsamaisi oa kampo o ile a re ho eena: “Ha ho na bothata, baralib’eno ba tla u fa seo u se hlokang.” ’Me ke sona seo ba ileng ba se etsa. Nako le nako, ha Bakreste ba bontšana lerato ka tsela eo, seo se ne se tlotlisa lebitso la Jehova.

Leha ho le joalo, botšepehi ba bona bo ile ba tsoela pele ho lekoa. Ka mohlala, le hoja Morali’abo rōna Ehtmaa a ne a bile kampong ea chankana ka nako e teletsana, balebeli ba ne ba lula ba re ho eena, “Le joale u ntse u hana ho sebelisana le rōna?” Ha e le hantle, tšebelisano-’moho eo ba neng ba bua ka eona ke hore a utolle makunutu a Lipaki Tsa Jehova.

Morali’abo rōna Ehtmaa o ne a lula a ba araba ka ho re: “Le nkoaletse likampong tsa chankana, ’me ha ke na ’Mè le Ntate ka lebaka la lōna. Nka sebelisana le lōna joang?”

Esita leha Lipaki tse lelekiloeng hahabo tsona li le “litlamong tsa chankana,” li ile tsa tsoela pele ho bontša batho lerato le tšoanang le la Kreste ka ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso neng kapa neng ha ho khoneha. Empa ke bo-mang bao li neng li ka ba bolella litaba tse molemo? Leano la ’muso oa Soviet la ho tlosa baahi ba rutehileng bao e seng Makomonisi libakeng tsa habo bona, le ile la hla la ‘bulela barab’abo rōna monyako oa ho bua.’ Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba buisana le batho bao ba rutehileng ba tlositsoeng mahahabo bona ’me lipuisano tseo li ile tsa e-ba molemo. Hoja ba se ke ba tlosoa mahahabo, ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore ba utloe molaetsa oa ’Muso kapa ba o amohele.—Bakol. 4:2-4.

Mor’abo rōna Kose o re: “Hamorao re ile ra isoa likampong tse fapa-fapaneng. Ho ne ho etsoa mosebetsi o moholo oa ho paka seleng e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka khona ho bolela litaba tse molemo ka tsela eo ke neng ke e-s’o ka ke li bolela ka eona ebile haesale ho tloha ka nako eo ha ke e-s’o li bolele joalo.”

Lilemong tsohle tseo Lipaki Tsa Jehova li li qetileng botlamuoeng, li ne li hlaseloa joalo-joalo. Li ile tsa amohuoa thepa ea tsona, tsa hlokisoa bolokolohi ’me tsa hobosoa ka litsela tsohle. Empa bahlorisi ba barab’abo rōna ha baa ka ba ba qeta matla ebile ha baa ka ba senya kamano ea bona le Jehova.

BA KHUTLELA ESTONIA

Ha Joseph Stalin a shoa ka 1953, batšehetsi ba bangata ba hae ba neng ba mo rata ba ile ba apareloa ke masoabi. Ka nako eo, Ella Toom o ne a le ka seleng ea chankana le baralib’abo rōna ba bang ba tšeletseng. Molebeli o ile a kena a lla eaba o ba laela hore ba eme ’me ba hlomphe Stalin ka ho phahamisa letsoho. Ka sebete ba ile ba hana.

Ka mor’a lefu la Stalin, maemo a lipolotiki a ile a qala ho fetoha. Ho tloha ka 1956 ho ea ho 1957, mokhatlo oa lefatše ka bophara oa bara ba motho oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa romela mangolo a boipiletso a makholo-kholo ’musong oa Soviet lebitsong la barab’abo rōna ba neng ba le botlamuoeng. Lipaki tse neng li le botlamuoeng li ile tsa lokolloa hanyane ka hanyane. Tse neng li koaletsoe lichankaneng li ile tsa lokolloa ’me tse neng li lelekiloe linaheng tsa habo tsona tsa lumelloa ho khutlela hae. Lipaki tse ling li ile tsa lokolloa hang ka mor’a lefu la Stalin, empa tse ling tsa lokela ho leta nako e teletsana. Ka mohlala, lelapa la ha Tuiman le ile la isoa botlamuoeng ka 1951 empa la lumelloa ho khutlela hae ka 1965. Le hoja barab’abo rōna ba ile ba khutlela Estonia, ba ne ba lokela ho batla sebaka seo ba ka lulang ho sona hobane matlo a bona kaofela a ne a nkiloe ka mahahapa ha ba isoa botlamuoeng.

BA HOPOLA SIBERIA

Lipaki li ile tsa angoa joang ke ho tšosoa, bokhopo, mosebetsi o boima le maemo a sisimosang a chankaneng? Boholo ba tsona li ile tsa lula li e-na le kamano e matla le Jehova li bile li tšepahala, esita leha li ne li tobane le lefu. Ho hakanngoa hore e bile Lipaki tsa Estonia tse 27 tse ileng tsa shoela chankaneng kapa libakeng tseo li neng li isitsoe botlamuoeng ho tsona, ’me tsona li akha Artur Indus, eo e neng e le setho sa Komiti ea Tšebeletso ea Estonia pele a ntšoa ka har’a naha. Friedrich Altpere o ile a hlokahala nakoana ka mor’a hore a lokolloe, kamoo ho bonahalang kateng e le ka lebaka la ho sebetsa ka thata. Bahlanka ba Jehova ba ne ba bile litekong tse tšabehang tsa tumelo Siberia; empa ba ne ba ithutile lintho tse ngata ’me ba lula ba tšepahala le har’a maemo ao. Ka sebele ka mor’a ho hlaseloa ka tsela eo ba ile ba e-ba le tumelo e matla le mamello e khōlō.—Jak. 1:2-4.

Viljard Kaarna o re: “Likampong tsohle tsa chankana ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba nang le boikarabelo, ’me re ne re lula re ikopanya le bona. Ka lebaka leo, ha re le Siberia re ne re lula re e-na le lingoliloeng re bile re e-na le kamano e haufi le Jehova. Ha re le Estonia, ho ne ho hlile ho le thata hore re fumane lijo tsa moea kamehla. Re nahana hore kamano ea rōna le Molimo e ne e ke ke ea e-ba matla hakaalo haeba re ne re sa ka ra lelekoa Estonia.”

Batho ba bangata bao e seng Lipaki ba neng ba le botlamuoeng ba ne ba utloisoa bohloko ke mahlomola ao ba neng ba le har’a ’ona. Empa Lipaki Tsa Jehova tse neng li le botlamuoeng li ne li nka ketsahalo eo e le e matlafatsang kamano ea tsona le Jehova.

Corinna Ennika o re: “Re ile ra ithuta ho mamela linthong tseo re ileng ra utloisoa bohloko ke tsona. Re ne re tšepile Jehova ’me ho hang ha rea ka ra ikoahlaea. Re ile ra hlokomela hore re hloka lintho tse ’maloa haholo hore re phele. ’Na le ngoan’eso, Ene, re ne re e-na le sutuk’heise e le ’ngoe feela e nyenyane le lebokose ka tlas’a bethe. Hona joale ha re nka hore re hloka ntho e ’ngoe, re hopola moo re tsoang teng. Lilemo tse monate ka ho fetisisa tsa bocha ba rōna re li qetile Siberia, e leng ho tloha ha ke le lilemo li 17 ho fihlela ke le lilemo li 23. Hangata kea ipotsa hore na re ka be re ile ra ba le kamano e matla le Jehova haeba re ne re sa ka ra isoa botlamuoeng. Ke nka hore Siberia ke sebaka se nepahetseng ka ho fetisisa seo re neng re ka ba ho sona ka nako eo.”

Morali’abo rōna e mong o re: “Kapelenyana ke ile ka lebala lilemo tseo tse hlano tseo ke li qetileng Siberia. E ne eka ke shebeletse filimi e nkileng lihora tse seng kae feela.”

Aino Ehtmaa o re: “Le ka mohla, nke ke ka lebala liketsahalo tsa ntlheng e ka leboea ea lefatše, tse kang khanya e etsang menyakoe ka mebala e feto-fetohang; matsatsi ao phoka e lalang ka ’ona ’me ho nyoloha mouoane ka mebala e sa tšoaneng leoatleng kapa linōkeng; nako eo ka eona letsatsi le sa likeleng ka libeke tse peli le eo ka eona le sa chabeng ka libeke tse peli. Ke hopola monokotšoai o butsoang nakong e khutšoanyane ea lehlabula le linonyana tsa ntlheng e ka leboea ea lefatše tse jang makala a manyenyane a lifate tse tšesaane. Esita le har’a mathata, e ne eka ke mohahlauli Siberia. Ke ile ka lemoha hore le hona moo, Jehova a ka thusa motho hore a lule a thabile.”

HO FETOHILE MOPALAMI EMPA PERE E NTSE E LE EONA

Ka mor’a hore barab’abo rōna ba Estonia ba khutle Siberia, mahloriso ha aa ka a emisa. Sepolesa sa mautloela se ne se batla boitsebiso bo mabapi le mokhatlo se sebelisa mekhoa e tobileng le e sa tobang ebe ka mor’a moo se o bua hampe.

Jüri Schönberg, ea neng a tšoaretsoe ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole, o ile a tlosoa kampong ea mosebetsi o boima hore a e’o hlongoa lipotso ka matla. Mohlanka ea khethehileng oa KGB o ile a nka leeto ho tloha Kiev, Ukraine, ho ea Estonia ho ea khothalletsa Jüri hore a sebeletse KGB. Lepolesa leo le ile la leka ho mo bontša hore lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li khahlanong le ’muso le hore li na le liphoso tse ngata. O ile a fa Jüri limakasine tse ling tsa Molula-Qhooa hore a li bale, empa le hoja limakasine tseo li ne li bonahala eka ke tsona, Jüri o ile a li hana. O ne a tšaba hore mohlomong ke Melula-Qhooa ea mokunyata eo ka linako tse ling ma-KGB a neng a e ngola e le hore a ferekanye Lipaki. Beke eo eohle, mohlanka eo oa KGB o ne a qala hoseng ho fihlela mantsiboea, a leka ho qobella Jüri hore a sebelisane le ma-KGB, empa mor’abo rōna o ile a lula a tiile ’me a hana ho inehela.

BA BOETSE BA KOPANA LE “’MÈ” OA BONA

Le hoja Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe oa Russia o ne o tiisitsoe ka thata, o ne o sa khone ho thibela barab’abo rōna ka ho feletseng hore ba fumane leseli la ’nete ea Bibele. Barab’abo rōna ba ile ba qeta lilemo ba phela ka lingoliloeng tseo ba li fumaneng lilemong tse fetileng. Leha ho le joalo, ha Lipaki tsa Estonia li le botlamuoeng Siberia, li ile tsa kopana le barab’abo rōna ba tsoang likarolong tse ling tsa Soviet Union. Hang ha ba khutlela Estonia, ka sebete ba ile ba lula ba ntse ba buisana le barab’abo rōna ba Soviet Union ’me ba fumana lingoliloeng tse ncha tsa Bibele nako le nako. Ka mohlala, ho tloha ka 1956, ba ne ba buisana le Ivan Dziabko le ba bang Ukraine ’me ba khona ho fumana lingoliloeng tse tsoang ho bona. Empa ba ne ba buisana le bona ka seoelo, ’me ba fumana lingoliloeng tse seng kae. Ho na le ntho e ’ngoe hape e neng e hlokahala, ’me ka mor’a nakoana Jehova o ile a hlohonolofatsa bohato boo ba neng ba bo nka ka sebete.

Lekala la Finland le ile la fumana taelo e tsoang ho Sehlopha se Busang ea hore le lokisetse ho thusa barab’abo rōna ba Estonia ka tsela e hlophisehileng haholoanyane. Vilho Eloranta, eo e neng e le pula-maliboho Estonia ka bo-1930, o ile a fuoa mosebetsi oa ho ikopanya le bona. Mathoasong a bo-1960, ha a ne a etetse Estonia ka lekhetlo la pele, o ile a atleha ho kopana le Fanny Hietala. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba bangata ba Mafinnishe, ba neng ba iketsa eka ke bahahlauli, ba ne ba tlisa melaetsa ’me ba thusa hore mokhatlo o lule o buisana le barab’abo rōna ba Estonia. Qetellong, barab’abo rōna ba Estonia ba ne ba buisana le “’Mè” oa bona, e leng kamoo ba neng ba bitsa mokhatlo oa Jehova kateng. Ba ne ba khona ho romela litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo le mangolo ’me ba fumana lingoliloeng tse ngotsoeng filiming e nyenyane. Leha ho le joalo, kaha joang kapa joang taba ena e ne e lokela ho lula e le pinyane ’me ba lokela ho ba masene, ba ne ba kopana habeli kapa hararo ka selemo.

Ngoan’a rangoan’a Adolf Kose ea rehelletsoeng ka Hugo Kose, ea lulang United States, o ile a isa melaetsa Estonia ka makhetlo a 15. Ka lekhetlo le leng ha a le leetong, balebeli ba lelibohong ba ile ba secha ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae, empa ha ho ntho eo ba ileng ba e fumana. Leha ho le joalo, litaba li ile tsa fihla mosenekeng ha balebeli bao ba mo botsa hore na o kena kereke efe. Ha a lemoha hore basebetsi bao ba ’muso ha ba tsebe Senyesemane hantle, eaba Hugo o hoeleketsa ntho e thata feela ka Senyesemane. Benghali ba ne ba sa batle ho mo kōpa hore a bue butle kaha batho ba ne ba tla bona hore ha ba tsebe Senyesemane hantle, kahoo eitse ha fono e lla, ba mo bolella hore a phakise hobane sekepe se se se tsamaea. Eaba taelo eo o e phetha ntle ho tšenyo ea nako!

Batho ba neng ba tsamaisa melaetsa ba ne ba tseba hore na mosebetsi oa bona ke oa bohlokoa hakae, ’me ba hlile ba o nka ka ho teba. Kamehla ba ne ba le seli ’me ba lula ba hopola hore ho itšepa ho tlōla ho ka baka mathata. Litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo li ne li ngoloa ka mantsoe a patang mohlala e le hore le haeba li ka oela matsohong asele, ho se ke ha e-ba le mathata. Bahoeletsi ba neng ba tsamaisa melaetsa ba ne ba tseba hore bophelo ba bona le ba batho ba bang bo ka ba kotsing haeba ba le bohlasoa. Ka linako tse ling ba ne ba bona ma-KGB a ba setse morao. Ha Viljard Kaarna a letetse barab’abo rōna ba babeli hore ba mo fe sephutheloana, o ile a bona le-KGB le ba nka senepe ’me ka mor’a moo le ba latela. Ha ho potang hore o ne a batla bopaki boo a ka bo sebelisang khahlanong le Lipaki. Empa ka lilemo-lemo tsena, ha ho lekhetlo le le leng leo ka lona lingoliloeng tseo barab’abo rōna ba neng ba li romeletsoe li ileng tsa nyamela leha e le ’ona mangolo kapa litlaleho.

MOSEBETSI O HLOPHISOA HANTLE

E ne e se e le nako e telele mosebetsi oa boboleli oa Soviet Union o tsamaisoa ke Komiti ea Naha e neng e le Ukraine. Ho feta moo, barab’abo rōna ba bangata e ile ea e-ba balebeli ba setereke naheng eo e sabaletseng. Empa kaha mokhatlo o ne o hatela pele Estonia, ho ne ho hlokahala motho ea ka hlokomelang mosebetsi moo. Mor’abo rōna Adolf Kose eo e neng e le motho ea thōtseng ka tlhaho ’me a fetile litekong tse sa tšoaneng tsa tumelo tse ileng tsa ntlafatsa botho ba hae, o ile a abeloa hore a thuse ho hlophisa mosebetsi ka 1967. Hamorao, boikarabelo ba hae bo ile ba eketsoa hore bo akarelletse ho hlophisa mangolo le litlaleho tsa Latvia, Lithuania, Karelia, Leningrad (eo hona joale e leng St. Petersburg) le Murmansk. Mor’abo rōna Kose o ile a boela a kenya letsoho tabeng ea ho hlophisa mosebetsi oa khatiso libakeng tse fapa-fapaneng.

Ke eng e neng e thusa Mor’abo rōna Kose hore a phethe boikarabelo boo ba hae ha eena le mosali oa hae Koidula, ba ne ba sebetsa nako e tloaelehileng ea basebetsi polasing ea likolobe toropong ea Tapa? Mor’abo rōna Kose o ile a qapa mochine o ileng oa etsa hore mosebetsi oa hae oa boipheliso o batle o e-ba bonolo ’me seo se ile sa mo thusa hore a fumane nako e eketsehileng ea ho hlokomela mesebetsi ea hae ea ka phuthehong.

Hamorao barab’abo rōna ba kang Viljard Kaarna, Lembit Toom le Silver Silliksaar ba ile ba thusa ka hore ba etele liphutheho tsa Estonia le tsa lirephabliki tse haufi tsa Soviet Union. Ha batho ba buang Serussia ba ntse ba eketseha Estonia, Alexandr Yevdokimov le eena o ile a etela liphutheho. Ka mor’a nako, mosebetsi oa khatiso o ile oa aroloa, ’me barab’abo rōna ba buang Serussia ba lulang Estonia ba ikhatisetsa lingoliloeng. Lingoliloeng tsa bona tse ngotsoeng filiming e nyenyane li ne li fihla li se li ntse li ngotsoe ka Serussia ’me li ka kopiletsoa ka ho toba pampiring e etsang lifotokopi. Leha ho le joalo, qetellong ha liphutheho li ntse li eketseha, mokhoa ona o boima oa ho etsa lifotokopi o ile oa tloheloa, hobane o ne o se o sa khone ho fepela barab’abo rōna ka lingoliloeng tse lekaneng ’me o hloka hore ho be le barab’abo rōna ba bangata ba thusang mosebetsing oa khatiso libakeng tse ngata. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba se na lisebelisoa tse lekaneng, ba ile ba hatisa ka lenyele libuka tse makholo-kholo tsa mefuta e 20 e sa tšoaneng. Ho tloha ka 1966 ho fihlela ka 1989, ho ile ha hatisoa lingoliloeng tsa Seestonia le tsa Serussia tse etsang maqephe a fetang limilione tse hlano ho sebelisoa mechine e tsamaisoang ka letsoho.

HO NE HO HLOKAHALA HORE BA BE SELI

Ka nako e ’ngoe mapolesa a ile a phenyekolla ha mora e mong oabo rōna a etsa eka a batla sethuthuthu se utsoitsoeng. Leha ho le joalo, a ile a toba shelefong ea libuka, e leng sebaka seo ho totobetseng hore sethuthuthu se ke ke sa patoa ho sona! Ho hlakile hore a ne a batla libuka tse thibetsoeng. A ile a soaba ha a khutla a kobile linala!

Barab’abo rōna ba ne ba etsa joang hore lingoliloeng tsa rōna li se ke tsa bonahala ’me li patehe? Ha ba ne ba hatisa lingoliloeng, ba ne ba atisa ho sebelisa likoahelo tsa khale tsa libuka kapa tsa limakasine tsa lefatše. Kahoo, ha mapolesa a ne a phenyekolla malapeng a bona ka tšohanyetso, hangata a ne a sa elelloe hore libuka tseo “tsa khale” ke lingoliloeng tsa rōna.

Lipaki li ne li tšoara liboka le likopano ha ho e-na le liketsahalo tse khethehileng, tse kang machato e le hore li se ke tsa tsosa libata masene. Ka mohlala, lechato la Heimar le Elvi Tuiman le ile la nka matsatsi a mabeli. Ka linako tse ling, lipokano tse joalo li ne li nka matsatsi a mararo kapa a mane. Baholo ba Maestonia ba ne ba khothalletsa banyalani hore ba se ke ba etsa machato a maholo. Lihlopha tse nyenyane li ne li sa meme mahlo a batho ’me hangata li sa bake mathata.

BARAB’ABO RŌNA BA RUSSIA BA FALLELA ESTONIA

Ka 1970, Lipaki tsa khale tsa Ukraine, Belarus le likarolong tse ling tsa Soviet Union li ile tsa qala ho fallela Estonia. Boholo ba bara bao babo rōna bo ile ba nolofalloa ke bophelo ba Estonia ho feta ba linaheng tsa habo bona, moo ba neng ba ile ba hlorisoa ka sehlōhō.

Barab’abo rōna ba kang Nikolai Dubovinski, e leng moholo oa Moukraine eo e leng khale a li bona, ba ile ba thusa hore ho thehoe phutheho ea pele ea Serussia motseng oa Tartu ka 1972 ’me e ne e e-na le bahoeletsi ba ka bang 50. Tšimo ea Serussia e ne e beha haholo ’me ka 2010, ho ne ho e-na le liphutheho tse 27 le lihlopha tse 4 tsa Serussia—tse nang le bahoeletsi ba fetang halofo ea bahoeletsi ba Estonia.

LITSELA TSE SA TŠOANENG TSA HO PAKA HA MONYETLA O HLAHA

Barab’abo rōna ba buang Serussia e ne e le baboleli ba sebete le ba chesehang ’me ba se leqe ho bua le batho neng le neng ha monyetla o hlaha. Ka mohlala, ba ne ba qala moqoqo le bahahlauli ba etetseng likerekeng tsa Tallinn ’me ba ba pakela. Hangata bahahlauli ba ne ba nahana hore motho ea buisanang le bona ka Bibele ke eena ea tsamaisang bahahlauli, kahoo ba mamela barab’abo rōna ka tjantjello e khōlō.

Baralib’abo rōna ba bang ba ne ba pakela batho litereneng. Ba ne ba reka tekete ea terene ea ho tloha Tartu ho ea Tallinn le ho khutla. Leeto leo la lihora tse robeli le ne le ba fa nako e ngata ea ho qala moqoqo le ho pakela baeti.

Maria Pasechnick, ea neng a falletse Estonia a tsoa Kazakhstan o re: “Ke ile ka rapella thuto ea Bibele.” Ka mor’a hore a nahane ka taba ena, o ile a etsa qeto ea ho pakela batho bao a nkang nako e telele a eme le bona meleng e melelele ea ho reka lijo mabenkeleng a moo.

Maria o tsoela pele o re: “Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke eme moleng, ke ile ka buisana le mosali e mong ’me ha moqoqo oa rōna o ntse o tsoela pele ka ’na ka kenyelletsa litaba tsa Bibele hanyane ka hanyane. Mosali eo o ne a sa thahaselle hakaalo, empa o ile a nkisa ho basali ba bang bao a ba tloaetseng, a ntsebisa bona eaba o ntšiea le bona hore ke tsoele pele ho bua le bona. Ka lebaka leo, ke ile ka atleha ho qala lithuto tsa Bibele tse ’nè. E mong oa basali bao e ile ea e-ba Paki e kolobelitsoeng ’me o ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi.”

Joaloka libakeng tse ling tsohle, bahlanka ba Jehova ba bangata ba ne ba tsebahala ka ho beha mohlala mosebetsing. Ka mohlala, mosali e mong ea neng a hlophisa liboka tsa Mokha oa Makomonisi, ea neng a sebetsa seteisheneng sa motlakase o ile a re k’hamphani ha e sa hloka Leonhard Nilsk hobane ke motho oa bolumeli. Leha ho le joalo, mookameli oa laboratori ea motlakase o ile a mo buella a re: “Hantle-ntle re batla batho ba joang? Makomonisi a noang ebe ha a etse mosebetsi oa ’ona hantle kapa motho oa bolumeli ea tummeng ka ho tšepahala?” Batho ba bang ba neng ba sebetsa le Leonhard, le bona ba ile ba mo buella ka lebaka la botumo ba hae bo botle, eaba taba eo ea tloheloa. Kamoo ho bonahalang kateng, mosali eo o ne a batla hore baeta-pele ba mokha ba mo rate, empa ha puso ea Makomonisi e oa Estonia, o ile a felloa ke mosebetsi.

HO PAKA HA MOSEBETSI O THIBETSOE

Lembit Reile, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala ea Estonia, o re: “Ha ke ntse ke kena sekolo, ke ne ke e-ba seli ha ke buisana le bana ba bangata bao ke neng ke le sehlopheng se le seng le bona. Ho na le moshanyana e mong eo ke neng ke atisa hore a nchakele, ebe ke mo bolella litaba tse molemo ka masene. Ka mor’a hore ke qete sekolong, ho ile ha feta lilemo tse ka bang 20 re sa kopane. Morao tjena ha ke ntse ke fana ka puo ea phatlalatsa phuthehong ea haeso, ke ile ka bona motho e mong har’a bamameli. U se u ka inahanela hore na e ne e le mang! E ne e le eena motho eane eo ke neng ke kena sekolo le eena! O ne a ntse a ithuta le Lipaki Tsa Jehova ’me nakoana ka mor’a hore ke etele phuthehong eo, o ile a kolobetsoa! Ke ile ka thaba haholo.”

Kaha mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe, barab’abo rōna ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ha ba paka. Ha moholo e mong a hlalosa hore na seo ba ne ba se etsa joang, o re: “Re ne re lokela ho nka nako re shebisisa hore na batho ba pel’a rōna ke ba mofuta ofe le hore na ke bafe bao re ka buisanang le bona eaba ha re kene mathateng. Re ne re lokela ho ba masene haholo ha re buisana le batho bao re sa ba tsebeng. Ka mor’a nako e itseng, hangata re ne re se re khona ho bona ha motho e le mpimpi ea ma-KGB. Hape, haeba motho a ne a bua haholo kapa a buela holimo, re ne re mo belaella. Empa haeba motho a sa bue haholo re ne re nka hore ho ka ’na ha se hlahe mathata ha re buisana le eena. Hangata re ne re qala moqoqo le batho ba neng ba sa tšehetse ’muso oa Makomonisi, bao ho neng ho thoe ke bahanyetsi hobane bona ba mamela maikutlo a batho ba bang.”

O TSOHA MOLOTA KA MOR’A HO KOPANA LE BONA SERAPENG

Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore setho se seng sa sona, e leng Lloyd Barry, hammoho le Viv Mouritz, oa lekala la Finland, ba e’o kopana le Adolf Kose, ea neng a hlophisa mosebetsi Estonia. Ba ile ba kopana serapeng se seng Leningrad (eo hona joale e leng St. Petersburg).

Ba ile ba kopana ka lenyele ’me Mor’abo rōna Mouritz ha a bua ka ketsahalo eo o re: “Qalong Mor’abo rōna Kose o ne a le lesisitheho ho buisana le rōna, ’me a sirile sefahleho ka koranta a etsa eka oa e bala. Empa ha re ntse re buisana le Adolf, o ile a beha koranta eo fatše, eaba o qala ho phutholoha.”

Mor’abo rōna Barry o re: “O ile a hana ha re mo memela ho ea lijong le rōna. A re ho molemo re bue litaba tsa bohlokoa re felle moo.”

Ha Mor’abo rōna Kose a ba bolella hore o tšoenyehile ka mathata a boima a ho hlorisoa le ho thibeloa ha Lipaki Soviet Union, Mor’abo rōna Mouritz le Mor’abo rōna Barry ba ile ba mo khothatsa haholo. Ba ile ba re ho eena: “Le linaheng tse ling re sa ntse re tobana le liteko. Ho bonahala eka liteko tseo li bonolo, empa li kotsi le ho feta! Liteko tse ngata tseo re tobanang le tsona ha li eo mona, ebile linaheng tseo ho tsona mosebetsi o sa thibeloang ho na le batho ba bangata ba lahlang ’nete ho feta ba e lahlang mona.”

Ka sebele bara bana babo rōna ba ile ba etela Mor’abo rōna Kose ka nako e loketseng ’me ba matlafatsa tumelo ea hae. O tsebile ka mor’a moo hore o ne a ntse a bua le setho sa Sehlopha se Busang, ’me ka thabo a fetisetsa khothatso e tsoang mokhatlong oa Jehova ho bohle ba neng ba lutse ba tšepahala le hoja ba ne ba hateletsoe ka sehlōhō.

Ka mor’a moo Mor’abo rōna Barry o ile a re: “Re utloela barab’abo rōna ba Soviet Union bohloko. Re ile ra thabela ho kopana le Mor’abo rōna Kose, eaba o re tšoara ka matsoho le ho re haka ka mofuthu ha re arohana, ’me ena e bile tsela e loketseng ea ho phetha seboka sena se monate ka ho fetisisa.”

BACHA BA EMELA BORAPELI BA BONA KA SEBETE SEKOLONG

Bacha ba sebeletsang Jehova ke bona bao ka ho khetheha ba neng ba hatelloa hore ba tšehetse mekha ea lipolotiki. Ba ne ba boetse ba susumelletsoa hore ba etse lintho tse ling tse neng li le khahlanong le matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele.

Ester Tamm o re: “Ka letsatsi le leng ha ke sa le ngoana oa sekolo e monyenyane, ngoana e mong le e mong ka tlelaseng o ile a laeloa hore a eme, a ee ka pele ’me a saenele molaetsa o lakaletsang ’musi ea sehlōhō ea bitsoang Joseph Stalin mahlohonolo letsatsing la hae la tsoalo.”

Ester o ile a ema, empa a hana ho ea ka pele. Ho e-na le hoo, o ile a bua ka tlhompho a re a ke ke a saenela molaetsa oo. Tichere ea hae e ile ea loloma ke bohale, empa ntho e makatsang ke hore ho na le bana ba ileng ba tšehetsa Ester ’me ka sebete ba bolela hore le bona ba ke ke ba saenela molaetsa oo. Ka lebaka leo, taba eo ea nyahlatsoa.

Taba e ’ngoe e ne e le ho fasa sek’hafo se sefubelu se bontšang hore motho o tšehetsa Bokomonisi. Ba neng ba hana ho se fasa ba ne ba tšosoa ka hore ba tla fuoa limaraka tse tlaase kapa ba fuoe kotlo e ’ngoe. Bara le barali babo rōna ba bacha ba ile ba hana ho inehela khatellong eo, ba bontša hore ba tšepahala joaloka Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu ha ba ne ba le Babylona ea boholo-holo.—Dan. 1:8.

MEHLA EA FETOHA

Ntho e bontšang hore batho ba bangata ba Estonia ba ne ba sa rate puso ea Soviet Union, ke hore Mokha oa Makomonisi o ne o e-na le batho ba etsang liphesente tse 7 feela. Hase kamehla ba boholong Estonia ba neng ba batla ho latela litaelo tse tsoang Moscow, ’me ba bang ba ne ba bile ba thusa Lipaki. Ka mohlala, ka 1985 mohlanka e mong oa ’muso oa motseng oa habo Lembit Toom o ile a tla ho eena eaba o mo fa keletso ena: “Kea tseba hore u mookameli oa Lipaki. Ha le tšoara liboka tsa lōna, qobang ho li tšoara ka matsatsi a phomolo a Sechaba.”

Lembit a re: “Kea leboha, ke tla fetisa molaetsa oo.” Ho hlakile hore ma-KGB a ne a halefisoa ke ha Lipaki li tšoara liboka ka matsatsi a phomolo a Sechaba. Ho bonahala barab’abo rōna ba ne ba kopana haholo pontšeng, kahoo ba ile ba etsa liphetoho mona le mane ka lebaka la keletso eo e mosa.

Lintho li ile tsa qala ho fetoha ka ho feletseng ka 1986 ha Soviet Union e qala perestroika, e leng leano la ho fetola tsela eo litaba li tsamaisoang ka eona pusong le moruong. Sehlopha se Busang se ile sa khothalletsa barab’abo rōna hore ba sebelise bolokolohi boo ba neng ba sa tsoa bo fumana ’me ba hlophise likopano tse khōlō Europe Bochabela. Barab’abo rōna ba Soviet Union ba ne ba sa lumele hore ba tla lokoloha ka tsela eo pele Armagedone e fihla. Ba ne ba sa ntse ba hopola mahlomola a bona ka ho feletseng ’me ba e-na le tšabo ea hore mahae a bona a ka phenyekolloa neng kapa neng.

BA KŌPTJOA HO FANA KA LIPUO TSA PHATLALATSA

Ha tokoloho e ntse e eketseha, palo ea batho ba thahasellang bolumeli le Bibele e ile ea eketseha. Sechaba se ne se labalabela ho tseba maikutlo a Lipaki Tsa Jehova litabeng tse itseng ’me mekhatlo e sa tšoaneng e kōpa barab’abo rōna hore ba fane ka lipuo tsa phatlalatsa tse mabapi le seo re se lumelang.

Ka nako e ’ngoe, seo se ile sa etsahala ka tsela e neng e sa lebelloa. Lembit Reile o ile a lumela ho fa sehlopha sa batho puo ea phatlalatsa. Letsatsing leo, Ainar Ojarand, ea neng a entse litlhophiso, o ne a mametse seea-le-moea ha a ntse a kuta litelu ’me a utloa tsebiso e reng: “Kajeno ho tla ba le puo mane Sakala Center, e nang le sehlooho se reng, ‘Bibele e Ruta Eng?’” Sakala Center e ne e le sebaka se seholo seo ho tšoareloang liboka ho sona Tallinn, moo Mokha oa Makomonisi o neng o atisa ho tšoarela liboka tsa oona teng! Ainar o ile a makala hoo a ileng a batla a liha mochine o kutang litelu! Empa ho ne ho se ho se na tsela ea ho tsebisa Lembit hore seboka seo se tla ba seholo ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng—o ne a ka khona ho mo tsebisa feela ha ba kopana boemelong ba libese.

Lembit o re: “Holo eo e ne e tletse tsoete! Ke ne ke qala ho bua le letšoele le leholo hakaalo, ke bile ke qala ho sebelisa sebuela-hōle le ho ema sefaleng. Ka mor’a ho etsa thapelo e khutšoanyane, ke ile ka nahana ka Pauluse ha a le Areopago eaba kea ipotsa hore na ke tla qala ka ho re’ng. Kaha batho ba bangata ba moo ba ne ba sa je nama, ke ile ka qala puo ea ka ka ho hlalosa hore tšimolohong lijo tseo Molimo a neng a li file batho ba pele e ne e le litholoana le meroho feela. Empa ka mor’a Moroallo a ba lumella ho ja nama.”

Ho bonahala tsela eo a ileng a kenyelletsa taba ka eona e ile ea khahla bamameli hobane ka mor’a moo batho ba bangata ba neng ba mametse puo eo ba ile ba koloka ha ba il’o fana ka mabitso a bona le liaterese e le hore ba ka fumana lingoliloeng ha li se li le teng. Ha nako e ntse e feta, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba fana ka lipuo ka pel’a matšoele a maholo—ebang ba ne ba fana ka tsona lilaebraring, likolong esita le litsing tsa litaba tsa setso. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ratang ho loka ba ile ba elelloa hore seo ba se bolelloang ke ’nete ’me ba se amohela.

BA MALALA-A-LAOTSOE HO HLOPHISA MOSEBETSI OA ’MUSO

Ka 1989, bahlanka ba Jehova ba Soviet Union ba ile ba qala ho ba le tokoloho e eketsehileng ea bolumeli, e ileng ea fa barab’abo rōna monyetla oa ho ea kopanong ea Poland. Ba ile ba ikutloa joang ha ba bokane ka bolokolohi ka mor’a ho qeta lilemo-lemo ba hateletsoe ka sehlōhō?

Ella Toom o re: “Re ne re thabile hona hoo! Re ile ra lla haholo! Ho rōna, kopano eo e ne e hlile e le paradeise ea moea.”

Morali’abo rōna e mong o re: “Re ile ra fihla Poland pele likopano li qala, kahoo ra isoa sebokeng Holong ea ’Muso. Ha ke bona bara le barali babo rōna ba kena ka holong, ke ile ka lla. Haesale e le ’na ke ne ke qala ho kena ka Holong ea ’Muso.”

Selemong sona seo, Theodore Jaracz le Milton Henschel, bao e neng e le litho tsa Sehlopha se Busang ba ile ba haola le Soviet Union ba tsamaea le Willi Pohl, ea neng a tsoa lekaleng la Jeremane. Ba ne ba batla ho kopana le barab’abo rōna e le hore ba ba khothatse ’me ba tsebe boemo ba bona hantle. Pono ea lefatše e ne e fetoha ka potlako ’me ntle ho tšenyo ea nako ba ne ba lokela ho nka monyetla ka leano la Soviet Union la perestroika. Ena e ne e le nako ea ho hlophisa bocha litaba tse amanang le borapeli ’me mosebetsi oo ba neng ba lokela ho qala ka oona ke oa phetolelo.

Ho tloha ka 1983, Toomas (Tom) Edur ea mafolofolo, ea neng a kile a bapala leking ea papali ea hockey ebile e le Moestonia, o ne a ile a fetolela lingoliloeng ka Seestonia a le lekaleng la Canada.c Ka nako eo, lingoliloeng tseo li ne li romeloa haholo-holo ho Maestonia a lulang linaheng tse ling. Empa ka 1990, ha mosebetsi o qala ho lumelloa ka molao Estonia, Toomas le mofumahali oa hae, Elizabeth, ba ile ba romeloa lekaleng la Finland ho ea thusa ka mosebetsi oa ho fetolela lingoliloeng tsa rōna ka Seestonia. Nakoana ka mor’a moo ba ile ba romeloa Estonia.

Pele ho mona, bafetoleli ba ne ba sebetsa ka bomong ba le libakeng tse fapa-fapaneng. Joale ho ne ho hlakile hore sehlopha sa bafetoleli se ka rua molemo ka ho sebetsa hammoho sebakeng se le seng. Ka lebaka leo, bafetoleli ba bangata ba ile ba qala ho sebeletsa motseng oa Tartu, ha Lembit Toom. Leha ho le joalo, kaha ho ne ho le thata ho fumana lik’homphieutha Soviet Union, bafetoleli ba ne ba se na lisebelisoa tse lekaneng tse ka ba thusang hore ba etse mosebetsi o khabane. Leha ho le joalo, boemo bona bo ile ba ntlafala ha mor’abo rōna e mong oa Moestonia a etela lekaleng la United States moo a ileng a tla le lik’homphieutha tse peli—ke moo lefapha la phetolelo le ileng la qala ho etsa mosebetsi ka tsela e tsoileng matsoho. Ke bafetoleli ba seng bakae feela ba neng ba tseba ho sebelisa k’homphieutha le lenaneo la mokhatlo le bitsoang Tsamaiso ea ho Seta Litlhaku Tsa Lipuo Tse Ngata ka Thuso ea K’homphieutha (Multilanguage Electronic Phototypesetting System [MEPS]), kahoo mosebetsi ona o ne o se bonolo. Empa ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ’me ka mor’a nakoana feela ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho.

BA EA KOPANONG E ’NGOE E MONATE KA NTLE HO NAHA

Ha Soviet Union e ntse e felloa ke matla a ho busa linaha tsa Europe Bochabela, batho ba ile ba qala ho ba le tokoloho e khōloanyane. Ha e le hantle, ka June 1990, bara le barali babo rōna ba Maestonia ba ka bang 200, ba ile ba fuoa li-visa tsa ho ea Helsinki, Finland, Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng.”

Ha barab’abo rōna ba tsoang Estonia ba theoha likepeng tseo ba neng ba tsamaea ka tsona ha ba ea Finland, barab’abo rōna ba Mafinnishe ba neng ba le boema-kepe ba ile ba ba hlabela litlatse, ea e-ba mahofi ka nako e ka etsang halofo ea hora! Batho bao e seng Lipaki ba ne ba batla ho tseba se etsahalang le hore na batho bao ba tummeng ke bo-mang. Ruri lintho lia fetoha! Barab’abo rōna ba ikokobelitseng, ba ileng ba hlorisoa ke ’muso oa Soviet Union ka lilemo tse mashome-shome, ba ne ba amoheloa joalokaha eka ke bo-’mampoli ba lipapali tsa liolimpiki!

Barab’abo rōna ba Maestonia ba ile ba thaba haholo ha ba mametse karolo e ’ngoe ea lenaneo ka Seestonia le ha ba fumana lingoliloeng tse ncha ka puo ea habo bona! Mor’abo rōna e mong eo e leng khale a li bona o re: “Ha re tšoara libukana tsa Seestonia ka lekhetlo la pele, e ne eka re tšoere lehakoe la bohlokoa.”

Barab’abo rōna ba Maestonia ba ile ba hlatsoeha lipelo le ho feta ha ba utloa tsebiso e monate puong ea ho qetela. Sebui se ile sa bolela hore Sehlopha se Busang se fane ka tumello ea hore ho tloha ka January 1991, ho hatisoe Molula-Qhooa oa Seestonia habeli ka khoeli ka mebala e mene ’me o hatisoe ka nako e tšoanang le oa Senyesemane! Bamameli ba neng ba nyakaletse ba ile ba ema ’me ba opa liatla ka nako e telele. Eare ha ba emisa ho opa liatla, motho e mong har’a bamameli a re: “Na sehlopha ka seng se tla ’ne se fuoe makasine e le ’ngoe feela joaloka pele? Kapa motho e mong le e mong o tla fumana makasine ea hae?” Ha ba bolelloa hore e mong le e mong o tla fuoa makasine ea hae, ba ile ba hlolloa ’me ba qalella ho opa liatla ho bontša kananelo.

Hang-hang lekala la Finland le ile la qala mosebetsi oa ho hatisa lingoliloeng tsa Seestonia la ba la hatisa lingoliloeng tsa ho tloha ka 1990 tseo barab’abo rōna ba Maestonia ba sa kang ba li fumana. Ho phaella tabeng ea hore barab’abo rōna ba Estonia ba ile ba thusoa ka lingoliloeng tse ba matlafatsang moeeng, ba ile ba boela ba amohela ba ba ba aba liphallelo tse ngata tse tsoang ho barab’abo bona ba linaheng tse ling—e leng lintho tseo ba neng ba hlile ba li hloka ka lebaka la boemo ba moruo ka nako eo.

BA TŠOARA KOPANO KA BOLOKOLOHI KA LEKHETLO LA PELE

Mokhatlo oa Jehova o ile oa potlakela ho sebelisa tokoloho ea bolumeli e neng e ntse e eketseha eaba o hlophisa likopano tsa setereke tse khōlō ho pholletsa le Soviet Union. Barab’abo rōna ba Maestonia ba ile ba thabela ho tšoara kopano ka lekhetlo la pele ka la 13-14 July, 1991, motseng oa Tallinn, ’me sehlooho sa eona se ne se re, “Barati ba Tokoloho ea [Bomolimo]”!

Kopano ena e ile ea hla ea natefela batho ba bang ba hōlileng. Hobane’ng? Hobane barab’abo rōna ba ne ba qetetse ho ba kopanong e tšoaroang ka bolokolohi Estonia ka 1940. Ruri ba ile ba nyakalla ha ba boela ba tšoara kopano ka bolokolohi ka mor’a lilemo tse 50!

Barab’abo rōna ba buang Serussia ba hlahang karolong e ka leboea-bophirimela ea Soviet Union le linaheng tsa Baltic hammoho le Kaliningrad ba ile ba tšoara kopano Tallinn Linnahall (e bolelang Holo ea Motse ea ’Mino). Holong e bapileng le eo, e leng ea Jäähall (e bolelang Holo ea Leqhoa) ho ne ho lutse batho ba ka bang sekete ba mametse mananeo a Seestonia, ’me batho ba ileng ba e-ba teng liholong tseo ka bobeli ba ile ba qetella ba le 4 808. Ho ile ha kolobetsoa batho ba 447, ’me ka sebele eo ea e-ba nako e monate ka ho fetisisa!

Likopano tse kang ena li ile tsa khatha tema e khōlō ho thusa batho ba sa tsoa qala ho kopanela hore ba ithute ’nete. Ka mohlala, nkhono oa Leonhard Nilsk, e leng Amalie, o ne a kena kereke ea Sabatha empa a e-na le khoao ka lithuto tsa eona. Leonhard o ile a mo khothalletsa hore a fuputse ’nete ka Bibeleng. Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha mohla Amalie a eang kopanong e neng e tšoaretsoe Tallinn ka 1991. Ka mor’a letsatsi la pele, Amalie o ile a re a ke ke a hlola a khutlela kerekeng. Seo Leonhard a neng a se boleletse Amalie se ne se sa lekana—o ne a hloka ho iponela ka mahlo hore na batho ba Jehova ba joang. O ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me hamorao a kolobetsoa.

LITORO TSA BONA LIA PHETHAHALA

Le hoja bahlanka ba Jehova ba ne ba se ba sa sokeloe ka mahloriso le khatello e sehlōhō, ba bang ba ne ba sitoa ho lumela hore ruri ho na le tokoloho ea bolumeli. Ka mohlala, mor’abo rōna eo e neng e le khale e le moholo o ne a lakalitse hore ka letsatsi le leng ho be le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka Seestonia. Ke eona buka ea pele ea Seestonia e ileng ea hatisoa ka 1991 ka mor’a hore mehla e fetohe ’me batho ba be le tokoloho e eketsehileng.

Moholo eo o re: “Empa ha ke se ke tšoere buka eo ka letsoho, e ne eka kea lora. Eitse ha ke e bontša phutheho sebokeng, ke ha likeleli li itsoela feela. Ka nakoana ho ile ha khutsa hobane ba sa lumele seo ba se utloang. Eaba lifahlehong tsa bona ho keleketla meokho ea thabo! Barab’abo rōna ba ne ba thabile hoo ba neng ba lla. Letsatsi leo ha le lebalehe. Kamehla ha ke nahana ka se neng se etsahale mohlang oo, ke seka meokho.”

Nako le nako, barab’abo rōna ba ne ba ikutloa “joaloka ba lorang.” (Pes. 126:1-6) Ka mor’a ho qeta lilemo ba le mathateng, ba bangata ba ile ba ikutloela monate oa ho phethahala ha tšepiso ena e ka Lentsoeng la Molimo: “Ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—Bagal. 6:9.

KETSAHALO EA BOHLOKOA E THABISANG PALENG EA BATHO BA MOLIMO

Letsatsi la la 31 October, 1991, ke leo bara le baralib’abo rōna ba Estonia ba ke keng ba hlola ba le lebala. Letsatsing leo phutheho ea pele ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea ngolisoa ka molao Estonia.

E ne e le nako ea hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o boele o hlophisoe. Batho ba ne ba thahasella molaetsa oa litaba tse molemo haholo, ’me ba bolela pepenene hore ba rata Bibele le bolumeli. Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho khanna lithuto tsa Bibele, haesita le ho lokisetsa hore ho tšoaroe liboka tsa phutheho, likopano tsa potoloho le likopano tse khōlō. Bafetoleli ba ne ba hloka sebaka se lekaneng e le hore ba etse mosebetsi oa bona o neng o ntse o eketseha.

Khabareng, baromuoa ba tsoang sekolong sa Gileade ba ile ba qala ho fihla, ’me barab’abo rōna ba ne ba lokela ho fumana libaka tse loketseng hore e ka ba mahae a baromuoa. Ba ne ba hloka thuso mabapi le mathata a li-visa le ho fumana litokomane tse ba lumellang ho lula ka har’a naha. Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho buisana le ba boholong ka taba ea ho se jele paate. Ba ne ba hloka mangolo a ba lumellang ho haha Liholo Tsa ’Muso.

Reino Kesk, eo ka nako eo e neng e le molebeli oa potoloho, o re: “Lilemo tseo li ile tsa feta ka ho panya ha leihlo joalokaha eka e bile likhoelinyana tse seng kae ka lebaka la litlhophiso tsohle tse neng li lokela ho etsoa mosebetsing oa puso ea Molimo. Eo e ne e boetse e le nako e amang maikutlo e le kannete. Batho ba ne ba rata ’nete ’me ba e amohela ka potlako. Phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho e-na le ba bangata ba batlang ho kolobetsoa. Ba bang ba thahasellang ba neng ba tlile kopanong ’me ba sa tsebe hakaalo ka Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba thabela lipuo hoo ba neng ba batla ho kolobetsoa hang-hang. Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa ho ba thusa!”

Ha Estonia e ntse e busoa ke Soviet Union, mosebetsi oa boboleli o ne o tsamaisoa ke ofisi ea lekala ea Jeremane. Lekala la Finland e ne e le tsela e ’ngoe eo ka eona barab’abo rōna ba Jeremane le ba Estonia ba neng ba buisana ka sekhukhu. Empa joale ha maliboho a buloa ’me barab’abo rōna ba se ba khona ho buisana ka bolokolohi, ka 1992 lekala la Finland le ile la abeloa ho hlokomela mosebetsi Estonia.

BA NE BA TUKA KE CHESEHO!

Kaha ba bangata ba ne ba hatela pele ka potlako, ho ne ho se bonolo ho tseba boemo ba batho ba batlang ho tšoanelehela ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ka mohlala, e ne e le hoseng ha letsatsi la Sehopotso sa lefu la Kreste ha Tom Edur a etela sehlopha se senyenyane se sa tsoa thehoa, ’me o ile a hlolloa ha a bona letšoele la batho ba neng ba e-ea tšebeletsong ea tšimo.

Tom o ile a re ho mor’abo rōna e mong oa moo: “Na u tseba batho baa kaofela?”

Ha a araba a re: “Bonneteng, ba bang ha e e-s’o be bahoeletsi.”

Kahoo Tom o ile a tsoela pele ka seboka sa tšebeletso ea tšimo ’me a etsa tsebiso e reng: “Ke kōpa hore ka mor’a mona nke ke itšebe le bohle bao e e-s’o ka e e-ba bahoeletsi.”

Ho ile ha tla liithuti tsa Bibele tse ka bang leshome, tse neng li batla ho tšoaneleha ho ea bolela litaba tse molemo. Ka mor’a hore Tom a ba bolelle hore na ke lintho life tsa motheo tse hlokahalang hore motho a tšoanelehe hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang, baroetsana ba bararo ba ile ba bolela hore ha ba e-s’o itokolle kerekeng. Tom o ile a ba hlalosetsa hore haeba ba batla ho tsejoa e le Lipaki Tsa Jehova, ba lokela ho khaotsa ho ba litho tsa kereke. Ba ile ba fela ba etsa joalo! Hang-hang ba ile ba ea kerekeng eo ba neng ba e kena, ba kōpa hore mabitso a bona a hlakoloe bukeng ea kereke, eaba ba ea tšebeletsong ea tšimo le batho ba bang.

Monna e mong ea neng a le sebokeng seo sa tšebeletso ea tšimo o ne a e-s’o tlohele ho tsuba. Ho ne ho tla nka nako e itseng pele a ka tlohela mokhoa ona o litšila, kahoo o ile a ea lapeng a ikemiselitse hore hamorao e tla ba mohoeletsi.

Kaha barab’abo rōna ba ne ba se ba ka kopanela mosebetsing oa boboleli ho se lithibelo tsa ’muso, ba ne ba ikemiselitse ho sebelisa monyetla o mong le o mong hore ba ise litaba tse molemo bathong ba bangata kamoo ho ka khonehang. Ba bang ba ne ba cheseha hoo ho neng ho hlokahala hore ba thusoe hore ba phethe mesebetsi e amanang le borapeli ka tsela e leka-lekaneng. Ka mohlala, ha Tom Edur a tšohla lipotso tsa kolobetso le mocha e mong ea neng a batla ho kolobetsoa, o ile a mo botsa hore na baholo ba kile ba mo fa keletso leha e le efe.

Mohlankana eo o ile a re: “E, baholo ba ile ba nkeletsa hore ke sebelise nako ea ka ka tsela e leka-lekaneng.”

Tom a mo botsa a re: “Kea utloa, empa bothata e ne e le eng?”

Mohlankana eo o ile a kena tabeng, a re: “Kaha ke ne ke qeta lihora tse 150 khoeli le khoeli tšebeletsong ea tšimo, ke ne ke sa phethe boikarabelo bo bong ba Mangolo. Kahoo baholo ba ile ba etsa tlhahiso ea hore haeba nka qeta lihora tse 100 tšebeletsong, ke tla ba le nako ea thuto ea botho le ea ho lokisetsa liboka.”

KOPANO EA RUSSIA—MONATE HA O PHUTHELOE KA KOBO!

Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa paleng ea batho ba Molimo e bile kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe St. Petersburg, Russia, ka June 1992. Har’a baeti ba 1 000 ba tsoang Estonia ba neng ba tlile kopanong eo, ho na le ba bangata ba ileng ba thabela ho boela ba kopana le batho bao ba neng ba koaletsoe lichankaneng le bona hammoho le Lipaki tse ling tseo ba ileng ba kopana le tsona ha ba le botlamuoeng Siberia.

E mong ea neng a ile kopanong eo o re: “Kopano eo e ile ea tšoaroa ka nako e loketseng. Re ile ra hira terene ka litefello tse tlaase re sebelisa chelete ea Russia e bitsoang li-ruble. Eare beke feela pele kopano e qala, Estonia ea khaotsa ho sebelisa li-ruble ’me ea qala ho sebelisa chelete ea Estonia e bitsoang krooni. Haeba re ne re se Estonia bekeng eo, re ne re ke ke ra ba le monyetla oa ho chencha chelete ea rōna. Leha ho le joalo, le hoja re ile ra chencha chelete, re ne re lumeletsoe ho chencha e itseng feela. Joale re ne re tla etsa’ng ka li-ruble tseo re neng re sa ka ra khona ho li chencha? Kaha li-ruble li ne li ntse li sebetsa Russia, barab’abo rōna ba ile ba li nka ha ba ea kopanong ’me ba li kenya ka mabokoseng a monehelo. Ho feta moo, haeba kopano e ne e ile ea tšoaroa beke hamorao ha melao e mecha ea maliboho e qala ho sebetsa, re ne re tla lokela ho reka li-visa tse bitsang chelete e ngata hore re tšele lelibohong. Ruri kopano eo e ile ea tšoaroa ka nako e loketseng bakeng sa barab’abo rōna!”

E mong oa batho ba bangata bao kopano ena ea bohlokoa e ileng ea ba ama maikutlo ke mosali ea thahasellang ea neng a lokiselitse ho tsamaea le Lipaki tsa Estonia ha li e-ea kopanong. O re: “Ho bonahala ke sa ka ka utloa hantle hore na ho tsamauoa ka nako efe. Ha ke fihla seteisheneng, terene e ne e se e tsamaile. Empa ke ne ke se ke lefeletse leeto leo. Ka ipotsa hore na ke tla etsa joang. Ke ile ka rapela Jehova, ka mo kōpa hore a nthuse ka ba ka mo bolella hore ke tla etsa sohle seo nka se khonang hore ke ee kopanong.

“Mookameli oa seteishene o ile a re ke tlameha ho reka tekete e ’ngoe, empa ke ne ke se na chelete e lekaneng! Ho e-s’o ee kae, ke ile ka bona sehlopha sa batho se fihla seteisheneng. Kaofela ha bona ba ne ba thabile haholo ba bile ba apere hantle! E ne e le Lipaki tse tsoang sehlekehlekeng sa Sarema. Terene eo ba neng ba tsamaea ka eona e ne e e-s’o fihle, ’me tekete ea ka e ntumella hore ke tsamaee le bona. Ha ba ha re kokololo!

“Ha re le tseleng, Lipaki li ne li bina lipina tsa ’Muso, e leng se ileng sa nkama ka ho tebileng. Ke ile ka ikutloa eka batho bao ba nkamohetse lelapeng la bona la moea. Ke ile ka lula le bona nakong eohle ea kopano ’me ka bona kamoo ba se nang boikaketsi ba bileng ba ratang batho kateng. Seo se ile sa felisa lipelaelo tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona ka Lipaki. Ke moo ke ileng ka hlakeloa hore joale ke fumane mokhatlo oa Molimo o lefatšeng.” Mosali enoa eo ka nako eo e neng e le motho ea thahasellang, hona joale ke pula-maliboho oa kamehla hammoho le monna oa hae.

HO NE HO HLOKAHALA BAITHAOPI

Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le oa ho hlophisa o ne o hatela pele ka potlako, ’me ho ne ho hlokahala barab’abo rōna ba eketsehileng ba nang le boiphihlelo ka phuthehong. Ke bo-mang ba neng ba ka etsa tsoho-la-monna ha taba li eme tjee? Ba bangata ba ile ba arabela joaloka Esaia eaba ba re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.

Baromuoa ba bane ba pele ba tsoang sekolong sa Gileade ba ileng ba fihla ka 1992, e bile Vesa le Leena-Maria Edvik hammoho le Esa le Jaael Nissinen. Reino le Lesli Kesk, ba neng ba bile mosebetsing oa potoloho Canada ka lilemo tse 17, le bona ba ile ba romeloa Estonia. Eaba nakong ea selemo ka 1993, ho romeloa bo-pula-maliboho ba 20 ba tsoang Finland hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng tšimong ea Seestonia le ea Serussia, ’me ho ile ha boela ha fihla baromuoa ba bang ba bane.

Ka mor’a moo, baromuoa ba tsoang lihlopheng tse ’maloa tse latellanang tsa Gileade ba ile ba romeloa Estonia, ’me ba fihla ba thabile haholo ba bile ba le mahlahahlaha. Baromuoa ba bang ba neng ba sa koetlisoa sekolong sa Gileade, le bona ba ile ba romeloa naheng eo. Baromuoa bana ba sehlahlo le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba chesehang ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi o motle oo bara le barali babo rōna ba tšepahalang ba Estonia ba ileng ba o qala ka lilemo tse mashome tse fetileng.

Ho phaella moo, bara le barali babo rōna ba ka bang makholo a mabeli ba tsoang linaheng tse ling ba tlile Estonia ho tla sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng. Kaha ba butsoitse moeeng, ba ile ba thusa liphutheho hore li be matla li be li tsitse. Ho ile ha thehoa liphutheho tse ngata tse ncha, ’me liphuthehong tse ling bara bana babo rōna ba tsoang linaheng tse ling e ne e le bona feela baholo ho fihlela barab’abo rōna ba moo ba hatetse pele ka ho lekaneng hoo ba ka jarang boikarabelo bo eketsehileng.

Lembit Välja le eena o ile a tla thusa. O hlahetse Estonia, a pholoha Ntoeng ea II ea Lefatše eaba o fallela Australia, moo e ileng ea e-ba Paki. Ha a le mothating oa ho ea pensheneng, o ile a etsa qeto ea ho khutlela Estonia ka 1990 ho ea thusa batho ba bangata ba nyoretsoeng ’nete. O hopola hore ka nako e ’ngoe o ne a ithuta Bibele le lihlopha tse 18 tsa batho ba lulang libakeng tse qalikaneng karolong e khōlō ea Estonia ’me ho e-ba le batho ba ka bang 80. O ne a tsamaea ka libese ha a il’o khanna lithuto tseo, ’me hangata a robala ka har’a sleeping bag boemelong ba libese. Batho ba fetang 50 bao a ba khannetseng lithuto tsa Bibele ba se ba kolobelitsoe, ’me le hoja a le lilemo li 84, o sa ntse a khanna lithuto tsa Bibele tse ’nè. Ho ile ha hlaha litholoana tse babatsehang ka lebaka la hore o ne a sebetsa ka thata a bile a itetse, ’me hona joale ho na le liphutheho tse tsoelang pele hantle le Liholo Tsa ’Muso litoropong tse ngata tseo a neng a atisa ho li etela.

Ka lehlakoreng le leng, bara bana babo rōna ba ithaopetseng ho tla thusa ba ruile molemo. Ba bangata ba boletse hore ka sebele ba ruile molemo kaha ba khonne ho tseba batho ba sebaka sena le tsela eo ba phelang ka eona. Reino Kesk o re: “Ho etsa hore u utloisise lintho ka tsela e batsi le hore u batle u talima lintho ka tsela eo e tlamehang ebe Jehova o li talima ka eona ha a sheba lefatše lohle.”

BA QALA HO ETELOA KE BALEBELI BA POTOLOHO

Nakong eo ea ha bahoeletsi ba ne ba eketseha ka potlako, balebeli ba tsamaeang ba ile ba etela liphutheho ’me ba khothatsa barab’abo rōna le ho ba matlafatsa haholo. Balebeli ba potoloho ba ile ba ikakhela ka setotsoana likabelong tsa bona, ba ne ba atisa ho sebetsa lihora tse 15 ka letsatsi—ba e-ea tšimong, ba e-ba teng libokeng ba bile ba li khanna, ’me ba araba lipotso tse ngata tsa barab’abo rōna.

Potoloho ea pele e ileng ea thehoa e ne e akarelletsa Estonia, Latvia, Lithuania le Kaliningrad. Tšimo eo e ne e akarelletsa liphutheho tse 46 le lihlopha tse 12, ’me ho buuoa lipuo tse ’nè! Molebeli oa potoloho o ne a boetse a fuoe mesebetsi e eketsehileng e nkang nako, joaloka ho sebetsana le litaba tsa ho ngolisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka molao Latvia le Lithuania. Hona joale ho na le lipotoloho tse ’nè Estonia feela.

Lauri Nordling, e leng mor’abo rōna oa Estonia eo e bileng molebeli oa potoloho ka 1995, o re: “Ruri bahoeletsi ba ne ba ananela ho eteloa ke molebeli oa potoloho. Hangata kamore eo re neng re tšoarela seboka sa tšebeletso ea tšimo ho eona e ne e tlala tsoete! Ka nako e ’ngoe bara le barali babo rōna ba ka bang 70 ba ne ba petetsane ka kamoreng e nyenyane. Haeba motho a ne a ka akhela apole holimo, e ne e ke ke ea oela fatše.”

MATHATA A HO ITHUTA PUO E NCHA

Batho ba bangata ba thatafalloa ho ithuta puo e ncha, ’me ho hlile ho thata hore motho a tsebe Seestonia hantle. Ka mohlala, Markku Kettula, e leng moromuoa ea neng a sa tsoa fihla, o ne a bua le monna e mong ka Jesu Kreste. Ho e-na le hore a re Jesu ke Rahuvürst, e leng Khosana ea Khotso, o ile a hatisa ka makhetlo hore Jesu ke rahuvorst, e bolelang boroso ea khotso. Ke feela ha Markku a qeta ho bala Esaia 9:6, monna eo ea maketseng a ileng a utloisisa hore mohloli oa ’nete oa khotso hase ntho e jeoang!

Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho o ne a ntse a ithuta Serussia ka mor’a hore a fallele Estonia. Ha a le mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo, o ile a kokota ha moholo oa phutheho ea moo a sa tsebe hore ke ha moholo a bile a sa mo tsebe. O ile a qala ho mo bolella molaetsa a tšoere dikishinari. Mor’abo rōna o ile a leka ho mo hlalosetsa hore ke moholo phuthehong ea moo. Eaba morali’abo rōna o phakisa a sheba lentsoe “moholo” dikishinaring ’me a fumana hore le bolela “motho ea hōlileng.”

Eaba morali’abo rōna o re: “Empa ha u moholo hakaalo! Ho feta moo, Paradeiseng u tla boela u be mocha.” E bile feela ka mor’a hore mor’abo rōna a mo bontše libuka tsa Lipaki ka tlung ea hae moo a ileng a utloisisa hore hase motho e moholo, empa ke moholo.

MOAHLOLI EA RENG MOLIMO HA A EO O ITHUTA ’NETE

Nakong ea puso ea Soviet Union, Viktor Sen o ile a ahloleloa ho hlola chankaneng ka lilemo tse peli ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng. Ha a se a qetile selemo chankaneng, o ile a ikōpela ho isoa Siberia hore e be mojaki oa teng ea lokolohileng, e leng se neng se tla mo fa tokoloho e eketsehileng. Ha baahloli ba mametse kōpo ena ea hae ea parole, ba ile ba mo kharuma ka bohale, e mong oa bona a ba a bolela hore batho ba mofuta oa hae ba lokela ho fanyehoa kapa ho thunngoa.

Ka mor’a lilemo tse ’maloa ha Viktor a le kopanong, mor’abo rōna e mong o ile a mo tsebisa sehlopha se seng sa batho ba thahasellang eaba o re, “Na ho na le motho eo u mo tsebang moo?”

Eaba Viktor o re: “Che, ha ke ba tsebe.”

Mora eo oabo rōna a re: “Hao!” Eaba o supa monna e mong sehlopheng seo ea neng a bonahala a soabile haholo, eaba o re: “Le monna eo ha u mo tsebe?”

Viktor o ne a ntse a sa mo tsebe. O ile a makala haholo ha a hlokomela hore monna eo ke Yuri, e mong oa baahloli ba neng ba mametse kōpo ea hae ea parole. O ne a se a ithuta Bibele ’me a le kopanong le Viktor. Ke eng e ileng ea fetola tsela eo Yuri a talimang Lipaki Tsa Jehova ka eona?

Yuri o re: “Ke hōliselitsoe lelapeng la batho ba mabifi ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Ha ke ntse ke kena sekolo, ke ne ke atisa ho fana ka lipuo tse bontšang hore bolumeli bo kotsi. Lilemo tse itseng hamorao ke ile ka ba teng ka makhetlo a seng makae ha metsoalle ea ka e ntse e ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka lemoha hore ke ne ke tseba mashano a bolumeli haholo, empa ke sa tsebe letho ka Bibele. Ka lebaka leo ke ile ka rata ho ithuta lintho tse eketsehileng ka Bibele.”

Ka mor’a hore Yuri a kolobetsoe, o ile a re ho Viktor: “Ha re qetelana lekhotleng, re ne re lutse libencheng tse sa tšoaneng. Empa haeba ho ka etsahala hore re boele re be nyeoeng e tšoanang, re tla be re lutse bencheng e le ’ngoe! Ha ke sa tla hlola ke e-ba moahloli oa hao.” Hona joale Yuri le Viktor ba sebeletsa e le baholo Tallinn.

SEHOPOTSO HAR’A LIHOPOTSO

Mor’abo rōna ea neng a sa tsoa fallela Estonia o ile a bua le Pavel le Margarita ka Seestonia se sa hlakang a re, “Haeba le batla bophelo bo sa feleng, le lokela ho tla Sehopotsong sa lefu la Kreste bosiung bona bona.” Kaha banyalani bana ba ne ba hloletsoe, ba ile ba ea.

Pavel le Margarita ba ile ba amoheloa ka mofuthu Sehopotsong seo. Empa ha lenaneo le ntse le tsoela pele, ba ile ba batla ba tšoha ha ba bona monna ea ntseng a ea holimo le tlaase a sheba batho ’me a ngola pampiring. Ba ne ba sa tsebe hore o ntse a bala batho feela. Pavel le Margarita ba ile ba qala ho ipotsa hore na ho loketse hore ebe ba tlile moo, empa ba ne ba tšaba ho tsamaea hobane ba bona eka banna ba babeli ba linatla ba lebetse menyako. Kaha ba ne ba sa tsebe hore bara bao babo rōna e mpa e le bahlokomeli feela, ba ile ba etsa qeto ea hore ho molemo hore ba se ke ba leka ba re baa tsamaea.

Leha ho le joalo, ha puo ea Sehopotso e fela, Pavel le Margarita ba ile ba thaba ha ba utloa sebui se re mang kapa mang ea batlang a ka khanneloa thuto ea lehae ea Bibele a sa lefe letho. Ho ile ha ba ha re kokololo! ha barab’abo rōna ba itsebisa bona ka mofuthu ka mor’a Sehopotso, kahoo banyalani bana ba ile ba kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Kaha ba ne ba rerile ho falla ka mor’a libeke tse peli, ba ile ba kōpa ho khanneloa thuto letsatsi le letsatsi. Ha ba fihla lehaeng la bona le lecha, ka cheseho ba ile ba letsetsa barab’abo rōna ba moo, ba itsebisa bona eaba ba qalella ho ithuta Bibele.

‘LIPAKI TSA MESEBETSI EA LŌNA E METLE’

Lipaki Tsa Jehova tsa Estonia li ratana ka tsela eo bara le barali babo tsona ba ratanang ka eona lefatšeng ka bophara. (Joh. 13:35) Batho ba bang ba elelloa seo, ’me se ba hulela borapeling bo hloekileng.—1 Pet. 2:12.

Toivo o ile a fuoa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo ke morali e mong oabo rōna ea neng a ile a mo kuta moriri moo banna ba kutang teng. Ha a qeta ho e bala, o ne a batla ho ea sebokeng Holong ea ’Muso, empa a le leqe kaha o ne a lemositsoe ka Lipaki. Kahoo o ile a etsa qeto ea hore a shebisise Lipaki ha li le Holong ea ’Muso a ntse a lutse ka koloing ea hae. O ne a batla ho bona hore na ke batho ba mofuta ofe ba kenang ka holong pele seboka se qala le hore na ba shebahala joang ha ba tsoa ka holong ka mor’a seboka.

O ile a hlolloa le ho feta ha a bona baralib’abo rōna ba hakana ka lerato; a ba a bona hore ka sebele batho bana baa tsotellana. Eaba o qala ho ea libokeng ka mafolofolo a ba a ithuta Bibele. O ile a hatela pele ka potlako ’me ka mor’a nakoana a bolella batho ba bang litaba tse molemo ka cheseho. Hona joale ke Paki e kolobelitsoeng.

“JEHOVA O ARABETSE THAPELO EA KA!”

Ka 1997, ha Maria a le motseng o monyenyane oa Tootsi, o ile a fuoa pampitšana ea Kingdom News No. 35. O ile a bala pampitšana eo eaba o ngolla ofisi ea lekala a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Nakoana ka mor’a moo, baromuoa ba bang ba lulang Pärnu, e leng Markku le Sirpa Kettula, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Maria. Ha hoa ka ha feta nako e telele pele Maria a qala ho bua le batho ba bang ka ’nete, ’me ka mor’a nakoana ngoetsi ea hae, e bitsoang Ingrid le moahelani oa Ingrid ea bitsoang Malle, ba ile ba ba teng thutong ea hae. Ha Maria a batla ho ea tšimong, baholo ba ile ba mo khothalletsa hore a qale ka ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, phutheho e haufi e ne e le motseng oa Pärnu, o bohōle ba lik’hilomithara tse 40, ’me o ne a se na chelete ea ho ea moo. Kahoo, ka lebaka la khothatso ea baromuoa bao, Maria o ile a rapela Jehova hore a mo thuse.

Lekhetlong le latelang ha baromuoa bao ba tla, Maria o ile a bua a thabile a re: “Jehova o arabetse thapelo ea ka!”

Markku le Sirpa ba re: “O e arabetse joang?”

Ka cheseho o ile a re: “Ke tla bitsa batho ba bang hore ba tle ha ka mona, ebe le lokisetsa hore ho tšoaroe liboka ho be ho thehoe phutheho hona mona. Ka tsela eo ke tla ba teng libokeng ebe ke qala ho ea tšimong.”

Baromuoa ba ne ba sa batle ho mo nyahamisa, empa ka bohlale ba mo hlalosetsa hore ha ho bonolo hakaalo ho theha phutheho e ncha. Ba ile ba mo khothalletsa hore a leke ho ea libokeng tsa Pärnu, bonyane a qale ka tsa Sontaha.

Maria o ile a boela a rapella taba ea ho ea libokeng. Ho phaella moo, a etsa qeto ea hore a se ke a hlola a tlisetsoa koranta e le hore a baballe chelete. Nakoana ka mor’a moo o ile a ba le chelete e lekaneng e le hore a ka ea libokeng hane ka khoeli ’me o ile a thaba haholo ha a se a kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. Empa Maria o ne a tla tloha a apareloa ke mahlohonolo.

Kaha batho ba thahasellang ba ne ba ntse ba eketseha ka potlako motseng oa Tootsi, baholo ba ile ba lokisetsa hore ho be le thuto ea buka motseng oo, ’me Maria, Ingrid, Malle le ba bang ba thahasellang ba ne ba ka kopanela ho eona. Likhoeli tse seng kae feela hamorao, Maria le Malle ba ile ba kolobetsoa, eaba Ingrid o kolobetsoa lehlabuleng le latelang. Monna oa Malle o ile a kolobetsoa ka mor’a nakoana, ha ntoo latela ngoan’abo Malle mariheng a latelang. Sehlopha se senyenyane se hōlang ka potlako sa Tootsi sea leboha hore ebe Kingdom News No. 35 e entse hore ’nete e fihle motseng oa bona o monyenyane le hore ebe Jehova o arabetse lithapelo tsa bona ka hore a ba hlohonolofatse.

Lilemong tsena tse fetileng tse mashome a mabeli ho entsoe mosebetsi oa ’Muso o ileng oa hlahisa litholoana tse ngata oa ba oa tlisa thabo e khaphatsehang ha batho ba bangata ba lipelo li ntle ba kena lenyelenyele ka mokhatlong oa Jehova. Leha ho le joalo, batho baa ba bangata ba ratang ho loka ba ne ba tla bokana hokae hore ba rapele Molimo oa ’nete ’me a ba rute?

HO HLOKAHALA LIHOLO TSA ’MUSO KA POTLAKO!

Mohaho oa pele oo ho neng ho tšoareloa liboka ho oona o ile oa hahoa motseng oa Räpina, o Estonia boroa, ’me barab’abo rōna ba ile ba kopanela ho oona ka lilemo tse ngata. Empa ho ne ho hlakile hore barab’abo rōna ba Estonia ba ke ke ba khona ho haha mehaho ea borapeli e lekanang bahoeletsi ba eketsehang ka potlako. Ofisi ea Boenjiniere ea lekala la Finland e ile ea phallela linaha tsa Baltic ka ho li etsetsa meralo ea Liholo Tsa ’Muso le ea liofisi. Barab’abo rōna ba ile ba nyakalla haholo ka 1993, ha ba bona Holo ea ’Muso ea pele e phethiloe motseng oa Maardu, ’me ka mor’a moo, tse ling tse ngata tsa hahoa lenyelenyele.

Hona joale, Estonia ho na le Liholo Tsa ’Muso tse 33 tseo ho tsona ho kopanelang liphutheho tse 53. Barab’abo rōna ba thabela hore ebe ba boetse ba na le Liholo Tsa Kopano tse peli, e ’ngoe e motseng oa Tallinn ha e ’ngoe e le motseng oa Tartu ’me ka bobeli li hahiloe ka 1998.

Paki e ’ngoe ea khale, e leng Alexandra Olesyuk, o re: “Re ne re lakatsa eka re ka ba le Holo ea ’Muso motseng oa Tartu. Kahoo eitse ha re kōptjoa ho ea hleka setša seo Holo ea ’Muso e neng e tla hahuoa ho sona, ke ile ka fihla pele ho bohle le hoja ke ne ke le lilemo li 79! Ke ile ka hloekisa ka ba ka hleka. Kamehla ha ke ne ke feta Holong ea ’Muso ke palame bese, ke ne ke lla ke thabo. Ke ile ka ba ka lla ha holo eo e phethoa.”

OFISI E NCHA EA PHETOLELO

Ha lenane la bahoeletsi le ntse le eketseha ka sekhahla, ho ile ha hlokahala mehaho e meholoanyane e le hore barab’abo rōna ba be le lintho tseo ba li hlokang, haholo-holo tse hlokoang ke bafetoleli. Motseng oa Tallinn, 77 Herzeni Street (eo hona joale e leng Puhangu Street), barab’abo rōna ba ile ba fumana mohaho o neng o e-s’o ka o fela o neng o bonahala o loketse litlhoko tsa bona. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore o ntlafatsoe.

Lekala la Finland le ile la romela lipolane tsa mehaho, thepa, chelete le basebetsi ba tla phetha mosebetsi oo. Ha e ne e se ka lekala lena, mosebetsi oo o ne o ke ke oa khoneha. Ka mohlala, ha motho a ne a batla thepa ea mohaho sebakeng seo o ne a fumana ea boleng bo tlaase, kapa a sa fumane letho ho hang ka nako eo. Ho feta moo, qalong e ne e le barab’abo rōna ba ’maloa feela ba Estonia ba neng ba e-na le tsebo e hlokahalang ea ho haha e le hore ba etse mosebetsi. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba Estonia ba ile ba koetlisoa le ho thusoa ho fihlela ba e-na le boiphihlelo. Ka February 1994, karolo ea pele ea mehaho ea ofisi e ne e se e phethiloe. Selemong sona seo, Ho ile ha khethoa Komiti ea Naha (eo litho tsa eona e neng e le Toomas Edur, Reino Kesk le Lembit Reile) e neng e tla sebeletsa linaha tse tharo tsa Baltic tse neng li le tlas’a lekala la Finland. Kaha ho ne ho hlokahala mehaho e meng, ho ile ha eketsoa mehaho ka 1997 le ka 1999.

K’hamphani ea metsi, eo ka nako eo e neng e sebelisa mohaho o bapileng le oa rōna, e ile ea bolela hore e rata tsela eo serapa sa Bethele se raliloeng ka eona. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba thusa k’hamphani eo ho etsa moralo oa serapa sa eona, jarete, fense le mabone e le hore eona e ba fokoletse theko ea metsi. Kahoo, mohaho oa k’hamphani eo o ile oa qetella eka ke oa Bethele. Hamorao e ile ea rekisetsa barab’abo rōna mohaho oo ka theko e ntle haholo. Mohaho ona ha o itje feela, empa o sebelisoa ka tsela e loketseng hore ho rekotoe litšoantšiso tsa likopano tsa setereke le li-DVD, ho akarelletsa le li-DVD tsa puo ea matsoho. Karolo e ’ngoe ea mohaho ona o nchafalitsoeng ke ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.

LIKOPANO TSA MACHABA TALLINN

Ka sebele bara le barali babo rōna ba Estonia ba ile ba nyakalla ha ba bolelloa hore Likopano Tsa Machaba tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” li tla tšoareloa Estonia ka 1996. Ho ile ha tšoaroa likopano tse peli Tallinn, e leng ea barab’abo rōna ba buang Seestonia le ea ba buang Serussia, ’me ho ne ho bile ho e-na le ba tsoang Latvia le Lithuania. Ho ne ho boetse ho menngoe barab’abo rōna ba linaha tse ling tse 15. Likopano tseo tse peli tse ileng tsa tšoaroa ka matsatsi a mararo li ile tsa tšoaroa ka August. Barab’abo rōna ba bahlano ba Sehlopha se Busang, e leng Barber, Henschel, Jaracz, Schroeder le Sydlik, ba ne ba le teng kopanong eo ’me ba matlafatsa barab’abo rōna ka lipuo tse khothatsang. Tlhōrō ea ba bileng teng likopanong tseo e bile 11 311 ’me ha kolobetsoa ba 501 ba neng ba sa tsoa inehela.

Likopanong tseo ho ile ha fanoa ka bopaki bo babatsehang ’me li ile tsa phatlalatsoa haholo. Litlaleho li ne li akarelletsa puisano e ileng ea nka metsotso e leshome lenaneong la TV. Mong’a seteishene se itseng sa seea-le-moea o ile a hasa lenaneo le tlotlang Lipaki ka hore ke “batho ba lokileng.”

Lerato le mofuthu la bara ba motho le ne le bonahala ka ho hlaka bofelong ba kopano ka ’ngoe ha barab’abo rōna ba se ba fonanisana. Ho ne ho totobetse hore barapeli ba Jehova ba ’nete ba ratana ho tloha pelong ha ba phahamisetsana matsoho, ba tsoka lisakatuku ba bile ba ntša meokho ea thabo. Ka mor’a thapelo e phethang, bamameli bohle ba ile ba opa liatla ka nako e telele ho bontša hore ruri ba leboha Jehova, Ntate oa rōna ea leholimong ea seatla se bulehileng le ea lerato ka ho fetisisa. Likopano tseo e sa ntse e le liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa paleng ea Lipaki Tsa Jehova tsa Estonia.

E BOETSE E BA LE LEKALA

Pakeng tsa 1926 le 1940, ho ne ho e-na le ofisi Tallinn. Ka mor’a moo, Ofisi ea Naha e Estonia e ile ea qala ho sebetsa ka 1994, e tataisoa ke lekala la Finland. Ho ile ha khathoa tema e khōlō ’me ba bangata ba ne ba ipotsa hore na Estonia e tla boela e e-ba le lekala le ikemetseng. Taba eo e ile ea hlaka ka la 1 March, 1999, ha Sehlopha se Busang se khetha Toomas Edur, Reino Kesk (eo hona joale a sebeletsang Democratic Republic of Congo), Lembit Reile le Tommi Kauko hore e be litho tsa Komiti ea Lekala la Estonia. Hona joale ho na le batho ba ka bang 50 ba sebeletsang lekaleng, ’me ba hlokomela bahlanka ba Jehova ba Estonia ba 4 300 ba sebetsang ka thata ba bileng ba tšepahalang.

TŠEPO EA BONA EA KHANYA

Ho tla etsahala’ng ka batho ba Jehova ba Estonia nakong e tlang? Le ka mohla, Jehova ha aa ka a sitoa ho tataisa bahlanka ba hae ba tšepahalang le ho ba matlafatsa. Ka sebele bara le barali babo rōna ba Estonia ba ileng ba lula ba tšepahala nakong ea mahloriso a Manazi le a Masoviet ba bone ha matla a Jehova a sebetsa ka litsela tse ikhethang le tseo ba ke keng ba li lebala. Bona hammoho le bara le barali babo bona lefatšeng ka bophara, ba thabela hore ebe lebitso le leholo la Jehova le phatlalalitsoe le ho halaletsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lirephabliki tsa Soviet Union ea mehleng.—Mal. 1:11.

Ho ntse ho le joalo, ho sa na le batho ba bangata ba ikokobelitseng le ba lipelo li ntle ba Estonia ba batlang ho ithuta ka Molimo oa ’nete. Tokoloho ea bolumeli e teng hona joale e lokolla Lipaki Tsa Jehova hore li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ho feta leha e le neng pele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Pale ea bophelo ba hae e hlaha Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa June 15, 1963, leqepheng la 373-376.

b Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002, leqepheng la 157 e hlalosa hore na batho ba ne ba fuoa likahlolo tsa mofuta ofe le hore na maemo a ne a le joang lichankaneng le likampong.

c Tsoha! ea Senyesemane ea February 22, 1986, e hlalosa kamoo Mor’abo rōna Edur a ileng a tlohela ho ba sebapali sa hockey kateng le hore na ke hobane’ng ha a ile a etsa qeto eo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 172]

“Ha ho mohla ke ileng ka hloka letho leo e hlileng e leng la bohlokoa”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 204]

“Ho ne ho le molemo ha ke koaletsoe ke le mong”

[Lebokose le leqepheng la 168]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Estonia

Naha

Estonia ke naha e ntle e sa senngoang ke mesebetsi ea tsoelo-pele, baahi ba eona ba lula libakeng tse qalikaneng, ’me e ikhetha ka meru e teteaneng ea lifate tse telele, matša a fetang 1 400, linōka le linōkana tse ka bang 7 000 le mekhoabo eo batho ba ke keng ba lula ho eona. Karolo e nyenyane haholo ea Estonia ke lihlekehleke tse fetang 1 500. Karolo e khōlō ea naha ena e bataletse ’me e phahametse leoatle ka limithara tse ka tlaase ho 50. Ka boroa-bochabela ho hotle ebile ho na le maralla.

Batho

Liphesente tse 68 tsa baahi ke Maestonia, tse 26 ke Marussia ’me boholo ba karolo e setseng ke Maukraine, Mabelaruse le Mafinnishe. Ho na le likereke tse latelang, ea Lutere, ea Orthodox le tse ling tseo ho thoeng ke tsa Bakreste, hammoho le Mamosleme le Bajuda. Baahi ba bangata hase balumeli ’me ba bang bona ke balumeli empa ha hoa hlaka hore na ke ba bolumeli bofe.

Puo

Puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao, e leng Seestonia, e tšoana haholo le Sefinnishe le Sehungary. Baahi ba Estonia ba ka holimo ho kotara ba bua Serussia.

Lijo

Batho ba rata leib (bohobe bo botšo) le litapole, joalokaha ba rata mokopu o bolokiloeng ka asene, salate ea beterute le k’habeche e bolila. Lijo tse ling tse khethehileng ke sült (nama ea namane e tšetsoeng jelly), rosolje (tlhapi e bitsoang herring le beterute), sopho e entsoeng ka mushroom ea naha, nama ea kolobe, tlhapi le nama e natefisitsoeng ka mosi. Lijo tse tsoekere tse theolelang li akarelletsa kringel—e leng bohobe bo lohiloeng bo nōkiloeng ka tsoekere bo kenngoang morara le matokomane—le li-pancake.

Boemo ba mohatsela le mocheso

Lehlabula ho pholile, ’me mariha ha ho bate hakaalo. Letsatsing le lelelele ka ho fetisisa la hlabula ho ba le khanya ka lihora tse fetang 19, ’me le lekhutšoanyane ka ho fetisisa la mariha ho ba le khanya ka lihora tse 6 feela. Le hoja lebōpong le ka boroa-bophirimela ho futhumala hamonate lehlabula, ka linako tse ling mariha, serame se fihla ka tlas’a ntlha ea khoamo ka likhato tse 20 tsa Celsius.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 183, 184]

“E ne Eka re Bana ba Motho”

ADOLF KOSE

O HLAHILE KA 1920

O KOLOBELITSOE KA 1944

O HLOKAHETSE KA 2004

PALE EA BOPHELO BA HAE O bile kampong ea chankana Siberia ho tloha ka 1951 ho fihlela ka 1956. O ile a thusa ho hlophisa mosebetsi oa boboleli linaheng tsa Baltic le karolong e ka leboea-bophirimela ea Soviet Union.

◼ ADOLF o re: “Ke ile ka tšoaroa ka 1950 eaba ke romeloa kampong ea mosebetsi o boima motseng oa Inta, Siberia. Ke ile ka qeta selemo sa pele le halofo ke sa tsebe letho ka mosali oa ka le barali ba ka ba banyenyane ba babeli, ba neng ba isitsoe botlamuoeng karolong e ’ngoe ea Siberia.

“Barab’abo rōna ba ne ba momahane ka tsela e khethehileng. E ne eka re bana ba motho. Re ne re ja lijo tsa moea le tsa nama hammoho.

“Ka mor’a hore re khutlele Estonia, re ile ra tobana le mathata a mangata. Re ipotsa lipotso tse kang: Ebe re tla buisana joang le ’Mè oa rōna, e leng mokhatlo oa Jehova? Re tla etsa joang hore barab’abo rōna ba momahane? Mosebetsi oa boboleli oona re tla o ntšetsa pele joang?

“Ke ne ke batla ho ithuta Sefinnishe e le hore ke khone ho buisana le ba tsamaisang melaetsa. Empa ho ne ho se bonolo joalokaha ke ne ke nahana hobane mabenkeleng a libuka ho ne ho se na libuka tsa sebōpeho-puo kapa lidikishinari tsa Sefinnishe.

“Tabeng ea khatiso, e ne e le tlōlo ea molao ho ba le mochine o thaepang o sa ngolisoang ka molao, re se re sa re letho ka thepa e hatisang. Mang kapa mang ea neng a hatisa lingoliloeng tse thibetsoeng, o ne a ka ahloleloa lilemo tse supileng chankaneng. Ho ne ho boetse ho le thata hobane re ne re sokola ho fumana thepa eo re e hlokang ea khatiso. Ka mor’a ho leka hona le hoane ke sebelisa thepa e teng, ke ile ka atleha ho qapa mokhoa oa ho hatisa. Ke ile ka qala ka ho etsa mochine oa khatiso (o ka tlaase mona). Ke ne ke thaepela leseleng le tlotsitsoeng ka wax leo re neng re iketsetsa lona. Ha ke thaepa, litlhaku tsa thaeporaethara li ne li siea masoba leseleng. Lingoliloeng tsa pele re ne re li hatisa ka enke e entsoeng ka mosili le sekontiri. Ha re hatisa, enke ena ea maiketsetso e ne e feta le masobeng ao ebe e siea mongolo pampiring e ka tlas’a lesela leo. Mosebetsi ona o ne o le thata, o ja nako o bile o le kotsi hobane monko oa enke ena le lik’hemik’hale tse ling, o ne o ka kulisa motho. Ho ne ho lula ho bipetsane kaha lifensetere li ne li koaheloa ka thata hore mosebetsi o etsoe ka lenyele.”

Le har’a mathata, Adolf o ne a latela litaelo tsa mokhatlo a sa tšabe, kamehla a kholisehile hore Jehova o tla fana ka likarabo ka nako e nepahetseng. O ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi le ka tumelo e sa thekeseleng ho fihlela a hlokahala ka 2004.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 186]

Lengolo le Eang ho Stalin

Ka June, 1949, barab’abo rōna ba ikarabellang ba Estonia ba ile ba iteta sebete ’me ba ngolla ba boholong Moscow. Lengolo le leng le ile la romeloa ho Joseph Stalin, ’me le leng ho Nikolay Shvernik, Molula-setulo oa Komiti ea Phethahatso ea Lekhotla la Ketsa-melao la Soviet Union.

Mangolong ana, barab’abo rōna ba ne ba laela hore Lipaki Tsa Jehova tse tšoeroeng li lokolloe hang-hang le hore li se ke tsa hlola li hlorisoa. Mangolo ana a ne a boetse a e-na le temoso e matla, e tšoanang le e ileng ea etsetsoa Faro oa boholo-holo oa Egepeta ea ileng a hanela Baiseraele ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. (Ex. 5:1-4) Ka sebete barab’abo rōna ba ile ba re: “Mokhatlo oa Jehova Molimo . . . o lokela ho lumelloa hore o bolelle baahi bohle ba Soviet Union litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ntle ho tšitiso; ho seng joalo, Jehova o tla felisa Soviet Union le Mokha oa Makomonisi.”

Adolf Kose o re: “Re ile ra hlokomela hore re qala noha mokoting. Re ne re sa batle ho ipeha kotsing ka hore re pose mangolo ao motseng oa Tallinn, kaha ho ne ho tla fumanoa hore a tsoa ho rōna. Kahoo, re ile ra ea a posa Leningrad (St. Petersburg).”

Ha ho tsebahale hore na ebe Stalin o ile a bala lengolo leo ka boeena kapa che, empa ha ho potang hore o ile a nka bohato ka lona. Nakong eo barab’abo rōna ba neng ba hlongoa lipotso, ba ne ba bontšoa kopi ea lengolo le neng le e-na le mantsoe a reng: “Mokhatlo ona [oa Lipaki Tsa Jehova] o lokela ho felisoa!” Ka mor’a nakoana palo ea barab’abo rōna ba tšoaroang e ile ea eketseha ’me ba hlorisoa le ho feta. Lengolo le neng le rometsoe ho Shvernik le fumanoe polokelong ea lingoliloeng tsa sechaba le tempiloe ka setempe sa ’muso.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 189]

KGB le Mokhatlo oa Rōna

Qetellong ea bo-1940, mapolesa a sekhukhu a ile a ikitlaelletsa ho fumana hore na mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o hlophisitsoe joang. Batho ba bang ba ile ba sella KGB [Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union] litaba ka hore ba iketse eka ba rata ’nete. Chate e ka tlaase mona, e fumanoeng polokelong ea lingoliloeng tsa ’muso e motseng oa Tallinn, e bontša hore KGB e ne e tseba litaba ka botlalo. E na le mabitso a barab’abo rōna bao e neng e le litho tsa Komiti ea Tšebeletso, a barab’abo rōna ba neng ba tsamaisa mosebetsi metseng e meholo ea Estonia le ba neng ba ameha mosebetsing oa khatiso.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 191]

Bahanyetsi ha Baa ka ba mo Koala Molomo

ELLA TOOM

O HLAHILE KA 1926

O KOLOBELITSOE KA 1946

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a ahloleloa ho hlola chankaneng ka lilemo tse 13 empa a lokolloa ka mor’a lilemo tse 5 le likhoeli tse 6.

◼ ELLA o re: “Ba boholong ba ile ba nkoalla ke le mong ka matsatsi a mararo ka morero oa hore ke koenehele tumelo ea ka ’me ke se ke ka hlola ke bua le mang kapa mang ka puso ea Molimo le hore ke se ke ka hlola ke lumela ho eona. Ba ile ba tleroha ba re: ‘Re tla etsa hore le lona lebitso la Jehova le se ke la hlola le hopoloa Estonia! Uena u ea kampong, ’me ba bang ba ea Siberia!’ Ba ile ba soma ’me ba phaella ka ho re: ‘O kae eena Jehova eo oa hao?’ Ke ile ka hana ho ba lehlabaphio. Ho molemo ho ba kampong le Molimo ho e-na le ho ba lapeng u furaletsoe ke Molimo. Esita leha ke le kampong ea chankana, ke ne ke sa nke hore ke litlamong. Kamehla ke ne ke nka hore Jehova o lumeletse hore ke isoe moo e le hore ke e’o bolela litaba tse molemo tšimong ea ka e ncha.

“Kampong e ’ngoe ke ne ke otlolla maoto letsatsi le leng le le leng le motho e mong ea thabelang litaba tse molemo. Joale, ka letsatsi le leng re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra ea. Hamorao ke ile ka utloela hore letsatsing leo, batho ba bang ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ba ne ba rerile ho ea ntahlela ka nōkeng hore ke khangoe ke metsi ka lebaka la mosebetsi oa ka oa ho bolela litaba tse molemo.” Ha ho mohla bahanyetsi ba kileng ba koala Ella molomo ’me o sa ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi e le pula-maliboho oa kamehla.d

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

d Pale ea bophelo ba Ella Toom e tlalehiloe Tsoheng! ea April 2006, leqepheng la 20-24.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 193, 194]

“Jehova, Thato ea Hao e ke e Etsahale”

LEMBIT TOOM

O HLAHILE KA 1924

O KOLOBELITSOE KA 1944

PALE EA BOPHELO BA HAE O bile Estonia nakong eo ho neng ho laola sesole sa Jeremane ’me a ba kampong ea mosebetsi o boima Siberia ho tloha ka 1951 ho fihlela ka 1956.

◼ LEMBIT ke e mong oa bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba ileng ba hana ho kenngoa sesoleng sa Jeremane eaba ba tlameha ho ipata. Bosiung bo bong mapolesa a ile a hlasela ntlo eo Lembit a lulang ho eona. A ne a utloile menyenyetsi ea hore ho na le monna ea belaetsang ea ipatileng polasing eo. Lembit o ile a potlakela ho pata bethe ea hae eaba o khasetsa ka tlas’a fuluru a sa qeta ho apara. O ile a utloa ha mapolesa ao a qititsa ka lirifi a hata fuluru e ka holim’a hlooho ea hae.

Lepolesa le ile la supa rapolasi ka sethunya hloohong ’me la mo kharumela la re: “Ho na le motho ea ipatileng ntlong ena. Re ka kena le hokae ha re e-ea ka tlas’a fuluru”? Rapolasi a le nyaea la koloba.

Lepolesa leo le ile la hooa la re: “Haeba motho ea ipatileng moo a sa tsoe, re tla lahlela seqhomane ka tlas’a fuluru!”

Lembit o ile a bona khanya ea toche ea ’ona ha a ntse a mo batla. Ntho feela eo Lembit a neng a ka e etsa e ne e le hore a rapele. O ile a re: “Jehova, thato ea hao e ke e etsahale.”

Lembit o re: “Ke ne ke ferekane hoo ke sitoang ho mamella eaba ke khasetsa sebakeng se seng ka tlas’a fuluru ke le mothating oa ho tsoela ka ntle.”

O ile a khoba matšoafo eaba oa paqama, ’me ka mor’a metsotso e se mekae a selebaletsoe, mapolesa ao a ile a tsamaea. Lembit o ile a lula moo a ipatile ka nako e ka etsang hora e le hore a tiise hore mapolesa ao ha a na ho khutla. Joale, pele bosiu bo sa, o ile a tloha ntlong eo ho ea batla sebaka se seng seo a ka ipatang ho sona.

Ha Masoviet a nka puso, Lembit o ile a thulana le liteko tse ling. O re: “Ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome kampong e Noril’sk, Siberia, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 8 000 ho tloha Estonia. Ke ne ke sehla ka thata morafong o ahlameng oa tšepe e bitsoang nickel. Tšotleho e ne e jele setsi kampong eo, ’me mosebetsi o le boima haholo. Karolong e ka leboea ea Soviet Union, e leng ka holim’a Arctic Circle, ho bata haholo mariha. Mohatsela o fihla likhatong tse 30 tsa Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo ’me ka linako tse ling o ba ka tlaase le ho feta. Ka likhoeli tse peli letsatsi ha le chabe mariha.”

Ka mor’a ho sebelisoa joaloka lekhoba ka lilemo tse hlano, Lembit o ile a lokolloa, ’me ka 1957 a nyala Ella Kikas. Lembit o ile a boela a qeta lilemo tse ngata a thusa mosebetsing oa ho fetolela le ho hatisa lingoliloeng. O tsejoa e le moholo ea qenehelang le ea lerato, eo kamehla a leng malala-a-laotsoe hore a matlafatse bahlanka-’moho le eena ka temana ea Bibele.e

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

e Pale ea bophelo ba Lembit Toom e hlaha Tsoheng! (ea Senyesemane) ea February 22, 1999, leqepheng la 10-16.

[Setšoantšo]

Lembit le Ella Toom

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 199]

“Ke Eena ’Mè oa Hao”

KARIN REILE

O HLAHILE KA 1950

O KOLOBELITSOE KA 1965

PALE EA BOPHELO BA HAE O hlahetse chankaneng ’me a tlosoa ho ’mè oa hae hore a e’o hōlisoa ke nkhono oa hae.

◼ KARIN o re: “Ke hlahile nakong eo ’mè oa ka, Maimu, a neng a le chankaneng ka lebaka la lipolotiki. Ke ne ke fokolloa ke bophelo ha ke sa le lesea ’me ka lebaka la serame sa sele ea chankana, ke ile ka tšoaroa ke nyumonia matšoafong a mabeli. Empa ke ile ka phela ka lebaka la motšoaruoa e mong ea bitsoang Laine Prööm, ea ileng a ithuta ’nete hamorao.

“Ka nako eo, masea a mangata a batšoaruoa a ne a isoa mahaeng a likhutsana a neng a tletse hohle Soviet Union e le hore a lebale batsoali ba ’ona. Ka lehlohonolo ke ile ka fuoa nkhono. ’Mè o ile a isoa kampong ea chankana e Mordvinia, moo a ileng a kopana le morali e mong oabo rōna ea sebete ea bitsoang Ella Toom. ’Mè o ile a amohela ’nete ’me a kolobetsoa hona moo.

“Nkhono o ile a nkhōlisa ka lilemo tse hlano. Ka letsatsi le leng ka tšohanyetso ho ile ha fihla ’mè e mong lapeng eo ke neng ke sa mo tsebe. Nkhono o ile a re, ‘Ke eena ’mè oa hao.’ Ke ile ka ferekana haholo, ’me ho ile ha nkuka lilemo hore ke amohele hore ke eena ’mè oa ka.” Ka lehlohonolo, Karin le nkhono oa hae ba ile ba amohela ’nete.

Hamorao Karin o ile a ithuta Senyesemane ’me a qala ho thusa mosebetsing oa ho fetolela lingoliloeng tsa rōna. O ile a nyaloa ke Lembit Reile, ’me hona joale ba sebeletsa hammoho ofising ea lekala ea Estonia.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 201]

Lebitso la Molimo Bibeleng ea Seestonia

Mangolo a Segerike a ile a fetoleloa ka Seestonia sa ka boroa hoo e ka bang khale koana ka 1686 ’me a fetoleloa ka sa leboea ka 1715. Ho ne ho le bonolo hore batho ba maemo a tlaase ba fumane Piibli Ramat, e leng Bibele e feletseng, e hatisitsoeng ka 1739. E ne e ikhetha ka hore e na le lebitso la Molimo, Jehova, hohle moo le hlahang teng ka Mangolong a Seheberu, ’me lebitso lena le ile la tsoela pele ho sebelisoa lilemong tse makholo tse latelang. Khatisong ea 1988 ea Bibele ea Seestonia, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 6 867 Mangolong a Seheberu. Ka lebaka leo, Maestonia a mangata aa tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova.

Ho ile ha etsahala ntho ea bohlokoa ka la 3 July, 2009, kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova, e neng e tšoaretsoe Tartu, Estonia, ha Guy Pierce, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, a lokolla khatiso ea Seestonia ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 202]

Libuka Tse Ngotsoeng ka Letsoho

HELMI LEEK

O HLAHILE KA 1908

O KOLOBELITSOE KA 1945

O HLOKAHETSE KA 1998

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a kenngoa chankaneng ’me a romeloa Siberia.

◼ HELMI o ile a tšoaroa hobane e le Paki ea Jehova, ’me a romeloa Siberia moo a ileng a iketsetsa mokotlana o monyenyane oa ho kenya buka ea hae ea ho ngolla lintlha. O ile a o khabisa ka ho rokella mantsoe a lengolo le tšelisang la Baroma 8:35 le reng: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste? Na e tla ba matšoenyeho kapa mahlomola kapa mahloriso kapa tlala kapa tlhobolo kapa kotsi kapa sabole?”

Helmi o ile a fumana likhechana tsa pampiri e sootho eaba o etsa buka ka tsona. Bukeng eo o ne a ngola lintlha tsa Bibele tse khothatsang. Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba kopitsa libuka ka letsoho, kaha ho ne ho se na lingoliloeng tse ngata tse hatisitsoeng.

Ka mor’a hore Helmi a khutle Siberia, o ile a re ho ba boholong: “Kea le leboha hore ebe le ile la nkisa Siberia hore ke e’o bona lithaba tsa eona tse ntle—ke ne nke ke ka ba le chelete ea hore ke etele hōle hakaalo!”

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 209, 210]

O Ile a Itela

FANNY HIETALA

O HLAHILE KA 1900

O KOLOBELITSOE KA 1925

O HLOKAHETSE KA 1995

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a fallela Estonia ka 1930, ’me ea e-ba pula-maliboho a ba a ikhōlisetsa ngoana oa Paki eo e neng e le khutsana.

◼ FANNY o ile a kolobetsoa Finland ka 1925 ’me ka mor’a lilemo tse peli a qalisa tšebeletso ea nako e tletseng. Kopanong e ’ngoe ea Helsinki o ile a kopana le William Dey eo e neng e le molebeli Ofising ea Europe Leboea. Le hoja ba ne ba bua lipuo tse sa tšoaneng, Mor’abo rōna Dey o ile a pheta-pheta lentsoe “Estonia.” Fanny o ile a etsa qeto ea hore o mo khothalletsa hore a fallele moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng, ’me eena le bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba fallela Estonia ka 1930. Lilemong tse latelang, o ile a sebelisa baesekele ea hae haholo hore a bolele litaba tse molemo liprofinseng tse ngata tsa Estonia, ho akarelletsa le sehlekehlekeng sa Sarema.

Fanny ha aa ka a nyaloa, empa o ile a ikhōlisetsa ngoanana oa khutsana ea bitsoang Ester, eo ’mè oa hae le ntate oa hae oa Paki ba ileng ba hlokahala ha a le lilemo li robeli. Fanny o ile a hlokomela Ester ka lerato hoo e ileng ea e-ba Paki ha a hōla.

Fanny a ka be a ile a khutlela Finland ha mahloriso a tlileng le puso e ncha ea Makomonisi a qala. Empa o ile a itella ho lula le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba moo. Kaha o ile a etsa qeto ea ho lula, o ile a mamella mathata a mangata le bofutsana, empa kaha e ne e le moahi oa Finland, ha aa ka a romeloa Siberia.

Ka bo-1950 mosebetsi oa Fanny e ne e le ho tsamaisa lifilimi tse nyenyane le mangolo a tsoang Finland a eang Estonia. O ne a tsejoa ka hore o sebete ebile o masene, ’me le hoja ho ne ho e-ba le maemo a thata haholo, ha ho mohla a ileng a tšoaroa. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o ile a ea Leningrad (St. Petersburg) e le hore a ee serapeng se itseng sa boikhathollo ho ea nka sephutheloana sa lifilimi tse nyenyane ho mor’abo rōna oa Mofinnishe. Eena o ne a lokela ho se fetisetsa ka potlako kamoo a ka khonang ho barab’abo rōna ba babeli ba Maestonia. Leha ho le joalo, bara bao babo rōna ba ne ba hlokometse hore ba setsoe morao ke mapolesa a sekhukhu ’me ba leka ho iphapanya e le hore Fanny a se ke a ba bona. Empa Fanny le mor’abo rōna oa Mofinnishe ba ne ba tla etsa joang hobane ba ne ba tobane le bara bao babo rōna ba Maestonia? Hoja feela a ba lumelisa kapa a leka ho ba fa sephutheloana seo, mapolesa a sekhukhu a ne a tla bona hore baa tsebana. Hoa hlolla hore ebe Fanny o ile a ba feta joalokaha eka ha a ba tsebe. Ha e le hantle, hamorao ho ile ha fumaneha hore o ne a sa ba bone, le hoja a ne a ba tseba hantle ka bobeli! Ka lebaka leo, mapolesa a sekhukhu ha aa ka a tseba hore na ke bo-mang ba tsamaisang lingoliloeng le mangolo, ’me sephutheloana seo se ile sa fihla se le joalo moo se neng se lokela ho ea teng. Fanny o ile a thusa hore ho se be le mohla lijo tsa moea li haellang, ’me ka lehlohonolo ha ho mohla mapolesa a sekhukhu a ileng a fumana liphutheloana tsa lifilimi tse nyenyane.

Morali enoa oabo rōna ea ratang batho o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 70 ho fihlela ha a hlokahala a le lilemo li 95, a ntse a lula Estonia.

[Setšoantšo]

O mosebetsing oa ho tsamaisa lingoliloeng le mangolo Leningrad ka 1966

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 213]

Lia Etselletsoa

Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka.” (Mat. 5:11) Feela joalokaha Monghali oa tsona a boletse, Lipaki Tsa Jehova li atisa ho etselletsoa ka lonya. Lipaki li ile tsa qosoa ka leshano ha thoe ke mokhatlo oa lipolotiki o keneletseng liketsong tsa ho ketola ’muso le hore ke limpimpi. Ho tloha qetellong ea lilemo tsa bo-1950 le mathoasong a lilemo tsa bo-1960, likoranta li ile tsa bua haholo ka hore mosebetsi oa rōna o etelletsoe pele ke ’muso oa United States le hore re sebelisoa hampe ke barui ba Amerika.

Ka mor’a hore Silver Silliksaar a hane tšebeletso ea sesole ka 1964, o ile a qosoa ka hore ke lehlabaphio ’me a koalloa chankaneng. Ho feta moo, libakeng tsohle tseo ho bontšoang lifilimi ho tsona Estonia, ho ile ha bapaloa filimi e khutšoanyane e mabapi le nyeoe ea hae ’me filimi ena e ne e tletse mashano a nyefolang a Makomonisi. Barab’abo rōna ba bangata ba neng ba hana tšebeletso ea sesole ba ne ba koalloa chankaneng ka lilemo tse peli ho isa ho tse tharo. Jüri Schönberg, Taavi Kuusk le Artur Mikit ba ile ba koalloa chankaneng ka makhetlo a mabeli, ’me makhetlong ana a mabeli, Mor’abo rōna Mikit o ile a koalloa ka lilemo tse hlano le halofo.

[Setšoantšo]

Silver Silliksaar o ka lekhotleng o qoselitsoe tumelo ea hae

[Lebokose le leqepheng la 226]

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se Tšoaroang ka Sekhukhu

Nakong ea thibelo, barab’abo rōna ba ne ba sa tiiseha hore na ho tla nka nako e kae ba ntse ba e-na le lingoliloeng kapa eona Bibele. Ka lebaka leo, le hoja ba ne ba e-na le libaka tse sa tšoaneng tseo ba patang lingoliloeng ho tsona, ba ne ba boetse ba leka ho tšoara ka hlooho litemana tse ngata tsa Bibele kamoo ba ka khonang.

Hangata ha ba ne ba e-na le ’moka ba ne ba buisana ka litemana tsa Bibele le ho li tšoara ka hlooho. Ba bang ha ba e-ea ’mokeng, ba ne ba etsa likarete tse nyenyane tse neng li ba thusa ho hopola litemana tsa Bibele. Ka lehlakoreng le leng la karete ba ne ba ngola khaolo le temana ea Bibele, e kang Matheu 24:14 empa ba sa e qotse, kapa potso kapa lebitso le leng le hlahang ka Bibeleng. Ebe ka ho le leng, ba ngola mantsoe a lengolo leo kapa karabo ea potso eo.

Barab’abo rōna ba ne ba sebelisa lingoliloeng life kapa life tse thehiloeng Bibeleng tseo ba nang le tsona ha ba tšoara liboka. Ka mohlala, Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho ne ho e-ba le litlelase tse tšoaroang beke le beke, barab’abo rōna ba fuoa mosebetsi o etsetsoang hae, ho e-ba le litlhahlobo tse sa ngoloeng esita le tse ngoloang. Ho ne ho e-ba le litlhahlobo ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo ’me tlhahlobo ea makhaola-khang e e-ba nakong ea selemo.

Seithuti se seng se re: “Mosebetsi o mong oo re neng re o etsetsa hae beke le beke e ne e le ho tšoara mangolo a mahlano a Bibele ka hlooho, ao re neng re lokela ho a pheta re sa a sheba tlelaseng e latelang. Ke hopola tlhahlobo ea makhaola-khang ea 1988. Ho ne ho e-na le karete ea tlhahlobo e neng e e-na le taelo e reng: ‘Pheta litemana tse 100 ka hlooho.’ Le hoja ho ka bonahala e le ntho e makatsang, e mong le e mong o ne a batla karete eo. Mosebetsi oo o ile oa re thusa haholo ha re bolela litaba tse molemo, kaha e ne e le ka seoelo re sebelisang Bibele phatlalatsa.” Ka 1990, liphutheho tsa Estonia li ile tsa thaba hore ebe li ile tsa qetella li khona ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka tsela eo barab’abo rōna lefatšeng lohle ba se tšoarang ka eona.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 236, 237]

‘Tšebeletso ea Tšimo e ne e le Monate’

Ha baromuoa ba bang ba ntša maikutlo a bona ka kabelo ea ho sebeletsa Estonia ba re:

Markku le Sirpa Kettula: “Tšimo eo re neng re e fuoe, ho ne ho tšoana leha e e-s’o sebetsoe. Ho ne ho le monate tšimong hobane batho ba ne ba rata Bibele haholo. Ha re fihla Pärnu, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 30. Hona joale ho na le liphutheho tse tharo.”

Vesa le Leena-Maria Edvik: “Mabenkele a ne a omme. Kahoo ho e-na le hore batho ba ee mabenkeleng, ba ne ba e-na le nako ea ho qoqa ka Bibele. Ha re le mosebetsing oa seterateng, hangata batho ba ne ba folla lingoliloeng!”

Esa le Jaael Nissinen: “Ho na le lintho tse ngata tseo u ka ithutang tsona ho batho ba bang. Re bile le tlotla ea ho tseba ba bangata ba ileng ba lula ba tšepahala le har’a liteko tse matla ka ho fetisisa.”

Anne le Ilkka Leinonen: “Letsatsi le letsatsi, beke le beke le masimong ka ho fapana, re ne re kopana le batho bao ho neng ho se mohla ba kileng ba utloa molaetsa oa Bibele. Re ne re sebetsa ho tloha hoseng haholo ho fihlela ka phirimana ’me ka sebele re thabela ho bona palo ea bahoeletsi e eketseha ka potlako. Ho ne ho se bonolo ho lumela hore qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo re tla ba le monyetla oa ho bona keketseho e kaalo. Ha ho mohla re tla ke re lebale nako eo.”

Richard le Rachel Irgens: “Batho ba ne ba re amohela ka mofuthu ’me tšebeletso ea tšimo e le monate. Re ne re bolela litaba tse molemo metsaneng e sikileng le Letša la Peipus. Ho ne ho se mohla re nkang lijo, kaha batho ba ne ba re amohela ba bile ba re ngoathela. Re ile ra bona hore litaelo tsa Jesu tse ho Matheu 10:9, 10 li ka sebetsa le mehleng ea rōna. Ha re le Estonia re ile ra ithuta hore ho molemo re tsepamise maikutlo linthong tsa bohlokoa le hore re se ke ra sitisoa ke lintho tse sa reng letho.”

[Litšoantšo]

Markku le Sirpa Kettula

Vesa le Leena-Maria Edvik

Anne le Ilkka Leinonen

Esa le Jaael Nissinen

Richard le Rachel Irgens

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 244, 245]

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Estonia

1920

1923 Martin Kose o khutlela Estonia ho ea bolela litaba tse molemo.

1926 Ho buloa ofisi ea lekala Tallinn.

Barekisi ba libuka baa fihla e le hore ba thuse mosebetsing oa boboleli.

1928 Kopano ea pele e tšoareloa ofising ea lekala.

1930

1933 Watch Tower Bible and Tract Society e ngolisoa ka molao.

1940

1940 Barab’abo rōna ba Estonia ba tšoara kopano ea ho qetela ka bolokolohi ho fihlela ho fetile lilemo tse 50.

1948 Lipaki tse ling li kenngoa lichankaneng le likampong tsa chankana Soviet Union.

1949 Lipaki li ngola mangolo a ho ipelaetsa ho Stalin..

1950

1951 Lipaki tse ka bang 300 le beng ka tsona ba bangata li isoa botlamuoeng Siberia.

1953 Stalin oa shoa; Lipaki li qala ho lokolloa.

1960

1970

1972 Ho thehoa phutheho ea pele ea Serussia.

1980

1990

1991 Ho buloa ofisi ea phetolelo Tartu.

Lipaki Tsa Jehova li lumelloa ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi.

Kopano ea pele Soviet Union e tšoareloa Tallinn.

1992 Baromuoa ba pele ba Gileade baa fihla.

1993 Ho hahoa Holo ea ’Muso ea pele Estonia.

1994 Ho buloa ofisi ea phetolelo Tallinn.

1998 Ho hahoa Liholo Tsa Kopano Tallinn le Tartu.

1999 Estonia e boela e e-ba lekala.

2000

2000 Ho tšoaroa tlelase ea pele ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.

2009 Ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seestonia.

2010

[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 246]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

4,000

2,000

1990 2000 2010

[Limmapa tse leqepheng la 169]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

FINLAND

HELSINKI

Kou ea Finland

RUSSIA

St. Petersburg

LATVIA

RIGA

ESTONIA

TALLINN

Narva

Maardu

Tapa

Vormsi

Pärnu

Letša la Võrtsjärv

Tartu

Räpina

Võru

Hiiumaa

Sarema

Kou ea Riga

Letša la Peipus

Letša la Pskov

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 162]

[Setšoantšo se leqepheng la 165]

Hugo le Martin Kose

[Setšoantšo se leqepheng la 166]

Albert West

[Setšoantšo se leqepheng la 167]

Alexander le Hilda Brydson, ka bo-1930

[[Setšoantšo se leqepheng la 167]

Ofisi ea lekala ea pele e ne e le mohahong ona

[Setšoantšo se leqepheng la 170]

Bo-pula-maliboho ba pele ba neng ba tsoa Finland, e leng Jenny Felt le Irja Mäkelä

[Setšoantšo se leqepheng la 174]

Ka 1932 lekala le ile la fallela 72 Suur Tartu Road, Tallinn

[Setšoantšo se leqepheng la 175]

Kaarlo Harteva o fana ka puo seea-le-moeeng

[Litšoantšo tse leqepheng la 177]

John North le ‘koloi’ ea hae

[Setšoantšo se leqepheng la 178]

Nikolai Tuiman

[Setšoantšo se leqepheng la 179]

Mapolesa a ile a nka lingoliloeng tse ngata

[Setšoantšo se leqepheng la 181]

1940: Kopano ea ho qetela e ileng ea tšoaroa ka bolokolohi pele ho puso ea Soviet Union

[Litšoantšo tse leqepheng la 188]

Litho tsa Komiti ea Tšebeletso e ne e le Mor’abo rōna Kruus, Talberg, Indus le Toom

[Setšoantšo se leqepheng la 200]

Maimu le Lembit Trell, ka 1957

[Setšoantšo se leqepheng la 212]

Ene le ausi oa hae, Corinna

[Setšoantšo se leqepheng la 218]

Lechato la Heimar le Elvi Tuiman—kopano ea matsatsi a mabeli

[Setšoantšo se leqepheng la 227]

Toomas le Elizabeth Edur

[Litšoantšo tse maqepheng a 228, 229]

Likopano Tse sa Lebaleheng

Ho amoheloa batho ba tlileng Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng,” Helsinki, Finland ka 1990

Kopano ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho,” Tallinn, Estonia ka 1991

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Kopano ea machaba St. Petersburg, Russia ka 1992

[Setšoantšo se leqepheng la 241]

Lauri le Jelena Nordling

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Reino le Lesli Kesk

[Setšoantšo se leqepheng la 247]

Yuri le Viktor

[Litšoantšo tse leqepheng la 251]

Holo ea ’Muso ea Maardu le Holo ea Kopano ea Tartu

[Litšoantšo tse leqepheng la 254]

Lekala la Estonia

Litho tsa Komiti ea Lekala, ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: Tommi Kauko, Toomas Edur le Lembit Reile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela