Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 16 maq. 124-132
  • “Tšelela Macedonia”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tšelela Macedonia”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Molimo o re Laetse” (Liketso 16:6-15)
  • “Letšoele la ba Halefela” (Liketso 16:16-24)
  • “Ba Kolobetsoa Hang-hang” (Liketso 16:25-34)
  • “Joale ba se ba Batla ho re Lokolla ka Lenyele?” (Liketso 16:35-40)
  • Lydia—Morapeli oa Molimo ea Amohelang Baeti ka Mofuthu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Silase—Mohloli oa Khothatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 16 maq. 124-132

KHAOLO EA 16

“Tšelela Macedonia”

Ho amohela kabelo le ho mamella mahloriso ka thabo ho tlisa mahlohonolo

E Thehiloe ho Liketso 16:6-40

1-3. (a) Moea o halalelang o ile oa tataisa Pauluse le bo-mphato ba hae joang? (b) Re tla tšohla liketsahalo life?

SEHLOPHA sa basali se tloha motseng oa Filipi, Macedonia. Ba e-s’o ee kae, ba fihla nokeng e mochophoro ea Gangites. Joalokaha ba tloaetse, ba lula lebopong la noka ’me ba rapela Molimo oa Iseraele. Jehova oa ba bona.—2 Likron. 16:9; Pes. 65:2.

2 Ka nako e tšoanang, sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse fetang 800 ka bochabela ho Filipi, sehlopha sa banna se tloha motseng oa Listra o karolong e ka boroa ea Galatia. Ka mor’a matsatsi a seng makae, ba fihla tseleng e kholo e ntle ea Roma e lebang karolong e ka bophirimela ea setereke sa Asia moo ho nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa. Banna bao e leng Pauluse, Silase le Timothea ba labalabela ho tsamaea ka tsela eo e le hore ba ka etela Efese le metseng e meng, moo ho nang le batho ba likete bao ho hlokahalang hore ba bolelloe ka Kreste. Leha ho le joalo, le pele ba ka kena tseleng, moea o halalelang o ba thibela ho tsoela pele ka leeto la bona ka tsela e itseng e sa boleloang ka Bibeleng. Ba thibeloa ho bolela litaba tse monate Asia. Hobane’ng? Jesu o sebelisitse moea oa Molimo ho tataisa Pauluse le bo-mphato ba hae hore ba pholletse le Asia Minor, ba tšele Leoatle la Aegean, ebe ba fetela lebopong la nokana e bitsoang Gangites.

3 Kajeno re ka ithuta lintho tsa bohlokoa tseleng eo Jesu a ileng a tataisa Pauluse le bo-mphato ba hae ka eona leetong leo le sa tloaelehang la ho ea Macedonia. Ka hona, a re hlahlobeng lintho tse itseng tse ileng tsa etsahala leetong la bobeli la Pauluse e le moromuoa, le ileng la qala hoo e ka bang ka 49 C.E.

“Molimo o re Laetse” (Liketso 16:6-15)

4, 5. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse le bo-mphato ba hae ha ba le haufi le Bithinia? (b) Barutuoa ba ile ba etsa qeto efe, hona phello ea e-ba efe?

4 Ha Pauluse le bo-mphato ba hae ba thibeloa ho bolela litaba tse monate Asia, ba ile ba ea metseng ea Bithinia e ka leboea. Hore ba fihle moo, e ka ’na eaba ba ile ba qeta matsatsi a mangata ba tsamaea litseleng tse sa katoang pakeng tsa metse e se nang baahi ba bangata ea Frigia le Galatia. Leha ho le joalo, eitse ha ba atamela Bithinia, Jesu a boela a sebelisa moea o halalelang ho ba thibela. (Lik. 16:6, 7) E tlameha ebe joale ba ne ba eme hlooho. Ba ne ba tseba hore na ba tla re’ng ha ba bolela litaba tse monate le hore na ba tla li bolela joang, empa ba sa tsebe hore ba li bolele hokae. Ho ne ho le joalokaha eka ba kokotile monyako o lebisang Asia empa ba sa lumelloe ho kena teng. Ba ne ba boetse ba kokotile monyako o lebisang Bithinia le teng ba sa lumelloe ho kena. Ho sa tsotellehe seo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho tsoela pele a kokota ho fihlela a fumana monyako o tla buleha. Eaba ba etsa qeto e neng e ka ’na ea bonahala e sa utloahale. Ba ile ba leba bophirimela ’me ba tsamaea lik’hilomithara tse 550, ba feta metse ka ho fapana, ba ba ba fihla koung ea Troase, moo ba neng ba ka palama sekepe se eang Macedonia. (Lik. 16:8) Ha ba le moo, Pauluse o ile a kokota lekhetlo la boraro, eaba monyako o buleha haholo.

5 Mongoli oa Kosepele Luka, ea ileng a kopana le Pauluse le bo-mphato ba hae Troase, o bua tjena mabapi le se ileng sa etsahala: “Bosiu Pauluse a ba le pono. A bona monna ea tsoang Macedonia a eme pel’a hae a mo kopa a re: ‘Tšelela Macedonia u re thuse.’ Ka mor’a hore a bone pono eo, ra leka ho kena Macedonia hobane re fihletse qeto ea hore Molimo o re laetse hore re bolelle batho ba moo litaba tse monate tsa ’Muso oa hae.”a (Lik. 16:9, 10) Qetellong, Pauluse o ile a tseba hore na a bolele litaba tse monate hokae. E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba hakaakang hore ebe ha aa ka a tela! Ntle ho tšenyo ea nako, banna bao ba bane ba ile ba ea Macedonia ka sekepe.

Moapostola Pauluse le Timothea ba palame sekepe. Timothea o supa ntho e hole ha basesisi ba sekepe ba ntse ba sebetsa.

“Kahoo, ra tloha Troase ka sekepe”—Liketso 16:11

6, 7.o(a) Re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahala leetong la Pauluse? (b) Phihlelo ea Pauluse e etsa hore re kholisehe ka eng?

6 Re ka ithuta eng tlalehong eo? Hlokomela: Moea oa Molimo o ile oa kenella feela ka mor’a hore Pauluse a ee Asia, Jesu o ile a nka bohato ka mor’a hore Pauluse a be haufi le Bithinia, ’me Jesu o ile a re Pauluse a ee Macedonia ka mor’a hore a fihle Troase. Kaha Jesu ke Hlooho ea phutheho, a ka ’na a re tataisa ka tsela e tšoanang. (Bakol. 1:18) Ka mohlala, e ka ’na eaba e se e le nako e teletsana re nahana ho bula maliboho kapa ho fallela sebakeng seo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso ba eketsehileng. Leha ho le joalo, Jesu a ka ’na a re tataisa ka moea oa Molimo ka mor’a hore re nke mehato e tobileng ea ho finyella pakane ea rona. Hobane’ng? Nahana ka mohlala ona: Mokhanni a ka ’na a tjekisetsa koloi ea hae ka ho le letšehali kapa ka ho le letona empa a ka etsa joalo hafeela koloi e tsamaea. Ka tsela e tšoanang, Jesu ke eena ea re tataisang hore re eketse tšebeletso ea rona, empa o etsa joalo hafeela re nka mehato e tobileng ebile re ikakhela ka setotsoana.

7 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re sa atlehe hang-hang? Na re lokela ho nyahama, re nahane hore moea oa Molimo ha o re tataise? Che. Hopola hore Pauluse le eena o ile a ba le mathata. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho kokota ho fihlela a fumana monyako o bulehang. Re ka kholiseha hore le rona re tla buleloa ‘monyetla o moholo oa hore re sebeletse Morena’ ha re tsoela pele ho o batla.—1 Bakor. 16:9.

8. (a) U ka hlalosa motse oa Filipi joang? (b) Ho ile ha etsahala eng e thabisang ka mor’a hore Pauluse a bolele litaba tse monate moo ho “rapelloa teng”?

8 Ka mor’a hore Pauluse le bo-mphato ba hae ba fihle Macedonia, ba ile ba ea Filipi e leng motse oo baahi ba oona ba neng ba ikhantša ka hore ke Baroma. Masole a Roma a behileng meja fatše a lulang moo, a ne a nka Filipi e le Italy e nyenyane e le Roma e nyenyane ka har’a Macedonia. Ka ntle ho motse, ka thoko ho noka e mochophoro, baromuoa bao ba ile ba fumana sebaka seo ba neng ba nahana hore ho “rapelloa teng.”b Ka letsatsi la Sabatha, ba ile ba theohela sebakeng seo ’me ba fumana basali ba ’maloa ba neng ba bokane moo ba tlil’o rapela Molimo. Barutuoa ba ile ba lula fatše ’me ba bua le bona. Mosali ea bitsoang Lydia ‘a mamela, Jehova a mo thusa hore a amohele lintho tseo Pauluse a ntseng a li bua.’ Lydia o ile a hlolloa haholo ke seo a se utloileng ho baromuoa bao hoo eena le ba ntlo ea hae ba ileng ba kolobetsoa. Eaba o phehella Pauluse le bo-mphato ba hae hore ba lule ha hae.c—Lik. 16:13-15.

9. Kajeno ba bangata ba etsisitse mohlala oa Pauluse joang, hona ba hlohonolofalitsoe joang?

9 Nahana feela hore na e ile ea e-ba thabo e kaakang ha Lydia a kolobetsoa! E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba hakaakang hore ebe o ile a lumela ha ho thoe a ‘tšelele Macedonia’ le hore ebe Jehova o ne a entse qeto ea ho mo sebelisa hammoho le bo-mphato ba hae ha a araba lithapelo tsa basali bao ba tšabang Molimo! Ka ho tšoanang, le kajeno bara le barali ba bo rona ba bangata ba banyenyane le ba baholo, ba masoha le ba lenyalong ba fallela libakeng tseo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso. Ke ’nete hore ba thulana le mathata, empa hase letho ha a bapisoa le thabo eo ba bang le eona ha ba fumana batho ba kang Lydia, ba amohelang linnete tsa Bibele. Na u ka etsa liphetoho tse ka u nolofalletsang ho “tšelela” tšimong e hlokang bahoeletsi ba eketsehileng? U tla hlohonolofatsoa. Ka mohlala, nahana ka mor’abo rona Aaron ea hlahileng ka 1985. O ile a fallela naheng e ’ngoe e Amerika Bohareng. Ba bangata ba ka chaela mantsoe a hae monoana ha a re: “Ho sebeletsa naheng esele ho nthusitse ho hola moeeng le ho atamela haufi le Jehova. Ebile tšebeletso ea tšimo e monate ke khanna lithuto tsa Bibele tse robeli!”

Barali ba bo rona ba babeli ba pakela moroetsana e mong. Mohlankana e mong o a nyarela ho bona hore na ba bua ka’ng.

Re ka “tšelela Macedonia” joang kajeno?

“Letšoele la ba Halefela” (Liketso 16:16-24)

10. Bademona ba ile ba hlohlelletsa joang hore Pauluse le bo-mphato ba hae ba hanyetsoe?

10 E tlameha ebe Satane o ne a halefisitsoe ke hore litaba tse monate li qalile ho amoheloa sebakeng seo ho sona eena le bademona ba hae ba neng ba etsa ntho eo ba e batlang. Kahoo, ha ho makatse hore ebe bademona ba ile ba hlohlelletsa hore Pauluse le bo-mphato ba hae ba hanyetsoe! Ha ba ntse ba etela moo ho rapelloa teng, lekhabunyane le leng le nang le modemona, le neng le kenyetsa beng ba lona chelete ka ho bolela liketsahalo esale pele, le ile la sala Pauluse le bo-mphato ba hae morao, le ntse le hoeletsa le re: “Banna bana ke makhoba a Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Baa le bolella hore na le tla pholosoa joang.” Mohlomong modemona ke eena ea ileng a etsa hore ngoanana enoa a bue mantsoe ana, ho etsa hore ho bonahale eka lintho tseo a li bolelang esale pele le lithuto tsa Pauluse li tsoa mohloling o le mong. Ka tsela eo, batho ba shebeletseng ba ne ba ke ke ba ela hloko balateli ba ’nete ba Kreste. Empa Pauluse o ile a khutsisa ngoanana eo ka ho leleka modemona.—Lik. 16:16-18.

11. Ka mor’a hore modemona a lelekoe ho ngoanana eo, ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse le Silase?

11 Ha beng ba lekhabunyane leo ba hlokomela hore ha ba sa na motho ea ba kenyetsang chelete kapele, ba ile ba halefa. Ba ile ba hulanyetsa Pauluse le Silase ’marakeng, moo bo-mastrata e leng bahlanka ba ’muso oa Roma ba neng ba tšoarela linyeoe teng. Kaha beng ba lona ba ne ba tseba hore baahloli bao ba leeme ba bile ba rata naha ea habo bona, ba ile ba re: ‘Bajuda bana ba baka pherekano ka ho ruta lintho tseo rona Baroma re ke keng ra li amohela.’ Ho ile ha etsahala seo ba neng ba se batla. ‘Letšoele le ’marakeng la halefela Pauluse le Silase,’ ’me bo-’maseterata ba laela hore “ba otloe ka melamu.” Ka mor’a moo, Pauluse le Silase ba ile ba hulanyetsoa chankaneng. Molebeli oa teronko o ile a lahlela banna bao ba lemetseng chankaneng e ka hare ’me a tiisa maoto a bona litlamong tse kholo tsa patsi. (Lik. 16:19-24) Ha molebeli oa teronko a koala monyako, ho ile ha ba lefifi hoo e tlamehang ebe Pauluse le Silase ba ne ba sa bonane. Empa Jehova o ne a ntse a ba bona.—Pes. 139:12.

12. (a) Barutuoa ba Kreste ba ile ba ikutloa joang ha ba hlorisoa, hona hobane’ng? (b) Satane le mahlahana a hae ba sa ntse ba sebelisa mekhoa efe ho re hanyetsa?

12 Lilemo tse seng kae pele ho moo, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ka hona, ha Pauluse le bo-mphato ba hae ba tšelela Macedonia, ba ne ba itokiselitse ho tobana le khanyetso. Ha mahloriso a fihla, ha baa ka ba a nka e le pontšo ea hore Jehova o ba lahlile, empa ba a nka e le sesupo sa hore Satane o ba halefetse. Kajeno, mahlahana a Satane a sebelisa mekhoa e tšoanang le e ileng ea sebelisoa Filipi. Bahanyetsi ba bolotsana ba re senya lebitso likolong le mosebetsing, ba hlohlelletsa hore re hanyetsoe. Linaheng tse ling, batho ba bolumeli ba re hanyetsang ba re qosa makhotleng, ba re: ‘Lipakinyana tsena li baka pherekano ka ho ruta litloaelo tseo rona “ba malumeli a molao” re ke keng ra li amohela.’ Libakeng tse ling, barapeli-’moho le rona baa shapuoa ’me ba lahleloa chankaneng. Leha ho le joalo, Jehova o ntse a bona.—1 Pet. 3:12.

“Ba Kolobetsoa Hang-hang” (Liketso 16:25-34)

13. Ke eng se ileng sa etsa hore molebeli oa teronko a re: “Ke etse’ng hore ke pholohe?”

13 Mohlomong ho ile ha feta nako pele Pauluse le Silase ba hlaphoheloa ka mor’a moferefere oa letsatsing leo. Leha ho le joalo, ka khitla bosiu ba ne ba se ba hlaphohetsoe hoo ba ileng ba “rapela ba bile ba rorisa Molimo ka pina.” Eaba ka tšohanyetso ho ba le tšisinyeho ea lefatše chankaneng eo! Molebeli oa teronko o ile a tsoha, a bona menyako e butsoe, ’me a tšoha hore batšoaruoa ba balehile. Kaha o ne a tseba hore o tla fuoa kotlo ha a ba tlohetse hore ba balehe, “a ntša sabole ea hae eaba o leka ho ipolaea.” Empa Pauluse a hoeletsa, a re: “U se ke oa ipolaea hobane re ntse re le teng kaofela!” Molebeli oa teronko a botsa a tšoenyehile a re: “Bo-ntate, ke etse’ng hore ke pholohe?” Pauluse le Silase ba ne ba ke ke ba mo pholosa, ke Jesu feela ea neng a ka mo pholosa. Eaba ba re: ‘Lumela ho Morena Jesu ’me . . . u tla pholoha.’—Lik. 16:25-31.

14. (a) Pauluse le Silase ba ile ba thusa molebeli oa teronko joang? (b) Pauluse le Silase ba ile ba hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho thaba le hoja ba hlorisoa?

14 Na potso ea molebeli oa teronko e ne e tsoa botebong ba pelo? Pauluse o ne a kholisehile hore ho joalo. Molebeli oa teronko e ne e le Molichaba, a sa tsebe Mangolo. Pele e ka ba Mokreste, ho ne ho hlokahala hore a ithute linnete tsa motheo tsa Mangolo a be a li amohele. Kahoo Pauluse le Silase ba ile ba ipha nako ea ho “mo bolella lentsoe la Jehova.” Ha banna bana ba ntse ba tšoarehile ka ho mo ruta Mangolo, mohlomong ba ile ba lebala matetetso a bona. Leha ho le joalo, molebeli oa teronko o ile a hlokomela metopa e meholo mekokotlong ea bona, ’me a ba hlatsoa maqeba. Eaba eena le ba ntlo ea hae “ba kolobetsoa hang-hang.” Pauluse le Silase ba ile ba hlohonolofatsoa hakaakang ka lebaka la ho thaba le hoja ba hlorisoa!—Lik. 16:32-34.

15. (a) Kajeno Lipaki tse ngata li latetse mohlala oa Pauluse le Silase joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho etela batho ba lulang tšimong ea rona re sa phetse?

15 Joaloka Pauluse le Silase, kajeno Lipaki tse ngata li ’nile tsa bolela litaba tse monate leha li koaletsoe chankaneng ka lebaka la tumelo ea tsona, ’me ha e-ba le liphello tse thabisang. Ka mohlala, naheng e ’ngoe moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe, ho na le nako eo ka eona karolo ea 40 lekholong ea Lipaki tsohle tse lulang moo li ileng tsa ithuta ’nete ka Jehova ha li le chankaneng! (Esa. 54:17) Hape, hlokomela hore molebeli oa teronko o ile a kopa thuso ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše. Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba bang ba e-s’o ka ba amohela molaetsa oa ’Muso, ba ka ’na ba o amohela ka mor’a hore ba hlaheloe ke tlokotsi e itseng. Ha re sa phetse ho etela batho ba tšimong ea rona, re etsa bonnete ba hore re malala-a-laotsoe ho ba thusa.

“Joale ba se ba Batla ho re Lokolla ka Lenyele?” (Liketso 16:35-40)

16. Letsatsing le hlahlamang ka mor’a hore Pauluse le Silase ba shapuoe, lintho li ile tsa fetoha joang?

16 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ka mor’a hore Pauluse le Silase ba shapuoe, bo-’maseterata ba ile ba laela hore ba lokolloe. Empa Pauluse o ile a re: “Ba re shapile phatlalatsa re e-s’o ahloloe empa re le Baroma eaba ba re kenya teronkong. Joale ba se ba batla ho re lokolla ka lenyele? Lekhale! Bona ha ba tle ba tl’o re lokolla.” Ha bo-’maseterata ba utloa hore banna bao ba babeli ke baahi ba Roma, ba ile “ba tšoha,” hobane ba ne ba hataketse litokelo tsa bona.d Lintho li ile tsa fetoha. Barutuoa ba ne ba shapiloe phatlalatsa joale bo-’maseterata ba ne ba lokela ho kopa tšoarelo phatlalatsa. Ba ile ba kopa Pauluse le Silase hore ba tlohe Filipi. Barutuoa bao ba babeli ba ile ba lumela, empa ba qala ka ho khothatsa barutuoa ba bacha ba ntseng ba eketseha. Eaba ke hona ba tsamaeang.

17. Barutuoa ba bacha ba ne ba tla ithuta thuto efe ea bohlokoa ha ba lemoha mamello ea Pauluse le Silase?

17 Hoja litokelo tsa Pauluse le Silase joaloka baahi ba Roma li ne li hlomphiloe pele ho moo, mohlomong ba ka be ba sa ka ba shapuoa. (Lik. 22:25, 26) Leha ho le joalo, barutuoa ba Filipi ba ne ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore ba sebelisitse maemo a bona hore ba balehele ho utloisoa bohloko ka lebaka la Kreste. Seo se ne se tla ba le phello efe tumelong ea barutuoa bao e seng baahi ba Roma? Ha e le hantle, molao o ne o ke ke oa ba sireletsa hore ba se ke ba shapuoa. Kahoo, ka hore Pauluse le bo-mphato ba hae ba mamelle likotlo, ba ile ba behela balumeli ba bacha mohlala o bontšang hore balateli ba Kreste ba ka khona ho ema ba tiile ha ba hlorisoa. Ho phaella moo, ha Pauluse le Silase ba tsitlella hore litokelo tsa bona e le baahi ba Roma li hlomphuoe, ba ile ba qobella bo-’maseterata hore ba bolele phatlalatsa hore ba tlotse molao. Mohlomong seo se ne se tla etsa hore ba se ke ba tšoara balumeli-’moho le Pauluse hampe ’me se ba sireletse ka molao ha ba hlaseloa ka tsela e tšoanang nakong e tlang.

18. (a) Kajeno balebeli ba Bakreste ba etsisa mohlala oa Pauluse joang? (b)  Re “sebelisa molao ho fumana tokelo ea ho bolela litaba tse monate” joang kajeno?

18 Kajeno, balebeli ka phuthehong ea Bakreste le bona ba beha mohlala. Balisa ba Bakreste ba ikemiselitse ho etsa eng kapa eng eo ba lebeletseng hore balumeli-’moho le bona ba e etse. Le rona joaloka Pauluse, re sekaseka ka hloko hore na re sebelisa litokelo tsa rona tsa molao ho itšireletsa neng hona joang. Haeba ho hlokahala, re ipiletsa makhotleng a motse, a naha esita le a machaba e le hore re sireletse tokelo ea molao ea ho ntšetsa borapeli ba rona pele. Sepheo sa rona hase ho tlisa liphetoho empa ke ho “sebelisa molao ho fumana tokelo ea ho bolela litaba tse monate,” joalokaha Pauluse a ile a ngolla phutheho ea Filipi lilemo tse ka bang leshome ka mor’a hore a kenngoe chankaneng moo. (Fil. 1:7) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na phello ea linyeoe tseo ke efe, joaloka Pauluse le bo-mphato ba hae, re ikemiselitse ho tsoela pele re ‘bolela . . . litaba tse monate’ hohle moo moea oa Molimo o re laelang hore re li bolele teng.—Lik. 16:10.

LUKA KE EENA EA NGOTSENG BUKA EA LIKETSO

Ho fihlela khaolong ea 16, temaneng ea 9, mongoli ha a ikakarelletse ho se boletsoeng bukeng ea Liketso. Ka mantsoe a mang, o bua feela ka seo ba bang ba se buileng le seo ba se entseng. Leha ho le joalo, ho Liketso 16:10, 11, o fetola maoa. Ka mohlala, temaneng ea 11 mongoli o re: “Ra tloha Troase ka sekepe ra toba Samothrase.” Ke ho tloha litemaneng tsena moo mongoli Luka a seng a ikakarelletsa. Empa kaha ha ho moo lebitso la Luka le hlahang teng bukeng ea Liketso Tsa Baapostola, re tseba joang hore kannete ke eena ea e ngotseng?

Luka o lutse tafoleng ’me o ngola moqolo.

Re fumana karabo mantsoeng a qalang a buka ea Liketso le Kosepele ea Luka. Mantsoe ana a tobisitsoe ho motho ea bitsoang “Theofilase.” (Luka 1:1, 3; Lik. 1:1) Mantsoe a qalang a Liketso a re: “Theofilase, ke ile ka hlophisa tlaleho ea pele e buang ka lintho tsohle tseo Jesu a ileng a li etsa le ho li ruta.” Kaha litsebi tsa boholo-holo lia lumellana hore “tlaleho ea pele,” e leng ea Kosepele, e ngotsoe ke Luka, e tlameha ebe ke eena hape ea ngotseng Liketso.

Ha ho letho le lekaalo leo re le tsebang ka Luka. Lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a mararo feela ka Bibeleng. Moapostola Pauluse o re Luka ke “ngaka e ratoang” le e mong oa “basebetsi-’moho” le eena. (Bakol. 4:14; Filem. 24) Likarolo tsa buka ea Liketso tseo mongoli Luka a ikakarelletsang ho tsona li bontša hore o ile a tsamaea le moapostola Pauluse ka lekhetlo la pele ho tloha Troase ho ea Filipi hoo e ka bang ka 50 C.E. empa ha Pauluse a tloha Filipi o ne a se a le sieo. Ba ile ba boela ba kopana Filipi hoo e ka bang ka 56 C.E. ’me ba tsamaea le bara ba bang ba bo rona ba supileng ho tloha Filipi ho ea Jerusalema, moo Pauluse a ileng a tšoaroa teng. Lilemo tse peli hamorao, Luka o ile a tsamaea le Pauluse, ea neng a ntse a tlanngoe ka liketane, ho tloha Sesarea ho ea Roma. (Lik. 16:10-17, 40; 20:5–21:17; 24:27; 27:1–28:16) Ha Pauluse, ea neng a kentsoe chankaneng ka lekhetlo la bobeli Roma, a hlokomela hore o haufi le ho bolaoa, ke “Luka feela” ea neng a e-na le eena. (2 Tim. 4:6, 11) Ho hlakile hore Luka o ile a tsamaea maeto a malelele ’me a ikemiselitse ho tobana le mathata ka lebaka la litaba tse monate.

Luka ha aa ka a re o bone lintho tseo a li ngotseng ka Jesu. Ho e-na le hoo, o ile a re o lekile “ho batlisisa lintho tsohle tse etsahetseng” a itšetlehile ka litaba tsa “lipaki tse boneng ka mahlo.” Ho feta moo, o ile a ‘hlahlobisisa lintho tsena tsohle ’me a etsa qeto ea ho mo ngolla tsona ka tatellano ea tsona.’ (Luka 1:1-3) Melemo ea mosebetsi oa Luka e bontša hore e ne e le mofuputsi ea hloahloa. Ho ka etsahala hore o ile a fumana litaba tsa hae ka ho buisana le Elizabetha le Maria ’mè oa Jesu le ba bang. Boholo ba lintho tseo a li ngotseng ha li hlahe Likosepeleng tse ling.—Luka 1:5-80.

Pauluse o itse Luka e ne e le ngaka, ’me thahasello eo a neng a e-na le eona joaloka ngaka ho batho ba kulang e bonahala ho seo a se ngotseng. Mehlala e seng mekae ke ena: Luka o itse ha Jesu a phekola motho ea nang le modemona, “modemona eo a . . . tsoa ho eena o sa mo ntša kotsi,” a re mohoehali oa moapostola Petrose o ne a tšoeroe ke “feberu e bohale,” a boela a re mosali eo Jesu a ileng a mo thusa o ne a “qetile lilemo tse 18 a holofalitsoe ke modemona. O ne a kotlobane haholo hoo a neng a sa khone ho inamoloha ho hang.”—Luka 4:35, 38; 13:11.

Ho hlakile hore Luka o ile a etelletsa “mosebetsi oa Morena” pele bophelong ba hae. (1 Bakor. 15:58) Sepheo sa hae e ne e se ho hahamalla mosebetsi o hlamatsehang kapa botumo, empa e ne e le ho thusa ba bang ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa.

LYDIA—O NE A REKISA MASELA LE LIAPARO TSE PHERESE

Lydia o ne a lula Filipi, motseng o tummeng oa Macedonia. Hantle-ntle o ne a tsoa Thiatire, motseng o sebakeng se bitsoang Lydia karolong e ka bophirimela ea Asia Minor. Lydia o ne a falletse ka mose ho Leoatle la Aegean e le hore a ka rekisa lintho tse pherese. Mohlomong o ne a rekisa lintho tse fapa-fapaneng tse pherese e leng limmete, lintho tse ohliloeng, masela le dae. Sengoliloeng se fumanoeng Filipi se tiisa hore ho ne ho e-na le mokhatlo oa barekisi ba lintho tse pherese motseng oo.

Lydia o tšoere lesela.

Lydia o hlalosoa e ne e le “mosali ea hlomphang Molimo,” ho bolelang hore mohlomong o ne a sokolohetse Bojudeng. (Lik. 16:14) E ka ’na eaba o tsebile ka borapeli ba Jehova a le motseng oa habo. Ho fapana le Filipi, motseng oa habo ho ne ho e-na le sebaka seo Bajuda ba phuthehelang ho sona. Ba bang ba lumela hore Lydia e ne e le theneketso e bolelang “Mosali oa Lydia” eo a ileng a e fuoa ha a le Filipi. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo ngotsoeng bo bontšang hore Lydia e ne e boetse e le lebitso la motho.

Batho ba Lydia hammoho le baahelani ba bona ba ne ba tsejoa ka boiphihlelo ba bona ba ho fetola ’mala oa lintho hore li be pherese ho tloha mehleng ea Homer, lekholong la borobong kapa la borobeli la lilemo B.C.E. Ha e le hantle, ho ne ho tsebahala hore metsi a Thiatire a hlahisa “mebala e khanyang ka ho fetisisa le e sa tsoeng.”

E ne e se mang le mang ea neng a ka ba le lintho tse pherese, li ne li khonoa ke barui feela. Le hoja ho ne ho tsejoa lintho tse ling tse fapaneng tse hlahisang dae e pherese, dae e ntle le e turang ka ho fetisisa, e neng e sebelisetsoa line ea boleng bo botle, e ne e tsoa liphoofotsoaneng tse nang le likhetla tsa Leoatle la Mediterranean. Lerotholi le le leng la dae le ne le ka fumanoa phoofotsoaneng ka ’ngoe e nang le khetla, ’me ho ne ho hlokahala hore ho sebelisoe liphoofotsoana tse ka bang 8 000 ho etsa grama e le ’ngoe ea mokelikeli oo oa bohlokoa, kahoo, seaparo sa ’mala oo se ne se tura haholo.

Kaha mosebetsi oa Lydia o ne o hloka hore a be le chelete e ngata ’me a e-na le ntlo e kholo hoo a neng a ka khona ho amohela banna ba bane e leng Pauluse, Silase, Timothea le Luka ho ka etsahala hore ebe e ne e le morekisi ea atlehileng le ea ruileng. Kaha ho buuoa ka “ba lelapa la hae,” e ka ’na eaba o ne a lula le beng ka eena. Empa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba lelapa la hae,” le ka boetse la bolela hore o ne a e-na le makhoba le makhabunyane. (Lik. 16:15) Hape, hore ebe pele Pauluse le Silase ba tloha motseng oo ba ile ba kopana le bara ba bang ba bo rona lapeng la mosali enoa ea nang le moea oa ho amohela baeti, ho bontša hore Bakreste ba pele ba Filipi ba ne ba kopanela teng.—Lik. 16:40.

Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Filipi lilemo tse ka bang leshome hamorao, ha aa ka a bua ka Lydia. Kahoo se boletsoeng ho Liketso khaolo ea 16 ke sona feela seo re se tsebang ka eena.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Luka ke Eena ea Ngotseng Buka ea Liketso.”

b Mohlomong Bajuda ba ne ba sa lumelloa ho ba le ntlo ea thapelo motseng oo hobane Filipi e ne e le motse oa sesole. Kapa e ka ’na eaba motse oo o ne o se na banna ba leshome ba Bajuda e leng palo ea banna ba hlokahalang ho theha ntlo ea thapelo.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Lydia—O ne a Rekisa Masela le Liaparo Tse Pherese.”.

d Molao oa Roma o ne o re ka linako tsohle moahi oa teng o lokela ho ahloloa ka toka ’me le ka mohla a se ke a otloa phatlalatsa empa a sa fumanoa a le molato.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela