Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be leq. 27-leq. 32 ser. 4
  • Ho Ithuta Hoa Putsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta Hoa Putsa
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokisa Kelello
  • Mokhoa oa ho Ithuta
  • Seo U ka Ithutang Sona
  • “U Hahe Lelapa la Hao”
  • Ho Kotula Meputso
  • Ntlafatsa Tsela eo U Ithutang ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Malapa, Rorisang Molimo le le Karolo ea Phutheho ea hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be leq. 27-leq. 32 ser. 4

Ho Ithuta Hoa Putsa

NA U kile ua bona batho ha ba khetha litholoana? Ba bangata ba hlahloba ’mala le boholo ba tsona ho bona haeba li butsoitse. Ba bang baa li fofonela. Ba bang baa li tšoara, esita le ho li toboketsa. Hape ba bang baa li bekha, ba beha tholoana e ’ngoe ka letsohong le leng ’me e ’ngoe ba e behe ka ho le leng ho bona hore na ke efe e nang le lero le lengata. Batho baa ba nahana’ng? Ba hlahloba makolopetso, ba batla ho fumana hantle phapang, ba hopola seo ba kileng ba se khetha pele le ho bapisa seo ba se bonang hona joale le seo ba seng ba ntse ba se tseba. Moputso oa bona e tla ba o thabisang hobane ba ela taba ena hloko.

Ho hlakile hore meputso ea ho ithuta Lentsoe la Molimo e meholo haholo. Ha ho ithuta ho joalo ho nka sebaka sa bohlokoa bophelong ba rōna, tumelo ea rōna ea tiea, lerato la rōna lea teba, tšebeletso ea rōna e beha litholoana haholoanyane ’me liqeto tseo re li etsang li hlahisa bopaki bo boholoanyane ba hore re na le temoho le bohlale ba bomolimo. Liproverbia 3:15 e re ka meputso e joalo: “Lintho tse ling tsohle tseo u li thabelang li ke ke tsa lekanngoa le bona.” Na u latsoa meputso e joalo? Lebaka e ka ’na ea e-ba tsela eo u ithutang ka eona.—Bakol. 1:9, 10.

Ho ithuta ke eng? Hase ho bala ho okōlang ka holimo feela. Ho kopanyelletsa ho sebelisa matla a hao a kelello ha u hlahloba taba ka hloko kapa ka mokhoa o batsi. Ho akarelletsa ho hlahloba seo u se balang, ho se bapisa le seo u seng u se tseba le ho hlokomela mabaka a fanoeng mabapi le litlhaloso tse boletsoeng. Ha u ithuta, nahana ka ho teba ka likhopolo leha e le life tse boletsoeng tseo e ka ’nang eaba li ncha ho uena. Hape, nahana kamoo u ka sebelisang ka botlalo kateng keletso ea Mangolo. Joaloka Paki ea Jehova, hape u tla nahana ka menyetla ea ho sebelisa boitsebiso boo ho thusa ba bang. Ka ho totobetseng, ho ithuta ho akarelletsa ho thuisa.

Ho Lokisa Kelello

Ha u lokisetsa ho ithuta, u beha lintho tse kang Bibele ea hao, libuka leha e le life tseo u rerileng ho li sebelisa, pentšele kapa pene mohlomong le buka ea ho ngolla lintlha. Empa na u lokisa le pelo ea hao? Bibele e re bolella hore Esdrase “o ne a lokisitse pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova le ho o phetha le ho ruta molao oa tsamaiso le toka Iseraele.” (Esdr. 7:10) Ho lokisa pelo joalo ho akarelletsa eng?

Thapelo e re thusa ho ba le boikutlo bo botle ha re ithuta Lentsoe la Molimo. Re batla hore lipelo tsa rōna, botho ba rōna bo ka hare, li amohele thuto eo re e fuoang ke Jehova. Nako le nako ha u qala ho ithuta, kōpa Jehova hore a u thuse ka moea oa hae. (Luka 11:13) Mo kōpe hore a u thuse ho utloisisa moelelo oa seo u tla ithuta sona, kamoo se amanang le morero oa hae kateng, kamoo se ka u thusang ho bona phapang pakeng tsa botle le bobe, kamoo u lokelang ho sebelisa melao-motheo ea hae bophelong ba hao le kamoo boitsebiso boo bo amang kamano ea hao le eena kateng. (Liprov. 9:10) Ha u ntse u ithuta, ‘u ’ne u kōpe Molimo’ hore a u fe bohlale. (Jak. 1:5) Itlhahlobisise ka botšepehi leseling la seo u ithutang sona ha u ntse u batla thuso ea Jehova hore u tlose menahano e fosahetseng kapa litakatso tse kotsi. Kamehla ‘arabela Jehova ka liteboho’ ka lintho tseo a li senolang. (Pes. 147:7) Ho ba le boikutlo bona ba thapelo ka ho ithuta ho re atametsa haufi haholo le Jehova, kaha ho re thusa ho arabela ha a bua le rōna ka Lentsoe la hae.—Pes. 145:18.

Ho arabela ho joalo ho khetholla batho ba Jehova ho liithuti tse ling. Ke ntho e tloaelehileng har’a batho ba se nang boinehelo ba bomolimo ho belaella se ngotsoeng kapa ho se hanyetsa. Empa rōna ha re na boikutlo bo joalo. Re tšepa Jehova. (Liprov. 3:5-7) Haeba re sa utloisise ntho e itseng, ha re etse qeto ka boikhohomoso ea hore e tlameha ebe e fosahetse. Ha re ntse re batla le ho phenyekolla likarabo, re letela Jehova. (Mik. 7:7) Joaloka Esdrase, pakane ea rōna ke ho sebelisa le ho ruta seo re ithutang sona. Ha lipelo tsa rōna li e-na le tšekamelo ena, re tla be re loketse ho kotula melemo e enneng ho ithuteng ha rōna.

Mokhoa oa ho Ithuta

Ho e-na le ho qala feela ka serapa sa pele ho ea fihla bofelong, pele iphe nako ea ho hlahloba sehlooho kapa khaolo kaofela ea boitsebiso boo. Qala ka ho sekaseka tsela eo sehlooho se ngotsoeng ka eona. Sena ke sehlooho sa taba eo u tla beng u ithuta eona. Joale ela hloko kamoo lihloohoana li amanang le sehlooho kateng. Hlahloba litšoantšo leha e le life, lichate kapa mabokose a thuto a tsamaisanang le taba eo. Ipotse: ‘Motheong oa tlhahlobo ee, ke lebeletse ho ithuta eng? Se tla ntsoela molemo ka tsela efe?’ Sena se etsa hore thuto ea hao e be le morero o susumetsang.

Joale fumana lintlha. Lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa le libuka tse ling li na le lipotso tse hatisitsoeng. Ha u ntse u bala serapa ka seng, ho molemo hore u thalle likarabo. Esita leha lipotso tsa thuto li le sieo, u ka ’na ua tšoaea lintlha tsa bohlokoa tseo u batlang ho li hopola. Haeba khopolo e itseng e le ncha ho uena, nka nako e eketsehileng ho eona ho tiisa hore u e utloisisa hantle. Ela hloko litšoantšo kapa mokhoa oa ho beha mabaka o ka u thusang tšebeletsong ea tšimo kapa o ka kenyelletsoang puong e latelang. Nahana ka batho ba itseng ka ho toba bao tumelo ea bona e ka matlafalang haeba u arolelana le bona seo u ithutang sona. Tšoaea lintlha tseo u batlang ho li sebelisa ’me u li phete ha u qetile ho ithuta.

Ha u ntse u hlahloba boitsebiso, phetla mangolo a qotsitsoeng. Hlahloba kamoo lengolo ka leng le amanang kateng le ntlha ea sehlooho ea serapa seo.

U ka ’na ua kopana le lintlha tseo u sa li utloisiseng habonolo kapa tseo u ka lakatsang ho ithuta tsona haholoanyane. Ho e-na le ho li lumella hore li u sitise, li tšoaee e le hore u tle u li hlahlobe hape hamorao. Hangata lintlha lia hlaka ha u ntse u tsoela pele u bala boitsebiso boo. Haeba li sa hlake, u ka ’na ua etsa lipatlisiso tse eketsehileng. Ke lintho life tseo u ka li tšoaeang e le hore u lebise tlhokomelo e joalo ho tsona? Mohlomong ho na le lengolo le qotsitsoeng leo u sa le utloisiseng hantle. Kapa mohlomong u thatafalloa ke ho bona hore na le sebetsa joang tabeng e ntseng e tšohloa. Mohlomong u nahana hore u utloisisa khopolo e itseng boitsebisong boo empa ha u bo utloisise hantle hoo u ka bo hlalosetsang motho e mong. Ho e-na le ho feta feela lintlheng tsena, ho ka ba bohlale hore u li batlisise ha u se u qetile seo u neng u qalile ho ithuta sona.

Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba Baheberu lengolo la hae le neng le e-na le lintlha tse ngata, o ile a khefutsa bohareng ba lona a re: “Ntlha ea sehlooho ke ena.” (Baheb. 8:1) Na le uena u ikhopotsa joalo nako le nako? Hlokomela hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a etsa joalo. Likhaolong tsa pele tsa lengolo la hae le bululetsoeng, o ne a se a bontšitse hore Kreste joaloka Moprista ea Phahameng oa Molimo o se a kene leholimong ka bolona. (Baheb. 4:14–5:10; 6:20) Leha ho le joalo, ka ho qoolla le ho hatisa ntlha eo ea sehlooho qalong ea khaolo ea 8, Pauluse o ile a lokisa likelello tsa babali ba hae hore li nahane ka ho teba ka hore na seo se ama bophelo ba bona joang. O bontšitse hore Kreste o ile a hlaha ka pel’a Molimo ka boeena molemong oa bona ’me a ba bulela tsela ea hore ba kene ‘sebakeng seo se halalelang’ sa leholimo. (Baheb. 9:24; 10:19-22) Ho tiisoa ha tšepo ea bona ho ne ho tla ba susumelletsa hore ba sebelise keletso e ’ngoe hape e neng e fuperoe ke lengolo lena mabapi le tumelo, mamello le boitšoaro ba Bokreste. Ka ho tšoanang, ha re ithuta, ho lebisa tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho ho tla re thusa ho lemoha ho hōlisoa ha sehlooho ’me ho tla hatisa ka likelellong tsa rōna mabaka a utloahalang a hore re se sebelise.

Na ho ithuta ha hao ho tla u susumelletsa hore u nke khato? Ena ke potso ea bohlokoa. Ha u ithuta ntho e itseng, ipotse: ‘See se lokela ho ama boikutlo ba ka le lipakane tsa ka bophelong joang? Nka sebelisa boitsebiso boo joang ho rarolla bothata bo itseng, ho etsa qeto kapa ho finyella pakane e itseng? Nka bo sebelisa joang lelapeng la ka, tšebeletsong ea tšimo, ka phuthehong?’ Nahana ka lipotso tsena ka thapelo, u nahane ka ho teba ka maemo a sebele ao u ka sebelisang tsebo ea hao ho ’ona.

Ha u qetile khaolo kapa sehlooho se itseng, iphe nako ea ho etsa tlhahlobo e khutšoanyane. Bona haeba u ka hopola lintlha tsa sehlooho le mabaka a li tšehetsang. Bohato bona bo tla u thusa ho hopola boitsebiso boo bakeng sa hore u bo sebelise nakong e tlang.

Seo U ka Ithutang Sona

Joaloka batho ba Jehova, ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona. Empa re lokela ho qala hokae? Re tla be re etsa hantle haeba letsatsi le leng le le leng, re bala temana le litlhaloso tse tsoang bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Beke le beke, re ba teng libokeng tsa phutheho, ’me ho ithuta hoo re ho etsang bakeng sa ho li lokisetsa ho tla re thusa ho rua molemo haholo. Ho phaella mona, ba bang ba sebelisitse nako hamolemo ka ho ithuta tse ling tsa likhatiso tsa rōna tsa Bokreste tse ileng tsa hatisoa pele ba ithuta ’nete. Ba bang ba khetha karoloana e itseng ea ’malo oa bona oa Bibele oa beke le beke ’me ba ithuta litemana tseo ka ho teba.

Ho thoe’ng haeba maemo a hao a sa u lumelle ho ithuta ka hloko boitsebiso bohle bo tla ithutoa libokeng tsa phutheho tsa beke le beke? Qoba leraba la ho bala boitsebiso boo ka potlako e le hore feela u bo qete, kapa ho hobe le ho feta, qoba leraba la ho se ithute bona ho hang hobane u bona hore u ke ke ua bo qeta kaofela. Ho e-na le hoo, lekanyetsa hore na ke boitsebiso bo bokae boo u ka ithutang bona ’me u etse hoo hantle. Etsa joalo beke le beke. Ha nako e ntse e feta, leka ho ntlafatsa ka ho akarelletsa liboka tse ling.

“U Hahe Lelapa la Hao”

Jehova oa tseba hore lihlooho tsa malapa li sebetsa ka thata ho hlokomela baratuoa ba tsona. Liproverbia 24:27 e re: “Lokisa mosebetsi oa hao ka ntle, ’me u itokisetse oona tšimong.” Leha ho le joalo, ha ua lokela ho hlokomoloha litlhoko tsa moea tsa lelapa la hao. Kahoo, temana ena e tsoela pele ka ho re: “Ka mor’a moo u boele u hahe lelapa la hao.” Lihlooho tsa malapa li ka etsa see joang? Liproverbia 24:3 e re: ‘[Ntlo] e tla tiisoa ka thata ka temoho.’

Temoho e ka tsoela lelapa la hao molemo joang? Temoho ke matla a kelello a ho bona ka nģ’ane ho se tloaelehileng. Ho ka boleloa hore thuto e atlehileng ea lelapa e qala ka hore u ithute le lelapa la hao ka bolona. Litho tsa lelapa la hao li tsoela pele joang moeeng? Mamela ka hloko ha u buisana le tsona. Na ho na le moea oa ho tletleba kapa oa tlhonamo? Na ho hahamalla lintho tse bonahalang ke eona ntho e ka sehloohong? Ha u le tšebeletsong ea tšimo le bana ba hao, na ba ikutloa ba phutholohile ho ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova ka pel’a lithaka tsa bona? Na ba thabela lenaneo la lōna la ho bala le ho ithuta Bibele le le lelapa? Na ruri ba etsa hore tsela ea Jehova e be tsela ea bona ea bophelo? Ho ela lintho seli ho tla bonahatsa seo uena, joaloka hlooho ea lelapa, u lokelang ho se etsa ho tiisa le ho haha litšoaneleho tsa moea ho setho ka seng sa lelapa.

Hlahloba Molula-Qhooa le Tsoha! bakeng sa lihlooho tse buang ka litlhoko tse tobileng. Ebe u bolella lelapa esale pele hore na le il’o ithuta eng e le hore le ka nahana ka boitsebiso boo. Etsa hore ho be le moea oa lerato nakong ea thuto. Ntle le ho omana kapa ho hlabisa setho leha e le sefe sa lelapa lihlong, hatisa bohlokoa ba boitsebiso bo ithutoang, u etse hore bo tšoanele litlhoko tsa lelapa la hao ka ho toba. Etsa hore setho ka seng se be le seabo. Thusa e mong le e mong ho bona kamoo Lentsoe la Jehova le ‘phethahetseng’ kateng bakeng sa ho fana ka se hlokahalang bophelong.—Pes. 19:7.

Ho Kotula Meputso

Batho ba elang lintho seli ba se nang kutloisiso ea moea ba khona ho ithuta bokahohle, liketsahalo tsa lefatše esita le ho ithuta seo ba leng sona empa ba hlōleha ho utloisisa moelelo oa sebele oa seo ba se bonang. Ka lehlakoreng le leng, ka thuso ea moea oa Molimo, batho ba ithutang Lentsoe la Molimo kamehla ba khona ho lemoha mesebetsi ea Molimo linthong tsena, ho phethahala ha boprofeta ba Bibele le ho senoleha ha morero oa Molimo oa ho hlohonolofatsa batho ba mamelang.—Mar. 13:4-29; Bar. 1:20; Tšen. 12:12.

Le hoja hoo e le ho babatsehang, ha hoa lokela ho etsa hore re ikhohomose. Ho e-na le hoo, ho hlahloba Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi ho re thusa ho lula re ikokobelitse. (Deut. 17:18-20) Ho boetse ho re sireletsa ‘matleng a thetsang a sebe’ hobane ha Lentsoe la Molimo le phela ka lipelong tsa rōna, ho ipiletsa ha sebe ho ke ke ha hlōla boikemisetso ba rōna ba ho se hanela. (Baheb. 2:1; 3:13; Bakol. 3:5-10) Kahoo, re tla ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore re mo khahlise ka botlalo ha re ntse re tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo.’ (Bakol. 1:10) Seo ke sona sepheo sa rōna sa ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me ho se phetha ho tlisa moputso o moholohali.

[Lebokose le leqepheng la 27]

HORE U KOTULE MEPUTSO E MEHOLOHALI

• Lokisa pelo ea hao

• Hlahloba esale pele boitsebiso bo ithutoang

• Qoolla lintlha tsa bohlokoa

• Hlokomela kamoo mangolo a fanang ka mabaka kateng mabapi le litlhaloso tse boletsoeng

• Hlahloba lintlha tsa sehlooho

• Thuisa kamoo seo u ithutang sona se lokelang ho susumetsa bophelo ba hao kateng

• Batla menyetla ea ho sebelisa boitsebiso boo bakeng sa ho thusa ba bang

[Lebokose le leqepheng la 28]

TSELA EA HO HLAHLOBA BOITSEBISO ESALE PELE

• Hlahloba tsela eo sehlooho se ngotsoeng ka eona

• Hlokomela kamoo sehloohoana ka seng se amanang le sehlooho kateng

• Hlahloba litšoantšo leha e le life, lichate kapa mabokose a thuto

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Hore u rue molemo ka botlalo thutong ea hao ea boinotšing, lokisa pelo ea hao

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Tiisa hore u phetla mangolo

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Iphe nako ea ho thuisa

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Tloaelana le lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso tse leng teng ka puo ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela