Ikitlaelletse ho Bala
LIPHOOFOLO li ke ke tsa etsa seo u se etsang hona joale. Motho a le mong ho ba tšeletseng ha a e-s’o ithute ho bala—hangata lebaka e le hobane a sa ba le monyetla oa ho kena sekolo—’me ho ba ithutileng ho bala, ba bangata ha ba ho etse kamehla. Leha ho le joalo, tsebo ea hao ea ho bala se ngotsoeng e u lumella hore u khone ho etela libakeng tse ling, ho tseba batho bao bophelo ba bona bo ka u ruisang molemo le ho fumana tsebo e tla u thusa ho thulana ka katleho le matšoenyeho a bophelo.
Tsebo ea ho bala e ama tsela eo mocha a tla rua molemo ka eona sekolong. Ha a batla mosebetsi, tsebo ea hae ea ho bala e ka ’na ea ama mofuta oa mosebetsi oo a ka o fumanang le lihora tseo a tlamehang ho li sebetsa e le hore a khone ho iphelisa. Bo-’mè ba malapa ba tsebang ho bala hantle ba boemong bo molemo ba ho hlokomela malapa a bona tabeng ea lijo tse nang le phepo e ntle, bohloeki ba ’mele le ho thibela maloetse. Hape bo-’mè ba tsebang ho bala hantle ba ka ba le tšusumetso e ntle haholo ho hōleng ha bana ba bona kelellong.
Ntle ho pelaelo, molemo o moholohali oa ho bala ke hore ho ka u thusa ho “fumana tsebo ea Molimo.” (Liprov. 2:5) Litsela tse ngata tseo re sebeletsang Molimo ka tsona li akarelletsa ho ba le tsebo ea ho bala. Libokeng tsa phutheho ho baloa Mangolo le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng. Tsela eo u balang ka eona e amana haholo le katleho ea hao tšebeletsong ea tšimo. ’Me ho hlokahala hore motho a bale ha a lokisetsa mesebetsi ena. Ka lebaka leo ho hōla ha hao moeeng ho itšetlehile haholo ka mekhoa ea hao ea ho bala.
Sebelisa Monyetla Hantle
Batho ba bang ba ithutang litsela tsa Molimo ha baa ruteha. Ho ka ’na ha hlokahala hore ba rutoe ho bala e le hore ba ntlafatse tsoelo-pele ea bona ea moea. Kapa ho ka ’na ha hlokahala hore ba thusoe ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho bala. Haeba sena se hlokahala sebakeng sa lōna, liphutheho li leka ho hlophisa litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola tse thehiloeng bukaneng e bitsoang Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola. Batho ba likete-kete ba ruile molemo haholo tokisetsong ena. Ka lebaka la bohlokoa ba ho tseba ho bala hantle, liphutheho tse ling li lokisetsa hore ho be le litlelase tsa ho ntlafatsa ho bala tse tšoaroang ka nako e le ’ngoe le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Esita le libakeng tseo ho tsona ho se nang litlelase tse joalo, motho a ka etsa tsoelo-pele e ntle ka hore letsatsi ka leng a iphe nako e itseng ea ho balla holimo le ho ba teng kamehla sekolong sena le ho kopanela ho sona.
Ka masoabi, libuka tsa metlae le thelevishene, har’a lintho tse ling, li entse hore batho ba bangata ba tsoafe ho bala. Ho shebella thelevishene le ho bala hanyenyane ho ka sitisa ho hōla ha tsebo ea motho ea ho bala le matla a hae a ho nahana le ho beha mabaka ka mokhoa o hlakileng le ho itlhalosa hantle.
Likhatiso tse re thusang ho utloisisa Bibele li lokiselitsoe ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Likhatiso tsena li re neha boitsebiso bo bongata litabeng tsa bohlokoa tsa moea. (Mat. 24:45; 1 Bakor. 2:12, 13) Hape li re boloka re khema le liphetoho tsa bohlokoa tsa lefatše, le seo li se bolelang; li re thusa ho tloaelana hamolemo le lefatše la tlhaho, ’me li re ruta litsela tsa ho sebetsana ka katleho le litaba tse re amang. Ka holim’a tsohle, li lebisa tlhokomelo mokhoeng oa ho sebeletsa Molimo ka mokhoa o amohelehang le ho fumana kamohelo ea hae. ’Malo o joalo o hahang o tla u thusa ho hōla joaloka motho oa moea.
Ho hlakile hore tsebo ea ho bala hantle ka boeona hase bokhabane. Tsebo eo e lokela ho sebelisoa ka tsela e nepahetseng. Joaloka lijo, u lokela ho khetha seo u se balang. Ke hobane’ng ha u ka ja lijo tse se nang phepo e ntle kapa tse ka ’nang tsa u kulisa? Ka tsela e tšoanang, ke hobane’ng ha u ka bala boitsebiso bo ka silafatsang kelello ea hao le pelo ea hao, esita leha u ipalla bakeng sa ho intša bolutu feela? Melao-motheo ea Bibele e lokela ho re neha tekanyetso eo re ka e sebelisang bakeng sa ho lemoha boitsebiso leha e le bofe boo re khethang ho bo bala. Pele u etsa qeto ka seo u tla se bala, hopola mangolo a kang Moeklesia 12:12, 13; Baefese 4:22-24; 5:3, 4; Bafilipi 4:8; Bakolose 2:8; 1 Johanne 2:15-17; le 2 Johanne 10.
Bala ka Sepheo se Setle
Bohlokoa ba ho bala ka sepheo se setle boa hlaka ha re hlahloba litlaleho tsa Likosepele. Ka mohlala, Kosepeleng ea Matheu, re fumana Jesu a botsa baeta-pele ba bolumeli ba rutehileng lipotso tse kang “Na ha lea bala?” le “Na ha le e-s’o ka le bala see?” pele a araba ka Mangolo lipotso tsa bona tse bolotsana. (Mat. 12:3, 5; 19:4; 21:16, 42; 22:31) Thuto e ’ngoe eo re ithutang eona mona ke hore haeba re bala ka sepheo se sa lokang, re ka etsa liqeto tse fosahetseng kapa ra sitoa ho utloisisa ntlha ka ho feletseng. Bafarisi ba ne ba bala Mangolo kahobane ba ne ba nahana hore ka ’ona ba ne ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a bontša hore moputso oo, ha o fuoe batho ba sa rateng Molimo le ba sa amoheleng tsela ea Hae ea poloko. (Joh. 5:39-43) Sepheo sa Bafarisi e ne e le sa boithati; kahoo, liqeto tsa bona tse ngata li ne li fosahetse.
Ho rata Jehova ke sona sepheo se molemohali seo re ka bang le sona bakeng sa ho bala Lentsoe la hae. Lerato leo le re susumelletsa ho ithuta thato ea Molimo, hobane lerato “le thabela ’nete.” (1 Bakor. 13:6) Esita le hoja pele re ne re sa rate ho bala, ho rata Jehova ka ‘kelello ea rōna eohle’ ho tla re susumelletsa ho sebelisa likelello tsa rōna ka matla hore re amohele tsebo ea Molimo. (Mat. 22:37) Lerato le tsosa thahasello ’me thahasello e susumelletsa motho ho ithuta.
Nahana ka Lebelo Leo U Balang ka Lona
Ho bala ho tsamaisana le ho ela lintho hloko. Feela joalokaha u ntse u bala hona joale, u ela mantsoe hloko le ho hopola moelelo oa ’ona. U ka eketsa lebelo leo u balang ka lona haeba u ntlafatsa mokhoa oa hao oa ho ela lintho hloko. Ho e-na le ho ema hore u shebe lentsoe le leng le le leng, leka ho bona mantsoe a ’maloa ka nako e le ’ngoe. Ha u ntse u hōlisa tsebo ena, u tla hlokomela hore u utloisisa seo u se balang ka mokhoa o hlakileng.
Leha ho le joalo, ha u bala boitsebiso bo tebileng haholoanyane, u ka eketsa melemo eo u e fumanang boitekong ba hao ka ho sebelisa mokhoa o fapaneng. Ha Jehova a eletsa Joshua ka ho bala ha hae Mangolo, o itse: “Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase.” (Josh. 1:8) Hangata motho o bua ka lentsoe le tlaase ha a thuisa. Ka hona, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ‘ho bala ka lentsoe le tlaase’ le boetse le fetoletsoe e le ho “thuisa.” (Pes. 63:6; 77:12; 143:5) Ha motho a thuisa, o nahana ka ho teba; ha a potlake. Ho bala ka mokhoa oa ho thuisa ho etsa hore Lentsoe la Molimo le be le tšusumetso e khōlō kelellong le pelong. Bibele e fupere boprofeta, keletso, maele, lithoko, liphatlalatso tsa kahlolo ea Molimo, lintlha tse qaqileng mabapi le morero oa Jehova le mehlala e mengata ea sebele—lintho tsena kaofela ke tsa bohlokoa ho ba batlang ho tsamaea litseleng tsa Jehova. Ke habohlokoa hakaakang hore u bale Bibele ka mokhoa o tla etsa hore e ame kelello le pelo ea hao ka ho teba!
Ithute ho Tsepamisa Mohopolo
Ha u ntse u bala, ipone u le sebakeng ka seng se boleloang. Leka ho bona batho bao ho buuoang ka bona ka leihlo la kelello ’me u nahane ka se etsahalang bophelong ba bona. Sena se batla se le bonolo ha u bala tlaleho e kang e mabapi le Davida le Goliathe, e tlalehiloeng ho 1 Samuele khaolo ea 17. Empa esita le litlaleho tse leng ho Exoda le Levitike tse mabapi le ho hahoa ha tabernakele kapa ho hlongoa ha boprista li tla bonahala li phela ha u bona ka mahlo a kelello litekanyo le thepa kapa u leka ho fofonela monko oa libano, lijo-thollo tse halikiloeng le liphoofolo tse neheloang e le linyehelo tsa secheso. Ak’u nahane hore na e tlameha ebe e ne e le ho hlollang hakaakang ho etsa mesebetsi ea boprista! (Luka 1:8-10) Ho etsa hore kelello ea hao le maikutlo li amehe ka tsela ena ho tla u thusa ho utloisisa bohlokoa ba seo u se balang ’me ho tla u thusa ho hopola.
Leha ho le joalo, haeba u se hlokolosi, kelello ea hao e ka ’na ea lelera ha u leka ho bala. Mahlo a hao a ka ’na a sheba leqephe, empa monahano oa hao o le hōle. Na u letsa ’mino? Na u buletse thelevishene? Na litho tsa lelapa li ntse li bua? Haeba ho ka khoneha, ho molemo haholo hore u balle sebakeng se khutsitseng. Leha ho le joalo, ke uena ea ka ipakelang litšitiso. Mohlomong u ne u phathahane haholo motšehare. Ho bonolo hakaakang ho pheta mesebetsi ea letsatsi ka kelellong ea hao! Ke ’nete hore ho molemo ho pheta liketsahalo tsa letsatsi—empa ha ua lokela ho etsa joalo ha u bala. Mohlomong u qala kelello ea hao e tsepame hantle, kapa u bile u qala kemiso ea hao ea ho bala ka thapelo. Empa joale ha u ntse u bala, kelello ea hao e tla qala ho lelera. Leka hape. Ikhalemele hore u tsepamise kelello ea hao boitsebisong boo u bo balang. Butle-butle, u tla bona ntlafatso.
U etsa joang ha u kopana le lentsoe leo u sa le utloisiseng? Mantsoe a mang a sa tloaelehang a ka ’na a hlalosoa kapa a tšohloa tabeng e ngotsoeng. Kapa mohlomong taba e potolohileng e ka u thusa ho hlalohanya moelelo oa ’ona. Haeba ho se joalo, iphe nako ea ho sheba lentsoe leo bukeng e hlalosang mantsoe haeba e le teng, kapa u tšoaee lentsoe leo e le hore hamorao u ka botsa e mong hore na le bolela’ng. Sena se tla eketsa pokello ea hao ea mantsoe ’me se u thuse ho utloisisa seo u se balang.
Ho Bala Phatlalatsa
Ha moapostola Pauluse a ne a bolella Timothea hore a tsoele pele ho ikitlaelletsa ho bala, ka ho toba Pauluse o ne a bua ka ho bala bakeng sa ho ruisa ba bang molemo. (1 Tim. 4:13) Ho bala phatlalatsa ka katleho ha ho akarelletse feela ho bitsa mantsoe a ngotsoeng leqepheng. ’Mali o lokela ho utloisisa moelelo oa mantsoe le ho hlalohanya mehopolo ea ’ona. Ke ka ho etsa joalo feela a ka fetisang mehopolo ka nepo le ho etsisa maikutlo ka nepo. Ntle ho pelaelo, sena se hloka tokisetso e feletseng le ho itlhakisa. Kahoo, Pauluse o ile a khothatsa ka ho re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.” U tla fumana thupelo ea bohlokoa e fanang ka tsebo ena Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
Iphe Nako ea ho Bala
“Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liprov. 21:5) Seo ke ’nete hakaakang ha ho tluoa takatsong ea rōna ea ho bala! Hore re fumane “molemo,” re lokela ho rera lintho ka hloko e le hore mesebetsi e meng e se ke ea sitisa ’malo oa rōna.
U bala neng? Na ho bala hoseng haholo ho u tsoela molemo? Kapa na u falimeha haholoanyane motšeharenyana? Haeba u ka behella ka thōko esita le metsotso e 15 ho isa ho e 20 letsatsi ka leng bakeng sa ho bala, u tla makala ho bona boholo ba seo u tla se finyella. Ntho ea bohlokoa ke ho etsa joalo kamehla.
Ke hobane’ng ha Jehova a khethile hore merero ea hae e phahameng e ngoloe bukeng? Lebaka e ne e le hore batho ba hlahlobe Lentsoe la hae le ngotsoeng. Sena se ba thusa ho hlahloba mesebetsi e hlollang ea Jehova, ho e bolella bana ba bona le ho hopola liketso tsa Molimo. (Pes. 78:5-7) Kananelo ea rōna bakeng sa mosa oa Jehova tabeng ena e bonahatsoa hantle haholo ke tsela eo re ikitlaelletsang ka eona ho bala Lentsoe la hae le fanang ka bophelo.
[Lebokose le leqepheng la 21]
LENANEO LA HAO LA HO BALA LE AKARELLETSA ENG?
• Na Bibele ke eona e hlahang pele lethathamong la hao?
• Na u bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla?
• Na u bala lingoliloeng tse ncha tsa ho ithuta Bibele hang feela ha u qeta ho li fumana?
• Ha u fuoa kopi ea hao ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, na u bala seo e se fupereng e le hore se u thuse tšebeletsong ea hao?
• Ke likhatiso tse kae tsa khale tsa Lipaki tsa Jehova tseo u seng u li balile?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Seo u se ballang bana ba hao se ka thusa ho bōpa botho ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mekhoa ea hao ea ho bala e ama khōlo ea hao ea moea
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ithute ho ba sebali sa phatlalatsa se tsebang ho itlhalosa hantle
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Tsoela pele u ikitlaelletsa ho bala phatlalatsa
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho bala hammoho ho etsa hore litho tsa lelapa li atamelane haholo