Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb12 maq. 88-163
  • Norway

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Norway
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
  • Lihloohoana
  • PEŌ EA ’MUSO E BEHA LITHOLOANA
  • HO FINYELLA LIBAKA TSE LING TSA NORWAY
  • BA BANG BA BO-PULA-MALIBOHO BA PELE
  • HO MATLAFATSA BARAB’ABO RŌNA
  • BA IKAKHELA KA SETOTSOANA PELE HO 1914
  • MOSEBETSI O HATELA PELE EMPA HO HLAHA MATHATA
  • LI TSOSOA MOLOTA
  • TLHOPHISO E MOLEMO LE MEHAHO E MECHA
  • MOKHATLO OA LIPAKI TSE MAFOLOFOLO
  • MOSEBETSI O HATELA PELE HANTLE BERGEN
  • BABOLELI BA CHESEHANG BA OSLO
  • ‘BA NANG LE TŠEKAMELO E NEPAHETSENG BAKENG SA BOPHELO BO SA FELENG’
  • “JOALE BOA KENA!”
  • LIKETSOANA LI BA THUSA HO BOKELLA BONGATA BO BOHOLO
  • MORALI’ABO RŌNA OA PULA-MALIBOHO EA CHESEHANG
  • HO LISA LINKU TSA MOLIMO
  • NTOA EA II EA LEFATŠE E RUTHUTHA NORWAY
  • HO NKELOA THEPA, HO TŠOAROA LE HO THIBELOA
  • LIPOKANO NAKONG EA THIBELO
  • MOSEBETSI O ETSOA KA SEKHUKHU
  • BA TSOELA PELE HO BOLELA
  • BA SEBELETSA JEHOVA BA MOMAHANE
  • MOKHATLO OA JEHOVA O HATELA PELE
  • HO KHOTHALLETSA TŠEBELETSO EA BOPULA-MALIBOHO
  • “BATŠOASI BA BATHO”
  • “RE ETSA MOSEBETSI OA BOHLOKOA”
  • LINYEOE TSA BOHLOKOA
  • LIKOPANO TSE SA LEBALEHENG
  • “HO PAKA KE BOPHELO BA RŌNA”
  • HO HLOKOMELA LINKU TSA JEHOVA
  • MASAMI A AMOHELA LITABA TSE MOLEMO
  • NAKO EA HO LETA KA TJANTJELLO
  • OFISI EA LEKALA E NCHA
  • HO POTLAKISA KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO
  • “SETSOALLE SA BARAB’ABO RŌNA SE TIILE LE HO FETA”
  • MOSEBETSI OA EKETSEHA BETHELE
  • BA SEBELETSA MOO BA HLILENG BA HLOKOANG
  • HO PAKA KA LIPUO TSE LING
  • LIKOMITI TSA BOHOKAHANYI LE LIPETLELE
  • HO TOBANA LE LITLHASELO TSE LONYA TSA MECHA EA LITABA
  • HO “ITOKISETSA LETSATSI LA JEHOVA”
  • BA HŌLETSE MALAPENG A LIPAKI TSA JEHOVA
  • HO LEBELLA LITŠEPISO TSA JEHOVA KA TUMELO
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
yb12 maq. 88-163

Norway

MOHLANKANA e mong o ne a palame sekepe a shebile lebōpo la Norway ka tjantjello e khōlō. Lebitso la hae e ne e le Knud Pederson Hammer. Pele e ne e le moruti oa kereke ea Baptiste e North Dakota, U.S.A. Selemo pele ho moo, Knud e ile ea e-ba e mong oa Liithuti Tsa Bibele (tseo kajeno e leng Lipaki Tsa Jehova). Lekhetlong lena, e leng ka 1892, o ne a khutlela naheng ea habo ho ea bolella metsoalle ea hae le beng ka eena litaba tse molemo.

Boholo ba baahi ba Norway ba limilione tse peli e ne e le litho tsa Kereke ea Lutere, e neng e nkoa e le kereke ea naha. Knud o ne a labalabela ho thusa batho ba Norway ba lipelo li ntle hore ba tsebe Molimo oa ’nete, e leng Jehova, le ho ba thusa hore ba utloisise hore Molimo enoa ea lerato ha a hlokofatse baetsalibe mollong oa lihele. O ne a boetse a batla ho ba bolella ka Puso e tlang ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, eo ho eona lefatše e tla ba paradeise.

Ha sekepe se atamela lebōpong, Knud o ile a shebisisa lithaba le likhohlo tsa naha ena e ntle haholo—e leng naha e mopatisane, e nang le lithaba tse phahameng, tse koahetsoeng ke lehloa, metsi a leoatle a entseng mechophoro e khahlehang e kenellang lipakeng tsa lithaba hammoho le meru e sabaletseng. O ile a lemoha hore ho tla ba boima hore a etele batho ba lulang metseng e qalikaneng, e nang le mebila e seng mekae hammoho le marokho a ’maloa. Le hoja batho ba bangata ba Norway ba ne ba lula metseng e ntseng e hōla, ba bang ba ne ba lula metseng ea mahaeng, metsaneng ea batšoasi ba litlhapi, kapa lihlekehlekeng tse ngata haholo tse qalikaneng, tse sikileng le lebōpo. Litholoana tsa mosebetsi oa boboleli oa Knud hammoho le tsela eo borapeli ba ’nete bo ileng ba hōla ka eona Norway ho sa tsotellehe mathata a boima, li matlafatsa tumelo ebile li khothatsa batho ba Molimo hohle moo ba leng teng.

PEŌ EA ’MUSO E BEHA LITHOLOANA

Le hoja ba bang motseng oa Skien, e leng hahabo Knud, ba ile ba thahasella molaetsa oa hae, ha aa ka a khona ho lula le bona nako e telele empa o ile a tlameha ho khutlela United States moo lelapa la hae le neng le lula teng. Leha ho le joalo, ka 1899 o ile a etela Norway hape, lekhetlong lena a kōpiloe ke Charles T. Russell, ea neng a tsamaisa mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele ka nako eo. Mor’abo rōna Russell o ne a batla hore Knud a thehe phutheho Norway. Knud o ile a tla a nkile libuka tse peli tse qalang tsa letoto la Millennial Dawn (eo hamorao e ileng ea bitsoa Studies in the Scriptures), e neng e fetoletsoe ka Sedanishe sa Norway. (Ka nako eo, Senorway se ngoloang se ne se tšoana le Sedanishe ’me libuka tsena li ka baloa ke batho ba Denmark le ba Norway.) Knud o ile a pakela batho ba bangata ’me a ba siela libuka, empa ka mor’a nako ho ile ha hlokahala hore a khutlele United States.

Selemong se latelang, Ingebret Andersen, ea neng a lula motsaneng o haufi le Skien, o ile a fumana buka eo ka nako eo e neng e bitsoa The Plan of the Ages, mohlomong ke e ’ngoe ea libuka tseo Knud a ileng a tla le tsona Norway. E ne e le khale Ingebret a thahasella ho tseba ka ‘ho tla ha Kreste ka lekhetlo la bobeli,’ ’me eena le mofumahali oa hae, e leng Berthe, ba ile ba hlolloa ke seo ba neng ba se bala. Ho e-s’o ee kae Ingebret o ile a qala ho pakela batho ba bang. O ne a bile a e-ea likerekeng ho ea bolella batho ka Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Hamorao o ile a etela batho ba neng ba thahasella, ’me ka mor’a nakoana ha thehoa phutheho ea Liithuti Tsa Bibele tse leshome tse mafolofolo motseng oa Skien.

Ha mong ka Knud a mo bolella boemo ba litaba phuthehong e nyenyane ea Skien, o ile a khutlela Norway ka 1904 ho ea batla Ingebret. Knud o ile a emisa monna e mong seterateng eaba o re ho eena, “Ebe ho na le motho ea bitsoang Ingebret Andersen motseng oo?” Monna eo o ile a re: “E o teng, ke eena ea ntseng a bua le uena.” Knud o ne a thabile hoo a ileng a bula sutuk’heise ea hae hona moo seterateng ho bontša Ingebret libuka tseo a tlileng le tsona. Ka sebele Ingebret o ne a thabetse ho kopana le Knud le ho bona likhatiso tseo tse ngata.

Knud o ile a bolella balumeli-’moho le eena ba Norway ka mokhatlo oa Jehova hammoho le ka mosebetsi oa boboleli. Ha a khutlela Canada, e leng moo lelapa la hae le neng le se le lula teng, Phutheho ea Skien e ne e khothalitsoe haholo hore e hatele pele.

HO FINYELLA LIBAKA TSE LING TSA NORWAY

Ha Fritiof Lindkvist, Viktor Feldt le E. R. Gundersen bao e neng e le barekisi ba libuka ba chesehang (baboleli ba nako e tletseng) ba fihla ka 1903, ba ile ba etsa tsoho la monna mosebetsing oa boboleli Norway. Fritiof o ile a lula motse-moholo oa Norway, e leng Kristiania (oo hona joale o bitsoang Oslo), ’me ka 1904 ntlo ea hae e ile ea e-ba ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower, moo ho neng ho sebetsanoa le liodara tsa lingoliloeng hammoho le lipeeletso tsa Zion’s Watch Tower.

Ho ella bofelong ba 1903, ha Mor’abo rōna Gundersen a ntse a bolela litaba tse molemo motseng oa Trondheim o bohareng ba Norway, o ile a pakela Lotte Holm, ea ileng a amohela lingoliloeng tse ’maloa. Hamorao Lotte o ile a ea hahabo tikolohong ea Narvik, e ka holim’a Arctic Circle, ’me ea e-ba mohoeletsi oa pele Norway leboea. Ka mor’a moo, Viktor Feldt o ile a ea Narvik ’me a thusa malapa a mang a mabeli hore e be Liithuti Tsa Bibele. A ile a ea ho Lotte, ’me ho e-s’o ee kae sehlopha sena se senyenyane se ne se se se bokana kamehla ho tla ithuta Bibele. Moena oa Lotte ea bitsoang Hallgerd, le eena o ile a amohela ’nete, ’me hamorao ka bobeli ea e-ba bo-pula-maliboho ba chesehang likarolong tse ngata tsa Norway.

Batho ba motseng oa Bergen ba ile ba arabela hantle haholo molaetseng oo Mor’abo rōna Feldt le Mor’abo rōna Gundersen ba neng ba o bolela ka 1904 le ka 1905. Zion’s Watch Tower ea March 1, 1905, e ile ea re: “Moruti ea hlaheletseng oa kereke ea Free Mission [ea Bergen] o se a utloisisa ka botlalo Kosepele ea ’nete ’me o e bolella matšoele a mo mamelang ka hloko kamehla.”

Moruti eo e ne e le Theodor Simonsen, eo hamorao a ileng a lelekoa Kerekeng ea Free Mission ka lebaka la ho ruta linnete tse babatsehang tse ncha tseo a neng a ithutile tsona likhatisong tsa rōna. Le hoja kereke e ile ea lahleheloa, Liithuti Tsa Bibele tsona li ile tsa una molemo. Mor’abo rōna Theodor o ne a ratoa ke batho ba Jehova haholo ebile e le sebui se hloahloa. Hamorao o ile a fallela Kristiania, moo ho neng ho e-na le phutheho ea Liithuti Tsa Bibele e ntseng e hōla.

BA BANG BA BO-PULA-MALIBOHO BA PELE

Hoo e ka bang ka 1905, ho ne ho e-na le liphutheho tsa Liithuti Tsa Bibele metseng e mene: Skien, Kristiania, Bergen le Narvik. Ho e-s’o ee kae, bahoeletsi ba ’maloa ba chesehang ba ile ba qala ho bula maliboho eaba ba isa litaba tse molemo likarolong tse ngata tsa naha. Bo-pula-maliboho bao ba pele e ne e le ba limelo tse thahasellisang.

Helga Hess ke eena morali’abo rōna oa pele oa pula-maliboho Norway. E ne e le khutsana ’me a lula Bergen, moo e ileng ea e-ba tichere ea sekolo sa Sontaha ha a le lilemo li 17. Ha Theodor Simonsen a le Kerekeng ea Free Mission, o ile a bua ka seo a ithutileng sona bukeng e ’ngoe ea Liithuti Tsa Bibele, eare ha Helga a utloa seo, a thahasella molaetsa eaba o qala ho bala libuka tseo. O ile a itokolla mosebetsing oa ho ba tichere ea sekolo sa Sontaha, ’me ka 1905, ha a le lilemo li 19, a qala ho bolela litaba tse molemo motseng oa Hamar le oa Gjøvik.

Ka 1908 mor’abo rōna oa pula-maliboho o ile a fumana Andreas Øiseth a ntse a ratha patsi polasing eabo e pel’a Kongsvinger eaba o mo siela buka ea The Divine Plan of the Ages. Andreas, ea neng a sa tsoa feta lilemo tse 20, o ile a rata seo a se balang eaba o kōpa hore a romeloe lingoliloeng tse eketsehileng. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a re e mong oa baena ba hae a hlokomele polasi eo, ’me eena a qala ho bula maliboho. Lilemong tse latelang tse robeli, o ile a bolela litaba tse molemo hoo e ka bang naheng eo kaofela. Qalong o ile a leba leboea, a tsamaea ka baesekele hlabula ’me mariha a tsamaea ka selei se thelelisang lehloeng. Eaba ha a fihla Tromsø, o leba boroa ’me a sebetsa metse eohle e sikileng le lebōpo la leoatle a ba a fihla Kristiania.

Anna Andersen oa motseng oa Rygge, o pel’a Moss, ke e mong oa bo-pula-maliboho ba pele. O qetile lilemo e le ofisiri ea Salvation Army ’me o ne a iteletse ho thusa batho ba hlokang. Hoo e ka bang ka 1907, o ile a bala likhatiso tse ling tsa rōna eaba oa lemoha hore o fumane ’nete. Ha a le Kristiansund o ile a kopana le ofisiri e ’ngoe ea Salvation Army, e bitsoang Hulda Andersen (eo e ileng ea e-ba oa ha Øiseth), ea ileng a rata ho tseba Bibele. Ho e-s’o ee kae, basali bao ba babeli ba ile ba nka leeto le lelelele ba leba leboea ka sekepe se tsamaeang pel’a lebōpo, se ileng sa ba fihlisa hōle koana Kirkenes, e haufi le moeli oa Russia. Ba ne ba theoha boema-kepeng bo bong le bo bong ebe ba tsamaisetsa batho lingoliloeng. Hoo e ka bang ka 1912, Anna e ile ea e-ba pula-maliboho. O ile a qeta lilemo tse mashome a haola le naha ka sekepe le ka baesekele, a fihla hoo e batlang e le toropong e ’ngoe le e ’ngoe ea Norway, a tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele. O ile a qeta nako e teletsana ka boroa motseng oa Kristiansand, moo a ileng a khatha tema e khōlō ho thusa phutheho e neng e ntse e hōla.

Karl Gunberg e ne e le ofisiri ea sesole sa metsing pele e e-ba Seithuti sa Bibele. O ne a ka ba lilemo li 35 ha a qala ho bula maliboho hoo e ka bang ka 1911, ’me mosebetsi oa hae oa boipheliso e le ho rupela basesisi ba likepe. Le hoja Karl e ne e le motho ea batlang a le sefahleho se thata, o ne a tumme ka ho ba mosa le ho rata ho soasoa. O ile a bolela litaba tse molemo ho pholletsa le Norway ho fihlela botsofaling ba hae, ’me tsebo eo a ileng a e fumana ha e ne e le ofisiri ea sesole sa metsing le ha e le morupeli oa basesisi ba likepe e ile ea thusa haholo mosebetsing oa ho hasa litaba tse molemo joalokaha re tla bona hamorao.

HO MATLAFATSA BARAB’ABO RŌNA

Ka October 1905, e bile thabo e khōlō ha ho tšoaroa kopano ea pele Kristiania. Ho ne ho e-na le batho ba ka bang 15, ’me ha kolobetsoa ba bararo. Ka 1906 ho ile ha tšoaroa kopano Bergen, ’me ho tloha ka 1909 ho ’nile ha hlophisoa likopano selemo le selemo; ho ne ho e-ba le libui tse tsoang Denmark, Finland le Sweden. Ba bang ba bara bao babo rōna ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi o tšoanang le oa balebeli ba potoloho ba kajeno.

Ntho eo barab’abo rōna ba neng ba e thabela ka ho fetisisa mehleng eo ke ho eteloa ke Mor’abo rōna Russell. Ka 1909 o ile a etela Bergen le Kristiania. Ruri bara le barali babo rōna ba ile ba thabela monyetla oa ho kopana le eena le ho mamela lipuo tsa hae! Ka 1911 ha Mor’abo rōna Russell a ba etela ka lekhetlo la bobeli, ho ile ha mengoa batho ba bangata, ’me bara le barali babo rōna ba 61 ba neng ba bokane ba ile ba thaba haholo ha ho e-ba le batho ba ka bang 1 200 ba mametseng puo ea phatlalatsa!

Ka mor’a lilemo tse tharo, Mor’abo rōna Russell o ile a abela Henry Bjørnestad hore a etele barab’abo rōna ba Norway le Sweden khafetsa e le molebeli oa potoloho oa pele oa Monorway.

BA IKAKHELA KA SETOTSOANA PELE HO 1914

Ka 1910 ho ile ha hatisoa letoto la lipampitšana tsa Peoples Pulpit, ’me tsa e-ba molemo mosebetsing oa boboleli. Li ile tsa thusa Liithuti Tsa Bibele tse ngata hore li ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli. Kaha bara le barali babo rōna ba ne ba ikemiselitse ho pepesa mashano a bolumeli le ho hlalosa linnete tsa Bibele, ba ile ba aba lipampitšana tse likete ntle ho tefo, ’me hangata li kenngoa ka har’a likoranta.

Liithuti Tsa Bibele li ne li labalabela ho bona hore na ho tla etsahala’ng ka 1914. The Time Is at Hand (e leng buka ea bobeli libukeng tsa Millennial Dawn) e ile ea bolela hore linako tsa Balichaba li tla fela ka 1914 ’me nakong eo ho ne ho tla ba le merusu le meferefere; ka mor’a moo, ’Muso oa Molimo o ne o tla qala ho busa. Liithuti Tsa Bibele li ne li boetse li lebeletse hore ka nako eo majalefa-’moho le Kreste a tla fumana moputso oa ’ona oa ho ea leholimong.

Taba ena e ne e sa tlohe melomong ea batho. Ka mohlala, mantsiboeeng a mang ka July 1914, Karl Kristiansen o ne a ntse a bina le sehlopha sa habo sa ’mino oa liletsa motseng oa Skien. Nakong ea khefu o ile a buisana le batho ba bang ho bao a neng a e-na le bona, a re: “Ho na le ntho e tla etsahala libekeng tse seng kae tse tlang. Qalong ho tla ba le ntoa, ebe batho ba fetohela mebuso, ka mor’a moo ho be le meferefere, ho ntan’o tla ’Muso oa Molimo.” Nakoana ka mor’a moo, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma, eaba batho ba tla ho Karl ba batla ho fumana tsebo e eketsehileng.

Ka 1914 ho ne ho e-na le Seithuti sa Bibele se le seng feela motseng oa Arendal, o boroa bo hōle ha u theosa le lebōpo la leoatle. Ka letsatsi le leng, morali enoa oabo rōna o ile a kopana le Mia Apesland seterateng eaba o mo bolella hore ho latela Bibele, ho tla ba le ntoa nakong ea lehoetla ka 1914. Mia o ile a re ho eena: “Ke tla lumela ha seo se ka etsahala.” Nakoana ka mor’a moo, ha Mia a bona seo morali’abo rōna a mo boleletseng sona se phethahala, o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ka hore a amohele ’nete. Mia le morali’abo rōna ea buileng le eena hammoho le ba bang ba ’maloa, e bile litho tsa pele tsa Phutheho ea Arendal.

MOSEBETSI O HATELA PELE EMPA HO HLAHA MATHATA

Hase lintho tsohle tseo Liithuti Tsa Bibele li neng li lebeletse hore li tla etsahala ka 1914 tse ileng tsa phethahala. Leha ho le joalo, li ile tsa tsoela pele ka cheseho mosebetsing oa boboleli. Ho tloha ka December 1914 ho fihlela hoo e ka bang bohareng ba 1915, batho ba bangata motseng oa Kristiania, oa Bergen, oa Trondheim, oa Skien, oa Arendal le oa Kristiansand ba ile ba fuoa bopaki bo babatsehang ka hore ba bontšoe baesekopo e boetseng e nang le liselaete e bitsoang “Photo-Drama of Creation.”

Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha mathata ka mor’a nako e seng kae. Fritiof Lindkvist, ea neng a ile a tsamaisa mosebetsi Norway hoo e ka bang ka lilemo tse leshome, o ile a kheloha ’me ka 1916 a furalla mokhatlo. Ka lebaka leo, lilemong tse seng kae tse latelang mosebetsi oa boboleli naheng ea Norway o ile oa tsamaisoa ke barab’abo rōna ba ikarabellang Sweden le Denmark. Ka 1921, Enok Öman o ile a fuoa boikarabelo ba hore a etelle pele mosebetsing oa boboleli Norway, e leng seo a ileng a se etsa ho fihlela ka 1945.

Ho ile ha boela ha e-ba le moferefere ha C. T. Russell a hlokahala ka 1916 ’me J. F. Rutherford a mo hlahlama e le motsamaisi oa mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele. Lintho tse ling tseo ho neng ho lebeletsoe hore li etsahale ka 1914 ha lia ka tsa etsahala. Ho feta moo, ho ile ha e-ba le liphetoho mokhatlong oa Jehova. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ile ba furalla mokhatlo. Seo se ile sa e-ba le liphello tse mpe haholo motseng oa Bergen, moo ka 1918 ho neng ho setse mor’abo rōna a le mong feela hammoho le barali babo rōna ba supileng ka phuthehong. Motseng oa Trondheim, ba bangata ba ile ba furalla phutheho, ’me sehlopha sa Kristiania le sona sa tlohela ho kopanela. Empa ho e-s’o ee kae, Jehova o ile a hlohonolofatsa ka ho enneng ba ileng ba tšehetsa mokhatlo oa hae ka botšepehi.

LI TSOSOA MOLOTA

Ka 1918 Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo e thahasellisang e nang le sehlooho se reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa.” Ho tloha ka 1920 ho fihlela ka 1925, puo ena e tsosang batho molota e ile ea fanoa lefatšeng lohle. A. H. Macmillan o ile a tloha ntlo-khōlō ea lefatše lohle New York ho tla fana ka puo ena metseng e ’maloa ea Norway. Ha a fihla Kristiania, holo ea univesithi e ne e tletse tsoete! ’me batho ba bangata ha baa ka ba khona ho kena. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Öman o ile a hloella holim’a lebokose le haufi le monyako eaba o bua ka lentsoe le phefa, o re: “Haeba le ka khutla ka mor’a hora le halofo, Macmillan o tla fana ka puo ena hape!” Ho ile ha fela ha e-ba joalo, batho ba ile ba boela ba tlala holo eo ho tla mamela Mor’abo rōna Macmillan ha a fana ka puo eo ka lekhetlo la bobeli. Ho ile ha feta lilemo tse ngata barab’abo rōna ba Manorway ba ntse ba fana ka puo eo ho pholletsa le naha. Ba likete ba ile ba mamela ka hloko mabaka a kholisang a Mangolo a hore batho ba bangata ba tla pholoha Armagedone ’me ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ba bangata ba ile ba boela ba fumana molaetsa ka ho bala bukana e nang le sehlooho se reng, Millions Now Living Will Never Die!

Ho tloha ka 1922 ho fihlela ka 1928, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa aba lipampitšana tse likete tse makholo, tse nang le liqeto tse amohetsoeng likopanong, joaloka e reng Phephetso ho Baeta-pele ba Lefatše, Temoso ho Bakreste Bohle le e reng Baruti Baa Qosoa. Liithuti Tsa Bibele tse ngata li ile tsa qala ho etsa mosebetsi oa boboleli ka hore li abe lipampitšana tseo.

Leha ho le joalo, batho ba ne ba sa kene ka bongata ka phuthehong. Le hoja bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba chesehang ba ne ba ikitlaelletsa ho bolela litaba tse molemo, batho ba bang ba ne ba hloka thuso e le hore ba etse ho eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Ho feta moo, likhatiso tse ngata li ne li sa ntse li fumaneha ka Sedanishe, Sedanishe sa Norway, kapa Seswedishe, empa li sa fumanehe ka Senorway. Ke eng e neng e ka etsoa ho potlakisa mosebetsi?

Bulletina ea Senorway ea April 1925, e ile ea etsa tsebiso e monate e reng: “Re romela likhatiso tsa pele tsa The Golden Age ea Senorway. Joale batho ba ka iketsetsa lipeeletso.” Khatiso eo ea March 1925 e ne e le ea The Golden Age, (eo kajeno e tsejoang e le Tsoha!). Ho e-s’o ee kae The Golden Age ea Senorway e ne e se e ajoa haholo, eseng feela Norway empa le Denmark. Ka 1936, ha lebitso la The Golden Age ea Senorway le fetoloa hore ebe Ny Verden (e bolelang Lefatše le Lecha), ho ne ho e-na le Manorway a 6 190 a entseng lipeeletso.

TLHOPHISO E MOLEMO LE MEHAHO E MECHA

Ka May 1925, Liithuti Tsa Bibele tse fetang 500 tse tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa Scandinavia li ile tsa bokana kopanong e neng e tšoaretsoe Örebro, Sweden. Kopanong eo Mor’abo rōna Rutherford o ile a etsa tsebiso e reng ho tla thehoa Ofisi ea Europe Leboea motseng oa Copenhagen, Denmark. William Dey ea tsoang London o ne a tla tsamaisa mosebetsi oa batho ba Molimo Denmark, Norway, Sweden, Finland le linaheng tsa Baltic. Ho ne ho tla ’ne ho be le molebeli naheng ka ’ngoe, ’me Enok Öman o ne a tla tsoela pele ka mosebetsi oo a neng a ntse a o etsa Norway.

William Dey, oa Scotland, e ne e le mor’abo rōna ea mahlahahlaha ea ileng a khatha tema e khōlō hore mosebetsi oa boboleli o etsoe ka potlako. O ne a khona ho hlophisa lintho, hape a khothatsa barab’abo rōna kaha o ne a le mosa a bile a beha mohlala o motle tšebeletsong. Ka September le October 1925, o ile a haola le Norway, a hlophisa mosebetsi oa liphutheho ho latela tataiso e tsoang ntlo-khōlō, ’me o ne a tolokeloa kaha o ne a bua Senyesemane. Mor’abo rōna Dey e bile molebeli oa Ofisi ea Europe Leboea ho fihlela ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma.

Ho ne ho se ho fetile nako barab’abo rōna ba ntse ba batla sebaka se loketseng seo ofisi ea Norway e ka bang ho sona. Ka 1925 mor’abo rōna ea neng a fumane lefa la chelete, o ile a reka mohaho o nang le mekato e meraro Oslo eaba o o rekisetsa mokhatlo ka chelete e ka etsang halofo ea theko ea oona. Ruri sena se etsahetse ka nako e loketseng! Mohaho ona o ile oa re tsoela molemo ho fihlela ka 1983.

MOKHATLO OA LIPAKI TSE MAFOLOFOLO

Ka 1931 ho ile ha nkoa bohato ba bohlokoa paleng ea bahlanka ba Molimo lefatšeng ka bophara. Selemong seo ba ile ba amohela lebitso le lecha—e leng la Lipaki Tsa Jehova. Mor’abo rōna Öman o ile a re: “Ha re amohela lebitso la rōna le lecha, kaofela re ile ra re rao! eaba ka cheseho e khōlō re re: ‘Ja’ [e bolelang, E].” Bara le barali babo rōna ba ne ba thabetse ho bitsoa ka lebitso le ka Mangolong, ’me ba ikemiselitse ho phelela lebitso leo.

Ho ne ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa boboleli oo barab’abo rōna ba Norway ba neng ba o etsa ka mahlahahlaha. Ka karolelano palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ho tloha ho ba 15 ka 1918 ho ea ho ba 328 ka 1938. Batho ba Jehova e ne e se feela Liithuti Tsa Bibele; empa e ne e le lipaki tse mafolofolo.

E mong oa batho ba neng ba beha mohlala ke Even Gundersrud, ea kolobelitsoeng ka 1917, ea neng a kopanela le Phutheho ea Skien. Qalong, mosali oa hae o ne a leka ho mo sitisa ho ea libokeng ka hore a pate lieta tsa hae. Seo ha sea ka sa mo thibela ho ea libokeng, empa o ne a ea a sa roala lieta! Ka lekhetlo le leng mosali oa hae o ile a notlella Even ka kamoreng, empa a tsoa ka fensetere. Le hoja mosali oa Even a ne a etsa makhobonthithi ’ohle ho mo thibela ho ea libokeng, ha aa ka a atleha. Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, Even o ile a tsoela pele ho tšoara mosali oa hae ka mosa. Eaba o qala ho hlajoa ke lihlong hore ebe monna oa hae o tsamaea motseng ka maoto. Kaha o ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Even a nka liboka e le tsa bohlokoa hakaalo, o ile a qala ho tsamaea le eena. Qetellong le eena e ile ea e-ba Paki ea Jehova.

Phutheho ea Skien ke mohlala feela oa hore na liphutheho li ne li cheseha hakae mehleng eo. Barab’abo rōna ba moo ba ne ba bolela litaba tse molemo haholo metseng le metsaneng e haufi, hammoho le libakeng tsa mahaeng. Nakong ea mafelo-beke ba ne ba atisa ho tsamaea ka literaka le liketsoana, ba bolela litaba tse molemo ba bile ba hlophisa liboka. Ho e-s’o ee kae, sebakeng seo ho ile ha thehoa lihlopha hammoho le liphutheho. Liphutheho tse ling le tsona li ne li le maphathaphathe mosebetsing oa Molimo.

MOSEBETSI O HATELA PELE HANTLE BERGEN

E mong oa bahoeletsi ba neng ba le mafolofolo tikolohong ea Bergen ke Torkel Ringereide. Ka 1918 o ile a fumana bukana e hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele. O ile a batla Mor’abo rōna Dahl, eo ka nako eo e neng e le eena feela mor’abo rōna Phuthehong ea Bergen. Mor’abo rōna Dahl o ne a tšoarela liboka lapeng ha hae le litho tse ling tsa phutheho, e leng baralib’abo rōna ba supileng. E mong oa bona ke Helga Hess eo ho builoeng ka eena pejana, ea neng a khutletse Bergen. Torkel e ile ea e-ba setho sa phutheho ena e nyenyane, ’me ka 1919 a nyala Helga.

Torkel e ne e le monna ea sebete ea nang le lentsoe le matla. Ho fetile lilemo tse ngata e le eena feela sebui sa phatlalatsa phuthehong eo. Ho ne ho tloaelehile hore Sontaha se seng le se seng a fane ka puo, a sa hlathe koana le koana ha a pepesa boikaketsi ba baruti le lithuto tsa bona tsa bohata. Hangata lihlooho tsa lipuo tseo a neng a tla fana ka tsona li ne li phatlalatsoa likoranteng ’me palo ea ba thahasellang ba tlang libokeng e feta hōle ea Liithuti Tsa Bibele tsa sebakeng seo.

Torkel o ne a khothatsa bamameli ba hae hore ba bolelle batho ba bang ’nete. Ka 1932, Nils Raae o ne a le har’a bamameli ba ileng ba utloa khothatso eo. Nils o ne a se a e-na le selemo a tseba ’nete, empa a le lesisitheho ho bolela litaba tse molemo. Phutheho e ne e le mothating oa ho qala letšolo le leholo la ho tsamaisa bukana ea The Kingdom, the Hope of the World ’me Torkel o ile a fana ka puo e bontšang hore ke habohlokoa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Nils o ile a re: “Puo eo e bile matla, ’me e ile ea ntsosa molota.” Torkel o ile a phetha puo ea hae ka ho qotsa mantsoe a Jehova a lengolong la Esaia 6:8, a reng: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Ka mor’a moo Torkel o ile a re: “E se eka kaofela re ka arabela joaloka Esaia ea ileng a re: ‘Ke ’na enoa! Roma ’na’!” Khothatso ena ke eona ntho eo Nils le mosali oa hae ba neng ba e hloka. Ha baa ka ba hlola ba tsilatsila, empa ba ile ba qala ho ea tšimong.

Bara le barali babo rōna ba ne ba atisa ho ea ha Torkel le Helga. Ba ne ba lula ba buisana ka lithuto tsa ’nete, ’me sena e bile mohloli oa khothatso e khōlō ho bahoeletsi ba bacha le ba banyenyane lilemong. Hangata bahoeletsi ba Bergen ba ne ba ea literekeng tse haufi ho ea bolela litaba tse molemo ba tsamaea ka seketsoana le teraka. Ka mor’a moo, ba ne ba kopana ho tla pheta liphihlelo ’me ho e-ba monate.

BABOLELI BA CHESEHANG BA OSLO

Lilemong tsa bo-1920 le bo-1930, mosebetsi oa boboleli o ne o atleha le tikolohong ea Oslo. E mong oa bahoeletsi ba moo e ne e le Olaf Skau, ea kolobelitsoeng ka 1923. Ka 1927 o ile a khethoa hore e be motsamaisi oa tšebeletso ka phuthehong, ’me a qeta lilemo tse mashome e le molebeli ea mahlahahlaha le ea lerato. O ne a hlophisa mosebetsi oa boboleli Oslo a bile a lokisetsa hore ha e le mafelo-beke bahoeletsi ba e’o bolela litaba tse molemo libakeng tse potolohileng motse-moholo ba tsamaea ka bese kapa ka teraka. O ne a sebetsa ho fihlela bosiu a etsa limmapa a bile a hlophisa matšolo a ho bolela litaba tse molemo.

Bahoeletsi ba Oslo ba ne ba bolela litaba tse molemo metseng le libakeng tsa mahaeng, ba tloha Halden le Fredrikstad ba ea ka boroa ho Oslo ba be ba e’o fihla Hamar ka leboea; ba tloha Kongsvinger ba leba ka bochabela ho motse ba be ba e’o fihla Drammen le Hønefoss ka bophirimela. Bahoeletsi ba ne ba fihla tšimong hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng ’me ba bolela ka ntlo le ntlo letsatsi lohle. Hangata maetong ao, ba ne ba boetse ba hlophisa liboka tsa phatlalatsa. Ka ho etsa joalo ba ile ba khatha tema e khōlō hore ho thehoe lihlopha le liphutheho tse ncha ’me bara le barali babo rōna ba ’maloa ba neng ba lula libakeng tseo ba ne ba ananela tokisetso eo haholo. Letšolong le leng le ileng la nka matsatsi a robong ka 1935, bahoeletsi ba 76 ba Oslo ba ile ba tsamaisa libukana tse 13 313, e leng se bolelang hore ka karolelano mohoeletsi ka mong o ne a tsamaisitse libukana tse fetang 175!

Mosali oa Olaf, e leng Esther, o ne a tšoeroe ke ramatiki ’me a tlameha ho tsamaea ka setulo sa likooa. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba ne ba rata ho ba chakela. Hangata ho ne ho pheha Olaf ’me o ne a tumme ka ho apeha mapheo a khōhō a lutlisang mathe. Empa ntho eo Lipaki tse ngata tsa khale li ntseng li e hopola ke lipokano tse khothatsang moeeng, ho buisana ka litaba tse thahasellisang tsa Mangolo le ho botsana lipotso tsa Bibele ha li le ha Mor’abo rōna Skau. Ragnhild Simonsen o re: “Kamehla re ne re tloha ha Skau lipelo tsa rōna li tletse thabo.”

‘BA NANG LE TŠEKAMELO E NEPAHETSENG BAKENG SA BOPHELO BO SA FELENG’

Mehleng ea khale batho ba ne ba thahasella bolumeli haholo ba bile ba tseba Bibele ho feta batho ba kajeno. Ba bangata ba ne ba ikemiselitse ho buisana ka Mangolo, ’me joaloka lekholong la pele la lilemo, ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng e ile ea e-ba balumeli.’—Lik. 13:48.

Durdei Hamre ke e mong oa batho bao. Ka 1924 o ile a fumana bukana ’me a sesa bosiu a ntse a e bala. Hamorao o ile a re: “Ke robetse ke le Mopentekonta, empa ha ke tsoha ke ne ke le Paki ea Jehova.”

Mahareng a lilemo tsa bo-1920, e mong oa bara ba robeli ba Fjelltvedt o ile a mamela puo ea phatlalatsa e mabapi le mollo oa lihele eaba o fuoa bukana e tšohlang taba eo. Seo a ileng a se bala se ile sa mo kholisa hore thuto ea mollo oa lihele ke leshano. Nakoana ka mor’a moo, ha ba bokane polasing habo bona, ka thabo o ile a bolella barab’abo ba supileng hammoho le likhaitseli tsa hae tse tharo seo a ithutileng sona. Ba ile ba buisana ka bukana eo ho fihlela bosiu haholo. Nakoana ka mor’a moo, banab’abo kaofela hammoho le boholo ba balekane ba bona e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele. Hamorao, bana ba bona ba bangata hammoho le litloholo e ile ea e-ba bahoeletsi ba chesehang, ’me ba bang ba bona ba isa litaba tse molemo libakeng tse ling.

Ka 1936, ho ile ha hlaka hore batho ba thahasella litaba tsa bolumeli ha M. A. Howlett ea tsoang ntlo-khōlō ea lefatše lohle e New York e le sebui likopanong tse neng li tšoaretsoe Bergen le Oslo. Ho ba 810 ba ileng ba mamela puo ea phatlalatsa kopanong ea Bergen, ho ne ho e-na le baruti hammoho le mobishopo. Ke ba 125 feela bao e neng e le Lipaki. Oslo teng, moo ho neng ho bokane Lipaki tse 140, batho ba 1 014 ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa!

“JOALE BOA KENA!”

Ruri Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thaba ka 1935 ha ho hlakisoa hore na “bongata bo boholo,” boo ho buuoang ka bona ho Tšenolo 7:9-17 ke bo-mang. Batho ba Molimo ba ile ba thabela ho tseba hore barapeli ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise ba ka sebetsa hammoho le masala a batlotsuoa e le bahlanka ba inehetseng ba Jehova. Ho tloha selemong seo ho ea pele, mosebetsi oa boboleli o ile oa etsoa ka sepheo sa ho bokella bongata bo boholo bo tla pholoha “matšoenyehong a maholo.” Ona ke mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa ho bokella barapeli ba ’nete o kileng oa etsoa.

Ka 1935 bo-pula-maliboho ba bang ba neng ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong ba ne ba bolela litaba tse molemo sebakeng se seng sa mahaeng se haufi le Lillehammer. John Johansen eo ka nako eo a neng a le lilemo li leshome, o ne a mametse ka tsebe e lethoethoe ha bo-pula-maliboho bao ba bolella lelapa labo ka morero oa Molimo oa ho etsa lefatše paradeise. Ha a se a le lilemo li 13, o ile a labalabela ho bolella ba bang tšepo ena e mo thabisang hoo a ileng a kōpa ntat’ae hore a mo alime mokotla eaba o il’o bolella baahelani litaba tse molemo a le mong too! Hona joale ka mor’a lilemo tse 70, John le mohats’ae Edith, ba ntse ba bolela litaba tse molemo ka cheseho, ’me ba motlotlo hore ebe ho theosa le lilemo tsena, ba bile le seabo ho thuseng ba bacha hore ba phallele ka phuthehong.

Ka letsatsi le leng ka 1937, mor’abo rōna e mong o ne a le ha Olaf Rød ’me ba buisana ka bongata bo boholo. E ne e le bona feela Lipaki motseng oa Haugesund, ’me ba ipotsa hore na mosebetsi ona oa motonanahali oa ho bokella o tla etsoa joang. Motho e mong o ile a kokota ka tšohanyetso. Ha Olaf a bula lemati, o ile a fumana Alfred Trengereid. O ne a fumane Molula-Qhooa ’me a o balile a bile a ratile seo a se balileng. Ha aa ka a senya nako, empa o ile a palama seketsoana sa hae eaba o leba Haugesund, ho ea batla lingoliloeng ho monna eo a neng a tseba hore ke Paki, ea bitsoang Olaf. Olaf o ile a hlolloa. Eaba o re ka pelong: ‘Joale boa kena!’ ’Me bo ile ba hla ba kena, le hoja e se ka tsela e tšoanang ebile e se ka nako e le ’ngoe. Alfred e ile ea e-ba mor’abo rōna ’me ha latela ba bang ba bangata sebakeng seo ba ileng ba nka khato ha ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso.

LIKETSOANA LI BA THUSA HO BOKELLA BONGATA BO BOHOLO

Ha mosebetsi oa boboleli o qala Norway, ho ne ho le thata ho nahana hore na litaba tse molemo li tla fihla joang ho baahi ba lihlekehlekeng tse ngata le ba lulang libakeng tse ka thōko tse haufi le leoatle. Ka lebaka leo, ka 1928 ofisi ea lekala e ile ea reka seketsoana se tsamaeang ka enjene, se ka palamisang bo-pula-maliboho ba babeli kapa ba bararo ’me se le matla hoo se ka tsoelipanang le lebōpo la Norway le matsoelintsoeke. Ebe ke mang ea neng a ka tšoaneleha hore a khanne sekepe sa mofuta oo? Karl Gunberg, e leng pula-maliboho eo e neng e le khale a li bona, o ile a ithaopa. Kaha o ne a kile a sebetsa lebothong la metsing ebile e le morupeli oa basesisi ba likepe, tsebo ea hae e ile ea e-ba molemo haholo. Seketsoana sa pele, se neng se bitsoa Elihu, se ile sa tloha Oslo, sa leba boroa, ’me sa tsamaea se ema likoung tse sikileng le lebōpo. Leha ho le joalo, mariheng a 1929 ho ile ha tsoha sefefo bosiu se ileng sa soahlamanya Elihu haufi le Stavanger. Bohle ba ile ba leboha ha barab’abo rōna ba palameng sekepe seo ba fihla lebōpong ba sa tsoa kotsi.

Ka 1931 barab’abo rōna ba ile ba fumana seketsoana se seng, seo ba ileng ba se reha Ester. Karl o ile a boela a tsamaea ka sona a thusoa ke barab’abo rōna ba bang ba babeli. Ka lilemo tse latelang tse supileng Ester e ile ea tsamaea libakeng tsohle tsa Norway tse ka bophirimela le ka leboea. Ka 1932, Karl o ile a lemoha hore “tšiu li ile ’me a ke ke a hlola a nka maeto a mang ka sekepe.” Kahoo o ile a beha meja fatše ’me a qala ho bula maliboho Norway bochabela eaba o siea sekepe matsohong a Johannes Kårstad. Ka 1938 seketsoana se bitsoang Ruth se ile sa nkela Ester sebaka, ’me sona sa sebelisoa ho fihlela ka 1940, ha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ka likepe o emisa ka lebaka la Ntoa ea II ea Lefatše. Bo-pula-maliboho ba neng ba tsamaea ka likepe ba ne ba sebelitse tšimo e khōlō ’me ba tsamaisitse lingoliloeng tse ngata. Ka 1939 barab’abo rōna ba babeli ba neng ba tsamaea ka Ruth, e leng Andreas Hope le Magnus Randal, ba ile ba tlaleha hore ka nako e ka etsang selemo feela, ba tsamaisitse libuka, libukana le limakasine tse fetang 16 000, ba ba ba letsa lipuo ka keramafono ka makhetlo a 1 072 ’me tsa mameloa ke batho ba 2 531.

Ntle ho liphihlelo tse ngata tse monate tseo barab’abo rōna ba tsamaeang ka likepe ba bileng le tsona mosebetsing oa boboleli, ba ne ba boha botle bo hlollang ba tlhaho. Andreas Hope o ile a re: “Letsatsi le letsatsi re ne re leba leboea, re kena re tsoa ka har’a mechophoro ea leoatle, re potoloha lihloahloa tse phahameng. Botle ba sebaka sena se se nang baahi e ne e le bo hlollang.” Nakong ea mariha, ha ba le ka leboea ho Arctic Circle, ba ne ba hlolloa ke “mahlaseli a mebala-bala a libakeng tse ka leboea [aurora borealis].” Hlabula teng ba ne ba hlolloa ke “khanya ea letsatsi har’a mp’a bosiu.”

MORALI’ABO RŌNA OA PULA-MALIBOHO EA CHESEHANG

Lilemong tsa bo-1930, palo ea bo-pula-maliboho e ile ea eketseha ka sekhahla. Kaha ba ne ba e-na le lintho tse seng kae feela, ba ne ba lokela ho qheqhebisa ka tsona, empa ba ile ba sebetsa tšimo e khōlō, ba bolela litaba tse molemo ’me ba tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele. Cheseho ea bona e matla e ile ea rala motheo o tiileng oa hore hamorao ho be le keketseho.

Ka mohlala, Solveig Løvås (ea ileng a nyaloa ha Stormyr) oa Oslo, o ne a ntse a batla ’nete ’me a bile teng litšebeletsong tsa likereke tse sa tšoaneng. Ka letsatsi le leng o ile a ea sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova eaba oa lemoha hore o fumane ’nete ea Bibele. O ile a kolobetsoa ka 1933, ’me lilemo tse peli hamorao a ea Norway leboea ho ea bula maliboho. Le hoja Solveig a ne a hlotsa ka lebaka la ho tšoaroa ke polio, o ile a bolela litaba tse molemo metseng e mengata, litoropong, metsaneng ea batšoasi ba litlhapi le libakeng tse ling tse ka boroa ho Bodø ho ea fihla Kirkenes ’me a etsa seo ka lilemo tse tšeletseng. Batho ba likete ba ile ba amohela lingoliloeng tsa Bibele. Ka selemo se le seng feela, Solveig o ile a fumana lipeeletso tse fetang 1 100 tsa limakasine tsa rōna!

Motho e mong ea ileng a bontša thahasello e khōlō molaetseng oa Solveig ke ’metli oa mapolanka ea bitsoang Dag Jensen ea neng a lula motsaneng oa Hennes o sehlekehlekeng sa Vesterålen. O ne a qetile lilemo tse ngata a fumana lingoliloeng tsa rōna ho batho ba bang ba thahasellang. Ha Solveig a kopana le Dag, o ile a mo etsetsa peeletso ea limakasine ’me a fetela masimong a mang ho ea paka. Dag o ile a qala ho bolela litaba tse molemo a le mong, ’me ha batho ba thahasella, o ne a ba alima lingoliloeng tse ’maloa tseo a neng a e-na le tsona.

Ha Solveig a le sehlekehlekeng sa Andøya, o ile a ea mok’huk’hung o mong moo a ileng a fumana sehlopha sa banna ba shahlileng ba tšoasang litlhapi. O ile a ba pakela ka sebete, a ba letsetsa lipuo ka keramafono ’me a buella lipeeletso tsa limakasine. E mong oa batšoasi bao ba litlhapi e ne e le mohlankana ea bitsoang Frits Madsen ea ileng a thahasella ’me a etsa peeletso ea limakasine tsa rōna. Ha Solveig a qetile tšimo e itseng, o ne a fetela pele. Bo-pula-maliboho ba ne ba sebetsa ka tsela eo, ba bolela litaba tse molemo, ba fumana batho ba thahasellang, ba ba siela lingoliloeng, ba ba etsetsa lipeeletso ebe ba fetela masimong a macha. Ebe batho baa bohle ba thahasellang ba ne ba ka thusoa joang?

HO LISA LINKU TSA MOLIMO

Ka January 1939 ho ile ha qala tokisetso e ncha eo balebeli ba potoloho ba neng ba tla sebetsa ka eona. Norway e ile ea aroloa ka libaka kapa lipotoloho tse ’nè. Balebeli ba potoloho (bao mehleng eo ba neng ba bitsoa bahlanka ba libaka) ba ne ba lokela ho qeta nako e ngata sebakeng ka seng ho feta pele. Ba ne ba ikitlaelletsa ho thusa liphutheho, ho theha liphutheho tse ncha le ho thusa batho ba thahasellang hore ba qale ho ea tšebeletsong ea tšimo. Andreas Kvinge o ile a khethoa hore e be molebeli oa potoloho Potolohong ea 4, e leng sebaka se neng se le bohōle ba lik’hilomithara tse 2 600, ho tloha Florø ho ea Kirkenes. Ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo feela sebakeng sena se sabaletseng, e leng ea Trondheim, ea Namsos le ea Narvik. Empa o ne a boetse a lokela ho etela bahoeletsi ba lulang libakeng tse qalikaneng le lihlopha tse ka thōko hammoho le batho ba entseng lipeeletso tsa limakasine.

Andreas le mosali oa hae, Sigrid ba ne ba tsamaea ka baesekele ha ba ea libakeng tse ka leboea. O ne a leka ho thusa bahoeletsi le batho ba thahasellang hore ba hatele pele. Bo-pula-maliboho ba kang Solveig Løvås ba ile ba fa Andreas boitsebiso bo eketsehileng mabapi le batho ba thahasellang ba neng ba hloka ho thusoa moeeng. Ka mohlala, o ile a mo bolella ka Dag Jensen oa motseng oa Hennes le Frits Madsen oa sehlekehlekeng sa Andøya.

Ha Andreas a hopola se ileng sa etsahala ha a qala ho kopana le Dag ka 1940, o re: “O ne a ntse a beola litelu, ’me sefahleho sa hae se tletse lekoeba. Le ka mohla nke ke ka lebala kamoo mahlo a hae a neng a phatsima kateng ka har’a lekoeba. O ile a ba a lebala hore o ntse a beola litelu.” Andreas o ile a thusa Dag hore a hatele pele moeeng. Dag o ne a le mahlahahlaha, ’me kapele feela o ile a thusa mosali oa hae, Anna, hammoho le metsoalle le beng ka eena ba bangata hore ba ithute ’nete.

Motsaneng oa Bleik o sehlekehlekeng sa Andøya, Andreas o ile a batla mohlankana eane ea tšoasang litlhapi eo lebitso la hae e leng Frits Madsen. Andreas o ile a thusa Frits le mosali oa hae, kahoo banyalani bana e bile litho tsa pele tsa phutheho e ileng ea thehoa hamorao motsaneng oo. Libakeng tse ling tse ngata, Andreas le mosali oa hae ba ile ba etela batho ba neng ba fumanoe ke Solveig le bo-pula-maliboho ba bang ba sebetsang ka thata. Andreas le balebeli ba bang ba potoloho ba ne ba hlophisa liboka ba bile ba theha liphutheho. Feela joaloka phuthehong ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, batho ba bang ba Norway ba ne ba lema ’me ba bang ba nosetsa; empa ke ‘Molimo ea neng a ntse a hōlisa’ ka tsela e hlollang.—1 Bakor. 3:6.

NTOA EA II EA LEFATŠE E RUTHUTHA NORWAY

Ka April 1940, Norway e ile ea tlameha ho kena Ntoeng ea II ea Lefatše ha mabotho a Majeremane a e hlasela. Ka mor’a matsatsi a 62 feela ntoa e kupa, naha ena kaofela e ile ea e-ba taolong ea Manazi a Jeremane. Ka nako eo litoropo tse ngata li ne li ruthuthoa ka libomo tse matla. Matsatsi a ’maloa ka mor’a hore naha e hlaseloe, Magestapo a ile a tšoara molebeli oa lekala, e leng Enok Öman, eaba a mo koalla chankaneng beke kaofela. Ka mor’a hore liofisiri li mo hlome lipotso ka nako e khutšoanyane, li ile tsa mo lokolla. Libeke tse seng kae hamorao, Magestapo a ile a boela a mo tšoara hore a e’o mo hloma lipotso.

Barab’abo rōna ba ne ba tšaba hore Manazi a tla ba isa likampong tsa mahloriso, e leng se neng se etsoa Jeremane. Empa Manazi ha aa ka a etsa joalo, kahoo bahoeletsi ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka boikemisetso le ka cheseho. Ha e le hantle, batho ba ne ba bonahala ba thabela litaba tse molemo haholo ka lebaka la ntoa, ’me bahoeletsi ba ile ba qala lithuto tse ngata tsa lehae tsa Bibele. Barab’abo rōna ba ne ba ntse ba fumana Molula-Qhooa oa Sedanishe o tsoang Denmark, ’me Consolation (Ny Verden) e ntse e hatisoa ka Senorway. Ba ne ba boetse ba tšoara liboka le likopano, ’me ho makatsang ke hore palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha.

HO NKELOA THEPA, HO TŠOAROA LE HO THIBELOA

Empa mathata a ne a e-s’o fele. Mapolesa a Majeremane a ile a boela a tla ofising ea lekala, a batla lingoliloeng, ’me a hloma Mor’abo rōna Öman lipotso. Bofelong ba 1940, a ile a nkela barab’abo rōna setoko sa buka ea Lira ka lebaka la seo buka eo e neng e se buile ka Bofascista le Bonazi. Mathoasong a 1941 mapolesa a ile a tšoara bo-pula-maliboho ba bangata ’me a ba hloma lipotso. Ka linako tse ling, Manazi a Majeremane le a Manorway a ne a e-ba teng libokeng e le limpimpi tse hloelang liphutheho. Ka mor’a moo, ba boholong pusong ea Manazi ba ile ba ea ofising ho ea nkela barab’abo rōna setoko sa bukana ea Fascism or Freedom le ea Government and Peace.

Ka July 1941, Magestapo a ile a thakhola letšolo la tšohanyetso naheng ka bophara, e le hore a emise mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo Norway. Mapolesa a mahlano a Majeremane a ile a tla Bethele, a nkela barab’abo rōna lingoliloeng tse neng li setse, eaba a isa basebeletsi ba lelapa la Bethele ntlo-khōlō ea sepolesa hore a e’o ba hloma lipotso. Mor’abo rōna Öman o ne a lokela ho itlaleha sepoleseng sa Naha letsatsi le letsatsi ’me sena o ile a se etsa ka libeke tse 12.

Letšolong le leng le neng le hlophisitsoe hantle, Magestapo a ile a hlasela malapa a barab’abo rōna ba ikarabellang eaba a ba nkela lingoliloeng tsohle tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. A ile a ba bolella hore a tla ba isa likampong tsa mahloriso haeba ba sa khaotse ho bolela litaba tse molemo. Magestapo a ile a tšoara ba bang ba bara le barali babo rōna eaba a ba koalla ka matsatsi a ’maloa.

Motseng oa Moss mapolesa a ile a ea ha Sigurd Roos eaba a mo nkela lingoliloeng. A ile a tšoara Sigurd le mosali oa hae hammoho le mor’abo rōna e mong. A ba laela hore ba khaotse ho bolela litaba tse molemo le ho sebelisa lebitso la Jehova. Bahoeletsi bana ba ile ba hlalosa hore ba ke ke ba khaotsa ho ruta ka Jehova le ka ’Muso oa hae. Qetellong, mapolesa ao a ile a re: “Hoa bonahala hore re ke ke ra etsa hore le koenehele tumelo ea lōna.” Ka mor’a lihora tse ’maloa, a ile a lokolla bahoeletsi bao ba tiileng tumelong.

Manazi a ile a boela a ea ha Olaf Skau, motseng oa Oslo. A phenyekolla ntlo ea hae ’me a nka Libibele, lingoliloeng le likeramafono. A ile a ba a koala k’habote ea Olaf ea libuka ka thata ’me a e siea. Mapolesa ao ha aa ka a fumana likarete tsa litlaleho tsa bahoeletsi, tse neng li patiloe ka ontong. Hamorao Manazi a ile a khutla ka teraka ho tla lata libuka tseo. A ne a eteletsoe pele ke Molefothenente oa SS, ea bitsoang Klaus Grossmann, eo e neng e le Lenazi le tšajoang. Ha Olaf a botsa Grossmann hore na ba il’o etsa’ng ka lingoliloeng tseo tsa Bibele, o ile a re ba il’o li sila ebe ba li luba ka metsi.

Mor’abo rōna Skau o ile a re: “E le hore ha u tšabe Jehova ho hang?”

Lenazi leo le ile la araba ka boikakaso la re: “Jehova a itlhokomele!” Ha Manazi a inehela ka mor’a lilemo tse ’nè, Grossmann o ile a ipolaea.

Ka July 1941, Magestapo a ile a tšoara Andreas Kvinge motseng oa Bodø eaba a mo botsa hore na a ka fumana Lipaki tsa Norway leboea hokae. Andreas o ile a ipuela ’nete feela, a re: “Ha ke tsebe hore na hona joale li hokae.” U ka inahanela hore na Andreas o ile a ikutloa joang nakong eo a ntseng a hlongoa lipotso, ha mapolesa a jala lintho tsohle tse ka mokotleng oa hae fatše, tse akhang lipampiri tse nang le mabitso a liphutheho le liaterese tsa tsona, mabitso a bahlanka ba liphutheho hammoho le a batho ba thahasellang. Leha ho le joalo, Andreas o ile a imoloha haholo ha a bona hore ha ho na ea tsotellang lipampiri tseo. Seo Magestapo a neng a hlile a se batla ke hore Andreas a saene seteitemente seo ho sona a lumelang hore mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o thibetsoe ebile ha ho na motho ea lumeletsoeng ho ba Paki ea Jehova.

Ha Andreas a araba o ile a re: “Rea tseba hore hona joale mosebetsi oa rōna o thibetsoe, kahoo nka saena ho bontša hore seo sona kea se tseba. Empa le hoja re thibetsoe ho tšoara liboka le ho aba limakasine le libuka, re tla tsoela pele ho sebelisa Bibele le ho bua le batho ka ’Muso oa Molimo.” Ha Magestapo a bona hore Andreas a ke ke a inehela, a ile a mo lokolla.

Qetellong, ba boholong pusong ea Manazi ba ile ba nkela barab’abo rōna ntlo eo ba neng ba e sebelisa e le ofisi ea lekala. Ba ile ba lumella Mora le Morali oabo rōna Öman hore ba lule moo, empa basebeletsi ba bang ba lelapa la Bethele ba ile ba tlameha ho tsamaea.

LIPOKANO NAKONG EA THIBELO

Ha Manazi a leka ho felisa Lipaki Tsa Jehova, barab’abo rōna ba ile ba fetola maoa ka ho etsa mesebetsi ea borapeli ka sekhukhu. Barab’abo rōna ba ’maloa ba ne ba nka maeto a malelele ho ea khothatsa bara le barali babo rōna. Søren Lauridsen, ea neng a sebelelitse Bethele ka nako e teletsana, o ne a etela barab’abo rōna ba Norway boroa. Andreas Kvinge eena, o ile a tsoela pele ho etela Lipaki tse potolohong ea hae e Norway leboea—hangata a etsa mesebetsi ea boipheliso ea nakoana e le hore a se ke a tsosa libata masene. Ka 1943, Magnus Randal, ea ileng a tsamaea ka seketsoana sa bo-pula-maliboho se bitsoang Ruth, o ile a fumana liaterese ho Mor’abo rōna Öman, eaba o tsamaea ka baesekele ho ea Bodø e ka leboea, moo a ileng a khothatsa bara le barali babo rōna. Leo e ile ea e-ba leeto la lik’hilomithara tse 1 200.

Le hoja ba boholong ba ne ba thibetse liboka, bara le barali babo rōna ba ile ba tsoela pele ho kopana ka lihlopha hore ba khothatsane. Barab’abo rōna ba ne ba tloaetse ho kopana ka lihlopha tse nyenyane malapeng, empa ka linako tse ling ba kopana ka sekhukhu ka lihlopha tse khōlō. Ruri ba ile ba thaba ka 1942 ha batho ba 280 ba e-ba teng Sehopotsong se neng se tšoaretsoe libakeng tse peli tsa Oslo, moo ba 90 ba ileng ba ja litšoantšetso!

Ho feta moo, Lipaki li ile tsa atleha ho hlophisa likopano tsa sekhukhu lipolasing tse thōko le metse kapa merung. Kopano e khōlō ka ho fetisisa ho tsena e bile e ileng ea tšoareloa morung o ka ntle ho motsana oa Ski ka 1943. Kopanong eo ho ne ho e-na le bara le barali babo rōna ba ka bang 180 ba tsoang libakeng tse haufi le Mochophoro oa Oslo. Ha ba tlileng kopanong ba ntse ba ja nakong ea khefu, masole a mararo a Majeremane a kaletseng lipere a be a se a re thoboloko! Ebe bara le barali babo rōna ba ne ba tla etsa’ng?

Mor’abo rōna e mong ea buang Sejeremane o ile a ea ho ’ona, eaba a re a batla moo a ka sesang teng empa a lahlehile. Barab’abo rōna ba ile ba hla ba hatela holimo ha ba bontša masole ao tsela.

Ha a tsamaea, le leng le ile la re: “Le nahana hore ke seboka sa eng see?”

Le leng la araba la re: “Ke bona eka ke batho ba lik’hoaere.” Bara le barali babo rōna ba ne ba sa ikemisetsa ho phetlela mohatl’a-nku masholu, ho e-na le hoo, ho ile ha ba ha re kokololo! ha banna bao ba palameng lipere ba sirela ka morung.

MOSEBETSI O ETSOA KA SEKHUKHU

Bahoeletsi ba bangata ba ne ba pata lingoliloeng libakeng tseo motho a ke keng a nahana hore li ka patoa teng. Barab’abo rōna ba ne ba epela lingoliloeng fatše ’me ba li epolla ha ba li hloka. Mor’abo rōna Skau, eo e neng e le ramotlakase, o ile a pata lebokose le leng la libuka ka mor’a mochine o fokotsang matla a motlakase (transformer) mosebetsing. Mor’abo rōna Øiseth o ne a pata lingoliloeng ntlong ea linotši, ha Mor’abo rōna Kvinge a ne a li pata ka har’a moqomo oa litapole.

Lotte Holm o ne a khathatsehile ka hore mapolesa a ka ’na a fumana lingoliloeng tse depong e Harstad, eaba o lata mabokose ’ohle a lingoliloeng. O ile a paka mabokose ao ka seketsoaneng eaba o lula holim’a ’ona. Ha se tloha, Lotte o ile a tšoha ha a bona hore na ho palame masole a mangata hakae a Majeremane, eaba o qala ho nahana ka thata hore na o tla theola lingoliloeng tseo joang ntle le hore a itšoarise. Leha ho le joalo, ho ne ho sa hlokahale hore a tšoenyehe. Ha seketsoana seo se ema, masole a ile a hauhela mosali-moholo ea nkileng thōtō e ngata hakaalo e boima, kahoo a mo thusa hore a theole mabokose ao kaofela, a ba a mo nkisa ’ona ho ea fihla lapeng. Masole ao a nahanelang a ne a sa tsebe hore mosa oa ’ona o ne o tsoela Lipaki molemo ka nako eo.

Le hoja mosebetsi o ne o thibetsoe, barab’abo rōna ba ile ba ’na ba nka Melula-Qhooa ea morao-rao Sweden le Denmark ’me ba e isa Norway ka sekhukhu. Ba ne ba fetolela lihlooho tse ithutoang ka Senorway ebe ba romela limakasine tse thaepuoeng naheng ka bophara. Ho ne ho lokiselitsoe hore ho be le bahoeletsi ba bangata ba isetsang barapeli ba ’nete lijo tsa moea ka nako, ’me ba tsamaea ka literene, libaesekele kapa liketsoana.

BA TSOELA PELE HO BOLELA

Nakong ea ntoa, bara le barali babo rōna ba Norway ba ile ba hlaheloa ke teko e itseng. Ha mosebetsi oa rōna o thibeloa ka July 1941, barab’abo rōna ba ile ba fuoa keletso ea hore ba be seli hore ba se ke ba qholotsa ba boholong pusong ea Manazi. Ka lebaka leo, ba bangata ba ne ba bolella metsoalle le beng ka bona litaba tse molemo ha monyetla o hlaha, kapa ba etela batho bao ba neng ba kile ba bua le bona nakong e fetileng. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bang ba ne ba nka hore mokhoa oo ke boikokobetso bo feteletseng le hore ho ne ho se na letho le tla etsahala haeba ba bolela ka ntlo le ntlo ba tšoere Bibele feela. Le hoja bara bana babo rōna ba ne ba sa utloane mabapi le tsela ea ho etsa mosebetsi oa boboleli, lihlopha tseo ka bobeli li ne li e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova ka botšepehi leha li hanyetsoa.

Barab’abo rōna ba ne ba tla etsa’ng? Ba ne ba sa khone ho buisana le ntlo-khōlō ea lefatše lohle e New York ka lebaka la ntoa, kahoo ho ne ho bonahala eka taba ena e ke ke ea rarolloa ka potlako. Na ba ne ba tla lumella maikutlo ao a sa tšoaneng hore a fokolise tumelo ea bona? Kapa na ba ne ba tla tsoela pele ba bolela litaba tse molemo kahohle kamoo ho ka khonehang ’me ba letele hore bothata boo bo rarolloe ke Jehova le mokhatlo oa hae?

Ho hlakile hore Jehova o ne a hlohonolofatsa tšebeletso eo ba neng ba e etsa ka botšepehi, hobane bahoeletsi ba ile ba ’na ba eketseha ka tsela e tšoanang le eo ba neng ba eketseha ka eona lilemong tse hlano pele ho ntoa. Le hoja ntoa e ne e ntse e kupa, le thibelo e tsoela pele ’me mosebetsi oa boboleli o etsoa ka litsela tse sa tšoaneng, bahoeletsi ba ile ba eketseha ho tloha ho ba 462 ka 1940 ho fihlela ho ba 689 ka 1945—e leng se ileng sa thabisa barab’abo rōna haholo!

BA SEBELETSA JEHOVA BA MOMAHANE

Ka mor’a hore ntoa e lale ka 1945, William Dey o ile a ea Norway ka July le ka August ho ea thusa barab’abo rōna hore ba boele ba hlophise mosebetsi oa bona. Mor’abo rōna Dey o ile a hlophisa liboka Oslo, Skien le Bergen, eaba o etsa kōpo e tiileng ho barab’abo rōna bohle hore ba sebetse ’moho ka botšepehi. O ile a ba bontša hore Jehova o ba hlohonolofalitse, palo ea bahoeletsi e eketsehile ’me ba ka tsoela pele ba kholisehile hore Jehova o tla ba tataisa.

Ka September 1945, Nathan H. Knorr, oa ntlo-khōlō ea lefatše lohle o ile a buisana le Mor’abo rōna Marvin F. Anderson oa Moamerika eo ka nako eo a neng a le lilemo li 28, ’me baholo-holo ba hae e le Madanishe. O ne a kile a sebeletsa lehaeng la Bethele, New York ’me e se e le molebeli oa potoloho United States. Mor’abo rōna Knorr o ile a botsa Mor’abo rōna Anderson hore na a ka rata ho ea Norway hore a e’o hlokomela litaba tse itseng ’me a lule teng “ka nako e telele.” Mor’abo rōna Anderson o ile a lumela, le hoja ho ne ho tla nka likhoeli tse itseng pele a ka ea Norway.

Pele nako eo e fihla, Mor’abo rōna Knorr le Mor’abo rōna Henschel ba ile ba etela Norway ka December 1945. Eaba ba fa barab’abo rōna tataiso e lerato e ileng ea ba thusa hore ba be le tlamahano e matla eo ho eona ho renang lerato le bonngoe. Ka eona nako eo, Mor’abo rōna Knorr o ile a etsa tsebiso ea hore Mor’abo rōna Öman o tla fetisetsa mosebetsi oa ho ba molebeli oa lekala ho Mor’abo rōna Dey. Ka mor’a khoeli, Mor’abo rōna Anderson o ile a fihla Norway, eaba ka February o khethoa hore e be molebeli oa lekala. Kaha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e letse, bahlanka ba Jehova ho pholletsa le Norway ba ile ba qalella tšebeletso ka mafolofolo, ba kholisehile hore Jehova oa ba hlohonolofatsa.

MOKHATLO OA JEHOVA O HATELA PELE

Ha Marvin Anderson a fihla Norway, basebetsi ba lekala ba ne ba phathahane. Ka September 1945, bahoeletsi ba ile ba romeloa bukana e le ’ngoe ea Senorway le tse ’nè tsa Seswedishe. Khoeling e latelang, ka la 1 October, 1945, ho ile ha hatisoa Molula-Qhooa oa Senorway, ’me likhatiso tse ling li ile tsa hatisoa hamorao.

Ho na le taba e qabolang e bontšang hore ho ne ho hlokahala lingoliloeng tsa Senorway. Bukana e ’ngoe ea Seswedishe e ne e e-na le sehlooho se reng Hopp—eo ka Seswedishe e bolelang “tšepo.” Leha ho le joalo, ka Senorway, “hopp” e bolela “ho qhoma,” kapa “ho tlōla-tlōla.” Bahoeletsi ba ne ba lokela ho hlalosetsa batho hore oo ke molaetsa oa tšepo ’me ha o bolele hore batho ba o balang ba qhome!

Ha Mor’abo rōna Anderson e e-ba molebeli oa lekala ka 1946, mehaho ea ofisi ea lekala e ne e le menyenyane haholo, kahoo, o ne a lula le barab’abo rōna ba bang ba bahlano ka kamoreng e le ’ngoe. Batho ba bang bao e seng Lipaki ba neng ba lutse mohahong oo ho tloha pusong ea Manazi ba ile ba lokela ho suthela litho tsa lelapa la Bethele le hōlang.

Mor’abo rōna Anderson o ile a qala mosebetsi oa hae o mocha ka mahlahahlaha. Ofisi ea lekala e ile ea nchafatsoa, ’me ha rekoa thepa e ncha hammoho le mochine oa khatiso o tsamaisoang ka leoto. Ka 1946 ho ile ha thehoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo liphuthehong. Joale barab’abo rōna ba eketsehileng ba ne ba ka koetlisetsoa ho lokisetsa lipuo le ho fana ka tsona, ’me ka mor’a nakoana ba bangata ba ile ba tšoaneleha ho ba libui tsa phatlalatsa.

Likopano tsa pele tsa ka mor’a ntoa li ile tsa tšoareloa Oslo, Bergen le Trondheim ka September le October 1946. Libakeng tsena tse tharo, batho ba 3 011 ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa e reng, “Khosana ea Khotso,” ’me ha kolobetsoa ba 52. Seo e bile se hlollang ha motho a nahana hore ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 766 feela Norway ka nako eo.

Ka December 1946, balebeli ba potoloho ba ile ba qala ho etela liphutheho hape ka mor’a hore ba emise ka nako e fetang lilemo tse hlano. Barab’abo rōna ba ’maloa ba bacha lilemong bao ba bang ba bona e neng e kile ea e-ba litho tsa lelapa la Bethele, ba ile ba khethoa hore e be balebeli ba potoloho. O mong oa mesebetsi ea bona e ka sehloohong e ne e le ho koetlisetsa bahoeletsi tšebeletso ea ntlo le ntlo, ’me phuthehong ka ’ngoe ba ne ba leka ho sebetsa le bahoeletsi ba bangata kamoo ho ka khonehang. E mong oa balebeli bao ba potoloho ba bacha lilemong e ne e le Gunnar Marcussen. O re liphuthehong tse ling o ne a sebetsa le bahoeletsi ba 50 ho ea ho ba 70 bekeng eo a li etetseng ka eona. Butle-butle bahoeletsi ba ile ba ipabola boboleling, ’me ba khaotsa ho sebelisa likarete tsa ho paka hammoho le likeramafono, tse ’nileng tsa sebelisoa ho tloha ka bo-1930. Ba ne ba boetse ba ba thusa haholo ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele.

HO KHOTHALLETSA TŠEBELETSO EA BOPULA-MALIBOHO

Ka mor’a ntoa, bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa hore e be bo-pula-maliboho, e le hore ba ka thusa batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso ba ntseng ba eketseha. Ka lebaka leo, bahoeletsi ba bangata ba neng ba ile ba khaotsa ho bula maliboho ha mosebetsi o thibeloa ka 1941, ba ile ba khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. Le hoja maemo a moruo a ne a le mabe, bara le barali babo rōna ba 47 ba ile ba qala ho bula maliboho bofelong ba 1946.

E mong oa bo-pula-maliboho bao e ne e le Morali’abo rōna Svanhild Neraal, eo ka 1946 a ileng a leba leboea, seterekeng sa Finnmark. Svanhild o ne a ile a bula maliboho moo ka 1941 le Solveig Løvås ’me a bona ha motse oa Kirkenes le oa Vardø e ruthuthoa ka libomo. O ne a sa lebala batho ba thahasellang bao eena le Solveig ba neng ba kopane le bona, kahoo o ile a khutlela Kirkenes, eo ka nako eo e neng e sentsoe ke ntoa. Batho ba moo ba ne ba nahana hore Svanhild o fapane hlooho ka hore a tle sebakeng sena moo a se na moo a tla lula teng.

Leha ho le joalo, Svanhild o ne a tšepile Jehova, ’me mariheng a pele a le moo, o ne a robala fatše ka kichineng ea ntlo e nyenyane eo ho eona a neng a lula le batho ba bang ba bahlano. Bophelo bo ne bo le thata haholo ka mor’a ntoa, ’me o ile a mamella mathata a mangata. Hangata o ne a emela liketsoana lehloeng le puleng e batang le hoja li ne li sa fihle ka nako, ’me ka linako tse ling li sa fihle ho hang.

Ha Svanhild a pakela Masami, o ile a ba le liphihlelo tse ngata tse monate. Ha a sa khone ho ea metseng ea ’ona e qalikaneng ka bese, o ne a tsamaea ka seketsoana kapa ka baesekele. Masami a ratang ho amohela baeti a ne a atisa ho kōpa hore a kene ka litenteng tsa ’ona tse entsoeng ka matlalo a likhama ebe a mo mamela ka hloko ha a a pakela a ntse a tolokeloa. Nakong ea lijo a ne a mo phomosetsa nama ea khama. Hamorao batho ba bang bao Svanhild a ileng a ba bolella litaba tse molemo ba ile ba amohela ’nete.

Kjell Husby, eo ka nako eo e neng e le setho sa lelapa la Bethele, o ile a re kamehla ofisi ea lekala e ne e tseba hore na Svanhild o hokae ka lebaka la liaterese tse lipeeletsong tseo a neng a li romela. Lilemong tse tharo tseo a li qetileng Finnmark, o ile a fumana lipeeletso tse 2 000 tsa Molula-Qhooa a ba a tsamaisa libuka tse 2 500!

“BATŠOASI BA BATHO”

Ka mor’a ntoa, bahoeletsi ba ile ba boela ba bolela litaba tse molemo ka cheseho, ’me ha e-ba le litholoana tse thabisang. Nakong ea ntoa, Dag Jensen eo ho buuoeng ka eena pejana o ne a ile a bolella metsoalle ea hae hammoho le beng ka eena litaba tse molemo motsaneng oa Hennes o Vesterålen. Ba bangata ba ile ba thahasella ’me ba qala ho ithuta Bibele ka lingoliloeng tsa rōna. Ha ntoa e lala ka 1945, Dag o ile a kolobetsoa. Selemong se latelang, ha phutheho e thehoa motseng oa Hennes, batho ba 16 ba ile ba kolobelletsoa ha hae. Ka mor’a lilemo tse hlano, ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 50 phuthehong eo, ’me ka 1971, Dag o ile a tlaleha hore ba fetang 20 ke bo-pula-maliboho.

Dag o ne a tšoaetsa batho ba bang lerato leo a neng a rata Jehova ka lona le cheseho eo a neng a phetha tšebeletso ka eona. Åshild Rønning ea hōletseng phuthehong eo, o re: “Ha Mor’abo rōna Dag a ne a kena ka tlung ea motho, ho ne ho totobala hore o thabile ebile o chesehela seo a se etsang. Beng ba matlo ba ne ba khatholloa ke botho ba hae.” Kamehla Dag o ne a khothatsa bana haholo, joaloka linakong tsa ha ba e-na le kabelo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Åshild o re: “O ne a etsa hore re bone hore seo re se entseng ke sa bohlokoa.” Åshild o ile a qala ho bula maliboho ka 1962 ka lebaka la ho khothatsoa ka tsela eo, ’me a thabela ho bolella batho ba bang “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng,” Jehova.—1 Tim. 1:11.

Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaalo ba sebakeng see e ile ea e-ba Lipaki tse chesehang? Le hoja batho ba bangata motsaneng oo ba ne ba sa kene kereke, ba ne ba lumela ho Molimo ba bile ba lumela Bibele. Ho feta moo, motsaneng oo barab’abo rōna ba bangata ba ne ba tumme ka ho ba bo-ntate ba molemo ba tšehetsoang ke basali ba bona ba tšepahalang. E mong oa bo-ntate bao ke Arnulf Jensen, e leng ngoana oa moholoane oa Dag, ea ileng a kolobetsoa ka 1947. Mosebetsi oa hae har’a beke e ne e le ho tšoasa litlhapi, ’me a qeta matsatsi a mangata a tsamaea ka seketsoana leoatleng. Empa Labohlano le leng le le leng mantsiboea o ne a khutlela lapeng, le haeba litlhapi li le ngata ’me batšoasi ba bang ba setse e le hore ba tle ba fumane chelete e ngata. Arnulf o ne a tiisa hore ka mafelo-beke o lapeng e le hore a ee libokeng le mosebetsing oa boboleli le mofumahali oa hae hammoho le bana ba bona ba robeli, bao kaofela ha bona ba ileng ba ema ba tiile ka phuthehong. Ka Moqebelo le ka Sontaha, barab’abo rōna e ne e e-ba “batšoasi ba batho,” hangata ba tsamaea ka seketsoana sa Arnulf ha ba ea mosebetsing oa ho tšoasa batho metseng e ka thōko.—Mar. 1:16-18.

“RE ETSA MOSEBETSI OA BOHLOKOA”

Barab’abo rōna ba Norway ba ruile molemo o moholo koetlisong ea Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se New York. Hans Peter Hemstad le Gunnar Marcussen, ba ileng ba phetha thupelo ea bona Sekolong sa Gileade ka 1948, ke bona baromuoa ba pele ba babeli ba neng ba tsoa naheng ena. Ba ile ba romeloa Norway ’me ea e-ba balebeli ba potoloho ba ba ba sebeletsa Bethele ha e sa le masoha le ha ba se ba nyetse. Ho tloha ka 1948 ho fihlela ka 2010, bahoeletsi ba ka bang 45 ba tsoang Norway ba ile ba phetha thupelo ea bona Sekolong sa Gileade. Boholo ba bona ba ile ba romeloa Norway ’me ea e-ba baboleli ba nako e tletseng, balebeli ba potoloho le ba setereke kapa litho tsa lelapa la Bethele.

Ba bang ba baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade ba ileng ba ea Norway ke Andreas Hansen ea neng a tsoa Denmark le Kalevi Korttila ea neng a tsoa Finland. Ka 1951 ba ile ba romeloa Finnmark Bochabela, moo ba ileng ba sebetsa tšimo e khōlō ba tsamaea ka liketsoana, libaesekele le mapolanka a ho thelelisa lehloeng. Hangata ba ne ba thusa batho bao Svanhild Neraal a neng a ile a ba bolella molaetsa lilemong tse ’maloa pele ho moo. Ka lebaka leo, ho ile ha feta selemo feela eaba palo ea bahoeletsi tšimong eo ba neng ba e sebetsa e eketseha ho tloha ho ba 3 ho ea ho ba 15!

Kjell Martinsen oa Hennes, Vesterålen, o ile a phetha koetliso ea hae Sekolong sa Gileade ka 1953 eaba o romeloa Norway. O ne a le lilemo li 22 ha a romeloa mosebetsing oa potoloho Vestfold le Telemark. Le hoja a ne a ikutloa a sa tšoanelehe ho ba molebeli oa potoloho a sa le monyenyane hakaalo, o sa ntse a hopola kamoo barab’abo rōna bao e neng e le khale ba le ka phuthehong ba neng ba atisa ho mo amohela ka mofuthu le ho ikitlaelletsa ho sebetsa le eena. Kjell e bile molebeli oa potoloho ho fihlela ka 2001, ha eena le mosali oa hae, Jorunn, ba fallela motseng oa Svolvær, Lofoten ho ea sebeletsa e le bo-pula-maliboho.

Karen Christensen o ile a falla Denmark ka 1950 ho ea bula maliboho Egersund le Kongsvinger, moo ho neng ho se na phutheho. O ne a tsamaea tšimo ka baesekele. Ka mor’a ho phetha koetliso ea hae Sekolong sa Gileade ka 1954, o ile a romeloa Kongsberg. Ka 1956 o ile a nyaloa ke Marvin Anderson ’me a sebeletsa Bethele ho tloha ka nako eo. E se e le lilemo tse fetang 60 Karen a le tšebeletsong ea nako e tletseng. O re: “Rōna ha re batho ba bohlokoa, empa re etsa mosebetsi oa bohlokoa.”

LINYEOE TSA BOHLOKOA

Ho tloha ka 1948 ho ea ho 1951, ho ile ha e-ba le keketseho e hlollang. Ka 1951, palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka liphesente tse 29, ’me ea fihla tlhōrōng ea ba 2 066. Leha ho le joalo, ka eona nako eo, bahlanka ba Jehova ba Norway ba ne ba tobane le mathata a amanang le litaba tsa molao.

Nyeoe eo batho ba bangata ba ileng ba batla ho e mamela e ne e amana le ho tsamaisa Molula-Qhooa seterateng. Ka November 1949, bahoeletsi ba bang ba neng ba etsa tšebeletso ea seterateng Oslo ba ile ba isoa sepoleseng eaba ba lokolloa ka mor’a lihora tse seng kae. Lipaki ha lia ka tsa tšosoa ke seo, kaha mafelo-bekeng a latelang li ile tsa boela tsa etsa tšebeletso ea seterateng. Eaba ka la 6 December, 1949, bahoeletsi bohle ba neng ba etsa tšebeletso ea seterateng Oslo baa tšoaroa. Ba ile ba bolelloa hore ha baa lumelloa ho tsamaisa limakasine seterateng ba sa fumana tumello ea sepolesa. Mapolesa a ne a bolela hore mosebetsi oa bona o ka baka tšubuhlellano le pherekano hammoho le sephethephethe. Bahoeletsi ba supileng ba ile ba hlongoa lipotso ba ba ba isoa lekhotleng, moo ba ileng ba ahloleloa ho lefa chelete e nyenyane kapa ho koalloa chankaneng ka matsatsi a mararo.

Kaha ena e ne e se feela taba ea ho fumana tumello ea sepolesa, empa e ama tokoloho ea bona ea bolumeli, barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa Lekhotleng le ka Holimo-limo la Norway. Koranteng ea Dagbladet, moemeli oa Lipaki Tsa Jehova oa lefapha la litaba ea bitsoang John Roos o ile a bolela hore ha ho mohla mosebetsi oa rōna oa ho paka seterateng o kileng oa baka pherekano. O ile a re: “Haeba motho a ruta litaba tsa bolumeli seterateng empa a sa luke khotso, a sa bake sephethephethe ebile ho sa be le mekhopi, na hoa hlokahala hore a kōpe tumello ea sepolesa? Kapa na tokoloho ea bolumeli e fa moahi leha e le ofe tokelo ea ho ruta batho litaba tsa bolumeli?” Ha Lipaki li ntse li emetse qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo, li ile tsa tsoela pele ho etsa tšebeletso ea seterateng le hoja li ne li ntse li tšoaroa ’me chelete eo li e lefisoang e ntse e eketseha. Bahoeletsi ba bang ba ile ba tšoaroa ka makhetlo a ka bang leshome.

Ka la 17 June, 1950, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la fetola qeto ea lekhotla la motse, ’me la bolela hore bahoeletsi ha ba na molato! Qeto ena hammoho le tse ling tse emelang Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tiisa hore naheng ea Norway, barab’abo rōna ba na le tokelo ea molao ea ho fa batho lingoliloeng tsa Bibele, ebang ke seterateng kapa ka ntlo le ntlo, ebile ha ho hlokahale hore ba kōpe tumello ea sepolesa.

LIKOPANO TSE SA LEBALEHENG

Ka bo-1950 le bo-1960, ho ile ha tšoaroa likopano tse ngata tseo barab’abo rōna ba sa li lebaleng, tse ileng tsa matlafatsa mokhatlo ’me tsa momahanya barab’abo rōna. Batho ba bang ba ileng ba fana ka lipuo kopanong ea naha eohle e neng e tšoaretsoe Lillehammer ka 1951 ke Nathan H. Knorr le Milton G. Henschel ba ntlo-khōlō ea lefatše lohle. Kopanong ena ho ne ho tlile batho ba tsoang likarolong tsohle tsa naha. Ruri ba ile ba thaba ha ba bona batho ba 89 ba kolobetsoa ’me puong ea phatlalatsa ho e-ba le batho ba 2 391! Lilemong tse latelang bahoeletsi ba Norway ba ile ba thabela ho ba teng likopanong tsa machaba tse neng li tšoaretsoe London le New York. Eaba ka 1955, Lipaki tsa Manorway tse ka bang 2 000 li ea kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Stockholm, Sweden.

Ka 1965 ho ile ha tšoaroa kopano ea machaba Lebaleng la Lipapali la Ullevål, Oslo ’me sehlooho sa eona se ne se re “Lentsoe la ’Nete.” Kopano eo e ile ea e-ba ea bohlokoa ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le bothata. Sehlopha sa naha sa bolo ea maoto se ne se il’o bapala le sa naha e ’ngoe hona lebaleng leo bosiung ba pele ho kopano. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ne ba eme ka ntle e le hore ha batšehetsi ba bolo ba tsamaea, bona ba kene ka lebaleng ho ea lokisetsa kopano. Ba ile ba sebetsa ka thata bosiu bohle—ba hloekisa, ba qhala lithōle ba bile ba hloma litente tsa lijo. Ho feta moo, ba ile ba etsa lithala tse ruletsoeng ka joang, ba hloma lephephe le tla beha thepa ea ’mino ’me bakeng sa ho khabisa ba hloma lephephe le tla beha thepa e ’ngoe le a mang a mararo ’me kaofela ha ’ona a ruletsoe ka joang. Koranta ea Dagbladet e ile ea re: “Ho etsahetse mohlolo bosiu. Lebala la Lipapali la Ullevål le entsoe motse oa mahaeng o botle bo hlollang . . . Lipaki Tsa Jehova li entse mosebetsi o tsotehang.”

Bara le barali babo rōna ba Norway ba ratang baeti ba ile ba amohela balumeli-’moho le bona ba fetang 7 000 ba tsoang linaheng tse ling, ’me boholo ba bona ba tsoa Denmark. Ho ile ha hlongoa litente sebakeng se haufi le motse ’me baeti bao ba ne ba ka lula hamonate moo hafeela boemo ba leholimo bo le botle. Leha ho le joalo, batho ba 6 000 ba neng ba lula litenteng tseo ba ke ke ba lebala pula e ileng ea baka qhafutso e ileng ea na matsatsing a pele a kopano. Bohle ba ile ba leboha ha leholimo le hlaka matsatsing a mabeli a ho qetela. Le har’a maemo ao a mabe a leholimo, bara le barali babo rōna ba Norway le ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba thabela botsoalle bo mofuthu ba Bokreste, ba ba ba khatholloa ke lenaneo la kopano le fihlileng ka nako. Ka sebele ba ile ba thaba ha batho ba 199 ba kolobetsoa ’me ka lekhetlo la pele ho e-ba le batho ba 12 332 puong ea phatlalatsa e ileng ea fanoa ke Mor’abo rōna Knorr!

“HO PAKA KE BOPHELO BA RŌNA”

Ntle le ho paka ka ntlo le ntlo le literateng, bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba kotula litholoana tse molemo ha ba paka neng le neng ha monyetla o hlaha. Ka 1936, Konrad Flatøy, eo mosebetsi oa hae e neng e le ho besa mollo sekepeng, o ile a tsamaisetsa ofisiri e ’ngoe bukana. Ofisiri ena, e leng Paul Bruun, e ile ea amohela bukana eo ea ba ea e bala hona bosiung boo.

Paul o ile a re: “Hang-hang ke ile ka elelloa hore sena ke ’nete; bukana eo e ile ea mpontša phapang pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata.” Ha Paul a fumana tsebo e eketsehileng, o ile a qala ho pakela ba bang, ’me nakong ea ntoa, a khannela motsamaisi oa sekepe ea thahasellang thuto ea Bibele. Ha motsamaisi enoa oa sekepe a ntse a ithuta Bibele, o ile a etsa qeto ea hore a ke ke a hlola a sebelisa lithunya tsa morathatha tse sekepeng. Ha ba boholong ba hlokomela seo a seng a se lumela, ba ile ba laela Paul hore a khaotse ho ithuta Bibele le eena. O ile a hana, kahoo eena le motsamaisi enoa ba theoloa ha sekepe se fihla lebōpong la London. Ka mor’a khoeli, sekepe seo se ile sa teba ha se otloa ke bomo e tsamaeang ka metsing. Ha nako e ntse e ea, motho enoa eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa sekepe o ile a kolobetsoa ’me Paul a memeloa ho ea sekolong sa baromuoa sa Gileade. Ka mor’a hore Paul a phethe thupelo ea hae ka 1954, o ile a romeloa Philippines hore e e’o ba moromuoa. Hamorao o ile a khutlela Norway eaba e ba molebeli oa potoloho, a tšehelitsoe ke mosali oa hae Grethe.

Ka 1948, mosebetsi oa Holger Abrahamsen e ne e le ho isa basebetsi nkholing e koung ea Narvik le ho ba lata. O ne a e-na le lepetjo le reng: “Ho paka ho maling; re ka shoa haeba re sa pake.” Kahoo le ka mohla Holger o ne a sa tlohele monyetla oa ho pakela batho bao a neng a ba khannela. E mong oa bona ke Olvar Djupvik, ea ileng a ba le thahasello, ’me a bolella kharebe ea hae, e leng Anne Lise ka tšepo ea Paradeise. Ka bobeli ba ile ba kolobetsoa, ’me hamorao ba hōlisa bara ba bona ba bane ho fihlela e e-ba bahlanka ba Jehova. E mong oa bona, e leng Hermann e ile ea e-ba moromuoa Bolivia hammoho le mosali oa hae, Laila. Hermann le Laila ba ile ba khutlela Norway moo hona joale ba etsang mosebetsi oa ho etela liphutheho.

HO HLOKOMELA LINKU TSA JEHOVA

Ka bo-1960 le bo-1970, ho ile ha etsoa liphetoho tsa bohlokoa tsamaisong ea ofisi ea lekala le ea liphutheho. Marvin Anderson eo e neng e le molebeli oa lekala o ile a hlahlangoa ke Roar Hagen. Eaba ka 1969, Thor Samuelsen o khethoa hore e be molebeli oa lekala. Ka 1976, ho ile ha khethoa Komiti ea Lekala hore e okamele lekala ’me Thor Samuelsen, Kåre Fjelltveit le Niels Petersen ea e-ba litho tsa pele tsa Komiti ea Lekala ea Norway.

Ka October 1972, ho ile ha khethoa lihlopha tsa baholo hore e be balisa ba thusang batho ba Jehova ka liphuthehong. Banna ba hōlileng tsebong ba ile ba thusoa hore ba tšoanelehe hore ba lise batho ba bangata ba neng ba ntse ba amohela ’nete ea Bibele. Ho tloha ka nako eo, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae haholo ha ba ntse ba mo sebeletsa ka botšepehi tlas’a tataiso ea hae e lerato.

MASAMI A AMOHELA LITABA TSE MOLEMO

Ka lilemo-lemo, bo-pula-maliboho ba bangata le bahoeletsi ba bang ba ile ba bolella morabe oa Masami litaba tse molemo, ho akarelletsa le balisa ba likhama ba lulang ka lihlabeng tsa Finnmarksvidda. Le hoja Masami a mangata a bua Senorway, ka linako tse ling ho ne ho hlokahala hore bahoeletsi ba tolokeloe. E mong oa bahlanka ba Jehova ba pele ba ileng ba bolela litaba tse molemo libakeng tse ngata ka Sesami ke Aksel Falsnes, ea neng a bua Sesami, Senorway le Sefinnishe kaha e mong oa baholo-holo ba hae e ne e le Mosami. Khaitseli ea hae e neng e lula Norway boroa, e ne e ile ea amohela ’nete eaba e mo romella e ’ngoe ea likhatiso tsa rōna, ’me a e bala ka tjantjello e khōlō. Ho ne ho se na Lipaki sebakeng seo a neng a lula ho sona Troms empa ka 1968 bo-pula-maliboho ba bang hammoho le molebeli oa potoloho ba ile ba etela Aksel eaba ba mo thusa hore a hatele pele ka phuthehong.

Aksel e ne e le mohoeletsi ea chesehang. O ne a atisa hore esale ka matjeke a laele baesekele seketsoaneng sa hae sa masokoana, a tšele mochophoro ebe o tsamaea ka baesekele ho ea motsaneng o mong ka mor’a o mong. Kaha o ne a tseba Sesami, Aksel o ile a khona ho pakela Masami a lulang metseng e hōle ea Finnmark.

Aksel o ne a le matla ’me a nka maeto a malelele a tsamaea ka mapolanka a ho thelelisa lehloeng e le hore a e’o fihla malapeng a qalikaneng. Ka mohlala, mariheng a mang, o ile a tloha Karasjok e se e le mantsiboea, a feta sehlabeng sa Kautokeino a tsamaea ka mapolanka a ho thelelisa lehloeng eaba o leba Alta. Ntho feela eo a neng a ka e nka e ne e le mokotla o tšetseng lintho tse seng kae tseo a li hlokang hammoho le lingoliloeng tse ’maloa. Ka mor’a libeke tse seng kae, o ile a fihla ha barab’abo rōna ba Alta, a tsamaile leeto la lik’hilomithara tse ka bang 400 ka mapolanka a ho thelelisa lehloeng!

Mathoasong a bo-1970, Masami a ’maloa a ile a kena ka phuthehong. Motseng oa Hammerfest, mosali e mong oa Mosami hammoho le monna oa hae ba ile ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ho e-s’o ee kae, ho ile ha e-ba le beng ka eena ba lulang Alta ba ileng ba thahasella molaetsa oa litaba tse molemo. Bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ba Alta, e leng Arne le Marie Ann Milde, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le batho bana ba lipelo li ntle ’me hangata ho ne ho e-ba le batho ba 10 ho ea ho ba 12 thutong eo. Qetellong, ba ka etsang halofo e ile ea e-ba Lipaki.

Hartvig Mienna ke pula-maliboho oa Mosami ea lulang Alta, ’me o sebelisa koloi ea hae e tsamaeang lehloeng ha a il’o pakela batho ba lulang libakeng tse ka thōko. O re: “Ho thata ho bolela litaba tse molemo tšimong ea Masami. Libaka li qalikane haholo, ebile batho ba bangata ba khomaretse sehahabo bona. Empa ba rata baeti, kahoo re khonne ho qala lithuto tse ’maloa tsa Bibele le bona.”

NAKO EA HO LETA KA TJANTJELLO

Bohareng ba bo-1960 ho fihlela bohareng ba bo-1970 palo ea bahoeletsi e ne e eketseha selemo le selemo. Empa seo ho neng ho lebeletsoe hore se tla etsahala ka 1975 e ile ea ba teko ea tumelo ho bara ba bang babo rōna. Ha matšoenyeho a maholo a sa fihle ka 1975, ba ’maloa ba ile ba furalla mokhatlo oa Jehova, ’me pakeng tsa 1976 le 1980, palo ea bahoeletsi e ile ea fokotseha ho se hokae. Ba bang ba neng ba nyahame ba ile ba khoehlisa ka nakoana mosebetsing. Empa, bongata bo ile ba ikutloa joang ka ho tsoela pele tšebeletsong ea Jehova?

Hans Jakob o re: “Barab’abo rōna ba ne ba letetse selemo sa 1975 ka tjantjello, empa tumelo ea ka e ne e sa thehoa selemong seo.”

John le Edith Johansen, bao e neng e le khale ba le ka phuthehong, ba ile ba re: “Re ne re sa inehela ho Jehova re nahanne ka selemo se itseng, ka lebaka leo, ha rea ka ra fetola tsela eo re mo sebeletsang ka eona.”

Lea Sørensen o ile a re: “Ke tla sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Hore na bofelo bo fihla ka 1975 kapa hamorao, hase taba ea bohlokoa.”

OFISI EA LEKALA E NCHA

Ho ella bofelong bo-1970, mosebetsi o ile oa eketseha lekaleng. Kahoo ho ile ha hlokahala basebetsi ba eketsehileng ba Bethele hammoho le sebaka se seholoanyane sa bolulo le sa mosebetsi. Ka lebaka leo, ka 1979 Sehlopha se Busang se ile sa lumella barab’abo rōna hore ba hahe ofisi e ncha ea lekala sebakeng se ka thōko ho Oslo. Ho ella bofelong ba 1980, barab’abo rōna ba ile ba fumana setša se botleng motsaneng oa Ytre Enebakk, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ho tloha toropong ea Oslo.

E le hore ho fokotsoe litšenyehelo, ho ile ha kōptjoa baithaopi hore ba hahe mehaho eo. Ruri ho ne ho le boima ho fumana thepa ea mohaho, ho fepa batho ba ka bang 100 le ho ba fumanela bolulo, esita le ho tsamaisa mosebetsi oa kaho kaofela.

Bara le barali babo rōna ba fetang 2 000 ba Norway le ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba “itlhahisa ka ho rata.” (Pes. 110:3) Ba bangata ba ile ba fana ka litapole, meroho, litholoana, bohobe, mahe, tlhapi, liaparo hammoho le thepa. Ba bang ba ne ba rema lifate morung, ha ba bang ba etsa mapolanka ba sebelisa sakha e nyenyane ea motlakase e neng e le teng setšeng. Ba bangata ba ile ba alimana ka lichelete ba ba ba ntša menehelo.

Batho ba bang ba neng ba tseba mosebetsi ba ne ba ka thusa feela ka nako e khutšoanyane, kahoo mosebetsi o mongata o ne o le mahetleng a baithaopi ba sa ntseng ba ithuta. John Johnson, ea neng a ikarabella mosebetsing oa ho kenya thepa eohle ea motlakase, o ile a bolela kamoo eena le balebeli ba mafapha a mang a kaho ba neng ba ikutloa ba sa tšoanelehe kateng ha a re: “Baithaopi ba ile ba ithuta mosebetsi ’me ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. E ne e le ntho e hlollang ho bona kamoo mathata a neng a rarolloa kateng le kamoo mosebetsi oo kaofela o ileng oa fella kateng. Ho ne ho hlakile hore ke Jehova Molimo ea tsamaisang mosebetsi oa kaho.”

Mosebetsi o ile oa tsoela pele hantle kaha baithaopi ba ne ba le mahlahahlaha, bara le barali babo rōna ba fana ka seatla se bulehileng ’me Jehova a o hlohonolofatsa. Ba ile ba qala ho haha ofisi e ncha ea lekala mathoasong a 1981, eaba e neheloa ka la 19 May, 1984 ha Milton Henschel eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang a etetse moo. Mosebetsi oa kaho o ile oa thabisa barab’abo rōna ba Norway haholo oa ba oa ba momahanya. Ka mor’a hore ho phethoe mohaho ona, baithaopi ba bangata ba neng ba le kahong e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla.

HO POTLAKISA KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO

E ne e le ka 1928 ha bara ba bane ba Fjelltvedt ba hahela barapeli ba Jehova holo ea pele motseng oa Bergen. Mathoasong a bo-1980, liphutheho tse ’maloa li ne li hahile Liholo Tsa ’Muso kapa li itheketse tsona. Empa liphutheho tse ngata li ne li ntse li tšoarela liboka liholong tse hiriloeng tse neng li se boemong bo botle. Ha ho ntse ho hahuoa lekala, barab’abo rōna ba bang ba ile ba buisana ka tsela eo ka eona ba ka potlakisang mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Ba ne ba tseba hore lihlopha tsa barab’abo rōna ba United States le Canada li ne li haha Liholo Tsa ’Muso ka potlako, ’me ba re, ‘Haeba Jehova a thusa barab’abo rōna ba linaheng tseo hore ba atlehe, rōna ke eng e ka re thibelang?’

Barab’abo rōna ba bang ba ile ba etsa lipolane tsa mohaho ba ba ba thathamisa lintho tsohle tse hlokahalang. Ka 1983 ba ile ba haha Holo ea ’Muso ea pele motseng oa Askim e le hore ba bone hore na tsela ena e ka atleha. Ka mor’a moo, ba haha Liholo Tsa ’Muso tse tharo ka potlako ka 1984 motseng oa Rørvik, oa Steinkjer le oa Alta. Ba ile ba etsa’ng hore ba finyelle see? Ba ne ba rala motheo oa mohaho esale pele ebe ba hlophisa baithaopi ka hloko, ho sa tsotellehe hore na ke ba nang le tsebo ea mosebetsi kapa ba ntseng ba ithuta. Ba ne ba ba hlophisa ka tsela eo ka eona likarolo tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa kaho li neng li ka phethoa ka matsatsi a ’maloa feela.

Lilemong tse leshome tse latelang, barab’abo rōna ba ile ba haha Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 80 ka potlako Norway. Hamorao barab’abo rōna ba Manorway ba ile ba nka leeto le eang Iceland ho ea thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso tse tharo. Le hoja liphutheho tse ngata tsa Norway li e-na le Liholo Tsa ’Muso, ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Liholo tsa khale li lokela ho nchafatsoa, tse ling li lokela ho atolosoa ’me ho sa ntse ho hlokahala tse ncha.

“SETSOALLE SA BARAB’ABO RŌNA SE TIILE LE HO FETA”

Kaho ea Liholo Tsa ’Muso e entse hore ho be le mehaho ea borapeli e loketseng le e metle, ’me e fane ka bopaki bo botle metseng eo li hahuoang ho eona. Ka mohlala, barab’abo rōna ba bararo ba ile ba buisana le ba boholong motseng oa Fredrikstad ha ba lokisetsa kaho ea Holo ea ’Muso ka 1987. Ba ile ba tšeha ha bara bana babo rōna ba re ba tla nka matsatsi a mararo hore ba phethe holo eo. Empa esita le ka letsatsi la pele feela, e leng la Labohlano, ba boholong ba ile ba bona hore Lipaki li tla phetha holo ka nako eo li e boletseng. Ka Moqebelo, e mong oa ba boholong o ile a lokisetsa hore sehlopha sa hae sa ’mino oa liletsa se binele baithaopi setšeng, e le tsela ea ho ikōpela tšoarelo ha a ile a bontša hore o belaella seo barab’abo rōna ba mo boleletseng sona. Mosali e mong ea neng a shebeletse ha Holo ea ’Muso ea Arendal e hahuoa ka 1990, o ile a re: “Hoa hlolla hore ebe lōna Lipaki le haha ka potlako hakana, empa ntho e hlollang le ho feta, ke ho bona batho bana ba bososelang le ba thabileng.”

Kajeno ho na le Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa tse tsamaisang mosebetsi oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso naheng eohle ea Norway. Bara le barali babo rōna ba ile ba boela ba ithaopela ho etsa mesebetsi e meng ea kaho e meholo le e hlokang hore ba ikitlaetse haholoanyane. Ka mohlala ka 1991 le ka 1992, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho atolosa ofisi ea lekala. Ka 1994 teng ba ile ba haha Holo e ntle ea Kopano Oslo. Ka 2003, sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa haha Holo ea ’Muso e khōlō Bergen, eo ho eona ho ka tšoareloang liboka le likopano.

Kaha mesebetsi ena ea kaho e ne e etsa hore barab’abo rōna ba sebetse hammoho ka kutloano, e ile ea e-ba le phello e molemo ho bahlanka ba Jehova. Mor’abo rōna e mong ea sebelitseng kahong ea Liholo Tsa ’Muso ho tloha ka 1983 o itse: “Sena se entse hore liphutheho li momahane haholoanyane. Setsoalle sa barab’abo rōna se tiile le ho feta—hape barab’abo rōna ba ’nile ba iphumanela metsoalle ea sebele, re ile ra ba ra ithuta ho sebetsa hammoho.”

MOSEBETSI OA EKETSEHA BETHELE

Ka mor’a hore ho phethoe ofisi ea lekala e ncha, ho ne ho se ho ka eketsoa basebetsi lekaleng ’me sena se ne se tla ntlafatsa tsela eo mosebetsi oa boboleli o etsoang ka eona Norway. Ka mohlala, ho ile ha fetoleloa lingoliloeng tse ling tse ngata ka Senorway. Ka 1996 ho ile ha nkoa bohato ba bohlokoa ba ho hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Senorway. (Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ne e se e ile ea lokolloa ka 1991.) Joale hoo e batlang e le lingoliloeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova li teng ka Senorway ho akarelletsa le libuka tsa Insight on the Scriptures.

Mehahong e mecha ea lekala ho ne ho boetse ho e-na le sebaka sa ho rekota seo barab’abo rōna ba neng ba se hloka ka tieo. Mathoasong a bo-1960, litšoantšiso tsa kopano li ne li rekoteloa Liholong Tsa ’Muso le ka mokatong o ka tlaase-tlaase oa mohaho oa pele oa lekala. Maemo ao ho neng ho rekoteloa ho ’ona a ne a se matle, ’me hangata barab’abo rōna ba tlameha ho emisa ka lebaka la lerata la likoloi. Empa sebaka seo ho rekoteloang ho sona mehahong ena e mecha se thusitse ho potlakisa mosebetsi oa ho rekota litšoantšiso, livideo le lipina tsa ’Muso tsa mantsoe. Lekala le boetse le rekota Molula-Qhooa le Tsoha! ka Senorway hape le entse hore ho be le CD ea Bibele eohle le libuka tse ling tse ’maloa ’me le li kentse Websaeteng ea www.jw.org.

BA SEBELETSA MOO BA HLILENG BA HLOKOANG

Ha bahoeletsi ba bang ba ntse ba bolella baahelani ba bona litaba tse molemo, ba bang bona hammoho le bo-pula-maliboho ba ile ba ea masimong a sa abuoang hōle koana ka leboea motsaneng oa Longyearbyen, o sehlopheng sa lihlekehleke tsa Svalbard. Bahoeletsi ba bang ba ile ba fallela libakeng tse sa tšoaneng tsa mahaeng ho ea bolela litaba tse molemo, ’me moo ho khonehang ba thusa hore ho thehoe liphutheho.

Ha Finn Jenssen a nyala Tordis ka 1950, ba ne ba tseba hore ho hlokahala bahoeletsi motseng oa Hammerfest o hōle ka leboea. Finn le Tordis ba ne ba e-na le chelete e fokolang; empa ba ne ba le matla, ba ikemiselitse ebile ba e-na le libaesekele. Kahoo, ba ile ba li palama ’me ba tloha motseng oa Bodø ho ea Hammerfest, e leng leeto la lik’hilomithara tse ka bang 900. Ha ba le hoo e ka bang halofong ea leeto la bona, ka mosa barab’abo rōna ba bang ba ile ba ba thusa ka lichelete e le hore ba qetele leeto la bona ka seketsoana. Ha Finn le Tordis ba fihla Hammerfest, ba ile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli ’me ba mema batho hore ba tl’o mamela lipuo tsa phatlalatsa tseo Finn a neng a fana ka tsona mafelo-beke a mang le a mang. Jehova o ile a hlohonolofatsa boikitlaetso ba bona, hobane nakoana ka mor’a moo ba ile ba khona ho theha phutheho e nyenyane.

Kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Trondheim ka 1957, sebui se seng se ile sa khothalletsa bahoeletsi hore ba nahane ka ho fallela libakeng tse hlokang baboleli ba eketsehileng. Viggo le Karen Markussen, ba neng ba lula Stavanger, ba ne ba mametse ka hloko, eaba Viggo o khitla Karen hanyenyane ka setsoe. Hang-hang Karen o ile a lemoha hore na seo se bolela’ng. Karen o ile a re ka pelong, ‘Ho se ho se hokae re tla tloha Stavanger.’ Empa barali ba bona ba bararo bao kaofela e neng e le bahoeletsi ba pakeng tsa lilemo tse 11 le tse 14 ba ne ba tla ikutloa joang ka ho falla?

Ha lelapa lena la ha Markussen le tšohla puo ena ka mor’a kopano, kaofela le ile la lumellana hore le ka ithaopela ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng. Ba ile ba ngolla ofisi ea lekala ’me ha e ba araba, ea ba kōpa hore ba fallele Brumunddal, moo ho neng ho se na phutheho. Kahoo, ka 1958, Viggo le Karen ba ile ba rekisa ntlo ea bona ea sejoale-joale, Viggo a rekisa lebenkele la hae la thepa ea ka tlung ’me lelapa la fallela ntlong e nyenyane ea mapolanka haufi le Brumunddal. Jehova o ile a hlohonolofatsa boitelo ba bona ’me lilemong tse latelang, boholo ba batho bao ba ileng ba ba khannela thuto ea Bibele ba kena ka phuthehong. Nakong eo barali ba bona ba phurusetsang, Viggo le Karen ba ile ba fuoa mosebetsi oa potoloho ’me ka nako eo ho ne ho se ho e-na le phutheho e nyenyane ea bahoeletsi ba ka bang 40 motseng oa Brumunddal.

Barab’abo rōna ba bacha lilemong ba masoha le bona ba ile ba khatha tema e khōlō mosebetsing oa boboleli ka hore ba fallele libakeng tseo ho tsona ho neng ho se na liphutheho. Ka 1992 barab’abo rōna ba ’maloa ba bo-pula-maliboho, bao boholo ba bona ba neng ba ka ba lilemo li 19, ba ile ba fallela Måløy e Mochophorong oa Nord e le hore ba thuse batho ba moo ba neng ba ile ba thahasella molaetsa. Ba ile ba e-ba maphathaphathe mosebetsing oa boboleli ’me hang-hang ba qala ho tšoara liboka ntlong eo ba neng ba e hirile. Bara bana babo rōna ba bacha ba ile ba ithuta le mosali e mong ea neng a sa tsoa thahasella molaetsa, ’me ka sebele a ba amohela ka mofuthu a ba a ba tšoara joaloka bana ba hae. Hamorao moholo e mong o ile a fallela Måløy a e-na le mosali oa hae, ’me ha thehoa phutheho. Bara bana babo rōna ba bacha lilemong ba ile ba natefeloa kabelong eo, ba khanna lithuto tse ngata tsa Bibele, ba phetha likabelo tse ngata ka phuthehong ba ba ba matlafatsa phutheho eo e ncha e nang le litho tse sehlahlo. E mong oa bara bao babo rōna ba bacha lilemong o ile a re: “E bile phihlelo e monate eo nkileng ka ba le eona ka phuthehong, ’me ke ile ka fumana monyetla o ikhethang oa hore ke hōle moeeng.” Kaha bona le ba bang ba ile ba sebetsa ka thata, hona joale ho na le bahoeletsi ba ka bang 30 Phuthehong ea Nord Fjord, ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 50 ho isa ho tse 60.

HO PAKA KA LIPUO TSE LING

Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 20 bajaki ba ntse ba eketseha butle-butle Norway. Ka lebaka leo, liphutheho li ile tsa ikitlaelletsa ho pakela batho bana ka lipuo tsa habo bona kapa ka lipuo tseo ba li utloisisang. Ka 1986 ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea puo ea naha e ’ngoe Norway, ’me ea rehoa Oslo Latin, hobane e ne e e-na le batho ba buang Sepanishe le Sepotoketsi, bao boholo ba bona ba neng ba tsoa Latin America. Hoo e ka bang ka eona nako eo, bahoeletsi ba bang ba ile ba qala ho etsa mosebetsi oa boboleli o hlophisitsoeng tšimong ea batho ba lulang Oslo ba buang Senyesemane. Ba ile ba kopana le batho ba bangata ba thahasellang ba tsoang Afrika le Asia. Ba fumana ba bang ha ba le mosebetsing oa seterateng; ba bang bona ba ba fumana libakeng tseo baphaphathehi ba amoheloang ho tsona. Ba ne ba boetse ba sebelisa buka ea lithelefono hore ba fumane batho bao mabitso a bona e seng a Senorway bao ho ka etsahalang hore ba bua Senyesemane. Ba ile ba qala lithuto tse ngata tsa Bibele ’me ka 1990, ha thehoa Phutheho ea Oslo English.

Ho tloha ka nako eo, bahoeletsi ba bangata ba Manorway ba ’nile ba ikitlaelletsa ho ithuta lipuo tsa linaha tse ling. Bona hammoho le bahoeletsi ba tsoang linaheng tse ling, ba thusitse hore ho thehoe lihlopha kapa liphutheho tsa batho ba buang Puo ea Maserbia le Macroatia, Searabia, Sechaena, Senyesemane, Sepanishe, Sepersia, Sepolishe, Sepunjabi, Serussia, Setagalog, Setamil le Setigrinya.

Tšimo ea puo ea matsoho le eona e hōla ka tsela e khahlisang. Ho na le batho ba lithōlō ba likete tse seng kae ba sebelisang Puo ea Matsoho ea Norway, ’me mokhatlo o ntse o sebetsa ka thata hore o thuse batho bana ba lipelo li ntle. Ka bo-1970, barab’abo rōna ba ile ba qala ho toloka lipuo libokeng tse ling hammoho le likopanong tse khōlō le tse nyenyane ba sebelisa puo ea matsoho, ’me ho tloha ka nako eo, bahoeletsi ba ’maloa ba ile ba ithuta puo ea matsoho. Ho thehiloe lihlopha tsa puo ea matsoho liphuthehong tse ling, ’me ka 2008 ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea puo ea matsoho Oslo. Naheng eo kaofela ho na le bahoeletsi ba ka bang 25 ba lithōlō, ba sebelisang likhatiso tsa DVD tse fetoletsoeng ka Puo ea Matsoho ea Norway.

LIKOMITI TSA BOHOKAHANYI LE LIPETLELE

Kaha Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho tšeloa mali, ka linako tse ling ho bile thata hore bakuli ba Lipaki ba fuoe phekolo eo ba e hlokang le eo ba e amohelang. Ka 1990 mokhatlo o ile oa theha Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele (HLC) Norway e le hore li thuse Lipaki tse talimaneng le maemo a joalo le hore li fane ka boitsebiso bo mabapi le mekhoa ea ho phekola ntle ho mali. Ho tloha ka 1990 ho fihlela ka 2010, barab’abo rōna ba HLC ea Oslo ba ile ba ea lipetleleng tsa moo ka makhetlo a ka bang 70 ho ea buisana le ba tsa bongaka ’me ba thusa bakuli ba fetang 500. Kaha ba etsa mosebetsi oa bona ka mafolofolo, ba kopane le lingaka tse ngata tse ikemiselitseng ho ba thusa, ’me boitsebiso ba tsa bongaka boo litho tsa HLC li bo fileng lingaka bo susumelitse tse eketsehileng hore li sebelise mekhoa ea ho phekola ntle ho mali. Ruri bakuli le ba malapa a bona ba ananela tšehetso e lerato ea Lihlopha Tse Etelang Bakuli.

Phihlelo ea Helen, e leng morali’abo rōna oa pula-maliboho ea sa ntseng a le mocha, e bontša hore na tokisetso ea HLC e molemo hakae. Ka 2007 o ile a kula haholo eaba o kenngoa sepetlele sebakeng seo a lulang ho sona. Bothata ba hae ba khaello ea mali bo ne bo mpefala ka potlako, ’me ba tsa bongata ba ile ba leka ho mo hatella hore a lumele ho tšeloa mali, ba re ke sona feela se ka mo pholosang. Mor’abo rōna eo e leng setho sa HLC o ile a mo thusa hore a fetisetsoe sepetleleng se seholoanyane se nang le thepa e ntle. Ha Helen le ’mè oa hae ba fihla moo, mor’abo rōna e mong oa HLC o ne a se a le teng hore a buisane le bona, a ba khothatse a be a ba thuse hore ba sebeletsoe. Ba tsa bongaka sepetleleng sena ba ile ba lumela ho fa Helen meriana e mo thusang hore lisele tsa hae tse khubelu li kolle ka potlako. Ka mor’a matsatsi a seng makae, boemo ba mali a hae bo ile ba ntlafala. Hona joale Helen o boetse o phela hantle, ’me oa leboha hore ebe sepetlele se ile sa hlompha tumelo ea hae. Helen le ’mè oa hae ba re, “Re tla lula re leboha ’me re ke ke ra lebala tsela eo mokhatlo oa Jehova o sebetsang ka eona le kamoo bara le barali babo rōna ba ileng ba re tšehetsa le ho re rapelisa.”

HO TOBANA LE LITLHASELO TSE LONYA TSA MECHA EA LITABA

Lipaki Tsa Jehova tsa Norway li ile tsa hlaseloa ka liqoso tse ngata tse reretsoeng ho li senya lebitso le ho li beha ka mosing, ho sebelisoa likoranta, limakasine, seea-le-moea le thelevishene. Sena se etsahetse haholo-holo ho tloha ka 1989 ho fihlela ka 1992. Le leng la mabaka a ka sehloohong a neng a etsa hore li hanyetsoe ke hore li khomarela seo Bibele e se buang mabapi le tsela ea ho tšoara batho ba khaotsoeng. (1 Bakor. 5:9-13; 2 Joh. 10) Ka lebaka la ho buuoa hampe, Lipaki li ile tsa hlorisoa ke batho tšimong, mosebetsing, likolong le ke ba malapa. Le hoja balateli ba Jesu ba sa makale ha ba nyefoloa, ho ne ho se bonolo ho mamella boemo boo.—Mat. 5:11, 12.

Mor’abo rōna e mong o itse: “Ho bile thata nakong eo, empa ke ile ka boela ka rua melemo e itseng. Ke ile ka khona ho hlahloba hore na Mangolo a tšehetsa seo ke se lumelang joang. Ho nahana ka lijo tsa moea tse molemo tseo re li fuoang ke lekhoba le tšepahalang le le masene ho ile ha matlafatsa tumelo ea ka. Ka lebaka leo, ke lumela hore re matlafalelitsoe ho tobana le liteko tsa tumelo.”

Molebeli e mong oa potoloho o itse: “Re ile ra khothala ha re bona sebete sa bara le barali babo rōna nakong eo. Ra hlokomela hore ntho e molemo ka ho fetisisa eo re neng re ka e etsa ke hore re hle re ikakhele ka setotsoana tšebeletsong ea tšimo, ho akarelletsa le bopaking ba seterateng. Hoa thabisa hore ebe Lipaki tse ngata li ile tsa etsa se nepahetseng.”

Le hoja mecha ea litaba e khothalletsa mehopolo e khahlanong le Mangolo tabeng ea ho khaola, hlokomela hore na motho ea kileng a khaoloa o ikutloa joang ka tataiso eo ea Bibele. Fred o re: “Ke ile ka khaoloa ha ke le lilemo li 20, eaba ke qala ho nahana ka ho teba ka bophelo ba ka. Ho ne ho se monate, empa bohato ba hore ke khaoloe bo ile ba ntsoela molemo. Ho ile ha e-ba joalokaha eka Jehova o re ho ’na: ‘Joale u lokela ho itšoara hantle, mor’a ka! Ha u sa lokise litsela tsa hao u tla kena mathateng.’ Ke ile ka ithuta thuto e molemo e ileng ea nthusa hore ke tlohele tsela ea boetsalibe eo ke neng ke tsamaea ho eona. Ho e-na le hore ke inehelle boithabiso le menyaka, ke ile ka qala ho nka ’nete ka ho teba. Ho phaella moo, metsoalle e meng ea ka e ile ea itšoara hantle.” Hoa thabisa hore ebe Fred o ile a baka, a fetoha mekhoeng, a ba a khutlisetsoa ka phuthehong. Hona joale ke moholo.

HO “ITOKISETSA LETSATSI LA JEHOVA”

Le hoja lerato la leruo le jele setsi ’me batho ba bangata ba iphapanya, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba e-ba maphathaphathe linthong tse matlafatsang tumelo, tse joaloka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho ba teng libokeng tsa phutheho. Bahoeletsi ba eketsehileng ba ile ba atolosa tšebeletso ea bona ka hore e be bo-pula-maliboho ba kamehla. Bahoeletsi ba bangata ba na le maikutlo a tšoanang le ana ao mor’abo rōna e mong a ileng a a bolela ha a re: “Haeba hosane ke tla be ke sa itokisetsa letsatsi la Jehova, le mohla le fihlang ke tla be ke ntse ke sa itokisetsa lona. Ntho feela eo re lokelang ho e etsa ke ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna. Lona le tla fihla.” Ha ho potang hore boikutlo bona bo tlatselitse keketsehong ea bahoeletsi e bonahetseng ho tloha ka 2001.

Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (seo kajeno se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha) ke tokisetso e matlafalitseng liphutheho le e thusitseng barab’abo rōna ba bangata hore ba fumane thuto e babatsehang ea puso ea Molimo. Mor’abo rōna e mong ea tsoang sekolong sena o re: “Ke ile ka fumana monyetla oa ho ithuta Bibele haholo ka libeke tse robeli ’me seo se nthusitse hore ke utloisise ’nete ka tsela eo ke neng ke qala ho e utloisisa ka eona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng e ile ea qala ho ntlhakela ho feta leha e le neng pele ka ba ka bona hore e nepahetse!” Lilemong tse 20 tse fetileng, barab’abo rōna ba fetang 60 ba ’nile ba phetha lithuto tsa bona sekolong sena, ’me ba matlafalitse liphutheho ba bile ba li thusitse hore li ikemisetse ho etsa mosebetsi o eketsehileng.

BA HŌLETSE MALAPENG A LIPAKI TSA JEHOVA

Batho ba bangata bao e ’nileng ea e-ba Lipaki Tsa Jehova ho theosa le lilemo ba ithutile linnete tsa Bibele ho batsoali ba bona. Bahoeletsi ba bang ba Norway ke litloholo, litloholoana, esita le litloho-tloholoana tsa Lipaki. Ivan Gåsodden, ke setloholoana sa Ingebret Andersen, e leng Seithuti sa Bibele sa pele motseng oa Skien. Ivan o re: “Ke atisa ho nahana ka tsela eo ke hlohonolofalitsoeng ka eona ha e le mona ke hlahetse lelapeng le nkang ho sebeletsa Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Thuto ea botho, ho bala Bibele kamehla le ho ba le metsoalle e molemo e nang le sepheo se tšoanang le sa ka ho nthusitse hore ke emele ’nete.” Bara ba Ivan, e leng André le Richard, le bona ba ananela lefa la ho hōlisoa ke Lipaki ’me ba le nka e le letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa.

Bente Bu, setloholo sa Magnus Randal, ea ileng a sebeletsa sekepeng sa bo-pula-maliboho se bitsoang Ruth o itse: “Ka sebele kea leboha hore ebe ke hlahetse lelapeng la Lipaki. Ho qala bophelo ka tsela ena ho mphemisitse mathata a mangata, ’me ke batla ho qeta bophelo ba ka ke thusa batho ba bang.”

Ba bang ba sa kang ba tiea ’neteng bocheng ba bona, ha ba se ba hōlile e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova tse ikitlaetsang tšebeletsong. Ka mohlala, Thomas le Serine Fauskanger ba motseng oa Bergen, ba hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, empa ha baa ka ba hatela pele ka potlako. Ba ile ba thusoa ke’ng hore ba fetole tsela eo ba talimang ho sebeletsa Jehova ka eona?

Thomas o re: “Ka 2002 mor’abo rōna e mong e mocha ea tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi o ile a tla phuthehong ea heso. O ile a nthusa hore ke ikakhele ka setotsoana tšebeletsong le hore ke hahamalle lipakane tsa moea.”

Ha Thomas a le lilemo li 25, o ile a nyala Serine, eaba ka 2007 ba fallela Båtsfjord, Finnmark, ho ea thusa banyalani ba bo-pula-maliboho hore ba hlokomele batho ba thahasellang molaetsa sebakeng seo. Ho e-s’o ee kae, Thomas le Serine le bona e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Ka 2009 ba ile ba qeta likhoeli tse tharo tšimong e sa abuoang motsaneng oa batšoasi ba litlhapi oa Kjøllefjord, moo bona le bahoeletsi ba neng ba tsamaea le bona ba ileng ba qala lithuto tsa Bibele tse fetang 30. Eaba Thomas le Serine ba fallela haufi le Kjøllefjord e le hore ba thuse batho ratang ’nete. Hona joale ba atisa ho ea moo ’me ba nka lihora tse tharo le halofo ka koloi ho ea thusa batho ba ratang ’nete. Ba phela bophelo bo maphathaphathe, empa Serine o re: “Hona joale ke phela bophelo bo itekanetseng ’me ke thabile. Ha re na lintho tse ngata, le mathata a rōna ha a mangata.”

HO LEBELLA LITŠEPISO TSA JEHOVA KA TUMELO

Bophelo bo fetohile haholo ho tloha ha Seithuti sa Bibele se bitsoang Knud P. Hammer le ba bang ba qala ho bolela litaba tse molemo Norway. Qalong bahlanka ba Jehova ba ne ba talingoa e le mekhelo hobane ba ruta ’nete ea Bibele bathong ba likereke tse sa tšoaneng ’me li e-na le tšusumetso e matla li bile li ruta lithuto tsa bohata. Ho theosa le lilemo tsena tse mashome, batho ba bangata ba ratang ’nete ba ile ba thabela ho ithuta Bibele ’me ka potlako ea e-ba barapeli ba ’nete.

Hona joale, tsela eo batho ba Norway ba ikutloang ka eona ka bolumeli e fetohile. E se e le batho ba seng bakae feela ba lumelang ho Molimo, ’me ho nkoa motho a iphahamisa ha a bolela hore ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete. Ho hlokahala hore motho ea thahasellang a nke nako e telele a ntse a ithuta a be a sebetse ka thata e le hore a ka ba le tsebo ea Bibele hammoho le tumelo ho Molimo esita le Bibeleng. Hangata ho nka nako e teletsana hore motho a ithute ho phela tumellanong le melao ea Bibele. Leha ho le joalo, Jehova o ntse a hula batho ba ratang ’nete, ebang ba lula metsaneng e ka thōko ea batšoasi ba litlhapi kapa litoropong tse nang le baahi ba bangata moo ho nang le mehaho e tsoetseng pele ea lifolete tsa mekato e mengata.—Joh. 6:44.

Lipaki Tsa Jehova tsa Norway li tšoana le tse ling lefatšeng lohle, kaha li ananela ‘tokelo ea tsona ea hore li sa tšabe letho li etsetse ’Musi Morena, Jehova tšebeletso e halalelang.’ (Luka 1:74) Ha ka mafolofolo barapeli bana ba Jehova ba Norway ba ntse ba batla batho ba sekametseng ho lokeng tšimong ena e khōlō, ba ba le leseli la hore na ho tla ba joang ha lefatše lohle e se e le paradeise e botle bo hlollang le e nang le khutso, e leng kamoo Mōpi a neng a rerile hore le be kateng. Bona hammoho le bara le barali babo bona lefatšeng lohle ba labalabela ho bona letsatsi leo ka lona ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsoe hohle lefatšeng lena le letle.—Dan. 2:44; Mat. 6:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kajeno e bitsoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 106]

Seo ha sea ka sa mo thibela ho ea libokeng, empa o ne a ea a sa roala lieta!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 111]

“Ke robetse ke le Mopentekonta, empa ha ke tsoha ke ne ke le Paki ea Jehova”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 122]

“Hoa bonahala hore re ke ke ra etsa hore le koenehele tumelo ea lōna”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 157]

‘Joale u lokela ho itšoara hantle, mor’a ka! Ha u sa lokise litsela tsa hao u tla kena mathateng’

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 90]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Norway

Naha

Norway e tumme ka mechophoro e metle haholo le lithaba tse khahlehang hammoho le lihlekehleke tse likete. Ha ho sa akarelletsoe sehlopha sa lihlekehleke tsa Svalbard se pakeng tsa Norway le North Pole, naha ena e feta profinse ea Kapa Leboea hanyenyane feela. Le hoja ka linako tse ling Norway e bata haholo, haholo-holo karolong e ka leboea ea Arctic, boholo ba naha ena bo futhumetse ho feta linaha tse ling tse phahameng joaloka eona ka lebaka la maqhubu a leoatle la Atlantic le meea ea lona e futhumetseng.

Batho

Boholo ba baahi ba limilione tse hlano ke matsoalloa a Norway, ’me hoo e ka bang liphesente tse 10 ke batho ba tsoang linaheng tse ling. Masami a mangata (ao pele a neng a tsejoa e le Malapo) a sa ntse a phela ka ho tšoasa litlhapi, ho tsoma, ho cheha liphoofolo le ho rua likhama.

Puo

Senorway se sebelisoang haholo linthong tsa molao, se ngoloa ka litsela tse peli. Ea pele, ke Sebokmål (Puo e Sebelisoang ha ho Ngoloa Libuka) ’me e sebelisoa ke batho ba bangata ebile e batla e tšoana le Sedanishe. Ea bobeli, ke Senynorsk (Senorway sa Morao Tjena).

Mokhoa oa Boipheliso

Lintho tse kenyang chelete haholo ke oli le khase hammoho le lintho tse etsoang lifemeng. Tlhapi e romelloa linaheng tse ling ka bongata. Masimo a Norway a etsa liphesente tse tharo feela tsa naha.

Lijo

Lijo tse jeoang haholo Norway ke tlhapi, nama, litapole, bohobe le lihlahisoa tse etsoang ka lebese. Lijo tse tummeng ke Fårikål (sechu sa nama ea nku le k’habeche). Kaha ho na le batho ba bangata ba fallelang Norway lilemong tsa morao tjena, ho se ho jeoa lijo tsa linaha tse sa tšoaneng.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 95, 96]

O Ile a Ikitlaetsa Tšebeletsong ea Jehova

THEODOR SIMONSEN

O HLAHILE KA 1864

E BILE SEITHUTI SA BIBELE HO TLOHA KA 1905

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le moruti oa Kereke ea Free Mission ’me ea e-ba molebeli oa potoloho.

◼ HA Theodor a ithuta lingoliloeng tsa rōna ’me a hlokomela hore thuto ea mollo oa lihele ha e lumellane le Bibele, o ile a qala ho hanyetsa thuto ena ea bohata ha a ruta ka kerekeng ea Free Mission—e leng se ileng sa thabisa batho ba bangata ba neng ba mo mamela. Empa ka letsatsi le leng, ha a qeta ho ruta, o ile a fuoa sephephechana se nang le molaetsa o reng: “Ke la ho qetela u ruta mona!”

E ne e le ka 1905 ha Theodor a qetela ho ruta kerekeng ea Free Mission, ’me ea e-ba Seithuti sa Bibele hona selemong seo. Ka mor’a moo, o ile a fa Liithuti Tsa Bibele tse makholo lipuo tse ngata ’me barab’abo rōna ba ne ba li ananela. Theodor o ne a phelisa lelapa la hae ka ho penta matlo, ’me a ikitlaetsa mosebetsing oa ho bolela le ho ruta ka mafelo-beke. E ne e le mosuoe ea rutang ka tsela e ipabolang hobane o ne a tseba Bibele hantle ’me a bua a khobile matšoafo le ka tsela e utloahalang. Hape e ne e le kheleke ’me a atisa ho qala le ho phetha lipuo tsa hae ka hore a bine pina ha a ntse a letsa seletsa sa ’mino se bitsoang zitha.

Ka 1919, ha boemo ba lelapa la hae bo mo lumella, e ile ea e-ba molebeli oa potoloho. O ile a etsa mosebetsi ona ho fihlela ka 1935, a etela liphutheho tsa Norway, Denmark le Sweden. E ne e le mosebetsi o boima oa ho khothatsa liphutheho le lihlopha tse ka thōko le ho fana ka lipuo metseng eo ho eona ho neng ho se na Liithuti Tsa Bibele. Ka mohlala, leetong le leng la likhoeli tse 12, o ne a lokela ho etela libaka tse 190 tse lipakeng tsa Kristiansand e ka boroa le Tromsø e ka leboea. Mehleng eo, balebeli ba tsamaeang ba ne ba qeta letsatsi kapa a mabeli pele ba fetela sebakeng se latelang ba tsamaea ka eng kapa eng.

Le hoja libakeng tse ling tseo a neng a etela ho tsona ho ne ho se na Liithuti Tsa Bibele, batho ba bangata ba thahasellang ba ne ba e-ba teng ha a fana ka puo ea phatlalatsa. Ka mohlala, ka 1922 ha a etetse Bodø, eena le Anna Andersen, e leng pula-maliboho ea neng a etetse motseng oo ka nako eona eo, ba ile ba bolela litaba tse molemo ’me ba mema batho hore ba be teng puong ea phatlalatsa. Har’a batho ba neng ba tlile puong ea hae, ho na le ba babeli ba ileng ba bontša hore ba rata molaetsa oa hae haholo, e leng Johan le Olea Berntsen. Ka mor’a puo eo ba ile ba memela Theodor le Anna lapeng ha bona e le hore ba arabe lipotso tsa bona tsa Bibele. Ka lebaka leo, ba ha Berntsen e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele tsa pele motseng oa Bodø.

Lilemong tsa bo-1930, Theodor o ne a sebelisoa ha ho hatisoa lipuo tse ngata lirekotong tsa keramafono tsa Senorway. O ile a sebeletsa ka botšepehi ho fihlela a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng ka 1955.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 102]

O Ile a “Tsamaea le Molimo”

ENOK ÖMAN

O HLAHILE KA 1880

O KOLOBELITSOE KA 1911

PALE EA BOPHELO BA HAE E bile molebeli oa lekala ho tloha ka 1921 ho fihlela ka 1945

◼ HA Enok a sa le mocha ’me a lula Sweden, tlaleho ea Bibele ea kamoo Enoke a ileng “a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete,” e ile ea mo ama ka ho tebileng. (Gen. 5:22) Enok o ne a batla ho etsisa bitso oa hae oa Bibeleng. Empa ha aa ka a ithuta haholoanyane ka ho tsamaea le Molimo ho fihlela ha a bala buka ea pele ea Studies in the Scriptures a le lilemo li 31. O ile a kolobetsoa ’me ea e-ba Seithuti sa Bibele eaba o qala ho bula maliboho. Hamorao o ile a sebeletsa ofising ea lekala ea Sweden.

Ka 1917, Enok o ile a tlosoa lekaleng la Sweden, a isoa ho la Norway, ’me ho tloha ka 1921, a fuoa boikarabelo ba ho tsamaisa mosebetsi Norway. Ka nako eo, ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower e ne e le kamoreng e ’ngoe ea mohaho oo Morali’abo rōna Maria Dreyer a neng a lula ho oona a bile a etsetsa khoebo ea ho hlokomela maoto le manala ho oona. Ka mor’a hore Enok le Maria ba nyalane ka 1922, ba ile ba sebelisa sebaka seo kaofela e le ofisi ea lekala. Ba ile ba sebetsa hammoho Bethele ho fihlela ka 1944 ha Maria a hlokahala. Ka 1953, Enok o ile a nyala hape eaba o khutlela tšebeletsong ea bopula-maliboho. Kaha Enok o ne a lula a nahana kamoo tšepo ea hore o tla phela leholimong e leng ea bohlokoa kateng, o ile a “tsamaea le Molimo” ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1975.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 110]

“O ne a re Tsosa Molota”

WILHELM UHRE

O HLAHILE KA 1901

O KOLOBELITSOE KA 1949

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le ’moleli ea chesehang le hoja a ne a tšoeroe ke lefu la mesifa le qetang motho matla.

◼ WILHELM o ne a tšoeroe ke lefu la mesifa le neng le mo holofalitse maoto ’me le mo thatafalletsa ho bua. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore a utloe litaba tse molemo ka bo-1935, o ile a qala ho bolella ba bang linnete tse hlollang tseo a neng a ithuta tsona. O ne a tsamaea ka sethuthuthu sa hae sa mabili a mararo ha a il’o bolela litaba tse molemo ’me kamehla a ea koung ea Sortland e Vesterålen ho ea letsetsa batho lirekoto tsa keramafono tsa lipuo tsa Bibele le ho ba tsamaisetsa lingoliloeng. Kaha Wilhelm o ne a holofetse a bile a lula hōle le barab’abo rōna, ha aa ka a kolobetsoa ho fihlela ka 1949. Empa e ne e le ’moleli ea chesehang. Ba bangata ba neng ba feta koung eo ba ile ba ithuta ’nete ho eena, ’me ba bang ea e-ba Lipaki Tsa Jehova.

Ha Wilhelm a se a hōlile, o ile a lula lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo le Tromsø. Bahoeletsi ba bang ba ne ba mo thusa hore a tsoele pele ho paka ka ho ngola mangolo. Kaha e ne e le motho ea ratang batho le ea mosa, o ne a khothatsa batho ba bang haholo, ho akarelletsa le ba sebetsang lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo. Ha a hlokahala, mookameli oa sebaka seo o ile a re: “Kamehla re ne re thabela ho kena ka kamoreng ea hae. Tumelo ea hae e ne e re tsosa molota.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 113]

O Ile a Phetha Tšepiso ea Hae

JOHANNES KÅRSTAD

O HLAHILE KA 1903

O KOLOBELITSOE KA 1931

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a tsamaea ka liketsoana tsa bo-pula-maliboho ka lilemo tse robeli

◼ KA 1929, Johannes o ne a kene sepetlele a tšoeroe ke lefuba (TB). O ile a qala ho bala Bibele ’me a tšepisa Molimo hore o tla mo sebeletsa ha a fola.

Nakoana pele Johannes a lokolloa sepetlele, o ile a bala libuka tse ling tsa Liithuti Tsa Bibele ka tjantjello e khōlō. Hamorao a fumana libuka tse eketsehileng, tseo a ileng a bala e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ka makhetlo a mane kapa a mahlano, ’me nakoana ka mor’a moo a bolella batho ba bang linnete tseo a neng a sa tsoa ithuta tsona. Hang ha a se a folile, o ile a ea Bergen ’me a etela Mor’abo rōna Ringereide, ea ileng a mo eletsa hore a qale ho bula maliboho. Le hoja a ne a sa tsoa qala ho bolela litaba tse molemo, o ile a nka bopula-maliboho a sa tsilatsile.

Ho tloha ka 1931 ho fihlela ka 1938, o ne a tsamaea ka seketsoana sa bo-pula-maliboho se bitsoang Ester, eaba o bula maliboho nako e ka etsang selemo a tsamaea ka seketsoana se bitsoang Ruth, se neng se sika le lebōpo ho ea fihla holimo ka leboea motseng oa Tromsø. Ka 1939, Johannes o ile a qeta nakoana e le molebeli oa potoloho karolong e ka bochabela ea Norway, ebile e le mosebeletsi oa nakoana Bethele. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a nyala Sigrid ’me ba bula maliboho hammoho. Johannes o ile a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng ka 1995 a le motseng oa Fredrikstad.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 132]

O Paka Moo ho Tsitsitseng Feela

RANDI HUSBY

O HLAHILE KA 1922

O KOLOBELITSOE KA 1946

PALE EA BOPHELO BA HAE O bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka 1946.

◼ BATSOALI ba Randi ba kolobelitsoe ka 1938 ’me hamorao Randi o ile a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Ka 1946, a amohela memo ea ho sebeletsa Bethele, moo a ileng a kopana le mohlankana ea bitsoang Kjell Husby. Eena le Kjell ba ile ba ratana, ba nyalana ’me ka mor’a moo ea e-ba bo-pula-maliboho. Ba ile ba fumana mahlohonolo a mangata a moea ha ba ntse ba le mefuteng e sa tšoaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng ho fihlela ha Kjell a hlokahala ka 2010.

Morao tjena, Randi o tšoeroe ke maoto ’me o sitoa ho hloa litepisi kapa ho nyoloha moepeng. Empa o khona ho tsamaea hantle moo ho tsitsitseng ’me batho ba atisa ho mo bona a paka literateng le mabenkeleng a Trondheim. Randi o etsa bonnete ba hore bonyane o na le lingoliloeng tsa lipuo tse robeli e le hore a bolelle motho e mong le e mong eo a kopanang le eena litaba tse molemo. Hape bara le barali babo rōna phuthehong ea habo Randi ba mo felehetsa ka koloi ho mo isa ho batho bao a ba tsamaisetsang limakasine tsa morao-rao kamehla.

Randi ha a sa le matla joaloka pele. Empa o ntse a etsa tšebeletso ea hae ka moea oohle a thabile a bile a khotsofetse, kaha oa tseba hore Jehova ha a ‘lebale mosebetsi oa hae le lerato leo a ileng a le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheb. 6:10.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 149, 150]

Lentsoe la Molimo le na le Matla a ho Fetola Bophelo

VIKTOR UGLEBAKKEN

O HLAHILE KA 1953

O KOLOBELITSOE KA 1981

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le senokoane ’me o ile a itokolla tšusumetsong ea bademona a ba a tlohela ho sebelisa lithethefatsi.

◼ VIKTOR o ile a qala ho tsuba matekoane le ho sebelisa lithethefatsi tse ling e sa le mocha, eaba o fetoha senokoane. Haesale a rata Bibele, ’me ka 1979 ha a se a khathetse ke bophelo bo kotsi le bo thata boo a neng a bo phela, o ile a ipotsa hore na ebe Lentsoe la Molimo le ka mo thusa. Leha ho le joalo, o ile a nyahama a ba a ikutloa a sa khotsofala ha a ntse a batla thuso malumeling a sa tšoaneng.

Qetellong Viktor o ile a tetebela maikutlong hoo a neng a batla ho ipolaea. Eaba o fumana lengolo le tsoang Bergen ho mong ka eena, ea neng a qalile ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Viktor o ile a fallela Bergen ’me le eena a qala ho ithuta. Qalong o ne a leka ho tšoaea Lipaki liphoso. Empa kaha o ne a lula a tšoenyehile ka tikoloho, o ile a thaba ha a ithuta hore Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše,” ’me a fetole lefatše lena paradeise.—Tšen. 11:18.

Hang-hang Viktor o ile a ea libokeng le mong ka eena, ’me a khahloa ke mosa le kamohelo e mofuthu ea baeti eo a ileng a e bona Holong ea ’Muso le malapeng a Lipaki. Seo a ileng a se utloa le ho se bona se ile sa mo kholisa hore o lokela ho fetola bophelo ba hae ’me a khaotse ho sebelisa lithethefatsi. Kaha Viktor ha aa ka a khaotsa ho rapela ho tloha pelong, o ile a bona hore Lentsoe la Molimo le moea o halalelang li na le matla a ho fetola bophelo.—Luka 11:9, 13; Baheb. 4:12.

Ha hoa ka ha e-ba bonolo hore Viktor a etse liphetoho tse neng li hlokahala e le hore a kolobetsoe. Ke Jehova feela ea ileng a mo thusa hore bademona ba khaotse ho mo tšoenya le hore a lahle lithethefatsi ka mor’a hore a khutlele ho tsona ka makhetlo a mabeli. O ile a thusoa ke moholo e mong ea ileng a mo tiisetsa hore ‘joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontša mohau ho ba mo tšabang.’ (Pes. 103:13) Viktor o ile a hatela pele moeeng ’me a kolobetsoa ka 1981. Ho ne ho ntse ho hlokahala hore a hoehle chankaneng bakeng sa tlōlo ea molao eo a neng a kile a e etsa, empa kapele ka mor’a hore a lokolloe, o ile a qala ho bula maliboho. Ho tloha ka nako eo, o thabetse ho thusa batho ba bangata hore e be bahlanka ba Jehova. O ’nile a atleha haholo ha a bolela litaba tse molemo lichankaneng, ’me batho ba babeli bao a kileng a ba seleng le bona ba ile ba amohela ’nete.

Viktor o iketselitse botumo ba ho ba hlooho ea lelapa le moholo ea tšepahalang. O sa ntse a bula maliboho hammoho le mosali oa hae, Tone le mora oa bona. Viktor o re: “Tšebeletso ke e ’ngoe ea lintho tse ileng tsa nthusa hore ke fetohe. Ke leboha Jehova haholo hore ebe ke khona ho fa batho ba bang matlotlo ana a moea.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 152]

Ntho e Molemo ho Feta ho Bapala Bolo

TOM FRISVOLD

O HLAHILE KA 1962

O KOLOBELITSOE KA 1983

PALE EA BOPHELO BA HAE Sebapali sa bolo se neng se batla ho sebeletsa Jehova.

◼ HA Tom a le lilemo li 20, o ne a e-na le monyetla oa ho etsa chelete e ngata e le sebapali sa se seng sa lihlopha tse khōlō tsa Norway. ’Mè oa Tom e ne e se e le Paki ea Jehova. Ka letsatsi le leng, mor’abo rōna e mong e mocha oa pula-maliboho o ile a chakela ’mè oa Tom eaba o kōpa ho ithuta Bibele le Tom. O ile a lumela empa a mo bolella hore ho hang ha aa ikemisetsa ho ba Paki.

Ha Tom a qala ho ea libokeng, o ile a amoheloa ka mofuthu ’me seo sa mo ama maikutlo. O ile a boela a elelloa hore nakong ea liboka motho e mong le e mong o phetla Bibele. Tom o ile a re ka pelong: “E tlameha ebe ke Bibele e etsang hore batho bana ba be mosa hakana.”

Tom o ile a qetella a kholisehile hore o fumane ’nete ebile o batla ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, o ne a ka kholisa batsamaisi ba sehlopha sa hae sa bolo joang hore ba lokolle sebapali sa bona se hloahloa le se neng se tla kenya chelete? Ntho e hlollang ke hore ka mor’a ho hlalosetsa batsamaisi ba sehlopha hore o batla ho etsa ntho e molemo ho feta ho bapala bolo, ba ile ba mo lokolla.

Tom o ile a kolobetsoa ka 1983 ’me a qala ho bula maliboho ka 1985. Ka 1987 eena le Viktor Uglebakken ba ile ba fallela Hammerfest ho ea thusa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng. Hamorao Tom o ile a khethoa hore e be molebeli oa potoloho, ’me hona joale o sebeletsa Bethele le mosali oa hae, Kristina.

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 162, 163]

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Norway

1890

1892 Knud Pederson Hammer o qala ho bolela litaba tse molemo Norway.

1900

1900 Ho thehoa phutheho ea pele.

1904 Ho buloa ofisi Kristiania (Oslo).

1905 Ho tšoaroa kopano ea pele Kristiania.

1909 and 1911 C. T. Russell o etela Norway.

1910

1914 Ho khethoa molebeli oa potoloho oa pele.

1914-1915 “Photo-Drama of Creation” e khahla matšoele.

1920

1920-1925 Naheng ka bophara ho fanoa ka puo e reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-Shoa!”

1925 The Golden Age (Tsoha!) e hatisoa ka Senorway.

1928-1940 Ho sebelisoa liketsoana ho bolela litaba tse molemo metseng e sikileng le lebōpo.

1930

1940

1940-1945 Ba tsoela pele ho paka ho sa tsotellehe khanyetso nakong ea ntoa.

1945 Molula-Qhooa o hatisoa ka Senorway.

1948 Baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade baa fihla.

1950

1950 Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa le tšehetsa tokelo ea barab’abo rōna ea ho ruta ba sebelisa lingoliloeng.

1960

1965 Kopano ea machaba e tšoareloa Oslo.

1970

1980

1984 Ho neheloa lekala le lecha.

1990

1990 Ho khethoa Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele.

1994 Ho neheloa Holo ea Kopano ea Oslo.

1996 Ho lokolloa Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Senorway.

2000

2010

2011 Ho finyeletsoe tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang, ea bahoeletsi le ea ba bileng teng Sehopotsong.

[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 159]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

10,000

8,000

6,000

4,000

2,000

1920 1935 1950 1965 1980 1995 2010

[Limmapa tse leqepheng la 91]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SWEDEN

STOCKHOLM

Örebro

Kou ea Bothnia

FINLAND

HELSINKI

Kou ea Finland

LEOATLE LA BALTIC

DENMARK

COPENHAGEN

NORWAY

OSLO

Kjøllefjord

Båtsfjord

Vardø

Kirkenes

Karasjok

Hammerfest

Alta

Finnmarksvidda

Kautokeino

Tromsø

Harstad

Narvik

Sortland

Hennes

Svolvær

Bodø

Rørvik

Namsos

Steinkjer

Trondheim

Kristiansund

Måløy

Florø

Bergen

Haugesund

Stavanger

Egersund

Kristiansand

Arendal

Skien

Kongsberg

Drammen

Hønefoss

Gjøvik

Lillehammer

Brumunddal

Hamar

Kongsvinger

Ski

Askim

Moss

Halden

Fredrikstad

Mochophoro oa Oslo

LEOATLE LA LEBOEA

LEOATLE LA NORWAY

Sehlekehleke sa Andøya

Bleik

Sehlopha sa Lihlekehleke Tsa Svalbard

Longyearbyen

LITEREKE

Finnmark

Troms

Telemark

Vestfold

[Setšoantšo se leqepheng la 88]

Knud Pederson Hammer

[Setšoantšo se leqepheng la 89]

Reine, Norway leboea

[Setšoantšo se leqepheng la 92]

Ingebret le Berthe Andersen ba na le Phutheho ea Skien ka 1911

[Setšoantšo se leqepheng la 93]

Viktor Feldt

[Setšoantšo se leqepheng la 94]

Hallgerd Holm (1), Theodor Simonsen (2) le Lotte Holm (3)

[Setšoantšo se leqepheng la 98]

Bo-pula-maliboho ba pele: (1) Helga Hess, (2) Andreas Øiseth, (3) Karl Gunberg, (4) Hulda Andersen le (5) Anna Andersen

[Setšoantšo se leqepheng la 100]

“Peoples Pulpit”

[Setšoantšo se leqepheng la 104]

“Golden Age” ea Senorway

[Setšoantšo se leqepheng la 106]

Even Gundersrud

[Setšoantšo se leqepheng la 107]

Litho tsa Phutheho ea Skien li ne li atisa ho tsamaea ka teraka ha li il’o bolela libakeng tse haufi

[Setšoantšo se leqepheng la 108]

Torkel Ringereide

[Setšoantšo se leqepheng la 109]

Olaf Skau

[Setšoantšo se leqepheng la 114]

Karl Gunberg e ne e le mokhanni oa seketsoana sa “Elihu”

[Setšoantšo se leqepheng la 115]

Johannes Kårstad o ile a hlokomela seketsoana sa “Ester”

[Setšoantšo se leqepheng la 116]

Andreas Hope le Magnus Randal ba ile ba tsamaea ka seketsoana sa “Ruth”

[Setšoantšo se leqepheng la 117]

“Aurora borealis” Norway leboea

[Setšoantšo se leqepheng la 118]

Solveig Løvås

[Setšoantšo se leqepheng la 119]

Andreas le Sigrid Kvinge

[Setšoantšo se leqepheng la 124]

Kopano ea sekhukhu morung o haufi le Ski

[Setšoantšo se leqepheng la 127]

Marvin Anderson le mosali oa hae, Karen

[Setšoantšo se leqepheng la 128]

Mochine oa khatiso o tsamaisoang ka leoto

[Setšoantšo se leqepheng la 129]

Kopano e neng e tšoaretsoe Bergen ka 1946

[Setšoantšo se leqepheng la 130]

Svanhild Neraal, ka 1961

[Setšoantšo se leqepheng la 133]

Hangata ba ne ba sebelisa seketsoana sa Arnulf ha ba ea tšebeletsong

[Setšoantšo se leqepheng la 135]

Gunnar Marcussen (1) le Hans Peter Hemstad (2) ke liithuti tsa pele tsa Norway tse ileng tsa phetha thupelo ea tsona sekolong sa Gileade

[Setšoantšo se leqepheng la 138]

Sebaka sa litente nakong ea kopano ea machaba ea “Lentsoe la ’Nete”

[Setšoantšo se leqepheng la 139]

Paul Bruun

[Setšoantšo se leqepheng la 142]

Hartvig Mienna le bahoeletsi ba bang ba sebelisa likoloi tse tsamaeang lehloeng ha ba il’o bolella Masami litaba tse molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 144]

Kaho ea lekala e qalile ka 1981

[Setšoantšo se leqepheng la 145]

Ofisi ea lekala kajeno

[Setšoantšo se leqepheng la 147]

Holo ea Kopano ea Oslo

[Setšoantšo se leqepheng la 160]

Ka lebaka la thupelo ea Bibele ka malapeng, meloko e latellanang e bile bahlanka ba tšepahalang ba Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela