Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Norway
Ak’u nahane u bolela litaba tse molemo naheng e nang le mechophoro, lithaba, leqhoa, lehloa le likhama—eo mariha e chabeloang ke mahlaseli a mebala-bala a libakeng tse ka leboea. Naha eo, ke Norway. Bala tlaleho e bontšang barab’abo rōna ba neng ba tsamaea ka likepe le ka mapolanka a thelelisang lehloeng e le hore ba fihle ho batho ba lulang libakeng tsa mahaeng u be u bale le ka mor’abo rōna ea neng a e-ea libokeng a sa roala lieta. Ithute tsela eo Bakreste ba ileng ba bontša tumelo le sebete ka eona pusong e thata ea Manazi.
Rwanda
Lerato le bontšang boitelo leo Jesu a itseng barutuoa ba hae ba tla tsejoa ka lona, le totobatsoa ke se etsahetseng naheng ena ea Afrika. Nakong eo ho neng ho e-na le lehloeo la morabe le ileng la hlohlelletsa tlhaselo e sehlōhō e neng e reretsoe ho timetsa Matutsi, batho ba Jehova ba ile ba ipeha kotsing, ’me ka linako tse ling ba ne ba bolaoa ha ba sireletsana. Ena ke tlaleho e ikhethang ea barab’abo rōna ba ileng ba mamella mahloriso le ho thibeloa ha mosebetsi oa bona ebile e bontša kamoo ba ileng ba tšepahala kateng le har’a mathata, liteko le meferefere.