Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 12/1 leq. 3
  • Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Keresemese?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 12/1 leq. 3

Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese

“Ho bonolo ho iphumana u se u kenoe ke moea oa Keresemese. Ka lebaka la hore batho ba qeta nako ba tšoarehile ka ho phetha meetlo ea matsatsi a phomolo, ha ba be le nako e lekaneng ea ho ba le ba malapa le metsoalle. Ka linako tse ling, ho e-na le hore re fumane thabo re tšoenyeha ka lintho tse ling.”—’MUSISI OA MEHLENG OA OKLAHOMA [U.S.A.] BRAD HENRY, DECEMBER 23, 2008.

JOALOKAHA matsatsi a Keresemese a ntse a atamela, lipina, lifilimi le mananeo a TV li etsa hore batho ba ikutloe ba thabile ba bile ba le moeeng oa matsatsi a phomolo—e leng moea oa Keresemese. U nahana hore ke ntho efe e lokelang ho ba ea bohlokoa nakong eo? Na e lokela ho ba nako ea

  • Ho hopola Jesu Kreste?

  • Ho thabela ho fana ka limpho?

  • Ho thusa ba hlokang?

  • Ho qeta nako le ba lelapa?

  • Ho khothalletsa hore ho be le khotso?

Joalokaha ’Musisi Henry ea qotsitsoeng pejana a bolela, ho thata hore batho ba bangata ba ketekang Keresemese ba etse lintho tseo nakong ea matsatsi a phomolo. Hangata, ka Keresemese batho baa phathahana, ba lula ba tšoenyehile ’me ka holim’a tsohle ba tšoareha ka ho reka le ho rekisa. Na hore motho a be moeeng oa Keresemese—kapa a etse lintho tse o bontšang—ke ntho e ke keng ea khoneha?

Bibele e re khothalletsa hore re hopole Jesu Kreste, re fane ka seatla se bulehileng, re thuse ba hlokang re be re qete nako le ba malapa a rōna. E boetse e re ruta kamoo re ka phelisanang ka khotso kateng. Kahoo, ho e-na le hore lihlooho tsena li bue ka hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa keteke Keresemese,a li tla tšohla lipotso tse latelang:

  • Batho ba bang ba nka hore lebaka la ho keteka Keresemese ke lefe?

  • Ke hobane’ng ha ho le thata hore batho ba fumane thabo eo ba e lebeletseng ka Keresemese?

  • Ke melao-motheo efe ea Bibele e thusitseng ba limilione ho fumana ntho e molemo ho feta ho keteka Keresemese?

a E le hore u fumane mabaka a Mangolo ao ka ’ona ba bang ba sa ketekeng Keresemese, sheba sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba—Ke Hobane’ng ha Batho ba Bang ba sa Keteke Keresemese?” leqepheng la 10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela