Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng LohleMaine, U.S.A.: Barab’abo rōna ba latela mohlala oa Jesu, ka ho ba “batšoasi ba batho”
Maine, U.S.A.: Barab’abo rōna ba latela mohlala oa Jesu, ka ho ba “batšoasi ba batho”
LEFATŠENG LOHLE
PALO EA LINAHA 239
PALO EA BAHOELETSI 7 782 346
LIHORA TSE SEBELITSOENG TŠIMONG 1 748 697 447
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 8 759 988
AFRIKA
PALO EA LINAHA 58
PALO EA BAAHI 968 989 710
PALO EA BAHOELETSI 1 312 429
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 2 999 639
O Hana ho Ntša Mpa
Mosali e mong ea bitsoang Saba, ea nang le lebenkele o lula Addis Ababa, e leng motse-moholo oa Ethiopia. Ka letsatsi le leng baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba mo bontša Tsoha! e buang ka ho ntša mpa. Saba o ile a re ba kene ka tlung eaba o ba bolella a ntse a lla hore o nahana ho ntša mpa. Ha basali bana ba bararo ba ntse ba buisana ka taba ena, ba ile ba ameha maikutlo hoo ba ileng ba qala ho lla. Saba o ile a etsa qeto hona letsatsing leo ea hore o tlohela ho ntša mpa ’me a bolella monna oa hae hore na ke hobane’ng ha a entse qeto eo. Ha nako ea hae ea ho pepa e fihla, a ba le ngoana e motle oa ngoanana. O ile a qala ho ithuta Bibele a ba a kolobetsoa. Hona joale ke pula-maliboho ea thabileng. Monna oa hae le eena o ile a ithuta ho fihlela e e-ba mor’abo rōna, ’me ka April 2012, bana ba bang ba bona ba babeli ba ile ba kolobetsoa.
‘Na re ka Bua le Eena?’
Kaokoland, Namibia: Libuka tsa ho ithuta Bibele li khahla batho ba lilemo tsohle. Hona joale bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng e fumaneha ka lipuo tse 452!
Molebeli e mong oa potoloho oa Ethiopia o ne a paka ka ntlo le ntlo a tsamaea le mor’abo rōna e mong. Ntlong e ’ngoe, ba ile ba fumana motho ea sebetsang eaba ba kōpa ho bua le ntate oa moo. Mosali eo o ile a re ntate oa moo a ke ke a khona ho bua le bona, eaba ba re na ba ka mo siela lingoliloeng. O ile a ea mo botsa, ha a khutla a re o kōpa ho li bona pele.
Kahoo barab’abo rōna ba ile ba mo fa makasine hore a mo bontše eona. Ha a khutla ka mor’a metsotso e seng mekae, a re ntate eo o re o tla e bala. Eaba mora e mong oabo rōna o re, “Haeba ha a khone ho tla ho rōna, na re ka kena ra buisana le eena?” Motho ea sebetsang o ile a boela a ea mo botsa. Lekhetlong lena o ile a nka nako e telele hoo barab’abo rōna ba neng ba ipotsa hore na o sa tla khutla. O ile a qetella a khutlile ’me a re ba kene. Barab’abo rōna ba ile ba bona hore mong’a moo, e leng Yirgu, ke monna-moholo ea qetileng lilemo tse leshome a sa khone ho theoha betheng kapa hona ho lula. Motho ea sebetsang o ne a liehile ho khutla hobane a ntse a thusa monna-moholo ho apara a bile a hleka kamore.
Barab’abo rōna ba ile ba mo bolella litaba tse molemo. Yirgu o ne a thabetse molaetsa oa bona hoo a ileng a lumela hore a khanneloe thuto ea Bibele. Ha thuto e ntse e tsoela pele, bophelo ba hae bo ile ba ntlafala. Ha nako e ntse e ea o ile a khona ho theoha betheng ’me a tsamaea ka setulo sa likooa. Ho e-s’o ee kae o ne a se a ea libokeng ’me o ile a kolobetsoa kopanong ea setereke e sa tsoa feta.
Kereke ea Libuka Tsa Ntate oa Hae
Calvin oa Zimbabwe, o ne a le lilemo li ’nè ha ntate oa hae a hlokahala a mo siela mokotlana feela o tšetseng Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha le buka ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho, Moqolo 1. O ile a re ho Calvin, “U khomarele kereke ea libuka tsena. E ruta ’nete.”
Ha ’mè oa hae a hlokahala, Calvin o ile a lula le nkhono oa hae. Calvin o ile a nka lilemo tse robong a hana ho ea kerekeng ea nkhono oa hae, a re ka letsatsi le leng o tla fumana “kereke” ea libuka tseo ntate oa hae a mo fileng tsona.
Ka letsatsi le leng nkhono oa hae o ile a kopana le morali e mong oabo rōna. Kaha o ne a sa tsebe hore ke Paki o ile a bolella morali’abo rōna hore o na le setloholo se manganga se hanang ho ea kerekeng. Ho e-na le hoo ka Sontaha o lula a bala buka eo a e sietsoeng ke ntate oa hae. Morali’abo rōna o ile a mo botsa hore na buka eo ke efe. Nkhono enoa o ile a re o nahana hore ke “e ’ngoe ea libuka tse mona tsa Ma-watchtower tse makatsang.”
Morali’abo rōna a re o rata ho kopana le moshanyana eo. Calvin o ile a thaba haholo ha ba kopana. Ntle ho tšenyo ea nako morali’abo rōna o ile a qala ho ithuta Bibele le eena a sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ’me hang-hang Calvin a qala ho ea libokeng le hoja nkhono oa hae a ne a mo hanyetsa ka matla. O entse qeto ea ho khomarela ’nete ’me o lebeletse ka tjantjello nako eo ka eona bafu ba tla tsosoa mabitleng kaha o tšepa hore o tla boela a kopana le batsoali ba hae. Calvin o ile a kolobetsoa ka August 2012.
“Molimo eo U mo Sebeletsang o Matla”
Caro o lula Uganda. Hoo e ka bang khoeli feela ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele, monna oa hae, Martin ea neng a sebelisa boloi o ile a qala ho mo hanyetsa ka matla. O ile a re, “Balimo ha ba sa kena ka tlung ka mona ka lebaka la libuka tsena tsa hao.” O ile a mo phelisa ka thata a ba a mo sokela ka hore o tla mo bolaea haeba a sa tlohele ho ithuta Bibele. O ile a ba a khaotsa ho hlokomela lelapa. Caro o ile a lula a khobile matšoafo, a phelisa lelapa ka lijo tseo a neng a li lema jareteng ’me a tsoela pele ho ithuta ’nete. Hamorao ha ho hlakile hore bophelo ba hae bo kotsing, Caro o ile a baleha lapeng. Seo se ile sa etsa hore a hule ka thata. Empa ha a utloa hore bana baa kula, o ile a nka cheletana eo a neng a e-na le eona ’me a ba rekela moriana.
Hamorao monna oa Caro o ile a mo letsetsa, a re: “Ke kōpa u khutlele hae. Ke bone hore Molimo eo u mo sebeletsang o matla ’me o ’nile a u hlokomela. E-re batho bao u ithutang le bona ba tl’o nthuta le ’na. Ruri ke batla ho fetola bophelo ba ka.” Martin o ne a tiile. Hona joale lelapa la bona le momahane ebile le thabile. Martin le Caro ba ile ba kolobetsoa kopanong e neng e tšoeroe ka August 2012.
Ke ’Moleli a le Mong Motseng o Hōle
David o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a ntse a lula motseng o mong oa Kenya o hōle le habo. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana o ile a tlameha ho khutlela motseng oa habo oa Lokichar, sebakeng se hōle ka leboea-bophirimela ho Kenya. Phutheho e haufinyane e ne e le motseng oa Lodwar o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 165. David o ile a qeta lilemo tse ’nè a kopana le Lipaki seoelo, leha ho le joalo o ne a pakela baahelani le beng ka eena, a ba bolella lintho tseo a ithutileng tsona nakong e khutšoanyane eo a neng a ithuta Bibele ka eona. Ba bang ba ne ba thabela molaetsa oa hae, ’me ho e-s’o ee kae o ne a se a khanna lithuto tsa Bibele tse ngata. Ka 2007 o ile a iteanya le barab’abo rōna ba Lodwar ’me a boela a ithuta, kahoo a ea teng habeli ka khoeli a palama sethuthuthu, tekesi hammoho le bese.
Ha tsebo ea David e ntse e eketseha, o ile a cheseha le ho feta tšimong. Le hoja a ne a e-s’o kolobetsoe, o ile a haha “Holo ea ’Muso” ea nakoana ka makote pel’a ntlo ea hae ’me a e rulela ka joang e le hore a tšoarele liboka teng le batho ba thahasellang. Leha ho le joalo, hase bohle motseng oo ba neng ba rata mosebetsi oa hae oa ho paka, ’me o ile a qeta lilemo tse peli a hlapaoloa a bile a otloa. Ka lekhetlo le leng, batho ba bang ba motse ba ile ba mo khakhatha, ba mo qosa ka hore o tlisa “bolumeli ba Diabolose” motseng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore David a kōpe thuso ho ’musi oa setereke, ba ile ba khaotsa ho mo loantša ’me a tsoela pele ho paka. David o ile a re: “Nke ke ka phela ntle ho ’nete. Nke ke ka e tlohela ho sa tsotellehe hore na ke hanyetsoa hakae.”
David o ile a kolobetsoa ka 2009, ’me hona joale ke mohlanka ea sebeletsang ebile ke pula-maliboho. Eena le mora oa hae ea lilemo li 15 ke bona feela bahoeletsi sebakeng seo, empa ka April 2012, batho ba ka bang 60 motseng oo ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste se neng se tšoaretsoe holong e pel’a ha hae.
“Bontša ka Mangolo Hore o Fositse”
Morali’abo Rōna Janet, eo e leng pula-maliboho oa kamehla Ghana, o ne a ntse a bala buka ea Seo Bibele e se Rutang ha a le ka beseng e eang sebakeng se hōle. Moruti e mong o ile a kena ka beseng, eaba oa ruta ’me a kōpa bapalami hore ba ntše koleke. Janet a re: “Ke utloa u re Jesu le Molimo ke motho a le mong. Joale ke mang ea neng a bua le Jesu ha a kolobetsoa?”
Moruti eo a re, “Taba eo ke misteri.”
Eaba Janet o phetla khaolo ea 4 bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, a khetha litemana tse itseng, ’me a kōpa bapalami ba seng bakae hore ba li bale. O ile a hlalosa hore Jesu le Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle hase motho a le mong.
Moruti eo o ile a re, “Ua loea.”
Ha a rialo, bapalami ba ile ba buella morali’abo rōna ba re, “U lokela ho bontša ka Mangolo hore o fositse u se ke ua re oa loea.” Moruti eo o ile a theoha bese a halefile setopong se latelang. Moroetsana ea neng a lutse pel’a Janet a re ho eena: “Ke ne ke nahana hore Jehova ke lebitso la kereke ea Lipaki. Ke ne ke sa tsebe hore ke lebitso la Molimo ho fihlela ke utloa ha u buisana le moruti eane.”
Ba ile ba tsoela pele ho qoqa, eaba Janet o nka nomoro ea hae ea fono ’me a tšepisa hore o tla mo letsetsa. Ha moroetsana eo a fihla hae o ile a phetela nkhono oa hae se etsahetseng. Nkhono oa hae le eena o ile a makala ha a utloa hore lebitso la Molimo ke Jehova. Hamorao Janet o ile a lokisetsa hore Lipaki tse ling li ithute le moroetsana eo le nkhono oa hae. Hona joale ba ba teng libokeng.
LINAHA TSA AMERIKA
PALO EA LINAHA 57
PALO EA BAAHI 946 087 916
PALO EA BAHOELETSI 3 861 145
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 4 196 922
O Fumane ’Nete Moo ho Hang a Neng a sa Lebella
Peru: Ba pakela balemi ba lulang holimo Phuleng ea Utcubamba
Balebeli ba teronko naheng ea Bolivia ba ne ba sutumetsa Andrea ea lilemo li 20 hore a kene ka teronkong ’me eena a ba hlapaola a bile a ba sokela. O ne a le mabifi a bile a shahlile, ’me a shebahala a tšosa. Leidy, e leng Paki ea Jehova e neng e qositsoe ka bohata ea ba ea kenngoa teronkong, o ne a sa tšabe Andrea empa a mo utloela bohloko. Hoseng ho hong le ho hong Leidy o ne a tloaetse ho balla holimo mantsoe a pina e ’ngoe bukeng ea rōna ea lipina. Ha Andrea a utloa seo o ile a mo botsa a re, “U Paki ea Jehova?”
Leidy o ile a mo bolella hore ho joalo. Eaba Andrea o re: “’Mè oa ka ke Paki ea Jehova, ’me ke ne ke tloaetse ho ea libokeng le eena. O ne a nthuta Bibele.” Eaba Andrea o qala ho lla. Matsatsing a seng makae a latelang Leidy o ile a buisana le Andrea ka litaba tse tebileng tsa moea, ’me ha nako ea nyeoe ea Andrea e fihla, ba ile ba rapela hammoho ba kōpa thuso le tataiso ea Jehova. Andrea o ile a lokolloa ’me a tsoela pele ho ithuta ka Jehova. Ho e-s’o ee kae o ile a tšoanelehela ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me hona joale o lokisetsa ho kolobetsoa.
Ha a ntse a koaletsoe teronkong ka phoso, Leidy o ile a nka monyetla ka boemo boo ’me a qala lithuto tsa Bibele tse 21 pele a lokolla. Hona joale o ea teronkong hararo ka beke e le hore a khutlele ho batho ba thahasellang.
E Bile ka Lebaka la Websaete ea www.pr418.com
Ka Sontaha se seng nakong ea selemo ka 2011 ha banyalani ba bang ba apereng hantle le bana ba bona ba babeli ba kena Holong ea ’Muso Canada, bohle ba ile ba nahana hore ke Lipaki Tsa Jehova tse tsoang motseng o mong ’me li etile. Hang-hang Dominic, e leng mohlanka ea sebeletsang le monna oa lelapa lena ba ile ba tsebana. Dominic o ne a ile a ithuta Bibele le monna enoa lilemong tse 17 tse fetileng. Marc-André le mosali oa hae Josée ba qetile lilemo tse peli tse fetileng ba kopitsa le ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Websaeteng ea www.pr418.com eaba ba lemoha hore lelapa lohle le lokela ho ea Holong ea ’Muso. Ba ile ba qala ho ithuta Bibele hang-hang, ’me ba kopanela libokeng tsohle. Lelapa leo le ile la qala ho ba le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ba beke le beke ka mor’a likhoeli tse peli feela le qalile ho ithuta Bibele. Le tsoela pele hantle ’me ka May 2012 Josée o ile a fana ka puo ea hae ea pele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
‘O Ile a Mpha Lijo Tsa Hae le Katiba ea Hae’
Ha Marcelo ea lilemo li leshome a le kopanong ea setereke ea 2010 Chile, o ile a bona hore ntate-moholo ea neng a lutse pel’a hae ha a na libuka.
Eaba o sebela ’mè oa hae o re: “Ntate-moholo enoa ha a na Bibele.”
’Mè oa hae o ile a re: “Bala le eena.” Kahoo Marcelo o ile a lulella pel’a ntate-moholo eo ea bitsoang Victor ’me nako le nako a phetla litemana a bala le eena Bibeleng ea hae. Nakong ea khefu Marcelo o ile a re ho ’mè oa hae, “Ha a na lijo.” Eaba o re a je le Victor. Kahoo Marcelo a mo fa sandwich le tee. Ha Victor a ntse a ja, Marcelo o ile a mo bontša litemana tsohle tsa Bibele tseo a li hopolang.
Thapama letsatsi le ne le bataola. Marcelo a re ho ’mè oa hae, “Ha a na katiba.”
’Mè oa hae a re, “Mo fe ea hao.” Kahoo a mo fa eona. Ha kopano e tsoa, Marcelo a re Victor a tsamaee hantle.
Kopanong ea setereke ea selemo se latelang, Marcelo o ile a qamaka ho bona hore na Victor o teng. O ile a thaba ha a mo bona, ’me lekhetlong lena o ne a fasitse thae! Ha Victor a bona Marcelo, o ile a re: “Kajeno ke mona ka lebaka la moshanyana enoa. Selemong se fetileng ke ile ka memeloa ho tla kopanong, eaba kea tla. Moshanyana enoa o ile a bala le ’na Bibeleng ea hae a ba a mpha lijo le katiba ea hae. Joale ke ithuta Bibele!” Victor e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Moqolotsi oa Litaba oa mo Babatsa
Koranteng ea hae moqolotsi oa litaba ea hlaheletseng oa Venezuela o hlalosa se ileng sa mo etsahalla ha a ne a founetse k’hamphani ea lifono a kōpa thuso. O ile a arajoa ka bokhutšoanyane ke motho ea bohale ea sa kang a mo thusa ka letho. Ha a boetse a founa o ile a arajoa ke mohlankana e mong ea ileng a re lebitso la hae ke “Misael,” ’me o ile a mo thusa ka mosa. O itse: “Puisanong ena eohle, mohlankana enoa o ne a ikhetha ka mosa, tlhompho, boikemisetso ba ho thusa le moea oa tšebelisano-’moho. O ile a nthusa ho rarolla bothata ba ka a ba a mpontša kamoo nka sebetsanang le maemo a joalo nakong e tlang.”
Ha mosali eo a mo babatsa, o ile a mo bolella hore kaha ke Paki ea Jehova, o leka ka matla ho tšoara baahelani ba hae ka tsela eo Jesu a e rutileng. Moqolotsi eo oa litaba o ile a kōpa ho bua le mookameli oa Misael eaba o babatsa tsela e ntle eo Misael a mo sebelelitseng ka eona. Sehloohong seo sa hae, o ile a bontša hore Misael ke Movenezuela ea behang mohlala o motle ebile ke Paki ea Jehova. Ha a lihela likhala o ile a re: “Re hloka batho ba tšoanang le eena litšebeletsong tsohle tsa sechaba.”
“Le se ke la ba Manganga!”
Mexico City, Mexico: Batho ba bangata ho ba fetang milione ba khanneloang thuto ea Bibele naheng ena ba fumanoe ke bahoeletsi ba pakang seterateng
Gabriela ea lilemo li 15, ea sa utloeng litsebeng, o ile a thaba ha a kolobetsoa ka October 2011 kopanong ea setereke ea puo ea matsoho Ecuador. O ne a thabile hoo ha a khutlela sekolong ka Mantaha a ileng a kōpa tichere ea hae hore e mo lumelle ho etsa tsebiso e khutšoanyane ka tlelaseng. Tichere e ile ea lumela eaba Gabriela o ema ka pel’a tlelase a le mafolofolo, a bua ka puo ea matsoho a re: “Ke rata ho le tsebisa hore ka Labohlano, Moqebelo le Sontaha ke ne ke le kopanong moo ke ileng ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke boetse ke batla ho le bolella hore re phela mehleng ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Nako e felile! Le lokela ho fetola litsela tsa lōna ka potlako. Kahoo le se ke la ba manganga. Tšabang Molimo!” Sena se ile sa khahla liithuti-’moho le eena.
Nakong ea khefu Katty, eo e leng Paki e khathetseng moeeng, o ile a ea ho Gabriela a mo botsa hore na ho ne ho le joang kopanong. A sa hlathe koana le koana Gabriela o ile a re: “Ho ne ho le monate! Empa kaha joale ke Paki e kolobelitsoeng, ke batla ho lula ke tšepahala ho Jehova. Kahoo u tsebe hore setsoalle sa rōna se lokela ho fela, hobane u phela bophelo ba boitšoaro bo litšila. Setsoalle sa ka le uena se ka ama botsoalle ba ka le Molimo. U lokela ho fetoha. U lokela ho rapela Jehova u be u bue le baholo. Kea tseba hore u ka khona ho fetola bophelo ba hao.” Ka lebaka la keletso ea Gabriela e tobileng le e lerato, Katty o ile a ea ho baholo, ba mo thusa ’me a boela a kopanela tšebeletsong.
O Ile a Sebelisa Laptop ea Tichere
Bana ba ka tlelaseng le morali’abo rōna e mong ea lilemo li 16 oa United States ba ne ba mo botsa ka bolumeli ba hae, empa a sa nka lingoliloeng a bile a sa tšoara Bibele. Kaha o ne a batla ho araba lipotso tsa bona ka mangolo, o ile a alima laptop ea tichere ’me a kena Websaeteng ea www.pr418.com. O ile a araba lipotso tsohle tsa bona a ba a ba bontša hore na ba ka sebelisa Websaete eo joang. A ba bolella hore ha ba na le lipotso tsa Bibele ’me ho se na Lipaki tseo ba ka li botsang, ba batle likarabo Websaeteng eo. Ha beke e ntse e ea o ile a lemoha hore lipotso tsa liithuti-’moho le eena li fokotsehile. Ha a ba botsa lebaka, ba bang ba ile ba araba ka hore ba se ba sheba likarabo Websaeteng ba sebelisa lifono tsa bona. Le tichere ea hae e ne e li sheba teng!
ASIA LE BOCHABELA BO HARE
PALO EA LINAHA 48
PALO EA BAAHI 4 222 869 785
PALO EA BAHOELETSI 674 608
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 662 736
E ba Qobisa ho Hlasela Motse
Ha Lipaki tse ling li ea lepatong li ile tsa feta motsaneng o mong Indonesia. Mor’abo rōna e mong oa pula-maliboho o ile a bona bacha ba le ka thōko ho tsela. A bua le bona ’me a ba siela bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. Hamorao morali e mong oabo rōna o ile a tsamaea ka tsela eona eo ha a khutlela hae. Monna ea neng a tšoere bukana ea Mamela ’me U Phele o ile a tla ho eena a mo leboha ka hore ebe o file bana ba hae bukana eo. A re: “E pholositse bophelo ba bana ba ka!” Kaha morali’abo rōna o ne a sa tsebe hore na litaba li qalile kae, o ile a botsa hore na ho etsahatse’ng. Ntate enoa o ile a mo hlalosetsa hore bacha bao ba ne ba rerile ho hlasela motse o mong. Joalokaha e le tloaelo motseng oo, ba ne ba rerile ho busetsa molamu sefateng kaha motsoalle oa bona o ile a hlaseloa. Leha ho le joalo, ha bashanyana bana ba bala bukana eo, ba ile ba elelloa hore batho ba loantšang ba bang ba ke ke ba phela Paradeiseng e tlang. Kahoo ba boba, ba tlohela morero oo eaba ba khutlela hae. Molaetsa oa Bibele o bukaneng eo o ba thusitse ho qoba ntoa e neng e ka baka tšollo ea mali.
Monna ea Aparang Liaparo Tsa Basali oa Fetoha
Shau Kei Wan, Hong Kong: Ba pakela moroetsana ’marakeng
Rek o hōletse lelapeng le tloaelehileng Cambodia, empa ho tloha bonyenyaneng, eena le lefahla-’moho le eena ba ile ba ikutloa eka ke banana. Ba ne ba bapala ka lipopi ba bile ba rata ho apara liaparo tsa banana. ’Mè oa bona o ne a tsielehile, a hlajoa ke lihlong a bile a sa tsebe hore na a etse’ng ho ba tlohelisa mokhoa oo. Ha ba ea sekolong ba ne ba tloha hae ba apere liaparo tsa bashanyana empa hang ha ba fihla sekolong ba apare tsa banana. Ha mafahla ana a le lilemo li 16, a ile a kenela tlhōlisano ea bashanyana ba aparang liaparo tsa banana ’me ba hlokomeloa ke ba indasteri ea boithabiso. Sena se ile sa etsa hore ba hlahe mananeong a thelevishene le litšoantšisong tse qabolang. Ka mor’a nakoana, Rek o ile a phela bophelo ba bosodoma ’me a tloaelana le banna ba aparang liaparo tsa basali.
’Mè oa Rek o ile a qala ho ea kerekeng ’me a mo qobella ho tsamaea le eena. Le hoja a ile a lumela ho apara liaparo tsa banna, o ile a hana ho kuta moriri oa hae o molelele. Moruti o ne a atisa ho nyefola Rek le ho nyatsa tsela eo a phelang ka eona. Leha ho le joalo, Rek o ne a e-na le maikutlo a hore o tla leka ho ithuta Bibele kerekeng. Bekeng ea pele o ile a tsoha esale hoseng a tsamaea lik’hilomithara tse ngata ka baesekele a ea kerekeng, empa moruti a mo hlokela nako kaha a se moeeng oa ho mo ruta. Rek o ile a teneha ha moruti a sa hlahe le ho hlaha bekeng ea bobeli.
Leha ho le joalo, ha Rek a fihla hae, lefahla-’moho le eena le ile la mo bolella hore ho ne ho tlile mosali e mong ea ithaopelang ho ithuta Bibele le batho ntle ho tefo. O ne a ba sietse buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Morali eo oabo rōna le monna oa hae ba ile ba ithuta Bibele le mafahla ao. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, mor’abo Rek o ne a e-s’o ikemisetse ho fetola tsela eo a phelang ka eona eaba o khaotsa ho ithuta Bibele. Rek eena o ile a angoa ka ho teba ke mantsoe a 1 Bakorinthe 6:9, 10 ’me a utloisisa hantle hore na o lokela ho etsa’ng. Ho khothalla ho ithuta, ho bala Bibele, ho rapela le ho ba teng libokeng ho ile ha mo thusa ho hloekisa bophelo ba hae. ’Mè oa Rek le eena oa ithuta ’me o tsoela pele hantle. Ha Rek a kolobetsoa, ’mè oa hae o ile a bua a sekisitse meokho a re, “Ke thabile haholo ho bona ngoan’a ka a kolobetsoa e le monna.” Hona joale Rek ke pula-maliboho oa kamehla.
Mosali ea Sebelisanang le Meea oa Fetoha
Or-Ya o ne a sebelisana le meea, a phekola, e le moeletsi ebile e le senohe. Banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebeletsang Haifa, Iseraele, ba ile ba kopana le eena ha ba le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. O ile a re ho bona: “Haeba le tlile ka litaba tsa Molimo, kenang!” Ntlo ea hae e ne e tletse lintho tse amanang le tšebelisano le meea le boselamose. O ile a re o utloa melaetsa e tsoang ho Molimo, e meng e tlisoa ke “moea” oa rabi ea seng a hlokahetse.
O ile a thaba ha ba ithaopela ho mo khannela thuto ea Bibele ka buka ea Seo Bibele e se Rutang. Matsatsi a mabeli feela pele banyalani bana ba mo etela, o ne a ile a rapela Molimo hore a romele motho ea ka mo rutang Bibele a sa sebelise litlhaloso tsa bo-rabi. Le pele khoeli e fela o ile a botsa, “Na ho na le batho ba bang ba lumelang seo le se lumelang?” O ile a ea libokeng ’me a khahloa ke mofuthu le lerato leo a ileng a le bontšoa. Ho tloha mohlang oo ha a s’o ka a lofa liboka.
“Le saletsoe ke likhoeli tse peli feela hore le nthuse hore ke lokele kolobetso!”
Ka mor’a likhoeli tse peli Or-Ya a qalile ho ithuta, o ile a botsa ka kopano e tlang a re: “Na hase likopanong moo batho ba kolobetsoang teng? Haeba ho joalo, le saletsoe ke likhoeli tse peli feela hore le nthuse hore ke lokele kolobetso!” Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke ho lahla thepa eohle ea hae e theko e boima ea ho sebelisana le meea. Ka mor’a moo o ile a khaotsa ho sebelisana le meea ’me a qala ho pakela ba bang, a bontša batho bohle bao a neng a ba phekola le ba neng ba tla ho eena buka ea Seo Bibele e se Rutang le limakasine. Ha a kula, o ile a hana ho khutlela mekhoeng eo a neng a phekola ka eona. A qeta likhoeli tse ’nè a sa fumane chelete ka mor’a hore a tlohele ho sebelisana le meea. Empa o ile a rera hore o tla sebetsa matsatsi a mane ka beke, lihora tse tšeletseng ka letsatsi e le hore a be le nako ea lintho tsa moea, ’me qetellong o ile a fumana mosebetsi o loketseng. Eaba o rekisa ntlo ea hae e khōlō ’me a hira e nyenyane.
Hamorao, Or-Ya o ile a tšoaneleha hore a kolobetsoe, empa beke feela pele ho kopano, a robeha leoto. Seo ha sea ka sa mo sitisa ho kolobetsoa le hoja a kentsoe samente. Kajeno Or-Ya ke mohoeletsi ea mafolofolo, ’me o pakela batho ba neng ba tla ho eena ebile o khanna lithuto tsa Bibele.
Setho sa Lequloana la Bolumeli se Amohela ’Nete
Bahlankana ba babeli ba litholo bao e leng mafahla ba lulang lithabeng tsa Philippines ba ile ba khanneloa thuto ea Bibele. Ba ne ba le lequloaneng la bolumeli le neng le lumela hore libetsa li ke ke tsa ba ntša kotsi hafeela ba roala lithatho le lik’hafo tse sireletsang. Ba ne ba koetliselitsoe ho sebelisa lithipa le lithunya ’me ba loanne lintoa tse ngata khahlanong le marabele a lithabeng. Baeta-pele ba lequloana leo ba ile ba ba lumella ho ithuta Bibele hobane ba lumela hore Lipaki li ke ke tsa ba qobella ho tsoa lequloaneng leo.
Barab’abo rōna ba ile ba khothalletsa mafahla ana hore a iketsetse qeto a itšetlehile ka seo a ithutang sona Bibeleng. Lefahla le leng le ile la bona hore le ke ke la khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba lona e le hore le sebeletse Molimo ka tsela eo a e amohelang. Leha ho le joalo, le leng le ile la tsoela pele ho ithuta. Mor’abo rōna ea ithutang le lona o ile a le khothatsa ka hore a phetle Bibele, ’me ka puo ea matsoho a re: “Lebitso la hao, e leng Samuel, le hlaha ka Bibeleng. Samuele ea ka Bibeleng o ile a sebeletsa Jehova, Molimo oa ’nete ho fihlela botsofaling ba hae. Le uena u ka sebeletsa Jehova ka botšepehi.” Sena se ile sa ama pelo ea Samuel. O ile a re: “Haeba lebitso la ka le hlaha ka Bibeleng, joale le ’na ke tlameha ho ema ka lehlakoreng la Jehova.” O ile a bolella lequloana la bolumeli hore oa tloha moo lithabeng, eaba o chesa lithatho tsohle tsa hae le thepa ea ho sebelisana le meea ’me a hatela pele ka potlako. Hona joale ke mohlanka oa Jehova ea kolobelitsoeng, ’me ka cheseho o thusa litholo tse ling ho ithuta ’nete.
Ngoana oa Hlorisoa
Erdenet, Mongolia: Mosali enoa ea lulang lithoteng tse hōle o khanneloa thuto ea Bibele
Rajiv o lula motseng o hōle o karolong e ka leboea ea India. Ha a le lilemo li robong ’me a le sehlopheng sa bone, tichere ea hae ea Paki ea Jehova e ne e ruta bana melao-motheo ea boitšoaro e sebelisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Rajiv o ile a amohela boitsebiso bona ’me a qala ho bo sebelisa. O ile a bolella tichere ea hae hore o tlohetse ho bua leshano le ho loana le liithuti-’moho le eena ebile o arolelana lijo le bana ba se nang tsona.
“U entse hore hlooho ea ka e inamele seemahale sena empa u ke ke ua etsa hore pelo ea ka e se inamele”
Ha a ntse a ithuta ka tšepiso ea lefatše la Paradeise, o ile a qala ho bolela litaba tse molemo ho batho ba motseng le ho batho bao a kopanang le bona ha a palame terene. Sena se ile sa halefisa batsoali ba hae le ho ba soabisa. Ba ile ba mo laela hore a khaotse ho bua ka Jehova le Jesu. Ha a tsoela pele ho paka ba ile ba qala ho mo otla, ’me ha a khutla sekolong ’mè oa hae o ne a ee a pate liaparo tsa hae e le hore a se ke a tsoa a ea bua le batho ka tšepo eo a sa tsoa e fumana. Batsoali ba hae ba ne ba mo hanela ho robala betheng ea hae, ’me ba mo fa lijo tse nyane. Ha mehato ena e hlōleha, ba ile ba kōpa moruti hore a tl’o fetola maikutlo a hae.
Moruti o ile a qeta matsatsi a seng makae lapeng leo a ntse a leka ho qobella Rajiv ho inamela setšoantšo. Ha Rajiv a re setšoantšo ke lejoe feela hase molimo ea phelang, moruti o ile a re moshanyana eo ‘a se shebe ka mahlo a tumelo.’ Ha a ka etsa joalo, ke hona a tla “bona” hore seemahale seo ke molimo. Rajiv o ile a nka sekhechana sa pampiri eaba o ngola “li-rupee tse 100” holim’a sona. A se neha moruti a mo kōpa hore a e’o mo rekela chokolete a be a khutle le chenche. Eaba moruti o re hase sethoto, etsoe sena ke sekhechana sa pampiri feela hase chelete. Rajiv a re: “Ha u ka se sheba ka mahlo a tumelo, u tla bona hore sekhechana sena ke chelete ea sebele.” Moruti o ile a halefa, ’me a kobotetsa hlooho ea moshanyana eo ka pel’a setšoantšo. Eaba Rajiv o re: “U entse hore hlooho ea ka e inamele seemahale sena empa u ke ke ua etsa hore pelo ea ka e se inamele.” Moruti eo o ile a qetella a tsamaile, a re ha a khone ho sokolla moshanyana eo le hore haeba a ka qeta nako e eketsehileng a le moo, o tla felloa ke tumelo. Batsoali ba Rajiv ba ile ba mo isa sekolong se seng. Empa o tsoela pele ho bolella bohle ba mo mamelang ka Jehova le tšepiso ea hae ea Paradeise. Hona joale o lilemo li leshome ’me o tsoela pele ho tšepa hore Jehova o tla etsa hore tumelo ea hae e lule e le matla.
O Ile a Fumana Bibele eo a Neng a e Batla
Ha Larisa a pakela morekisi lebenkeleng la libuka Armenia, ho ile ha kena mosali e mong ea neng a batla Bibele ea “Lefatše le Lecha.” Morekisi eo o ile a re ha a na Bibele e joalo empa a ka mo fa phetolelo ea Bibele ea Searmenia. Mosali eo o ile a re: “Na e utloisiseha habonolo?” Morekisi o ile a mo balla litemana tse seng kae eaba o re: “Ekare lia utloahala.” Mosali eo ha aa ka a kholiseha empa a tsitlella hore o batla Bibele ea “Lefatše le Lecha.” Larisa o ile a hopola hore o tšoere Bibele ea hae ea Searmenia ka mokotlaneng. O ile a e bontša mosali enoa ’me a re a bale sehlooho sa eona. Sehlooho sa eona se re, “Phetolelo ea Lefatše le Lecha.” Ke eona Bibele eo a neng a ntse a e batla!
Mosali eo o ile a re morali oa hae le mokhoenyana ba leng Greece ba sa tsoa qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Kaha ba ne ba e-s’o ithute Segerike, ba ile ba kōpa ’mè oa bona hore a ba tlele le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Searmenia ha a ba etela. Morali’abo rōna o ile a fa mosali eo Bibele ea hae eaba o re, “Ke kōpa u ba fe eona u ba bolelle hore ke mpho e tsoang ho Jehova.” Mosali eo o ile a thaba haholo ha Larisa a ithaopela ho ithuta Bibele le eena. Ba ile ba fanana linomoro tsa fono e le hore ba ka qala ho ithuta Bibele hang feela ha mosali eo a khutlile Greece.
EUROPE
PALO EA LINAHA 47
PALO EA BAAHI 738 679 198
PALO EA BAHOELETSI 1 595 888
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 841 260
O Ile a Khutlisa Sepache
Nina, eo e leng pula-maliboho oa kamehla Bosnia, o ithuta le lelapa la Baromani. Ka letsatsi le leng ha morali oa lelapa leo ea lilemo li leshome a ntse a tsamaea seterateng, o ile a thola sepache se tšetseng chelete, likarete tsa ho reka ka mokitlane le litokomane tse ling. Pele a ithuta ’nete, a ka be a ile a re Molimo ha a fe motho ka letsoho, empa ka mor’a ho buisana le ’mè oa hae, o ile a etsa qeto ea ho se isa sepoleseng. Eo e bile qeto ea bohlokoa hobane lelapa leo le ne le futsanehile ebile le se na chelete ea ho reka leha e se e le bohobe. Lihora tse ka bang peli ka mor’a hore a fe lepolesa le ileng la makala sepache seo, ba ile ba letsetsoa hore ba khutlele sepoleseng. Mong’a sepache o ne a ba emetse moo e le hore a ba lebohe le ho ba fa mpho. O ile a ba fa chelete e kaalo ka R240, e lekanang le moputso oa matsatsi a mabeli.
Sehlooho sa Eona se Ile sa mo Hohela
Gjógv, Faroe Islands: Lihlekehlekeng tsena ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba 118 ka 2012
Ha Nihad ea lulang Bosnia a chaisa tšimong o ile a ea koloing ea hae, ’me a fumana monna e mong a eme pel’a eona. Nihad o ile a mo lumelisa, eaba monna eo o re: “Ak’u ntšoarele, ka koloing ea hao ke bone makasine ea sehlooho se reng, ‘Kamoo U ka Bang Ntate oa Khonthe.’ Nka thabela ho fumana makasine eo. E se e ka ba hora ke ntse ke u emetse mona. Ke kōpa u mphe eona.” Nihad o ile a thabela ho mo fa makasine eo a ba a sebelisa monyetla oo ho mo pakela.
Basebetsi ba Sekepeng Baa Khothatsoa
Ha banyalani ba bang ba ntse ba bolela litaba tse molemo boema-kepeng ba Rotterdam, Netherlands ba ile ba ea sekepeng se tsamaisang thepa, ’me ba kopana le basebetsi ba sithabetseng. Moenjiniere e moholo o ile a ba bolella a sekisitse meokho hore sekepe sa bona se bile le mathata a mangata, ’me se senyehile hape se batlile se thulana le se seng. Kahoo a ba kōpa a re, “Na le ka re rapella?” Banyalani bao ba ile ba ithaopela ho fa basebetsi ba sekepeng puo ea Bibele e khothatsang. Ka le latelang ka hora ea bosupa mantsiboea, bahoeletsi hammoho le malapa a mang a mabeli ba ile ba amoheloa ka mofuthu karolong e ka pele ea sekepe. Basebetsi ba 15 ho ba 16 ba ne ba bokane moo. Ka mor’a thapelo e bulang, mor’abo rōna o ile a fana ka puo ea sehlooho se reng “Na Likoluoa li Bakoa ke Molimo?” Basebetsi bao ba ile ba khona ho bala litemana tsa Bibele hobane bahoeletsi ba ne ba tlile le Libibele tse eketsehileng ’me ba thusa bohle ho phetla mangolo. Ka mor’a thapelo e koalang, basebetsi bohle ba ile ba lula, ’me ba bua le barab’abo rōna. Ba ile ba ikutloa ba imolohile ba bile ba thabile. E mong oa bona o ile a re, “Ena ke karabo ea lithapelo tsa rōna.” Basebetsi bao ba ile ba nka libuka tse 20 hammoho le Libibele le lingoliloeng tse ling, ka mor’a moo motsamaisi oa sekepe a fa bahoeletsi enfelopo e tšetseng R1 600 e le monehelo bakeng sa lingoliloeng.
O Ile a Rapella Hore a Khone ho Thusa
Irene, ea lulang Sweden, o itse: “Ke lilemo li 80, ’me ka lebaka la ho opeloa ha ke khone ho ea tšimong. Ke ile ka rapela Jehova e le hore ke khone ho thusa motho e mong eo nkileng ka mo etela khale, ’me hona joale a ka lakatsa ho eteloa.
“Ka tsatsi le leng, fono e ile ea lla, ’me monna oa ka a e araba. Mosali eo o ile a re ho eena: ‘Ke kōpa tšoarelo, ke lōna feela bao ke ileng ka le hopola, ke kahoo ke le letselitseng. Na mosali oa hao a ka rata ho nketela re tl’o bua ka Lentsoe la Molimo? Ke ne ke ithuta lilemong tse 15 ho isa ho tse 20 tse fetileng, empa monna oa ka ea seng a hlokahetse o ne a nkhanyetsa, kahoo ka tlohela ho ithuta.’
“Ke ile ka hopola hore nkile ka ea ha mosali eo le moralia’bo rōna e mong ea neng a ithuta le eena. Ke ile ka makala hore ebe mosali eo o ntse a nkhopola. Ke ne ke thabile haholo ha ke lokisetsa ho kopana le eena. Ho tloha ka nako eo, re ’nile ra ithuta beke le beke. O ile a ba teng Sehopotsong le puong e khethehileng. Hape o ba teng libokeng. Ke leboha Jehova kamehla ha a arabile thapelo ea ka.”
Chokolete ha e Kene Lebokoseng la Monehelo
Sergio oa Italy ea lilemo li robeli o ne a batla ho kholisa baholo hore o se a loketse ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ka letsatsi le leng o ile a tsamaea le ntate oa hae, ea neng a etsa mosebetsi oa ho lokisa ’me a lokela ho lokisa loko ea banyalani ba bang ba lilemong tsa bo-70. Sergio o ile a nka limakasine. O re: “Ha ntate a ntse a sebetsa ke ile ka bontša ntate oa moo limakasine, ’me o ne a maketse hoo a ileng a bitsa mosali oa hae a mo bontša tsona. Eaba ke ngola mabitso a bona le aterese le nomoro ea fono e le hore nka khutlela. ’Mè oa moo o ile a mpha boitsebiso boo eaba o mpha chokolete e khōlō.” Ka mor’a matsatsi a seng makae, Sergio o ile a khutlela ho banyalani bao a tsamaea le moholo e mong. Sergio o ile a kokota, ha ’mè oa moo a hlaha, a mo bolella hore o batla ho ba fa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ’Mè eo o ile a e thabela. Eaba o mo fa chokolete e ’ngoe. Sergio o re: “Chokolete ha e khone ho kena ka lebokoseng la monehelo, kahoo ke ile ka e ja,” ’me o phaella ka ho re, “Baholo ba ile ba qetella ba utloisisitse hore ke labalabela ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.”
Moruti o ne a Batla ho Ithuta ka ho Eketsehileng
Simeon e ne e le moruti oa kereke e Gurkovo, Bulgaria, moo ho neng ho se na Lipaki. Ha a ntse a ithuta Bibele o ile a hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa seo Bibele e se rutang le se rutoang kerekeng. Ka letsatsi le leng o ile a fuoa limakasine tse ling tsa rōna ha a palame terene. Simeon o ile a thaba haholo ha a hlokomela hore Jehova ke Molimo oa ’nete le hore ha ho na Boraro-bo-bong. Kaha o ne a labalabela ho ithuta ka ho eketsehileng, o ile a ngolla ofisi ea lekala le likereke tsohle tseo a li tsebang. Ho ile ha araba kereke e le ’ngoe feela ea mo bolella hore a se ke a itšoenya ka “lintho tseo tse se nang kelello.” Ho fapana le hoo, ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa hore Lipaki tse peli li ee sebakeng sena se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 35 ho tloha Kazanlŭk. Li ile tsa qala ho ithuta Bibele le Simeon le lelapa la hae. Simeon o ile a thabela seo a ithutang sona, eaba o mema baahelani ba hae le metsoalle hore ba be teng. Ka mor’a nakoana batho ba 25 ba ne ba se ba kopanela thutong ea Bibele beke le beke. Ka mor’a hore a be teng thutong ka lekhetlo la pele, nkhono e mong oa moahelani ea lilemo li 75 o ile a bua a sekisitse meokho a re, “Ke ithutile lintho tse ngata ka hora e le ’ngoe ho feta tseo ke ithutileng tsona ka lilemo tse 30 tseo ke neng ke ntse ke ea kerekeng ka tsona.” Batho ba ka bang 60 ba ba teng libokeng tseo barab’abo rōna ba Kazanlŭk ba li tšoarang Gurkovo khoeli le khoeli, ’me ba 79 ba ile ba ba teng Sehopotsong.
“Ke ithutile lintho tse ngata ka hora e le ’ngoe ho feta tseo ke ithutileng tsona ka lilemo tse 30 tseo ke neng ke ntse ke ea kerekeng ka tsona.”
“Ke Kōpa U Tšoare Tsoho Leo”
Valya, e leng morali’abo rōna ea lilemo li 15 oa Ukraine, o ile a hlokomela hore tichere ea hae e tla sekolong e apare bofifi le hore e ne e ntse e lla. Ha Valya a utloa hore e hlokahaletsoe ke ’mè, o ile a etsa qeto ea ho e tšelisa ka litemana tse buang ka tsoho ea bafu. Valya o ile a nka Bibele le bukana ea Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? le ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, ’me a etsa qeto ea hore o tla buisana le tichere ha sekolo se tsoa. O ile a re: “Ha ke ntse ke letile monyakong oa ofisi ea hae, ke ne ke tšohile haholo, kahoo ka kōpa Jehova hore a nthuse.”
Ha Valya a kena ka ofising ea tichere, e ile ea mo botsa ea re, “U batla’ng?”
Eena a re: “Ke batla ho u tšelisa hobane kea utloisisa hore na u ikutloa joang. Lilemong tse seng kae tse fetileng ntate-moholo o ile a hlokahala.”
Georgia: Ba pakela motho tšimong ea morara
Tichere eo e ile ea angoa ke tsela eo ka eona Valya a bontšang hore oa e tsotella. E ile ea bua e sekisitse meokho ea re beng ka eona le basebetsi-’moho ha baa ka ba e bontša kutloelo-bohloko joaloka eena. Eaba Valya o bala Tšenolo 21:3, 4 a ba a e hlalosa, ka mor’a moo tichere ea amohela libukana, ea re, “U fapane hōle le bana ba bang ba sekolo.”
Valya a re, “Ke leka ka matla ho bala Bibele le ho phela tumellanong le eona ebile ke mamela batsoali ba ka.”
Hamorao Valya o ile a tla le Bibele le buka ea Seo Bibele e se Rutang hobane tichere e mo kōpile hore a tle le tsona. Tichere e ile ea boela ea leboha ’me ea re ho Valya: “Bolumeli ba hao ke ba ’nete, hape u na le batsoali ba molemo ba u rutang se nepahetseng. Ke kōpa u tšoare tsoho leo.”
O Letselitse Nomorong e Fosahetseng
Letsatsing la pele la kopano ea setereke ea 2011 e neng e tšoaretsoe Malakasa, Greece, Natalie o ile a letsetsa ntate oa hae ka selefouno malebana le bese e isang batho kopanong. Leha ho le joalo, o ile a letsetsa nomorong e fosahetseng, eaba ha ho motho ea arabang. Nakoana ka mor’a moo motho eo a neng a mo letselitse ka phoso o ile a bona nomoro ea hae eaba oa mo letsetsa ho fumana hore na ke mang. Leha ho le joalo, lenaneo la kopano le ne le qalile ’me le hoja Natalie a ne a itse o tla tima fono, ho ile ha etsahala hore fono eo e kene. Natalie o ne a sa elelloe, eaba monna eo o khona ho mamela karolo ea puo ea molula-setulo, e ileng ea tsosa thahasello ea hae.
Hamorao monna eo o ile a etsa molaetsa ka fono a re: “U mang? U moruti?” Qetellong ea lenaneo la hoseng Natalie o ile a bona molaetsa oo, eaba o ngola molaetsa o re: “Ha ke moruti. Ke Paki ea Jehova ’me ke kopanong.”
Pittenweem, Scotland: Ba paka boema-kepeng
Monna eo o ile a boela a letsa ka Moqebelo a botsa hore na kopano e ntse e tsoela pele. Ntate oa Natalie o ile a khona ho pakela monna eo, ’me ka mor’a moo a re, “Ka metsotso e seng mekae feela, puo eo ke e utloileng ka fono e ile ea araba lipotso tse ngata tse ’nileng tsa ntšoenya.” Ho ile ha hlokomeleha hore lelapa la monna eo le ’nile la hlaseloa ke bademona ’me le ne le sa tsebe hore na meea eo ke bo-mang le hore na ke hobane’ng ha e ba hlasela. O ile a re: “Ke ne ke sa rate ho bua le Lipaki Tsa Jehova, empa haeba ho khoneha, nka rata ho buisana le motho ea neng a fana ka puo eo.”
Ho ne ho ka khoneha. Monna eo o ile a tla kopanong ka Sontaha ’me a hlolloa ha a bona malapa a batho ba thabileng ba bileng ba apereng hantle. Ho ne ho se na lithōle, ho se na batho ba mahlapa le ba tsubang. A re: “Ke ne ke sa tsebe hore ho na le batho ba kang lōna lefatšeng lena. Ekare ke lefatšeng le leng.” Ntate oa Natalie o ile a isa monna eo ofising ea molula-setulo moo a ileng a bua le molula-setulo. Monna eo o ile a angoa ka ho teba ke seo a se boneng kopanong le likarabo tseo a li fumaneng. O ile a amohela buka ea Seo Bibele e se Rutang, Bibele le limakasine tse ’maloa, ’me ha etsoa litokisetso tsa hore ho khutleloe ho eena.
[Setšoantšo se leqepheng la 68]
“Ke ithutile lintho tse ngata ka hora e le ’ngoe ho feta tseo ke ithutileng tsona ka lilemo tse 30 tseo ke neng ke ntse ke ea kerekeng ka tsona”
OCEANIA
PALO EA LINAHA 29
PALO EA BAAHI 38 495 300
PALO EA BAHOELETSI 94 924
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 59 431
“Ena ke Pina e Monate ka ho Fetisisa eo Nkileng ka e Utloa”
Sehlekehlekeng sa Savaii, Samoa, pele sekolo se kena bana bohle baa bokana ’me ba bina sefela. Empa Celina, ea lilemo li hlano le Levaai, ea lilemo li tšeletseng, ba ile ba bua le mosuoe-hlooho ka tlhompho ba mo bolella hore ba ke ke ba bina sefela kaha ke Lipaki Tsa Jehova. Ho hana ho bina sefela ho ne ho ka etsa hore ba fumane kotlo e boima. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore mosuoe-hlooho o ile a nahana hore a ka ba tlotlolla ka hore a ba qobelle ho bina, kahoo a re, “Ho lokile, haeba le ke ke la bina lifela tsa rōna, binang e ’ngoe ea lipina tsa lōna.” Celina le Levaai ba ile ba bina pina ea 111 e reng “O Tla Hooa,” eo ba neng ba sa tsoa ithuta eona nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Ha pina e fela, mosuoe-hlooho o ne a sekisitse meokho. A re: “Eo ke pina e monate ka ho fetisisa eo nkileng ka e utloa. Ke kōpa le e bine hape.” Ba ile ba e bina hape. Eaba o re, “Ho tloha kajeno, ke tla ’ne ke le kōpa hore le bine lipina tsa lōna eseng tsa rōna.”
“Ho tloha kajeno, ke tla ’ne ke le kōpa hore le bine lipina tsa lōna eseng tsa rōna”
O ne a Qetile Bophelo Bohle ba Hae a Rapela Jesu
Timor-Leste: Bahoeletsi ba eketsehile ka liphesente tse 9 naheng ena e kileng ea rusolloa ke ntoa
Monna e mong oa Fiji eo e neng e le moruti kerekeng ea moo, o ile a etsa qeto ea ho ba teng thutong ea Bibele ea motho e mong. Ha thuto e ntse e tsoela pele, o ile a utloa hore Jesu hase Molimo. Sena se ile sa mo tšoenya hoo a ileng a hlobaela. Ha mosali oa hae a bona hore o ferekane, o ile a re, “U se ke ua hlola u khutlela ho batho bao!” Leha ho le joalo, o ne a sitoa ho lebala taba eo. Bekeng e latelang, o ile a boela a ba teng thutong eo ea Bibele. Matsatsi a seng makae ka mor’a hore a be teng thutong eo ka lekhetlo la bobeli, le hoja eena a ne a e-s’o khanneloe thuto, o ile a ea kerekeng ea hae eaba o itokolla mosebetsing oa boruti. Sena se ile sa makatsa le ho halefisa beng ka eena le litho tse ling tsa kereke. Seo se bolela hore o ne a tsoa kerekeng a bile a tlohela mosebetsi o hlamatsehang. Ha a ntse a ithuta Bibele o ile a hlakeloa ke ’nete ea hore na Jesu ke mang, empa o ne a thatafalloa ho rapela Jehova hobane o ne a qetile bophelo bohle ba hae a rapela Jesu. Qetellong, ka mor’a likhoeli tse ngata o ne a se a khona ho rapela Jehova. Hona joale o bolella ba bang litaba tse molemo ’me o ba thusa ho tseba Jehova le ho mo rata.
Batho ba Sehlekehleke se Senyenyane ba Amohela ’Nete
Sehlekehlekeng sa Makatea se Pacific Boroa ho lula batho ba 62 feela. Lipaki Tsa Jehova tsa phutheho ea Tahiti li hlokomela batho bana moeeng. Li khannela baahi ba robong thuto ea Bibele ea kamehla ka thelefono. Batho ba ka bang 15 ba bokana lelapeng la motho e mong ea ithutang Bibele ’me ba mamela liboka tse tšoareloang Tahiti. E mong oa batho ba ithutang Bibele ke mosali eo e neng e le tšiea ea kereke ’me ho lebeletsoe hore o tla khetheloa bodiakone. Hase khale ha a ne a ea kerekeng ho ea hlalosa hore na ke hobane’ng ha a se a sa ee litšebeletsong tsa kereke. A ba bontša ka Bibele hore na ke hobane’ng ha mosali a sa lokela ho ruta ka phuthehong. O ile a boela a hlalosa hore na Jesu Kreste o phetha karolo efe le hore na ke’ng se boleloang ke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, e leng ketsahalo eo re lokelang ho ikhopotsa eona hang ka selemo eseng Sontaha se seng le se seng. Ho feta moo, o ile a ba hlalosetsa hore ke batho ba 144 000 feela ba tla ba le Kreste leholimong le hore ke bona feela ba lokelang ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso. Mosali e mong ea ileng a khothatsoa ke mohlala oa hae o ile a tsoa kerekeng ’me hona joale o ithuta Bibele le Lipaki kamehla.
Lelapa le Amohela Memo
Baholo ba babeli ba Solomon Islands ba ile ba etela Joshua ea qetetseng ho ea libokeng ka 1998 ha ba ntse ba memela batho ba khathetseng moeeng hore ba tle Sehopotsong sa lefu la Kreste. Joshua o ile a tsamaea lihora tse peli le beng ka eena ba 20 ho ea Sehopotsong. Tsela e mofuthu eo litho tsa phutheho li ileng tsa ba amohela ka eona, e ile ea etsa hore Joshua a lle. Beng ka eena ba bangata ba ile ba boela ba e-ba teng puong e khethehileng, ka mor’a moo ba ile ba tsebisa baholo hore ba rata ho ithuta Bibele. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore kaofela ha bona ba le 15 ba khanneloe thuto.
O ne a Tseba Karabo
Lihlekehlekeng tse fetang 1 000 tse tšimong ea lekala la Guam, ke tse fetang 100 feela tse nang le baahi. Leha ho le joalo, ke lihlekehleke tse 13 feela tse haufi le phutheho. Kaha lihlekehleke tse ngata ha li e-s’o eteloe ke Lipaki Tsa Jehova, barab’abo rōna ba tsoela pele ho batla litsela tsa ho li finyella. Ka April 2012, bahoeletsi ba bang ba ile ba tsamaea ka seketsoana ba ea Polowat, e leng se seng sa lihlehleke tse hōle ka ho fetisisa. Polowat ke sebaka se sa tsoelang pele. Banna ba moo ba itlama ka masela thekeng, ba etsa liketsoana ’me ba iphelisa ka temo.
E mong oa bahoeletsi ba neng ba etetse moo o ile a botsa mohlankana e mong oa sebaka seo a re, “Ho etsahala’ng ka rōna ha re shoa?”
Mohlankana eo o ile a re: “Ke tseba karabo.” O ile a raoha a ea shelefong a nka buka ea Sechuuke ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, eaba o phetla lethathamong la lihlooho. O ile a e phetla khaolong ea 8, sehloohong se reng, “Ho Etsahala Joang Lefung?” ’me ka cheseho a hlalosa seo a ithutileng sona bukeng eo.
Kingston, Norfolk Island: Ba paka seterateng se bitsoang Quality Row
Empa ho tlile joang hore a fumane buka eo? Ka 2009, bahoeletsi ba sehlekehlekeng se seholo sa Chuuk ba ne ba bolela litaba tse molemo koung ba leka ho finyella batho ba eang lihlekehlekeng tse ling tse hōle ’me ba ba fa libuka tsa Phela ka ho sa Feleng. Motho e mong ea eang sehlekehlekeng sa Polowat o ile a thabela ho nka lebokose la libuka e le hore a li abele baahelani ba hae, ’me mohlankana eo ke e mong oa bona.
Pele barab’abo rōna ba tloha Polowat, ba ile ba etela mohlankana eo ka makhetlo a ’maloa e le hore ba mo khothatse ba be ba mo bontše kamoo a ka ruang molemo kateng lenaneong la ho ithuta. Ba ile ba boela ba mo bontša tsela ea ho phetla mangolo le ho ngola lintlha tsa sehlooho ka thōko ho leqephe.
Ho thoba maikutlo hakaakang ho tseba hore lingoliloeng tsa rōna li thusa esita le batho ba lulang lihlekehlekeng tse hōle moo ho se nang thelevishene, seea-le-moea, likoranta kapa eona Inthanete hore ba ithute ’nete ka puo ea habo bona!
Likulo Tse Tharo, Mabaka a Mararo
Anna ea neng a sa tsoa feta lilemo tse 20 e ne e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ha ntoa ea lehae e tota Bougainville Papua New Guinea. Ka 1991 eena le Lipaki tse ling ho tse tšeletseng tsa Phutheho ea Arawa hammoho le bana ba supileng ba ile ba tlameha ho balehela ka morung ba nkile lintho tse seng kae feela. Ba qetile lilemo tse peli ba lula matlong ao beng ba ’ona ba siileng ebile ba sela lijo. Ba ne ba tšoara liboka ba sebelisa libuka tse peli feela tseo ba neng ba e-na le tsona, e leng Bibele ea Anna le buka ea Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete. Ba ne ba rapela hammoho, ba bina lipina tsa ’Muso ba bile ba pakela batho bao ba kopanang le bona.
Masole a marabele a ile a ba fumana ’me a ne a batla hore barab’abo rōna ba babeli ba kene lebothong la ’ona, empa a hlompha boemo ba Lipaki ba ho se nke lehlakore. Ka nako e ’ngoe lesole le ile la bontša Anna likulo tse tharo ’me la re, “Kea u nyala kapa kea u bolaea.” O ile a le fa mabaka a mararo ao a ke keng a lumela hore le mo nyale ka ’ona ’me lebaka ka leng e le bakeng sa kulo ka ’ngoe; le ka sehloohong e le la hore Bibele e re a nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Lesole leo le ile la mo furalla la tsamaea.
“Ha ho letho le ka sitisang mosebetsi oa Jehova, esita le ntoa ea lehae”
Ka 2012, ha Anna eo hona joale e leng pula-maliboho oa kamehla a utloa hore ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng Arawa, o ile a khutlela teng a e-na le pula-maliboho e mong ho ea thusa ho theha sehlopha se ka thōko. Batho ba ile ba mo botsa hore na ha a tšabe ho khutlela sebakeng seo nakong ea ntoa a bileng le mathata a mangata ho sona, le seo a boneng lipolao tse sehlōhō hakaalo. O ile a araba a re: “Thabo ea ka ea khaphatseha ha ke khutletse mona. Ha ho letho le ka sitisang mosebetsi oa Jehova, esita le ntoa ea lehae.”