Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 10/15 maq. 21-26
  • Hlokomela Hore Pelo ea Hao e se ke ea Ikhohomosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Hore Pelo ea Hao e se ke ea Ikhohomosa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Nka Khato ka ba Ikhohomosang
  • “Pelo ea Hao e Ile ea Ikhohomosa”
  • Lebela Pelo ea Hao Hore e se ke ea Ikhohomosa
  • Na ho Ikhantša ho Phoso?
    Tsoha!—1999
  • Liphello Tsa Boikhohomoso—Li Bohloko Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • U ka Loantša Satane—’me ua mo Hlōla!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 10/15 maq. 21-26

Hlokomela Hore Pelo ea Hao e se ke ea Ikhohomosa

“Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang.”—JAKOBO 4:6.

1. Fana ka mohlala o bontšang hore ha ho phoso ho ba motlotlo ka ntho e itseng.

NA HO na le ntho e itseng e kileng ea etsa hore u ikutloe u le motlotlo? Boholo ba rōna re kile ra ba le boikutlo bona bo thabisang. Ha ho phoso hore ka linako tse ling re be motlotlo ka ntho e itseng. Ka mohlala, ha banyalani ba Bakreste ba bala peho ea sekolo e bontšang kamoo morali oa bona a ileng a itšoara hantle kateng le kamoo a sebelitseng ka thata kateng, hangata ba ikutloa ba khotsofetse haholo ka seo morali oa bona a se finyeletseng. Moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba ikutloa ba le motlotlo ka phutheho e ncha eo ba ileng ba kenya letsoho ha e thehoa, hobane barab’abo bona ba phutheho eo ba ile ba mamella mahloriso ka botšepehi.—1 Bathesalonika 1:1, 6; 2:19, 20; 2 Bathesalonika 1:1, 4.

2. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ba motlotlo ho sa ratehe?

2 Ho latela mehlala ena e sa tsoa boleloa, re ka bona hore ho ba motlotlo ho bontša hore motho o thabetse ntho e itseng eo a e entseng kapa o thabetse ho ba le ntho e itseng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ba motlotlo ho hlahisa boikutlo bo sa lokang ba ho ikakasa, bo etsang hore motho a iphahamisetse ba bang ka lebaka la bokhoni bo itseng, chebahalo, maruo, kapa maemo a itseng. Hangata boikutlo bona bo bonahala ka boikhantšo le ka ho ba makōkō. Joaloka Bakreste, ka sebele re lokela ho hlokomela boikutlo bo joalo ba ho ikakasa. Hobane’ng? Hobane re na le tšekamelo ea tlhaho ea boithati eo re e futsitseng ho ntate-moholo oa rōna Adama. (Genese 8:21) Ka lebaka leo, habonolo feela lipelo tsa rōna li ka re thetsa hore re be motlotlo ka mabaka a fosahetseng. Ka mohlala, Bakreste ba lokela ho hanela boikutlo ba ho ikakasa ka lebaka la morabe, maruo, thuto, litalenta, kapa ka lebaka la ho etsa mesebetsi e fetang ea ba bang. Ho ikakasa ka lebaka la lintho tsena ho fosahetse ebile ha ho thabise Jehova.—Jeremia 9:23; Liketso 10:34, 35; 1 Bakorinthe 4:7; Bagalata 5:26; 6:3, 4.

3. Boikhohomoso ke eng, hona Jesu o ile a re’ng ka bona?

3 Ho na le lebaka le leng hape le etsang hore re hane ho ba motlotlo ka mabaka a fosahetseng. Haeba re lumella boikutlo bona ho hōla ka lipelong tsa rōna, bo ka fetella ’me ea e-ba ntho e mpe ka ho fetisisa e bitsoang boikhohomoso. Boikhohomoso ke eng? Ntle le ho ikutloa a phahametse ba bang, motho ea ikhohomosang o khesa batho bao a ba nkang ba le boemong bo tlaase. (Luka 18:9; Johanne 7:47-49) Jesu o ile a thathamisa “boikhohomoso” har’a mekhoa e meng e mebe e tsoang ka ‘pelong’ le e ‘silafatsang motho.’ (Mareka 7:20-23) Bakreste baa hlokomela hore ke habohlokoa hore ba thibele boikhohomoso e le hore bo se ke ba kena ka lipelong tsa bona.

4. Ho nahana ka mehlala e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba ikhohomosa ho ka re thusa joang?

4 Ho nahana ka litlaleho tse ling tsa Bibele tsa batho ba neng ba ikhohomosa ho ka u thusa ho qoba boikhohomoso. Ha u etsa joalo u tla khona ho lemoha maikutlo a sa lokang a boikhohomoso ao e ka ’nang eaba u na le ’ona kapa ao u ka ’nang ua ba le ’ona ha nako e ntse e tsamaea. Sena se tla u thusa hore u hane menahano kapa maikutlo a ka etsang hore pelo ea hao e ikhohomose. Ka lebaka leo, u ke ke ua ba mathateng ha Molimo a phethahatsa seo a neng a hlokomelisitse hore o tla se etsa: “Ke tla tlosa har’a lōna ba lōna bao ka boikhohomoso ba thabileng; ’me le ke ke la hlola le ikhohomosa thabeng ea ka e halalelang.”—Sofonia 3:11.

Molimo o Nka Khato ka ba Ikhohomosang

5, 6. Faro o ile a ikhohomosa joang, ’me seo sa fella ka eng?

5 Tsela e ’ngoe eo u ka bonang hore na Jehova o talima boikhohomoso joang ke kamoo a ileng a sebetsana kateng le babusi ba matla joaloka Faro. Ha ho pelaelo hore pelo ea Faro e ne e ikhohomosa. Kaha o ne a inka e le molimo ea lokelang ho rapeloa, o ne a khesa makhoba a hae a Baiseraele. Nahana ka karabo ea hae ha a ne a kōptjoa hore a lumelle Baiseraele hore ba ee lefeelleng ho ea etsetsa Jehova “mokete.” Ka boikhohomoso Faro o ile a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?”—Exoda 5:1, 2.

6 Ka mor’a hore Faro a oeloe ke likotlo tse tšeletseng, Jehova o ile a bolella Moshe hore a e’o botsa ’musi enoa oa Egepeta potso e reng: “Na u sa ntse u ikhohomosetsa sechaba sa ka ka hore u se ke ua se tlohela hore se tsamaee?” (Exoda 9:17) Eaba joale Moshe o phatlalatsa kotlo ea bosupa—e leng sefako se ileng sa senya naha. Eitse hang feela ha Baiseraele ba lokoloha hore ba ka tsamaea ka mor’a kotlo ea boleshome, Faro a fetola maikutlo eaba oa ba lelekisa. Qetellong, Faro le mabotho a hae ba ile ba qabelloa Leoatleng le Lefubelu. Nahana feela hore na e tlameha ebe ba ile ba re’ng ha metsi a ba koahela! Boikhohomoso ba Faro bo ile ba fella ka eng? Lebotho la hae le hloahloa le ile la re: “A re baleheng hore ho hang re se ke ra kopana le Baiseraele, hobane ka sebele Jehova o ba loanela ho Baegepeta.”—Exoda 14:25.

7. Babusi ba Babylona ba ile ba ikhohomosa joang?

7 Jehova o ile a kokobetsa babusi ba bang ba neng ba ikhohomosa. E mong oa bona e ne e le Sankeribe, morena oa Assyria. (Esaia 36:1-4, 20; 37:36-38) Qetellong, Bababylona ba ile ba hlōla Baassyria, empa marena a mang a mabeli a Babylona le ’ona a ile a kokobetsoa. Hopola mokete o ileng oa etsoa ke Morena Belshatsare oo ho oona eena le baeti ba hae ba ileng ba noela veine ka har’a lijana tse neng li nkiloe tempeleng ea Jehova, ba rorisa melimo ea Babylona. Ka tšohanyetso ho ile ha hlaha menoana ea letsoho la motho ’me ea ngola molaetsa leboteng. Ha moprofeta Daniele a kōptjoa hore a hlalose mongolo oo oa mohlolo, o ile a fana ka khopotso e latelang ho Belshatsare: “Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ile a fa ntat’ao Nebukadnezare ’muso . . . Empa ha pelo ea hae e ikhohomosa . . . , [o ile] a theoloa teroneng ea ’muso oa hae, ’me a amohuoa ho hlompheha ha hae. . . . Ha e le uena, mora oa hae Belshatsare, ha ua kokobetsa pelo ea hao, le hoja u tsebile sena sohle.” (Daniele 5:3, 18, 20, 22) Bosiung bona boo, lebotho la Medo-Persia le ile la hapa Babylona, ’me Belshatsare o ile a bolaoa.—Daniele 5:30, 31.

8. Jehova o ile a sebetsana joang le batho ba fapa-fapaneng ba neng ba ikhohomosa?

8 Hape nahana ka banna ba ikhohomosang ba ileng ba nyelisa batho ba Jehova: seqhenqha sa Mofilista Goliathe, Tona-khōlō ea Persia Hamane le Morena Heroda Agripa, ea neng a busa profinse ea Judea. Ka lebaka la boikhohomoso ba bona, Molimo o ile a bolaea banna bao ba bararo ka tsela e tlotlollang. (1 Samuele 17:42-51; Esthere 3:5, 6; 7:10; Liketso 12:1-3, 21-23) Tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le banna bao ba ikhohomosang ka eona e toboketsa ’nete ena: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” (Liproverbia 16:18) Ruri ha ho pelaelo hore “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang.”—Jakobo 4:6.

9. Marena a Tyre a ile a fetoha mahlabaphio joang?

9 Ho fapana le babusi ba ikhohomosang ba Egepeta, Assyria le Babylona, ka nako e ’ngoe morena oa Tyre o ne a thusa batho ba Molimo. Nakong ea puso ea Morena Davida le Solomone, o ile a fana ka litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le thepa ha ho ne ho hahoa mehaho ea moreneng le tempele ea Molimo. (2 Samuele 5:11; 2 Likronike 2:11-16) Ka masoabi, hamorao Batyre ba ile ba fetohela batho ba Jehova. Seo se ne se bakiloe ke eng?—Pesaleme ea 83:3-7; Joele 3:4-6; Amose 1:9, 10.

“Pelo ea Hao e Ile ea Ikhohomosa”

10, 11. (a) Ke mang ea ka bapisoang le marena a Tyre? (b) Ke eng e ileng ea etsa hore Batyre ba fetole maikutlo a bona ka Baiseraele?

10 Jehova o ile a bululela moprofeta oa hae Ezekiele hore a senole le ho ahlola lesika la marena a Tyre. Molaetseng o neng o lebisitsoe ho “morena oa Tyre” ho ne ho e-na le mantsoe a hlalosang hantle morena oa Tyre le lehlabaphio la pele, e leng Satane, ba sa kang ba “ema [ba] tiile ’neteng.” (Ezekiele 28:12; Johanne 8:44) Satane e kile ea e-ba sebōpuoa sa moea se tšepahalang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa bara ba leholimo. Jehova Molimo o ile a sebelisa Ezekiele hore a fane ka lebaka la motheo le ileng la etsa hore lesika la marena a Tyre le Satane ba koenehe:

11 “U ne u le Edene, serapeng sa Molimo. Lejoe le leng le le leng la bohlokoa le ne le u koahetse . . . U kerubime e tlotsitsoeng ea mosireletsi . . . U ne u se na molato litseleng tsa hao ho tloha letsatsing la ho bōptjoa ha hao ho fihlela ho fumanoa ho se loke ho uena. Ka lebaka la thepa ea hao e ngata e rekisoang ba tlatsitse pefo ka hare ho uena, eaba u qala ho etsa sebe. Ke tla u . . . timetsa, Uena kerubime ea mosireletsi . . . Pelo ea hao e ile ea ikhohomosa ka lebaka la botle ba hao. U ile ua senya bohlale ba hao ka lebaka la botle ba hao bo khanyang.” (Ezekiele 28:13-17) Ha ho pelaelo hore ke boikhohomoso bo ileng ba etsa hore marena a Tyre a hlasele batho ba Jehova ka mabifi. Tyre e ile ea fetoha setsi se ruileng haholo sa khoebo ’me e ile ea tuma haholo ka lihlahisoa tsa eona tse ntle. (Esaia 23:8, 9) Marena a Tyre a ile a inahana ho tlōla, eaba a qala ho hatella batho ba Molimo.

12. Ke eng e ileng ea etsa hore Satane e be molotsana, hona o ’nile a tsoela pele ho etsa’ng?

12 Ka ho tšoanang, sebōpuoa sa moea se ileng sa fetoha Satane se kile sa e-ba le bohlale bo hlokahalang ba ho etsa mosebetsi leha e le ofe oo Molimo a neng a se file oona. Ho e-na le ho leboha, o ile a “ikhohomosa ka boikakaso” eaba o qala ho nyatsa tsela eo Molimo a busang ka eona. (1 Timothea 3:6) O ile a inahana haholo hoo a ileng a qala ho chachehela tsela eo Adama le Eva ba neng ba rapela ka eona. Takatso ena e mpe e ile ea emara ’me ea tsoala sebe. (Jakobo 1:14, 15) Satane o ile a eka Eva hore a je tholoana ea sefate se le seng feela seo Molimo a neng a ba thibetse ho ja tsa sona. Joale Satane o ile a mo sebelisa hore a etse hore Adama le eena a je tholoana e hanetsoeng. (Genese 3:1-6) Kahoo batho ba pele ba babeli ba ile ba hana ha Molimo a sebelisa tokelo ea hae ea ho ba busa ebile, ha e le hantle, ba ile ba fetoha barapeli ba Satane. Boikhohomoso ba hae bo ne bo feteletse. O ’nile a leka ho eka libōpuoa tsohle tse bohlale leholimong le lefatšeng, ho akarelletsa le Jesu Kreste, hore li mo rapele ’me kahoo li hanyetse bobusi ba Jehova.—Matheu 4:8-10; Tšenolo 12:3, 4, 9.

13. Boikhohomoso bo hlahisitse litholoana life?

13 Kahoo u ka bona hore boikhohomoso bo simolohile ho Satane; ke bona bo bakileng sebe, mahlomola le bobolu bo teng kajeno lefatšeng. Kaha Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” o tsoela pele ho khothalletsa boikutlo bo fosahetseng ba ho ikakasa le ba ho ikhohomosa. (2 Bakorinthe 4:4) Oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, kahoo o loana le Bakreste ba ’nete. Sepheo sa hae ke ho etsa hore ba furalle Molimo, e be baithati, ba ikhopolang ho tlōla le ba ikhohomosang. Bibele e boletse esale pele hore mekhoa e joalo ea boithati e ne e tla ata ‘matsatsing ana a ho qetela.’—2 Timothea 3:1, 2, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW; Tšenolo 12:12, 17.

14. Jehova o sebelisa molao ofe ha a sebetsana le libōpuoa tsa hae tse bohlale?

14 Ka sebete, Jesu Kreste o ile a senola liphello tse mpe tse bakiloeng ke boikhohomoso ba Satane. Bonyane ka makhetlo a mararo a bile a le ka pel’a lira tse itokafatsang, Jesu o ile a bolela molao oo Jehova a sebetsanang le batho ka oona: “E mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Luka 14:11; 18:14; Matheu 23:12.

Lebela Pelo ea Hao Hore e se ke ea Ikhohomosa

15, 16. Ke eng e ileng ea etsa hore Hagare a ikhohomose?

15 Mohlomong u hlokometse hore mehlala ea boikhohomoso e boletsoeng ka holimo e ne e le ea batho ba hlaheletseng. Na see se bolela hore batho feela ba tjee bona ha ba ikhohomose? Ka sebele ha ho joalo. Nahana ka se ileng sa etsahala lelapeng la Abrahama. Mopatriareka enoa o ne a se na mora eo e neng e tla ba mojalefa, ’me mosali oa hae Sara, o ne a se a fetile lilemo tsa ho ba le bana. E ne e le ntho e tloaelehileng bakeng sa monna ea kang Abrahama ho nka mosali oa bobeli ’me a be le bana. Molimo o ile a lumella manyalo a joalo hobane e ne e e-s’o be nako ea hore a tsosolose molao oa hae oa pele oa lenyalo har’a barapeli ba ’nete.—Matheu 19:3-9.

16 Ka khothalletso ea mosali oa hae, Abrahama o ile a lumela ho hlahisa eo e neng e ka ba mojalefa ka lekhabunyane la Sara la Moegepeta, e leng Hagare. Hagare o ile a ima e le mosali oa bobeli oa Abrahama. A ka be a ile a leboha haholo boemo bo hlomphehang boo a neng a bo fuoe. Ho e-na le hoo, o ile a lumella pelo ea hae hore e ikhohomose. Bibele e re: “Ha a hlokomela hore o imme, joale mong’a hae Sarai a qala ho nyeliseha mahlong a hae.” Boikutlo bona bo ile ba baka khohlano lelapeng la Abrahama hoo Sara a ileng a leleka Hagare. Empa boemo bona bo ne bo ka rarolleha. Lengeloi la Molimo le ile la eletsa Hagare: “Khutlela ho mong’a hao Sarai ’me u ikokobetse ka tlas’a letsoho la hae.” (Genese 16:4, 9) Kamoo ho bonahalang kateng, Hagare o ile a mamela keletso ena, a fetola boikutlo ba hae ka Sara, ’me kahoo Hagare ea e-ba nkhono oa batho ba bangata.

17, 18. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re lokela ho itebela hore re se ke ra ikhohomosa?

17 Taba ea Hagare e bontša hore ha maemo a motho a ntlafala, seo se ka ’na sa etsa hore a ikhohomose. Seo re ithutang sona mona ke hore esita le Mokreste ea sebelelitseng Molimo ka pelo e hloekileng a ka ikhohomosa ha a se a e-na le maruo kapa matla a itseng. Boikutlo bo joalo bo ka boela ba e-ba teng haeba batho ba bang ba mo babatsa ka lintho tseo a atlehileng ho li etsa, ka bohlale ba hae, kapa ka bokhoni ba hae. Ka sebele, Mokreste o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a lumella hore pelo ea hae e ikhohomose. O lokela ho ba hlokolosi haholo haeba a atleha linthong tse itseng kapa a fuoa boikarabelo bo eketsehileng.

18 Lebaka le matla ka ho fetisisa la hore re qobe boikhohomoso ke tsela eo Molimo a bo talimang ka eona. Lentsoe la hae le re: “Mahlo a ikhohomosang le pelo e ikakasang, lebone la ba khopo, ke sebe.” (Liproverbia 21:4) Hoa thahasellisa hore ebe ka ho toba Bibele e lemosa Bakreste “ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho” hore ba se ke ba “iphahamisa,” kapa ba “ikhohomosa.” (1 Timothea 6:17, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW; Deuteronoma 8:11-17) Bakreste ba sa ruang ba lokela ho qoba ho ba le “leihlo le mohono,” ebile ba lokela ho hopola hore motho leha e le ofe a ka ikhohomosa—ebang o ruile kapa o futsanehile.—Mareka 7:21-23; Jakobo 4:5.

19. Uzia o ile a senya botumo ba hae bo botle joang?

19 Boikhohomoso hammoho le mekhoa e meng e mebe bo ka senya kamano e ntle le Jehova. Ka mohlala, nahana ka karolo ea pele ea puso ea Morena Uzia: “[O ile a] ’na a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova . . . A sekamela ho batleng Molimo a sa khaotse . . . ; ’me, matsatsing a ho batla ha hae Jehova, Molimo oa ’nete a mo atlehisa.” (2 Likronike 26:4, 5) Leha ho le joalo, ka masoabi Morena Uzia o ile a senya botumo ba hae bo botle, hobane “pelo ea hae [e ile] ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo.” O ile a qala ho inahana ho tlōla hoo a ileng a kena ka tempeleng ho ea nyehela libano. Ha baprista ba mo lemosa hore a se ke a iketelletsa pele ka tsela eo, ‘Uzia o ile a halefa.’ Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo otla ka lepera, eaba o shoa a sa amohelehe ho Molimo.—2 Likronike 26:16-21.

20. (a) Botumo bo botle ba Morena Ezekiase bo ile ba batla bo senyeha joang? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

20 U ka bapisa mohlala oo le oa Morena Ezekiase. Ka lekhetlo le leng, botumo bo botle ba morena enoa bo ile ba batla bo senyeha hobane “pelo ea hae e ile ea ikhohomosa.” Ka lehlohonolo, “Ezekiase [o ile] a ikokobetsa boikhohomosong ba pelo ea hae” eaba Molimo o mo amohela hape. (2 Likronike 32:25, 26) Hlokomela hore boikhohomoso ba Ezekiase bo ile ba ntšoa ke boikokobetso. Ka sebele, boikokobetso bo fapane le boikhohomoso. Ka hona, sehloohong se latelang, re tla tšohla kamoo re ka hlaolelang boikokobetso ba Bokreste le ho bo boloka.

21. Bakreste ba ikokobelitseng ba ka ba le tšepo efe?

21 Leha ho le joalo, a re se keng ra lebala liphello tsohle tse mpe tse hlahisitsoeng ke boikhohomoso. Kaha “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang,” a re ikemisetseng ka tieo ho thibela ho ba motlotlo ka mabaka a fosahetseng. Ha re ntse re loanela ho ba Bakreste ba ikokobelitseng, re ka ba le tšepo ea ho pholoha letsatsi le leholo la Molimo, ha baikhohomosi ba tla be ba tlositsoe lefatšeng le mesebetsi ea bona. Ka nako eo “boikhohomoso ba motho oa lefatše bo tla kokobela, le ho iphahamisa ha batho ho tla kokobela; ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.”—Esaia 2:17.

Lintlha Tseo re ka Thuisang ka Tsona

• U ka hlalosa motho ea ikhohomosang joang?

• Boikhohomoso bo simolohile hokae?

• Ke eng e ka etsang hore motho a ikhohomose?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra ikhohomosa?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Boikhohomoso ba Faro bo ile ba fella ka hore a kokobetsoe

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho ntlafala ha maemo a Hagare ho ile ha etsa hore a ikhohomose

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ezekiase o ile a ikokobetsa eaba Molimo o mo amohela hape

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela