Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb16 March leq. 7
  • Thekollo e Fana ka Monyetla oa Tsoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thekollo e Fana ka Monyetla oa Tsoho
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Le Hoja Re Sareloa, Re na le Tšepo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ntho Feela e ka Felisang Lefu!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Batho Bao re ba Ratang ba Tla Tsosoa
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
mwb16 March leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Thekollo e Fana ka Monyetla oa Tsoho

Ka mor’a hore ba lelapa le metsoalle ba lle ha moroetsana a hlokahala, ngoan’abo o nahana ka tšepo ea tsoho

Sehopotso se re fa monyetla oa ho nahana ka mahlohonolo a nakong e tlang a tla tlisoa ke thekollo, a kang tsoho ea bafu. Ha ho mohla Jehova a kileng a rera hore batho ba shoe. Ke ka lebaka leo ha re shoeloa ke motho eo re mo ratang re utloang bohloko boo ho seng bo tšoanang le bona. (1Ko 15:26) Jesu o ile a utloa bohloko ha a bona barutuoa ba hae ba siame ha Lazaro a shoele. (Joh 11:33-35) Kaha Jesu o tšoana le Ntate oa hae ka ho feletseng, re kholisehile hore Jehova le eena o utloa bohloko ha re siame. (Joh 14:7) Jehova o labalabela hore nako ea ho tsosa bahlanka ba hae e fihle ’me le rōna re lokela ho ikutloa ka tsela e tšoanang.—Job 14:14, 15.

Kaha Jehova ke Molimo ea hlophisehileng, hoa utloahala ho lumela hore bafu ba tla tsosoa ka tsela e hlophisehileng. (1Ko 14:33, 40) Ho e-na le hore re ee mapatong, re tla amohela batho ba tsohileng bafung. Na u nahana ka tsoho, haholo-holo nakong eo ka eona u siameng? (2Ko 4:17, 18) Na u leboha Jehova ha e le moo a fane ka thekollo le hore ebe ka Bibeleng o re senoletse hore bafu ba tla boela ba phele?—Kol 3:15.

  • Ke metsoalle efe kapa beng ka uena bao u ka thabelang ho kopana le bona hape?

  • U ka rata ho qoqa le bo-mang bao mabitso a bona a hlahang ka Bibeleng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela