Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bt khao. 23 maq. 181-188
  • “’Mamele ke le Hlalosetse”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “’Mamele ke le Hlalosetse”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba Rorisa Molimo” (Liketso 21:18-20a)
  • Ba Bangata ba Ntse “ba Chesehela Molao” (Liketso 21:20b, 21)
  • “Menyenyetsi eo ba e Utloileng ka Uena ha se ’Nete” (Liketso 21:22-26)
  • “Ha aa Tšoanela ho Phela!” (Liketso 21:27–22:30)
  • “Ke Mofarisi” (Liketso 23:1-10)
  • Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Pel’a ba Boholong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bakreste ba Pele le Molao oa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
bt khao. 23 maq. 181-188

KHAOLO EA 23

“’Mamele ke le Hlalosetse”

Pauluse o emela ’nete ka pel’a letšoele la batho ba halefileng le Lekhotla le Phahameng la Bajuda

E Thehiloe ho Liketso 21:18–23:10

1, 2. Ke eng e entseng hore moapostola Pauluse a ee Jerusalema ’me o ile a tobana le mathata afe?

PAULUSE o ne a tsamaea literateng tsa Jerusalema tse patisaneng le tse phetheselang. Ka lilemo tse ngata, batho ba ne ba rapela Jehova ka tsela e nepahetseng sebakeng seo. Boholo ba baahi ba moo ba ne ba le motlotlo ka lintho tse ileng tsa etsahala motseng oo. Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ba bangata ba moo ba ne ba ile le khongoana holimo ka lebaka la lintho tse ileng tsa etsahala ’me ba ne ba sa ikemisetsa ho fetoha leha ba se ba hlokomela hore Jehova o fetotse tsela eo a neng a sebelisana le bona ka eona. Kahoo, Pauluse o ile a tloha Efese ’me a ea Jerusalema ho ea thusa Bakreste ’moho ba moo. Ha aa ka a ba thusa feela ka lintho tseo ba neng ba li hloka kapa ka chelete empa o ne a boetse a batla ho ba thusa hore ba fetole tsela eo ba nahanang lintho ka eona. (Lik. 19:21) Le hoja mohlomong a ne a ipeha kotsing, ha aa ka a fetola qeto ea ho khutlela motseng oo hape.

2 Ebe lekhetlong lee Pauluse o ne a tla hlaheloa ke’ng ha a le Jerusalema? Bara ba bo rona ba bang moo ba ne ba kholoa mashano ao batho ba neng ba a bua ka Pauluse. Batho ba neng ba hloile Jesu le bona ba ne ba bakela Pauluse mathata a eketsehileng. Ba ile ba mo etselletsa, ba mo otla le ho leka ho mo bolaea. Har’a lintho tsena kaofela Pauluse o ile a emela seo a se lumelang. Boikokobetso ba hae, sebete le tumelo ha a tobane le mathata ana ke mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno. A re boneng hore na ka tsela efe.

“Ba Rorisa Molimo” (Liketso 21:18-20a)

3-5. (a) Pauluse o ile a ba sebokeng sefe ha a le Jerusalema ’me ho ne ho buuoa ka eng sebokeng seo? (b) Re ka ithuta lintlha life sebokeng seo Pauluse a bileng le sona le baholo ba Jerusalema?

3 Letsatsi le hlahlamang leo Pauluse le bo-mphato ba hae ba fihlileng Jerusalema ka lona, ba ile ba e’o bona baholo ba phutheho ea moo. Tlaleho ea Bibele ha e bolele hore na baapostola ba bang ba ne ba le kae ha Pauluse a le Jerusalema. Mohlomong ka nako eo ba ne ba ntse ba bolela litaba tse monate libakeng tse ling. Leha ho le joalo, Jakobo mor’abo Jesu o ne a ntse a le teng. (Bagal. 2:9) Mohlomong Jakobo e ne e le eena molula-setulo sebokeng seo ho sona ‘baholo kaofela ba neng ba le teng’ ho akareletsa le Pauluse.—Lik. 21:18

4 Pauluse o ile a lumelisa banna ba baholo “’me a ba phetela lintho tseo Molimo a ileng a mo thusa ho li etsa ha a ntse a hasa lentsoe la Molimo lichabeng.” (Lik. 21:19) Re se re ka inahanela feela hore na sena se tlameha se ile sa khothatsa bara ba bo rona hakaakang. Kajeno, le rona rea thaba ha re utloa kamoo mosebetsi o tsoelang pele kateng linaheng tse ling.—Liprov. 25:25

5 Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a ba bolella ka monehelo oo a tlileng le oona o tsoang Europe. E tlameha ebe ba ile ba thaba haholo ha ba utloa hore bara ba bo rona ba libakeng tse hole ba amehile ka bona. Hase feela Bibele e re’ng ha banna ba baholo ba qeta ho utloa mantsoe a Pauluse ba ile “ba rorisa Molimo.” (Lik. 21:20a) Le kajeno batho ba bangata ba hlahetsoeng ke likoluoa kapa ba kulang haholo ba ameha lipelo ha balumeli-’moho le bona ba ba thusa ka nako e loketseng ba bile ba ba khothatsa.

Ba Bangata ba Ntse “ba Chesehela Molao” (Liketso 21:20b, 21)

6. Pauluse o ile a bolelloa bothata bofe?

6 Kamor’a moo baholo bana ba ile ba tsebisa Pauluse hore ho hlahile bothata Judea ka lebaka la lintho tseo batho ba neng ba li bua ka eena. Ba ile ba re: “Ngoan’abo rona, oa bona hore ho na le Bajuda ba likete bao e leng balumeli ’me kaofela ha bona ba chesehela Molao. Empa ba utloile menyenyetsi ea hore u rutile Bajuda bohle ba lichabeng hore ba khaotse ho mamela Molao oa Moshe, oa ba bolella hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona le hore ba se ke ba etsa lintho tsa moetlo tseo esale li etsoa.”a—Lik. 21:20b, 21.

7, 8. (a) Bakreste ba bangata ba Judea ba ne ba sa utloisise eng ka taba ea Molao oa Moshe? (b) Na see se ne se bolela hore ha ba tšepahale? Hlalosa.

7 Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata joalo ba ne ba ntse ba chesehela Molao oa Moshe le hoja ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 20 o felisitsoe? (Bakol. 2:14) Ka 49 C.E., baapostola le baholo ba neng ba kopane Jerusalema ba ne ba rometse mangolo liphuthehong, a hlalosang hore ha ho hlokahale hore balumeli ba balichaba ba bolle le hore ba boloke Molao oa Moshe. (Lik. 15:23-29) Leha ho le joalo, mangolo ao a ne a sa bua letho ka Bakreste ba Bajuda, bao bongata ba bona ba neng ba sa utloisise hore Molao oa Moshe ha o sa sebetsa.

8 Na balumeli baa ba Bajuda ba ne ba sa tšoanelehe ho ba Bakreste hobane feela ba ne ba sa utloisise hore Molao oa Moshe ha o sa sebetsa? Che! Ha se hore pele e e-ba Bakreste ba ne ba rapela melimo ea bohata ’me le kamor’a hore e be Bakreste ba ne ba ntse ba sa latele meetlo ea bohetene. Molao ona oo balumeli bao ba Bajuda ba neng ba o nka e le oa bohlokoa o ne o ntse o fanoe ke Jehova. E ne e se oa bademona ebile o ne o sa fosahala. Leha ho le joalo, Molao oo o ne o amana le selekane sa khale, athe Bakreste ba ne ba se ba le tlas’a selekane se secha. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore batho ba boloke Molao hore Jehova a amohele borapeli ba bona. Feela ho ne ho e-na le Bakreste ba Baheberu ba neng ba chesehela Molao, ba neng ba sa utloisise taba ena ’me ba sa tšepe phutheho ea Bakreste. Ba ne ba lokela ho fetola tsela eo ba nahanang lintho ka eona, e le hore ba ka rapela Jehova ka tsela eo a batlang hore batho ba mo rapele ka eona.b—Jer. 31:31-34; Luka 22:20.

“Menyenyetsi eo ba e Utloileng ka Uena ha se ’Nete” (Liketso 21:22-26)

9. Pauluse o ile a ruta eng mabapi le Molao oa Moshe?

9 Ho thoeng ka menyenyetsi ea hore Pauluse o ne a ruta Bajuda ba har’a balichaba “hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona le hore ba se ke ba etsa lintho tsa moetlo tseo esale li etsoa”? Pauluse e ne e le moapostola oa Balichaba ’me o ile a ema qetong ea hore ha baa tlameha ho boloka Molao. Hape o ile a hlakisa hore ba neng ba leka ho susumelletsa balumeli ba Balichaba hore ba bolle e le ho bontša hore ba boloka Molao oa Moshe ba ne ba le phoso. (Bagal. 5:1-7) Hape Pauluse o ile a pakela Bajuda ba metseng eo a ileng a e etela. Ha ho pelaelo hore o ile a hlalosetsa ba thahasellang hore lefu la Jesu le entse hore Molao o felloe ke nako le hore ho loka ho fumanoa ka tumelo, eseng ka ho boloka Molao.—Bar. 2:28, 29; 3:21-26.

10. Pauluse o ile a nahanela maikutlo a ba bang joang mabapi le Molao le lebollo?

10 Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bontša hore o nahanela ba bang ba neng ba thabela ho boloka meetlo e itseng ea Bajuda e kang ho se sebetse ka Sabatha kapa ho se je lijo tse itseng. (Bar. 14:1-6) Ha aa ka a ba behela melao ka lebollo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolotsa Timothea e le hore Bajuda ba tle ba mo amohele kaha ntate oa hae e ne e le Mogerike. (Lik. 16:3) Ho ne ho itsoela ho motho hore na oa bolla kapa che. Pauluse o ile a re ho Bagalata: “Ho bolla kapa ho se bolle ha ho na thuso empa tumelo eo motho a e bontšang ka liketso hobane a susumetsoa ke lerato, ke eona ea bohlokoa.” (Bagal. 5:6) Leha ho le joalo, e ne e tla ba phoso hore motho a bolle hobane feela a batla ho boloka Molao kapa a nahana hore o lokela ho bolla e le hore a khahlise Jehova. Seo se ne se tla bontša hore ha a na tumelo.

11. Baholo ba ile ba eletsa Pauluse hore a etse’ng ’me ho ka etsahala hore seo se ne se akareletsa’ng? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

11 Le hoja litaba tseo tsa bo-bare e ne e le mashano, li ile tsa ferekanya balumeli ba Bajuda. Ke ka lebaka leo banna ba baholo ba ileng ba eletsa Pauluse ba re: “Re na le banna ba bane ba entseng kano. Tsamaea le banna bana, le itlhoekise ho ea ka Molao ’me u ba patalle e le hore ba kute lihlooho. Joale batho bohle ba tla tseba hore menyenyetsi eo ba e utloileng ka uena ha se ’nete, ba tla tseba hore u etsa lintho hantle le hore u mamela Molao.”c—Lik. 21:23, 24.

12. Pauluse o ile a bontša joang hore o ikemiselitse ho sebelisana le baholo ba Jerusalema le ho etsa seo ba reng a se etse?

12 Pauluse a ka be a hanne eaba o bolela hore bothata bo ne bo sa bakoa ke litaba tsa bo-bare empa bo bakiloe ke hore balumeli bao ba Bajuda ba chesehela Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho etsa seo ba reng a se etse, hafeela a sa tlole molao oa Molimo. Pele ho moo o ile a re: “Ho ba latelang molao ke bile joaloka ea latelang molao e le hore nka tlisa ba latelang molao tseleng ea Kreste le hoja ’na ke sa latele molao.” (1 Bakor. 9:20) Lekhetlong lena Pauluse o ile a sebelisana le baholo ba Jerusalema ’me a ba “joalo ka ea latelang molao.” Ka ho etsa joalo, o ile a re behela mohlala o motle oa hore re sebelisane le baholo ’me re se ke ra tsitlella ho etsa lintho ka moo re ratang ka teng.—Baheb. 13:17.

Litšoantšo: 1. Pauluse o mametse tataiso e tsoang ho baholo ba Jerusalema. 2. Baholo ba tšoere seboka ’me moholo e mong o shebile ka hloko ha ba bang ba phahamisa matsoho.

Pauluse o ne a tenyetseha le maemo ’me o ile a etsa lintho tseo baholo ba neng ba mo kopa tsona hafeela li se khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Uena?

KAMOO MOLAO OA ROMA O NENG O SEBETSA HO BAAHI BA TENG

Hangata ba boholong Roma ba ne ba sa itšunya-tšunye litabeng tsa liprofinse. Ho ne ho tloaelehile hore ho sebelisoe molao oa Bajuda litabeng tsa Bajuda. Baroma ba ile ba kenella nyeoeng ea Pauluse hobane feela ho ne ho tsohile morusu ha a bonoa ka tempeleng ’me seo se ne se ka ’na sa baka moferefere sechabeng.

Ba boholong ’musong oa Roma ba ne ba e-na le taolo e kholo ho batho ba lulang liprofinseng bao e seng baahi ba Roma. Leha ho le joalo, lintho li ne li fetoha ha ba sebetsa litaba tsa baahi ba Roma.f Ha motho e le moahi oa Roma o ne a fuoa litokelo tse itseng tse neng li hlomphuoa ’musong oohle oa Roma. Ka mohlala, molao o ne o sa lumele hore motho a tlame kapa a otle Moroma ea sa fumanoang a le molato, kaha ho ne ho nkoa hore ke makhoba feela a ka tšoaroang joalo. Baahi ba Roma ba ne ba boetse ba e-na le tokelo ea ho ipiletsa ho moemphera oa Roma mabapi le qeto e entsoeng ke ’musisi oa profinse.

Batho ba ne ba ka fumana tokelo ea ho ba baahi ba Roma ka litsela tse fapa-fapaneng. Ea pele, haeba batsoali e ne e le baahi ba Roma seo se ne se tla thusa bana hore le bona ebe baahi ba Roma. Ka linako tse ling, baemphera ba ne ba fa baahi ba itseng kapa sechaba sohle se lokolohileng se lulang motseng o itseng kapa literekeng, tokelo ea ho ba baahi ba Roma ka lebaka la mosebetsi oo ba o entseng. Haeba lekhoba le khona ho patala mong’a lona le ne le tla khona ho lokoloha ’me le be moahi oa Roma. Lekhoba le lokolloang ke Moroma kapa lesole la Roma le seng le behile meja fatše, e ne e ka ba Moroma. Ho bonahala hore maemong a itseng motho o ne a ka khona ho reka tokelo ea ho ba moahi oa Roma. Ke kahoo molaoli oa sesole ea bitsoang Claudiase Lisiase a ileng a re ho Pauluse: “Ke patetse chelete e ngata e le hore ke fumane litokelo tsa ho ba moahi oa Roma.” Pauluse a re: “’Na ke Moroma ka tsoalo.” (Lik. 22:28) Kahoo, ho ka etsahala hore ebe e mong oa bo-ntate-moholo ba Pauluse o ile a fumana tokelo ea ho ba moahi oa Roma, le hoja ho sa tsejoe hore na ho tlile joang.

f Lekholong la pele la lilemo C.E., ha se baahi ba bangata ba Roma ba neng ba lula Judea. Batho bohle ba lulang liprofinseng ba ile ba fuoa tokelo ea ho ba baahi ba Roma lekholong la boraro la lilemo.

“Ha aa Tšoanela ho Phela!” (Liketso 21:27–22:30)

13. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba bang ba ile ba baka moferefere tempeleng? (b) Pauluse o ile a pholosoa joang?

13 Ho ile ha lubeha tempeleng. Ha matsatsi a boitlamo a le haufi le ho fela, Bajuda ba tsoang Asia ba ile ba bona Pauluse, ba mo qosa ka bohata hore o tlisitse Balichaba ka tempeleng, eaba ba qala morusu. Hoja molaoli oa sesole oa Moroma a sa ka a kenella, Pauluse a ka be a ile a khakhathoa ho fihlela a shoele. Leha ho le joalo, molaoli eo oa Moroma o ile a mo kenya chankaneng. Ho ile ha feta lilemo tse ka holimo ho tse ’ne pele Pauluse a lokolloa. Empa Pauluse o ne a ntse a le kotsing. Ha molaoli a botsa Bajuda hore na ba hlasela Pauluse ka mabaka afe, ba ile ba bolela liqoso tse fapa-fapaneng. Kaha ho ne ho le moferefere molaoli eo o ne a sa utloe letho. Qetellong, Pauluse o ile a tlameha ho tlosoa moo. Ha Pauluse le masole a Baroma ba le haufi le ho kena moo masole a lulang teng, Pauluse o ile a re ho molaoli oa masole: “Ke kopa o ntumelle hore ke bue le sechaba.” (Lik. 21:39) Molaoli o ile a lumela ’me Pauluse a emela tumelo ea hae ka sebete.

14, 15. (a) Pauluse o ile a re’ng ho Bajuda? (b) Molaoli oa Moroma o ile a nka mehato efe e le hore a tle a tsebe se halefisitseng Bajuda?

14 Pauluse o ile a qala ka ho re: “’Mamele ke le hlalosetse.” (Lik. 22:1) O ile a bua le bongata boo ka Seheberu, e leng se ileng sa etsa hore bo theole maikutlo. O ile a bolela lebaka le utloahalang le entseng hore e be molateli oa Kreste. Ka ho etsa joalo, ka tsela e bohlale o ile a bolela lintho tseo Bajuda ba neng ba ka batla bopaki ba tsona haeba ba batla ho etsa joalo. Pauluse o ile a rutoa ke Gamaliele ea tsebahalang hape o ile a hlorisa balateli ba Kreste, joalokaha mohlomong ba bang ba bona ba ne ba tseba seo. Leha ho le joalo, ha a le tseleng e eang Damaseka, o ile a bona Kreste ea tsositsoeng bafung ponong ’me a bua le eena. Batho bao Pauluse a neng a tsamaea le bona ba ile ba bona leseli le leholo ’me ba utloa lentsoe empa ha baa ka ba utloisisa se buuoang. (Lik. 9:7; 22:9) Kamora moo ba ile ba lokela ho tataisa Pauluse, ea neng a foufalitsoe ke pono eo, ba mo isa Damaseka. Ha ba fihla moo, Ananiase monna ea neng a tsejoa ke Bajuda ba moo, o ile a etsa mohlolo oa hore Pauluse a boele a bone.

15 Pauluse o ile a tsoela pele ho ba phetela hore ha a se a khutletse Jerusalema, Jesu o ile a hlaha ho eena tempeleng. Ha Bajuda ba utloa taba ena ba ile ba ferekana eaba ba hoeletsa ka bohale ba re: “Bolaeang motho enoa kaha ha a tšoanela ho phela!” (Lik. 22:22) E le ho pholosa Pauluse, molaoli o ile a mo isa moo masole a lulang teng. Kaha molaoli o ne a ikemiselitse ho fumana se entseng hore Bajuda ba halefele Pauluse hakaalo, o ile a laela masole ao hore a shape Pauluse e le hore a ka bua hore o entseng. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a sebelisa molao hore o mo sireletse eaba o bolela hore ke moahi oa Roma. Kajeno barapeli ba Jehova ba ’nile ba etsa se tšoanang ’me ba sebelisa molao hore o ba sireletse ha ba emela tumelo ea bona. (Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “Kamoo Molao oa Roma o Neng o Sebetsa ho Baahi ba Teng”, le “Linyeoe Tsa Mehleng Ena.”) Ha molaoli a utloa hore Pauluse ke moahi oa Roma, o ile a hlokomela hore o lokela ho sebelisa mokhoa o mong o tla etsa hore a fumane lintlha tse eketsehileng. Letsatsing le hlahlamang o ile a tlisa Pauluse ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda, le neng le tšoere seboka se khethehileng.

LINYEOE TSA MEHLENG ENA

Joaloka moapostola Pauluse, Lipaki Tsa Jehova kajeno li ’nile tsa batla thuso molaong e le hore ho tlosoe lithibelo mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate. Ka mafolofolo li ’nile tsa sireletsa le ho “sebelisa molao ho fumana tokelo ea ho bolela litaba tse monate.”—Bafil. 1:7.

Lilemong tsa bo 1920 le bo 1930, bara le barali ba bo rona ba bangata ba ile ba koalloa chankaneng ka lebaka la ho aba lingoloa tsa Bibele. Ka mohlala, ka 1926, makhotla a Jeremane a ne a ntse a e-so mamele linyeoe tse 897. Ho ne ho e-na le linyeoe tse ngata hoo ho ileng ha hlokahala hore ho thehoe Lefapha la Molao lekaleng la Jeremane. Lilemong tsa bo 1930, United States feela ho ne ho tšoaroa Lipaki tse makholo ka selemo ka lebaka la ho bolela ka ntlo le ntlo. Ka 1936, palo eo e ile ea eketseha ea ba 1149. Ho ile ha boela ha thehoa Lefapha la Molao United States bakeng sa ho fana ka thuso e hlokahalang. Ho tloha ka 1933 ho ea ho 1939, Lipaki tsa Romania li ile tsa tobana le linyeoe tse 530. Leha ho le joalo, bara ba bo rona ba ile ba ipiletsa Lekhotleng le Phahameng la Romania ’me ba hlola linyeoe tse ngata. Ho bile joalo le linaheng tse ling tse ngata.

Bakreste ba ile ba tobana le mathata a molao hobane matsoalo a bona a ba hanela ho etsa lintho tse etsang hore ba nke lehlakore. (Esa. 2:2-4; Joh. 17:14) Bahanyetsi ba ile ba ba qosa ka bohata ba re ba hlohlelletsa ho tsoa ’muso tlase, e leng seo ka linako tse ling se ileng sa etsa hore mosebetsi oa bona o thibeloe ka ho feletseng. Leha ho le joalo, mebuso e mengata e lumetse hore Lipaki Tsa Jehova li ke ke tsa e tsoa tlase.g

g Bakeng sa lintlha tse mabapi le kamoo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa hlola linyeoe linaheng tse sa tšoaneng, sheba khaolo ea 15 bukeng ea ’Muso oa Molimo oa Busa! le Khaolo ea 30 bukeng ea Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.

“Ke Mofarisi” (Liketso 23:1-10)

16, 17. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala ha Pauluse a bua le Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (b) Pauluse o ile a beha mohlala oa boikokobetso joang ha a otloa?

16 Ha Pauluse a qala ho ikemela ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda, o ile a re: “Bo-ntate, esale ke phela ka letsoalo le khutsitseng ka pel’a Molimo ho fihlela letsatsing lena.” (Lik. 23:1) Ha aa ka a khona ho tsoela pele. Bibele e re: “Eaba Ananiase moprista ea phahameng o laela ba emeng haufi le Pauluse hore ba mo otle molomo.” (Lik. 23:2) E bile nyeliso e kaakang. Hape e bile leeme le lekaakang hore ebe ba ile ba re Pauluse o leshano le pele ba utloa bopaki. Ha se feela Pauluse a ileng a re: “Molimo o tl’o u otla uena moikaketsi tooe! U lutse moo hore u nkahlole ka Molao empa uena u tlola Molao ka ho laela hore ke otloe?”—Lik. 23:3.

17 Ba emeng haufi ba ile ba Makala empa ba ne ba sa makatsoe ke motho ea otlileng Pauluse, ba ne ba makatsoa ke mantsoe a Pauluse. Ba ile ba re: “Na o tiile o rohaka moprista ea phahameng oa Molimo?” Ha Pauluse a ba araba, o ile a ba ruta boikokobetso le ho hlompha Molao. A re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ea phahameng etsoe Mangolo a re, ‘U se ke oa bua ’musi oa sechaba sa heno hampe.’”d (Lik. 23:4, 5; Ex. 22:28) Joale Pauluse o ile a fetola maoa. Kaha o ne a lemohile hore litho tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda e ne e le Bafarisi le Basaduse, o ile a re: “Bo-ntate, ke Mofarisi, le baholo-holo ba ka ke Bafarisi. Ke qosoa hobane ke e-na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha.”—Lik. 23:6.

Moruti o shebile temana ea Bibele ka hloko ha morabo rona a ntse a mo pakela.

Joaloka Pauluse, re leka ho fumana lintho tseo re lumellanang ka tsona ha re bua le batho ba malumeli a fapa-fapaneng

18. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ipitsa Mofarisi ’me re ka beha mabaka ka tsela e tšoanang le ee joang maemong a mang?

18 Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ipitsa Mofarisi? Ke hobane e ne e le “mora oa Bafarisi” a tsoa lelapeng la lequloana leo. Kahoo, ba bangata ba ne ba ntse ba mo nka e le Mofarisi.e Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ikamahanya le seo Bafarisi ba se lumelang tabeng ea tsoho? Bafarisi ba ne ba lumela hore moea oa motho ha o shoe le hore meea ea ba lokileng e tla boela e phele e le batho. Pauluse o ne a sa lumele thuto eo. O ne a lumela tsoho e rutiloeng ke Jesu. (Joh. 5:25-29) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lumellana le Bafarisi hore ho na le tšepo ea bophelo ka mor’a lefu ho fapana le Basaduse ba neng ba sa lumele hore bo teng. Re ka beha mabaka ka tsela e tšoanang le ena ha re buisana le Mak’hatholike kapa Maprostanta. Re ka ba bolella hore re lumela ho Molimo joaloka bona. Ke ’nete hore e ka ’na eaba ba lumela ho Boraro bo bong ha rona re lumela ho Molimo eo Bibele e buang ka eena. Leha ho le joalo, rea lumellana hore Molimo o teng.

19. Ke hobane’ng ha seboka sa Lekhotla le Phahameng la Bajuda se ile sa e-ba moferefere?

19 Mantsoe a Pauluse a ile a arola Lekhotla le Phahameng la Bajuda. Bibele e re: “Ha qhoma khang e chesang lipakeng tsa bona. Ba bang ba bangoli ba sehlopha sa Bafarisi ba bua ba halefile ba re: “Ha ho na ntho e mpe eo motho enoa a e entseng empa haeba moea kapa lengeloi le buile le Eena—.’” (Lik. 23:9) Taba ea hore ebe lengeloi le ile la bua le Pauluse e ne e sa amohelehe ho Basaduse ba neng ba sa lumele hore mangeloi a teng. (Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “Basaduse le Bafarisi.”) Moferefere o ile oa e ba moholo hoo molaoli oa sesole oa Moroma a ileng a boela a pholosa Pauluse. (Lik. 23:10) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ntse a le kotsing. Ho ne ho tla etsahala eng ka eena? Re tla ithuta se eketsehileng khaolong e latelang.

BASADUSE LE BAFARISI

Sanhedrine e ne e le lekhotla la sechaba la tsamaiso ebile e le lekhotla le phahameng la Bajuda ’me le ne le laoloa ke maquloana a mabeli a loantšanang, e leng Basaduse le Bafarisi. Ho latela rahistori oa lekholong la pele la lilemo Flavius Josephus, phapang e kholo pakeng tsa lihlopha tsena e ne e le hore Bafarisi ba ne ba batla ho qobella batho ho boloka meetlo e mengata e neng e etsoa mehleng eo. Basaduse bona ba ne ba lumela hore ho hlokahala hore ho bolokoe feela se ngotsoeng Molaong oa Moshe. Lihlopha tsena li ne li utloana tabeng ea ho hanyetsa Jesu.

Ho bonahala eka Basaduse ba khomarelang mekhoa e tloaetsoeng ba ne ba sebelisana haufi le baprista ’me Anase le Kaifase, bao ka bobeli e neng e le baprista ba phahameng, e ne e le litho tsa lequloana lena le matla. (Lik. 5:17) Leha ho le joalo, Josephus o re lithuto tsa bona li ne li ka “susumetsa barui feela.”

Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ne ba susumetsa batho ba tloaelehileng. Leha ho le joalo, pono ea bona e neng e akareletsa ho itlhoekisa ka ho feteletseng pele ba etsa litšebeletso, e ile ea etsa hore batho ba nke ho boloka Molao e le moroalo. Ho fapana le Basaduse, Bafarisi ba ne ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e reriloe esale pele le hore moea ha o shoe, ho e-na le hoo o fuoa moputso o loketseng bakeng sa liketso tsa oona tse ntle kapa tse mpe.

a Kaha ho ne ho e-na le Bakreste ba bangata ba Bajuda, mohlomong liphutheho tse ngata li ne li kopanela malapeng.

b Lilemo tse seng kae hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Baheberu, leo ho lona a ileng a paka hore selekane se secha ke sona sa bohlokoa. Lengolong leo, o ile a bontša ka ho hlakileng hore selekane se secha se ile sa etsa hore sa khale se felloe ke nako. Ka sebele taba ea hore ebe Pauluse o ile a beha mabaka ka tsela e matla tjena, e ile ea fa Bakreste ba Bajuda mabaka a kholisang ao ba ka a sebelisang ho araba Bajuda ba neng ba tsitlella hore Molao oa Moshe o ntse o sebetsa. Hape e ile ea matlafatsa tumelo ea Bakreste ba bang ba neng ba nka hore Molao oa Moshe ke oa bohlokoa ka ho fetisisa.—Baheb. 8:7-13.

c Litsebi li re e ka ’na eaba banna bao ba ne ba entse boitlamo ba Bonazari. (Num. 6:1-21) Ke ’nete hore Molao oa Moshe, oo boitlamo bona bo neng bo entsoe tlas’a oona, o ne o se o feletsoe ke nako. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Pauluse o ne a nahana hore ha se phoso ha banna bao ba phetha boitlamo boo ba bo entseng ho Jehova. Ka lebaka leo, e ne e se phoso ha a ba lefella litšenyehelo a bile a tsamaea le bona. Ha re tsebe hore na e ne e le boitlamo ba mofuta ofe empa ha re lumele hore Pauluse o ne a ka tšehetsa ho nyeheloa ha sehlabelo sa phoofolo (e leng seo Banazari ba neng ba se etsa), a lumela hore se tla hloekisa banna bao sebe. Kaha Kreste o ne a se a entse sehlabelo se phethahetseng, mahlabelo a joalo a liphoofolo a ne a se a se na matla a ho koahela libe. Le hoja re sa tsebe seo Pauluse a ileng a se etsa, re kholisehile hore o ne a ke ke a lumela ho etsa ntho e ka silafatsang letsoalo la hae.

d Ba bang ba boletse hore mohlomong Pauluse o ne a sa bone hantle ke kahoo a sa kang a hlokomela moprista ea phahameng. Hape mohlomong e ne e le khale a le sieo Jerusalema hoo a neng a sa tsebe moprista ea phahameng oa nakong eo, kapa mohlomong Pauluse o ne a siriloe ke bongata, hoo a sa kang a bona hore na ke mang ea laetseng hore a otloe.

e Ka 49 C.E., ha baapostola le banna ba baholo ba tšohla hore na Balichaba ba lokela ho boloka Molao oa Moshe kapa che, Bakreste ba bang ba neng ba le teng e ne e le “ba lequloana la Bafarisi bao e neng e se e le barutuoa.” (Lik. 15:5) Ho hlakile hore ka tsela e itseng balumeli bao ba ne ba ntse ba nkoa e le Bafarisi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela