Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 4-LA 10 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAROMA 12-14
“Bontša Hore U Rata Bakreste ’Moho le Uena”
(Baroma 12:10) Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.
It-1-E 55
Ho Rata ho Tsoa Pelong
Lerato la bara ba motho (phi·la·del·phiʹa) le lokela ho rena har’a Bakreste bohle ka phuthehong. (Bar 12:10;Heb 13:1; sheba le 1Pe 3:8.) Likamano tsa bara le barali babo rona ka phuthehong li lokela ho tšoana hantle le tseo litho tsa lelapa li nang le tsona. Le hoja litho tsa phutheho li se ntse li ratana ka lerato la bara ba motho, li khothalletsoa hore li ratane haholoanyane le ho feta.—1Th 4:9, 10.
Ho sebelisitsoe lentsoe la Segerike phi·loʹstor·gos e bolelang “lerato le mofuthu,” ha ho buuoa ka kamano e teng pakeng tsa batho ba ratanang haholo. Hangata lentsoe sterʹgo le sebelisoa ha ho buuoa ka kamano e teng pakeng tsa litho tsa lelapa. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ratane ka tsela ena. (Bar 12:10) Pauluse o ile a boela a bontša hore e ’ngoe ea lintho tse tla bontša hore re phela matsatsing a ho qetela ke hore, batho e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho” (ka Segerike, aʹstor·goi) ’me batho ba joalo ba tšoaneloa ke lefu.—2Ti 3:3; Bar 1:31, 32.
(Baroma 12:17-19) Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. 18 Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lona, le be le khotso le batho bohle. 19 Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.”
“Le be le Khotso le Batho Bohle”
Bala Baroma 12:17. Pauluse o ile a hlalosa hore ha re hanyetsoa ka mabifi, ha rea lokela ho iphetetsa. Ke habohlokoa le ho feta hore batho ba lulang malapeng a arohaneng bolumeling ba mamele keletso ena. Molekane oa Mokreste ha a inehele tekong ea ho iphetetsa ka mantsoe a seng mosa kapa ka liketso tse seng mosa. ‘Ho busetsa bobe ka bobe’ ha ho hlahise molemo oa letho. Ho e-na le hoo, maikutlo a joalo a ka mpefatsa boemo le ho feta.
“Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena”
Joale Pauluse o fana ka keletso mabapi le kamoo re lokelang ho tšoara balumeli hammoho le batho ba sa lumelang, o re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” Ke ho utloahalang hore a bue mantsoe ana ho latela seo a se boletseng pejana, ha a ne a re: “Nyonyang se khopo.” Bonneteng, motho o ne a ka bolela joang hore o hlile o nyonya se khopo, kapa bobe, haeba a ne a ka iphetetsa ho ba bang ka bobe? Ho etsa joalo ho ne ho tla be ho fapane le ho ba le lerato “le se nang boikaketsi.” Joale Pauluse o re: “Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle.” (Baroma 12:9, 17) Re ka sebelisa mantsoe ao joang?
Pejana, lengolong leo a ileng a le ngolla Bakorinthe, Pauluse o ile a ngola ka mahloriso ao baapostola ba neng ba tobane le ’ona. O ile a re: “Re fetohile sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše, le ho mangeloi, le ho batho. . . . Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa; ha re ntse re hlorisoa, rea mamella; ha re ntse re nyelisoa, re kopa ka tieo.” (1 Bakorinthe 4:9-13) Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete kajeno ba shebelletsoe ke batho ba lefatše lena. Ha batho ba re pota-potileng ba bona lintho tse molemo tseo re li etsang esita leha re ntse re tšoeroe ka leeme, ba ka ’na ba thahasella molaetsa oa Bibele.—1 Petrose 2:12.
(Baroma 12:20, 21) Empa, “haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.” 21 U se ke ua itlohela hore u hloloe ke bobe, empa u ’ne u hlole bobe ka botle.
Tšoarelanang ka Bolokolohi
Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa eka u ka thusa motho ea u foselitseng hore a utloisise melao ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “ ‘Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.’ U se ke ua itlohela hore u hloloe ke bobe, empa u ’ne u hlole bobe ka botle.” (Bar. 12:20, 21) Ha u le bonolo esita le haeba batho ba u halefetse, ba ka ’na ba fetola maikutlo a bona ’me ba ba mosa. Haeba u bontša hore u nahanela motho ea u fosetsang, ua mo qenehela, ebile u mo utloela bohloko, u ka ’na ua mo thusa hore a ithute linnete tsa Bibele. Ho sa tsotellehe hore na motho o u tšoara joang, liketso tsa hao tse bonolo le tse mosa li ka etsa hore a ipotse hore na ke hobane’ng ha u fapane le batho ba bang.—1 Pe 2:12; 3:16.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baroma 12:1) Ka lebaka leo ke le kopa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele ea lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lona a ho nahana.
Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang bophelong e amana le borapeli ba hao ho Jehova. Lengolong la hae le neng le e-ea ho Baroma, Pauluse o ile a sebelisa lentsoe le matla hore a hatise ’nete ena ho balumeli-’moho le eena. O ile a ba khothatsa a re: “Le hlahise ’mele ea lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lona a ho nahana.” (Baroma 12:1) ’Mele oa hao o akarelletsa kelello ea hao, pelo ea hao le matla a hao a ’mele. U sebelisa lintho tsena kaofela tšebeletsong ea Molimo. (Mareka 12:30) Pauluse o re tšebeletso ena e etsoang ka moea oohle ke sehlabelo. Lentsoe leo le fana ka temoso e poteletseng. Molaong oa Moshe, Molimo o ne a hana sehlabelo se neng se e-na le sekoli. (Levitike 22:18-20) Ka tsela e tšoanang, haeba sehlabelo sa tšebeletso ea Mokreste se silafetse ka tsela e itseng, Molimo a ke ke a se amohela. Leha ho le joalo, ebe see se ka etsahala joang?
Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba Roma ka ho re: ‘Le se ke la tsoela pele le hlahisa litho tsa lona [“litho tsa ’mele ea lona,” New International Version] sebeng.’ Pauluse o ile a boela a ba bolella hore ba ‘bolaee litloaelo tsa ’mele.’ (Baroma 6:12-14; 8:13) Pejana lengolong la hae, o ne a fane ka mehlala ea “litloaelo [tseo] tsa ’mele.” Re bala se latelang mabapi le batho ba baetsalibe: “Melomo ea bona e tletse thohako.” “Maoto a bona a lebelo ho tšolla mali.” “Ha ho tšabo ea Molimo ka pel’a mahlo a bona.” (Baroma 3:13-18) Mokreste o ne a tla silafatsa ’mele oa hae, haeba a ne a ka sebelisa “litho” tsa hae kapa litho tsa ’mele oa hae mekhoeng eo e mebe ea boetsalibe. Ka mohlala, haeba kajeno Mokreste a shebella ka boomo lintho tse silafetseng tse kang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro kapa a shebella pefo e sehloho, o ‘hlahisa mahlo a hae sebeng’ ’me ka ho etsa joalo o silafatsa ’mele oohle oa hae. Borapeli bohle boo a bo etsang bo fetoha sehlabelo se seng se sa halalele le se sa amoheleheng ho Molimo. (Deuteronoma 15:21; 1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11) O kotsing e kaakang ka lebaka la ho phehella boithabiso bo seng molemo!
(Baroma 13:1) Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.
Lintlha-kholo Tsa Lengolo le Eang ho Baroma
13:1—Balaoli ba phahameng “ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng” joang? Ba boholong ’musong “ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng” kahobane Molimo o ba lumeletse ho busa ’me maemong a mang Molimo o ile a bona esale pele hore ba tla busa. Sena se pakoa ke seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele mabapi le babusi ba ’maloa.
’Malo oa Bibele
(Baroma 13:1-14) Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng. 2 Ka hona ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo; ba leng khahlanong le eona ba tla iphumanela kahlolo. 3 Kaha ba busang ba tšajoa ketsong e mpe, eseng ho e molemo. Joale, na u batla hore u se ke ua tšaba bolaoli? U ’ne u etse molemo, ’me u tla fumana thoriso e tsoang ho bona; 4 etsoe ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong oa hao. Empa haeba u etsa se sebe, u be tšabong: kaha hase ntle ho morero bo jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe. 5 Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lona. 6 Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha ke bahlanka ba Molimo sechabeng bao kamehla ba sebeletsang morero oona ona. 7 Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho; ea batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba; ea batlang tšabo, le mo fe tšabo e joalo; ea batlang tlhompho, le mo fe tlhompho e joalo. 8 Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana; kaha ea ratang oa habo o phethahalitse molao. 9 Etsoe molao o reng, “U se ke ua feba, U se ke ua bolaea, U se ke ua utsoa, U se ke ua chacheha ka mohono,” le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” 10 Lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ea molao. 11 Etsang sena, hape, hobane le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe borokong, kaha joale poloko ea rona e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli. 12 Bosiu bo se bo ile haholo; letsatsi le atametse. Ka hona a re hloboleng mesebetsi ea lefifi ’me re apareng lihlomo tsa leseli. 13 Joaloka motšehare a re tsamaeeng ka mokhoa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahoa, eseng ho kopaneleng liphate ho haneloang le boitšoarong bo hlephileng, eseng ho qabaneng le poulelong. 14 Empa le apare Morena Jesu Kreste, ’me le se ke la rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.
LA 11-LA 17 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAROMA 15-16
“Tšepa Hore Jehova o Tla U Tšelisa le ho U fa Mamello”
(Baroma 15:4) Etsoe lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rona le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.
“Llang le Batho ba Llang”
Tsela eo Jesu a ileng a utloa bohloko ka eona ha Lazaro a shoele, ke e ’ngoe ea litlaleho tsa Bibele tse re tšelisang haholo. Lebaka ke hore “lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rona le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Bar 15:4) Haeba u hlokahalletsoe, u ka tšelisoa ke Mangolo a latelang:
▪ “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; O pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pes 34:18, 19.
▪ “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao [Jehova] a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”—Pes 94:19.
▪ “E se eka Morena oa rona Jesu Kreste le Molimo Ntate, ba ileng ba re rata eaba ba fana ka matšeliso a sa feleng le tšepo e molemo ka mosa o sa tšoanelang, ba ka tšelisa lipelo tsa lona le ho le tiisa.”—2 Th 2:16, 17.
(Baroma 15:5) Joale e se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore har’a lona le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona,
Le be le Mamello
Kopa Jehova hore a u fe matla. Jehova ke “Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso.” (Bar 15:5) Ke eena feela ea utloisisang boemo ba rona le tsela eo re ikutloang ka eona. Kahoo, o tseba hantle seo re se hlokang e le hore re mamelle. Bibele e re: “O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kopang thuso, ’me o tla ba pholosa.” (Pes 145:19) Empa Molimo o araba lithapelo tsa rona joang ha re mo kopa hore a re fe matla a ho mamella?
(Baroma 15:13) E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lona, e le hore le ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang.
“U Rate Jehova Molimo oa Hao”
Jehova ‘o fana ka tšepo e re tlatsang thabo le khotso.’ (Bar 15:13) Tšepo eo Molimo a re fang eona e re nolofalletsa ho mamella ha tumelo ea rona e lekoa. Batlotsuoa ‘ba tšepahalang esita le ho isa lefung, ba tla fuoa moqhaka oa bophelo.’ (Tše 2:10) Batho ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla fumana litlhohonolofatso tse sa feleng Paradeiseng e tšepisitsoeng. (Luka 23:43) Re lokela ho ikutloa joang ka litšepiso tsee? Na ha re ikutloe re thabile, re le khotsong re bile re rata Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng”?—Jak 1:17.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baroma 15:27) Ke ’nete, ba khahliloe ho etsa joalo, ’me leha ho le joalo ba ne ba e-na le molato ho bona; etsoe haeba lichaba li bile le karolo linthong tsa bona tsa moea, le tsona li na le sekoloto sa ho sebeletsa bana phatlalatsa ka lintho tsa ’mele oa nama.
‘Teko ea Bonnete ba Lerato la Hao’
Ka sebele, bara babo bona ba Balichaba ba ne ba lokela ho susumelletseha ho arabela tlokotsing ea bona. Ha e le hantle, ba ne ba e-na le “molato” o khethehileng ho Bakreste ba Jerusalema. Na hase Jerusalema moo litaba tse molemo li ileng tsa hasana ho ea ho Balichaba li tloha teng? Pauluse o ile a hlalosa: “Haeba Bakreste ba Bajuda ba arolelane matlotlo a bona a moea le Balichaba, Balichaba ba na le boikarabelo bo totobetseng ba ho etsa monehelo bakeng sa litlhoko tsa bona tse bonahalang.”—Baroma 15:27, The New English Bible.
(Baroma 16:25) Joale ho ea ka le tiisang tumellanong le litaba tse molemo tseo ke li bolelang le ho bolela ka Jesu Kreste, ho ea ka tšenolo ea sephiri se halalelang seo ho lutsoeng ho khutsitsoe ka sona ka linako tse tšoarellang halelele
it-1-E 858 ¶5
Ho Tseba le ho Rera Lintho Esale Pele
Mesia kapa Kreste e ne e tla ba peo e tšepisitsoeng eo batho bohle ba lokileng le malapa ’ohle a lefatšeng a neng a tla hlohonolofatsoa ka eona. (Gal 3:8, 14) Lekhetlo la pele leo ka lona ho builoeng ka “peo” ena ke ka mor’a borabele bo ileng ba e-ba teng Edene empa pele Abele a hlaha. (Gen 3:15) Sena se etsahetse lilemo tse 4 000 pele ho totobatsoa hore “sephiri se halalelang” ke “peo” ea Bomesia. Ke ka hona ho ka thoeng “ho khutsitsoe ka sona ka linako tse tšoarellang halelele.”—Bar 16:25-27; Ef 1:8-10; 3:4-11.
’Malo oa Bibele
(Baroma 15:1-16) Leha ho le joalo, rona ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ikhahlisa. 2 E mong le e mong oa rona a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. 3 Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa; empa feela joalokaha ho ngoliloe: “Linyeliso tsa ba neng ba u nyelisa li nkoetse holimo.” 4 Etsoe lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rona le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo. 5 Joale e se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore har’a lona le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona, 6 e le hore ka tumellano le ka tlotlisa Molimo le Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste ka molomo o le mong. 7 Ka hona amohelanang, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela, ka tebello ea khanya ho Molimo. 8 Etsoe ke bolela hore ha e le hantle Kreste e bile mosebeletsi oa ba bolotseng bakeng sa ’nete ea Molimo, e le ho netefatsa litšepiso tseo A ileng a li etsetsa baholo-holo ba bona, 9 le hore lichaba li ka tlotlisa Molimo bakeng sa mohau oa hae. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke ka lebaka leo ke tla bolela pepenene hore ke u ela hloko har’a lichaba ’me ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.” 10 O boetse o re: “Thabang, lona lichaba, hammoho le sechaba sa hae.” 11 O boetse o re: “Rorisang Jehova, lona lichaba tsohle, ’me lichaba li ke li mo rorise.” 12 Esaia o boetse o re: “Ho tla ba le motso oa Jese, ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba; lichaba li tla beha tšepo ea tsona ho eena.” 13 E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lona, e le hore le ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang. 14 Joale le ’na ke kholisehile mabapi le lona, barab’eso, hore le boetse le tletse molemo, kaha le tlatsitsoe tsebo eohle, le hore le ka boetse la eletsana. 15 Leha ho le joalo, ke le ngolla ka ho toba haholo lintlheng tse ling tse itseng, joalokaha eka ke le hopotsa hape, ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke Molimo 16 hore ke be mohlanka oa sechaba oa Kreste Jesu lichabeng, ea tšoarehileng mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo, e le hore nyehelo, e leng, lichaba tsena, e ka amoheleha, kaha e halalelitsoe ka moea o halalelang.
LA 18-LA 24 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 BAKORINTHE 1-3
“Na U na le Kamano e Ntle le Molimo?”
(1 Bakorinthe 2:14) Empa motho oa nama ha a amohele lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena; ’me a ke ke a li tseba, hobane li hlahlojoa ka tsela ea moea.
Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?
A re qaleng ka ho hlahloba hore na motho ea se nang kamano e ntle le Molimo o itšoara joang. Hona joale batho ba bangata ba phelela ho ikhotsofatsa. Moapostola Pauluse o re ba na le “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.”(Ef 2:2) Moea ona o etsa hore batho ba latele bongata. Ba etsa lintho ho latela hore na bona ba batla’ng eseng hore na melao ea Molimo e re’ng. Hangata batho ba joalo ba nka hore maemo a bona, chelete kapa litokelo tsa bona li bohlokoa ho feta eng kapa eng.
Batho ba se nang kamano e ntle le Molimo ba etsa “mesebetsi ea nama.” (Gal 5:19-21) Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Korinthe, o ile a bua ka lintho tse ling hape tseo batho ba joalo ba li etsang. Ke batho ba li khang, baa qabanya, ba khothalletsa ba bang ho ba marabele, ba isana makhotleng, ha ba hlomphe bohlooho ebile ba rata lijo le lino ho tlola. Motho ea se nang kamano e ntle le Molimo oa inehela ha a lekeha hore a etse ntho e fosahetseng. (Lipr 7:21, 22) Lengolo la Juda le re ho na le ba liketso li mpe hoo “ba se nang bomoea.”—Juda 18,19.
(1 Bakorinthe 2:15, 16) Leha ho le joalo, motho oa moea o hlahloba lintho tsohle, empa eena ha a hlahlojoe ke motho leha e le ofe. 16 Etsoe “ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?” Empa re fela re e-na le kelello ea Kreste.
Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?
Motho ea nang le kamano e ntle le Molimo o fapana le ea se nang eona ka hore eena o rata Molimo. O lumella Jehova hore a mo tataise ka moea oa hae o halalelang ’me o sebetsa ka thata ho mo etsisa. (Ef 5:1) Kahoo o leka ka hohle ho ithuta hore na Jehova o rata eng ’me a shebe lintho kamoo Jehova a li shebang kateng. O nka Jehova e le motsoalle oa hae. Motho ea nang le setsoalle le Molimo o mamela melao ea Hae linthong tsohle.(Pes 119:33; 143:10) Ho e-na le hore a etse “mesebetsi ea nama,” o leka ho bonahatsa makhabane a bontšang hore moea oa Molimo oa sebetsa ho eena.”—Gal 5:22, 23.
Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?
Re ka etsisa Kreste joang? 1 Bakorinthe 2:16 e bua ka ho ba le “kelello ea Kreste.” Lengolo la Baroma 15:5 lona le bua ka ho ba “le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.” Kahoo, e le hore re tšoane le Kreste, re lokela ho tseba hantle hore na o nahana joang le hore na makhabane a hae ke afe. Ebe rea mo etsisa. Kamano ea hae le Molimo e ne e le eona ntho ea bohlokoa bophelong. Joale ha re etsisa Jesu, re tla etsa lintho joaloka Jehova. Kahoo, ho bohlokoa hore re nahane le ho etsa lintho joaloka Jesu.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(1 Bakorinthe 1:20) Monna ea bohlale o kae? Mongoli o kae? Mopheha-khang oa tsamaiso ee ea lintho o kae? Na Molimo ha aa ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla?
it-2-E 1193 ¶1
Bohlale
Lefatše ka bohlale ba lona le ile la hana mpho eo Molimo a fanang ka eona ka Kreste, ka hore ke booatla, ’me le hoja babusi ba lona ba tšepetsoe ho fana ka toka, ba ile ba “khokhothela thupeng Morena ea khanyang.” (1Ko 1:18; 2:7, 8) Ka lehlakoreng le leng, Molimo o ile a paka hore bohlale ba lefatše ke booatla ka hore ebe o ile a sebelisa seo lefatše le reng ke “ntho e booatla ea Molimo.” Hape o ile a hlabisa batho ba lona bao ho thoeng ba bohlale lihlong, ka hore a sebelise batho ba nkoang e le ‘lithoto, ba fokolang le bao eseng ba bohlokoa’ e le hore a ka phethahatsa morero oa Hae. (1Ko 1:19-28) Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Korinthe hore “bohlale ba tsamaiso ena ea lintho [le] ba babusi ba tsamaiso ena ea lintho” bo tla etsoa lefeela, ke kahoo le baapostola ba neng ba sa buoe ka bona molaetseng oo ba neng ba o phatlalatsa. (1Ko 2:6, 13) O ile a ba a eletsa Bakreste ba Kolose hore ba itebele esere ‘ho ka ba le e mong ea ka ba nkang joaloka phofu ea hae ka filosofi [phi·lo·so·phiʹas, e bolelang, ho rata bohlale] le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.’—Kol 2:8; bapisa le litemana tsa 20-23.
(1 Bakorinthe 2:3-5) Ke ile ka tla ho lona ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e kholo; 4 ’me puo ea ka le seo ke ileng ka se bolela e ne e se ka mantsoe a susumetsang a bohlale empa ka bopaki ba moea le matla, 5 e le hore tumelo ea lona e se ke ea e-ba bohlaleng ba batho, empa e be matleng a Molimo.
Lintlha-kholo Tsa Mangolo a Eang ho Bakorinthe
2:3-5. Ha Pauluse a ntse a paka Korinthe, e leng setsi sa filosofi ea Bagerike le sa thuto, e ka ’na eaba o ne a tšoenyehile ka hore na ebe o tla khona ho susumetsa bamameli ba hae kapa che. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella bofokoli leha e le bofe kapa tšabo eo e ka ’nang eaba o ne a e-na le eona hore e mo sitise ho phetha mosebetsi oa ho bolela oo Molimo a neng a mo file oona. Ka ho tšoanang, ha rea lokela ho lumella maemo a sa tloaelehang hore a re sitise ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Re ka kholiseha joaloka Pauluse hore Jehova o tla re thusa.
’Malo oa Bibele
(1 Bakorinthe 1:1-17) Pauluse, ea bitselitsoeng ho ba moapostola oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo, le mor’abo rona Sosthene 2 ho phutheho ea Molimo e Korinthe, ho lona ba halalelitsoeng bonngoeng le Kreste Jesu, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli, hammoho le bohle bao hohle ba ipiletsang lebitsong la Morena oa rona, Jesu Kreste, Morena oa bona le oa rona: 3 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 4 Kamehla ke leboha Molimo bakeng sa lona ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo le ileng la o fuoa ho Kreste Jesu; 5 hore nthong e ’ngoe le e ’ngoe le ruisitsoe ho eena, ka bokhoni bo feletseng ba ho bua le ka tsebo e feletseng, 6 esita le joalokaha bopaki bo mabapi le Kreste bo tiisitsoe har’a lona, 7 e le hore ho hang le se ke la haelloa mphong leha e le efe, ha ka tabatabelo le ntse le letetse tšenolo ea Morena oa rona Jesu Kreste. 8 Hape o tla le tiisa ho isa bofelong, e le hore le ka ba ba ke keng ba qosoa ka letsatsi la Morena oa rona Jesu Kreste. 9 Molimo oa tšepahala, ea ileng a le bitsetsa hore le be le kabelo le Mora oa hae Jesu Kreste Morena oa rona. 10 Joale kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lona, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana. 11 Etsoe ke ile ka senoleloa mabapi le lona, barab’eso, ke ba ntlo ea Kloe, hore ho hloka kutloano ho teng har’a lona. 12 Seo ke se bolelang ke sena, hore e mong le e mong oa lona o re: “ ’Na ke oa Pauluse,” “Empa ’na ke oa Apolose,” “Empa ’na ke oa Kefase,” “Empa ’na ke oa Kreste.” 13 Kreste o arohane. Pauluse ha aa ka a khokhothelleloa lona thupeng, na ha ho joalo? Kapa na le ile la kolobetsoa ka lebitso la Pauluse? 14 Ke leboha hore ebe ha kea ka ka kolobetsa le ea mong oa lona haese Krispase le Gaiase, 15 e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka reng le ile la kolobetsoa ka lebitso la ka. 16 E, hape ke ile ka kolobetsa ba ntlo ea Setefanase. Ha e le ba bang kaofela, ha ke tsebe hore na ebe ke ile ka kolobetsa motho leha e le mang e mong. 17 Kaha Kreste ha aa ka a nthoma hore ke tsamaee ke kolobetsa, empa o nthomile hore ke tsamaee ke bolela litaba tse molemo, eseng ka puo e bohlale, e le hore thupa ea tlhokofatso ea Kreste e se ke ea etsoa e se nang thuso.
LA 25-LA 31 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 BAKORINTHE 4-6
“Tomoso e Nyenyane e Belisa Hlama Kaofela”
(1 Bakorinthe 5:1, 2) Ha e le hantle bohlola bo tlalehoa har’a lona, ’me bohlola bo joalo e se bo teng leha e le har’a lichaba, hore monna ea itseng o na le mosali oa ntat’ae. 2 Na le ikhohomositse, ’me na ho e-na le hoo ha lea ka la siama, e le hore motho ea entseng ketso ena a ka tlosoa har’a lona?
(1 Bakorinthe 5:5-8) le nehelane ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, e le hore moea o ka pholoha ka letsatsi la Morena. 6 Lebaka la lona la ho ithorisa ha le letle. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela? 7 Tlosang tomoso ea khale, e le hore le ka ba hlama e ncha, ho ea kamoo le lokolohileng tomosong. Etsoe, ka sebele, Kreste paseka ea rona o entsoe sehlabelo. 8 Ka lebaka leo a re bolokeng mokete ona, eseng ka tomoso ea khale, kapa ka tomoso ea bobe le bokhopo, empa ka mahobe a sa lomosoang a botšepehi le ’nete.
(1 Bakorinthe 5:13) ha Molimo a ahlola ba ka ntle? “Tlosang motho eo ea khopo har’a lona.”
it-2-E 230
Tomoso
Moapostola Pauluse o ile a sebelisa papiso ena ha a ne a bua le Bakreste ba phutheho ea Korinthe hore ba leleke mofosi ea sa bakeng ka phuthehong ha a re: “ Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela? Tlosang tomoso ea khale, e le hore le ka ba hlama e ncha, ho ea kamoo le lokolohileng tomosong. Etsoe, ka sebele, Kreste paseka ea rona o entsoe sehlabelo.” Ha a hlalosa tomoso o ile a re: “Ka lebaka leo a re bolokeng mokete ona, eseng ka tomoso ea khale, kapa ka tomoso ea bobe le bokhopo, empa ka mahobe a sa lomosoang a botšepehi le ’nete.” (1Ko 5:6-8) Mona Pauluse o ne a hlalosa se boleloang ke Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang oa Bajuda o neng o lateloa ke mokete oa Paseka. Joalokaha hlama e nyenyane e betseng e belisa hlama kaofela, ka tsela e tšoanang Jehova o nka phutheho e sa hloeka haeba mofosi ea sa bakeng a sa lelekoe ka phuthehong. Ba ne ba lokela ho ntša “tomoso” har’a bona joalokaha Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ba le tomoso ka matlong a bona nakong ea mokete.
it-2-E 869-870
Satane
Ho boleloa’ng ka ho ‘nehelana ka motho ho Satane hore ho timetsoe nama’?
Ha a laela phutheho ea Korinthe ka seo e lokelang ho se etsa ka motho ea ka phuthehong ea neng a robetse le mosali oa ntata’e, moapostola Pauluse o ile a re: “Le nehelane ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama.”(1Ko 5:5) O ne a ba laela hore ba tebele mofosi ea sa bakeng ka phuthehong ’me ba khaotse ho etsa setsoalle le eena. (1Ko 5:5) Ho nehelana ka eena ho Satane ho ne bolela hore o ntšuoa ka phuthehong ’me o ea lefatšeng la Satane, eo e leng molimo le ’musi oa lona. Joaloka “tomoso e nyenyane” ka ‘hlameng’, motho ea se nang kamano e ntle le Molimo o joalo ka phuthehong ’me ho mo leleka phuthehong ho tšoana le ha phutheho e poma “nama” kaha e ke ke ea e-ba le mekhoa ea batho ba sa tšabeng Molimo ’me e tla tsoela-pele e e-na le kamano e ntle le Molimo. (1Ko 5:6, 7) Ka tsela e tšoanang, Pauluse o ile a nehelana ka Hymenea le Alexandere ho Satane hobane ba ne ba latotse tumelo ba bile ba se ba se na letsoalo le letle hoo tumelo ea bona e neng e soahlamane joaloka sekepe.—1Ti 1:20.
(1 Bakorinthe 5:9-11) Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho le lihlola, 10 ke sa bolele ka ho feletseng lihlola tsa lefatše lena kapa batho ba meharo le bahanyapetsi kapa barapeli ba litšoantšo. Ho seng joalo, le ne le tla lokela ho tsoa lefatšeng. 11 Empa joale ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rona eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.
lv p 34-35 ¶19
Nako ea ho Khaotsa Setsoalle
Ka linako tse ling re koptjoa ho khaotsa setsoalle le motho eo e neng e le setho sa phutheho. Boemo bona bo hlaha ha motho ea tlolang molao oa Molimo a sa bake, a khaoloa kapa ha motho a latola tumelo ka ho ruta thuto ea bohata kapa a ikarola phuthehong. Lentsoe la Molimo le re bolella ka ho hlaka hore re “khaotse ho itsoakanya hammoho” le ba joalo. (1 Bakorinthe 5:11-13; 2 Johanne 9-11) Ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho qoba motho eo mohlomong e neng e le motsoalle kapa mong ka rona. Na re tla mo qoba ka tieo, ka tsela eo re bontša hore se tlang pele bophelong ba rona ke ho tšepahala ho Jehova le melao ea hae e lokileng? U hopole hore Jehova o nka botšepehi le kutlo e le lintho tsa bohlokoa haholo.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(1 Bakorinthe 4:9) Etsoe ho ’na ho bonahala Molimo a behile rona baapostola qetellong pontšong re le banna ba khethetsoeng lefu, hobane re fetohile sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše, le ho mangeloi, le ho batho.
Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
Bakreste ba thulanang le liteko ke ‘sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho mangeloi.’ (1 Ko 4:9) Mangeloi a khotsofala haholo ha a shebeletse batho ha ba etsa liketso tse bontšang botšepehi a bile aa thaba ha moetsalibe a baka. (Luka 15:10) Mangeloi a hlokomela boitšoaro ba basali ba Bakreste bo bontšang hore ba tšaba Molimo. Bibele e bontša hore ‘mosali o tšoanela ho ba le pontšo ea ho laeloa hloohong ea hae ka lebaka la mangeloi.’ (1 Ko 11:3, 10) Ha ho pelaelo hore mangeloi aa thaba ha a bona basali ba Bakreste le bahlanka ba bang bohle ba Molimo ba lefatšeng, ba etsa lintho tumellanong le taolo ea puso ea Molimo le tokisetso ea bohlooho. Ho mamela ho joalo, ho hopotsa bara bana ba Molimo ba leholimong seo ba lokelang ho se etsa.
(1 Bakorinthe 6:3) Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? Joale, ke hobane’ng ha re sa ahlole litaba tsa bophelo boo?
it-2-E 211
Molao
Molao Bakeng sa Mangeloi. Le hoja mangeloi a phahametse batho, a ntse a lokela ho mamela melao le litaelo tsa Molimo. (Heb 1:7, 14; Pes 104:4) Jehova o ile a a laela mohanyetsi oa hae e leng Satane. (Job 1:12; 2:6) Mikaele lengeloi le ka sehloohong le ile la bontša hore le hlompha boemo ba Jehova e le Moahloli ea Phahameng ha a re ho Satane: “E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.” (Juda 9; bapisa le Zak 3:2) Jehova o beile mangeloi ’ohle tlas’a bolauli ba Jesu Kreste. (Heb 1:6; 1Pe 3:22; Mat 13:41; 25:31; Fil 2:9-11) Jesu o ile a laela lengeloi hore le ise molaetsa oa hae ho Johanne. (Tše 1:1) Leha ho le joalo, ho 1 Bakorinthe 6:3 moapostola Pauluse o ile a re batlotsuoa ba tla ahlola mangeloi hobane ba tl’o liha kahlolo ho mangeloi a khopo.
’Malo oa Bibele
(1 Bakorinthe 6:1-14) Na leha e le mang oa lona ea nang le nyeoe khahlanong le e mong o iteta sefuba ho ea khotla ka pel’a batho ba sa lokang, eseng ka pel’a bahalaleli? 2 Kapa na ha le tsebe hore bahalaleli ba tla ahlola lefatše? Haeba le tla ahlola lefatše, na ha le tšoanelehe ho ahlola litaba tse sa reng letho ho hang? 3 Na ha le tsebe hore re tla ahlola mangeloi? Joale, ke hobane’ng ha re sa ahlole litaba tsa bophelo boo? 4 Joale, haeba le e-na le litaba tsa bophelo bona tse lokelang ho ahloloa, na ke banna ba shebeloang tlaase ka phuthehong bao le ba behang hore e be baahloli? 5 Ke bua ho le susumelletsa hore le hlajoe ke lihlong. Na ke ’nete hore ha ho monna le ea mong ea bohlale har’a lona ea tla khona ho ahlola pakeng tsa barab’abo, 6 empa mor’abo motho o isa mor’abo khotla, le hona ka pel’a ba sa lumelang? 7 Joale, ka sebele, ho bolela ho hloleha ka ho feletseng bakeng sa lona hore ebe lea qosana. Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le fosetsoe? Ho e-na le hoo ke hobane’ng ha le sa itlohelle hore le etsetsoe bolotsana? 8 Ho fapana le hoo, lea fosa ’me le etsa bolotsana, le hona e le ho barab’abo lona. 9 Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, 10 kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo. 11 Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona. 12 Lintho tsohle li lumelloa ke molao bakeng sa ka; empa hase lintho tsohle tse molemo. Lintho tsohle li lumelloa ke molao bakeng sa ka; empa nke ke ka itlohella hore ke laoloe ke ntho leha e le efe. 13 Lijo bakeng sa mpa, le mpa bakeng sa lijo; empa ka bobeli Molimo o tla li etsa lefeela. Joale ’mele hase oa bohlola, empa ke oa Morena; ’me Morena ke oa ’mele. 14 Empa Molimo o ile a tsosa Morena ’me o tla re tsosa ho tsoa lefung ka matla a hae.