Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr19 February maq. 1-9
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona (2019)
  • Lihloohoana
  • LA 4-⁠LA 10 FEBRUARY
  • LA 11-LA 17 FEBRUARY
  • LA 18-LA 24 FEBRUARY
  • LA 25 FEBRUARY–LA 3 MARCH
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona (2019)
mwbr19 February maq. 1-9

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 4-⁠LA 10 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAROMA 1-⁠3

“Tsoela Pele ho Koetlisa Letsoalo la Hao”

(Baroma 2:​14, 15) Kaha neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. 15 Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.

lv 16 ¶6

U ka Lula U E-⁠na le Letsoalo le Molemo Joang?

Na mpho ee ea letsoalo e filoe bahlanka ba Jehova feela? Nahana ka mantsoe a bululetsoeng a moapostola Pauluse a reng: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.” (Baroma 2:​14, 15) Esita le batho bao ho hang ba sa tsebeng melao ea Jehova, ka linako tse ling ba ka susumetsoa ke matsoalo a bona hore ba etse lintho tumellanong le melao-motheo ea Molimo.

(Baroma 2:​15) Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.

lv 17-18 ¶8-⁠9

U ka Lula U E-⁠na le Letsoalo le Molemo Joang?

Letsoalo le ka u thusa ho etsa qeto joang? Ho bonahala eka batho ba bang ba mamela maikutlo a bona feela ebe ba etsa qeto ea hore na ba tla etsa’ng. Ka mor’a moo ba ka ’na ba re, “Letsoalo la ka ha le ntšoenye.” Litakatso tsa pelo li ka ba matla hoo li ka faposang le letsoalo. Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?” (Jeremia 17:⁠9) Kahoo, ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho nahana ka eona hase litakatso tsa lipelo tsa rona. Ho e-⁠na le hoo, re lokela ho nahana pele ka hore na ke eng e tla khahlisa Jehova Molimo.

Haeba qeto e thehiloe e le kannete matsoalong a rona a koetlisitsoeng, e tla bonahatsa tšabo ea rona ea bomolimo, eseng litakatso tsa rona. Nahana ka mohlala ona o tšoanelehang. ’Musisi Nehemia ea tšepahalang o ne a e-⁠na le tokelo ea hore a batle tefo e itseng le makhetho ho batho ba Jerusalema. Empa ha aa ka a etsa joalo. Hobane’ng? O ne a sa batle ho ipeha kotsing ea ho halefisa Jehova ka ho hatella batho ba Molimo. O ile a re: “Ha kea ka ka etsa ka tsela eo ka lebaka la ho tšaba Molimo.” (Nehemia 5:​15) Ho hlokahala tšabo ea bomolimo e etsoang ka botšepehi, e leng tšabo e tlohang botebong ba pelo ea hore re se ke ra halefisa Ntate oa rona ea leholimong. Tšabo eo e nang le tlhompho e tla re susumelletsa hore re batle tataiso ea Lentsoe la Molimo ha ho e-⁠na le liqeto tseo re lokelang ho li etsa.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Baroma 3:⁠4) Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa Molimo a ke a fumanoe a e-⁠na le ’nete, le hoja motho e mong le e mong a fumanoa a le leshano, esita le joalokaha ho ngoliloe: “E le hore u ka pakoa hore u lokile ka mantsoe a hao le hore u ka hlola ha u ntse u ahloloa.”

w08 6/15 30 ¶5

Lintlha-kholo Tsa Lengolo le Eang ho Baroma

3:⁠4. Haeba motho a bua ntho e khahlanong le seo Molimo a se buang Lentsoeng la hae, re etsa hore “Molimo a ke a fumanoe a e-⁠na le ’nete” ka hore re tšepe molaetsa oa Bibele re be re etse lintho tse lumellanang le thato ea Molimo. Ha re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa, re ka thusa ba bang hore ba fumane Molimo a e-⁠na le ’nete.

(Baroma 3:​24, 25) ’me ho joaloka mpho e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa hae o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu. 25 Molimo o ile a mo beha hore e be nyehelo bakeng sa poelano ka tumelo maling a hae. Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tšoarela libe tse etsahetseng nakong e fetileng ha Molimo a ne a bontša mamello.

w08 6/15 29 ¶6

Lintlha-kholo Tsa Lengolo le Eang ho Baroma

3:​24, 25​—⁠“Thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu” e ne e ka koahela “libe tse etsahetseng nakong e fetileng” pele e lefuoa joang? Boprofeta ba pele bo mabapi le Mesia, bo tlalehiloeng ho Genese 3:​15, bo ile ba phethahala ka 33 C.E. ha Jesu a ne a bolaoa thupeng ea tlhokofatso. (Bagal. 3:​13, 16) Leha ho le joalo, hang ha Jehova a phatlalatsa boprofeta boo, mahlong a hae ho ne ho tšoana le ha thekollo e se e lefiloe, hobane ha ho letho le ka thibelang Molimo ho phetha seo a se rerileng. Kahoo, motheong oa sehlabelo se neng se tla etsoa ka Jesu Kreste, Jehova o ne a ka tšoarela litloholo tsa Adama libe ha li bontša tumelo tšepisong eo. Thekollo e boetse e bula tsela ea hore batho ba shoeleng pele ho mehla ea Bokreste ba khone ho tsosoa.​—⁠Lik. 24:⁠15.

’Malo oa Bibele

(Baroma 1:​1-17) Pauluse, lekhoba la Jesu Kreste le ea bitselitsoeng ho ba moapostola, ea khethetsoeng litaba tse molemo tsa Molimo, 2 tseo a ileng a li tšepisa nakong e fetileng ka baprofeta ba hae ka Mangolong a halalelang, 3 malebana le Mora oa hae, ea ileng a hlaha peong ea Davida ho ea ka nama, 4 empa eo ka matla ho ileng ha boleloa hore ke Mor’a Molimo ho ea ka moea oa khalalelo ka ho tsoha bafung​—⁠e, Jesu Kreste Morena oa rona, 5 eo ka eena re ileng ra amohela mosa o sa tšoanelang le boapostola e le hore har’a lichaba tsohle ho ka ba le ba mamelang tumelo mabapi le lebitso la hae, 6 e leng lichaba tseo le bitsitsoeng har’a tsona hore le be ba Jesu Kreste​—⁠ 7 ho bohle ba leng Roma e le baratuoa ba Molimo, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli: E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 8 Pele ho tsohle, ke leboha Molimo oa ka ka Jesu Kreste malebana le lona bohle, hobane ho buuoa ka tumelo ea lona ho pholletsa le lefatše lohle. 9 Etsoe Molimo, eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang ka moea oa ka mabapi le litaba tse molemo tse mabapi le Mora oa hae, ke paki ea ka ea kamoo ke le bolelang kamehla lithapelong tsa ka ke sa phetse, 10 ke kopa hore joale haeba ho khoneha qetellong nka atlehisoa thatong ea Molimo e le hore ke tle ho lona. 11 Etsoe ke hlolohetsoe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; 12 kapa, ho e-⁠na le hoo, e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lona, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lona le ea ka. 13 Empa barab’eso, ha ke batle hore le hlolehe ho tseba, hore ka makhetlo a mangata ke ile ka rera ho tla ho lona, empa ke ’nile ka sitisoa ho fihlela joale, e le hore nka fumana litholoana tse itseng le har’a lona esita le joalokaha ho bile joalo har’a lichaba tse ling kaofela. 14 Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello: 15 kahoo ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho lona moo Roma. 16 Etsoe ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo, ho Mojuda pele le ho Mogerike; 17 kaha ho loka ha Molimo ho ntse ho senoloa ho tsona ka lebaka la tumelo le mabapi le tumelo, feela joalokaha ho ngoliloe: “Empa ea lokileng​—⁠o tla phela ka tumelo.”

LA 11-LA 17 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAROMA 4-⁠6

“Molimo o Buella Lerato la Hae ho Rona”

(Baroma 5:⁠8) Empa Molimo o buella lerato la hae ho rona ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.

(Baroma 5:​12) Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe​—⁠.

w11 6/15 12 ¶5

Molimo o Buella Lerato la Hae ho Rona

Ha Pauluse a bua ka taba ena o ile a qala ka ho re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:​12) Re khona ho utloisisa taba ena kaha Molimo o ile a etsa hore ho ngoloe tlaleho ea hore na bophelo ba motho bo qalile joang. Jehova o ile a bopa batho ba babeli, e leng Adama le Eva. ’Mopi o phethahetse, ’me batho bao ba pele, e leng baholo-holo ba rona, le bona ba ne ba phethahatse. Molimo o ile a ba fa molao o ba hanelang ka ntho e le ’ngoe feela ’me a ba bolella hore haeba ba ne ba ka o tlola, kotlo ea bona e ne e tla ba lefu. (Gen. 2:​17) Leha ho le joalo, ba ile ba khetha ho etsa ka mokhoa o senyang, ba tlola molao oa Molimo o sa hatelleng, kahoo ba bontša hore ha ba mo nke e le Monehi-molao le ’Musi oa bona.​—⁠Deut. 32:​4, 5.

(Baroma 5:​13, 14) Etsoe ho fihlela Molao o fihla sebe se ne se le lefatšeng, empa sebe ha se balloe leha e le mang ha ho se na molao. 14 Leha ho le joalo, lefu le ile la busa e le morena ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le holim’a ba neng ba sa etsa sebe ho latela tlolo e tšoanang le e entsoeng ke Adama, ea tšoanang le ea neng a tla tla.

w11 6/15 12 ¶6

Molimo o Buella Lerato la Hae ho Rona

Adama o ile a ba le bana ka mor’a hore e be moetsalibe, kahoo o ile a fetisetsa sebe le liphello tsa sona ho bona kaofela. Ke ’nete hore ba ne ba sa tlola molao oa Molimo joaloka Adama, kahoo ha baa ka ba behoa molato oa sebe seo, ebile ho ne ho e-⁠s’o be le molao o behoang. (Gen. 2:​17) Ho ntse ho le joalo bana ba Adama ba ile ba futsa sebe. Kahoo, sebe le lefu li ile tsa busa ho fihlela ha Molimo a fa Baiseraele molao oo ka ho hlakileng o ileng oa bontša hore ke baetsalibe. (Bala Baroma 5:​13, 14.) Phello ea sebe seo re se futsitseng e ka ’na ea tšoantšoa le mafu a itseng ao re ka a futsang ho batsoali ba rona. Le hoja bana ba bang ka lapeng ba ka futsa lefu le itseng ho batsoali ba bona, ha se bana bohle lelapeng leo ba ka le futsang. Empa ha ho joalo tabeng ea sebe. Kaofela re futsitse sebe ho Adama, ka lebaka leo kaofela re tla shoa. Na re tla ke re lokolohe maqakabetsing aa?

(Baroma 5:​18) Kahoo, joale, joalokaha ka tšito e le ’ngoe phello ho batho ba mefuta eohle e ile ea e-⁠ba tsuo, ka ho tšoanang ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso phello ho batho ba mefuta eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.

(Baroma 5:​21) Ka phello efe? Ea hore, feela joalokaha sebe se ile sa busa e le morena le lefu, ka ho tšoanang le mosa o sa tšoanelang o ka busa e le morena ka ho loka ka tebello ea bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste Morena oa rona.

w11 6/15 13 ¶9-⁠10

Molimo o Buella Lerato la Hae ho Rona

Moelelo oa mantsoe a Segerike a ka sehloohong lipoleloaneng tsee tse reng “phatlalatso ea ho loka “ le “ho bolela hore ba lokile” ke ofe? Mofetoleli e mong oa Bibele o ile a ngola ka taba eo a re: “Ke mokhabo-puo oa thehello o nang le moelelo oa lintlha tse itseng tsa molao. E bua ka phetoho e mabapi le kamano ea motho le Molimo, eseng ho fetoha ha hae . . . Mokhabo-puo ona oa thehello o bontša Molimo e le moahloli ea entseng qeto e emelang moqosuoa, eo ka puo ea tšoantšetso a tlisitsoeng ka pel’a lekhotla la Molimo a qosoa ka leeme. Empa Molimo o bolela hore moqusuoa ha a na molato.”

“Moahloli [ea lokileng] oa lefatše lohle” o ne a ka bolela hore motho ea sa lokang ha a na molato a ipapisitse le eng? (Gen. 18:​25) Molimo o ile a rala motheo oa sena ka hore ka lerato a romele Mora oa hae ea ’notši lefatšeng. Jesu o ile a etsa thato ea Ntate oa hae ka tsela e phethahetseng, ho sa tsotellehe liteko, ho songoa ka ho feteletseng le ho hlekefetsoa. O ile a lula a tšepahala ho fihlela a shoela thupeng ea tlhokofatso. (Heb. 2:​10) Ka hore Jesu a tele bophelo ba hae bo phethahetseng e le motho, o fane ka thekollo e ka ’nang ea lokolla kapa ea rekolla bana ba Adama sebeng le lefung.​—⁠Mat. 20:​28; Bar. 5:​6-⁠8.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Baroma 6:​3-⁠5) Kapa ha le tsebe hore kaofela ha rona ba ileng ba kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu re ile ra kolobetsoa ho kena lefung la hae? 4 Ka hona re ile ra patoa le eena ka kolobetso ea rona ho kena lefung la hae, e le hore, feela joalokaha Kreste a ile a tsosoa bafung ka khanya ea Ntate, le rona ka ho tšoanang re ka tsamaea boemong bo bocha ba bophelo. 5 Etsoe haeba re kopantsoe le eena lefung le tšoanang le la hae, ka sebele re tla boela re kopanngoe le eena tsohong e tšoanang le ea hae.

w08 6/15 29 ¶7

Lintlha-kholo Tsa Lengolo le Eang ho Baroma

6:​3-5​—⁠Ho boleloa’ng ha ho thoe motho o kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu le ha ho thoe o kolobetsoa ho kena lefung la hae? Ha Jehova a tlotsa balateli ba Kreste ka moea o halalelang, ba kopanngoa le Jesu ’me e ba litho tsa phutheho eo e leng ’mele oa Kreste, eena e le Hlooho ea oona. (1 Bakor. 12:​12, 13, 27; Bakol. 1:​18) Sena ke sona se boleloang ha ho thoe ba kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu. Bakreste ba tlotsitsoeng ba boetse ba “kolobetsoa ho kena lefung” la Kreste ka hore ba phela bophelo ba ho intša sehlabelo ebile ba tela tšepo leha e le efe ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. Ka hona, lefu la bona ke la sehlabelo joaloka lefu la Jesu, le hoja lefu la bona le se na matla a ho rekolla. Kolobetso ena ea ho kena lefung la Kreste e phethoa ha ba shoa ’me ba tsosetsoa ho ea phela leholimong.

(Baroma 6:⁠7) Etsoe ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.

w14 6/1 11 ¶1

Na Baholo-holo ba ka ba Shoeleng ba ka Boela ba Phela?

Ha ba sa lokang ba tsosoa, na ba tla ahloleloa lintho tseo ba ileng ba li etsa nakong e fetileng? Che. Baroma 6:⁠7 e re: “Etsoe ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” Ha ba sa lokang ba shoa, ba lefella libe tsa bona. Kahoo, ba tla ahloloa motheong oa seo ba se etsang ka mor’a hore ba tsosoe, eseng motheong oa seo ba ileng ba se etsa pele ba shoa hobane ba ne ba sa tsebe. Seo se tla ba thusa joang?

’Malo oa Bibele

(Baroma 4:​1-15) Ha ho le joalo, re tla re’ng ka Abrahama moholo-holo oa rona ho ea ka nama? 2 Ka mohlala, haeba ho ne ho boletsoe hore Abrahama o lokile ka lebaka la mesebetsi, o ne a tla ba le lebaka la ho ithorisa; empa eseng ho Molimo. 3 Etsoe lengolo le re’ng? “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova, ’me a ho balloa e le ho loka.” 4 Joale motho ea sebetsang ha a balloe moputso e le mosa o sa tšoanelang, empa o o balloa e le molato. 5 Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa sebetseng empa a beha tumelo ho ea bolelang hore ea se nang bomolimo o lokile, tumelo ea hae e baloa e le ho loka. 6 Feela joalokaha Davida le eena a bua ka thabo ea motho eo Molimo a mo ballang ho loka kantle le mesebetsi: 7 “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng; 8 ho thaba motho eo ho hang Jehova a ke keng a ela sebe sa hae hloko.” 9 Joale, na thabo ee e tlela batho ba bolotseng kapa le bona batho ba sa bollang? Etsoe re re: “Abrahama o ile a balloa tumelo ea hae e le ho loka.” 10 Joale, ke tlas’a maemo afe e ileng ea baloa? Ha a ne a le lebollong kapa ho se bolleng? Eseng lebollong, empa ho se bolleng. 11 O ile a amohela pontšo, e leng, lebollo, e le tiiso ea ho loka ka tumelo eo a neng a e-⁠na le eona ha a ntse a le boemong ba hae ba ho se bolle, e le hore e ka ba ntat’a bohle ba nang le tumelo ha ba ntse ba le ho se bolleng, e le hore ba balloe ho loka; 12 le ntat’a bana ba bolotseng, eseng feela ba khomarelang lebollo, empa le ba tsamaeang ka ho laolehileng mehatong ea tumelo eo ha ba ntse ba le boemong ba ho se bolle eo ntat’a rona Abrahama a neng a e-⁠na le eona. 13 Etsoe e ne e se ka molao Abrahama kapa peo ea hae a ileng a ba le tšepiso ea hore e ne e tla ba mojalefa oa lefatše, empa e ne e le ka ho loka ka tumelo. 14 Etsoe haeba ba khomarelang molao e le majalefa, tumelo e entsoe e se nang thuso ’me tšepiso e felisitsoe ka ho feletseng. 15 Ha e le hantle Molao o hlahisa khalefo, empa moo ho se nang molao, ha ho na tlolo leha e le efe.

LA 18-LA 24 FEBRUARY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAROMA 7-⁠8

“Na U Letile ka Tjantjello?”

(Baroma 8:​19) Etsoe tebello e nang le tabatabelo ea popo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo.

w12 7/15 11 ¶17

Lumela Hore Jehova a U Tataisetse Tokolohong ea ’Nete

Ha Pauluse a bua ka tokoloho eo Jehova a e lokiselitseng bahlanka ba hae ba tla phela lefatšeng, o ile a ngola a re: “Etsoe tebello e nang le tabatabelo ea popo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo.” O ile a phaella ka ho re: “Popo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:​19-21) “Popo” ke batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba tla rua molemo ha “ho senoloa” bara ba Molimo ba tlotsitsoeng ka moea. Ho senoloa hoo ho tla qala ha “bara” bana ba tsoselitsoeng ho ea phela leholimong ba sebetsa le Kreste ho tlosa bobe lefatšeng le ho pholosa “bongata bo boholo” hore bo e’o phela tsamaisong e ncha ea lintho.​—⁠Tšen. 7:​9, 14.

(Baroma 8:​20) Kaha popo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, ka tšepo

w12 3/15 23 ¶11

A Re Thabeng Tšepong

Jehova o file batho “tšepo” ha a ne a ba tšepisa hore o tla ba lokolla ho “noha ea pele” e leng Satane Diabolose, ka “peo” e tšepisitsoeng. (Tšen. 12:⁠9; Gen. 3:​15) Karolo e ka sehloohong ea “peo” eo, e ne e le Jesu Kreste. (Bagal. 3:​16) Ka lefu la hae le tsoho ea hae, Jesu o ile a fana ka tšepo e tiileng ea hore batho ba tla lokolloa bokhobeng ba sebe le lefu. Ho phethahala ha tšepo eo ho amana le “ho senoloa ha bara ba Molimo.” Batlotsuoa ba tlotlisitsoeng ke karolo ea bobeli ea “peo.” Ba tla “senoloa” ha ba sebetsa le Kreste ho timetsa tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. (Tšen. 2:​26, 27) Sena se tla etsa hore ba linku tse ling ba tsoang matšoenyehong a maholo ba pholohe.​—⁠Tšen. 7:​9, 10, 14.

(Baroma 8:​21) ea hore popo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.

w12 3/15 23 ¶12

A Re Thabeng Tšepong

Ruri batho ba tla imoloha haholo nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete! Nakong eo, “bara ba Molimo” ba tlotlisitsoeng ba tla tsoela pele ba “senoloa” ha e e-⁠ba baprista hammoho le Kreste, ’me ba thusa batho hore ba fumane melemo ea sehlabelo sa hae. Ha ’Muso oa Molimo o busa lefatšeng, butle-butle batho ba mamelang Molimo ba “tla lokolloa bokhobeng ba ho bola.” Ba tla lokolloa liphellong tsa sebe le lefu. Haeba ba ka lula ba tšepahala ho Jehova nakong eo ea Lilemo Tse Sekete le nakong ea teko ea ho qetela e tla tla qetellong ea lilemo tseo, mabitso a bona a tla lula a ngotsoe ‘moqolong oa bophelo.’ Ba tla kena ‘tokolohong e khanyang ea bana ba Molimo.’ (Tšen. 20:​7, 8, 11, 12) Ruri ena ke tšepo e khanyang!

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Baroma 8:⁠6) Etsoe ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso;

w17.06 3

Na U Sa Hopola?

“Ho beha kelello moeeng” ho fapane joang le “ho beha kelello nameng”? (Bar. 8:⁠6)

Motho ea behang kelello nameng, o lumella hore bophelo ba hae bo laoloe ke botho ba hae bo sa phethahalang ’me o lula a bua ka lintho tsa nama le ho li etsa. Empa motho ea behang kelello moeeng, o etsa hore ho sebeletsa Jehova le ho etsa thato ea hae e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hae. Bophelo ba hae bo susumetsoa ke moea o halalelang. Ho beha kelello nameng ho bolela lefu empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.​—⁠w16.12, maq. 15-⁠17.

(Baroma 8:​26, 27) Ka mokhoa o tšoanang moea le oona o kopanela ka thuso bakeng sa bofokoli ba rona; etsoe ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele, empa moea o re kopela ka tieo ka lipoboli tse sa buuoeng. 27 Empa leha ho le joalo ea phenyang lipelo oa tseba hore na sepheo sa moea ke sefe, hobane oona o kopa ka tieo tumellanong le Molimo bakeng sa bahalaleli.

w09 11/15 7 ¶20

Lithapelo Tsa Hao li Senola Eng ka Uena?

Ho ka ’na ha etsahala hore ka linako tse ling re se ke ra tseba seo re lokelang ho se rapella lithapelong tseo re li etsang boinotšing. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele, empa moea [o halalelang] o re kopela ka tieo ka lipoboli tse sa buuoeng. Empa leha ho le joalo [Molimo] ea phenyang lipelo oa tseba hore na sepheo sa moea ke sefe.” (Bar. 8:​26, 27) Jehova o entse hore ho ngoloe lithapelo tse ngata ka Mangolong. O amohela likopo tsena tse matla tse bululetsoeng joalokaha eka ke tsa rona ’me kahoo oa li phethahatsa. Molimo oa re tseba ’me o boetse o tseba le se boleloang ke lintho tseo a ileng a etsa hore moea oa hae o li bue ka bangoli ba Bibele. Jehova o araba lithapeli tsa rona ha moea o re “kopela ka tieo,” kapa o re buella. Empa ha re ntse re tsoela pele tsebong ea Lentsoe la Molimo, ho ka ’na ha e-⁠ba bonolo ho tseba seo re lokelang ho se rapella.

’Malo oa Bibele

(Baroma 7:​13-25) Joale, na se molemo se ile sa fetoha lefu ho ’na? Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa sebe se ile sa ho etsa, e le hore se ka bonahatsoa e le sebe se ntlhahisetsang lefu ka se molemo; e le hore sebe se ka ba seholo ka ho fetisisa ka taelo. 14 Etsoe rea tseba hore Molao ke oa moea; empa ’na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe. 15 Etsoe seo ke se hlahisang ha ke se tsebe. Kaha seo ke se lakatsang, ha kea tloaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang. 16  Leha ho le joalo, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, kea lumela hore Molao o motle. 17 Empa joale ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lulang ho ’na. 18 Etsoe kea tseba hore ho ’na, ke hore, nameng ea ka, ha ho lule letho le molemo; kaha matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo. 19 Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa. 20 Joale, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lutseng ho ’na. 21 Joale, ke fumana molao ona tabeng ea ka: hore ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. 22 Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, 23 empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka. 24 Ke monna ea soto hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee? 25 Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rona! Kahoo, joale, ke lekhoba la molao oa Molimo ka kelello ea ka, empa ke lekhoba la molao oa sebe ka nama ea ka.

LA 25 FEBRUARY–LA 3 MARCH

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAROMA 9-⁠11

“Papiso ea Sefate sa Mohloaare”

(Baroma 11:​16) Ho feta moo, haeba karolo e nkoang e le litholoana tsa pele e halalela, hlama le eona ea halalela; ’me haeba motso oa halalela, makala le ’ona aa halalela.

w11 5/15 23 ¶13

‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’

Moapostola Pauluse o tsoela pele ho bapisa bao e bang karolo ea peo ea Abrahama le makala a sefate sa mohloaare sa tšoantšetso. (Bar. 11:​21) Sefate sena sa mohloaare se lenngoeng se emela ho phethahala ha morero oa Molimo mabapi le selekane sa Abrahama. Motso oa sefate seo oa halalela ’me o emela Jehova kaha ke eena ea phelisang Baiseraele ba moea. (Esa. 10:​20; Bar. 11:​16) Kutu e tšoantšetsa Jesu kaha ke karolo e ka sehloohong ea peo ea Abrahama. Makala kaofela a tšoantšetsa “palo e feletseng” ea ba akarelletsoang karolong ea bobeli ea peo ea Abrahama.

(Baroma 11:​17) Leha ho le joalo, haeba a mang a makala a ile a khethuloa empa uena, le hoja u le mohloaare oa naheng, u ile ua hlomathiseletsoa har’a ’ona ’me ua ba le karolo motsong oa mohloaare oa monono,

(Baroma 11:​20, 21) Ke ’nete! Ka lebaka la ho hloka tumelo ha ’ona a ile a khethuloa, empa u eme ka tumelo. Khaotsa ho ba le likhopolo tsa boiphahamiso, empa u be tšabong. 21 Etsoe haeba Molimo a sa ka a qenehela makala a tlhaho, le uena a ke ke a u qenehela.

w11 5/15 24 ¶15

‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’

Joale, Jehova o ile a etsa’ng ho phethahatsa morero oa hae? Pauluse o hlalosa hore makala a sefate sa mohloaare sa naheng a ile a hlomathiseletsoa sefateng sa mohloaare se lenngoeng e le ho nka sebaka sa makala a khethutsoeng. (Bala Baroma 11:​17, 18.) Ka hona, Bakreste ba lichaba ba tlotsitsoeng ka moea, joaloka ba bang ba neng ba le phuthehong ea Roma, ba ile ba khomareletsoa ka tsela ea tšoantšetso sefateng sena sa mohloaare sa tšoantšetso. Ka tsela ena, e ile ea e-⁠ba karolo ea peo ea Abrahama. Qalong, ba ne ba le joaloka makala a sefate sa mohloaare sa naheng, ba se na monyetla oa ho ba karolo ea selekane sena se khethehileng. Empa Jehova o ile a ba bulela tsela ea hore e be Bajuda ba moea.​—⁠Bar. 2:​28, 29.

(Baroma 11:​25, 26) Etsoe ha ke batle hore lona, barab’eso, le hloke tsebo ea sephiri sena se halalelang, e le hore le se ke la ba masene mahlong a lona: hore ho thotofala ha maikutlo ho etsahaletse karolo e itseng ea Baiseraele ho fihlela palo e feletseng ea batho ba lichaba e kene, 26 ’me ka mokhoa ona Baiseraele bohle ba tla pholosoa. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Molopolli o tla tsoa Sione ’me a tlose litloaelo tse se nang bomolimo ho Jakobo.

w11 5/15 25 ¶19

‘O! Botebo ba Bohlale ba Molimo!’

Ka sebele, morero oa Jehova mabapi le “Iseraele ea Molimo” o phethahala ka tsela e tsotehang. (Bagal. 6:​16) Joalokaha Pauluse a boletse, “Baiseraele bohle ba tla pholosoa.” (Bar. 11:​26) Ka nako e loketseng ea Jehova, “Baiseraele bohle”​—⁠ka mantsoe a mang, palo e feletseng ea Baiseraele ba moea​—⁠ba tla sebeletsa e le marena le baprista leholimong. Ha ho letho le ka nyopisang morero oa Jehova!

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Baroma 9:​21-23) Eng? Na sebopi ha se na matla holim’a letsopa ho etsa ka khoabi e tšoanang sejana se seng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang, se seng bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng? 22 Joale, haeba Molimo, le hoja a e-⁠na le takatso ea ho bontša khalefo ea hae le ho tsebahatsa matla a hae, a mameletse ka tiisetso e kholo lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso, 23 e le hore a ka tsebahatsa maruo a khanya ea hae lijaneng tsa mohau, tseo a ileng a li lokisa esale pele bakeng sa khanya,

w13 6/15 25 ¶5

Lumella Taeo ea Jehova Hore e u Bope

Ho etsahala’ng haeba batho ba hana ho boptjoa ke Sebopi se Seholo? Molimo o sebelisa bolaoli ba hae joang? Nahana hore na ho etsahala’ng haeba letsopa le sa tšoanelehe ho etsa ntho eo sebopi se batlang ho e etsa. Sebopi se ka etsa sejana se seng se fapaneng kapa se hle se le lahle! Leha ho le joalo, hangata ha letsopa le se na thuso ke sebopi se molato. Ha ho na mohla seo se etsahalang ka Sebopi sa rona. (Deut. 32:⁠4) Ha motho a sa ikokobeletse hore a boptjoe ke Jehova, kamehla motho eo ke eena ea molato. Jehova o fetola tsela eo a bopang batho ka eona ho itšetlehile ka hore na ba itšoara joang ha a ba bopa. Batho ba mo mamelang ba rua molemo. Ka mohlala, Bakreste ba tlotsitsoeng ke ‘lijana tsa mohau’ tse bopetsoeng hore e be ‘lijana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang.’ Ka lehlakoreng le leng, batho ba hanyetsang Molimo ka manganga ba fetoha “lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso.”​—⁠Bar. 9:​19-⁠23.

(Baroma 10:⁠2) Etsoe kea ba pakela hore ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.

it-E 1 1260 ¶2

Poulelo

Cheseho e fosahetseng. Motho a ka cheseha kapa a boulela ka lebaka la ntho e itseng empa cheseho e joalo e le e sa khahliseng Molimo. Taba ena e bile ’nete ka Bajuda ba bangata ba mehleng ea Baapostola. Ho ea ka bona, hore na ntho e lokile kapa che, ho ne ho itšetlehile ka hore na motho o etsa’ng mabapi le seo Molao oa Moshe o neng o se laela. Empa Pauluse o ile a bontša hore cheseho ea bona e ne e le e fosahetseng kaha e ne e sa thehoa tsebong e nepahetseng. Ka lebaka leo, ho loka ha bona e ne e se hoa ’nete kaha ho ne ho sa tsoe ho Molimo. Ba ne ba lokela ho hlokomela bofokoli ba bona ’me ba khutlele ho Molimo ka Kreste e le hore ba fumane ho loka ’me ba se ke ba hlola ba e-⁠ba tlas’a Molao. (Bar 10:​1-10) Saule oa Tarsase e ne le e mong oa Bajuda ba neng ba chesehela tumelo ea Sejuda hoo a ileng a ba a “hlorisa phutheho ea Molimo le ho e ripitla.” E ne e le ea sa ‘tšoauoeng phoso’ tabeng ea ho boloka Molao. (Gal 1:​13, 14; Fil 3:⁠6) Leha ho le joalo, ho ne ho fosahetse hore ebe o ne a chesehela bolumeli ba Sejuda. Kaha Jehova o ile a hlokomela hore Saule o ne a etsa lintho ka ho hloka tsebo, o ile a mo bontša mohau ’me a mo thusa hore a khutlele ho eena ka Kreste, e le hore a mo rapele ka tsela eo a e amohelang.​—⁠1Ti 1:​12, 13.

’Malo oa Bibele

(Baroma 10:​1-15) Ka sebele, barab’eso, khahleho ea pelo ea ka le thapeli ea ka ho Molimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ea bona. 2 Etsoe kea ba pakela hore ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng; 3 etsoe, ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Molimo empa ba batla ho tiisa ha bona, ha baa ka ba ipeha tlas’a ho loka ha Molimo. 4 Etsoe Kreste ke pheletso ea Molao, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo a ka ba le ho loka. 5 Etsoe Moshe o ngola hore motho ea entseng ho loka ha Molao o tla phela ka hona. 6 Empa ho loka ho hlahisoang ke tumelo ho bua ka mokhoa ona: “U se ke ua re ka pelong ea hao, ‘Ke mang ea tla nyolohela leholimong?’ ke hore, ho theola Kreste; 7 kapa, ‘Ke mang ea tla theohela ka mohohlong?’ ke hore, ho nyolla Kreste bafung.” 8 Empa le re’ng? “Lentsoe le haufi le uena, le molomong oa hao ’me le ka pelong ea hao”; ke hore, “lentsoe” la tumelo, leo re le bolelang. 9 Etsoe haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung, u tla pholoha. 10 Kaha ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe. 11 Etsoe Lengolo le re: “Ha ho le ea mong ea behang tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha.” 12 Etsoe ha ho khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, kaha ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle, ea ruileng ho bohle ba ipiletsang ho eena. 13 Etsoe “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” 14 Leha ho le joalo, ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-⁠s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang? 15 Hape, ba tla bolela joang ntle leha ba romiloe? Feela joalokaha ho ngoliloe: “A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela