Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 7-13 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 21-22
“Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
(Liketso 21:8-12) Letsatsing le hlahlamang ra tsoa eaba re fihla Cesarea, ’me ra kena ka tlung ea Filipi moevangeli, eo e neng e le e mong oa banna ba supileng, ’me ra lula le eena. 9 Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta. 10 Empa ha re ntse re lutse matsatsi a mangata, moprofeta ea itseng ea bitsoang Agabase a theoha Judea, 11 eaba o tla ho rōna ’me o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho ’me o re: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane ka eena matsohong a batho ba lichaba.’ ” 12 Joale ha re utloa sena, rōna le ba sebaka seo ra qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
“Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
Ha Pauluse a ntse a lula ha Filipi, ho ile ha fihla moeti e mong ea hlomphehang—e leng Agabase. Ba neng ba bokane ha Filipi ba ne ba tseba hore Agabase ke moprofeta; o ne a ile a profeta hore ho tla ba le tlala e khōlō nakong ea puso ea Claudiase. (Lik. 11:27, 28) Mohlomong ba ne ba ipotsa: ‘Agabase o tlil’o etsa’ng? O tlisitse molaetsa ofe?’ Ha ba ntse ba talimile ka hloko, a nka senyepa sa Pauluse—e leng lesela le lelelele le kang lebanta leo motho a neng a ka tšela chelete le lintho tse ling ho lona, eaba o itlama ka sona thekeng. Agabase o ile a itlama maoto le matsoho ka sona. Eaba oa bua. Molaetsa oa hae o ne o le bohloko: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane ka eena matsohong a batho ba lichaba.’ ”—Lik. 21:11.
Boprofeta bona bo ne bo tiisa hore Pauluse o tla ea Jerusalema. Bo ne bo boetse bo bontša hore ‘ho tla nehelanoa ka eena matsohong a batho ba lichaba’ ka lebaka la ho bolella Bajuda ba moo litaba tse molemo. Batho ba neng ba le teng moo ba ile ba ameha maikutlo ha ba bo utloa. Luka o re: “Joale ha re utloa sena, rōna le ba sebaka seo ra qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a nyolohela Jerusalema. Joale Pauluse a araba: ‘Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokolisa pelong? Kholisehang, ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.’ ”—Lik. 21:12, 13.
(Liketso 21:13) Joale Pauluse a araba: “Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokolisa pelong? Kholisehang, ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.”
“Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
Nahana ka boemo bona. Barab’abo rōna, ho akarelletsa le Luka, ba kōpa Pauluse ka tieo hore a se ke a tsamaea. Ba bang baa lla. A susumelitsoe ke kameho ea bona e lerato, ka mosa Pauluse o ba bolella hore ba mo ‘fokolisa pelong,’ kapa ba “utloisa pelo [ea hae] bohloko,” ho ea kamoo Libibele tse ling li fetolelang polelo ena ea Segerike. Leha ho le joalo, o lomahantse meno, ’me joalokaha ho ile ha etsahala ha a kopana le barab’abo rōna ba Tyre, ha a lumelle hore likōpo tse tiileng le lillo li mo ferekanye. Ho e-na le hoo, o ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho tsamaea. Ruri o ile a ba sebete ’me a bontša hore o ikemiselitse! Joalokaha Jesu a ile a etsa pele ho moo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho ea Jerusalema. (Baheb. 12:2) Hase hore Pauluse o ne a batla ho shoela tumelo, empa haeba ho hlokahala, o ne a tla thabela ho shoa ka lebaka la ho ba molateli oa Kreste Jesu.
(Liketso 21:14) Ha a sa nyahamisoe, ra inehela ntle ho khang ka mantsoe ana: “Ho ke ho etsahale thato ea Jehova.”
“Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
Barab’abo rōna ba ile ba ikutloa joang? Ba ile ba bontša tlhompho. Bibele e re: “Ha a sa nyahamisoe, ra inehela ntle ho khang ka mantsoe ana: ‘Ho ke ho etsahale thato ea Jehova.’ ” (Lik. 21:14) Ba neng ba leka ho kholisa Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema ha baa ka ba mo qobella hore a etse seo ba se batlang. Ba ile ba mo mamela ’me ba inehela, ba hlokomela thato ea Jehova le ho e amohela, le hoja ho ne ho le thata. Pauluse o ne a khethile bophelo bo neng bo tla qetella ka hore a bolaoe. Ho ne ho le molemo ha batho bao ba mo ratang ba sa leke ho mo nyahamisa.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Liketso 21:23, 24) Ka hona etsa sena seo re u bolellang sona: Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. 24 Nka banna bana u tsamaee le bona ’me u itlhoekise hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng ’me u lefelle litšenyehelo tsa bona, e le hore ba ka beoloa lihlooho. Kahoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho litabeng tsa bo-bare tseo ba ileng ba li bolelloa ka uena, empa hore u tsamaea ka ho laolehileng, u boetse u boloka Molao.
“Utloang Boitšireletso ba Ka”
Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bontša hore o nahanela ba bang ba neng ba thabela ho boloka meetlo e itseng ea Bajuda e kang ho se sebetse ka Sabatha kapa ho se je lijo tse itseng. (Bar. 14:1-6) Ha aa ka a ba behela melao ka lebollo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolotsa Timothea e le hore Bajuda ba tle ba mo amohele kaha ntate oa hae e ne e le Mogerike. (Lik. 16:3) Ho ne ho itsoela ho motho hore na oa bolla kapa che. Pauluse o ile a re ho Bagalata: “Ho bolla kapa ho se bolle hase tsa bohlokoa leha e le bofe, empa tumelo e sebetsang ka lerato ke ea bohlokoa.” (Bagal. 5:6) Leha ho le joalo, e ne e tla ba phoso hore motho a bolle kahobane a batla ho boloka Molao kapa a nahana hore o lokela ho bolla e le hore a khahlise Jehova. Seo se ne se tla bontša hore ha a na tumelo.
Le hoja litaba tseo tsa bo-bare e ne e le mashano, li ile tsa ferekanya balumeli ba Bajuda. Ke ka lebaka leo banna ba baholo ba ileng ba eletsa Pauluse ba re: “Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. Nka banna bana u tsamaee le bona ’me u itlhoekise hammoho le bona ka mokhoa o laetsoeng ’me u lefelle litšenyehelo tsa bona, e le hore ba ka beoloa lihlooho. Kahoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho litabeng tsa bo-bare tseo ba ileng ba li bolelloa ka uena, empa hore u tsamaea ka ho laolehileng, u boetse u boloka Molao.”—Lik. 21:23,24.
Pauluse a ka be a hanne eaba o bolela hore bothata bo ne bo sa bakoa ke litaba tsa bo-bare empa bo bakiloe ke hore balumeli bao ba Bajuda ba chesehela Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho etsa seo ba reng a se etse, hafeela a sa tlōle molao oa Molimo. Pele ho moo o ile a re: “Ho ba tlas’a molao ka ba joaloka ea tlas’a molao, le hoja ke se tlas’a molao, e le hore nka rua ba tlas’a molao.” (1 Bakor. 9:20) Lekhetlong lena Pauluse o ile a sebelisana le baholo ba Jerusalema ’me a ba “joaloka ea tlas’a molao.” Ka ho etsa joalo, o ile a re behela mohlala o motle oa hore re sebelisane le baholo ’me re se ke ra tsitlella ho etsa lintho kamoo re ratang kateng.—Baheb. 13:17.
(Liketso 22:16) Joale ke hobane’ng ha u lieha? Ema, u kolobetsoe ’me u hlatsoe libe tsa hao ka hore u ipiletse lebitsong la hae.’
Litlhaloso tsa Lik 22:16 tse ho nwtsty-E
u hlatsoe libe tsa hao ka hore u ipiletse lebitsong la hae: Kapa “hlatsoa libe tsa hao ’me u ipiletse lebitsong la hae.” Motho a ka hlatsuoa libe, eseng ka ho kolobetsoa ka metsi empa ka ho ipiletsa lebitsong la Jesu, le hore a bontše hore o na le tumelo ka ho etsa mesebetsi e bontšang hore ke Mokreste.—Lik 10:43; Jak 2:14, 18.
’Malo oa Bibele
(Liketso 21:1-19) Joale ha re tlohile ho bona ’me re tsamaile ka sekepe, ra tloha ka potlako ka tsela e otlolohileng ’me ra fihla Kose, empa letsatsing le hlahlamang ra fihla Rhode, ’me ho tloha moo ra tla Patara. 2 Ha re fumane sekepe se neng se tšelela Foenisia, ra palama eaba re tloha ka sekepe. 3 Ka mor’a hore re bone sehlekehleke sa Cyprase ra se siea ka lehlakoreng le letšehali eaba re tsoela pele ho tsamaea ka sekepe ho ea Syria, ’me ra emisa Tyre, kaha sekepe se ne se lokela ho laolla thepa ea sona moo. 4 Ha re ntse re batla ra fumana barutuoa ’me ra lula mona matsatsi a supileng. Empa ka moea ba bolella Pauluse ka ho pheta-pheta hore a se ke a beha leoto Jerusalema. 5 Kahoo ha re phethile matsatsi a itseng, ra tloha ’me ra tsamaea; empa bona kaofela, hammoho le basali le bana, ba re felehetsa ho ea fihla ka ntle ho motse. Ha re khumama lebōpong ra etsa thapelo 6 eaba rea lumelisana, ’me re hloella ka sekepeng empa bona ba khutlela malapeng a bona. 7 Joale ra phetha leeto ka sekepe ho tloha Tyre ’me ra fihla Ptolemaise, eaba re lumelisa barab’abo rōna ’me re lula letsatsi le le leng le bona. 8 Letsatsing le hlahlamang ra tsoa eaba re fihla Cesarea, ’me ra kena ka tlung ea Filipi moevangeli, eo e neng e le e mong oa banna ba supileng, ’me ra lula le eena. 9 Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta. 10 Empa ha re ntse re lutse matsatsi a mangata, moprofeta ea itseng ea bitsoang Agabase a theoha Judea, 11 eaba o tla ho rōna ’me o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho ’me o re: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane ka eena matsohong a batho ba lichaba.’ ” 12 Joale ha re utloa sena, rōna le ba sebaka seo ra qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a nyolohela Jerusalema. 13 Joale Pauluse a araba: “Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokolisa pelong? Kholisehang, ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.” 14 Ha a sa nyahamisoe, ra inehela ntle ho khang ka mantsoe ana: “Ho ke ho etsahale thato ea Jehova.” 15 Joale ka mor’a matsatsi ana ra lokisetsa leeto ’me ra qala ho nyolohela Jerusalema. 16 Empa ba bang ba barutuoa ba tsoang Cesarea le bona ba tsamaea le rōna, ho re tlisa ho monna eo re neng re lokela ho amoheloa lapeng la hae, Mnasone ea itseng oa Cyprase, e mong oa barutuoa ba pele. 17 Ha re kena Jerusalema, barab’abo rōna ba re amohela ka nyakallo. 18 Empa letsatsing le latelang Pauluse a kena le rōna ho ea ho Jakobo; ’me banna ba baholo kaofela ba ne ba le teng. 19 A ba lumelisa ’me a qala ho fana ka tlaleho e qaqileng ea lintho tseo Molimo a ileng a li etsa har’a lichaba ka bosebeletsi ba hae.
LA 14-20 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 23-24
“A Qosoa ka ho ba Kotsi le ho Hlohlelletsa Bofetoheli”
(Liketso 23:12) Joale ha e e-ba motšehare, Bajuda ba etsa morero oa bolotsana ’me ba itlama ka bomalimabe, ba re ba ne ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse.
(Liketso 23:16) Leha ho le joalo, mora oa khaitseli ea Pauluse a utloa ka ho lalla ha bona, eaba oa tla ’me o kena bolulong ba masole ’me o tlalehela Pauluse.
“E-ba Sebete!”
Khothatso eo Pauluse a ileng a e fuoa moo e ile ea tla ka nako e loketseng. Letsatsing le latelang, banna ba Bajuda ba fetang 40 ba ile ba etsa ‘morero oa bolotsana ’me ba itlama ka bomalimabe, ba re ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse.’ Bajuda bao ba ne ba ikemiselitse ho bolaea moapostola Pauluse hoo ba ileng ba etsa “morero ona oa bolotsana o tlamiloeng ka kano.” Haeba morero oa bona o mobe o ne o ke ke oa atleha, ba ne ba lumela hore ba tla oeloa ke bomalimabe. (Lik. 23:12-15) Baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba ne ba ba lumeletse ho ntšetsa pele morero oa bona oa hore Pauluse a khutlisetsoe lekhotleng la Sanhedrine hore a boele a hlongoe lipotso, joalokaha eka ho netefatsoa litaba tse mo amang. Empa ha a le tseleng, batho bao ba ne ba tla mo lalla e le hore ba mo bolaee.
Leha ho le joalo mochana oa Pauluse o ile a utloela ka morero ona eaba o bolella Pauluse. Eaba Pauluse o re mohlankana enoa a bolelle molaoli oa sesole oa Moroma Claudiase Lysiase. (Lik. 23:16-22) Ka sebele Jehova o rata bacha, bao joaloka mochana enoa oa Pauluse ea sa boleloang ka lebitso, ka sebete ba etelletsang pele boiketlo ba batho ba Molimo ka pele ho ba bona ’me ka botšepehi ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho etsa mesebetsi e amanang le ’Muso.
(Liketso 24:2) Ha a bitsoa, Tertulase a qala ho mo qosa, a re: “Kaha re thabela khotso e kholo ka uena le hore liphetoho lia etsahala sechabeng sena ka ho nahanela pele ha hao,
(Liketso 24:5, 6) Etsoe re fumane monna enoa e le motho ea kotsi haholo a bile a hlohlelletsa bofetoheli har’a Bajuda bohle ho pholletsa le lefatše leo ho ahiloeng ho lona ’me e le moeta-pele oa lequloana la Banazaretha, 6 ea ileng a leka ho silafatsa tempele le eo re ileng ra mo tšoara.
“E-ba Sebete!”
Ha Pauluse a le Cesarea, o ne a “lebetsoe ka tlung ea ’muso ea moemphera ea Heroda” a letetse hore baqosi ba hae ba tsoang Jerusalema ba fihle. (Lik. 23:35) Ba ile ba tla ka mor’a matsatsi a mahlano—Moprista ea Phahameng Ananiase, ’muelli ea bitsoang Tertulase le sehlopha sa banna ba baholo. Tertulase o ile a qala ka ho rorisa Felixe ka seo a neng a se etsetsa Bajuda, mohlomong a mo kakamatsa e le hore a iqekisetse ho eena. Joale, ha Tertulase a kena tabeng o ile a re Pauluse ke ‘motho ea kotsi haholo ea bileng a hlohlelletsang bofetoheli har’a Bajuda bohle ho pholletsa le lefatše leo ho ahiloeng ho lona ’me e le moeta-pele oa lequloana la Banazaretha, ea ileng a leka ho silafatsa tempele le eo re ileng ra mo tšoara.’ Bajuda ba bang ba ile ba “kopanela tlhaselong, ba tiisa hore lintho tsena li joalo.” (Lik. 24:5, 6, 9) Ho hlohlelletsa bofetoheli, ho etella pele lequloana le kotsi le ho silafatsa tempele—liqoso tsena e ne e le tse tebileng tse neng li ka etsa hore a ahloleloe lefu.
(Liketso 24:10-21) Pauluse, ha ’musisi a mo qhoaea ka hlooho hore a bue, a araba: “Ka ho tseba hantle hore u bile moahloli oa sechaba sena ka lilemo tse ngata, ke bua ka ho se tsila-tsile lintho tse mabapi le ’na ho itšireletsa, 11 kaha u boemong ba ho fumana hore ha e e-s’o be matsatsi a leshome le metso e ’meli ho tloha ha ke nyoloha ho ea rapela Jerusalema; 12 ’me ha baa ka ba mphumana ka tempeleng ke phehisana le mang kapa mang kapa ke khobokanya mokhopi, kapa ka lisynagogeng kapa ho pholletsa le motse. 13 Leha e le hore ba ka u pakela lintho tseo ba nqosang ka tsona hona joale. 14 Empa ke fela ke lumela sena ho uena, hore, ho ea ka tsela eo ba e bitsang ‘lequloana,’ ke etsetsa Molimo oa baholo-holo ba ka tšebeletso e halalelang ka mokhoa ona, kaha ke lumela lintho tsohle tse behiloeng Molaong le tse ngotsoeng Baprofeteng; 15 ke na le tšepo ho Molimo, e leng tšepo eo batho bana le bona ba nang le eona, ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang. 16 Tabeng ena, ka sebele, ke ikoetlisa ke sa khaotse hore ke be le kelo-hloko ea hore ke se ke ka siteloa Molimo le batho. 17 Kahoo ka mor’a lilemo tse ngata ke ile ka fihla ho tlisa limpho tsa mohau sechabeng sa heso, le linyehelo. 18 Ha ke ntse ke le litabeng tsena ba mphumana ke hloekisitsoe ka mokhoa o laetsoeng ka tempeleng, empa eseng ke e-na le bongata kapa ke le morusung. Empa ho ne ho e-na le Bajuda ba itseng ba tsoang seterekeng sa Asia, 19 ba tšoanelang ho ba teng ka pel’a hao ho nqosa haeba ba ka ba le ntho leha e le efe khahlanong le ’na. 20 Kapa, banna bana ba ke ba bolele hore na ke phoso efe eo ba e fumaneng ha ke eme ka pel’a Sanhedrine, 21 haese mabapi le polelo ena e le ’ngoe eo ke ileng ka e hoeletsa ha ke ntse ke eme har’a bona, ‘Kajeno ke ntse ke ahloloa ka pel’a lōna mabapi le tsoho ea bafu!’ ”
“E-ba Sebete!”
Pauluse o re behetse mohlala oo re ka o latelang haeba ho etsahala hore re isoe ka pel’a balaoli ba lefatše ka lebaka la bolumeli ba rōna ’me re qosoa ka bohata ka lintho tse kang hore re hlohlelletsa morusu kapa bofetoheli, kapa re litho tsa “lequloana le kotsi.” Ha aa ka a iqekisetsa ho ’musisi ka ho mo kakamatsa joaloka Tertulase. O ile a lula a khobile matšoafo a bile a hlompha. O ile a khetha mantsoe a hae ka hloko ’me a fana ka bopaki bo utloahalang le ba ’nete. Pauluse o ile a re “Bajuda . . . ba tsoang seterekeng sa Asia” ba neng ba mo qositse ka hore o silafatsa tempele ha ba eo le hore ka molao, o lokela ho talimana le bona ’me a utloe liqoso tsa bona.—Lik. 24:18, 19.
Ho tsotehang le ho feta ke hore Pauluse ha aa ka a tsilatsila ho fana ka bopaki bo mabapi le seo a se lumelang. O ile a bolela ka sebete hore o lumela tsoho, e leng taba e neng e bakile pherekano e khōlō ha a le ka pel’a Sanhedrine. (Lik. 23:6-10) Ha Pauluse a ipuella, o ile a hatisa tšepo ea tsoho. Hobane’ng? Hobane Pauluse o ne a fana ka bopaki mabapi le Jesu le hore O tsohile bafung—e leng seo bahanyetsi bao ba neng ba sa se amohele. (Lik. 26:6-8, 22, 23) Ka sebele ho ne ho tsekoa taba ea tsoho ea bafu—’me ka ho toba, ho tsekoa tumelo ho Jesu le tsoho ea hae.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Liketso 23:6) Joale ha Pauluse a ela hloko hore karolo e ’ngoe e ne e le ea Basaduse empa e ’ngoe e le ea Bafarisi, a qala ho hoeletsa ka har’a Sanhedrine: “Banna, barab’eso, ke Mofarisi, mora oa Bafarisi. Ke ntse ke ahloloa mabapi le tšepo ea tsoho ea bafu.”
Litlhaloso tsa Lik 23:6 tse ho nwtsty-E
ke Mofarisi: Ba bang ba bamameli ba ne ba tseba Pauluse. (Lik 22:5) Ba ne ba tla utloisisa hore ho ipitsa ha hae mora oa Bafarisi, ho ne ho bontša hore oa utloisisa hore o amana le bona joang. Ba ne ba utloisisa hore Pauluse o ne a sa itlame, kaha Bafarisi bao e neng e le litho tsa Sanhedrine, ba ne ba tseba hore ha se khale Pauluse e ne e sa tsoa ba Mokreste. Empa ho latela boemo boo a neng a e bua ho bona, Pauluse o ne a itsebahatsa e le Mofarisi ho e-na le hore ke Mosaduse kaha o ne a lumela tabeng ea tsoho ea bafu joaloka Bafarisi. Ka ho etsa joalo, o ile a etsa hore ho be le lintho tseo a ka lumellanang ka tsona le Bafarisi ba neng ba le teng moo. Pauluse o ne a tšepile hore ha a bua ka taba ena e bakang khang, o ne a tla etsa hore litho tsa lekhotla la Sanhedrine li lumellane le taba ea hae. Leqheka leo la hae le ile la atleha. (Lik 23:7-9) Tlaleho ea Pauluse e ho Lik 23:6, e lumellana le tsela eo hamorao a ileng a itšireletsa ka eona ha a ne a le ka pel’a Morena Agripa. (Lik 26:5) Ha a ne a ngolla Bakreste ba Filipi a le Roma, Pauluse o ile a boela a itlhalosa hore ke Mofarisi. (Fil 3:5) Ke taba ea bohlokoa ho elelloa kamoo Bakreste bao e neng e le Bafarisi ba hlalosoang kateng ho Lik 15:5.—Sheba litlhaloso tsa Lik 15:5.
(Liketso 24:24) Matsatsi a itseng hamorao Felixe a fihla hammoho le mosali oa hae Drusila, eo e neng e le Mojuda, ’me a romeletsa hore ho bitsoe Pauluse eaba oa mo mamela mabapi le ho lumela ho Kreste Jesu.
(Liketso 24:27) Empa, ha lilemo tse peli li fetile, Felixe a hlahlangoa ke Porkiase Festase; kahobane Felixe a ne a lakatsa ho fumana kamohelo ho Bajuda, a tlohela Pauluse a tlamiloe.
Litlhaloso tsa Lik 24:24 tse ho nwtsty-E
Drusilla: Ke morali oa boraro ebile e le oa ofela oa Heroda eo Lik 12:1 e buoang ka eena, e leng Heroda Agripa oa pele. Drusilla o hlahile ka selemo sa 38 mehleng ea baapostola ’me ke ausi oa Agripa oa bobeli le Bernise. (Sheba litlhaloso tsa Lik 25:13 le “Heroda” tlas’a Sehlomathiso.) ’Musisi Felixe e ne e le monna oa hae oa bobeli. Monna oa hae oa pele e ne le Morena oa Syria e leng Azizus oa Emesa, empa ba ile ba hlalana eaba o nyalana le Felixe hoo e ka bang ka selemo sa 54 kapa mohlomong ha a ne a le lilemo li 16. Ho ka etsahala hore ebe o ne a le teng ha Pauluse a bua le Felixe “ka ho loka le boitšoaro le kahlolo e tlang ho tla.”(Lik 24:25) Ha Felixe a ne a rola marapo a puso a a fetisetsa ho Festase, o ile a siea Pauluse a ntse a le litlamong kaha o “ne a lakatsa ho fumana kamohelo ho Bajuda,” e leng lebaka le etsang hore ba bang ba nahane hore o ne a batla ho khahlisa mosali oa hae, eo e neng e le Mojuda.—Lik 24:27.
’Malo oa Bibele
(Liketso 23:1-15) A talimile Sanhedrine ka hloko Pauluse a re: “Banna, barab’eso, ke itšoere ka letsoalo le hloekileng ka ho phethahetseng ka pel’a Molimo ho fihlela letsatsing lena.” 2 Eaba moprista ea phahameng Ananiase o laela ba emeng haufi le eena hore ba mo otle molomo. 3 Joale Pauluse a re ho eena: “Molimo o tla u otla, uena lerako le soeufalitsoeng. Na ka nako e le ’ngoe u lutse bakeng sa ho nkahlola tumellanong le Molao ’me, ka ho tlōla Molao, u laela hore ke otloe?” 4 Ba emeng haufi ba re: “Na u hlapaola moprista ea phahameng oa Molimo?” 5 Pauluse a re: “Barab’eso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ea phahameng. Etsoe ho ngoliloe, ‘U se ke ua bua hampe ka ’musi oa batho ba heno.’ ” 6 Joale ha Pauluse a ela hloko hore karolo e ’ngoe e ne e le ea Basaduse empa e ’ngoe e le ea Bafarisi, a qala ho hoeletsa ka har’a Sanhedrine: “Banna, barab’eso, ke Mofarisi, mora oa Bafarisi. Ke ntse ke ahloloa mabapi le tšepo ea tsoho ea bafu.” 7 Kahobane a ile a bua sena, ha tsoha ho hloka kutloano pakeng tsa Bafarisi le Basaduse, ’me letšoele la arohana. 8 Etsoe Basaduse ba re ha ho na tsoho kapa lengeloi kapa moea, empa Bafarisi ba li bolela kaofela phatlalatsa. 9 Kahoo ha tsoha ho tleroha ho hoholo, ’me ba bang ba bangoli ba sehlopha sa Bafarisi ba ema ’me ba qala ho pheha khang ka bohale bo tšosang, ba re: “Ha re fumane letho le fosahetseng ho motho enoa; empa haeba moea kapa lengeloi le buile le eena,—.” 10 Joale ha ho hloka kutloano ho hōla, molaoli oa sesole a tšoha hore ba ne ba tla tsekolla Pauluse likoto, eaba o laela lebotho la masole hore le theohe ’me le mo hloibile har’a bona ’me le mo tlise bolulong ba masole. 11 Empa bosiung bo latelang Morena a ema haufi le eena a re: “E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.” 12 Joale ha e e-ba motšehare, Bajuda ba etsa morero oa bolotsana ’me ba itlama ka bomalimabe, ba re ba ne ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse. 13 Ho ne ho e-na le banna ba fetang mashome a mane ba neng ba entse morero ona oa bolotsana o tlamiloeng ka kano; 14 eaba ba ea ho baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ’me ba re: “Re itlamile ka tieo ka bomalimabe hore re se ke ra ja lijo ho fihlela re bolaile Pauluse. 15 Ka hona, joale lōna hammoho le Sanhedrine hlakisetsang molaoli oa sesole hore na ke hobane’ng ha a lokela ho mo theolela ho lōna joalokaha eka le rerile ho fumana hantle ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane litaba tse mo amang. Empa pele a atamela re tla be re loketse ho mo bolaea.”
LA 21-27 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 25-26
“Pauluse o ile a Ipiletsa ho Cesare ka Mor’a Moo a Bua le Morena Heroda Agripa ka Molimo”
(Liketso 25:11) Ka lehlakoreng le leng, haeba kannete ke mofosi ’me ke entse ntho leha e le efe e tšoaneloang ke lefu, ha ke ikhule ho shoeng; ka lehlakoreng le leng, haeba ha ho letho le teng la lintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ea ka nehelanang ka ’na ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Cesare!”
“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
Festase o batlile a beha bophelo ba Pauluse kotsing hobane feela a batla ho iqekisetsa ho Bajuda. Kahoo, Pauluse o ile a sebelisa tokelo ea hae e le moahi oa Roma. O ile a re ho Festase: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Cesare, moo ke tšoanelang ho ahloloa teng. Ha kea fosetsa Bajuda, joalokaha le uena u fumana hantle. . . . Ke ipiletsa ho Cesare!” Hangata ha motho a itse o ipiletsa ho Cesare, ho ne ho se motho ea ka mo hanelang. Festase o ile a totobatsa ntlha ena a re: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.” (Lik. 25:10-12) Pauluse o behetse Bakreste ba ’nete kajeno mohlala ka ho ipiletsa ho ba nang le matla a phahameng molaong. Ha bahanyetsi ba Lipaki Tsa Jehova ba leka ho “rera khathatso ka molao-taelo,” li sebelisa molao ho sireletsa litaba tse molemo.—Pes. 94:20.
(Liketso 26:1-3) Agripa a re ho Pauluse: “U lumeletsoe ho ipuella.” Joale Pauluse a otlolla letsoho ’me ha a itšireletsa a qala ho re: 2 “Malebana le lintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona, Morena Agripa, ke inka ke le ea thabileng hore ebe ke tla itšireletsa ka pel’a hao letsatsing lena, 3 haholo-holo kaha u le setsebi litloaelong tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda. Ka hona ke kōpa hore u nkutloe ka ho se fele pelo.
“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
Ka tlhompho Pauluse o ile a leboha Morena Agripa ka monyetla oa ho ipuella ka pel’a hae, a re morena ke setsebi litloaelong tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda. Eaba Pauluse o hlalosa bophelo ba hae ba nakong e fetileng o re: “Ke ile ka phela ke le Mofarisi ho ea ka lequloana la mofuta oa rōna oa borapeli le latelang litaelo tse thata ka ho fetisisa.” (Lik. 26:5) Kaha Pauluse e ne e le Mofarisi, o ne a e-na le tšepo ea hore Mesia o tla tla. Ha e se e le Mokreste, ka sebete o ile a tsebahatsa hore Jesu Kreste ke eena eo e neng e le khale a lebeletsoe. Letsatsing leo Pauluse o ne a qosetsoa ntho eo eena le baqosi ba hae ba lumellanang ka eona—e leng tšepo ea hore tšepiso ea Molimo ho baholo-holo ba bona e tla phethahala. Sena se ile sa etsa hore Agripa a labalabele haholoanyane ho utloa seo Pauluse a se buang.
Ha Pauluse a hopola kamoo a neng a sotla Bakreste kateng, o ile a re: “Ka sebele ke ne ke nahana hore ke tšoanela ho etsa liketso tse ngata tsa khanyetso khahlanong le lebitso la Jesu Monazaretha . . . Kaha ke ne ke . . . halefetse [balateli ba Kreste] ka ho fetisisa, ka ba ka ea bohōleng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.” (Lik. 26:9-11) Pauluse o ne a sa feteletse litaba. Batho ba bangata ba ne ba tseba kamoo a ileng a sotla Bakreste kateng. (Bagal. 1:13, 23) E ka ’na eaba Agripa o ne a ipotsa hore na motho ea joalo o fetotsoe ke eng.
O ile a fumana karabo ha Pauluse a tsoela pele, a re: “Eare ha ke e-ea Damaseka ka bolaoli le taelo e tsoang ho baprista ba ka sehloohong, morena, har’a motšehare tseleng, ka bona leseli le fetang phatsimo ea letsatsi le halima ho tsoa leholimong ho mpota-pota le ho pota-pota ba tsamaeang le ’na. Ha re oetse fatše kaofela ka utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu, ‘Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng? Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena.’ Empa ka re, ‘U mang, Morena?’ Eaba Morena o re, ‘Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.’ ”—Lik. 26:12-15.
Pele Pauluse a bona pono ena ea mohlolo, ka tsela ea tšoantšetso o ne a ntse a “raha litsenene.” Joalokaha pelesa e ne e ka intša kotsi ka ho raha tsenene, Pauluse o ne a intšitse kotsi moeeng ka ho ema thato ea Molimo pele. Ka hore Jesu ea tsositsoeng bafung a hlahe ho Pauluse tseleng e eang Damaseka, o ile a etsa hore monna enoa ea pelo e ntle, ea mpang a sa tsebe seo a se etsang, a fetole maikutlo.—Joh. 16:1, 2.
Ruri Pauluse o ile a fetola bophelo ba hae haholo. Ha a bua le Agripa o ile a re: “Ha kea ka ka ba ea sa mameleng pono eo ea leholimo, empa ho ba Damaseka pele hammoho le ho ba Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le lichabeng ka qala ho tlisa molaetsa oa hore ba lokela ho baka le ho retelehela ho Molimo ka ho etsa mesebetsi e tšoanelang pako.” (Lik. 26:19, 20) Ka lilemo tse ngata, Pauluse o ne a ntse a phetha mosebetsi oo Jesu Kreste a mo fileng oona ponong eo ea har’a motšehare. Liphello ea e-ba life? Ba ileng ba amohela litaba tse molemo tse boleloang ke Pauluse, ba ile ba bakela boitšoaro ba bona bo bobe, ba ho se tšepahale ’me ba sokolohela ho Molimo. E ile ea e-ba baahi ba molemo, ba bolokang molao le ba laolehileng.
Leha ho le joalo, Bajuda ba neng ba hanyetsa Pauluse ba ne ba se na taba le melemo eo. Pauluse o itse: “Ka lebaka la lintho tsena Bajuda ba ile ba ntšoara ka tempeleng ’me ba leka ho mpolaea. Leha ho le joalo, kahobane ke fumane thuso e tsoang ho Molimo ke tsoela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo.”—Lik. 26:21, 22.
Kaha re Bakreste ba ’nete, re tlameha hore ‘kamehla re lokele ho ikarabella’ bakeng sa tumelo ea rōna. (1 Pet. 3:15) Ha re bolella baahloli le babusi seo re se lumelang, ho ka ’na ha e-ba molemo ho latela mokhoa oo Pauluse a ileng a o sebelisa ha a bua le Agripa le Festase. Ha re hlalosetsa balaoli ba phahameng ka tlhompho hore na linnete tsa Bibele li ntlafalitse bophelo ba batho joang—ba rōna hammoho le ba batho ba amohelang molaetsa oa rōna—re ka ’na ra etsa hore ba fetole maikutlo a bona.
(Liketso 26:28) Empa Agripa a re ho Pauluse: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.”
“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
Empa Pauluse o ile a araba ’musisi eo a re: “Ha ke hlanye, Mohlomphehi ea Khabane Festase, empa ke bua lipolelo tsa ’nete le tsa ho hlaphoheloa kelellong. Ha e le hantle, morena eo ke buang le eena ka bolokolohi o tseba hantle ka lintho tsena . . . Morena Agripa, na u lumela Baprofeta? Kea tseba hore ua lumela.” Agripa a araba a re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Lik. 26:25-28) Ho sa tsotellehe hore na morena o ne a bua mantsoe ana a tiile kapa che, a bontša hore bopaki boo Pauluse a ileng a fana ka bona bo ile ba mo ama pelo haholo.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Liketso 26:14) Ha re oetse fatše kaofela ka utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu, ‘Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng? Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena.’
Litlhaloso tsa Lik 26:14 tse ho nwtsty-E
ho raha litsenene: Tsenene ke terata kapa tšepe tšesaane e motsu ka pele e sebelisetsoang ho hlaba phoofolo. (Bhl 3:31) Polelo ena ho “raha litsenene” ke maele a fumanoang libukeng tsa Segerike. E sebelisitsoe ho nahannoe ka poho e manganga eo e reng leha e hlajoa ka tsenene, e rahang hoo e ka itematsang. Saule o ne a itšoara joalo pele e-ba Mokreste, ka ho loantša balateli ba Jesu ba neng ba tšehelitsoe ke Jehova Molimo. Pauluse o ne a ipeha kotsing ea ho itematsa. (Bapisa Lik 5:38, 39; 1Ti 1:13, 14.) Ho Moe 12:11, “litsenene tsa likhomo” li hlalositsoe ka tsela ea tšoantšetso, e tšoantšoa le mantsoe a motho ea bohlale ea khonang ho susumetsa motho hore a etse lintho ka bohlale.
sehlomathiso se ho nwt-E
Tsenene. Tsenene ke terata kapa tšepe e tšesaane e motsu ka pele, e sebelisoang ho hlaba liphoofolo. Tsenene ena e tšoantšoa le mantsoe a motho ea bohlale ea khonang ho susumetsa motho hore a etse lintho ka bohlale. Ho “raha litsenene” ke maele a sebelisitsoeng ho nahannoe ka poho e manganga eo e reng leha e hlajoa ka tsenene, e rahang hoo e ka itematsang.—Lik 26:14; Bhl 3:31.
(Liketso 26:27) Morena Agripa, na u lumela Baprofeta? Kea tseba hore ua lumela.”
Thusa ba Bang ho Amohela Molaetsa oa ’Muso
Pauluse o ne a tseba hore Agripa e ne e le Mojuda ka lebitso. Ha Pauluse a ipiletsa tsebong ea Agripa ea tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda, o ile a fana ka lebaka la hore ka sebele boboleli ba hae bo ne bo akarelletsa ho se “bolele letho haese lintho tseo Baprofeta hammoho le Moshe ba ileng ba bolela hore li ne li tla etsahala” malebana le lefu la Mesia le tsoho ea hae. (Liketso 26:22, 23) Ha Pauluse a bua le Agripa ka ho toba, o ile a mo botsa: “Morena Agripa, na u lumela Baprofeta?” Agripa o ile a qakeha. Haeba a ne a ka bolela hore ha a lumele ho baprofeta, o ne a tla be a sentse botumo ba hae ba hore ke molumeli oa Sejuda. Empa haeba a ne a ka lumellana le tsela eo Pauluse a behang mabaka ka eona, o ne a tla be a bontša phatlalatsa hore o lumellana le Pauluse ’me o ne a tla be a ipeha kotsing ea ho bitsoa Mokreste. Pauluse o ile a araba potso ea hae ka bohlale a re: “Kea tseba hore ua lumela.” Pelo ea Agripa e ile ea mo susumelletsa ho araba joang? O ile a re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Liketso 26:27, 28) Le hoja Agripa e sa ka ea e-ba Mokreste, ho hlakile hore ka tsela e itseng, Pauluse o ile a ama pelo ea Agripa ka molaetsa oa hae.—Baheberu 4:12.
’Malo oa Bibele
(Liketso 25:1-12) Ka hona Festase, ka mor’a hore a hloelle ’musong oa profinse, a nyoloha matsatsi a mararo hamorao ho ea Jerusalema ho tloha Cesarea; 2 ’me baprista ba ka sehloohong le banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba mo fa boitsebiso khahlanong le Pauluse. Kahoo ba qala ho mo kōpa ka tieo, 3 ba ikōpela mosa oa hore ho romeletsoe hore monna eo a tle Jerusalema, kaha ba ne ba laletse ho mo bolaea tseleng. 4 Leha ho le joalo, Festase a araba ka hore Pauluse o ne a lokela ho bolokoa Cesarea le hore o ne a tla tloha a e-ea moo haufinyane. 5 A re: “Kahoo ba leng pusong har’a lōna, ba ke ba theohe le ’na ’me ba mo qose, haeba ho e-na le ntho leha e le efe e tsoileng tseleng mabapi le monna eo.” 6 Kahoo ha a qetile matsatsi a ka bang robeli kapa leshome har’a bona, a theohela Cesarea, ’me letsatsing le hlahlamang a lula setulong sa kahlolo eaba o laela hore Pauluse a tlisoe. 7 Ha a fihla, Bajuda ba neng ba theohile Jerusalema ba ema ba mo pota-potile, ba tobisa liqoso tse ngata le tse tebileng khahlanong le eena tseo ba neng ba sa khone ho hlahisa bopaki bakeng sa tsona. 8 Empa ha Pauluse a itšireletsa a re: “Ha kea siteloa Molao oa Bajuda kapa tempele kapa Cesare.” 9 Festase, ka ho lakatsa ho fumana kamohelo ho Bajuda, a re ha a araba Pauluse: “Na u lakatsa ho nyolohela Jerusalema ’me u ahloloe ka pel’a ka hona teng malebana le lintho tsee?” 10 Empa Pauluse a re: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Cesare, moo ke tšoanelang ho ahloloa teng. Ha kea fosetsa Bajuda, joalokaha le uena u fumana hantle. 11 Ka lehlakoreng le leng, haeba kannete ke mofosi ’me ke entse ntho leha e le efe e tšoaneloang ke lefu, ha ke ikhule ho shoeng; ka lehlakoreng le leng, haeba ha ho letho le teng la lintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ea ka nehelanang ka ’na ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Cesare!” 12 Joale Festase, ka mor’a hore a bue le sehlopha sa baeletsi, a araba: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.”
LA 28 JANUARY-LA 3 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 27-28
“Pauluse o ea Roma ka Sekepe”
(Liketso 27:23, 24) Etsoe bosiung bona haufi le ’na ho ile ha ema lengeloi la Molimo eo ke leng oa hae le eo ke mo etsetsang tšebeletso e halalelang, 24 le re, ‘Pauluse, u se ke ua tšaba. U tla ema ka pel’a Cesare, ’me, bona! ka bolokolohi Molimo o u file bohle ba tsamaeang le uena ka sekepe.’
“Ha ho Moea ho Lōna o Tla Lahleha”
Mohlomong Pauluse o ne a pakela ba bangata ka sekepeng seo ka “tšepo ea tšepiso e ileng ea etsoa ke Molimo.” (Lik. 26:6; Bakol. 1:5) Joale, kaha sekepe se ne se ka ’na sa soahlamana, Pauluse o ile a ba fa lebaka la hore ba tsohe molota. O ile a re: “Bosiung bona haufi le ’na ho ile ha ema lengeloi . . . , le re, ‘Pauluse, u se ke ua tšaba. U tla ema ka pel’a Cesare, ’me, bona! ka bolokolohi Molimo o u file bohle ba tsamaeang le uena ka sekepe.’ ” Pauluse o ile a re ho bona: “Ka hona hlasimolohang, banna; etsoe ke lumela Molimo hore ho tla ba hantle feela joalokaha ke boleletsoe. Leha ho le joalo, ka sebele re tla lahleloa lebōpong sehlekehlekeng se itseng.”—Lik. 27:23-26.
(Liketso 28:1, 2) Ha re fihlile moo ho sireletsehileng, joale ra tseba hore sehlekehleke seo se ne se bitsoa Malta. 2 Batho ba buang puo esele ba re bontša mosa o fetang o tloaelehileng, kaha ba ile ba hotetsa mollo ’me ba re amohela kaofela hamolemo ka lebaka la pula e neng e na le ka lebaka la ho bata.
“Ha ho Moea ho Lōna o Tla Lahleha”
Ba ile ba iphumana ba le sehlekehlekeng sa Malta, se ka boroa ho Sicily. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Malta e ne e le Hokae?” leqepheng la 209) Batho ba buang puo esele sehlekehlekeng sena ba ile ba ba bontša “mosa o fetang o tloaelehileng.” (Lik. 28:2) Ba ile ba besa mollo bakeng sa batho bao ba reng tee! ke metsi, ba qhaqhaselang. Mollo oo o ile oa ba futhumatsa kaha ho ne ho bata ’me pula e na. Hape ho ile ha etsahala mohlolo.
“Ha ho Moea ho Lōna o Tla Lahleha”
Sebakeng seo ho ne ho lula monna oa morui ea nang le masimo ea bitsoang Pabliase. Mohlomong e ne e le ofisiri e ka sehloohong ea Moroma Malta. Luka o re e ne e le “monna ea ka sehloohong oa sehlekehleke,” ’me o sebelisa tlotla e fumanoeng mengolong e ’meli ea Semalta. O ile a amohela Pauluse le bo-mphato’a hae ka mofuthu ka matsatsi a mararo. Leha ho le joalo, ntate oa Pabliase o ne a kula. Le tabeng ena Luka o ile a hlalosa boloetse boo ka nepo. O re monna eo “o ne a robetse a tšoeroe ke feberu le letšollo,” ’me o hlalosa boloetse ba hae hantle. Pauluse o ile a rapella monna eo a ba a beha matsoho holim’a hae, eaba oa fola. Batho ba ile ba thabela mohlolo ona hoo ba ileng ba tlisa batho ba kulang hore ba folisoe, ’me ba fa Pauluse le bo-mphato’a hae limpho.—Lik. 28:7-10.
(Liketso 28:16, 17) Qetellong, ha re kena Roma, Pauluse a lumelloa ho lula a le mong le lesole le mo lebetseng. 17 Leha ho le joalo, matsatsi a mararo hamorao a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda. Ha ba bokane, a qala ho re ho bona: “Banna, barab’eso, le hoja ke ne ke sa etsa letho le khahlanong le batho kapa litloaelo tsa baholo-holo ba rōna, ho ile ha nehelanoa ka ’na matsohong a Baroma ke le motšoaruoa ea tsoang Jerusalema.
“Ho Paka ka ho Phethahetseng”
Qetellong ha barab’abo rōna ba kena Roma, “Pauluse a lumelloa ho lula a le mong le lesole le mo lebetseng.” (Lik. 28:16) Hangata batšoaruoa ba sa koalloang chankaneng ba ne ba tlamelloa ka ketane ho molebeli hore ba se ke ba baleha. Leha ho le joalo, Pauluse e ne e le ’moleli oa ’Muso, ’me ho hang ketane e ne e ke ke ea mo koala molomo. Ka lebaka leo, ka mor’a hore a phomole ka matsatsi a mararo feela, a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba Roma e le hore a itsebise bona ’me a fane ka bopaki.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Liketso 27:9) Kaha ho ne ho fetile nako e telele ’me joale ho ne ho le kotsi ho sesisa sekepe hobane esita le ho itima lijo [ha letsatsi la ho koaheloa ha libe] ho ne ho se ho fetile, Pauluse a ba eletsa
Litlhaloso tsa Lik 27:9 tse ho nwtsty-E
ho itima lijo ha Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe: Kapa “ho itima lijo ka hoetla.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “ho itima lijo” le bua ka taelo e hlahang feela Molaong oa Moshe, e leng ea ho itima lijo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe selemo le selemo, le boetseng le bitsoang Yom Kippur (ka Seheberu, yohm hak·kip·pu·rimʹ, “letsatsi la ho koahela”). (Le 16:29-31; 23:26-32; Nu 29:7; sheba Sehlomathiso sa “Letsatsi la ho Koahela Libe” se ho nwtsty-E.) Tlhaloso ena “ho hlorisa meea ea lona,” e sebelisitsoeng papisong le Letsatsi la ho Koahela Libe, ka kakaretso e utloisisoa e bolela ho kenyelletsa mekhoa e sa tšoaneng ea ho itšotla, e akaretsang ho itima lijo. (Le 16:29). Taba ea hore ho Lik 27:9 ho hlaha “ho itima lijo”, e paka hore tsela e ka sehloohong ea ho itatola ho neng ho etsoa ka Letsatsi la ho Koahela Libe ho akarelletsa ho itima lijo. Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la ho itima lijo le ne le le ho elella mafelong a September kapa maqalong a October.
(Liketso 28:11) Likhoeli tse tharo hamorao ra qalisa leeto ka sekepe se tsoang Alexandria se neng se hlotse mariha sehlekehlekeng seo le se nang le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse.”
Litlhaloso tsa Lik 28:11 tse ho nwtsty-E
Bara ba Zeuse: Ho ea ka litšomo tsa Bagerike le Baroma, “Bara ba Zeuse” (ka Segerike, Di·oʹskou·roi) e ne e le Castor le Pollux, bashanyana ba mafahla ba molimotsana Zeus (Jupiter) le Spartan Queen Leda. Har’a lintho tse ling, ba ne ba nkoa e le basireletsi ba basesisi ba likepe, ba khonang ho ba pholosa ha ba le mathateng kapa ba qabeletsoe leoatleng. Taba ea hore ho ne ho e-na le setšoantšo ka pele sekepeng, ke bopaki ba hore tlaleho ena e ngotsoe ke motho ea e boneng ka mahlo.
’Malo oa Bibele
(Liketso 27:1-12) Kaha joale ho ile ha etsoa qeto ea hore re tlohe ka sekepe ho ea Italy, ba qala ho nehelana ka Pauluse hammoho le batšoaruoa ba bang ho molaoli oa lebotho ea bitsoang Juliase oa sehlopha sa Augustase. 2 Ha re palama sekepe se tsoang Adramithiame se neng se le haufi le ho sesetsa libakeng tse ikhohlileng ka lebōpo la setereke sa Asia, ra qalisa leeto ka sekepe, re e-na le Aristakase oa Macedonia ea tsoang Thesalonika. 3 Letsatsing le hlahlamang ra emisa Sidone, ’me Juliase a tšoara Pauluse ka mosa ’me a mo lumella ho ea ho metsoalle ea hae le ho thabela tlhokomelo ea eona. 4 Ha re tloha moo ka sekepe ra tsamaea tlas’a tšireletso ea Cyprase, kahobane meea e ne e le khahlanong le rōna; 5 ra sesisa sekepe ho pholletsa le leoatle le bulehileng re ikhohlile ka Silisia le Pamfilia ’me ra ema koung Myra e Lycia. 6 Empa molaoli oa lebotho a fumana sekepe se tsoang Alexandria moo se neng se sesetsa Italy, eaba o re palamisa sona. 7 Joale, ka mor’a hore re tsamaee butle ka sekepe matsatsi a mangata ’me re fihle Kinidase ka thata, kahobane moea ha oa ka oa re lumella ho tsoela pele, ra tsamaea ka sekepe tlas’a tšireletso ea Kreta Salmone, 8 ’me ra sesa re ikhohlile ka eona ra fihla ka thata sebakeng se itseng se bitsoang Kou e Ntle, seo motse oa Lasea o neng o le haufi le sona. 9 Kaha ho ne ho fetile nako e telele ’me joale ho ne ho le kotsi ho sesisa sekepe hobane esita le ho itima lijo [ha letsatsi la ho koaheloa ha libe] ho ne ho se ho fetile, Pauluse a ba eletsa, 10 a re ho bona: “Banna, ke lemoha hore ho sesisa sekepe ho tla ba le tšenyehelo le tahlehelo e khōlō eseng feela ea thepa le sekepe empa le ea meea ea rōna.” 11 Leha ho le joalo, molaoli oa lebotho a qala ho ela hloko motsamaisi oa sekepe le mong’a sekepe ho e-na le lintho tse boleloang ke Pauluse. 12 Kaha joale kou ea likepe e ne e sa lokela bakeng sa ho hlola mariha, bongata ba eletsa hore ho qalisoe leeto ka sekepe ho tloha moo, ho bona hore na ka tsela e itseng ba ka fihla Finixe bakeng sa ho hlola mariha, koung ea likepe ea Kreta e bulehelang ka nģ’a leboea-bochabela le ka nģ’a boroa-bochabela.