MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAKOLOSE 1-4
Hlobola Botho ba Khale ’me U Ikapese bo Bocha
Na u entse liphetoho tse kholo ha u qala ho ithuta Bibele? Kholiseha hore Jehova o ile a thabisoa ke liphetoho tseo u li entseng. (Eze 33:11) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re tsoele-pele ho thibela hore botho ba khale bo hlahelle ’me re bonahatse botho bo bocha. Araba lipotso tse latelang e le hore u ka bona hore na u lokela ho ntlafatsa hokae.
Na ke lula ke koatetse motho ea ileng a nkutloisa bohloko?
Na ke bontša ho se fele pelo ha ke tatile kapa ha ke khathetse?
Haeba ke nahana ka ntho tse fosahetseng, na ke potlakela ho e tlosa kelellong?
Na ke ee ke utloe ke sa rate batho ba morabe kapa ba setso se itseng?
Na haufinyane tje nkile ka bua le motho ka tsela e seng mosa kapa ka halefa?