Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 August leq. 5
  • Bacha, ‘Chesehelang ho Etsa Mesebetsi e Metle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha, ‘Chesehelang ho Etsa Mesebetsi e Metle’
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Rorisa Jehova ka ho ba Pula-maliboho
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Phetoho Mabapi le Lihora Tse Hlokahalang Tsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 August leq. 5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Bacha, ‘Chesehelang ho Etsa Mesebetsi e Metle’

Lengolong leo Pauluse a le ngolletseng Tite, o ile a re banna ba bacha ho akarelletsa le Tite, e lokela ho ba ‘mehlala ea mesebetsi e metle linthong tsohle.’ (Tit 2:​6,  7) Hamorao khaolong e tšoanang, o ile a bontša hore batho ba Jehova ba hloekisitsoe e le hore ba ka ‘chesehela mesebetsi e metle.’ (Tit 2:​14) O mong oa mesebetsi ena e metle ke ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Haeba u ntse le mocha, u ka sebelisa matla a hao a bocha ho sebeletsa u le pula-maliboho e thusang kapa ea kamehla.​—Lipr 20:29

Haeba u ka rata ho sebeletsa u le pula-maliboho, etsa lintho tse tla u nolofalletsa hore u be eona. (Lu 14:​28-30) Ka mohlala, ke’ng eo u tla iphelisa ka eona ha u le tšebeletsong ea nakong e tletseng? U tla finyella lihora tsa hao joang? Rapella taba ena. (Pes 37:5) Buisana le batsoali ba hao le bo-pula-maliboho bao e leng khale ba li bona ka seo u rerang ho se etsa. Phelela mantsoe a hao. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko boo u bo etsang tšebeletsong ea hae.

SHEBELLANG VIDEO EA BACHA BA TLOTLISANG JEHOVA, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Bacha ba bang ba ile ba hlola mathata afe e le hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho, hona ba ile ba etsa seo joang?

  • Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang e le hore e ka ba bo-pula-malibo ba kamehla?

  • Ke hobane’ng ha u lokela ho ba le nako e tsitsitseng ea ho ea tšimong?

  • Litho tsa phutheho li ka khothatsa le ho thusa pula-maliboho joang?

  • Bo-pula-maliboho ba fumana litlhohonolofatso life?

Morali’abo rona ea mocha o bolella ntate oa hae hore o batla ho ba pula-maliboho; mor’abo rona oa pula-maliboho o ngola fatše hore na o tla sebetsa joang; morali’abo rona ea mocha oa pula-malibo o sebetsa le e mong tšimong; morali’abo rona ea mocha oa pula-malibo o khanna thuto ea Bibele

Nka etsa’ng e le hore qetellong ke be pula-maliboho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela