PHELA JOALOKA MOKRESTE
Rorisa Jehova ka ho ba Pula-maliboho
Baiseraele ba ne ba na le mabaka a mangata a ho rorisa Jehova. O ile a ba ntša Egepeta a ba a ba pholosa ho lebotho la Faro. (Ex 15:1, 2) Jehova o ntse a tsoela pele ho etsetsa batho ba hae lintho tse molemo. Re ka bontša joang hore rea ananela?—Pes 116:12.
Tsela e ’ngoe ke ka ho ba pula-maliboho e thusang kapa ea kamehla. U ka rapella ho ba le takatso ea ho ba pula-maliboho. (Fil 2:13) Ba bang ba qala pele ka ho nkela bo thusang. U ka khetha ho sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 ha u nketse bopula-maliboho bo thusang ka li khoeli tsa March le April kapa ha mopotolohi a le teng. Ka mor’a ho hlokomela thabo e bang teng ha u nketse bopula-maliboho bo thusang, u tla thabela ho ba pula-maliboho ea kamehla. Hona le batho ba bang ba sebetsang nako eohle kapa ba kulang ba ileng ba khona ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla. (mwb16.07 8) Ka hona, hoa hlaka hore Jehova o tšoaneloa ke boiteko leha e le bofe boo re bo etsang e le hore re mo rorise.—1Likr 16:25.
SHEBELLANG VIDEO EA BARALI BA BO RONA BA BARARO BA MONGOLIA EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:
Barali baa ba bo rona ba bararo, ba ile ba thulana le mathata afe hona ba ile ba sebetsana le ’ona joang e le hore e tle e be bo-pula-maliboho?
Ba ile ba fumana litlhohonolofatso life?
Ba ile ba ba le menyetla efe hape ea tšebeletso?
Mohlala oa bona o thusitse batho ba bang joang?