Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 August leq. 8
  • Mesebetsi e Metle e ke Keng ea Lebaloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mesebetsi e Metle e ke Keng ea Lebaloa
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na U ka Ithaopa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Ho Talima “Ntlo ea Molimo” ka Kananelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 August leq. 8
Morali’a bo rona o sebetsa kichining ea Bethele

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Mesebetsi e Metle e ke Keng ea Lebaloa

Bahlanka bohle ba Jehova ba ka khona ho etsa tšebeletso e halalelang eo hamorao ba ka hopoloang ka lebaka la eona. Joalokaha motsoali ea lerato a ananela lintho tseo bana ba hae ba li etsang, Jehova le eena ha a lebale mosebetsi oa rona le lerato leo re le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae. (Mat 6:​20; Heb 6:​10) Ke ’nete hore bokhoni le maemo a rona ha a tšoane. Leha ho le joalo, haeba re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea rona ho Jehova, re tla thaba. (Gal 6:4; Kol 3:​23) Bara le barali babo rona ba likete ba sebelelitse Bethele ka lilemo tse ngata. Na u ka ithaopela ho sebeletsa Bethele? Haeba u sa khone, khothalletsa motho e mong hore a sebeletse teng kapa u thuse ea seng a ntse a sebeletsa Bethele hore, a tsoele pele ka tšebeletso ena e halalelang.

SHEBELLANG VIDEO EA  IKEMISETSE HO SEBELETSA BETHELE, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke’ng e ka u susumelletsang ho sebeletsa Bethele?

  • Batho ba bang ba re ke litlhohonolofatso life tseo ba li fumaneng ka lebaka la ho sebeletsa Bethele?

  • Ke litšoaneleho life tse hlokahalang e le hore motho a ka sebeletsa Bethele?

  • U ka etsa kopo ea ho sebeletsa Bethele joang?

Basebeletsi ba bararo ba Bethele ba etsa mosebetsi oa bona k’hompheutheng; mor’abo rona o paka mabokose a tšetseng libuka; mor’abo rona o etsa mosebetsi oa lepolanka Bethele

Litšoaneleho tsa ho sebeletsa Bethele

  • Rata Jehova le mokhatlo oa hae ka pelo ea hao eohle

  • E-ba le boitšoaro bo botle le letsoalo le hloekileng

  • Apara ka tsela e hlomphehang

  • Khetha boithabiso bo lokelang Bakreste

  • U be u le lilemo tse lipakeng tsa 19 le 35

  • U be u phetse hantle kelellong, maikutlong le ’meleng

  • U tsebe ho bala, ho ngola le ho bua hantle puo e sebelisoang ofising ea lekala

  • U Ikemisetse ho sebeletsa Bethele bonyane selemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela