Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 10 leq. 13
  • Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Molumo o Loketseng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Cheseha
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Ho Bua ka Kholiseho
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 10 leq. 13

KHAOLO 10

Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe

Lengolo le qotsitsoeng

Liproverbia 8:4, 7

NTLHA-KHOLO: Fetisa lintlha tse amang maikutlo a batho ka ho fetola molumo oa lentsoe, lebelo, ho phahama le ho teba ha lentsoe.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Feto-fetola molumo oa lentsoe. Phahamisa lentsoe ha u batla ho hatisa lintlha tsa sehlooho le ho ama lipelo tsa bamameli. U ka etsa se tšoanang le ha u bala likahlolo tse ka Bibeleng. Fokotsa molumo ha u batla hore bamameli ba lebelle ho utloa ka taba e itseng le ha u bua ka ntho e tšosang.

    Keletso

    U se ke oa phahamisa lentsoe hangata hoo bamameli ba ka nahanang hore u ba halefetse. Tlohela ho hapa mahlo a batho ka ho etsa lintho ka tsela e feteletseng.

  • Laola ho phahama le ho teba ha lentsoe la hao. Tiisa lentsoe ha u hatisa bohlokoa ba taba, ha u bua ka boholo ba ntho kapa bolelele ba sebaka. Tebisa lentsoe hape ha u bua ka taba e bohloko.

  • Laola lebelo. E-ba sehlahlo ha u bua ka taba e thabisang. Ha u fihla lintlheng tsa bohlokoa, theola lebelo.

    Keletso

    U se ke oa fetola lentsoe har’a nako feela, e le hore u se ke oa ferekanya bamameli. U se ke oa matha haholo hoo bamameli ba ka qetellang ba sa utloe hore na u ntse u re’ng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela