Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 7-LA 13 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JAKOBO 3-5
“Bontša Bohlale bo Tsoang ho Molimo”
(Jakobo 3:17) Empa bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.
Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
“Pele ho tsohle bo hloekile.” Ho hloeka ho bolela ho se be le sekoli le ho se silafale eseng feela ponahalong ea ka ntle empa le ka hare. Bibele e amahanya bohlale le pelo, empa bohlale ba leholimo bo ke ke ba kena pelong e silafalitsoeng ke mehopolo, litakatso le litšusumetso tse khopo. (Liproverbia 2:10; Matheu 15:19, 20) Leha ho le joalo, haeba lipelo tsa rona li hloekile—ke hore, ho isa boholeng boo ho bona batho ba sa phethahalang ba ka khonang—re tla “furalla se sebe ’me [re] etse se molemo.” (Pesaleme ea 37:27; Liproverbia 3:7) Na hase ho loketseng hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng? Etsoe haeba re sa hloeka boitšoarong le moeeng, re ka bonahatsa litšobotsi tse ling tsa bohlale bo tsoang holimo ka tieo joang?
“Hape bo na le khotso.” Bohlale ba leholimo bo re susumelletsa ho phehella khotso, e leng tholoana ea moea oa Molimo. (Bagalata 5:22) Re leka ka matla ho qoba ho senya ‘tlamo ea khotso’ e kopanyang batho ba Jehova. (Baefese 4:3) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho tsosolosa khotso ha e lukehile. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Bibele e re: “Le tsoele pele . . . ho phela ka khotso; ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lona.” (2 Bakorinthe 13:11) Kahoo hafeela re ntse re phela ka khotso, Molimo oa khotso o tla ba le rona. Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rona ka eona e ama kamano ea rona le Jehova ka ho toba. Re ka iponahatsa re le batho ba nang le khotso joang? Nahana ka mohlala ona.
(Jakobo 3:17) Empa bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.
Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
‘Bo na le kahlolo e molemo.’ Ho ba le kahlolo e molemo ho bolela’ng? Ho latela litsebi, ho thata ho fetolela lentsoe la qalong la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho ba le kahlolo e molemo’ ho Jakobo 3:17. Bafetoleli ba bang ba ’nile ba sebelisa mantsoe a kang “bonolo,” “mamello” le “ho nahanela.” Ha e le hantle lentsoe leo la Segerike le bolela “ho tenyetseha.” Re ka bontša joang hore re tataisoa ke tšobotsi ee ea bohlale bo tsoang holimo?
Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
“Bo itokiselitse ho mamela.” Ha ho kae kapa kae hape ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bo itokiselitse ho mamela” le fumanoang teng. Ho latela setsebi se seng, lentsoe lena “le atisa ho sebelisoa thupelong ea sesole.” Le fana ka maikutlo a ho “susumetseha habonolo” le a “ho ba ea ikokobelitseng.” Motho ea tataisoang ke bohlale bo tsoang holimo o itokiselitse ho ikokobelletsa seo Mangolo a se bolelang. Hase motho ea tsebahalang ka hore ha a ile a etsa qeto a ke ke a fetoha leha ho ka hlaha linnete tse sa lumellaneng le eena. Ho e-na le hoo, o potlakela ho fetoha ha a bontšoa bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore o hatile ka leoto lesele kapa hore o entse liqeto tse fosahetseng. Na ke kamoo ba bang ba u tsebang kateng?
“Bo Tletse Mohau le Litholoana Tse Molemo”
“Bo Tletse Mohau le Litholoana Tse Molemo.” Mohau ke tšobotsi ea bohlokoa ea bohlale bo tsoang holimo, kaha ho boleloa hore bohlale bo joalo “bo tletse mohau.” Hlokomela hore “mohau” o matahanngoa le “litholoana tse molemo.” Hona ho loketse, hobane hangata ka Bibeleng mohau o bolela ho ameha ka ba bang ka ho nka khato e itseng, ho ba le qenehelo e lebisang liketsong tse ngata tse mosa. Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa mohau e le “ho sareloa ka lebaka la bothata ba motho e mong le ho leka ho etsa ho hong ka bona.” Ka hona, bohlale ba bomolimo hase bo hlokang maikutlo, bo sehloho, kapa bo bontšang tsebo ea ka hloohong feela. Ho e-na le hoo, bo tletse mofuthu le kutloelo-bohloko ebile boa nahanela. Re ka bontša joang hore re tletse mohau?
(Jakobo 3:17) Empa bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.
Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
“Ha bo khetholle ka leeme.” Bohlale ba bomolimo bo phahametse lehloeo la morabe le boikhohomoso ba bochaba. Kaha re tataisoa ke bohlale bo joalo, re leka ka matla ho ntša ka metso tšekamelo leha e le efe e bontšang leeme lipelong tsa rona. (Jakobo 2:9) Ha re tšoare ba bang ka tsela e khethehileng ka lebaka la boemo ba bona ba thuto, ba lichelete, kapa hobane ba e-na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong; ebile ha re khelle barapeli-’moho le rona leha e le bafe fatše, ho sa tsotellehe hore na ba ka ’na ba bonahala e le ba tlaase hakae. Haeba Jehova o entse hore batho bao ba amohele lerato la hae, ka sebele re lokela ho ba nka e le ba tšoaneloang ke lerato la rona.
“Ha bo na boikaketsi.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ka bolela “motšoantšisi ea bapalang karolo e itseng.” Mehleng ea boholo-holo, batšoantšisi ba Bagerike le ba Baroma ba ne ba roala lifahleho tse kholo tsa maiketsetso ha ba tšoantšisa. Kahoo, lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ile la bolela motho ea ikhakanyang, kapa ea iketsang seo a seng sona. Tšobotsi ena ea bohlale ba bomolimo ha ea lokela ho susumetsa tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rona ka eona feela empa esita le tsela eo re ikutloang ka eona ka bona.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Jakobo 4:5) Kapa na ho lona ho bonahala eka lengolo le re ntle ho morero: “Moea o lutseng ho rona o ntse o hloloheloa ka tšekamelo ea ho ba mohono”?
Lintlha-kholo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose
4:5—Jakobo o qotsa lengolo lefe moo? Jakobo ha a qotse temana e itseng ka ho khetheha. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe mantsoe ana a bululetsoeng ke Molimo, a thehiloe mohopolong oa mangolo a kang Genese 6:5; 8:21; Liproverbia 21:10; le Bagalata 5:17.
(Jakobo 4:11, 12) Barab’eso, khaotsang ho buana hampe. Ea buang mor’abo hampe kapa ea ahlolang mor’abo o bua molao hampe ’me o ahlola molao. Joale haeba u ahlola molao, ha u mophethi oa molao, empa u moahloli. 12 O Mong eo e leng mofani oa molao le moahloli, ea khonang ho pholosa le ho timetsa. Empa uena, u mang hore u ahlole moahelani oa hao?
Tumelo e Etsa Hore re se Fele Pelo ’me re be ba Rapelang Kamehla
Ho bua khahlanong le molumeli-’moho ke sebe. (Jakobo 4:11, 12) Empa ba bang ba tšoaea Bakreste-’moho le bona liphoso, mohlomong ka lebaka la boikutlo ba bona ba ho itokafatsa kapa hobane ba batla ho iphahamisa ka ho nyenyefatsa ba bang. (Pesaleme ea 50:20; Liproverbia 3:29) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho bua khahlanong le’ le bolela bora ’me le fana ka maikutlo a ho etsa qoso e feteletseng kapa ea bohata. Sena se tšoana le ho ahlola mor’abo rona hampe. Ke joang hona e leng ho ‘bua khahlanong le molao oa Molimo le ho o ahlola’? Ha e le hantle, bangoli le Bafarisi ‘ka masene ba ne ba behella taelo ea Molimo ka thoko’ ’me ba ne ba ahlola ho latela litekanyetso tsa bona. (Mareka 7:1-13) Ka ho tšoanang, haeba re ka nyatsa mor’abo rona eo Jehova a neng a ke ke a mo nyatsa, na re tla be re sa ‘ahlole molao oa Molimo’ ’me ka boetsalibe re fane ka maikutlo a hore oa haelloa? ’Me ka hore ka leeme re tšoaee mor’abo rona phoso, re tla be re sa phethe molao oa lerato.—Baroma 13:8-10.
’Malo oa Bibele
(Jakobo 3:1-18) Hase ba bangata ba lona bao e lokelang ho ba mesuoe, barab’eso, ka ho tseba hore re tla amohela kahlolo e boima haholo. 2 Etsoe kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tomo. 3 Haeba re kenya litomo melomong ea lipere e le hore li re mamele, re khona ho tsamaisa le ’mele eohle ea tsona. 4 Bonang! Esita le likepe, le hoja li le kholo hakana ’me li khannoa ke meea e matla, li tsamaisoa ka lesokoana le lenyenyane haholo ho ea moo motsamaisi oa sona a lakatsang hore se ee teng. 5 Kahoo, hape, leleme ke setho se senyenyane leha ho le joalo le ithorisa haholo. Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo! 6 Ha e le hantle, leleme ke mollo. Leleme ke lefatše le sa lokang har’a litho tsa rona, kaha le silafatsa ’mele oohle ’me le hotetsa lebili la bophelo ba tlhaho ’me le hotetsoa ke Gehena. 7 Etsoe sebata sa mofuta o mong le o mong hammoho le nonyana le sehahabi le sebopuoa sa leoatle se tla thapisoa ’me se ’nile sa thapisoa ke moloko oa batho. 8 Empa leleme, ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang. Ke ntho e sa laoleheng e kotsi, le tletse chefo e bolaeang. 9 Ka lona re boka Jehova, Ntate, leha ho le joalo ka lona re rohaka batho ba bileng teng ka “setšoantšo sa Molimo.” 10 Molomong o tšoanang ho tsoa poko le thohako. Barab’eso, ha hoa tšoanela hore lintho tsena li tsoele pele ho etsahala ka tsela ena. 11 Seliba ha se etse hore se monate le se babang se tšikhunye sekoting se tšoanang, na ha ho joalo? 12 Barab’eso, sefate sa feiga se ke ke sa hlahisa mehloaare kapa sefate sa morara sa hlahisa lifeiga, na ha ho joalo? Le metsi a letsoai a ke ke a hlahisa metsi a monate. 13 Ke mang ea bohlale le ea utloisisang har’a lona? A ke a bontše mesebetsi ea hae ka boitšoaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale. 14 Empa haeba le e-na le poulelo e feteletseng le ho rata likhang ka lipelong tsa lona, le se ke la ithorisa le ho bua leshano khahlanong le ’nete. 15 Bona hase bohlale bo theohang holimo, empa ke ba lefatše, ba bophoofolo, ba bodemona. 16 Etsoe moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng. 17 Empa bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi. 18 Ho feta moo, litholoana tsa ho loka peo ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.
LA 14-LA 20 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 PETROSE 1-2
“Le Halalele”
(1 Petrose 1:14, 15) Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebopeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, 15 empa, tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitšoarong bohle ba lona,
Thekollo ke Mpho e Molemo e Tsoang ho Ntate
Re ka bontša joang hore re rata lebitso la Jehova? Ka tsela eo re itšoarang ka eona. Jehova o batla hore re halalele. (Bala 1 Petrose 1:15, 16.) Sena se bolela hore re rapele eena feela, le hore re mo mamele ka lipelo tsohle tsa rona. Esita leha re hlorisoa, re etsa sohle seo re ka se khonang ho phela ka melao-motheo ea hae e lokileng. Ha re etsa lintho tse ntle, re etsa hore leseli le khanye ’me seo se tlisetsa lebitso la Jehova thoriso. (Mat. 5:14-16) Re bontša hore rea halalela ka ho phela ka tsela e bontšang hore melao ea Jehova e molemo le hore liqoso tsa Satane ke mashano. Joaloka batho ba sa phethahalang, ha re etsa liphoso rea baka ’me re khaotsa ho etsa lintho tse sa khahliseng Jehova.—Pes. 79:9.
(1 Petrose 1:16) hobane ho ngoliloe: “Le halalele, hobane kea halalela.”
Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba Roma ka ho re: ‘Le se ke la tsoela pele le hlahisa litho tsa lona [“litho tsa ’mele ea lona,” New International Version] sebeng.’ Pauluse o ile a boela a ba bolella hore ba ‘bolaee litloaelo tsa ’mele.’ (Baroma 6:12-14; 8:13) Pejana lengolong la hae, o ne a fane ka mehlala ea “litloaelo [tseo] tsa ’mele.” Re bala se latelang mabapi le batho ba baetsalibe: “Melomo ea bona e tletse thohako.” “Maoto a bona a lebelo ho tšolla mali.” “Ha ho tšabo ea Molimo ka pel’a mahlo a bona.” (Baroma 3:13-18) Mokreste o ne a tla silafatsa ’mele oa hae, haeba a ne a ka sebelisa “litho” tsa hae kapa litho tsa ’mele oa hae mekhoeng eo e mebe ea boetsalibe. Ka mohlala, haeba kajeno Mokreste a shebella ka boomo lintho tse silafetseng tse kang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro kapa a shebella pefo e sehloho, o ‘hlahisa mahlo a hae sebeng’ ’me ka ho etsa joalo o silafatsa ’mele oohle oa hae. Borapeli bohle boo a bo etsang bo fetoha sehlabelo se seng se sa halalele le se sa amoheleheng ho Molimo. (Deuteronoma 15:21; 1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11) O kotsing e kaakang ka lebaka la ho phehella boithabiso bo seng molemo!
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(1 Petrose 1:10-12) Malebana le poloko ena baprofeta ba ileng ba profeta ka mosa o sa tšoanelang o neng o reretsoe lona ba ile ba botsisisa ka ho khothala ’me ba batlisisa. 11 Ba ’na ba tsoela pele ho batlisisa hore na ke nako efe kapa ke nako ea mofuta ofe eo moea o ho bona o neng o e supa malebana le Kreste ha o ne o paka esale pele ka litlhokofatso tsa Kreste le ka khanya e tla latela tsena. 12 Ba ile ba senoleloa hore, e ne e se bona, empa e ne e le lona, bao ba neng ba ba sebeletsa lintho tseo joale le li tsebisitsoeng ka ba le boleletseng litaba tse molemo ka moea o halalelang o rometsoeng o tsoa leholimong. Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho lintho tsona tsena.
Lintlha-kholo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose
1:10-12. Mangeloi a ile a lakatsa ho nyarela le ho utloisisa linnete tse tebileng tsa moea tseo baprofeta ba Molimo ba boholo-holo ba ileng ba li ngola mabapi le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, ha Jehova a ne a qala ho sebetsa ka phutheho, ke hona feela moo lintho tsena li ileng tsa hlaka. (Baef. 3:10) Na ha rea lokela ho latela mohlala oa mangeloi ebe re loanela ho batla ka hare ho “lintho tse tebileng tsa Molimo”?—1 Bakor. 2:10.
(1 Petrose 2:25) Etsoe le ne le le joaloka linku, tse hlahlathelang; empa joale le khutletse ho molisa le molebeli oa meea ea lona.
it-2-E 565 ¶3
Molebeli
Molebeli ea Phahameng ka ho fetisisa. 1 Petrose 2:25 e qotsa Esaia 53:6 ha e bua ka batho ba ‘joaloka linku, tse hlahlathetseng’ bao Petrose a reng ka bona: “Empa joale le khutletse ho molisa le molebeli oa meea ea lona.” Mona ho buuoa ka Jehova Molimo hobane batho bao Petrose a neng a bua ka bona ba ne ba sa hlanohela Jesu Kreste empa ka eena ba ile ba khutlisetsoa ho Jehova Molimo, eleng eena Molisa e Moholo. (Pes 23:1; 80:1; Jer 23:3; Eze 34:12) Hape Jehova ke molebeli ea hlahlobang. (Pes 17:3) Ho hlahloba e leng e·pi·sko·peʹ ka Segerike, ho ka boela ha amahanngoa le kahlolo e boima e tsoang ho Jehova, e kang e ileng ea etsahalla Jerusalema lekholong la pele la lilemo hobane e sa ka ea ‘lemoha hore Jehova o ne a e hlahloba.’ (Lu 19:44) Ho hlahloba hona ho ka boela ha ba le melemo, joaloka e tla fumanoa ke ba tlotlisang Molimo ka letsatsi “la ho hlahloba ha hae.”—1Pe 2:12.
’Malo oa Bibele
(1 Petrose 1:1-16) Petrose, moapostola oa Jesu Kreste, ho baahi ba nakoana ba hasa-hasaneng Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia, le Bithynia, ho ba khethiloeng 2 ho ea ka ho tseba esale pele ha Molimo Ntate, ka ho halaletsoa ka moea, ka morero oa hore e be ba mamelang le ba fafalitsoeng ka mali a Jesu Kreste: E se eka le ka ekeletsoa mosa o sa tšoanelang le khotso. 3 Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste, kaha ho ea ka mohau oa hae o moholo o ile a re fa tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung, 4 ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokiloe maholimong bakeng sa lona, 5 ba ntseng ba sireletsoa ke matla a Molimo ka tumelo bakeng sa poloko e loketseng ho senoloa nakong ea ho qetela. 6 Le thabisoa haholo ke ’nete ena, le hoja ka nakoana hona joale, haeba ho lokela ho ba joalo, le baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng, 7 e le hore tšobotsi e lekiloeng ea tumelo ea lona, ea bohlokoa bo boholo ho feta khauta e timelang ho sa tsotellehe ho pakoa ha eona ka mollo, e ka fumanoa e le lebaka la thoriso le khanya le tlhompho tšenolong ea Jesu Kreste. 8 Le hoja ho se mohla le kileng la mo bona, lea mo rata. Le hoja le sa mo talima hona joale, empa leha ho le joalo le bontša tumelo ho eena ’me le thaba haholo ka thabo e ke keng ea hlalosoa le e tlotlisitsoeng, 9 ha le ntse le amohela pheletso ea tumelo ea lona, e leng poloko ea meea ea lona. 10 Malebana le poloko ena baprofeta ba ileng ba profeta ka mosa o sa tšoanelang o neng o reretsoe lona ba ile ba botsisisa ka ho khothala ’me ba batlisisa. 11 Ba ’na ba tsoela pele ho batlisisa hore na ke nako efe kapa ke nako ea mofuta ofe eo moea o ho bona o neng o e supa malebana le Kreste ha o ne o paka esale pele ka litlhokofatso tsa Kreste le ka khanya e tla latela tsena. 12 Ba ile ba senoleloa hore, e ne e se bona, empa e ne e le lona, bao ba neng ba ba sebeletsa lintho tseo joale le li tsebisitsoeng ka ba le boleletseng litaba tse molemo ka moea o halalelang o rometsoeng o tsoa leholimong. Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho lintho tsona tsena. 13 Kahoo hlomellang likelello tsa lona bakeng sa tšebetso, le lule le hlaphohetsoe likelellong ka ho feletseng; behang tšepo ea lona moseng o sa tšoanelang o tla tlisoa ho lona tšenolong ea Jesu Kreste. 14 Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebopeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, 15 empa, tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lona le fele le halalele boitšoarong bohle ba lona, 16 hobane ho ngoliloe: “Le halalele, hobane kea halalela.”
LA 21-LA 27 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 PETROSE 3-5
“Bofelo ba Lintho Tsohle bo Atametse”
(1 Petrose 4:7) Empa bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe mabapi le lithapelo.
“Le Falimehe Mabapi le Lithapelo”
MOTHO e mong ea neng a sebetsa bosiu o re: “Nako e boima ka ho fetisisa ea hore motho a lule a falimehile ke pelenyana ho meso.” Mohlomong ba bang bao le bona ba lokelang ho falimeha bosiu kaofela ba ka lumellana le eena. Kajeno Bakreste ba boemong bo tšoanang, kaha bosiu bo bolelele ba tsamaiso ena e khopo ea Satane bo ntse bo roalellana. (Bar. 13:12) Ruri re ka ba kotsing haeba re ka robala lihoreng tsena tsa ho qetela! Ho hlokahala hore re “hlaphoheloe likelellong” ’me re mamele keletso ea Mangolo ea hore re “falimehe mabapi le lithapelo.”—1 Pet. 4:7.
(1 Petrose 4:8) Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.
Kamoo U ka Lemohang le ho Hlola Bofokoli Leha e le Bofe ba Moea
Ntho ea ho qetela, lula u hopola keletso e lerato ea moapostola Petrose: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe mabapi le lithapelo. Ka holimo ho lintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.” (1 Petrose 4:7, 8) Ho bonolo haholo ho lumella ho se phethahale ha botho—ha batho ba bang le ha rona ka borona—hore ho kene lipelong le likelellong tsa rona ’me ho fetohe tšitiso, likhopiso. Satane o tseba bofokoli bona ba motho hantle. Le leng la maqiti a hae a mano ke ho etsa hore ho se be le kutloano e le hore a ka hlola. Ka lebaka leo, re lokela ho potlakela ho koahela liphoso tse joalo ka lerato le tebileng bakeng sa ba bang ’me re se ‘lumelle Diabolose sebaka.’—Baefese 4:25-27.
(1 Petrose 4:9) Bontšanang kamohelo ea baeti le sa honothe.
Re Lokela ho ba le Moea oa ho Amohela Baeti
E ’ngoe ea lintho tseo Petrose a ileng a li bolella Bakreste-’moho le eena ke hore ba ‘bontšane kamohelo ea baeti.’ (1 Pet. 4:9) Lentsoe la Segerike “kamohelo ea baeti,” le bolela “ho rata kapa ho ba mosa ho batho bao re sa ba tsebeng.” Empa hlokomela hore Petrose o ile a phehella bara le barali babo rona hore ba ‘bontšane’ kamohelo ea baeti, esita le haeba ba tsebana ba bile ba tloaetse ho etsa lintho ’moho. Ho ba le kamohelo ea baeti ho ne ho tla ba tsoela molemo joang?
3 Ho ne ho tla ba thusa hore ba momahane. Na u hopola kamoo u ileng oa thaba kateng mohla o neng o amohetsoe ka mofuthu lelapeng le leng? Haeba u memela Bakreste-’moho le uena lapeng la hao, le tla momahana. Tsela e molemo ea ho tseba Bakreste-’moho le rona ke ka hore re ba amohele malapeng a rona. Bakreste ba mehleng ea Petrose ba ne ba lokela ho momahana haholo-holo ha maemo a mpefala. Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” le rona re lokela ho momahana le Bakreste-’moho le rona.—2 Tim. 3:1.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(1 Petrose 3:19, 20) A le boemong bona hape o ile a tsamaea ’me a bolela ho meea e chankaneng, 20 eo ka nako e ’ngoe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Molimo ho ne ho letile matsatsing a Noe, ha areka e ne e ntse e hahoa, eo ka ho eona batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ileng ba pholosoa ba sireletsehile metsing.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Bibele e re Jesu o ile a “bolela ho meea e chankaneng.” (1 Pet. 3:19) See se bolela’ng?
▪ Moapostola Petrose o hlalosa meea eo e le “eo ka nako e ’ngoe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Molimo ho ne ho letile matsatsing a Noe.” (1 Pet. 3:20) Ho hlakile hore Petrose o ne a bua ka libopuoa tsa moea tse ileng tsa khetha ho fetohela Molimo joaloka Satane. Juda o bua ka mangeloi a “sa kang a boloka sebaka sa ’ona sa pele empa a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng,” ’me o re Molimo “o a bolokile ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.”—Juda 6.
Libopuoa tsa moea li ile tsa bontša ho se mamele ka tsela efe matsatsing a Noe? Pele ho Moroallo, meea eo e khopo e ile ea iphetola batho—e leng seo Molimo a neng a sa e rerela sona. (Gen. 6:2, 4) Ho feta moo, mangeloi ao a ileng a kopanela liphate le basali a ne a etsa boitšoaro bo litšila. Molimo ha aa bopela libopuoa tsa moea hore li kopanele liphate le basali. (Gen. 5:2) Mangeloi ana a khopo a sa mameleng a tla felisoa ka nako eo Molimo a e behileng. Joalokaha Juda e bontša, hona joale, a boemong ba “lefifi le letšo-letšo”—e leng seo re ka reng ke chankana ea moea.
Jesu o ile a bolela ho “meea e chankaneng” neng ’me o ile a etsa seo joang? Petrose o ile a ngola hore seo se etsahetse ka mor’a hore Jesu ‘a phelisoe moeeng.’ (1 Pet. 3:18, 19) Hape, hlokomela hore Petrose o re Jesu o ile a “bolela.” Taba ea hore ebe Petrose o buile ka tsela e bontšang hore Jesu o ne a se a entse mosebetsi oa ho bolela, e bontša hore Jesu o entse mosebetsi oo pele Petrose a ngola lengolo la hae la pele. Kahoo, ho bonahala eka nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a bolela ho meea e khopo mabapi le kahlolo e loketseng eo e tla e fumana. O ne a sa e bolelle molaetsa o neng o e fa tšepo. E ne e le molaetsa oa kahlolo. (Jon. 1:1, 2) Ha Jesu a se a bontšitse hore o na le tumelo, a tšepahetse ho fihlela lefung a bile a tsositsoe bafung—e leng se ileng sa bontša hore ka sebele ha ho moo Diabolose a ka mo tšoarang teng—o ne a e-na le lebaka la hore a etse phatlalatso eo ea kahlolo.—Joh. 14:30; 16:8-11.
Nakong e tlang, Jesu o tla tlama Satane le mangeloi ao ebe o ba akhela ka mohohlong. (Luka 8:30, 31; Tšen. 20:1-3) Ho fihlela ka nako eo, mangeloi ana a sa kang a mamela a boemong ba lefifi la moea le letšo-letšo, ’me a tla felisoa ka ho feletseng.—Tšen. 20:7-10.
(1 Petrose 4:6) Ha e le hantle, litaba tse molemo li ile tsa bolelloa le bafu ka morero ona, e le hore ba ka ahloloa mabapi le nama ponong ea batho empa ba ka phela mabapi le moea ponong ea Molimo.
Lintlha-kholo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose
4:6—“Bafu” ba neng ba ‘bolelloa litaba tse molemo’ ke bafe? Bana ke batho ba neng ba “shoele litšitong le libeng tsa [bona],” kapa ba neng ba shoele moeeng, pele ba utloa litaba tse molemo. (Baef. 2:1) Leha ho le joalo, ha ba se ba lumetse litaba tse molemo, ba ile ba qala ho ‘phela’ moeeng.
’Malo oa Bibele
(1 Petrose 3:8-22) Qetellong, kaofela ha lona le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong, 9 le sa phetetse bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola, empa, ho fapana le hoo, le hlohonolofatsa, hobane le bitselitsoe tsela ena, e le hore le ka rua tlhohonolofatso. 10 Etsoe, “ea ratang bophelo le ho bona matsatsi a molemo, a ke a thibe leleme la hae ho se sebe le molomo oa hae ho bueng thetso, 11 empa a furalle se sebe ’me a etse se molemo; a batle khotso ’me a e phehelle. 12 Etsoe mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.” 13 Ka sebele, ke ofe motho ea tla le ntša kotsi haeba le chesehela se molemo? 14 Empa esita le haeba le ka utloa bohloko ka lebaka la ho loka, lea thaba. Leha ho le joalo, le se ke la tšaba ntho eo ba e tšabang, kapa la ferekana. 15 Empa halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lona, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lona, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng. 16 E-bang le letsoalo le molemo, e le hore tabeng eo ho eona ho buuoang hampe ka lona, ba nyelisang boitšoaro ba lona bo molemo mabapi le Kreste ba ka hlajoa ke lihlong. 17 Etsoe ho molemo ho utloa bohloko hobane le etsa se molemo, haeba thato ea Molimo e ho lakatsa, ho e-na le hobane le etsa bobe. 18 Ka sebele, esita le Kreste o ile a shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa malebana le libe, motho ea lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Molimo, a bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng. 19 A le boemong bona hape o ile a tsamaea ’me a bolela ho meea e chankaneng, 20 eo ka nako e ’ngoe e neng e bile e sa mameleng ha ho se fele pelo ha Molimo ho ne ho letile matsatsing a Noe, ha areka e ne e ntse e hahoa, eo ka ho eona batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ileng ba pholosoa ba sireletsehile metsing. 21 Se lekanang le sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso, (eseng ho tlosoa ha litšila tsa nama, empa kopo e etsoang ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle,) ka tsoho ea Jesu Kreste. 22 O ka letsohong le letona la Molimo, kaha o ile a ea leholimong; ’me mangeloi le balaoli le ba matla ba ile ba behoa tlas’a hae.
LA 28 OCTOBER–LA 3 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 PETROSE 1-3
“Lulang le Hopola ho ba Teng ha Letsatsi la Jehova”
(2 Petrose 3:9, 10) Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong. 10 Empa leha ho le joalo letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu, leo ka lona maholimo a tla feta ka lerata le sheshang le hlabang, empa thepa ea motheo e le e chesang ka matla haholo e tla qhibiliha, ’me lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.
Jehova o Tla ‘Etsa Hore Toka e Etsoe’
Leha ho le joalo, re lokela ho utloisisa tšepiso e tiileng ea Jesu joang ea hore Jehova o tla etsa hore toka e etsoe “ka potlako”? Lentsoe la Molimo le bontša hore “esita le hoja [Jehova] a e-na le tiisetso,” ka potlako o tla phethahatsa toka ha ho fihla nako e loketseng. (Luka 18:7, 8; 2 Petrose 3:9, 10) Ha Moroallo o fihla mehleng ea Noe, batho ba khopo ba ile ba timetsoa ntle ho tšenyo ea nako. Ka ho tšoanang, le mehleng ea Lota, ha mollo o theoha leholimong, batho ba khopo ba ile ba timetsoa. Jesu o itse: “Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mor’a motho a tla senoloa.” (Luka 17:27-30) Ba khopo ba tla boela ba ‘timetsoe ka tšohanyetso.’ (1 Bathesalonika 5:2, 3) Ka sebele, re ka kholiseha ka botlalo hore Jehova a ke ke a lumella hore lefatše lena la Satane le be teng esita le ka letsatsi le le leng feela ho feta seo toka e se hlokang.
(2 Petrose 3:11, 12) Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, 12 le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova, leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha!
“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”
Ha ho makatse hore ebe moapostola Petrose o re khothalletsa ho lula re hopotse “ho ba teng ha letsatsi la Jehova”! See re ka se etsa joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ikakhela ka setotsoana “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.” (2 Petrose 3:11, 12) Ho tšoareha ka matla mesebetsing ea mofuta oo ho tla re thusa ho lebella ka cheseho hore “letsatsi la Jehova” le fihle. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “hopola” ka ho toba le bolela “ho potlakisa.” Bonneteng, re ke ke ra potlakisa nako e setseng ea hore letsatsi la Jehova le fihle. Empa, ha re ntse re letetse letsatsi leo, nako e tla bonahala e feta ka lebelo le leholo haeba re le maphathaphathe tšebeletsong ea Molimo.—1 Bakorinthe 15:58.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(2 Petrose 1:19) Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso e hlaha, ka lipelong tsa lona.
Lintlha-kholo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose
1:19—“Naleli ea meso” ke mang, e hlaha neng, hona re tseba joang hore e se e hlahile? “Naleli ea meso” ke Jesu Kreste ka mor’a hore e be Morena oa ’Muso oa Molimo. (Tšen. 22:16) Ka 1914, Jesu o ile a hlaha ka pel’a popo eohle e le Morena eo e leng Mesia, ’me o ne a phatlalatsa meso ea letsatsi le lecha. Ho fetoha sebopeho ha Jesu ho ile ha bontša khanya ea hae le matla a hae a Puso esale pele, e leng ho ileng ha tiisa hore lentsoe la Molimo la boprofeta le ka tšeptjoa. Ho ela hloko lentsoe leo ho etsa hore lipelo tsa rona li khanye, ’me seo se etsa hore re hlokomele hore Naleli ea meso e se e hlahile.
(2 Petrose 2:4) Ka sebele haeba Molimo a sa ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase, a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo hore a bolokeloe kahlolo;
Lintlha-kholo Tsa Lengolo la Jakobo le Mangolo a Petrose
2:4—“Tartarase” ke eng, hona mangeloi a marabele a akhetsoe ho eona neng? Tartarase ke boemo bo kang ba ho ba chankaneng boo ho behoang libopuoa tsa moea feela ho bona, eseng batho. Ke boemo ba ho ba lefifing le letšo kelellong mabapi le merero e khanyang ea Molimo. Ba Tartarase ha ba na tšepo leha e le efe ka bokamoso. Mehleng ea Noe Molimo o ile a akhela mangeloi a sa mameleng Tartarase, ’me a tla lula boemong boo bo tlotlollang ho fihlela a timetsoa.
’Malo oa Bibele
(2 Petrose 1:1-15) Simone Petrose, lekhoba le moapostola oa Jesu Kreste, ho ba fumaneng tumelo, eo e leng tokelo e lekanang le ea rona, ka ho loka ha Molimo oa rona le Mopholosi Jesu Kreste: 2 E se eka le ka ekeletsoa mosa o sa tšoanelang le khotso ka tsebo e nepahetseng ea Molimo le ea Jesu Morena oa rona, 3 joalokaha matla a hae a bomolimo a re file ka bolokolohi lintho tsohle tse malebana le bophelo le boinehelo ba bomolimo, ka tsebo e nepahetseng ea ea re bitsitseng ka khanya le bokhabane. 4 Ka lintho tsena o re file ka bolokolohi litšepiso tsa bohlokoa le tse kholo haholo, e le hore ka tsona le ka ba le karolo sebopehong sa bomolimo, le phonyohile ho boleng ho leng lefatšeng ka takatso e feteletseng. 5 E, ka lebaka lona lena, ka ho tlatsetsa ha lona ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng, tumelong ea lona le eketse bokhabane, bokhabaneng ba lona le eketse tsebo, 6 tsebong ea lona le eketse boitšoaro, boitšoarong ba lona le eketse mamello, mamellong ea lona le eketse boinehelo ba bomolimo, 7 boinehelong ba lona ba bomolimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lona bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato. 8 Etsoe haeba lintho tsena li le teng ho lona ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rona Jesu Kreste. 9 Etsoe haeba lintho tsena li le sieo ho mang kapa mang, o foufetse, o koalla mahlo a hae leseli, ’me o fetohile ea lebalang ho hloekisoa ha hae libeng tsa hae tsa khale. 10 Ka lebaka lena, barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lona ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lona; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hloleha le ka mohla. 11 Ha e le hantle, ka tsela ena le tla ekeletsoa ka ho enneng ho kena ’musong o sa feleng oa Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste. 12 Ka lebaka lena kamehla ke tla le hopotsa lintho tsena, le hoja le li tseba ’me le tsepame ’neteng e teng ho lona. 13 Empa ke ho nka ho nepahetse, hafeela ke le tabernakeleng ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa, 14 joalokaha ke hlile ke tseba hore ho tlosoa ha tabernakele ea ka ho tla tloha ho etsahala, feela joalokaha le Morena oa rona Jesu Kreste a ile a mpontša. 15 Kahoo ke tla etsa sohle se matleng a ka le ka linako tsohle e le hore, ka mor’a hore ke tlohe, le ka khona ho bolela lintho tsena bakeng sa lona.