Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 4 leq. 7
  • Kenyeletsa Mangolo Hantle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kenyeletsa Mangolo Hantle
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Mangolo a Kenyelelitsoe Hantle
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Finyella Lipelo Tsa Bamameli
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Selelekela se Hapang Bamameli
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 4 leq. 7

KHAOLO 4

Kenyeletsa Mangolo Hantle

Lengolo le qotsitsoeng

Matheu 22:41-45

NTLHA-KHOLO: Pele u bala lengolo, etsa hore bamameli ba tsebe hore na lengolo leo le tl’o bua ka’ng.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Utloisisa hore na ke hobane’ng ha u bala lengolo leo. Sebelisa lengolo ka leng ka tsela e tla thusa bamameli ba hao ho utloisisa ntlha ea sehlooho e temaneng eo.

    Keletso

    Nahana ka taba eo u ntseng u bua ka eona. Netefatsa hore na temana eo u e balang e buuoe ke mang le hore na e ngotsoe ke mang.

  • Bolela hore taba tseo u li buang li tsoa Bibeleng. Ha u bua le batho ba lumelang hore Molimo o teng, hatisa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Sena se tla ba thusa hore ba bone hore ke eona eo re lokelang ho e tšepa.

  • Etsa hore bamameli ba utloe ba batla ho bala lengolo. Botsa potso e tla arajoa ke lengolo, bua ka bothata bo ka rarolloang ke lengolo kapa u bue ka taba e tla hlakisoa ke lengolo.

    Keletso

    Nahana ka seo bamameli ba hao ba se tsebang ka taba eo u buang ka eona le ka lengolo leo u le balang. U ka sebelisa esita le lengolo leo ba le tloaetseng ka tsela e tla etsa hore ba labalabele ho le bala.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela