PINA EA 46
Rea U Leboha, Jehova
E Hatisitsoeng
1. Rea leboha Jah, Molimo oa rona.
U re thusa ho tseba Ntsoe la hao.
Rea leboha ka ho re fa monyetla
Oa hore re lule re’u rapela.
2. Rea leboha ka ho re fa Mor’a hao,
Ea tšepahetseng ka nako tsohle.
Rea leboha ha u re tataisa
Ho lula re etsa thato ea hao.
3. Rea u leboha ka tokelo ena
Ea ho phatlalatsa Lentsoe la hao.
Rea u leboha kaha haufinyane
U se u tla tlisa ’Muso oa hao.
(Sheba le Pes. 50:14; 95:2; 147:7; Bakol. 3:15.)