Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 June leq. 5
  • U ka Ithuta’ng ho Batho Bao e Leng Khale ba Sebeletsa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Ithuta’ng ho Batho Bao e Leng Khale ba Sebeletsa Jehova?
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusa Bana Hore ba Tsebe Mokhatlo oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Le na le Mabaka a ho Thaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ipoloke U Sireletsehile U le Karolo ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ithute ho Bahoeletsi ba Nang le Phihlelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 June leq. 5
Morali’abo rona ea mocha o tšoere morali’abo rona ea holileng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U ka Ithuta’ng ho Batho Bao e Leng Khale ba Sebeletsa Jehova?

Liphuthehong tsa habo rona, ho na le bara le barali babo rona ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ngata. Re ka ithuta lintho tse ngata ho bona hobane ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova. Re ka ba botsa ka histori ea mokhatlo oa Jehova, ka mathata ao ba ileng ba kopana le ’ona le kamoo Jehova a ba thusitseng kateng ho a hlola. Re ka ba mema borapeling ba rona ba lelapa.

Haeba u se u na le lilemo tse ngata u sebeletsa Jehova, bolella ba bacha kamoo Jehova a ileng a u thusa kateng. Jakobo le Josefa ba ile ba bolella litloholo tsa bona ka lintho tse ileng tsa ba hlahela le kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng. (Gen 48:​21, 22; 50:​24, 25) Hamorao, Jehova o ile a bolella lihlooho tsa malapa hore li rute bana ba bona ka liketso tsa hae. (De 4:​9, 10; Pes 78:​4-7) Mehleng ena, batsoali le batho ba bang ba ka bolella ba bacha lintho tse ntle tseo ba li boneng tseo Jehova a li entseng ka mokhatlong oa hae.

SHEBELLANG VIDEO EA HO MOMAHANA LE HA RE THIBETSOE, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Lekala la Austria le ile la thusa bara babo rona ba linaheng tse ling joang moo ba neng ba thibetsoe ho ruta batho ka Bibele?

  • Bara babo rona ba linaheng tseo ba ile ba etsa’ng e le hore ba lule ba e-na le tumelo e matla?

  • Ke hobane’ng ha bahoeletsi ba bangata ba Romania ba ile ba ikarola mokhatlong oa Jehova, hona ba khutlile joang?

  • U ithutile’ng videong ee, e ka matlafatsang tumelo ea hao?

Litšoantšo tse hlahang videong ea ‘Ho Momahana le ha re Thibetsoe.’ 1. ’Mapa o bontšang linaha tseo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe ka bochabela ho Europe. 2. Mochine o kopitsang. 3. Bara babo rona ba Romania baa hakana.

Ithute lintho tse ngata ho Bakreste-’moho le uena bao eleng khale ba sebeletsa Jehova e le hore le uena u ka matlafatsa tumelo ea hao ho eena.

U ka etsa’ng haeba phuthehong ea heno ho e-na le batho bao eseng khale ba sebeletsa Jehova? U ka fumana lipale tse ngata tsa bara le barali babo rona ba sebelelitseng Jehova ka nako e telele ho jw.org tlas’a “Livideo” kapa ho Watch Tower Publications Index tlas’a “Life Stories of Jehovah’s Witnesses.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela