Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 5-LA 11 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 11-12
“Jehova o Batla Hore re mo Rapele Joang?”
it-2-E 1007 ¶4
Moea
Ho Sebetsa ka Moea Oohle. Joalokaha re bone, ha ho buuoa ka “moea” ho buuoa ka motho. Leha ho le joalo, litemana tse ling li re khothalletsa ho batla lerato le ho sebeletsa Molimo ka ‘pelo eohle le ka moea oohle’ (De 4:29; 11:13, 18), ha Deuteronoma 6:5 eona e re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” Jesu o ile a re ke ha bohlokoa hore motho a sebetse ka moea oa hae oohle le ka matla a hae ’ohle, a ba a ekelletsa ka hore motho a sebetse le ka “kelello ea hae eohle.” (Mar 12:30; Lu 10:27) Potso eo batho ba ka e botsang ke hore na ke hobane’ng ha ho qolloa lintho tsena, le hoja li kenelletse ha ho buuoa ka moea. E re re etse mohlala oa hore na e ka ’na eaba ho boleloa’ng. Ha re re motho oa ithekisa (o rekisa moea oa hae) hore e be lekhoba la motho e mong ebe ka ho etsa joalo e ba thepa ea mong’a hae. Empa ebe ha a sebeletse mong’a hae ka pelo eohle kapa ho sebelisa bokhoni bohle boo a nang le bona e le hore a etse mesebetsi eo mong’a hae a mo fileng eona kapa a bontše hore o lakatsa ho thabisa mong’a hae. (Bapisa le Ef 6:5; Kol 3:22) Ke ka lebaka lena lintho tseo li boletsoeng e le hore re hopole hore re lokela ho sebeletsa Jehova ka sohle seo re nang le sona hobane re ikarabella ho eena le ho Mora oa hae ea faneng ka bophelo ba hae e le thekollo. Ho sebeletsa Molimo “ka moea oohle” ho bolela hore u mo sebeletsa ka sohle seo u nang le sona u sa siee letho.—Bapisa le Mat 5:28-30; Lu 21:34-36; Ef 6:6-9; Fil 3:19; Kol 3:23, 24.
it-1-E 84 ¶3
Aletare
Baiseraele ba ile ba laeloa hore ba senye lialetare tsohle tsa bohetene hammoho le litšiea le lipalo tsa eona tse halalelang tseo hangata li neng li ba pel’a lialetare. (Ex 34:13; De 7:5, 6; 12:1-3) Ba ne ba sa lokela ho etsisa malumeli ana a bohetene kapa hore ba nyehele bana ba bona mollong joalokaha Bakanana ba ne ba etsa. (De 12:30, 31; 16:21) Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ba le lialetare tse ngata empa ba ne ba lokela ho ba le e le ’ngoe eo ba neng ba lokela ho rapela Molimo oa ’nete ho eona. E ne tla ba sebakeng seo Jehova a neng a tla se khetha. (De 12:2-6, 13, 14, 27; Bapisa le Babylona moo ho neng ho e-na le lialetare tse 180 bakeng sa molimotsana Ishtar.) Ka lekhetlo la pele ka mor’a hore ba tšele noka ea Jordane, ba ile ba laeloa hore ba etse aletare ka majoe a sa betloang (De 27:4-8) ’me aletare eo e ile ea hahoa ke Joshua ha ba le Thabeng ea Ebale. (Jos 8:30-32) Ka mor’a hore ho aroloe naha e tšepisitsoeng, moloko oa Rubene, moloko oa Gade le halofo ea moloko oa Manase e ile ea haha aletare pel’a Jordane ’me taba eo e ile ea etsa hore meloko e meng e belaele ea ba ea batla e baka kotsi empa ho ile ha hlaka hore meloko eo e ileng ea haha aletare e ne e sa etse borabele, e ile ea haha aletare eo ho ikhopotsa hore e ile ea tšepahalla Molimo oa ’nete Jehova.—Jos 22:10-34.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 925-926
Thaba ea Gerizime
Nakoana ka mor’a hore sechaba sa Iseraele se hlole Ai, Joshua o ile a se tataisa hore se eme ka pel’a Thaba ea Gerizime le ea Ebale, a latela litaelo tseo a neng a li fuoe ke Moshe. Sechaba se ile sa balloa hore na se tla fumana litlhohonolofatso life haeba se ka mamela Jehova le hore na se ne se tla oeloa ke bomali-mabe bofe haeba se sa mamele. Meloko ea Simeone, Levi, Juda, Isakare, Josefa le Benjamine e ile ea ema ka pel’a Thaba ea Gerizime. Balevi ba ne ba e-na le Areka ea selekane ’me ba eme phuleng, ha meloko e meng e tšeletseng e ne e eme ka pel’a Thaba ea Ebale. (De 11:29, 30; 27:11-13; Jos 8:28-35) Ho bonahala eka meloko e neng e eme ka pel’a Thaba ea Gerizime e ile ea arabela litlhohonolofatsong tseo e neng e li balloa athe meloko e neng e eme ka pel’a Thaba ea Ebale e ile ea arabela lithohakong tseo e neng e li balloa. Batho ba bang ba nahana hore litlhohonolofatso li ile tsa balloa ba neng ba le ka lehlakoreng la Thaba ea Gerizime hobane e le ntle ebile mobu oa teng o le manoni athe lithohako li ile tsa balloa ba neng ba le ka lehlakoreng la Thaba ea Ebale hobane e ne e le majoe ebile e omeletse empa Bibele eona ha e re letho ka taba ena. Molao o ile oa balloa “holimo ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele, hammoho le basali le bana ba banyenyane le bajaki ba neng ba tsamaea har’a bona.” (Jos 8:35) Sechaba sena se seholohali se ile sa utloa mantsoe ao se neng se a balloa se le ka pel’a lithaba tseo tse peli. E ka ’na eaba sechaba se ile sa khona ho utloa hantle ka lebaka la sebaka seo se neng se le ho sona.—Sheba THABA EA EBALE.
LA 12-LA 18 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 13-15
“Molao o ne o Bontša Hore Jehova o Tsotella Batho ba Futsanehileng”
it-2-E 1110 ¶3
Karolo ea Leshome
Ho bonahala eka ho ne ho na le karolo e ’ngoe ea bobeli ea karolo ea leshome e neng e behelloa ka thoko selemo le selemo. Morero oa eona e ne e se ho thusa Balevi ka ho toba empa ba ne ba kenella ha e sebelisoa. Hangata e ne e sebelisoa ke lelapa la Moiseraele ha le ne le keteka mekete eo Baiseraele ba neng ba e keteka. Ha lelapa le ne le lula hole haholo le Jerusalema, le ne le rekisa karolo ea lona ea leshome ebe le sebelisa chelete eo bakeng sa hore le natefeloe ke kopano e halalelang ha le le Jerusalema. (De 12:4-7, 11, 17, 18; 14:22-27) Qetellong ea selemo se seng le se seng sa boraro le sa botšelela sa lilemo tse supileng tsa nako ea sabatha, ho e-na le hore karolo eo ea leshome e behelloe ka thoko bakeng sa ho patalla litšenyehelo tsa likopano tsa Baiseraele, e ne e behelloa ka thoko bakeng sa Balevi, balichaba, basali ba bahlolohali le likhutsana.—De 14:28, 29; 26:12.
it-2-E 833
Selemo sa Sabatha
Selemo sa Sabatha se ne se bitsoa “selemo sa tokollo” [hash·shemit·tahʹ].” (De 15:9; 31:10) Ka selemo seo, naha e ne e phomotsoa e tlohelloa e sa lengoa. (Ex 23:11) Hape haeba motho a ne a e-na le sekoloto, se ne se hlakoloa. E ne e le “tokollo ho Jehova” e le ho mo bontša tlhompho. Bahlalosi ba bang ba Bibele ba re sekoloto se ne se sa hlakoloe ka ho feletseng empa motho ea kalimaneng o ne a sa lokela ho qobella Moheberu e mong hore a mo patale hobane ho ne ho tla be ho sa kotuloa letho masimong selemong seo. Leha ho le joalo, o ne a ka qobella molichaba hore a mo patale. (De 15:1-3) Bo-rabi ba bang ba re likoloto tse neng li entsoe bakeng sa ho thusa Moheberu e mong ea futsanehileng, li ne li hlakoloa. Empa likoloto tse neng li entsoe bakeng sa khoebo li ne li sa oele mokhahlelong oa likoloto tse neng li hlakoloa. Bo-rabi bao ba re lilemong tsa bo-100, Hillel o ile a qapa mokhoa o mocha oa hore motho ea alimaneng a ka ea lekhotleng a thibela hore mokoloto o hlakoloe ka hore a etse boipiletso bo itseng.—The Pentateuch and Haftorahs, ea J. Hertz, London, 1972, leq. 811, 812.
it-2-E 978 ¶6
Lekhoba
Melao e mabapi le lekhoba le mong’a lona. Har’a Baiseraele, lekhoba la Moheberu le ne le tšoaroa ka tsela e fapaneng le eo lekhoba la molichaba kapa la mojaki le neng le tšoaroa ka eona. Lekhoba la mojaki kapa la molichaba le ne le fetoha thepa ea mong’a lona ’me o ne a ka le fetisetsa ho mora oa hae e le lefa (Le 25:44-46) empa lekhoba la Moheberu lona le ne le lokela ho lokolloa selemong sa bosupa le sebeletsa mong’a lona kapa ka selemo sa Jubile, ho itšetlehile ka hore na ke sefe se tlang pele. Nakong eo Moheberu e ntseng e le lekhoba, o ne a lokela ho tšoaroa joaloka motho ea hiriloeng. (Ex 21:2; Le 25:10; De 15:12) Haeba Moheberu a ne a ithekisitse hore e be lekhoba ho molichaba, ho setho se seng sa lelapa la molichaba kapa ho mojaki, o ne a e-na le monyetla oa hore nako eohle a ka itokolla ka hore a ipatalle kapa a patalloe ke motho e mong ea neng a e-na le tokelo ea ho etsa joalo. Chelete e neng e pataloa, e ne e itšetlehile ka hore na ho setse lilemo tse kae pele ho selemo sa Jubile kapa selemo sa bosupa sa bokhoba ba hae. (Le 25:47-52; De 15:12) Ha lekhoba la Moheberu le ne le lokolloa, mong’a lona o ne a le fa mpho e le ho le thusa hore le ka qala bophelo. (De 15:13-15) Haeba lekhoba le ne le tlile le mosali oa lona, le ne le lokolloa le eena. Empa haeba lekhoba le ne le filoe mosali ke mong’a lona (eo ho hlakileng hore e ne e le mosali oa molichaba ea neng a se na tokelo ea ho lokolloa ka selemo sa bosupa sa bokhoba) mosali le bana ba ne ba sala ’me ba fetoha thepa ea mong’a lekhoba. Boemong boo, lekhoba la Moheberu le ne le ka la ikhethela hore le lule ha mong’a lona. Haeba le ne le khetha hore le etse joalo, tsebe ea lona e ne e phunngoa ka elese e le ho bontša hore la tla sebeletsa mong’a lona ho ea ho ile.—Ex 21:2-6; De 15:16, 17.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Re ithuta’ng thibelong e neng e re batho ba se ke ba pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona?
Taelo ena ea Molao oa Moshe, e hlahang ka makhetlo a mararo ka Bibeleng, e ka re thusa hore re utloisise se lokileng mahlong a Jehova, qenehelo ea hae le mosa oa hae. E boetse e hatisa kamoo a nyonyang borapeli ba bohata kateng.—Exoda 34:26; Deuteronoma 14:21.
Ho pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona ho ne ho sa tl’o lumellana le tlhophiso ea lintho eo Jehova a e entseng. Jehova o lokiselitse lebese la poli hore le matlafatse potsanyane ’me le e holise. Kamoo setsebi se seng se bolelang kateng, ho pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona, ho ne ho tla bontša “ho eisa kapa ho senya kamano eo Molimo a e thehileng le ho e hlohonolofatsa pakeng tsa poli le potsanyane.”
Ho feta moo, ba bang ba nahana hore ho belisa potsanyane ka lebese la ’m’a eona e ne e le mokhoa oa bohetene oa ho bitsa pula. Haeba boemo e ne e le bona boo, thibelo ena e ne e tla sireletsa Baiseraele mekhoeng ea bolumeli e se nang kelello le e sehloho ea lichaba tse neng li ba potolohile. Molao oa Moshe o ne o hlile o thibela Baiseraele ho tsamaea ka melao ea lichaba tseo.—Levitike 20:23.
Ntho ea ho qetela eo re e bonang molaong ona ke qenehelo e mofuthu eo Jehova a nang le eona. Ha e le hantle, Molao o ne o e-na le litaelo tse tšoanang le ena tse hanelang ho tšoara liphoofolo ka sehloho ’me li ne li sireletsa linthong tse sa lumellaneng le tlhaho. Ka mohlala, Molao o ne o akarelletsa taelo ea hore ho se ke ha etsoa sehlabelo ka phoofolo ntle leha e bile le ’m’a eona ka matsatsi ao e ka bang a supileng, ho se ke ha bolaoa phoofolo le lelinyane la eona ka letsatsi le le leng le hore ho se ke ha nkoa nonyana le mahe a eona kapa malinyane a eona ka sehlaheng.—Levitike 22:27, 28; Deuteronoma 22:6, 7.
Ho hlakile hore Molao e ne e se feela letoto la litaelo tse rarahaneng le lithibelo. Molemo o mong oa molao ke hore melao-motheo ea oona e re thusa ho itšoara ka tsela e phahameng e bonahatsang e le kannete makhabane a babatsehang a Jehova.—Pesaleme ea 19:7-11.
LA 19-LA 25 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 16-18
“Melao-motheo ea ho Ahlola ka Toka”
it-1-E 343 ¶5
Bofofu
Ho sebetsa nyeoe ka ho hloka toka ho ne ho tšoantšoa le bofofu. Hape likarolo tse ngata tsa Molao, li ne li thibela tjotjo, ho fana ka limpho le ho hloka toka hobane lintho tse joalo li ne li ka foufatsa moahloli ebe o sebetsa litaba ka ho hloka toka. “Tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng.” (Ex 23:8) “Tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale.” (De 16:19) Haeba moahloli a ne a ka fuoa mpho ke moqosi kapa moqosuoa, ho sa tsotellehe hore na moahloli ke motho ea hlokolosi kapa ea ratang toka hakae, o ne a ka ’na a se ke a sebetsa litaba ka toka a hlokomela kapa a sa hlokomele. Molao oa Molimo o ile oa hlakisa hantle hore motho a ke ke a foufatsoa ke tjotjo feela, empa a ka susumetsoa le ke maikutlo a hae hobane molao oo o re: “Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo.” (Le 19:15) Ka lebaka leo, moahloli o ne a sa lokela ho susumetsoa ke maikutlo a hae, hore na bongata bo re’ng kapa hore na motho ke morui kapa mofutsana.—Ex 23:2, 3.
it-2-E 511 ¶7
Palo
Peli. Hangata palo peli e sebelisoa litabeng tsa molao. Bopaki bo ne bo e-ba matla haholo haeba ho ne ho e-na le lipaki tse peli tse buang lintho tse lumellang. E le hore taba e be le motheo ka pel’a baahloli, ho ne ho hlakahala hore ho be le lipaki tse peli kapa tse tharo. Ho ntse ho sebelisoa molao-motheo o tšoanang le ka phuthehong ea Bokreste. (De 17:6; 19:15; Mat 18:16; 2Ko 13:1; 1Ti 5:19; Heb 10:28) Molimo o ile a sebelisa molao-motheo ona ha a ne a tlisa Mora oa hae hore a tl’o lokolla batho. Jesu o ile a re: “Molaong oa lona ho ngoliloe, ‘Bopaki ba batho ba babeli ke ’nete.’ Ke ’na ea ipakang, ’me Ntate ea nthomileng oa mpaka.”—Joh 8:17, 18.
it-2-E 685 ¶6
Moprista
Baprista e ne e le bona ba ka sehloohong ba ikarabellang tabeng ea ho hlalosa molao oa Molimo. Ba ne ba boetsa ba phetha karolo e kholo liqetong tsa boahloli tse neng li etsoa Iseraele. Metseng eo baprista ba neng ba e abetsoe, ba ne ba ne ba thusa baahloli hape ba ne ba sebetsa le baahloli linyeoeng tseo ho leng thata hore baahloli ba ka li ahlola. (De 17:8, 9) Ba ne ba boetse ba sebetsa le banna ba baholo ba motse linyeoeng tseo ho tsona ho nang le motho ea bolailoeng empa ho sa tsebahale hore na o bolailoe ke mang. Ba ne ba lokela ho netefatsa hore ho lateloa melao e nepahetseng e le hore ho se ke ha e-ba le molato oa mali motseng. (De 21:1, 2, 5) Haeba monna ea boulelang a ne a qosa mosali oa hae ka hore o entse bohlola, mosali eo o ne a lokela ho tlisoa sehalalelong moo baprista ba neng ba lokela hore ba latele litaelo e le hore Jehova e ka ba eena ea etsang qeto ea hore na mosali eo o molato ka qoso eo a qosoang ka eona kapa che. (Nu 5:11-31) Maemong ana kaofela, batho ba ne ba lokela ho hlompha liqeto tse entsoeng ke baprista kapa baahloli ’me motho ea neng a sa mamele kapa a sa hlomphe liqeto tseo ka boomo, o ne a lokela ho bolaoa.—Nu 15:30; De 17:10-13.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 787
Ho Leleka
Molao o ne o re pele motho a ka ahloleloa lefu, ho ne ho lokela hore ho be le bopaki bo entsoeng ke bonyane lipaki tse peli. (De 19:15) Lipaki tsena e ne e le tsona tsa pele tsa hore li tlepetse motho ea neng a entse phoso ka majoe. (De 17:7) Ho etsa joalo ho ne ho bontša hore ba chesehela molao oa Molimo le bohloeki ba phutheho ea Iseraele. Hape e ne e boetse e le temoso ea hore batho ba se ke ba fana ka bopaki ba bohata, ka ho se tsotelle kapa ka lepotla-potla.
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
it-1-E 519 ¶4
Phutheho ea Bokreste. Le hoja phuthehong ea Bokreste ho se na baahloli joaloka lekhotleng, ho ka etsoa qeto ka batho ba sa laoleheng ba hlokang ho khalemeloa ’me ka linako tse ling ba ka ba ba lelekoa ka phuthehong. Kahoo moapostola Pauluse o re phutheho, kapa baemeli ba phutheho, ba lokela ho ahlola ba ka har’a phutheho. (1Ko 5:12, 13) Pauluse le Petrose ba ile ba ngolla phutheho le ba etellang pele hore baholo ba lokela ho hlokomela phutheho hape ba lokela ho thusa kapa ho eletsa leha e le mang ea etsang ntho e fosahetseng. (2Ti 4:2; 1Pe 5:1, 2; bapisa le Gal 6:1) Batho ba bakang likarohano kapa maquloana ba lokela ho eletsoa ka lekhetlo la pele le la bobeli pele ho ka nkoa mehato e amang phutheho. (Tit 3:10, 11) Empa batho ba lulang ba etsa sebe, ba lokela ho tlosoa kapa ba tebeloe ka phuthehong. Ho etsa joalo ho tla thusa mofosi ho elelloa hore phutheho e ke ke ea mamella lintho tse mpe. (1Ti 1:20) Pauluse o ile a laela banna ba nang le boikarabelo ka phuthehong hore ebe baahloli ba kopanang ho tla mamela litaba tsa boahloli. (1Ko 5:1-5; 6:1-5) Ha baa lokela ho ba leeme kapa ho ahlola motho esale pele, empa ba lokela ho ahlola ha feela ho e-na le bopaki ba lipaki tse peli kapa tse tharo.—1Ti 5:19, 21.
Jesu o ile a laela balateli ba hae hore haeba motho a ba fosetsa, ba lokela hore ba qale pele ka ho rarolla bothata e le bona feela. Haeba ba hloleha ho rarolla bothata bona, kapa e le bothata bo tebileng, bo lokela ho rarolloa ke phutheho (kapa banna ba ikarabellang ba tataisang phutheho). Hamorao Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba rarolle mathata ka tsela ena, ba se ke ba isana makhotleng a lefatše.—Mat 18:15-17; 1Ko 6:1-8; sheba LEGAL CASE.
LA 26 JULY–LA 1 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 19-21
“Bophelo ba Motho ke ba Bohlokoa ho Jehova”
Etsisa Jehova ka Hore u be Mohau ’Me U Hloke Leeme
4 Ho ne ho le bonolo ho fihla metseng e tšeletseng ea setšabelo. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba khethe metse e meraro ka lehlakoreng le leng la noka ea Jordane le e meraro ka ho le leng. Hobane’ng? E le hore ’molai a khone ho balehela motseng oa setšabelo ka potlako a bile a sa sokole. (Num. 35:11-14) Litsela tse eang metseng eo, li ne li bolokoa li le boemong bo botle. (Deut. 19:3) Ho latela setso sa Bajuda, ho ne ho e-na le matšoao a tsela a thusang ’molai hore a fumane motse oa setšabelo. Kaha metse ea setšabelo e ne e le teng, Moiseraele ea bolaileng e mong ka phoso o ne a sa tlameha ho batla tšireletso metseng ea balichaba hobane o ne a ka ’na a qetella a rapela melimo ea bohata.
Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me U Hloke Leeme
9 Le leng la mabaka a hore ho be le metse ea setšabelo e ne e le ho sireletsa Baiseraele hore ba hloke molato oa mali. (Deut. 19:10) Kaha Jehova o rata bophelo, o hloile “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) Hape, kaha o na le toka ebile oa halalela, o ne a ke ke a iphapanya ha motho a bolaile e mong ka phoso. Ke ’nete hore motho ea bolaileng e mong ka phoso o ne a hauheloa. Empa pele, o ne a lokela ho hlalosetsa baholo litaba tsa hae. Haeba ba bona hore ehlile o bolaile motho ka phoso, ’molai o ne a lokela ho lula motseng oa setšabelo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa. O ne a ka ’na a lula moo bophelo bohle ba hae. Kahoo, tlhophiso ena e ne e ruta Baiseraele hore bophelo boa halalela. E le ho bontša hore ba hlompha ea faneng ka bophelo, ba ne ba lokela ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e behang bophelo ba motho kotsing.
it-1-E 344
Mali
Molimo o bopile motho e mong le e mong e le hore a thabele bophelo. Motho ea neng a tla sitisa e mong hore a thabele bophelo, o ne a tla ikarabella ka pel’a Molimo. Molimo o ile a bontša hore na o ikutloa joang ka taba ena ha a ne a re ho Kaine: “Mali a moen’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.” (Gen 4:10) Motho o ne a tla ikarabella ka mali a mor’abo haeba a beha bophelo ba mor’abo kotsing ka hore a mo hloee, a mo lakaletse lefu, a mo bue hampe kapa a fane ka bopaki ba bohata khahlanong le eena.—Le 19:16; De 19:18-21; 1Jo 3:15.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 518 ¶1
Lekhotla
Lekhotla le ne le le hekeng ea motse. (De 16:18; 21:19; 22:15, 24; 25:7; Ru 4:1) Ha ho buuoa ka “heke,” ho boleloa sebaka se bulehileng se neng se le hekeng ea motse. Hekeng ea motse e ne e le moo ho balloang sechaba melao le litaelo. (Ne 8:1-3) Hekeng ea motse ho ne ho e-na le batho ba ka bitsoang hore e tl’o ba lipaki litabeng tse amang sechaba, tse kang ho rekisetsana thepa le tse ling. Batho ba bangata ba ne ba tsoa le ho kena hekeng. Kaha nyeoe e tšoareloang hekeng e ne e tla mameloa ke batho ba bangata, taba eo e ne e tla susumetsa baahloli hore ba ahlole ka toka. Ho bonahala eka ho na le sebaka seo baahloli ba neng ba lula ho sona pel’a heke moo ba neng ba nolofalloa ho ahlola. (Job 29:7) Samuele o ile a tsamaea ho potoloha Bethele, Gilgale le Mizpa “ ’me a ahlola Baiseraele libakeng tsena tsohle.” O ne a boetse a ahlola le Rama moo ntlo ea hae e neng e le hona teng.—1Sa 7:16, 17.
LA 2-LA 8 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 22-23
“Molao o ne o Bontša Joang Hore Jehova o Tsotella Liphoofolo?”
it-1-E 375-376
Moroalo
Nakong e fetileng liphoofolo li ne li sebelisetsoa ho jara moroalo ’me Moiseraele o ne a sa lokela ho siea esele ea motho ea mo hloileng e imetsoe ke mojaro oa eona empa o ne ‘a lokela ho e imolla.’ (Ex 23:5) Boima ba lintho tseo liphoofolo li neng li khona ho bo jara bo bitsoa mojaro, joaloka “mojaro oa limmoulo tse peli.”—2Ma 5:17.
it-1-E 621 ¶1
Deuteronoma
Lengolong la Deuteronoma re bona kamoo liphoofolo li neng li nahaneloa kateng. Baiseraele ba ne ba sa lokela ho nka nonyana e lutseng holim’a sehlaha sa eona kaha e ne e ka hlaseleha habonolo hobane e batla ho sireletsa malinyane a eona. Ba ne ba lokela ho tlohella nonyana eo empa ba ne ba ka nka malinyana a eona hobane nonyana eo e ne e ka ba le malinyane a mang. (De 22:6, 7) Motho o ne a sa lokela ho pana poho le esele ha a lema e le ho sireletsa phoofolo e fokolang ka matla. (22:10) Poho e ne e sa lokela ho tlangoa molomo ha e ntse e pola lijo thollo e le hore e se ke ea bolaoa ke tlala le hoja lijo li le haufinyane ebile e ntse e sebetsa ka thata ho pola.—25:4.
“Le se ke la Kena Jokong e sa Lekaneng”
JOALOKAHA u ka bona setšoantšong sena, kamele le poho tse lemang hammoho li bonahala li hula ka thata. Joko e li kopantseng, e etselitsoeng liphoofolo tse peli tse lekanang ka boholo le ka matla e utloisa liphoofolo tsena bohloko. Molimo o ne a amehile ka lipelesa tsa mofuta ona, ha a ne a re ho Baiseraele: “U se ke ua lema ka poho le esele hammoho.” (Deuteronoma 22:10) Ho sebetsa molao-motheo o tšoanang tabeng ea poho le kamele.
Ka tloaelo, sehoai se ke ke sa imetsa liphoofolo tsa sona joalo. Empa haeba se ne se se na lipoho tse peli, se ne se ka ’na sa pana liphoofolo tse ling tse peli tseo se neng se e-na le tsona ka joko e le ’ngoe. Kamoo ho bonahalang kateng, sehoai sa lekholong la bo19 la lilemo se setšoantšong sena se ile sa etsa qeto ea ho etsa joalo. Ka lebaka la ho se tšoane ha tsona ka boholo le ka boima, phoofolo e fokolang e ne e tla tlameha ho hula ka thata hore e tsamaisane le e ’ngoe, ’me phoofolo e matla eona e ne e tla imeloa haholo.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 600
Sekoloto, Motho ea Kolotang
Sekoloto ke ha motho a kolota motho e mong, ke boitlamo ba ho patala kapa ho fana ka ntho e itseng. Lebaka le ka sehloohong leo motho a neng a ba le sekoloto ka lona mehleng ea Baiseraele ke hobane a ne a sena chelete. E ne e le bomali-mabe hore Moiseraele a be le sekoloto, hobane ha e le hantle e ne e tla ba lekhoba la motho ea mo alimileng chelete. (Lipr 22:7) Ke kahoo batho ba Molimo ba neng ba khothalletsoa hore e be batho ba fanang, ba nahanelang ha ba alima Baiseraele ba bang ba hlokang, eseng hore ba nke monyetla ’me ba batle phaello. (Ex 22:25; De 15:7, 8; Pes 37:26; 112:5) Empa motho eo eseng Moiseraele o ne a ka patala phaello. (De 23:20) Bahlalosi ba Bajuda ba ne ba utloisisa hore tokisetso ena e ne e sebetsa sekolotong se amanang le khoebo, eseng ho thusa batho ba hlokang. Ho ne ho tloaelehile hore batho ba tsoang linaheng tse ling hangata e le barekisi, ba be Iseraele ka nakoana fela ’me ho ne ho utloahala hore ho lebelloe hore ba patale phaello kaha le bona ba ne ba batla phaello ha ba alima ba bang.
LA 9-LA 15 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 24-26
“Molao o ne o Bontša Joang Hore Jehova o Tsotella Basali”
it-2-E 1196 ¶4
Mosali
Melao ea sesole e ne e sa lumelle monna ho ea lebothong la sesole selemong sa pele sa lenyalo. Ho etsa joalo ho ne ho tla fa banyalani bana monyetla oa ho sebelisa tokela ea bona ea ho ba le ngoana. Eleng se neng se tla tšelisa ’mè ha monna oa hae a ile ntoeng, haholo-holo haeba monna oa hae a ka shoella moo.—De 20:7; 24:5.
it-1-E 963 ¶2
Ho Khoahlapisa
Ho hlakile hore tokisetso ena e neng e etselitsoe batho ba futsanehileng e ne e sa bolele hore ba botsoa kapa ha ba batle ho sebetsa empa ho e-na le hoo, e ne e bontša hore ba tšepile Jehova ebile e ne e khothalletsa ba bang hore ba fane ’me ba se ke ba icheba bo bona feela. Tokisetso ena e etsa hore re hlokomele mantsoe a Davida a reng: “Ha ke e-so bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” (Pes 37:25) Haeba batho ba futsanehileng ba ne ba ka sebelisa tokisetso ena ea Molao ebile ba sebetsa ka thata, ba ne ba ke ke ba lapa ’me bona le bana ba bona ba ne ba ke ke ba kopa bohobe.
Re U Lome Tsebe?
Iseraele ea boholo-holo, haeba monna a ne a ka shoa a se na mora, ho ne ho lebeletsoe hore mor’abo a nyale mohlolohali eo e le hore a mo etsetse ngoana ea tla ntšetsa pele leloko la monna ea hlokahetseng. (Genese 38:8) Tokisetso eo e neng e bitsoa ho kenela, hamorao e ile ea kenyelletsoa Molaong oa Moshe. (Deuteronoma 25:5, 6) Se ileng sa etsoa ke Boaze joalokaha ho hlalositsoe bukeng ea Ruthe, se bontša hore tokisetso ena e ne e ka fetela ho banna ba bang ba leloko la monna ea hlokahetseng haeba a se na baholoane kapa baena.—Ruthe 1:3, 4; 2:19, 20; 4:1-6.
Taba ea hore batho ba ne ba keneloa mehleng ea Jesu e bontšoa ke se tlalehiloeng ho Mareka 12:20-22, moo Basaduse ba buang ka hona. Rahistori oa lekholong la pele la lilemo oa Mojuda, Flavius Josephus, o ile a re mokhoa oo o ne o boloka lebitso la lelapa, o etsa hore lefa le lule ka lapeng o bile o etsa hore mohlolohali a hlokomeloe. Mehleng eo ea khale, mosali o ne a ke ke a ja lefa la monna oa hae. Leha ho le joalo, ngoana ea hlahileng ha a keneloa o ne a ka ja lefa la monna ea shoeleng.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 640 ¶5
Tlhalo
Lengolo la Tlhalo. Molao oa Moshe oa tlhalo o ne o sa etse hore ho be bonolo hore monna oa Moiseraele a hlale mosali oa hae. E le hore a hlale, ho ne ho na le lintho tseo a neng a lokela ho li etsa. Ea pele, o ne a lokela ho “mo ngolla lengolo la tlhalo” ebe o mo fa lona. Ea bobeli, monna ea batlang ho hlala o ne a lokela ho “beha lengolo la tlhalo letsohong la hae ’me a mo bolelle hore a tlohe ha hae.” (De 24:1) Le hoja Mangolo a sa fane ka lintlha tse eketsehilng ka taba ena, ntho e ’ngoe eo monna ea batlang ho hlala a neng a lokela ho e etsa ke hore a buisane le banna ba baholo ba neng ba ka mo thusa hore a leke ho lokisa litaba. Nako eo monna ea batlang ho hlala a neng a tla e qeta a ngola lengolo la tlhalo le mehato eo a neng a lokela ho e etsa e le hore a hlale, e ne e ka mo fa monyetla kapa nako ea hore a nahanisise ka qeto ea hae hantle. O ne a lokela ho ba le lebaka le utloahalang la hore na ke hobane’ng ha a batla ho hlala ’me mehato eo a neng a lokela ho e etsa e le hore a hlale, e ne e tla mo bontša hore haa lokela ho etsa qeto ka lepotlapotla. Qeto ena e ne e boetse e sireletsa mosali le litokelo tsa hae. Mangolo haa re bolelle hore na ho ne ho ngoloa eng ka har’a “lengolo la tlhalo.”
LA 16-LA 22 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 27-28
“U Tla Fumana Litlhohonolofatso Tsena Tsohle”
Fumana Litlhohonolofatso ka Morena ea Tataisoang ke Moea oa Molimo!
18 Ho hlakile hore ho mamela ho akarelletsa ho nka ka ho teba se boleloang Lentsoeng la Molimo le lijo tsa moea tseo a fanang ka tsona. (Mat. 24:45) Ho boetse ho bolela ho mamela Molimo le Mora oa hae. Jesu o ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Mat. 7:21) Ho feta moo, ho mamela Molimo ho bolela hore ka pelo e tšoeu, motho a ikokobelletse tokisetso eo A e entseng e leng phutheho ea Bokreste hammoho le baholo, e leng “limpho tseo e leng banna.”—Baef. 4:8.
Na Litlhohonolofatso Tsa Jehova li Tla u Fihlela?
2 Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “u ntse u mamela” ho Deuteronoma 28:2 le bolela ketso e sa khaotseng. Batho ba Jehova ha baa lokela ho mo mamela ka linako tse itseng feela; ba lokela ho ’na ba mo mamela ka linako tsohle. Ke ka ho etsa joalo feela litlhohonolofatso tsa Molimo li tlang ho ba fihlela. Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “fihlela” le ’nile la hlalosoa e le lentsoe le sebelisoang ha ho tsongoa leo hangata le bolelang “ho fumana” kapa “ho tšoara.”
Batla Tlhohonolofatso ea Jehova ka Tieo
4 Baiseraele ba ne ba lokela ho ikutloa joang ka ho mamela? Molao oa Molimo o ne o boletse hore o ne a ke ke a thaba haeba batho ba hae ba ne ba ke ke ba mo sebeletsa “ka thabo le ka pelo e nyakaletseng.” (Bala Deuteronoma 28:45-47.) Jehova ha a hloke hore batho ba mo mamele feela ho phetha molao, e leng se ka etsoang ke liphoofolo kapa bademona. (Mar. 1:27; Jak. 3:3) Motho o mamela Molimo ka pelo eohle hobane a mo rata. Seo se bonahala ka thabo eo a bang le eona hobane a lumela hore litaelo tsa Jehova ha li boima le hore “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheb. 11:6; 1 Joh. 5:3.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 360
Letšoao la Moeli
Molao oa Jehova o ne o thibela hore ho chechisoe letšoao la moeli. (De 19:14; sheba le Lipr 22:28.) Ha e le hantle, motho “ea chechisang letšoao la moeli la oa habo” o ne a rohakiloe. (De 27:17) Hangata beng ba setša ba ne ba itšetlehile ka lintho tse neng li hlaha tšimong ea bona. Kahoo, ho chechisa letšoao la moeli ho ne ho bolela hore o amoha kapa o nka ntho eo motho a neng a e sebelisa ho iphelisa. Mehleng ea pele ho etsa joalo ho ne ho tšoana le ho utsoa. (Job 24:2) Empa ho ne ho e-na le batho ba neng ba sa tšepahale ba neng ba etsa bokhopo boo ’me likhosana tsa Juda tsa mehleng ea Hosea li ne li tšoantšoa le motho ea neng a chechisa letšoao la moeli.—Ho 5:10.
LA 23-LA 29 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 29-30
“Ha ho Thata ho Sebeletsa Jehova”
Jehova o re fa Monyetla oa ho Ikhethela
Na ho thata ho tseba hore na Molimo o hloka’ng ho rona le hore re ho phethe? Moshe o re: “Taelo ena eo ke u laelang eona kajeno ha e thata haholo ho uena, leha e le hore e hole haholo.” (Temana ea 11) Jehova ha a hloke hore re etse seo re ke keng ra khona ho se etsa. Lintho tseo a li hlokang lia utloahala ebile re ka khona ho li phetha. Ebile ho bonolo ho li tseba. Ha ho hlokahale hore re nyolohele “maholimong” kapa re nke leeto le eang “lehlakoreng le leng la leoatle” e le hore re tsebe hore na Molimo o lebeletse eng ho rona. (Temana ea 12, 13) Bibele e re bolella ka ho hlakileng hore na re lokela ho phela joang.—Mikea 6:8.
Jehova o re fa Monyetla oa ho Ikhethela
“HANGATA ke ne ke e-ba le letsoalonyana la hore nke ke ka lula ke tšepahala ho Jehova.” Ana ke mantsoe a builoeng ke mosali e mong oa Mokreste ea neng a nahana hore lintho tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela ha e sa le ngoana li tla etsa hore ho hang a se ke a atleha bophelong. Na ho hlile ho joalo? Na kannete lintho tse bohloko tse ileng tsa re hlahela li tla etsa hore re se ke ra atleha bophelong? Che. Jehova Molimo o re file monyetla oa ho ikhethela, kahoo re ka ikhethela hore na re batla ho phela joang. Jehova o batla hore re etse khetho e nepahetseng ’me Lentsoe la hae, Bibele, le re bolella hore na re lokela ho etsa seo joang. Nahana ka mantsoe a Moshe a tlalehiloeng ho Deuteronoma khaolo ea 30.
Jehova o re fa Monyetla oa ho Ikhethela
Na Jehova oa tsotella hore na re khetha hofe? Ka sebele oa tsotella! Moshe o ile a susumetsoa ke Molimo hore a re: “Le khethe bophelo.” (Temana ea 19) Empa re ka khetha bophelo joang? Moshe o ile a hlalosa: “Ka hore le rate Jehova Molimo oa lona, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.” (Temana ea 20) Haeba re rata Jehova, re tla mo mamela re be re mo khomarele ka botšepehi ho sa tsotellehe hore na ke eng e ka re etsahallang. Haeba re etsa joalo re tla be re khetha bophelo—e leng bophelo bo molemo ka ho fetisisa hona joale, le bo sa feleng boo re lebeletseng ho bo fumana lefatšeng le lecha la Molimo le tlang.—2 Petrose 3:11-13; 1 Johanne 5:3.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 665 ¶3
Tsebe
Jehova o ile a sebelisa bahlanka ba hae ho hlalosa hore Baiseraele ba sa mameleng ba ne ba sa ‘bolla litsebe.’ (Jer 6:10; Lik 7:51) Ho ne ho le joalokaha eka ho na le ntho e koetseng kapa e thibileng litsebe tsa bona. Jehova o thusa batho ba batlang ho tseba ’nete le ba ikemiselitseng ho mo mamela empa leha ho le joalo, ha a qobelle batho hore ba mamele melao ea hae. (De 29:4; Bar 11:8) Moapostola Pauluse o ile a re ho ne ho tla ba le nako eo ka eona batho ba ipitsang Bakreste ba neng ba tla kheloha ’nete ’me ba se ke ba batla ho utloa ’nete ea Lentsoe la Molimo. Ho e-na le hoo, ba ne ba thabela hore litsebe tsa bona li “tsikinyetsoe” ka lintho tseo ba batlang ho li utloa, kahoo ba ne ba tla mamela mesuoe ea bohata. (2Ti 4:3, 4; 1Ti 4:1) Hape litsebe li ka “hlohlona” ka lebaka la ho utloa litaba tse tšosang, haholo-holo litaba tse bohloko.—1Sa 3:11; 2Ma 21:12; Jer 19:3.
LA 30 AUGUST–LA 5 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 31-32
“Re Ithuta’ng Lipapisong Tse Pineng eo Molimo a e Bululetseng?”
“Momahanya Pelo ea ka Hore e Tšabe Lebitso la Hao”
8 Nakoana pele Baiseraele ba ka kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ruta Moshe pina. (Deut. 31:19) Ka mor’a moo, Moshe le eena o ile a tlameha ho ruta sechaba pina eo. (Bala Deuteronoma 32:2, 3.) Ha re thuisa ka temana ea bobeli le ea boraro, rea hlokomela hore Jehova ha a batle hore lebitso la hae e be patiloe ebe le nkuoa joalokaha eka le halalela hoo le sa lokeloang ho ’na le ntse le bitsolloa feela tjena. O batla hore motho e mong le e mong a tsebe lebitso la hae. E ne e le tlotla ho Baiseraele ho utloa ha Moshe a ba ruta ka Jehova le ka lebitso la hae le halalelang. Lintho tseo Moshe a ileng a ba ruta tsona li ile tsa ba hlatsoa lipelo le ho ba khatholla joaloka lipula tsa melupe ha li nosetsa lijalo e le hore li tlokome. Re ka etsa’ng e le hore tsela eo re rutang ka eona e be ka tsela eo?
9 Ha re le tšimong kapa bopaking ba phatlalatsa, re ka sebelisa Bibele ho bontša batho lebitso la Molimo e leng Jehova. Re ka ba fa lingoliloeng, ra ba bontša livideo le lintho tse hlahang websaeteng ea rona tse hlomphang Jehova. Ha u le mosebetsing, sekolong kapa leetong, u ka ba le monyetla oa hore u bue ka ntate oa rona ea lerato le hore na ke motho ea joang. Ha re bolella batho bao re kopanang le bona morero oo Jehova a nang le oona ka batho le lefatše, re ba thusa hore ba tsebe lintho tseo ba neng ba sa li tsebe ka Jehova ’me ba ka ’na ba hlokomela kamoo Jehova a ba ratang kateng. Ha re bolella batho linnete ka ntate oa rona, re kenya letsoho ho halaletseng lebitso la hae. Re thusa batho hore ba bone hore ba ’nile ba rutoa mashano ka Jehova Molimo oa rona. Molaetsa oa Bibele oo re ba bolellang oona oa ba khatholla kannete.—Esa. 65:13, 14.
Na u Utloisisa Mokhabo-puo ka Bibeleng?
Bibele e boetse e bapisa Jehova le lintho tse sa pheleng. E mo hlalosa e le “Lefika la Iseraele,” ebile e re ke ‘lefika le qhobosheane.’ (2 Samuele 23:3; Pesaleme ea 18:2; Deuteronoma 32:4) Ntlha eo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka eona ke efe? Joalokaha lefika le leholo le tsitsitse, le bile le sa tlohe moo le leng teng, ka ho tšoanang, ho uena Jehova Molimo e ka ba Mohloli o tsitsitseng oa tšireletso.
Etsisang Jehova ha le Koetlisa Bana ba Lona
7 Nahana ka lerato leo Jehova a ileng a le bontša ha a sebelisana le Baiseraele. Moshe o ile a sebelisa papiso e amang pelo ho hlalosa lerato la Jehova bakeng sa sechaba se sa tsoa thehoa sa Iseraele. Rea bala: “Feela joalokaha ntsu e sisinya sehlaha sa eona, e okaokela malinyane a eona, e phukalatsa mapheo a eona, e a nka, e a jara ka masiba a eona, Jehova a le mong o ’nile a . . . tsamaisa [Jakobo].” (Deuteronoma 32:9, 11, 12) E le hore ntsu ea ’m’amalinyane e a rute ho fofa, “e sisinya sehlaha sa eona,” e opa le ho phukalatsa mapheo a eona ho a susumetsa hore a fofe. Ka mor’a nako ha lelinyane le ipetsa ka sehlaheng, seo hangata se leng tsullung ea lilomo, ntsu ea ’m’amalinyane ea le “okaokela.” Ha ho bonahala eka lelinyane le ka ’na la tabana fatše, ’m’amalinyane ea tsubella, e le pepa ka ‘mapheo.’ Ka lerato, Jehova o ile a hlokomela sechaba se sa tsoa tsoaloa sa Iseraele ka tsela e tšoanang. O ile a fa sechaba Molao oa Moshe. (Pesaleme ea 78:5-7) Ka mor’a moo, Molimo o ile a alosa sechaba sa hae ka hloko, a loketse ho phallela batho ba hae ha ba kena khathatsong.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Deuteronoma
31:12. Bana ba lokela ho lula le batho ba baholo libokeng tsa phutheho ’me ba leke ho mamela le ho ithuta.