Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 2/15 maq. 4-7
  • Melao-motheo ea Molimo e ka U Tsoela Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melao-motheo ea Molimo e ka U Tsoela Molemo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ea Phahameng ka ho Fetisisa Holim’a Lefatše Lohle”
  • “Ka ho Ikokobetsa Kelellong”
  • Tsamaisa Bophelo ba Hao ka Melao-motheo ea Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Melao ea Bibele e ka re Tsoela Molemo Joang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Hopola Melao-motheo ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Sabole ea Jehova le ea Gideone!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 2/15 maq. 4-7

Melao-motheo ea Molimo e ka U Tsoela Molemo

NTLE ho pelaelo ua hlokomela hore liphoofolo li etsa lintho feela tjee ka tlhaho. Mechine e mengata e etselitsoe ho latela litaelo. Empa batho bona ba ne ba hlile ba bōpetsoe ho tataisoa ke melao-motheo. U ka kholiseha joang hore seo ke ’nete? Jehova, Mohloli oa melao-motheo eohle e lokileng, ha a bōpa batho ba pele ba babeli o ile a re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna.” ’Mōpi ke moea; ha a na ’mele oa nama joaloka rōna, kahoo, re entsoe ka “setšoantšo” sa hae ka kutloisiso ea hore re ka bonahatsa botho ba hae, re bontša litšobotsi tse ntle tsa hae ka tekanyo e itseng. Batho ba na le matla a ho tsamaisa bophelo ba bona ka melao-motheo, ke hore, ho latela seo ba lumelang hore ke molao oa se nepahetseng. Jehova o entse hore melao-motheo ena e tlalehoe e le mengata ka Lentsoeng la hae.—Genese 1:26; Johanne 4:24; 17:17.

Motho a ka ’na a re: ‘Empa Bibele e na le melao-motheo e mengata haholo. Ho ke ke ha etsahala hore ke e tsebe kaofela.’ Ke ’nete ho joalo. Empa, nahana ka ntlha ena: Le hoja melao-motheo ea Molimo e le molemo kaofela, e meng ke ea bohlokoa ho feta e meng. Sena u ka se bona ho Matheu 22:37-39, moo Jesu a ileng a bontša hore litaelong tsa Molao oa Moshe le melao-motheo e tsamaisanang le tsona, tse ling e ne e le tsa bohlokoa ho feta tse ling.

Melao-motheo ea bohlokoa haholo ke efe? Melao-motheo e ka sehloohong ea Bibele ke e amang ka ho toba kamano ea rōna le Jehova. Ha re e ela hloko, ’Mōpi e ba eena motataisi ea ka sehloohong oa boitšoaro ba rōna. Ho phaella moo, ho na le melao-motheo e amang kamano ea rōna le batho ba bang. Ha re e sebelisa re tla thusoa ho loantša boikhabi.

A re simolleng ka e ’ngoe ea linnete tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ka Bibeleng. ’Nete eo ke efe, ’me e re ama joang?

“Ea Phahameng ka ho Fetisisa Holim’a Lefatše Lohle”

Mangolo a Halalelang a hlakisa hore Jehova ke ’Mōpi oa rōna e Moholo, Molimo ea Matla ’Ohle. Ha ho ea ka lekanngoang le eena kapa a mo nkela sebaka ka bophahamo. ’Nete ena ke ea sehlooho e tlalehiloeng ka Bibeleng.—Genese 17:1; Moeklesia 12:1.

E mong oa bangoli ba buka ea Lipesaleme o ile a hlokomela sena ka Jehova: “Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Morena Davida oa boholo-holo o ile a re: “’Muso ke oa hao, Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim’a tsohle.” Moprofeta Jeremia ea tsebahalang eena o ile a susumeletseha ho tlaleha sena: “Ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe, Jehova. U moholo, ’me lebitso la hao le leholo ka matla.”—Pesaleme ea 83:18; 1 Likronike 29:11; Jeremia 10:6.

Re lokela ho sebelisa linnete tsee tse mabapi le Molimo bophelong ba kamehla joang?

Ho hlakile hore na ke mang ea lokelang ho tla pele bophelong ba rōna, ke ’Mōpi le Monehi-bophelo oa rōna. Kahoo, na e ke ke ea e-ba ho loketseng ho hanela tšekamelo eohle ea ho ikhulela tlhokomelo—e leng tšekamelo e ka ’nang ea e-ba matla ho ba bang ho feta ho ba bang? Molao-motheo o bohlale o tataisang ke o reng re ‘etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’ (1 Bakorinthe 10:31) Moprofeta Daniele o ile a beha mohlala o motle ntlheng ena.

Tlaleho ea histori e re bolella hore Morena Nebukadnezare oa Babylona o kile a ferekanngoa ke toro ’me a batla ho tseba seo e se bolelang. Ha e mong le e mong a ne a tsielehile, Daniele eena o ile a bolella morena ka nepo seo a neng a batla ho se tseba. Na Daniele o ile a itlotlisa ka see? Che, o ile a isa khanya ho “Molimo maholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri.” Daniele o ile a tsoela pele a re: “Ha kea senoleloa sephiri sena ka lebaka la bohlale leha e le bofe bo leng ka ho ’na bo fetang bo leng ho ba bang leha e le bafe ba phelang.” Daniele o ne a phela ka melao-motheo. Ha ho makatse ha bukeng ea Daniele a hlalosoa ka makhetlo a mararo e le “ea khahlehang haholo” mahlong a Molimo.—Daniele 2:28, 30; 9:23; 10:11, 19.

U tla rua molemo ha u etsisa Daniele. Ha u latela mohlala oa Daniele, ntlha ea bohlokoa ke sepheo seo u o latelang ka sona. Ke mang ea lokelang ho fumana tlotla ka seo u se etsang? Ho sa tsotellehe boemo ba hao, u na le tokelo ea ho sebetsa tumellanong le molao-motheo ona oa bohlokoa haholo oa Bibele oa hore Jehova ke eena ’Musi Morena. Ha u etsa joalo u tla ba “ea khahlehang haholo” mahlong a hae.

Joale, a re ke re hlahlobeng melao-motheo e ’meli ea sehlooho e ka re tataisang likamanong tsa batho. Ho sa tsotellehe boikhabi bo sabaletseng, likamano tsa batho ke phephetso e khethehileng.

“Ka ho Ikokobetsa Kelellong”

Ba iketelletsang pele ba khotsofala seoelo. Ba bangata ha ba phetse ho batla bophelo bo molemonyana, ’me ba bo batla hona joale. Ho bona, boinyenyefatso bo bontša bofokoli. Ba nka hore batho ba bang ke bona ba lokelang ho bontša ho se fele pelo. Ba ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore feela ba atlehe. Na u ka itšoara ka tsela e fapaneng le ea bona?

Bahlanka ba Molimo ba thulana le boikutlo bona letsatsi le leng le le leng, empa ha boa lokela ho ba tšoaetsa. Bakreste ba hōlileng tsebong ba amohela molao-motheo oa hore “hase ea ipuellang ea amohelehang, empa ho amoheleha motho eo Jehova a mo buellang.”—2 Bakorinthe 10:18.

Ho sebelisa molao-motheo o ho Bafilipi 2:3, 4 ho tla thusa. Temana eo e u khothalletsa hore ‘u se ke ua etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong u nke hore ba bang ba u phahametse.’ Kahoo, u tla be u ‘sa hlokomela lithahasello tsa litaba tsa hao feela, empa hape u tla be u hlokometse lithahasello tsa ba bang.’

E mong ea neng a inka ka tsela e loketseng le ea ileng a ipeha sekaleng ka mokhoa o loketseng, ke Gideone, moahloli e mong oa Baheberu ba boholo-holo. O ne a sa tona mahlo hore e be moeta-pele oa Baiseraele. Leha ho le joalo, ha a ne a khetheloa boeta-pele, Gideone o ile a hlokomelisa hore ha a tšoanelehe. O ile a hlalosa a re: “Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.”—Baahloli 6:12-16.

Ho feta moo, ka mor’a hore Jehova a etse hore Gideone a hlōle, banna ba Efraime ba ile ba mo qholotsa. Gideone o ile a itšoara joang? Na o ile a ikakasa ka lebaka la tlhōlo eo? Che. O ile a qoba tlokotsi ka karabo e bonolo. “Ke eng seo ke khonneng ho se etsa ha ho bapisoa le lōna?” Gideone o ne a ikokobelitse kelellong.—Baahloli 8:1-3.

Ke ’nete hore liketsahalo tse amang Gideone li etsahetse khale haholo. Ho sa tsotellehe seo, ke habohlokoa ho hlahloba tlaleho ena. U ka bona hore Gideone o ne a e-na le boikutlo bo fapaneng haholo le bo tloaelehileng kajeno, ’me o ne a bo phelela, ’me bo ile ba mo tsoela molemo.

Moea o teng oa boikhabi o ka re fa pono e fosahetseng ka seo re leng sona. Melao-motheo ea Bibele e lokisa pono eo e fosahetseng, e re ruta seo re hlileng re leng sona kamanong le ’Mōpi le ba bang.

Ha re mamela melao-motheo ea Bibele, re fenya moea ona o teng oa boikhabi. Ha re sa tsokotsoa ke maikutlo kapa botho. Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka melao-motheo e lokileng, re tseba Moetsi oa eona hamolemo. Ha ho pelaelo hore ho falimehela melao-motheo ea Molimo ha re bala Bibele hase ntho ea lefeela.—Bona lebokose.

Jehova o entse batho ba phahametse liphoofolo, tse susumetsoang haholo-holo ke tlhaho. Ho latela thato ea Molimo ho ama ho sebelisa melao-motheo ea hae. Ka tsela ena re ka boloka sesupa-tsela sa rōna sa boitšoaro se sebetsa hantle, e le sesupa-tsela se tla re lebisa tsamaisong e ncha ea Molimo. Bibele e re fa lebaka la hore haufinyane re lebelle tsamaiso e ncha ea lefatše ka bophara eo ho eona “ho loka ho tla aha.”—2 Petrose 3:13.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Melao-motheo e Thusang ea Bibele

Ka lapeng:

“E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.

“Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.

“E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.”—Baefese 5:33.

“Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna.”—Bakolose 3:18.

“Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, ’me u se ke ua nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.”—Liproverbia 23:22.

Sekolong, mosebetsing, kapa khoebong:

“Sekala se qhekellang ke ntho e manyala . . . Ea khopo o etsa moputso oa bohata.”—Liproverbia 11:1, 18.

“Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata.”—Baefese 4:28.

“Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”—2 Bathesalonika 3:10.

“Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova.”—Bakolose 3:23.

“Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

Boikutlo ka leruo:

“Ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.”—Liproverbia 28:20.

“Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera.”—Moeklesia 5:10.

Ho ipeha sekaleng:

“Hore batho ba ipatlele khanya, na ke khanya?”—Liproverbia 25:27.

“E se eka osele a ka u rorisa, eseng molomo oa hao.”—Liproverbia 27:2.

“Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Baroma 12:3.

“Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.”—Bagalata 6:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Daniele o ile a isa tlotla e loketseng ho Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho sebelisana le ba bang tumellanong le melao-motheo ea Molimo ho tlatsetsa likamanong tse mofuthu le thabong

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./Robert Bridges

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela