Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 6 maq. 18-21
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Ngoana a E-⁠ba Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Ngoana a E-⁠ba Teng
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 UTLOISISANG KAMOO NGOANA A FETOLANG BOPHELO BA LŌNA
  • 2 MATLAFATSANG KAMANO EA LŌNA
  • 3 HO KOETLISA NGOANA OA LŌNA
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Bana ba E-ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Seo Bana ba se Hlokang le Seo ba se Batlang
    Tsoha!—2004
  • Bohlokoa ba ho Nyantša
    Tsoha!—1994
  • Ho fa Bana Seo ba se Hlokang
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 6 maq. 18-21
Mooki o tlisa lesea la moshanyana le sa tsoa hlaha ho batsoali ba lona

KAROLO EA 6

Bana ba Fetola Bophelo ba Lenyalo Joang?

“Bara ke lefa le tsoang ho Jehova.”—Pesaleme ea 127:3

Ha ngoana a hlaha e ka ba ntho e thabisang haholo ho banyalani kapa ea e-ba ntho e ba sithabetsang. Kaha le tla be le le batsoali ba bacha, le ka ’na la makala ho hlokomela hore le tla qeta nako e ngata le matla a lōna le hlokomela ngoana. Ho se robale le liphetoho tse bang teng maikutlong li ka fokolisa kamano ea lōna. Ka bobeli le tla lokela hore le etse liphetoho e le hore le hlokomele ngoana oa lōna le ho sireletsa lenyalo la lōna. Keletso ea Bibele e ka le thusa joang hore le sebetsane le mathata aa?

1 UTLOISISANG KAMOO NGOANA A FETOLANG BOPHELO BA LŌNA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” Hape, lerato “ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ha u le motsoetse e mocha, ka tlhaho u tla qeta nako e ngata u shebane le ngoana oa hao. Leha ho le joalo, monna oa hao a ka ’na a qala ho ikutloa a hlokomolohiloe, kahoo u se ke ua lebala hore le eena o hloka nako ea hao. Ha u bontša mamello le mosa, u ka etsa hore a ikutloe e le oa bohlokoa ebile a e-na le seabo tabeng ea ho hlokomela ngoana oa lōna.

Ntate o thusa mosali oa hae ka ho jesa ngoana, hape o hlokomela ngoana bosiu

“Lōna banna, le tsoele pele ho lula le bona . . . ho ea ka tsebo.” (1 Petrose 3:7) Utloisisa hore mosali oa hao o tla qeta boholo ba matla a hae a shebane le ngoana oa lōna. Kaha o na le boikarabelo bo bocha, a ka ’na a ikutloa a imetsoe kelellong, a khathetse kapa a bile a tepeletse maikutlo. Ka linako tse ling a ka ba a u koatela, empa u leke ho khoba matšoafo, hobane “ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla.” (Liproverbia 16:32) Bontša temoho ’me u mo fe tšehetso eo a e hlokang.—Liproverbia 14:29.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Bo-ntate: Thusa mosali oa hao ka ho hlokomela ngoana, esita le bosiu. Fokotsa nako eo u e qetang u etsa lintho tse ling e le hore u ka qeta nako e ngata u e-na le mosali oa hao le ngoana

  • Bo-’mè: Ha monna oa hao a ithaopela ho u thusa ka ngoana, amohela thuso ea hae. Haeba a sa etse lintho hantle, u se ke ua mo tšoaea liphoso, empa u mo bontše ka mosa hore na a etse joang

2 MATLAFATSANG KAMANO EA LŌNA

SEO BIBELE E SE BUANG: “E tla ba nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Le hoja ho se ho e-na le setho se secha ka lapeng, hopola hore uena le molekane oa hao le ntse le le “nama e le ’ngoe.” Leka kahohle ho etsa hore kamano ea lōna e lule e le matla.

Basali, ananelang thuso ea banna ba lōna le tšehetso ea bona. Lintho tseo u li etsang ho bontša hore u na le kananelo e ka ba “pholiso.” (Liproverbia 12:18) Banna, bolellang basali ba lōna kamoo le ba ratang le ho ba ananela kateng. Ba thoholetseng ka tsela eo ba hlokomelang lelapa ka eona.—Liproverbia 31:10, 28.

“E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) Kamehla etsa lintho tse molemong oa molekane oa hao. Ipheng nako ea ho buisana, ho babatsana le ho mamelana. Le se ke la sebelisa boithati tabeng ea ho kopanela liphate. Nahanela litlhoko tsa molekane oa hao. Bibele e re: “Le se ke la hanelana ka eona, haese ka tumellano.” (1 Bakorinthe 7:3-5) Kahoo, phetlelanang sefuba ka taba ena. Mamello ea lōna le kutloisiso li tla matlafatsa kamano ea lōna.

Monna le mosali ba thabela ho ba hammoho ha ngoana a robetse

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Le se ke la lebala ho ipha nako ea hore le be ’moho le le babeli feela

  • Etsang lintho tse nyenyane tse etsang hore molekane oa hao a ikutloe a ratoa, tse kang ho mo romella molaetsa kapa ho mo fa mpho e nyenyane

3 HO KOETLISA NGOANA OA LŌNA

’Mè o balla ngoan’a hae

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko.” (2 Timothea 3:15) Rerang seo le tla se etsa hore le rute ngoana oa lōna. O na le bokhoni bo hlollang ba ho ithuta, esita le pele a hlaha. Ha ngoana a sa ntse a le ka pōpelong, o khona ho lemoha lentsoe la hao ebile u angoa ke maikutlo a hao. Mo balle ha e sa ntse e le lesea. Le hoja e ka ’na eaba ha a utloisise seo u se balang, seo se ka mo thusa hore a rate ho bala ha a se a hōlile.

Ngoana oa hao a ka utloa ha u bua ka Molimo lehoja a sa le monyenyane haholo. Etsang hore a le utloe ha le rapela Jehova. (Deuteronoma 11:19) Esita leha u mo bapalisa, bua ka lintho tseo Molimo a li entseng. (Pesaleme ea 78:3, 4) Ha ngoana a ntse a hōla, o tla lemoha hore le rata Jehova ’me le eena o tla ithuta hore a mo rate.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Rapella hore u fumane bohlale ba ho koetlisa ngoana oa hao

  • Pheta-pheta mantsoe le likhopolo tse ka sehloohong e le hore ngoana a tle a qale ho ithuta kapele

NGOANA A KA TLISA MOLEMO LENYALONG

Ka mor’a nako, uena le molekane oa hao le tla ikutloa le le batsoali ba thabileng le ba khotsofetseng. Ho hōlisa ngoana ho ka etsa hore u bontše lerato, mamello le mosa haholoanyane. Haeba le sebetsa ’moho ebile le tšehetsana, ho ba le ngoana ho tla matlafatsa kamano ea lōna. Mantsoe a Pesaleme ea 127:3 a ka phethahala ho lōna: “Litholoana tsa pōpelo ke moputso.”

IPOTSE . . .

  • Bekeng e fetileng, ke entse’ng ho bontša hore ke ananela seo mohats’a ka a se etsetsang lelapa?

  • Ke qetetse neng ho buisana le mohats’a ka ka litaba tse amang rōna, eseng ngoana oa rōna?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela