Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 7-13 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 12-13
“Ho Iketelletsa Pele ho Etsa Hore Motho a se ke a Hlompha”
Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se Hlomphehe
17 Ha liketso tsa Saule li habanngoa feela, ho ka ’na ha bonahala eka o ne a entse ntho e utloahalang. Ha e le hantle, batho ba Molimo ba ne ba ‘le mahlomoleng,’ ba “le tsietsing,” ’me ba thothomela ka lebaka la ho felloa ke tšepo. (1 Samuele 13:6, 7, NW) Ka sebele, ha se phoso ho nka khato ha maemo a ho hloka. Hopola hore, leha ho le joalo, Jehova a ka bona se ka pelong ’me a lemoha sepheo sa rona se tebileng. (1 Samuele 16:7) Kahoo, o tlameha a be a ile a bona lintlha tse ling mabapi le Saule tse sa boleloang ka ho toba tlalehong ea Bibele. Ka mohlala, mohlomong Jehova o ne a bone hore ho hloka mamello ha Saule ho ne ho susumetsoa ke boikhohomoso. Mohlomong Saule o ne a tenoa ke hore eena—morena oa Iseraele eohle—o ne a tlameha ho letela e mong eo a neng a mo bona e le moprofeta ea tsofetseng le ea liehang! Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Saule o ile a ikutloa hore ho lieha ha Samuele ho mo neha tokelo ea ho inkela litaba matsohong le ho hlokomoloha litaelo tse hlakileng tseo a neng a li filoe. Phello ea e-ba efe? Samuele ha aa ka a thoholetsa khato ea Saule. Ho fapana le hoo, o ile a tsoa Saule, a re: “Borena ba hao bo ke ke ba tiea . . . kahobane ha oa ka oa boloka seo Jehova a u laetseng sona.” (1 Samuele 13:13, 14) Le ka lekhetlo lena, ho iketelletsa pele ho ile ha tlisa ho se hlomphehe.
Jehova oa Thaba ha U Mamela
8 Tlaleho ea Bibele ea Morena Saule e hatisa hore ho mamela ke habohlokoa haholo. Saule o qalile e le morena ea ikokobelitseng le ea inyenyefalitseng, ‘a le monyenyane mahlong a hae.’ Leha ho le joalo, hamorao, ho ile ha bonahala boikhohomoso le monahano o fosahetseng liqetong tsa hae. (1 Samuele 10:21, 22; 15:17) Ka lekhetlo le leng, Saule o ne a lokela ho loana le Bafilista. Samuele o ile a bolella morena hore a mo letele hore a tl’o nyehela mahlabelo ho Jehova le ho fana ka litaelo tse eketsehileng. Leha ho le joalo, Samuele ha aa ka a tla kapele kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng, ’me batho ba qala ho qhalana. Ha Saule a bona seo, a “qala ho nyehela sehlabelo sa secheso.” Sena ha sea ka sa khahlisa Jehova. Qetellong ha Samuele a fihla, morena o ile a ikemela ka hore kaha Samuele o liehile, o ile a “iqobella” ho nyehela sehlabelo sa secheso e le hore a nolofatse sefahleho sa Jehova. Ho ea ka Morena Saule, ho nyehela sehlabelo seo e ne e le habohlokoa ho feta ho mamela taelo eo a neng a e fumane ea hore a letele Samuele hore a tl’o etsa sehlabelo seo. Samuele o ile a re ho eena: “U entse ka booatla. Ha oa boloka taelo ea Jehova Molimo oa hao eo a u laetseng eona.” Ho se mamele Jehova ho ile ha etsa hore Saule a tlosoe boreneng.—1 Samuele 10:8; 13:5-13.
Matlotlo a Patiloeng
Na U Tla Latela Tataiso ea Jehova e Lerato?
15 Na batho bao ba ne ba nahana hore morena eo ba mo bonang e tla ba morena oa sebele le ea tšepahalang ho feta Jehova? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba lelekisa ntho eo e seng ea sebele! Ba ne ba le kotsing ea ho phehella mashano a mang a mangata a Satane. Marena a batho a ne a tla ba isa habonolo borapeling ba litšoantšo. Barapeli ba melimo ea litšoantšo ba etsa phoso ea ho nahana hore ba ka tšepa melimo e entsoeng ka lejoe le lehong hobane baa e bona. Ha ba tšepe Jehova, Molimo ea sa bonahaleng, ea bopileng lintho tsohle. Empa joalokaha moapostola Pauluse a hlokometse, litšoantšo tse rapeloang “ha se letho.” (1 Bakor. 8:4) Ha li bone, ha li utloe, ha li bue ebile ha li etse letho. U ka li bona le ho li ama, empa haeba u ne u ka rapela se seng sa tsona, ka sebele u ne u tla be u lelekisa ntho eo e seng ea sebele—e leng leshano le ka u tlisetsang tlokotsi feela.—Pes. 115:4-8.
LA 14-20 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 14-15
“Ho Mamela ho Molemo ho Feta Sehlabelo”
Jehova oa Thaba ha U Mamela
4 Kaha Jehova ke ’Mopi, lintho tsohle tsa rona tse bonahalang e se e ntse e le tsa hae. Ha ho le joalo, na ho na le ntho leha e le efe eo re ka mo fang eona? E, re ka mo fa ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo. Ntho eo ke eng? Re ka fumana karabo keletsong ena e reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11) Ntho eo re ka e fang Molimo ke ho mo mamela. Le hoja maemo le limelo tsa rona li sa tšoane, ha e mong le e mong oa rona a mamela a ka shanofatsa polelo ea Satane Diabolose e lonya e reng batho ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Molimo ha ba talimane le liteko. Eo ke tokelo e kaakang!
it-2-E 521 ¶2
Ho Mamela
Ha ho letho le ka nkelang ho mamela sebaka hobane Molimo a ke ke a re amohela haeba re sa mo mamele. Samuele o ile a re ho Morena Saule: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa [sha·maʽʹ ka Seheberu] ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo, ho ela hloko ho molemo ho feta mafura a lipheleu.” (1Sa 15:22) Ho se mamele Jehova ho bolela hore ha re amohele lentsoe la hae, ha re lumele ho lona, ha re le tšepe ebile ha re na tumelo ho lona le ho Eena. Kahoo motho ea sa mameleng Molimo o tšoana hantle le ea sebelisang bonohe le ea rapelang litšoantšo. (1Sa 15:23; bapisa le Bar 6:16.) Ho lumela feela ka molomo ha ho bolele letho haeba u sa etse seo u lokelang ho se etsa. Ho se etse letho ho bontša hore motho ha a lumele le hore ha a hlomphe mohloli oa litaelo tseo. (Mat 21:28-32) Haeba batho e le bautloi feela ’me ba thabela ho ithuta lentsoe la Molimo empa ba sa etse seo ba ithutang sona, ba ntse ba “ithetsa ka monahano oa bohata” ’me ba ke ke ba hlohonolofatsoa. (Jak 1:22-25) Jesu o ile a hlakisa hore haeba batho ba etsa lintho tse tšoanang le tseo a li laetseng empa ba li etsa ka tsela e fosahetseng kapa ka morero o fosahetseng, ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo ebile o tla re ha aa ka a ba tseba.—Mat 7:15-23.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 493
Qenehelo
Ho bontša qenehelo maemong ao ho ’ona ho leng khahlanong le thato ea Molimo, ho ka ba le litla-morao tse mpe. Re bona sena ho se ileng sa etsahalla Morena Saule. Jehova o ne a fane ka kahlolo khahlanong le Baamaleke e leng batho ba pele ba ho hlasela Baiseraele ntle ho lebaka ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. Saule o ne a laetsoe hore a se ke a ba qenehela. Ha aa ka a mamela litaelo tsa Jehova ka ho felletseng hobane o ile a lumella bahlanka ba hae hore ba mo susumelletse ho qenehela Baamaleke. Kahoo Jehova o ile a re Saule ha e sa tla hlola e e-ba morena. (1Sa 15:2-24) Saule o ile a etsa phoso ’me a lahleheloa ke kamohelo ea Jehova. Ho qoba seo, batho ba lokela ho tšepahalla Molimo ’me ba nke tsela eo a reng ba etse lintho ka eona e le eona feela e nepahetseng.
LA 21-27 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 16-17
“Ntoa ke ea Jehova”
“Ntoa ke ea Jehova”
Davida o ile a khothatsa Saule ka hore a mo bolelle ka seo a ileng a se etsa ka tau le bere. Na o ne a iphahamisa? Che. Davida o ne a tseba hore na o khonne ho hlola libata tseo joang. O ile a re: “Jehova, ea ileng a ntopolla marong a tau le marong a bere, ke eena ea tla ntopolla letsohong la Mofilista enoa.” Ka mor’a moo Saule o ile a re: “Tsamaea, ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.”—1 Samuele 17:37.
Na u ka rata ho ba le tumelo joaloka Davida? Hlokomela hore Davida o ne a sa bue feela hore o batla ho ba le tumelo. O ne a lumela ho Molimo hobane a ithutile ka eena ’me a bone lintho tseo a mo etselitseng tsona. A tseba hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae le hore o phethahatsa litšepiso tsa hae. Re lokela ho ithuta ka Molimo e le hore re be le tumelo. Haeba re phela ka melao ea Jehova, tumelo ea rona e tla matlafala.—Baheberu 11:1.
“Ntoa ke ea Jehova”
Davida o ile a araba Goliathe ka mantsoe a sa lebaleheng. Nahana feela mohlankana eo a re ho Goliathe: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.” Davida o ne a tseba hore matla a motho le libetsa e ne e se lintho tsa bohlokoa. Kaha Goliathe o ne a hlompholotse Jehova Molimo, o ne a tla nka khato. Joalokaha Davida a ile a bolela, “ntoa ke ea Jehova.”—1 Samuele 17:45-47.
Ha se hore Davida o ne a sa bone hore Goliathe ke seqhenqha le hore o nkile libetsa. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella hore lintho tseo li mo nyahamise. Ha aa ka a etsa phoso eo Saule le lebotho la hae ba e entseng. O ne a sa ipapise le Goliathe. Ho e-na le hoo, o ile a bapisa Goliathe le Jehova. Le hoja Goliathe a ne a le molelele ho feta banna ba bang, e ne e se letho ha a bapisoa le Morena oa bokahohle. Ha e le hantle, ho Jehova o ne a lekana le kokoanyana eo a neng a tla e timetsa ka mor’a nakoana.
“Ntoa ke ea Jehova”
Mehleng ena, bahlanka ba Molimo ha ba kenelle lintoeng. (Matheu 26:52) Leha ho le joalo, re lokela ho bontša tumelo e tšoanang le ea Davida. Re lokela ho mo etsisa ka hore re nke Jehova e le motho oa sebele, hape e le eena feela Molimo eo re lokelang ho mo sebeletsa le ea tšoaneloang ke tlhompho. Le hoja ka linako tse ling re ka utloa re imetsoe ke mathata, re lokela ho hopola hore mathata ao a manyenyane ha a bapisoa le matla a Jehova. Haeba re khetha ho sebeletsa Jehova ’me re ba le tumelo e tšoanang le ea Davida, re ke ke ra nyahamisoa ke bothata leha e le bofe. Ha ho letho leo Jehova a hlolehang ho le etsa!
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 871-872
Saule
Jehova o ile a tlosa moea oa hae ho Saule ka mor’a hore a etse phoso le ka mor’a hore Davida a tlotsoe hore e be Morena oa Iseraele. Ho tloha ka nako eo “moea o mobe o tsoang ho Jehova oa mo tšosa.” Ka mor’a ho tlosa moea oa hae ho Saule, Jehova o ile a lumella moea o mobe hore o be holim’a hae e le hore a se ke a ba le khotso ea kelello le hore a ferekane maikutlo le tsela eo a nahanang ka eona. Ho se mamele ha Saule ho ile ha bontša hore kelello ea motho le pelo ea hae li na le tšekamelo e mpe, e leng ntho eo moea oa Molimo o neng o ke ke oa mo sireletsa khahlanong le eona. Kaha Jehova o ile a tlosa moea oa hae ho Saule ’me a lumella “moea o mobe” hore o be holim’a hae le ho mo tšosa, bahlanka ba Saule ba ile ba re ke “moea o mobe o tsoang ho Jehova.” Ka mor’a tlhahiso e ileng ea etsoa ke e mong oa bahlanka ba hae, Saule o ile a kopa hore Davida e tl’o ba moletsi oa hae oa ’mino oa harepa e le hore a ka ba le phomolo ha “moea o mobe” o e-ba holim’a hae.—1Sa 16:14-23; 17:15.
LA 28 MARCH–LA 3 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 18-19
“Lula U Ikokobelitse le ha U Atleha”
Itšetlehe ka Moea oa Molimo ha U Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha
4 Ka potlako molisana enoa o ne a tla tuma sechabeng sa habo. O ile a bitsetsoa ho tla hlokomela morena le ho mo letsetsa ’mino. O ile a bolaea mohlabani Goliathe, eo e neng e le senatla se mabifi hoo esita le masole a Iseraele ao e neng e se e le khale a li bona a neng a tšaba ho kopana le eena. E le moeta-pele oa bahlabani, Davida o ile a hlola Bafilista. Batho ba ne ba mo rata. Ba ile ba qapa lipina tse mo rorisang. Pejana, moeletsi e mong oa Morena Saule o ne a ile a hlalosa Davida e monyenyane ka hore e ne e se feela ea “nang le tsebo ea ho letsa” harepa empa e ne e boetse e le “monna ea sebete, ea matla le monna oa ntoa le sebui se kelello le monna ea bopehileng hantle.”—1 Samuele 16:18; 17:23, 24, 45-51; 18:5-7.
Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng
6 Batho ba bang ba ikhohomosa hobane ba le batle, ba tsebahala, ba tseba ’mino, ba le matla kapa ba nkeloa holimo. Davida o ne a le motle, a tsebahala, a tseba ’mino, a le matla a bile a nkeloa holimo. Empa o ile a lula a ikokobelitse bophelo bohle ba hae. Mohlala, ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Morena Saule o ile a mo lumella hore a nyale morali oa hae. Leha ho le joalo, Davida o ile a re: “ ’Na ke mang ’me beng ka ’na, lelapa la Ntate, ke bo-mang Iseraele, hoo nka bang mokhoenyana oa morena?” (1 Sam. 18:18) Davida o ile a thusoa ke’ng hore a lule a ikokobelitse? O ne a tseba hore makhabane, bokhoni le litokelo leha e le life tseo a nang le tsona, ke hobane Jehova a ile a ikokobetsa eaba o mo ela hloko. (Pes. 113:5-8) Davida o ne a tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle eo a nang le eona e tsoa ho Jehova.—Bapisa le 1 Bakorinthe 4:7.
7 Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba leka ho etsisa Davida ka hore ba ikokobetse. Rea hlolloa ke ho tseba hore Jehova o ikokobelitse le hoja e le Molimo ea phahameng ka ho fetisisa. (Pes. 18:35) Re leka kahohle ho mamela keletso ena: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakol. 3:12) Re boetse rea tseba hore lerato “ha le ithorise, ha le ikhohomose.” (1 Bakor. 13:4) Ha batho ba bona hore re ikokobelitse, le bona ba ka batla ho ithuta Bibele. Feela joalokaha banna bao e seng Lipaki ba ka huloa ke boitšoaro ba basali ba bona, batho ba ka susumelletseha hore e be Lipaki hobane ba bona re ikokobelitse.—1 Pet. 3:1.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 695-696
Moprofeta
Le hoja ba ne ba khethiloe ke moea oa Molimo, seo se ne se sa bolele hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e bua e ne e le boprofeta. Ho e-na le hoo, moea oa Molimo o ne o tla ho bona ka linako tse sa tšoaneng ho ba senolela seo ba neng ba lokela ho se bua. (Eze 11:4, 5; Mik 3:8) Sena se ne se ba susumelletsa hore ba profete. (1Sa 10:10; Jer 20:9; Am 3:8) Ha se feela hore ba ne ba etsa lintho tse sa tloaelehang empa tsela eo ba neng ba bua ka eona le ba neng ba etsa lintho ka eona, e ne e bontša matla le boikutlo bo hlollang. Sena se ka ’na sa hlalosa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe ba bang ba ile ‘ba itšoara joaloka baprofeta.’ (1Sa 10:6-11; 19:20-24; Jer 29:24-32; bapisa le Lik 2:4, 12-17; 6:15; 7:55.) Cheseho le sebete sa bona li ne li etsa hore ba bonahale eka ke batho ba sa tloaelehang ho batho ba bang, joaloka moprofeta ea ileng a hlaha ho balaoli ba lebotho la sesole ha Jehu a ne a tlotsoa. Ha balaoli bana ba hlokomela hore monna enoa e ne e le moprofeta, ba ile ba amohela molaetsa oo a neng a fana ka oona. (2Ma 9:1-13; bapisa le Lik 26:24, 25.) Saule o ile a “itšoara joaloka moprofeta” nakong eo a neng a ntse a lelekisa Davida. O ile a hlobola liaparo tsa hae, “a paqama fatše a hlobotse letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle” ’me Davida o ile a baleha ka nako eo. (1Sa 19:18–20:1) Bibele e bontša hore ha se kamehla moo baprofeta ba neng ba hlobola. Litlaleho tse ling tse peli li bontša hore moprofeta o ne a hlobola hobane a ne a e-na le lebaka, e leng ho bontša karolo e itseng ea boprofeta ba hae. (Esa 20:2-4; Mik 1:8-11) Lebaka la Saule la ho hlobola ha lea hlalosoa ka Bibeleng. E ka ’na eaba e ne le ho bontša feela hore ke motho ea tloaelehileng, hore o ile a nkeloa liaparo tsa hae tsa borena, ho bontša hore ha a na matla khahlanong le bolaoli le matla a Molimo kapa lebaka le leng le itseng.
LA 4-10 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 20-22
“U ka ba Motsoalle ea Molemo Joang?”
Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla
18 Mehleng ena, bara le barali babo rona ba thulana le mathata a sa tšoaneng. Mohlala, batho ba bangata ba angoa ke likoluoa tsa tlhaho le tse entsoeng ke batho. Maemong ana, ba bang ba rona re ka ’na ra amohela bara le barali babo rona ba anngoeng ke likoluoa tseo malapeng a rona. Ba bang ba rona re ka ba thusa ka lichelete. Empa kaofela ha rona re ka kopa Jehova hore a ba thuse. Re ka ’na ra se ke ra tseba hore na re re’ng kapa re etsa’ng ha re hlokomela hore Mokreste-’moho le rona o nyahame. Empa kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsang. Mohlala, re ka qeta nako le motsoalle oa rona. Re ka mo mamela ka hloko ebile re le mosa ha a bua le rona. Hape re ka mo bolella lengolo la Bibele leo re le ratang le re khothatsang. (Esa. 50:4) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u be teng ha metsoalle ea hao e u hloka.—Bala Liproverbia 17:17.
Tsamaea Litseleng Tsa Jehova
7 Molimo o lebeletse hore re be metsoalle e tšepahalang. (Liprov. 17:17) Mora oa Morena Saule, Jonathane, e ile ea e-ba motsoalle oa Davida. Ha Jonathane a utloa hore Davida o bolaile Goliathe, “moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.” (1 Sam. 18:1, 3) Jonathane o ile a ba a hlokomelisa Davida ha Saule a ne a batla ho mo bolaea. Ka mor’a hore Davida a balehe, Jonathane o ile a kopana le eena ’me ba hlaba selekane. Saule o ile a batla a bolaea Jonathane hobane a ne a ile a bua le Davida, empa metsoalle eo e ’meli, e ile ea kopana hape ’me ea nchafatsa setsoalle sa eona. (1 Sam. 20:24-41) Ha ba ne ba kopana ka lekhetlo la ho qetela, Jonathane o ile a matlafatsa letsoho la Davida “mabapi le Molimo.”—1 Sam. 23:16-18.
Ho Boloka Setsoalle Lefatšeng le se Nang Lerato
11 Tšepahala. Solomone o ile a ngola a re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Ha a ne a ngola mantsoe ao, e ka ’na eaba Solomone o ne a nahanne ka setsoalle seo ntate oa hae, Davida, a neng a e-na le sona le Jonathane. (1 Sam. 18:1) Morena Saule o ne a batla hore mora oa hae Jonathane e be mohlahlami teroneng ea Iseraele. Empa Jonathane o ne a ananetse taba ea hore Jehova o ne a khethile Davida hore e be eena mohlahlami. Ho fapana le Saule, Jonathane o ne a sa honohele Davida. Ha aa ka a khopisoa ke thoriso eo Davida a ileng a e fumana, ebile ha aa ka a kholoa liketselletso tseo Saule a neng a li hasitse ka Davida. (1 Sam. 20:24-34) Na re tšoana le Jonathane? Ha metsoalle ea rona e fumana boikarabelo bo itseng, na re thaba le eona? Ha e hlaheloa ke tsietsi, na rea e tšelisa le ho e tšehetsa? Haeba re utloa metsoalle ea rona e buuoa hampe, na re potlakela ho kholoa seo? Kapa, na joaloka Jonathane, re sireletsa metsoalle ea rona ka botšepehi?
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Samuele oa Pele
21:12, 13. Jehova o lebeletse hore re sebelise matla a rona a kelello le bokhoni hore re sebetsane le maemo a thata bophelong. O re file Lentsoe la hae le bululetsoeng, le fanang ka masene, tsebo le matla a ho nahana. (Liproverbia 1:4) Re boetse re fumana thuso e tsoang ho baholo ba Bakreste ba khethiloeng.
LA 18-24 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 23-24
“Letela Jehova ka Mamello”
Itšetlehe ka Moea oa Molimo ha U Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha
8 Davida o ile a hana ho ntša Saule kotsi. A bontša tumelo le mamello, o ile a khotsofalla ho tlohela litaba matsohong a Jehova. Ka mor’a hore morena a tsoe ka lehaheng, Davida o ile a mo hoeletsa eaba o re: “E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le uena; Jehova o tla mpheteletsa ho uena, empa letsoho la ka le ke ke la e-ba holim’a hao.” (1 Samuele 24:12) Le hoja a ne a tseba hore Saule o ne a fositse, Davida ha aa ka a iphetetsa, ebile ha aa ka a nyefola Saule ha a bua le eena kapa ha a bua ka eena. Ka makhetlo a mang a ’maloa, Davida o ile a ithiba a se ke a inkela molao matsohong. Ho e-na le hoo, o ile a itšetleha ka Jehova hore a lokise litaba.—1 Samuele 25:32-34; 26:10, 11.
Na Maemo a Hao a Laola Bophelo ba Hao?
Thuto ea boraro ke hore ho e-na le ho sebelisa mekhoa e khahlanong le Mangolo ho fetola maemo a rona, re lokela ho letela Jehova. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.” (Jakobo 1:4) Mamello e lokela ho lumelloa hore “mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng” ka hore re mamelle teko ho fihlela qetellong re sa retelehele mekhoeng e khahlanong le Mangolo ho etsa hore e fele kapele. Joale tumelo ea rona e tla lekoa le ho hloekisoa, ’me matla a eona a tšehetsang a tla senoloa. Josefa le Davida ba ne ba e-na le mamello ea mofuta ona. Ha baa ka ba leka ho iphumanela tharollo e neng e ke ke ea thabisa Jehova. Ho e-na le hoo, ba ile ba leka kahohle ho sebelisa maemo a bona hamolemo. Ba ile ba letela Jehova, ’me ba ile ba hlohonolofatsoa hakaakang ka ho etsa joalo! Bobeli ba bona Jehova o ile a ba sebelisa ho lopolla batho ba hae le ho ba etella pele.—Genese 41:39-41; 45:5; 2 Samuele 5:4, 5.
Le rona re ka ’na ra thulana le maemo ao ho ’ona re ka lekehang hore re batle tharollo e khahlanong le Mangolo. Ka mohlala, na u nyahamisitsoe ke hore ha u e-s’o fumane molekane oa lenyalo ea loketseng? Haeba ho joalo, qoba teko leha e le efe ea ho se mamele taelo ea Jehova ea hore u nyale “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Na u na le mathata lenyalong la hao? Ho fapana le ho inehela moeeng oa lefatše o khothalletsang karohano le tlhalo, lekang kahohle ho rarolla mathata hammoho. (Malakia 2:16; Baefese 5:21-33) Na u na le mathata a ho hlokomela lelapa la hao ka lebaka la boemo ba hao ba moruo? Ho letela Jehova ho akarelletsa hore u qobe ho etsa mesebetsi e belaetsang kapa e sa lumelloeng ke molao e le ho leka ho fumana chelete. (Pesaleme ea 37:25; Baheberu 13:18) E, kaofela ha rona re tlameha ho loanela ho sebelisa maemo a rona hamolemo le ho ikitlaetsa ho etsa seo Jehova a tla se hlohonolofatsa. Ha re ntse re etsa joalo, a re ikemisetseng ho letela Jehova hore a tlise tharollo e phethahetseng.—Mikea 7:7.
Matlotlo a Patiloeng
Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso
11 Ho ke ke ha e-ba bonolo hore re be mona haeba re le lerato re bile re le mosa. Bibele e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele.” (1 Bakor. 13:4) Re lokela ho ba le maikutlo a tšoanang le ao Jehova a nang le ’ona ka Bakreste-’moho le rona. Re ba nke e le litho tsa bohlokoa tsa phutheho. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re ba rate ’me re mamele keletso ena e reng: “Haeba setho se seng se tlotlisoa, litho tse ling tsohle li thaba le sona.” (1 Bakor. 12:16-18, 26) Kahoo, re tla thaba le Bakreste-’moho le rona ha ho e-na le lintho tse ntle tseo ba li fumaneng, ho e-na le ho ba mona. Nahana ka mohlala oa Jonathane, mora oa Morena Saule. Ho e-na le hore a monele Davida ha a khethoa hore e be morena ea tla hlahlama Saule, o ile a mo khothatsa. (1 Sam. 23:16-18) Le rona re ka ba mosa le ho ba lerato joaloka Jonathane.
LA 25 APRIL–LA 1 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 SAMUELE 25-26
“Na U Etsa Lintho U sa Nahana?”
O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
10 Masole ao a neng a sebetsa ka thata a ile a tšoara balisana joang? Ho ne ho ka ba bonolo hore a lule a utsoa linku tsa Nabale, empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, a ile a e-ba joaloka lerako le neng le sirelelitse mehlape ea Nabale le bahlanka ba hae. (Bala 1 Samuele 25:15, 16.) Balisa hammoho le linku ba ne ba ka hlaheloa ke likotsi tse ngata. Ho ne ho e-na le libata tse ngata ’me moeli o ka boroa oa Iseraele o ne o le haufi haholo hoo lihlopha tsa masholu tse tsoang linaheng tse ling li neng li atisa ho hlasela.
11 E tlameha ebe e ne e le boikarabelo bo boholo ho Davida hore a fepe banna bao kaofela ba neng ba e-na le eena lefeelleng. Kahoo ka letsatsi le leng Davida o ile a romela manģosa a leshome ho Nabale ho ea kopa thuso. Davida o ile a a romela ka nako e ntle. E ne e le nako e monate ea ha ho kutoa linku, nakong ea ha ka tloaelo batho ba ne ba fana haholo ba bile ba keteka. Hape, Davida o ile a ba hlokolosi ha a khetha mantsoe, a bua ka boikokobetso le ka tlhompho. O ile a ba a re “mora oa hao Davida,” mohlomong e le tsela ea ho bontša hore o hlompha Nabale joaloka motho e moholo. Nabale o ile a etsa’ng?—1 Sam. 25:5-8.
12 O ile a loloma ke bohale! Ha mohlanka eane ea boletsoeng qalong a hlalosetsa Abigaile se etsahetseng, o ile a re: “Mong’a rona [o ile] a a khobola.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Kaha o ne a le lekhonatha, Nabale o ile a komakoma a etsa lerata ka bohobe ba hae, metsi hammoho le nama eo a e hlabileng. O ile a soma Davida, a mo khella fatše a ba a mo bapisa le mohlanka ea balehileng ho mong’a hae. Mohlomong Nabale o ne a nahana joaloka Saule ea neng a hloile Davida. Banna bao ka bobeli ba ne ba sa talime litaba joaloka Jehova. Molimo o ne a rata Davida ebile o ne a mo nka joaloka morena oa Iseraele oa ka moso, eseng joaloka lekhoba la lerabele.—1 Sam. 25:10, 11, 14.
O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
18 O ile a itjarisa molato ona eaba o kopa hore Davida a mo tšoarele. O ile a toba taba a bontša hore monna oa hae o ne a se na kelello joalokaha lebitso la hae le bontša, mohlomong a fana ka maikutlo a hore Davida o ne a tla itheola seriti haeba a ka otla motho oa mofuta oo. Kaha o ne a elelloa hore Davida o loana “lintoa tsa Jehova,” o ne a lumela hore Davida ke moemeli oa Jehova. O ile a boela a bontša hore o ne a tseba hore Jehova o tšepisitse Davida borena, kaha o ile a re: “Jehova . . . ka sebele o tla u beha hore u be moeta-pele oa Iseraele.” Ho feta moo, o ile a khothalletsa Davida hore a se ke a etsa letho le tla etsa hore a be molato oa mali kapa seo hamorao e tlang ho ba “sesosa sa ho thekesela”—kamoo ho bonahalang kateng a buella taba ea ho ba le letsoalo le molato. (Bala 1 Samuele 25:24-31.) Ruri ao e ne e le mantsoe a mosa le a amang pelo!
Matlotlo a Patiloeng
O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
16 Na see se bolela hore Abigaile o ne a sa hlomphe bohlooho ba monna oa hae, ea neng a e-na le tokelo ea ho tseba se etsahalang? Che; u se ke ua lebala hore Nabale o ne a ile a ba lonya ho mohlanka oa Jehova ea tlotsitsoeng, e leng se neng se ka ’na sa fella ka hore ho bolaoe batho ba bangata ba se nang molato ba ntlo ea Nabale. Haeba Abigaile a ne a sa nka bohato boo, na seo se ne se ka bolela hore o ema le monna oa hae? Tabeng ena, o ne a lokela ho nka ho ikokobelletsa Molimo e le habohlokoa ho feta ho ikokobelletsa monna oa hae.