-
Jesu o Hlatsoa Maoto a Baapostola ba HaeJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 116
Jesu o Hlatsoa Maoto a Baapostola ba hae
MATHEU 26:20 MAREKA 14:17 LUKA 22:14-18 JOHANNE 13:1-17
JESU O JA PASEKA EA HAE EA HO QETELA LE BAAPOSTOLA
O BA RUTA THUTO KA HO BA HLATSOA MAOTO
Petrose le Johanne ba se ba fihlile Jerusalema ho ea lokisetsa Paseka joalokaha Jesu a laetse. Hamorao, Jesu le baapostola ba bang ba leshome ba ea Jerusalema. Ke motšehare oa mantsiboea ’me letsatsi le se le tla sunya nko mobung ha Jesu le barutuoa ba hae ba theoha Thaba ea Mehloaare. Lena ke lekhetlo la ho qetela Jesu a le mona e le motšehare pele ho tsoho ea hae.
Ho e-s’o ee kae Jesu le barutuoa ba hae ba fihla Jerusalema ’me ba ea moo ba tla jela lijo tsa Paseka. Ba nyoloha litepisi ho ea ka kamoreng e ka holimo. Ha ba fihla ba fumana ho entsoe litlhophiso tsohle bakeng sa ho ja lijo boinotšing. Haesale Jesu a letetse ketsahalo ena kaha o re: “Ke lakalitse haholo ho ja Paseka ena le lona pele ke utloa bohloko.”—Luka 22:15.
Tloaelo ea ho fetisa likopi tsa veine har’a batho ba tlileng lijong tsa Paseka e ile ea qala lilemong tse ngata tse fetileng. Ka mor’a hore kopi e ’ngoe e fihle ho Jesu, oa leboha ’me o re: “Se nkeng ’me le se neheletsane, etsoe kea le bolella, ho tloha joale ho ea pele nke ke ka noa sehlahisoa sa sefate sa morara hape ho fihlela ’Muso oa Molimo o fihla.” (Luka 22:17, 18) E lokela hore ebe ho hlakile hore o haufi le ho shoa.
Nakong ea lijo tsa shoalane, ho etsahala ntho e makatsang. Jesu oa ema o hlobola seaparo sa hae sa ka holimo ’me o nka thaole. Joale o tšela metsi ka beisineng e haufi. Ka tloaelo, motho ea amohetseng baeti ke eena ea etsang bonnete ba hore maoto a baeti ba hae aa hlatsuoa, mohlomong ke mohlanka. (Luka 7:44) Lekhetlong lena, ha hona motho ea amohetseng baeti, kahoo Jesu ke eena ea etsang mosebetsi ona. E mong oa baapostola a ka be a nkile monyetla oa ho etsa mosebetsi ona, empa ha ho le ea mong ea o etsang. Na ke hobane ho ntse ho e-na le tlholisano har’a bona? Ho sa tsotellehe lebaka, ba soabile ha ba bona Jesu a hlatsoa maoto a bona.
Ha Jesu a fihla ho Petrose, Petrose o re: “Ka sebele u ke ke ua hlatsoa maoto a ka le ka mohla.” Jesu o araba ka ho re: “Ntle le hore ke u hlatsoe, ha u na kabelo ho ’na.” Petrose o re: “Morena, eseng maoto a ka feela, empa le matsoho a ka le hlooho ea ka.” E tlameha ebe o makatsoa ke karabo ea Jesu haholo ha a re: “Ea itlhatsoitseng ha ho hlokahale hore a hlatsuoe ho hong haese maoto, empa o hloekile ka ho feletseng. Lona le hloekile, empa eseng kaofela.”—Johanne 13:8-10.
Jesu o hlatsoa maoto a baapostola bao ba 12, ho akarelletsa le Judase Iskariota. Ka mor’a hore Jesu a apare seaparo sa hae sa ka holimo a be a otle ka lehlakore, oa botsa o re: “Na le tseba seo ke se entseng ho lona? Le mpitsa, ‘Mosuoe,’ le, ‘Morena,’ ’me le bua ka nepo, etsoe ke eena. Ka hona, haeba ’na, le hoja ke le Morena le Mosuoe, ke hlatsoitse maoto a lona, le lona le tšoanela ho hlatsoana maoto. Etsoe ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tšoanang. Kannete-nete ke re ho lona, lekhoba ha le leholo ho mong’a lona, leha e le hore ea romiloeng o moholo ho ea mo romileng. Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.”—Johanne 13:12-17.
Oo ke mohlala o motle hakaakang oa boikokobetso. Balateli ba Jesu ha baa lokela ho rata ho phahamela ba bang hobane ba nahana hore ke ba bohlokoa ’me ba lokela ho sebeletsoa. Jesu o ne a sa thehe moetlo oa ho hlatsoana maoto. Ho e-na le hoo, o ne a ba ruta hore ba lokela ho latela mohlala oa hae oa ho ikemisetsa ho sebeletsa batho ba bang ka boikokobetso le ka ho hloka leeme.
-
-
Lijo Tsa Shoalane Tsa MorenaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 117
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
MATHEU 26:21-29 MAREKA 14:18-25 LUKA 22:19-23 JOHANNE 13:18-30
HOA HLAKA HORE JUDASE KE LEHLABAPHIO
JESU O THEHA LIJO TSA SEHOPOTSO
Pejana mantsiboeeng ana, Jesu o rutile baapostola ba hae thuto ea boikokobetso ka ho hlatsoa maoto a bona. Hona joale, mohlomong ka mor’a lijo tsa Paseka, o qotsa mantsoe a Davida ha a ne a profeta a re: “Motho ea nang le khotso le ’na, eo ke neng ke mo tšepa, ea neng a ja bohobe ba ka, o mphahamiselitse serethe.” O oa hlalosa o re: “E mong oa lona o tla nkeka.”—Pesaleme ea 41:9; Johanne 13:18, 21.
Baapostola baa shebana ’me e mong le e mong oa botsa o re: “Morena, hase ’na, na ha ho joalo?” Esita le Judase Iskariota oa botsa. Petrose o phehella Johanne ea lutseng pel’a Jesu tafoleng hore a botse Jesu hore na ke mang motho eo. Kahoo, Johanne o atamela Jesu ’me oa mo botsa o re: “Morena, ke mang?”—Matheu 26:22; Johanne 13:25.
Jesu o araba ka ho re: “Ke eo ke tla mo fa sengoathoana seo ke se qopetsang.” Jesu o qopetsa bohobe ka sejaneng se tafoleng ’me o bo fa Judase, o re: “Mor’a motho oa tloha, feela joalokaha ho ngoliloe malebana le eena, empa ho malimabe motho eo Mor’a motho a ekoang ka eena! Ho ka be ho bile molemo hoja motho eo a ne a sa tsoaloa.” (Johanne 13:26; Matheu 26:24) Joale Satane a kena Judase. Monna enoa ea seng a ntse a bolile o inehella Diabolose ’me o fetoha “mora oa timetso.”—Johanne 6:64, 70; 12:4; 17:12.
Jesu o re ho Judase: “Seo u se etsang se etse kapele.” Kaha Judase o tšoere lebokose la chelete, baapostola ba bang ba nka hore Jesu o re ho eena: “ ‘Reka lintho tseo re li hlokang bakeng sa mokete,’ kapa hore o lokela ho fa mafutsana ho hong.” (Johanne 13:27-30) Ho e-na le hoo, Judase oa tsamaea o il’o eka Jesu.
Ha Judase a qeta ho tsamaea, Jesu o theha mokete o mong. O nka bohobe, o etsa thapelo ea teboho, oa bo qhetsola ’me o bo fa baapostola ba hae hore ba bo je. O re: “Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lona. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Baapostola ba fetisa bohobe boo ’me e mong le e mong oa bo ja.
Jesu o nka senoelo sa veine, o etsa thapelo ea teboho ’me o se fetisetsa ho baapostola ba hae. E mong le e mong oa noa ’me Jesu o re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lona.”—Luka 22:20.
Ka tsela eo, Jesu o hlophisa sehopotso sa lefu la hae seo balateli ba hae ba tla se keteka selemo le selemo ka la 14 Nisane. Mokete ona o tla hopotsa batho ba nang le tumelo seo Jesu le Ntate oa hae ba ba etselitseng sona e le hore ba phonyohe kahlolo ea sebe le lefu. Paseka e ne e bolela tokoloho ho Bajuda. Leha ho le joalo, mokete ona o mocha o bolela tokoloho e feletseng bakeng sa batho bohle ba nang le tumelo.
Jesu o re mali a hae a tla “tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.” Har’a batho ba tla fumana tšoarelo eo ke baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba tšepahalang. Ke bona ba tla ba le eena ’Musong oa Ntate oa hae.—Matheu 26:28, 29.
-
-
Khang ea Hore na ke Mang ea MoholoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 118
Khang ea Hore na ke Mang e Moholo
MATHEU 26:31-35 MAREKA 14:27-31 LUKA 22:24-38 JOHANNE 13:31-38
JESU O FANA KA KELETSO MABAPI LE HO RATA MAEMO
JESU O RE PETROSE O TLA MO LATOLA
LERATO LE KHETHOLLA BALATELI BA JESU
Jesu o rutile baapostola ba hae thuto ea boikokobetso ka ho ba hlatsoa maoto mantsiboeeng a ho qetela a e-na le bona. Ke hobane’ng ha ketso ee e ne e loketse? Hobane ba ile ba bontša bofokoli tabeng ea boikokobetso. Ba inehetse ho Molimo empa leha ho le joalo, ba amehile ka hore na ke mang e moholo har’a bona. (Mareka 9:33, 34; 10:35-37) Bofokoli boo bo boea sekoele bosiung bona boo.
Baapostola ba ba le “phehisano e chesang har’a bona ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24) E tlameha ebe Jesu o saretsoe ha a ba bona ba pheha khang hape. O etsa’ng?
Ho fapana le hore Jesu a ba khalemele ka bohale, o ba behela mabaka ka mamello o re: “Marena a lichaba a rena ka thata holim’a tsona, le ba nang le matla holim’a tsona ba bitsoa Ba Tsoelang Molemo. Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ba ka tsela eo. . . . Etsoe ke ofe e moholo, ea otlileng ka lehlakore tafoleng kapa ea sebeletsang?” Joale Jesu o ba hopotsa mohlala oo esale a ba behela ona o re: “Empa ’na ke har’a lona joaloka ea sebeletsang.”—Luka 22:25-27.
Ho sa tsotellehe taba ea hore baapostola ha baa phethahala, haesale ba oa ba tsoha le Jesu. Jesu o re ho bona: “Ke etsa selekane le lona, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’Muso.” (Luka 22:29) Banna bana ke balateli ba Jesu ba tšepahalang. Oa ba tiisetsa hore ba tla ba ’Musong le eena ’me ba be le karolo pusong ea hae ka lebaka la selekane seo a se entseng le bona.
Le hoja baapostola ba e-na le tšepo ena e babatsehang, e ntse e le batho ba nama ’me ha baa phethahala. Jesu o re ho bona: “Satane o le batlile hore a le sefe joaloka koro,” e qhalakanang ha e olosoa. (Luka 22:31) O boetse oa ba eletsa o re: “Kaofela ha lona le tla khoptjoa mabapi le ’na bosiung bona, etsoe ho ngoliloe, ‘Ke tla otla molisa, ’me linku tsa mohlape li tla hasa-hasana.’ ”—Matheu 26:31; Zakaria 13:7.
Petrose o hana ka kholiseho eohle o re: “Le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa mabapi le uena, le ka mohla nke ke ka khoptjoa!” (Matheu 26:33) Jesu o bolella Petrose hore pele mokoko o lla habeli bosiung boo, Petrose o tla mo latola. Leha ho le joalo, Jesu o re: “Ke u etselitse thapeli hore tumelo ea hao e se ke ea fela, ’me uena, hang feela ha u khutlile, u matlafatse barab’eno.” (Luka 22:32) Ho ntse ho le joalo, Petrose oa tiisa o re: “Esita le haeba nka lokela ho shoa le uena, ho hang nke ke ka u latola.” (Matheu 26:35) Baapostola ba bang le bona ba bua ntho e tšoanang.
Jesu o re ho baapostola ba hae: “Ke sa na le lona ka nakoana. Le tla mpatla, ’me feela joalokaha ke itse ho Bajuda, ‘Moo ke eang le ke ke la tla,’ ke boetse ke rialo ho lona hona joale. Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane, le lona le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.”—Johanne 13:33-35.
Ha Petrose a utloa hore Jesu o re o tla ba le bona ka nakoana, o re: “Morena, u ea hokae?” Jesu o araba ka ho re: “Moo ke eang u ke ke ua ntatela hona joale, empa u tla latela hamorao.” Petrose o botsa a maketse o re: “Morena, ke hobane’ng ha nke ke ka u latela hona joale? Ke tla nehelana ka moea oa ka bakeng sa hao.”—Johanne 13:36, 37.
Joale, Jesu o bua ka ha a ne a roma baapostola hore ba il’o bolela Galilea ba sena mokotla oa chelete kapa oa lijo. (Matheu 10:5, 9, 10) O re ho bona: “Ha lea ka la hloka letho, na ha ho joalo?” Ba re: “Che!” Leha ho le joalo, ba tla lokela ho etsa’ng matsatsing a tlang? Jesu oa ba laela o re: “Ea nang le sepache a ke a se nke, le mokotla oa lijo ka ho tšoanang, ’me ea se nang sabole a ke a rekise seaparo sa hae sa ka ntle ’me a e reke. Etsoe kea le bolella hore sena se ngotsoeng se tla phethahala ho ’na, e leng, ‘O ile a balelloa le ba sa eeng ka molao.’ Kaha se nkamang sea phethahala.”—Luka 22:35-37.
Jesu o bua ka nako eo a tla beng a khokhothetsoe thupeng hammoho le lisenyi kapa batho ba sa eeng ka molao. Kahoo, balateli ba hae ba tla hlorisoa. Baapostola ba ikutloa ba le malala-a-laotsoe ’me ba re: “Morena, bona! lisabole tse peli ke tsena.” Jesu o re ho bona: “Ho lekane.” (Luka 22:38) Taba ea hore ba na le lisabole tse peli e tla fa Jesu monyetla oa hore a ba rute thuto e ’ngoe ea bohlokoa.
-
-
Jesu ke Tsela le ’Nete le BopheloJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 119
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
JESU O IL’O LOKISA SEBAKA
O TŠEPISA HORE O TLA FA BALATELI BA HAE MOTHUSI
NTATE O MOHOLO HO JESU
Jesu o ntse a le ka kamoreng e mokatong o ka holimo le baapostola ba hae ka mor’a ho ja lijo tsa sehopotso. Joale oa ba khothatsa o re: “Le se ke la lumella lipelo tsa lona hore li khathatsehe. Bontšang tumelo ho Molimo, le bontše tumelo le ho ’na.”—Johanne 13:36; 14:1.
Jesu o fa baapostola ba hae ba tšepahalang lebaka la hore ba se ke ba tšoenyeha ha a ba siea. O re: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo. . . . Haeba ke il’o le lokisetsa sebaka, ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lona le ka ba teng.” Leha ho le joalo, baapostola ha ba utloisise hore o bua ka ho ea leholimong. Thomase oa botsa o re: “Morena, ha re tsebe moo u eang. Re tseba tsela joang?”—Johanne 14:2-5.
Jesu o mo araba tjena: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.” O bolela hore ba ka kena ntlong ea Ntate oa hae e leholimong hafeela ba mo amohela, ba amohela lithuto tsa hae, ba bile ba mo etsisa. Jesu o boetse o re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”—Johanne 14:6.
Filipi o mametse Jesu ka hloko ’me o kopa Jesu o re: “Morena, re bontše Ntate, ’me ho lekane bakeng sa rona.” Kamoo ho bonahalang kateng, Filipi o batla hore Molimo a bonahatsoe ho bona ka tsela e tšoanang le eo a ileng a iponahatsa ho Moshe, Elia le Esaia. Leha ho le joalo, baapostola ba se ba ntse ba fumane ntho e molemo ho feta lipono tseo banna bana ba ileng ba li fumana. Jesu o re: “Na ke bile le lona ka nako e telele hakaale, ’me leha ho le joalo, Filipi, ha u ntsebe? Ea mponeng o bone le Ntate.” Jesu o futsitse Ntate oa hae ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ka hona ho ka thoe ha motho a bone a bile a phetse le Jesu, ho tšoana le ha a bone Ntate. Leha ho le joalo, Ntate o phahametse Mora feela joalokaha Jesu a bolela. O re: “Lintho tseo ke le bolellang tsona ha ke li bue ka ho iqalla.” (Johanne 14:8-10) Baapostola baa bona hore Jesu o isa tlotla eohle ea lithuto tsa hae ho Jehova.
Baapostola ba Jesu ba ’nile ba bona ha a etsa mehlolo ’me ba utloile ha a phatlalatsa litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Joale o re ho bona: “Ea bontšang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena.” (Johanne 14:12) Jesu ha a bolele hore ba tla etsa mehlolo e meholo ho feta ea hae. Leha ho le joalo, ba tla etsa mosebetsi ona oo a o qalileng ka nako e teletsana, ba koahele libaka tse ngata ho mo feta, ’me ba bue le batho ba bangata haholoanyane.
Jesu a ke ke a ba siea ba se na mang’oe kaha o re: “Haeba le kopa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa. . . . Ke tla kopa Ntate ’me o tla le fa mothusi e mong hore a be le lona ka ho sa feleng, “moea oa ’nete.” (Johanne 14:14, 16, 17) O ba tiisetsa hore ba tla fumana mothusi e leng moea o halalelang. Sena se etsahala ka letsatsi la Pentekonta.
Jesu o re: “E tla ba nakoana e seng kae ’me lefatše ha le sa tla hlola le mpona, empa lona le tla mpona, kahobane kea phela ’me le tla phela.” (Johanne 14:19) Ha se feela hore Jesu o tla itlhahisa ho bona ka sebele ha a qeta ho tsosoa bafung empa ka mor’a nako o tla ba tsosetsa hore ba il’o phela le eena leholimong e se e le libopuoa tsa moea.
Joale Jesu o bua ntho e hlakileng o re: “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata ’me ke tla ipontša eena ka ho hlaka.” Sena se etsa hore moapostola Judase, ea boetseng a bitsoang Thadiase a botse a re: “Morena, ho etsahetse’ng ha u rera ho iponahatsa ho rona ka ho hlaka eseng ho lefatše?” Jesu o araba ka ho re: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentsoe la ka, Ntate o tla mo rata. . . . Ea sa nthateng ha a boloke mantsoe a ka.” (Johanne 14:21-24) Ho fapana le barutuoa ba hae, lefatše ha le nke Jesu e le tsela le ’nete le bophelo.
Kaha Jesu o haufi le ho tsamaea, ke mang ea tla hopotsa barutuoa ba hae lintho tsohle tseo a ba rutileng tsona? Jesu o re: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” Baapostola ba bone kamoo moea o halalelang o leng matla kateng, kahoo tšepiso ena ea ba khothatsa. Jesu o boetse o re: “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka. . . . Le se ke la lumella lipelo tsa lona hore li khathatsehe kapa la li lumella hore li ikhule ke tšabo.” (Johanne 14:26, 27) Kahoo, barutuoa ha ba na lebaka la ho tšoenyeha kaha ba tla fumana tataiso le tšireletso ho tsoa ho Ntate oa Jesu.
Haufinyane ho tla hlaka hore Molimo o ba sirelelitse. Jesu o re: “ ’Musi oa lefatše oa tla. ’Me ha ho moo a ntšoarang teng.” (Johanne 14:30) Diabolose o ile a khona ho kena ka ho Judase ’me a mo susumetsa. Leha ho le joalo, Jesu eena ha a na le ha e se e le moneketsela feela oa bofokoli ba sebe boo Satane a ka bo sebelisang ho etsa hore a fetohele Molimo. Ho feta moo, Diabolose a ke ke a etsa hore Jesu a felle lebitleng. Lebaka lea hlaka ha re utloa mantsoe a Jesu. O re: “Joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.” O kholisehile hore Ntate oa hae o tla mo tsosa.—Johanne 14:31.
-
-
Barutuoa ba Lokela ho Beha Litholoana ’me e be Metsoalle ea JesuJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 120
Barutuoa ba Lokela ho Beha Litholoana ’me e be Metsoalle ea Jesu
SEFATE SA MORARA SA ’NETE LE MAKALA
TSELA EA HO LULA LERATONG LA JESU
Jesu o se a qetile nako a ntse a qoqa le baapostola ba hae a bile a ba khothatsa. Leha ho le joalo, nako e se e ile, mohlomong e se e bile e le ka mor’a khitla bosiu. Jesu o ba etsetsa papiso e ba tsosang molota.
O re: “Ke ’na sefate sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi.” (Johanne 15:1) Papiso ena e tšoana le e ileng ea etsoa lilemo tse makholo pejana ka sechaba sa Baiseraele ha Jehova a ne a re sechaba seo ke sefate sa hae sa morara. (Jeremia 2:21; Hosea 10:1, 2) Leha ho le joalo, Jehova o lahla sechaba sena. (Matheu 23:37, 38) Kahoo, Jesu o ba bolella taba e ncha. O re ke eena sefate sa morara seo esale ntate oa hae a se lema ha a ne a mo tlotsa ka moea o halalelang ka selemo sa 29. Leha ho le joalo, Jesu oa bontša hore sefate sa morara ha se emele eena feela.
O re: “Lekala le leng le le leng le ho ’na le sa beheng litholoana [Ntate] oa le tlosa, ’me le leng le le leng le behang litholoana oa le hloekisa, e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng. . . . Feela joalokaha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona ntle le hore le lule sefateng sa morara, ka tsela e tšoanang le lona le ke ke la beha litholoana ka bolona, ntle le hore le lule bonngoeng le ’na. Ke ’na sefate sa morara, lona le makala.”—Johanne 15:2-5.
Jesu o tšepisitse barutuoa ba hae ba tšepahalang hore ka mor’a hore a tsamaee, o tla romela mothusi e leng moea o halalelang. Matsatsi a 51 hamorao ha baapostola le batho ba bang ba fumana moea o halalelang, ba fetoha makala a sefate sa morara. “Makala” ana kaofela a lokela ho lula a le bonngoeng le Jesu. Ka lebaka lefe?
O fana ka lebaka lena: “Ea lulang bonngoeng le ’na, le ’na ke lula bonngoeng le eena, enoa o beha litholoana tse ngata, hobane kantle le ’na ho hang le ke ke la etsa letho.” “Makala” ana, e leng barutuoa ba Jesu ba tšepahalang, ba ne ba tla beha litholoana ka hore ba etsise makhabane a Jesu, ba bue le ba bang ka ’Muso oa Molimo, le ho etsa barutuoa ba eketsehileng. Ho thoe’ng haeba e mong a sa lule a le bonngoeng le Jesu ’me a sa behe litholoana? Jesu o fana ka karabo o re: “Haeba leha e le mang a sa lule bonngoeng le ’na, o lahleloa ntle.” Ka lehlakoreng le leng, Jesu o re: “Haeba le lula bonngoeng le ’na le lipolelo tsa ka li lula ho lona, le kope eng kapa eng eo le e lakatsang ’me e tla le etsahalla.”—Johanne 15:5-7.
Joale Jesu o boetse o pheta ntho eo a ileng a e bua ka makhetlo a mabeli, e leng ea ho boloka litaelo tsa hae. (Johanne 14:15, 21) O hlalosa tsela e ka sehloohong eo barutuoa ba ka bontšang ka eona hore baa mo rata. O re: “Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka, feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.” Leha ho le joalo, ho na le ho hong hape ho hlokahalang e le ho bontša hore motho o rata Molimo le Mora. Jesu o re: “Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae. Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.”—Johanne 15:10-14.
Ka mor’a lihora tse seng kae, Jesu o tla bontša lerato la hae bakeng sa bohle ba bontšang tumelo ho eena ka hore a ba shoele. Mohlala oo oa hae o lokela ho susumetsa balateli ba hae hore ba bontšane boitelo. Lerato lena le tla ba khetholla joalokaha Jesu a ile a bolela pejana ha a ne a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.”—Johanne 13:35.
Ha Jesu a re baapostola ke “metsoalle,” ba lokela ho nka taba ena e le ea bohlokoa. Oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ba nka e le metsoalle. O re: “Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” Taba ea hore ke metsoalle ea Jesu ’me o ba bolella lintho tsohle tseo Ntate oa hae a mo bolelletseng tsona, ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. E le hore ba tsoele pele e le metsoalle ea Jesu, ba lokela hore ba ’ne ba “behe litholoana.” Jesu o re haeba ba etsa joalo, ‘ho sa tsotellehe hore na ke eng eo ba e kopang ho Ntate ka lebitso la hae o tla ba fa eona.’—Johanne 15:15, 16.
Lerato le har’a barutuoa ba hae, bao e leng “makala” a sefate sa morara, le tla ba thusa hore ba mamelle maemo a thata a ba tjametseng. Oa ba hlokomelisa hore lefatše le tla ba hloea. Leha ho le joalo, o ba khothatsa ka ho re: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea. Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Johanne 15:18, 19.
Jesu o boetse oa ba hlalosetsa hore na lefatše le tla ba hloea ka lebaka lefe. O re: “Ba tla etsa lintho tsena tsohle khahlanong le lona ka lebaka la lebitso la ka, hobane ha ba tsebe ea nthomileng.” Jesu o re ha e le hantle, mehlolo eo a e entseng e ahlola batho ba mo hloileng. O re: “Hoja ke ne ke sa etsa har’a bona mesebetsi eo ho seng ea ileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe, empa joale ba bone ’me ba hloile ’na hammoho le Ntate.” Hantle-ntle, taba ena e ile ea profetoa.—Johanne 15:21, 24, 25; Pesaleme ea 35:19; 69:4.
Jesu o boetse o ba tšepisa hore o tla ba romela mothusi e leng moea o halalelang. Moea oo o thusa balateli bohle ba hae hore ba behe litholoana ha ba “paka.”—Johanne 15:27.
-
-
“Le be Sebete! Ke Hlotse Lefatše”Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 121
“Le be Sebete! ke Hlotse Lefatše”
KA MOR’A NAKO E SENG KAE BAAPOSTOLA HA BA SA TLA HLOLA BA BONA JESU
MESARELO EA BAAPOSTOLA E TLA FETOHA NYAKALLO
Jesu le baapostola ba hae ba se ba ntse ba itokisetsa ho tloha kamoreng e ka holimo moo ba neng ba ntse ba jela Paseka. Ka mor’a ho ba fa likeletso tse ’maloa, Jesu o re: “Ke le boleletse lintho tsena hore le se ke la khoptjoa.” Ke hobane’ng ha a ba file likeletso tseo? O re ho bona: “Batho ba tla le leleka synagogeng. Ha e le hantle, hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang.”—Johanne 16:1, 2.
Ho ka ’na ha etsahala hore ebe baapostola ba ikutloa ba tšoenyehile ke litaba tsena. Le hoja Jesu a ile a ba bolella hore lefatše le tla ba hloea, ha aa ka a ba bolella ka ho toba hore ba tla bolaoa. Ke hobane’ng ha a sa ba bolella? O re: “Lintho tsena ha kea ka ka le bolella tsona pele, hobane ke ne ke e-na le lona.” (Johanne 16:4) Hona joale o batla ho ba hlomella pele a tsamaea. Sena se ka ’na sa ba thusa hore ba se ke ba khoptjoa hamorao.
Jesu o boetse o re: “Ke ea ho Ea nthomileng, ’me leha ho le joalo ha ho le ea mong oa lona ea mpotsang, ‘U ea hokae?’ ” Nakoana pele ho mona, ba ne ba ile ba mo botsa hore na o ea hokae. (Johanne 13:36; 14:5; 16:5) Leha ho le joalo, lekhetlong lena ba imetsoe likelellong ka lebaka la mahloriso ao a itseng ba tla tobana le ’ona. Kahoo, ba hloleha ho mo botsa ka khanya eo a tla ba le eona le hore na ho tla etsahala’ng ka barapeli ba ’nete. Jesu o re: “Kahobane ke le boleletse lintho tsena mesarelo e tletse ka lipelong tsa lona.”—Johanne 16:6.
Jesu oa ba hlalosetsa o re: “Ke tsamaea molemong oa lona. Etsoe haeba ke sa tsamaee, ho hang mothusi a ke ke a tla ho lona, empa haeba ke fela ke tsamaea, ke tla mo romela ho lona.” (Johanne 16:7) Barutuoa ba Jesu ba tla fumana moea o halalelang hafeela Jesu a ka shoa ’me a tsosetsoa leholimong. Ha a le moo, a ka khona ho o romela hore o thuse balateli ba hae hohle moo ba leng teng lefatšeng.
Moea o halalelang “o tla fa lefatše bopaki bo kholisang malebana le sebe le malebana le ho loka le malebana le kahlolo.” (Johanne 16:8) Kannete ho tla bonahala hore lefatše le hlolehile ho bontša tumelo ho Mor’a Molimo. Ha Jesu a nyolohela leholimong, ho tla hlaka hore ke motho ea lokileng le hore “ ’musi oa lefatše” e leng Satane, o hloka ho ahloloa.—Johanne 16:11.
Jesu o boetse o re ho bona: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.” Nakong eo a ba tšollelang moea o halalelang, ba tla khona ho utloisisa ‘ ’nete eohle’ ’me ba tla khona ho phela tumellanong le ’nete eo.—Johanne 16:12, 13.
Seo Jesu a se buang se makatsa baapostola le ho feta. O re: “Ka mor’a nakoana le ke ke la hlola le mpona, ’me, hape, ka mor’a nakoana le tla mpona.” Joale baa botsana hore na ekaba o bolela’ng. Jesu oa elelloa hore ba batla ho mo botsa ka taba ena. Kahoo oa ba hlalosetse o re: “Kannete-nete ke re ho lona, le tla lla ’me le bokolle, empa lefatše le tla thaba, le tla sareloa, empa mesarelo ea lona e tla fetoha thabo.” (Johanne 16:16, 20) Mantsiboeeng a hlahlamang ha Jesu a bolaoa, baeta-pele ba bolumeli ba tla thaba empa balateli ba hae ba tla sareloa. Leha ho le joalo, ho sareloa ha bona ho tla fetoha thabo nakong eo Jesu a tsosoang bafung! Ba tla boela ba thabe ha a ba tšollela moea o halalelang oa Molimo.
Jesu o bapisa boemo ba baapostola ba hae le ba mosali ea nang le mahlaba a pelehi ka ho re: “Mosali, ha a beleha, o ba le mesarelo, hobane hora ea hae e fihlile, empa ha a hlahisitse ngoana e monyenyane, ha a sa hopola matšoenyeho ka lebaka la thabo ea hore motho o tsoetsoe lefatšeng.” Jesu o khothatsa baaposotla ba hae o re: “Le lona joale, le saretsoe, empa ke tla le bona hape ’me lipelo tsa lona li tla thaba, ’me ha ho ea tla le amoha thabo ea lona.”—Johanne 16:21, 22.
Ho fihlela nakong ena, baapostola ha ba e-s’o ka ba rapela ka lebitso la Jesu. Kahoo o re ho bona: “Letsatsing leo le tla kopa ka lebitso la ka.” Ke hobane’ng ha ba lokela ho etsa joalo? Lebaka ha se hobane Ntate a le leqe ho ba araba. Ho fapana le seo, Jesu o re: “Ntate oa le rata, hobane le nthatile . . . ke le moemeli oa Ntate.”—Johanne 16:26, 27.
Mantsoe ana a Jesu a khothatsang, a tiisa baapostola mangole hoo ba reng: “Rea lumela ka sena hore u tsoile ho Molimo.” Ho se hokae, kholiseho ea bona e tla behoa tekong. Ha e le hantle, Jesu oa ba hlalosetsa hore na ho tla etsahala’ng. O re: “Bonang! Hora ea tla, ka sebele, e fihlile, ea ha le tla hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae ’me le tla ntšiea ke le mong.” Leha ho le joalo, oa ba tiisetsa o re: “Ke le boleletse lintho tsena e le hore le ka ba le khotso ka ’na. Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlotse lefatše.” (Johanne 16:30-33) Jesu a ke ke a ba lahla. O kholisehile hore le bona ba ka hlola lefatše feela joalokaha a le hlotse. Ba ka etsa seo hafeela ba ka lula ba etsa thato ea Molimo ka botšepehi ho sa tsotellehe lintho tseo Satane a ba futuhelang ka tsona ho leka ho senya botšepehi ba bona.
-
-
Thapelo ea Jesu e Phethelang ka Kamoreng e ka HolimoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 122
Thapelo ea Jesu e Phethelang ka Kamoreng e ka Holimo
MOPUTSO OA HO TSEBA NTATE LE MOR’A HAE
JEHOVA, JESU LE BAAPOSTOLA BA BONNGOENG
Kahobane Jesu a rata baapostola ba hae ka ho tebileng, esale a ntse a ba lokisetsa hore ba be malala-a-laotsoe bakeng sa ha a ba siea a ea leholimong. Joale o phahamisetsa mahlo a hae leholimong ’me o rapela Ntate oa hae o re: “Tlotlisa mora oa hao, e le hore mora oa hao a ka u tlotlisa, ho ea kamoo u mo fileng matla holim’a nama eohle, e le hore, mabapi le palo e feletseng eo u mo fileng eona, a ka e fa bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:1, 2.
Ho hlakile hore Jesu oa bona hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho tlotlisa Molimo. Leha ho le joalo, o boetse o bua ka tšepo eo batho ba nang le eona ea ho phela ka ho sa feleng. Ka matla ao a a fuoeng “holim’a nama eohle,” a ka khona ho etsa hore batho bohle ba fumane bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, ke ba seng bakae feela ba tla bo fumana. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba batho bohle? Ke hobane Jesu o tla hlohonolofatsa feela ba etsang sena seo a se buang ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Motho o lokela hore a tsebe Ntate le Mora hantle ’me e be motsoalle oa bona ea haufi-ufi. O lokela ho ba le boikutlo bo tšoanang le ba bona. O boetse o lokela ho leka kahohle-hohle hore a ba etsise tseleng eo ba tšoarang batho ba bang ka eona. Hape, o lokela ho utloisisa hore le hoja e le ntho ea bohlokoa hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Molimo a tlotlisoe.
Joale Jesu o khutlela tabeng eo a e buileng pejana o re: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, kaha ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona hore ke o etse. Kahoo joale, Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.” (Johanne 17:4, 5) Jesu o kopa hore a khutlisetsoe khanyeng eo a neng a e-na le eona ka hore a tsosoe bafung.
Leha ho le joalo, Jesu o ntse a hopola lintho tsohle tseo a li finyeletseng mosebetsing oa hae. O re: “Ke senotse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng. E ne e le ba hao, ’me u mphile bona, ’me ba bolokile lentsoe la hao.” (Johanne 17:6) Ha se feela hore Jesu o phatlalalitse lebitso la Jehova. O thusitse baapostola ba hae hore ba utloisise hore na lebitso leo le bolela’ng. O ba thusitse hore ba utloisise makhabane a Molimo le tsela eo a sebelisanang le batho ka eona.
Baapostola ba se ba tseba Jehova, ba tseba le lebaka leo Jesu a tlileng lefatšeng ka lona ’me ba tseba le lintho tseo a li rutileng. Ka boikokobetso Jesu o re: “Ke ba file lipolelo tseo u mphileng tsona, ’me ba li amohetse ’me ka sebele baa tseba hore ke tsoile ke le moemeli oa hao, ’me ba lumetse hore u nthomile.”—Johanne 17:8.
Joale Jesu o bua ka phapang e teng pakeng tsa balateli ba hae le batho ba bang ka kakaretso. O re: “Ha ke etse kopo malebana le lefatše, empa ke etsa kopo malebana le bao u mphileng bona, hobane ke ba hao . . . Ntate ea halalelang, ba lebele ka lebaka la lebitso la hao leo u mphileng lona, e le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang. . . . Ke ba bolokile, ’me ha ho le ea mong oa bona ea timetseng haese mora oa timetso,” e leng Judase Iskariota ea seng a le tseleng a il’o eka Jesu.—Johanne 17:9-12.
Jesu o tsoela pele ho rapela, o re: “Lefatše le ba hloile. . . . Ha ke u kope hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kopa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Ha se karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14-16) Baapostola ba Jesu hammoho le barutuoa ba bang ba ntse ba le lefatšeng le busoang ke Satane, empa ba lokela ho qoba ho ikamahanya le lona le lintho tse mpe tsa lona. Ba ka etsa see joang?
Ba lokela hore ba ipoloke ba halalela, ba ikhethe e le hore ba ka sebeletsa Molimo, ’me ba ka etsa seo ka hore ba sebelise seo ba ithutileng sona Mangolong a Seheberu le linthong tseo Jesu ka boeena a ba rutileng tsona. Jesu oa ba rapella o re: “Ba halaletse ka ’nete, lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Hamorao, baapostola ba bang ba Jesu ba tla ngola libuka tse tla ba karolo ea “ ’nete” e tla thusa batho hore ba halalele.
Ho tla ba le ba bang ba tla amohela “ ’nete” ha nako e ntse e-ea. Ka lebaka leo, Jesu ha a rapele “malebana le bana feela [bao a nang le bona], empa . . . malebana le ba behang tumelo ho [eena] ka lentsoe la bona.” Jesu o ba kopela eng? O re: “E le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rona.” (Johanne 17:20, 21) Ha se hore Jesu le Ntate ke motho a le mong. Ho ka thoe ba bonngoeng hobane ba lumellana ka lintho tsohle. Jesu o rapella hore barutuoa ba hae ba be bonngoeng ka tsela e tšoanang.
Pejana, Jesu o ne a ile a bolella Petrose le ba bang hore oa tsamaea ’me o il’o ba lokisetsa sebaka leholimong. (Johanne 14:2, 3) Jesu o boetse o bua ka taba ena thapelong o re: “Ntate, ha e le ka seo u mphileng sona, ke lakatsa hore, moo ke leng teng, le bona ba ka ba le ’na, e le hore ba bone khanya ea ka eo u mphileng eona, hobane u nthatile pele lefatše le thehoa.” (Johanne 17:24) Sena seo a se buang se tiisa hore khale haholo, le pele Adama le Eva ba ka ba le bana, Molimo o ’nile a rata Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo hamorao a ileng a tsejoa e le Jesu Kreste.
Ha a phethela thapelo ea hae, Jesu o boetse o hatisa lebitso la Ntate oa hae le lerato leo Molimo a nang le lona bakeng sa baapostola ba hae hammoho le ba bang ba tla amohela “ ’nete.” O re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.”—Johanne 17:26.
-
-
Jesu oa Rapela Nakong eo a Saretsoeng ka ho TebilengJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 123
Jesu oa Rapela Nakong eo a Saretsoeng ka ho Tebileng
MATHEU 26:30, 36-46 MAREKA 14:26, 32-42 LUKA 22:39-46 JOHANNE 18:1
JESU O SERAPENG SA GETHESEMANE
MOFUFUTSO OA HAE O JOALOKA MAROTHOLI A MALI
Jesu o qetela thapelo ea hae a e-na le baapostola ba hae ba tšepahalang. Joale ‘ka mor’a ho bina lithoriso, baa tsoa ba ea Thabeng ea Mehloaare.’ (Mareka 14:26) Ba leba ka bochabela serapeng se bitsoang Gethesemane, moo Jesu a tloaetseng ho ea.
Ha ba fihla sebakeng sena seo ba se ratang se nang le lifate tse ngata tsa mehloaare, Jesu o siea baapostola ba hae ba robeli. Mohlomong ba sala qalong ea serapa sena kaha Jesu o re ho bona: “Lulang mona ha ke e-ea mane ’me ke rapela.” Jesu o nka baapostola ba hae ba bararo e leng Petrose, Jakobo le Johanne ’me ba kenella harenyana ka serapeng. O sareloa ka ho tebileng ’me o re ho barutuoa bana ba bararo: “Moea oa ka o saretsoe haholo, esita le ho isa lefung. Salang mona ’me le lule le lebetse le ’na.”—Matheu 26:36-38.
Joale Jesu o tsoa tjaro ’me o ‘itihela fatše ’me o qala ho rapela.’ Ekaba ke eng eo a e rapellang ho Molimo nakong ena eo a tšoenyehileng hakana? Oa rapela o re: “Ntate, lintho tsohle lia khoneha ho uena. Tlosa senoelo sena ho ’na. Empa leha ho le joalo ho se ke ha etsoa seo ke se batlang, empa ho etsoe seo u se batlang.” (Mareka 14:35, 36) O bolela’ng? Na o leka ho baleha boikarabelo ba hae ba ho ba morekolli? Che!
Ha Jesu a ne a le leholimong, o ile a bona bohloko bo otlang pelo boo ba bang ba ileng ba bo utloa ha ba bolaoa ke Baroma. Boemong bona, Jesu ke motho oa nama, ’me o na le maikutlo a bonolo ebile a ka utloa bohloko ha a hlokofatsoa, kahoo ha a labalabele ho shoa lefu lena le bohloko le mo tjametseng. Leha ho le joalo, ntho e mo tšoenyang ka ho fetisisa ke hore oa lemoha hore nakong eo a bolaoang joalokaha eka ke senokoane se nyonyehang, lebitso la Ntate oa hae le tla nyelisoa. Ka mor’a lihora tse seng kae, o tla fanyehoa thupeng joalokaha eka o nyefotse Molimo.
Ka mor’a nako a ntse a rapela, Jesu o khutlela ho barutuoa ba hae ba bararo ’me o ba fumana ba robetse. O re ho Petrose: “Na le ne le sa khone leha e se e le ho lebela le ’na hora e le ’ngoe? Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.” Jesu oa elelloa hore baapostola ba hae le bona ba bile tlasa khatello ea maikutlo ebile e se e le bosiu. Kahoo o re: “Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”—Matheu 26:40, 41.
Joale, Jesu o tloha ka lekhetlo la bobeli ’me o kopa Molimo hore a tlose “senoelo sena” ho eena. Ha a khutla, o boetse o fumana baapostola bana ba bararo ba robetse, ha ba ne ba lokela hore ebe ba ntse ba rapella hore ba se ke ba kena molekong. Ha Jesu a bua le bona, ha ba “tsebe hore na ba ka mo araba ka ho re’ng.” (Mareka 14:40) Ka lekhetlo la boraro, Jesu oa ba siea ’me o khumama ka mangole hore a rapele.
Jesu o tšoenyehile haholo ka hore ha a bolaoa, lebitso la Ntate oa hae le tla nyelisoa. Leha ho le joalo, Jehova o utloa lithapelo tsa Jesu ’me o mo romela lengeloi hore le mo matlafatse. Esita le ka mor’a sena, Jesu ha a khaotse ho etsa thapeli ho Ntate oa hae, empa o “tsoela pele ho rapela ka tieo haholo.” O na le khatello e kholo ea maikutlo. O ikutloa a imetsoe hona hoo! Monyetla oo eena le batho ba lumelang ho eena ba nang le oona oa ho phela ka ho sa feleng o behiloe paneng. Sena se etsa hore “mofufutso oa hae o be joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.”—Luka 22:44.
Ha Jesu a khutlela ho barutuoa ba hae ka lekhetlo la boraro, o boetse o ba fumana ba robetse. O re ho bona: “Ka nako e kang ee le robetse ’me le iphomoletse! Bonang! Hora e atametse ea hore Mor’a motho a ekeloe matsohong a baetsalibe. Emang, a re eeng. Bonang! Moeki oa ka o atametse.”—Matheu 26:45, 46.
-
-
Kreste oa Ekoa ’me oa TšoaroaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 124
Kreste oa Ekoa ’me oa Tšoaroa
MATHEU 26:47-56 MAREKA 14:43-52 LUKA 22:47-53 JOHANNE 18:2-12
JUDASE O EKA JESU KA SERAPENG
PETROSE O KHOALO TSEBE EA MOTHO
JESU OA TŠOAROA
E se e le ka meso. Baprista ba se ba lumellane hore ba tla lefa Judase lichelete tsa silevera tse 30 e le hore a ba ekele Jesu. Joale Judase o li hula nthau, o latetsoe ke mokhopi o moholo oa baprista ba ka sehloohong le Bafarisi, ba batlana le Jesu. Ba boetse ba tsamaea le sehlopha sa masole se hlometseng se etelletsoeng pele ke molaoli oa sesole.
Ho bonahala Judase a ile a toba ho baprista ba ka sehloohong ha Jesu a mo leleka ha ba le lijong tsa Paseka. (Johanne 13:27) Joale ba bitsitse balaoli ba bona hammoho le sehlopha sa masole. Ho ka etsahala hore ebe Judase o ile a ba isa pele kamoreng eo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba ketekela Paseka ho eona. Hona joale mokhopi ona o se o tšetse Phula ea Kidrone ’me o ea o lebile serapeng sa Gethesemane. Ba ikemiselitse ho fumana Jesu, kahoo ba nkile libetsa, mabone le lirumula.
Judase o etella moifo ona pele, o o hloesa Thaba ea Mehloaare ’me ha a re le ho re fare! ka hore na o tla fumana Jesu hokae. Jesu le baapostola ba hae ba ne ba lula Bethani ’me hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng ba ne ba ea Jerusalema, kahoo ba ne ba atisa ho khefutsa serapeng sa Gethesemane. Leha ho le joalo, hona joale ke bosiu ’me ho ka etsahala hore ebe Jesu o moriting oa lifate tsa mehloaare tse ka serapeng. Ho ka etsahala hore ebe masole ana ha a e-s’o bone Jesu le ka le baliloeng, kahoo ba tla khona joang ho tseba hore ke eena? E le ho ba thusa, Judase o tla ba fa letšoao. O re: “Mang kapa mang eo ke mo akang, ke eena, mo iseng litlamong ’me le mo tsamaise ka tšireletseho.”—Mareka 14:44.
Judase o ntse a etelletse mokhopi ona pele ha o kena serapeng ’me ha a bona Jesu le baapostola ba hae, o leba ka kotloloho ho Jesu. O re ho eena: “Lumela, Rabi!” ’me o mo aka ka lerato. Jesu oa mo botsa o re: “Monn’a heso, u teng ka morero ofe?” (Matheu 26:49, 50) Le pele Judase a ka araba, Jesu o re: “Judase, na u eka Mor’a motho ka kako?” (Luka 22:48) Leha ho le joalo, Jesu o tsoa taba ea lehlaba-phio lena!
Joale Jesu o elella khanyeng ea mabone le lirumula ’me oa botsa o re: “Le batla mang?” Mokhopi ona o re: “Jesu Monazaretha.” Ka sebete Jesu o re: “Ke ’na enoa.” (Johanne 18:4, 5) Banna bana ba maketse, kahoo ba oa fatše.
Ho e-na le ho nka monyetla ebe o qela ho leoto, Jesu o ba botsa hape hore na ba batla’ng. Ba mo araba hape ba re, “Jesu Monazaretha” ’me o re ho bona ka sebete: “Ke le boleletse hore ke ’na enoa. Ka hona, haeba ke ’na eo le mo batlang, le tlohele bana ba tsamaee.” Esita le tlas’a maemo ana a thata, Jesu ha a lebale seo a ileng a se bua pejana ha a ne a re a ke ke lahleheloa le ke ea mong. (Johanne 6:39; 17:12) Jesu o bolokile baapostola ba hae ba tšepahalang ’me ha aa lahleheloa le ke ea mong oa bona haese Judase “mora oa timetso.” (Johanne 18:7-9) Kahoo, o re ba lokolle balateli ba hae ba tšepahalang ba itsamaele.
Ha masole a phahama fatše ’me a tla ho Jesu, baapostola ba elelloa se etsahalang. Baa botsa ba re: “Morena, re hlathe ka sabole?” (Luka 22:49) Le pele Jesu a ka araba, Petrose o tlola matjato o tšoara sabole e ’ngoe ho tse peli tseo ba li nkileng. O hlasela Malkuse, lekhoba la moprista ea phahameng, o le khaola tsebe e ka lehlakoreng le letona.
Jesu o ama tsebe ea Malkuse ’me o folisa leqeba la hae. Joale o fana ka thuto ea bohlokoa ’me o laela Petrose o re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” Jesu o ikemiselitse ho tšoaroa, ’me o hlalosa lebaka o re: “Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho tla etsahala ka tsela ee?” (Matheu 26:52, 54) O boetse o re: “Na ruri ha kea lokela ho noa senoelo seo Ntate a mphileng sona?” (Johanne 18:11) Jesu o lumellana le seo Molimo a batlang hore a se etse, esita le ha seo se bolela hore o lokela ho shoa.
Jesu o botsa mokhopi ona o re: “Na le tsoile le nkile lisabole le melangoana ho tla ntšoara joalokaha eka le tlil’o tšoara lesholu? Letsatsi le letsatsi ke ne ke ee ke lule ka tempeleng ke ruta, ’me leha ho le joalo ha lea ka la nkisa litlamong. Empa sena sohle se etsahetse hore mangolo a baprofeta a phethahale.”—Matheu 26:55, 56.
Sehlopha sa masole, molaoli oa sesole, le balaoli ba Bajuda ba tšoara Jesu ’me baa mo fasa. Ha baapostola ba bona sena ba tšola tlhako morong. Leha ho le joalo, “mohlankana ea itseng,” mohlomong morutuoa Mareka, o sala har’a letšoele lena e le hore a sale Jesu morao. (Mareka 14:51) Ho e-s’o ee kae, letšoele le hlokomela mohlankana enoa ’me le leka ho mo tšoara, empa o khona ho chophola a siea seaparo sa hae sa line morao.
-
-
Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao o isoa ho KaifaseJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 125
Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao ho Kaifase
MATHEU 26:57-68 MAREKA 14:53-65 LUKA 22:54, 63-65 JOHANNE 18:13, 14, 19-24
JESU O ISOA HO ANASE MOPRISTA EA KA SEHLOOHONG OA MEHLENG
NYEOE E SENG MOLAONG E TŠOEROENG KE SANHEDRINE
Hang ha ba qeta ho fasa Jesu joalokaha eka ke setlokotsebe, ba mo isa ho Anase. Nakong eo mesuoe e neng e tsota Jesu ha a ne a le monyenyane ka tempeleng, Anase e ne e le eena moprista ea ka sehloohong. (Luka 2:42, 47) Ba bang ba bara ba hae ba ile ba sebeletsa e le baprista ba ka sehloohong, empa hona joale mokhoenyana oa hae Kaifase ke eena moprista ea ka sehloohong.
Nakong eo Jesu a leng ha Anase, Kaifase o ba le nako ea ho khobokanya lekhotla la Sanhedrine. Lekhotla lena le na le litho tse 71 tse kenyelletsang moprista ea ka sehloohong hammoho le baprista ba bang ba phahameng ba mehleng.
Anase o hloma Jesu lipotso “mabapi le barutuoa ba hae le mabapi le thuto ea hae.” Jesu o araba ka tsela e hlakileng o re: “Ke buile le lefatše phatlalatsa. Kamehla ke ile ka ruta ka synagogeng le ka tempeleng, moo Bajuda kaofela ba phuthehang, ’me ha kea ka ka bua letho sephiring. Ke hobane’ng ha u mpotsa? Botsa ba utloileng seo ke ba boleletseng sona.”—Johanne 18:19-21.
Joale ofisiri e emeng haufi le Jesu ea mo jabela ’me ea mo khalemela e re: “Na eo ke tsela eo u arabang moprista ea ka sehloohong ka eona?” Leha ho le joalo, kaha Jesu oa tseba hore ha aa fosa, oa araba o re: “Haeba ke buile ka phoso, paka malebana le phoso eo, empa haeba ke ka nepo, u nkotlela’ng?” (Johanne 18:22, 23) Joale Anase o laela hore Jesu a isoe ho mokhoenyana oa hae Kaifase.
Lekhotla lohle la Sanhedrine le se le kopane. Moprista ea phahameng, banna ba baholo ba sechaba, le bangoli ba teng. Ba khobokane lapeng ha Kaifase. Ha ho molaong ho tšoara nyeoe e kang ena bosiung ba Paseka, empa lekhotla lena le ikemiselitse ho phethahatsa morero oa lona o khopo.
Leeme la banna bana le thiba letsatsi! Ka mor’a hore Jesu a tsose Lazaro, lekhotla lena la Sanhedrine le ile la etsa qeto ea hore Jesu o lokela ho shoa. (Johanne 11:47-53) Matsatsing a seng makae a fetileng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba etsa ’momori oa ho tšoara Jesu e le hore ba ka mo bolaea. (Matheu 26:3, 4) Ho hlakile hore le pele nyeoe ena e ka qala, banna bana ba se ba ntse ba ahloletse Jesu lefu.
Ha se feela hore ba tšoere nyeoe ena e seng molaong, empa baprista ba ka sehloohong le litho tse ling tsa Sanhedrine, ba batla lipaki tsa bohata tse ka ba thusang ho matlafatsa qoso ea bona. Ba fumana lipaki tse ngata empa bopaki ba tsona ha bo lumellane. Qetellong, lipaki tse peli li re: “Re utloile a re, ‘Ke tla heletsa tempele ena e ileng ea etsoa ka matsoho ’me ka matsatsi a mararo ke tla haha e ’ngoe e sa etsoang ka matsoho.’ ” (Mareka 14:58) Leha ho le joalo, le tabeng ena ha ba lumellane ka botlalo.
Kaifase o botsa Jesu o re: “Na ha u re letho ho araba? Ke eng seo baa ba se pakang khahlanong le uena?” (Mareka 14:60) Leha ho le joalo, Jesu o thola tu! nakong ena eo a qosoang ka bohata ke lipaki tseo mohlaka oa tsona o hanyetsanang. Kahoo, Moprista ea Phahameng Kaifase o fetola maoa.
Kaifase oa tseba hore Bajuda ba khopeha habonolo ha ba utloa motho a re ke Mor’a Molimo. Pejana ha Jesu a ne a bitsa Molimo Ntate oa hae, Bajuda ba ile ba batla ho mo bolaea hobane ba re o “iketsa ea lekanang le Molimo.” (Johanne 5:17, 18; 10:31-39) Ka ho tseba hore na Bajuda ba ikutloa joang, ka maqiti Kaifase o re ho Jesu: “Ke u hlapantša ka Molimo ea phelang hore u re bolelle hore na u Kreste Mor’a Molimo!” (Matheu 26:63) Jesu o kile a bua ka hore ke Mora oa Molimo. (Johanne 3:18; 5:25; 11:4) Haeba a ka itholela, ho tla nkuoa a hana hore ke Mor’a Molimo le hore ke Kreste. Kahoo o re: “Ke ’na, ’me lona le tla bona Mor’a motho a lutse ka letsohong le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.”—Mareka 14:62.
Ka ho feteletsa hohle, Kaifase o hahola liaparo tsa hae ’me oa hooa o re: “O nyefotse! Na re sa hloka lipaki tse eketsehileng? Bonang! Joale le utloile nyefolo eo. Maikutlo a lona ke afe?” Joale banna ba lekhotla la Sanhedrine ba fetisa kahlolo ena e leeme ba re: “O lokeloa ke lefu.”—Matheu 26:65, 66.
Joale ba soma Jesu ebile ba mo otla ka litebele. Ba bang baa mo jabela ebile ba mo tšoela ka mathe mahlong. Ka mor’a moo, ba mo koahela mahlong ’me baa mo jabela ’me ba re ho eena: “Profeta! Ke mang ea u otlileng?” (Luka 22:64) Mora oa Molimo o hlekefetsoa ka tsela ena nyeoeng e seng molaong e tšoeroeng bosiu!
-
-
Petrose o Latola JesuJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
KHAOLO EA 126
Petrose o Latola Jesu
MATHEU 26:69-75 MAREKA 14:66-72 LUKA 22:54-62 JOHANNE 18:15-18, 25-27
PETROSE O LATOLA JESU
Ka mor’a hore Jesu a tšoaroe ha a le serapeng sa Gethesemane, baapostola ba ile ba mo lahla kherehloa ’me ba khola phalo. Leha ho le joalo, ba babeli ba bona ba khaotsa ho baleha. Bona ke Petrose “hammoho le morutuoa e mong” eo ho bonahalang hore ke moapostola Johanne. (Johanne 18:15; 19:35; 21:24) E ka ’na eaba ba fihla ho Jesu nakong eo a isoang ha Anase. Ha Anase a romela Jesu ho Moprista ea Phahameng Kaifase, Petrose le Johanne ba latela ba tsamaella morao. E ka ’na eaba ba pelo li peli kaha ba tšaba ho bolaoa, ha ka lehlakoreng le leng ba batla ho bona hore na Moren’a bona o tla hlaheloa ke eng.
Johanne le moprista ea phahameng baa tsebana kahoo o khona ho kena lebaleng la ntlo ea Kaifase. Petrose o sala ka ntle monyako ho fihlela Johanne a khutla ’me a bua le lekhabunyane le lebetseng monyako. Joale Petrose o lumelloa ho kena.
Hoa bata bosiung bona, kahoo batho ba lebaleng ba besitse mollo ka mashala. Petrose o lula le bona e le hore a ka ikomosa ha a ntse a emetse ho bona hore na “phello e tla ba efe” ea nyeoe ea Jesu. (Matheu 26:58) Joale, ha Petrose a se a le khanyeng ea mollo, lekhabunyane le mo buletseng hore a kene le khona ho mo bona ka ho hlaka. Le re: “Na le uena ha u e mong oa barutuoa ba monna enoa?” (Johanne 18:17) Ha se eena feela ea hlokomelang Petrose le ho mo qosa ka hore o ne a e-na le Jesu.—Matheu 26:69, 71-73; Mareka 14:70.
Taba ena e ferekanya Petrose. O leka ho ikhakanya ebile o chechela hekeng. O latola bosehla hore o ne a e-na le Jesu, o re: “Ha ke mo tsebe leha e le hona hore ke utloisisa seo u se buang.” (Mareka 14:67, 68) O boetse o “bitsa bomalimabe le ho hlapanya,” e leng se bolelang hore o ikemiselitse ho hlapanya hore mantsoe a hae ke ’nete le hore haeba a sa bue ’nete a mpe a hlaheloe ke bomalimabe.—Matheu 26:74.
Nakong ena, nyeoe ea Jesu e ntse e tsoela pele. Kamoo ho bonahalang kateng, e tšoaretsoe mokatong o ka holimo oa ntlo ea Kaifase. Ho ka etsahala hore ebe Petrose le ba bang ba letileng lebaleng ba ntse ba bona ha lipaki tse ’maloa li kena li tsoa.
Hoa utloahala hore Petrose ke Mogalilea ha a bua ’me sena se bontša hore o leshano ha a latola Jesu. Ho feta moo, e mong oa ba teng mona ke mong ka Malkuse, eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe. Kahoo o qosa Petrose o re: “Ke u bone ka serapeng u e-na le eena, na ha ho joalo?” Ha Petrose a hana he-he-he! ka lekhetlo la boraro, mokoko oa lla joalokaha Jesu a ile a hla a bolela.—Johanne 13:38; 18:26, 27.
Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o mokatong o ka holimo moo a khonang ho bona lebaleng. Joale Jesu o sheba ka ho toba ho Petrose, ’me e tlameha ebe sena se etsa hore Petrose a utloe bohloko bo fihla pelong. O hopola seo Jesu a se buileng lihoreng tse seng kae tse fetileng ha ba le moketeng oa Paseka. U se u ka inahanela feela hore na Petrose o ikutloa joang ha a elelloa seo a qetang ho se etsa! Joale o tsoela ka ntle ’me o bokolla habohloko.—Luka 22:61, 62.
Ho tlile joang hore see se etsahale? Ho tlile joang hore Petrose a latole Moren’a hae le hoja a ne a kholisehile hakana hore o matla moeeng ebile oa tšepahala? Nakong ena, ho sothoa mantsoe a Jesu ’me o hlahisoa e le setlokotsebe se tsoileng tseleng. Ho e-na le hore Petrose a buelle Jesu ka sebete hobane a tseba hore ha a molato, o nyahlatsa Mora oa Molimo “ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Johanne 6:68.
Ntho ena e bohloko e etsahaletseng Petrose, e bontša hore esita le motho ea nang le tumelo le ea nang le boikemisetso bo matla a ka therekela haeba a sa ikatela bakeng sa mahloriso le liteko tse ka mo hlahang tsome. E se eka pale ena ea Petrose e ka thusa bahlanka bohle ba Molimo hore ba itlhokomele!
-