KHAOLO 20
Sephetho se Amang Pelo
Moeklesia 12:13, 14
NTLHA-KHOLO: Ha u lihela likhala, bua ka tsela e tla susumetsa bamameli ho sebelisa seo ba ithutileng sona.
KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?
Sephetho sa hao se lokela ho lumellana le litaba tsa hao kaofela. Pheta lintlha tsa hao tsa sehlooho.
Susumetsa bamameli. Hlakisetsa bamameli hore na ba lokela ho etsa’ng le hore na ke hobane’ng ha ho etsa joalo e le habohlokoa. Bua ho tsoa pelong.
Etsa hore sephetho sa hao se be sekhutšoanyane ’me se tobe taba. Ha se nako ea ho qala ho bua ka lintlha tseo u sa buang ka tsona. Ka mantsoe a seng makae feela, siea bamameli ba ikemiselitse ho etsa seo ba ithutileng sona.