PINA EA 107
E-bang Lerato Joaloka Jehova
- 1. Re ithuta mohlala oa lerato - Ho ’Mopi Jehova. - O re rata ka lerato la ’nete. - O re file mora oa hae, - A re tšoarela liphoso tsa rona - ’Me o bontšitse hore oa re rata. - Ena ke pontšo e li fetang tsohle. - Ke Molimo ea ratang batho. 
- 2. Ha re etsisa Jehova Molimo - Ka ho ba lerato, - Re tla ratana ’me re tsotellane, - Re thusane linthong tsohle. - Hoba re ke ke ra rata Molimo - Empa re hloile bana babo rona. - Ka lebaka leo, a re tšoarelaneng - ’Me re bontše rato la ’nete. 
- 3. A re rataneng le ho momahana - ’Me re be lelapa. - Molimo o re: “Tloong, le momahane.” - Le ratane, le utloane. - Jehova o re thusa ka Ntsoe la hae - Le moea oa hae hore re utloane, - Re be re rate bana babo rona. - Leo ke lona rato la ’nete. 
(Sheba le Bar. 12:10; Baef. 4:3; 2 Pet. 1:7.)