PINA EA 43
Re Leboha Jehova
E Hatisitsoeng
1. Jehova Ntat’a rona, rea leboha.
Ha re rapela, oa re mamela.
Kahoo re tšepile uena, Jehova.
Rea tseba hore oa re tsotella.
Liphoso tsa rona li totobetse.
Re kopa hore u re tšoarele.
Oa tseba hore ha rea phethahala.
Rea leboha ka ho re lopolla.
2. Re ananela mosa oa hao, Ntate.
U re thusitse hore re’u rate.
Re thuse hore re u sebeletse.
Hape re thuse re tšepahale.
U re fa matla. Kahoo rea leboha.
Re bua le batho ka sebete.
Re thuse hore re ikokobetse
Hoba u rata baikokobetsi.
(Sheba le Pes. 65:2, 4, 11; Bafil. 4:6.)