Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/02 leq. 7
  • Lebokose La Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose La Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Re Hloka Phutheho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 11/02 leq. 7

Lebokose La Lipotso

◼ Melemo ea ho ea phuthehong e abetsoeng tšimo eo re lulang ho eona ke efe?

Ka tokisetso ea phutheho, re fumana khothatso ‘ea ho susumeletsana leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheb. 10:24, 25) Ka phutheho re ithuta ’nete le ho hlomelloa ho phetha mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Hape re matlafalletsoa ho mamella liteko ka botšepehi ebile re na le balebeli ba lerato ba re thusang ho sebetsana ka katleho le likhatello le matšoenyeho a ntseng a eketseha. Ho hlakile hore phutheho ke ea bohlokoa haholo hore re tsoele pele re phela moeeng. Leha ho le joalo, ho ea phuthehong e abetsoeng tšimo eo re lulang ho eona ho na le melemo efe?

Maemo a batho aa fapana, ’me lintho tse kang mosebetsi oa boipheliso, ho ba le molekane ea sa lumelang le lipalangoang li ka ’na tsa ama qeto eo motho a e etsang ntlheng ena. Leha ho le joalo, ka sebele ho na le melemo ea moea le melemo e meng, ha motho a kopanela le phutheho e abetsoeng tšimo eo a lulang ho eona. Baholo ba ka khona ho iteanya le bahoeletsi bohle kapele ha ho hlaha maemo a tšohanyetso. Mabokose a Lipotso a nakong e fetileng a ile a hatisa melemo e meng e mengata ea ho etsa sena.—August 1991 (CD-ROM May 1991), April 1976 (CD-ROM March 1976) le February 1967 (ka Senyesemane) (CD-ROM January 1967).

Ka tloaelo, ho batla ho le bonolo ho ea libokeng tse haufi, ho re lumella ho fihla e sa le ka nako e le hore re bue le ba bang, re etse lintho tse ling tse hlokahalang le ho kopanela pineng le thapelong e bulang. Ha ho e-na le batho ba sa tsoa thahasella tikolohong ea rōna, hangata re ba boemong bo molemo ba ho ba finyella, ho ba khannela lithuto tsa Bibele le ho ba bontša liboka tseo ho ka bang bonolo hore ba ee ho tsona.

Re kholisehile hore lihlooho tsa malapa li tla nahanisisa taba ena ka thapelo, li nahanisise ka hloko lintlha tsohle tse amehang ha li etsa qeto mabapi le hore na ke sefe se molemohali bakeng sa boiketlo ba moea le ba nama ba malapa a tsona.—1 Tim. 5:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela