Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Betsimisaraka (Northern), Betsimisaraka (Southern), Konkomba, Matses, Mi'kmaq
  • Kajeno

Labohlano, la 17 October

Tsoelang pele le phela joaloka bana ba leseli.—Baef. 5:8.

Re hloka moea o halalelang oa Molimo e le hore re tsoele pele re phela “joaloka bana ba leseli.” Hobane’ng? Hobane ha ho bonolo ho lula re hloekile lefatšeng lena le tletseng boitšoaro bo bobe. (1 Bathes. 4:​3-5, 7, 8) Moea o halalelang o ka re thusa hore re se ke ra nahana joaloka batho ba lefatše lena, ba sa shebeng lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. O boetse o ka re thusa hore re hlahise “mefuta eohle ea lintho tse molemo le tse lokileng.” (Baef. 5:9) Tsela e ’ngoe ea ho fumana moea o halalelang ke ka hore re o rapelle. Jesu o ile a re Jehova “o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Re boetse re fumana moea o halalelang ha re rorisa Jehova hammoho libokeng tsa Bokreste. (Baef. 5:​19, 20) Moea o halalelang oa Molimo o re susumeletsa hore re phele ka tsela e thabisang Molimo. w24.03 23-24 ¶13-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 18 October

Le ’ne le kope, le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana. Hape le ’ne le kokote, le tla buleloa.—Luka 11:9.

Na u hloka ho ba le mamello? Haeba ho joalo, rapela Jehova hore a u thuse. Mamello ke e ’ngoe ea litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:​22, 23) Kahoo, re ka kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang le ho re thusa ho ba le litholoana tse behoang ke oona. Haeba re le boemong boo ho bona ho leng thata ho ba le mamello, ‘re ’ne re kope’ hore a re fe moea o halalelang e le hore o re thuse ho ba le eona. (Luka 11:13) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho sheba litaba ka tsela eo a li shebang ka eona. Ka mor’a hore re rapele, re lokela ho leka ho ba le mamello letsatsi le leng le le leng. Haeba re lula re kopa Jehova hore a re thuse ho ba le mamello ebile re etsa boiteko ba ho ba le eona, o tla re thusa ho ba le mamello le haeba ka tlhaho re se batho ba nang le eona. Re ka boela ra thusoa ke ho nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. Ho nahanisisa ka mehlala ea bona ho ka re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng ho bontša hore re na le mamello. w23.08 22 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 19 October

Theolela[ng] matlooa tlase hore le tšoase litlhapi.—Luka 5:4.

Jesu o ile a kholisa moapostola Petrose hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a etsetsa Petrose le baapostola ba hae mohlolo o mong hape oa ho tšoasa litlhapi. (Joh. 21:​4-6) Mohlolo oo o ile oa kholisa Petrose hore Jehova a ka khona ho mo hlokomela. Mohlomong moapostola eo o ile a hopola mantsoe a Jesu ha a ne a re Jehova o tla hlokomela ba etsang hore “Muso oa Molimo” e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, Petrose o ile a etsa hore mosebetsi oa boboleli e be oona o tlang pele, eseng khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi. O ile a bolela litaba tse monate ka sebete ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 ’me a thusa batho ba bangata hore e be barutuoa. (Lik. 2:​14, 37-41) Ka mor’a moo, o ile a thusa le Basamaria le Balichaba hore e be balateli ba Kreste. (Lik. 8:​14-17; 10:​44-48) Kannete Jehova o ile a sebelisa Petrose haholo ho thusa batho ba mefuta eohle hore ba tle ka phuthehong. w23.09 20 ¶1; 23 ¶11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela