Bokhoba ba Kajeno—Bofelo ba Bona bo Haufi!
“Tokoloho ea motho a le mong e bolela tokoloho ea bohle. U ke ke ua ama e ’ngoe ntle le ho beha e ’ngoe kotsing ka nako e tšoanang.”—Victor Schoelcher, Moqolotsi Oa Litaba Le Ralipolotiki Oa Lefora, 1848.
BAHLOPHISI ba The UNESCO Courier baa botsa: “Ke leru la’ng lee le letšo le lebisitseng motho hore a khese, a hatelle a be a theole batho-’moho le eena seriti? Hona ho tla joang hore tlōlo e joalo ea molao e etsoang khahlanong le moloko oa batho e lule e sa fuoe kotlo esita le ka mor’a ho qaleha ha Litokelo tsa Botho?”
Karabo e rarahane. Meharo ke eona e susumetsang hore ho sebelisoe bana ka thata e leng ho litšenyehelo li tlaase le hore ho holehoe batho ka likoloto. Bofutsana le ho se rutehe ho jarisoa molato ha banana ba rekisoa ho ba matekatse le ho nyalloa ho ba makhoba. Litloaelo tsa bolumeli le likhopolo tsa moetlo li tlatsetsa neanong ea bokhoba. ’Me tabeng ea banna ba eang Bangkok kapa Manila ho ea fumana bana ba banyenyane, ba bashemane le ba banana ba sa tšoaroang ke AIDS, sepheo sa bona se totobetseng ke boitšoaro bo sa hloekang le bo litšila ba botona le botšehali. Ho ea ka mantsoe a moapostola Pauluse, eo e neng e le seithuti sa molao sa lekholong la pele la lilemo, sena sohle ke karolo ea lefatše leo ho lona batho e leng “ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang.” (2 Timothea 3:1-5) Ha re sebelisa mantsoe a ’musi e mong ea bohlale oa boholo-holo ea bitsoang Solomone, ke karolo ea lefatše leo ho lona ‘ho khopameng ho ke keng ha inamoloha, ’me se hlokehang se ke keng sa baloa.’—Moeklesia 1:15.
Ho Fetola Kelello
Na see se bolela hore ha ho letho le ka etsoang kapa le tla etsoa ho felisa bokhoba ka ho feletseng—ebang ke ka libōpeho tsa bona tsa khale kapa ka mefuta ea bona ea morao tjee? Che!
Ofisi ea Machaba a Kopaneng ea Mokomishinara e Moholo oa Litokelo tsa Botho (Office of the High Commissioner for Human Rights [OHCHR]) e bolela hore bokhoba ke “boemo ba kelello,” ’me ea phaella: “Esita le ha bo felisitsoe, bokhoba bo ntse bo siea mesaletsa. Bo ka hanella e le boemo ba kelello—ho bao e bileng makhoba le ho bana ba bona le ho bao e leng majalefa a ba neng ba bo sebelisa—nako e telele ka mor’a hore bo felisoe ka molao.”
Kahoo tsela e ’ngoe ea ho felisa bokhoba e ne e tla ba ea ho fetola monahano—ho fetola pelo—lefatšeng ka bophara. ’Me seo se akarelletsa ho fetola thuto—ho ruta batho ho ratana le ho hlompha seriti sa ba bang. Ho bolela ho thusa batho ho ntša meharo ka metso lipelong tsa bona le ho latela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. Ke mang ea ka fanang ka thuto e joalo? OHCHR e bolela hore “motho e mong le e mong o lokela ho tlatsetsa ho tliseng tsamaiso ea lefatše e sa tl’o hlola e mamella tlatlapo e sehlōhō.”
Nahana ka lenaneo la thuto le ’nileng la ntšetsoa pele lefatšeng ka bophara ke mokhatlo oa Bakreste oa Lipaki tsa Jehova. Lenaneo lena le atlehile ho ruta batho ba lipelo li tšepahalang hore ba se ke ba mamella kapa ba lumella tlatlapo e sehlōhō. Ka lenaneo lena, batho ba limilione linaheng tse fetang 230 ba ’nile ba rutoa hore ba tšoare batho bohle ka tsela e nang le seriti. Ke hobane’ng ha lenaneo lee le atleha?
Ka hobane le thehiloe Bibeleng, e leng buka e bululetsoeng ke ’Mōpi oa batho. Ke buka e phahamisang seriti sa batho. Batho ba rutoang ke Bibele ka lenaneo la thuto le tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova ba ithuta hore ’Mōpi oa rōna, Jehova, ka boeena ke Molimo ea nang le seriti. (1 Likronike 16:27, NW) O fa libōpuoa tsohle tsa hae seriti. Sena se akarelletsa banna hammoho le basali, ba merabe eohle, limelo tsohle le maemo a fapa-fapaneng a moruo.—Bona lebokose le reng “Tokoloho ea Batho le ho ba le Seriti ha Bona—Li Tsoa Mohloling Ofe?”
Ho Lekana le ho Hlompha Seriti sa ba Bang
Bibele e ruta hore Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Ka hona, ha ho le ea mong ea ka bolelang hore o phahametse motho leha e le ofe kapa hore o na le tokelo ea ho hatella kapa ho tlatlapa ba bang. Batho ba ratang ho ithuta ba ananela ’nete ea hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Baa hlokomela hore lerato la Molimo le akaretsa bohle, kaha tokelo ea ho ba le kamano e haufi le eena e bulehetse batho bohle. Ha e le hantle, “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Thuto ena e thehiloeng Bibeleng e na le phello e matla boitšoarong ba batho. E ka ‘nchafatsa lipelo le likelello tsa batho ka ho feletseng.’ (Baefese 4:22-24, Today’s English Version) E ba susumelletsa ho tšoara batho ba bang ka tsela e nang le seriti le tlhompho. Ba ikemiselitse ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’ (Bagalata 6:10) Ha ho le ea mong eo e ka bang Mokreste oa ’nete ’me ka nako e tšoanang a kopanela tlatlapong e sehlōhō le khatellong ea motho leha e le ofe e mong. Lipaki tsa Jehova li thabela ho ba mokhatlo oa Bakreste o tšoanang le phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, eo ho eona ho neng ho se ‘Mojuda kapa Mogerike, leha e le lekhoba kapa motho ea lokolohileng. Kaofela e ne e le motho a le mong kopanong le Kreste Jesu.’—Bagalata 3:28.
Ho Fetola Puso
Leha ho le joalo, e le hore mefuta eohle ea bokhoba e felle ruri, ho hlokahala phetoho e khōlō ho batho ka kakaretso. Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi o bolela hore e le hore ho tlatlapuoa ha batho ho fele, ho hlokahala hore “ho fetoloe tikoloho e lumellang le e khothalletsang” liketso tse joalo. Tse ling tsa litlhahiso tse etsoang ke mokhatlo oo ke hore ho nkoe mehato ea machaba, ho be le tšebelisano ea machaba le hore lichaba tsa lefatše li be le boikemisetso.
Ka ho utloahalang sena se ne se tla hloka hore ho be le ’muso o khonang ho laola polanete ea rōna, ’muso o khonang ho tiisa hore tokoloho e hohle. Boutros Boutros-Ghali, eo e kileng ea e-ba mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o ile a bolela hore mathata a sebele a hlaselang polanete ea rōna a tlameha ho rarolloa “lefatšeng lohle.” Empa ha ho motho ea hlileng a kholisehileng hore sena se ka hla sa etsahala. Phihlelo ea nakong e fetileng e bontša hore batho ba bangata ba pusong ke baithati le ba ikhopolang ho tlōla lithahasellong le lipakaneng tsa bona hore ba ka finyella tšebelisano e joalo ea machaba.
Leha ho le joalo, Bibele—eona buka e rutileng ba limilione ho hlompha seriti sa batho ba bang—e bontša hore Molimo o rerile ho hloma ’muso o joalo oa lefatše. Ka Bibeleng u tla fumana litšepiso tse ngata tsa lefatše le lecha la ho loka. (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13) Morero oa Molimo ke ho hloekisa lefatšeng motho leha e le ofe ea sa rateng Molimo, le moahisani oa hae. Molimo o senotse morero oa hae oa ho hloma puso ea lefatše ka bophara e tla busa moloko oa batho lefatšeng ka ho loka. Jesu o ile a re bolella hore re rapelle ’muso oo thapelong eo ka tloaelo ho thoeng ke Thapelo ea Morena, kapa ea Ntat’a Rōna.—Matheu 6:9, 10.
Ho tlatlapuoa ha batho le mofuta o mong le o mong oa bokhoba li tla fela tlas’a puso ea ’muso ona hobane Kreste Morena o tla busa “ka toka, le ka ho loka.” (Esaia 9:7) Ba hateletsoeng ba tla fumana tokoloho pusong ea hae ea toka, kaha Bibele e re: “O tla lopolla mohloki ea llang ho eena, le mohlōphehi ea hlokang mothusi. Ea fokolang le ea hlokang o tla ba utloela bohlōkō, a pholose bophelo ba mafutsana. O tla ba lopolla, a ba lopolle ho ba mamènèmènè, a ba lopolle le ho ba sehlōhō.”—Pesaleme ea 72:12-14, BPN.
Haeba u labalabela ho bona bokhoba bo fela—ka mefuta eohle ea bona—re u mema hore u ithute ka ho eketsehileng ka morero oa Molimo oa ho hloma ’muso ona oa lefatše o tlisang tokoloho. Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa ho etsa sena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
TOKOLOHO EA BATHO LE HO BA LE SERITI HA BONA—LI TSOA MOHLOLING OFE?
Bohle re tsoetsoe re e-na le tlhoko le takatso ea tlhaho ea ho ba le seriti le tokoloho. Kofi Annan, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, o ile a hlalosa maikutlo a teng hohle ha a ne a botsa: “Ke mang ea ka latolang hore bohle re batla ho phela bophelo bo se nang tšabo, tlhokofatso le khethollo? . . . Ke neng u kileng ua utloa motho ea lokolohileng a batla hore tokoloho e fele? U kile ua utloa kae lekhoba le buella bokhoba?”
Likhopolo tse joalo ho hang ha li ncha. Ha a qhelela ka thōko khopolo ea hore ba bang ba tsoaletsoe ho ba makhoba, rafilosofi oa lekholong la pele la lilemo oa Moroma Seneca, ho sengoliloeng sa hae se bitsoang Letters to Lucilius, o ile a ngola: “Ka kōpo hopola hore motho eo u mo bitsang lekhoba la hao o tsoa peōng e le ’ngoe le eena, ka holimo ho eena ho na le sepakapaka se le seng se setle, o hema joalokaha u hema, o phela joalokaha u phela, o shoa joalokaha u shoa!”
Imam ʽAlī, ea tlotloang e le mohlahlami oa bone oa Muḥammad, o ile a bolela hore batho bohle ke “pōpo e lekanang.” Saʽdī, seroki sa lekholong la bo13 la lilemo sa Persia, o ile a phatlalatsa: “Bana ba Adama ke litho se seng ho se seng ’me pōpong ea bona ba tsoa mohloling o le mong. Ha lefatše le hlokofatsa setho se le seng, litho tse ling ha li fumane phomolo.”
Tlaleho ea histori e bululetsoeng ke Molimo e fumanehang ka Bibeleng e hatisa hore batho bohle ba na le seriti. Ka mohlala, Genese 1:27 e hlalosa ho bōptjoa ha motho, e re: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.” ’Mōpi oa rōna ke Molimo oa tokoloho. Moapostola Pauluse o ile a re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakorinthe 3:17) Ha a ne a bōpa motho ka setšoantšo sa hae le ka ho tšoana ha hae, Jehova o ile a fa batho tekanyo e itseng ea ho ba ba bohlokoa, ho itlhompha le ho ba le seriti. Ka ho lokolla pōpo ea hae “bokhobeng ba ho bola,” o tla boela a tiisa hore batho ba thabela tokoloho e joalo le ho ba le seriti ka ho sa feleng.—Baroma 8:21.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le seriti le tokoloho
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
THUTO EA BIBELE E HATISA HO HLOMPHA SERITI SA BATHO ’ME E FANA KA TŠEPO EA LEFATŠE LE LECHA LE TLANG
Thuto ea Bibele ea lelapa Benin
Botle ba liphororo tsena tsa Blue Nile tse Ethiopia li fana ka tlhasenyana ea seo paradeise e tsosolositsoeng e tlang ho ba sona