Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 3/8 maq. 3-14
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Lipalo-palo li se Senolang
  • Ho Atleha ka Tsela e Ikhethang
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Re Filoe Takatso ea ho Phela
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 3/8 maq. 3-14

Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng

JOHN LE MARYa ba habile lilemo tse 60 ’me ba lula ntlong e nyenyane motseng oa mahaeng, United States. John o ntse a qetoa butle-butle ke letšoea le ho tsietsana ha pelo. Mary o sitoa ho ipona a phela kantle ho John, ’me o sitoa ho mamella bohloko ba ho mo bona a ntse a felloa ke matla, ka linako tse ling a hema ka thata. Mary ka boeena oa kula ’me o bile le khathatso ea ho tepella maikutlo ka lilemo tse ngata. Morao tjena, John o tšohile hobane Mary o atisa ho bua ka ho ipolaea. Mary o ntse a tsoela pele ho ferekana kelellong ka lebaka la ho tepella maikutlo le meriana eo a e noang. O re o sitoa ho mamella khopolo ea ho sala a le mong.

Ntlo e tletse meriana—lipilisi tsa pelo, tse loantšang ho tepella maikutlo le tse kokobetsang khatello ea kelello. Hoseng ho hong, Mary o ea ka kichineng ’me o qala ho noa lipilisi. O li noa mocha-o-chele ho fihlela John a mo fumana ’me a mo amoha tsona. John o bitsa sehlopha sa pholoso ’me ka mona Mary o ea le mailiili. John o rapela hore e mpe e be ha e e-s’o be morao haholo.

Seo Lipalo-palo li se Senolang

Lilemong tsa morao tjena ho ngotsoe ho hongata ka ho eketseha ha palo ea ba ipolaeang har’a bacha—’me e le ka ho loketseng, kaha ke tlokotsi efe e ’ngoe e khōloanyane ho feta ea lefu le sa hlokahaleng la mocha, ea tletseng bophelo le eo ho lebeletsoeng ho hongata ka eena? Leha ho le joalo, lihlooho tsa litaba ha li bolele ’nete ea hore linaheng tse ngata lenane la ba ipolaeang lea eketseha ha lilemo li ntse li eketseha. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na kakaretso ea lenane la ba ipolaeang naheng e itseng e phahame kapa e tlaase, joalokaha lebokose le bontšitsoeng leqepheng le fetileng le bontša. Ho habanya lipalo-palo tseo ho boetse ho senola hore seoa sena se ipatileng ke sa lefatše lohle.

Ka 1996, Litsi tsa Taolo ea Boloetse United States li ile tsa tlaleha hore palo ea ba ipolaeang ho Maamerika a lilemo li 65 le ho feta e nyolohile ka sekhahla ka karolo ea 36 lekholong ho tloha ka 1980. Ka lehlakoreng le leng keketseho ena e bakiloe ke Maamerika a mangata a hōlileng—empa eseng kaofela ha eona. Ka 1996 lenane la sebele la ba ipolaileng ba ka holimo ho lilemo tse 65 le lona le ile la phahama, ka karolo ea 9 lekholong, e le ka lekhetlo la pele ka lilemo tse 40. Ho ba shoeleng ba ameha likotsing, ke ho oa le ho soahlamana ha likoloi feela ho bolaileng Maamerika a mangata a hōlileng. Ha e le hantle, esita le lipalo tsena tse tšosang e ka ’na eaba li tlaase. A Handbook for the Study of Suicide e re: “Ho belaelloa hore litlaleho tsa ba ipolaeang tse nkiloeng bopaking ba lengolo la sesosa sa lefu li fana ka lipalo-palo tse tlaase haholo.” Buka eo e phaella ka hore ba bang ba hakanya hore lipalo tseo e hlileng e leng tsona li ka holimo ho tse tlalehiloeng ka makhetlo a mabeli.

Phello ke efe? United States, joaloka linaha tse ling tse ngata, e hlasetsoe ke seoa se ipatileng sa lefatše lohle sa ho ipolaea ha batho ba baholo sechabeng. Dr. Herbert Hendin, eo e leng setsebi tabeng ena, o re: “Ho sa tsotellehe ’nete ea hore lenane la ba ipolaeang United States le lula le ntse le eketseha ’me le tsamaisana le lilemo, ho ipolaea ha batho ba hōlileng ha ho tlisoe tlhokomelong ea sechaba hakaalo.” Ke hobane’ng ha ho le joalo? O bolela hore lebaka le leng la bothata bona ke hore kaha lenane la batho ba hōlileng ba ipolaeang esale le le holimo, “ha lea ka la nyarosa joaloka la keketseho e sekhahla ea bacha ba ipolaeang.”

Ho Atleha ka Tsela e Ikhethang

Le hoja lipalo-palo tsena li nyarosa, e mpa e le lipalo feela. Ha li bontše bolutu bo bang teng bophelong ka ho hloka molekane ea ratoang, pherekano e bang teng ka lebaka la ho lahleheloa ke botšehetsi, ho nyahamisoa ke boloetse bo teng, boikutlo ba ho sareloa ka lebaka la ho tepella maikutlo ho sa khaotseng, ho felloa ke tšepo ka lebaka la ho tšoaroa ke lefu le itseng le bolaeang. ’Nete e bohloko ke hore le hoja bacha ba ka ’na ba leka ho ipolaea e le tharollo e potlakileng ea mathata a nakoana, hangata batho ba hōlileng ba na le mathata a bonahalang e le a bophelo bohle le a sa rarolleheng. Ka lebaka leo, hangata boikemisetso ba bona ba ho ipolaea e ba bo tsitsitseng haholoanyane ho feta ba bacha ’me bo atleha ka tsela e ikhethang.

Dr. Hendin, bukeng ea hae e bitsoang Suicide in America, o re: “Hase feela hore ho ipolaea ho atile haholo ho batho ba hōlileng, empa ketso ea ho ipolaea ka boeona e senola phapang ea bohlokoa pakeng tsa batho ba hōlileng le bacha. Ka ho khetheha, karo-karolelano ea ba ileng ba leka le ba hlileng ba ipolaileng e sekamela haholo ka ho batho ba hōlileng. Palong eohle ea baahi, karo-karolelano ea ba ileng ba leka ho ipolaea le ba hlileng ba ipolaileng e ’nile ea hakanyetsoa ho motho a le mong ho ba leshome; ho bacha (ba lilemo li 15-24) e ’nile ea hakanyetsoa ho mocha a le mong ho ba lekholo; ’me ho batho ba ka holimo ho lilemo tse 55, e ’nile ea hakanyetsoa ho motho a le mong ho a le mong.”

Ke lipalo-palo tse tepeletsang hakaakang! Ho tsofala, ho felloa ke matla ’meleng le ho khathatsoa ke mahlaba le ho kula ho nyahamisa hakaakang! Hase feela batho ba bangata hakana ba ipolaeang. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le matlahali la hore bophelo bo nkoe e le ba bohlokoa—esita le tlas’a maemo a thata haholo. Hlahloba se ileng sa etsahalla Mary, ea boletsoeng sethathong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Chate e leqepheng la 3]

Manane a ba Ipolaeang ho Batho ba Bang le ba Bang ba 100 000, ho Latela Lilemo le Bong

Ba Lilemo li 15 Ba lilemo li 75

ho isa ho 24 ho ea Holimo

Banna/Basali Naha Banna/Basali

8,0 / 2,5 Argentina 55,4 / 8,3

4,0 / 0,8 Greece 17,4 / 1,6

19,2 / 3,8 Hungary 168,9 /60,0

10,1 / 4,4 Japane 51,8 /37,0

7,6 / 2,0 Mexico 18,8 / 1,0

53,7 / 9,8 Russia 93.9 /34.8

23,4 / 3,7 United States 50,7 / 5,6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela