Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 6/8 maq. 26-27
  • Baahi ba Mahaheng ba Mehleng Ena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baahi ba Mahaheng ba Mehleng Ena
  • Tsoha!—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Letlotlo le Ikhethang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Likhola-bolokoe Tsa Afrika Lia Thusa!
    Tsoha!—1996
Tsoha!—2000
g00 6/8 maq. 26-27

Baahi ba Mahaheng ba Mehleng Ena

KA MONGOLLI OA TSOHA! LESOTHO

BAAHI BA MAHAHENG mehleng ee ea rōna? Re fumane ba bang Lesotho, e leng naha e lithaba karolong e ka boroa ho Afrika. Motse oa bona o bitsoang Ha Kome, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha Maseru, motse-moholo oa Lesotho, o mosikong oa Lithaba tsa Maluti tse khōlōhali. Likhoeling tsa lehlabula, matsoapo a lithaba tsena hangata a kupetsoa ke lipalesa tse bofubelu bo khanyang. Lipalesa tsena tse ntle tseo ka tloaelo li bitsoang lekhala la naha, li etsa botle bo hlollang ha li kopana le botala ba limela tse nonneng tsa sebakeng seo.

Malapa a ’maloa a phelang mona a phela bophelo ba mehleng ea boholo-holo. Ha e le hantle, a haha matlo a ’ona ka har’a mahaha a matsoapong a thaba. Lithupa le lintho tse ling tse kang mahlaka li etsa lekhoakhoa le teteaneng leo e bang lebota la ka pele. Lebota lena le pharoa ka seretse se kopantsoeng le bolokoe. Ho pharoa hona ho sireletsa ka tsela e itseng mariheng a batang a Lesotho, a ka batang ho theohela ka tlas’a ntlha ea khoamo. Ka hare ho na le sebaka se bitsoang ifo, e leng moo ho “besetsoang mollo” teng, moo ho boetseng ho ikomosoang teng ha ho bata.

Hangata mofero oa ntlo, lebota la ka morao le mabota a ka mahlakoreng kaofela e ba letlapa la lehaha ka bolona. ’Ona a liloa ka seretse se kopaneng le bolokoe, ’me sena se etsoa selemo se seng le se seng. Sena se etsa hore letlapa le be le ’mala le ho ba boreleli. Ka hare ho khabisoa ka makoko a likhomo ’me a boetse a sebelisoa e le moalo ha ho robaloa.

Baeti ba tsoang linaheng tsa Bophirimela ba tla fumana tsela ea bophelo ea mona e le e fapaneng ka ho khathollang. Moaparo oa teng o tloaelehileng ke likobo tse mebala-bala le likatiba tsa joang tse motopo. Hangata balisana ba sa roalang lieta ba bonoa ba lisitse mehlape ea bona. Banna ba motse ba ka bonoa ba sebetsa masimong a bona a poone kapa ba nkehile moqoqong le banna ba bang.

Nako le nako ho bonahala matšoao a tsoelo-pele ea kajeno. Sefofane se senyenyane seo ka linako tse ling se fofang ka holim’a motse oo, le likoloi tse hulang ka mabili a mane tse tlisang baeti mahaheng ana li thabisa bana le batho ba baholo motseng. Ho atisa ho pheheloa ka ntle, ka pitsa ea ’malikotoana e beseletsoang fatše. Ka lebaka la ho haella ha libeso, ho sebelisoa khapane, litlhaka le makala a seng makae a lifate ho beselletsa. Lisebelisoa tsa ka tlung tse tloaelehileng tse fumanoang ka mahaheng ana ao ho luloang ho ’ona li akarelletsa leloala bakeng sa ho sila poone le lesokoana bakeng sa ho soka papa.

Lesotho le tumme ka ho ba le metako ea Baroa, e fumanoang mahaheng a mangata le matlapeng naheng ho pota. Batho ba pele-pele ba ho lula mahaheng ao a Ha Kome ke bona Baroa. Metako ea bona e hlalosa lintho tse fapaneng tseo ba neng ba li etsa, ho qala ka ho tšoasa litlhapi ka liketsoana le matlooa ho fihlela metjekong ea bona e meholo moo ho bonahalang eka ba neng ba nka karolo ba ne ba roala mampokisi oa liphoofolo. Metako eo e boetse e tšoantšitse liphoofolo tse kang litšoene, litau, likubu le phofu, letsa le leholohali. Boholo ba metako eo e se e nyametse Ha Kome. Mesaletsa e seng mekae feela e setseng e hopotsa ka litšoantšo tseo tsa Baroa.

Sehlopha sa Lipaki tsa Jehova se etsa mosebetsi oa sona oa boboleli sebakeng se seng hōle hakaalo le moo Ha Kome. Nako le nako se etela baahi ba mahaha ao, ba tsebahalang ka ho amohela baeti ka liatla tse peli. Hangata Lipaki li amoheloa ka sekotlolo sa motoho. Ba bangata moo Ha Kome ba thahasella ho amohela lingoliloeng tsa Bibele. Hangata ba bontša kananelo ea bona ea lingoliloeng tseo ka ho fana ka meroho, mahe kapa lintho tse ling e le monehelo ho Lipaki bakeng sa mosebetsi oo oa ho ruta.

Baahi bana ba mehleng ena ba mahaheng ba hlompha Bibele ka ho teba ’me ba rata ho botsa lipotso tse ngata mabapi le bophelo, lefu le meetlo ea bona. Mosebetsi oa Lipaki tse chesehang sebakeng seo o entse hore ho be le ba bangata ba ithutang Bibele. Ka tsela ena, peō ea ’nete e fumane mobu o nonneng lipelong tsa batho bana ba ikokobelitseng.—Matheu 13:8.

[’Mapa o leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HA KOME

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela