Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 8/8 maq. 27-30
  • ’Moba—Joang ba Botonana Har’a bo Bong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Moba—Joang ba Botonana Har’a bo Bong
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etela Naha ea ’Moba
  • Qaleho le Temo ea Oona
  • Na U Chesa Pele U Kotula?
  • Leloaleng
  • “Morali oa Hao o na le Lefu la Tsoekere!”
    Tsoha!—1999
Tsoha!—2000
g00 8/8 maq. 27-30

’Moba—Joang ba Botonana Har’a bo Bong

KA MONGOLLI OA TSOHA! AUSTRALIA

RE NE re ka etsa eng kantle ho tsoekere? E ne e tla ba ho feteletsa litaba ho bolela hore lefatše le ne le tla ema—empa lijo tse ngata li ne li tla tlameha ho fetoloa haholo haeba tsoekere e ne e tlameha ho fela. E, likarolong tse ngata tsa lefatše kajeno, ho sebelisa tsoekere ho fetohile karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi, e leng ho etsang hore ho hlahisa tsoekere e be indasteri ea lefatše ka bophara.

Batho ba limilione, ho tloha Cuba ho fihlela India, le ho tloha Brazil ho ea Afrika, ba lema le hona ho kotula ’moba. Ha e le hantle, ka nako e ’ngoe tlhahiso ea tsoekere e ile ea e-ba indasteri e phahameng ka ho fetisisa lefatšeng le e etsang chelete e ngata. Ho ka boleloa hore ’moba o fetotse lefatše ka tsela eo limela tse ling tse ’maloa li entseng kateng.

Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka semela see se ikhethang? Joale tsamaea le rōna leetong la ho ea Queensland, Australia, moo ho lengoang ’moba hona teng. Le hoja sebaka sena e le se boholo bo itekanetseng feela se hlahisang ’moba, ho lema ho atlehileng le mekhoa e sebelisoang ho hlahisa tsoekere e se e entse hore e be se seng sa libaka tse li hulang nthau lefatšeng ho rekisetseng linaha tse ling tsoekere.

Ho Etela Naha ea ’Moba

Hoa chesa ho bile ho mongobo. Letsatsi la sebakeng sena se chesang se bileng se leng mongobo le bataola tšimo ea ’moba o seng o butsoitse. Mochine o moholo o tšoanang le o kotulang koro o ntse o tsamaea butle holim’a ’moba o molelele, o khaola litlhaka ha o ntse o kotula ’me o akhela ’moba o seng o khaotsoe ka tereilareng e iphaphathileng lehlakoreng. Lero la ’moba le potlaka le qhitsa ’mobeng o peperaneng, ’me moea o tlala monko o monate, o lesoe o putileng. Lero lena la bohlokoa le tsoang joanng bona le se le qalile leeto la lona ho tloha tšimong ho ea nkhoaneng ea tsoekere e tafoleng ea hao.

Nakoana e fetileng, ’moba o ne o heloa ka letsoho ka khothalo hona mona Australia, joalokaha ho sa le joalo linaheng tse ngata moo ’moba o kotuloang teng. Nahana ka pono eo. Basebetsi ba hela ’moba ka letsoho. Mola oa basebetsi ba fufuletsoeng ba helang ’moba o ntse o hlahisa tema tšimong ena. Ka ho nkela mohato hong joalokaha eka ke masole, basebetsi ba bokella lihlopha tsa litlhaka tse emeng tsa ’moba ka letsoho le le leng ’me ba li suthisetse lehlakoreng le leng ka matla, e le hore ba bone moo ba pomang teng. Ha ’na ha re tle-tlefe-tlefe! Ba ntse ba ea koana le koana ka matla, basebetsi ba tšoereng lisabole tsa ho rema ’moba ba helella litlhaka tlaase kutung. Ba ntse ba li akhela ka thōko hore li etse mola o makhethe, ba fetela pele sehlopheng kapa lihlopheng tse latelang tsa ’moba. Hanyane ka hanyane, lefatšeng ka bophara boemo bona boa fetoha kaha linaha tse eketsehileng hona joale li sebelisa mechine.

Sebaka seo ho lengoang ’moba ho sona Australia ke karolo ea naha e lebōpong la leoatle e ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 2 100, eo boholo ba eona e bapileng le Great Barrier Reef e tummeng. (Bona sehlooho “A Visit to the Great Barrier Reef,” se hlahileng ho Tsoha! ea Senyesemane ea June 8, 1991.) Selemo ho pota, boemo ba leholimo bo futhumetseng le bo mongobo sebakeng sena bo etsa hore ’moba o hōle, ’me balemi ba ka bang 6 500 ba lula malapeng a manyenyane a lipolasi, a qalikaneng lebōpong la leoatle joaloka makhasi a morara sefateng.

Ka mor’a ho tsamaea nako e telele, re bonela hojana motse oa tsoekere oa Bundaberg, lebōpong le bohareng la Queensland. Ha re theoha lerallaneng, re lumelisoa ke pono e hlollang—hohle moo mahlo a rōna a fellang ke leoatle la ’moba o ntseng o eketheha! ’Me ke mebala e mengata hakaakang e fapaneng! Masimo a fapaneng a na le ’moba o boemong bo sa tšoaneng ba ho butsoa, ka hona a etsa hore ho be le botle ba mebala-bala e sa hlakang hantle ea botala le bosehla bo loileng, e be ho ba le motsoako mona le mane oa bosootho bo kang ba chokolete libakeng tseo ho ileng ha se ke ha lengoa ho tsona ka mor’a hore ho kotuloe selemong sena kapa libakeng tse sa tsoa kotuloa.

July ke khoeli e batang ka ho fetisisa selemong, ’me nako ea kotulo le ho tlhotla e sa tsoa qala. Sena se tla tsoela pele ho fihlela ka December ha limela li butsoa ka linako tse fapaneng. Joale re laba-labela ho etela leloaleng la tsoekere ho ea bona hore na ho etsahala eng ka ’moba o kotutsoeng. Empa ho na le tlhahiso ea hore pele re etsa hoo, re ithute ho itseng ka ’moba ka booona. Ka hona, re etsa qeto ea ho qala ka ho ema setsing seo ho etsoang liteko tsa tsoekere ho sona se hona sebakeng sena. Mona bo-rasaense ba qapa mefuta e mecha ea ’moba e fapaneng le ho etsa lipatlisiso bakeng sa ho ntlafatsa temo ea ’moba le seo o se hlahisang.

Qaleho le Temo ea Oona

Setsing sa ho etsa lipatlisiso tsa tsoekere, setsebi sa temo ea lijalo se nang le botsoalle se thabela ho re ruta ho itseng ka ’moba ka booona le ho hlalosa hore na o jaloa joang. O ile oa fumaneha ka lekhetlo la pele merung e lulang e le metala ke pula e lulang e na ea Boroa-bochabela Asia le New Guinea, ’moba o moholohali mefuteng ea joang, e akarelletsang mefuta e fapaneng ea mohloa, lijo-thollo le bamboo e kang lehong. Limela tsena kaofela li hlahisa tsoekere makhasing a tsona ka tšebetso eo ho eona limela tse nang le botala li iketsetsang lijo. Leha ho le joalo, ’moba o fapane hobane oona o etsa joalo ka tekanyo e khōlōhali ’me o bokella tsoekere e le lero le tsoekere litlhakeng tsa oona tse sa robeheng habonolo.

Ho lengoa ha ’moba ho ne ho tsebahala haholo India ea boholo-holo. Mono ka 327 B.C.E., bangoli lebothong le neng le hlasela la Alexander e Moholo ba ile ba hlokomela hore baahi “ba ne ba tšohla lehlaka le hlollang, le neng le ntša mofuta oa mahe a linotši ntle le thuso leha e le efe ea linotši.” Ha ho hloela lefatše le tsoelo-pele li ntse li eketseha lekholong la bo15 la lilemo, tlhahiso ea ’moba e ile ea nama joaloka mollo oa naheng. Kajeno, mefuta ea ’moba e baloa ka likete, ’me linaha tse fetang 80 li tlatsetsa temong ea oona ea selemo e ka etsang lithane tse limilione tse sekete.

Likarolong tse ngata tsa lefatše, ho lema ke mosebetsi o boima haholo. Litlhaka tse butsoitseng tsa ’moba li heloa ka bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 40 ’me li lengoa liforong tse arohaneng ka sebaka se ka etsang mithara le halofo. O mong le o mong o hetsoeng, kapa o tl’o hlongoa, oa hōla ho ba litlhaka tsa ’moba tse ka bang 8 ho ea ho tse 12, tse butsoang ka mor’a likhoeli tse 12 ho ea ho tse 16. Ho tsamaea tšimong e teteaneng ea ’moba o butsoitseng e ka ba phihlelo e tšosang. Litlhaka tsa ’moba le makhasi a teteaneng li phahamela boleleleng ba limithara tse ’nè. Na ho soahlatsa ho moo empa e le moea, kapa mohlomong ke noha kapa khoto? Haeba ho ka etsahala hore ebe ke eona, mohlomong ke nako ea hore re khutlele moo ho sireletsehileng ka thōko ho tšimo!

Ho entsoe patlisiso ea ho fumana litsela tsa ho loantša likokoanyana tse senyang le mafu a ’moba. Boiteko bo bongata ba bona bo ile ba atleha, le hoja e se bohle. Ka mohlala, ka 1935 ba boholong ba ile ba sebelisa senqaqana sa ’moba sa Hawaii karolong e ka leboea ea Queensland, moo ba lekang ho felisa maleshoane e senyang ’moba. Ka masoabi, senqaqana sa ’moba se ile sa khetha ho ja lijo tse ling tse neng li tletse hohle ho e-na le ho ja maleshoane e senyang ’moba, tsa tsoala haholo ’me ka botsona li fetohile tse senyang karolong e ka leboea-bochabela Australia.

Na U Chesa Pele U Kotula?

Hamorao ka mor’a hore ho phirime, re ile ra shebella ka ho makala ha rapolasi oa moo a chesa ’moba o butsoitseng. Ka metsotsoana feela tšimo e nyenyane e ile ea fetoha khanare e khōlō ea mollo oo malakabe a oona a neng a laimela holimo sepakapakeng se lefifi. Ho chesa ’moba ho thusa ho tlosa makhasi a sa batleheng le lintho tse ling tse ka ’nang tsa sitisa kotulo le tšebetso ea leloala. Leha ho le joalo, mehleng ea morao tjena ho ’nile ha e-ba le mokhoa oa ho kotula ntle le ho chesa pele. Mokhoa ona o bitsoa kotulo ea ’moba o motala. Hase feela hore o ntlafatsa ho hlahisoa ha tsoekere empa o boetse o siea mobu e ntse e le o sireletsehileng tšimong, oo hamorao o tla ba molemo bakeng sa ho loantša khoholeho ea mobu le lehola.

Le hoja kajeno linaheng tse ngata tseo ho lengoang ’moba ho tsona, ho sa ntse ho kotuloa ka letsoho, linaha tse eketsehileng hona joale li kotula ka mechine e meholo e khaolang ’moba. Mechini ena ea metonana e betla tsela ’mobeng o molelele o emeng, e khaole lihlooho le ho tlosa makhasi a sa batleheng litlhakeng, ebe joale e khaola litlhaka ho li etsa likotoana tse khutšoane tse lokelang ho ea leloaleng. Ha motho a le mong ea helang ’moba a ka ’na a kotula lithane tse hlano tsa ’moba ka karolelano ka letsatsi a sebetsa ka thata ka ho khaola ka letsoho, mechine e helang ’moba e ka kotula habonolo feela lithane tse ka bang 300 ka letsatsi. Masimo a ka heloa selemo le selemo ka lilemo tse ’maloa pele tsoekere eo a fanang ka eona e fokotseha ’me ho tlameha hore ho lengoe ’moba o mong.

Hang ha ’moba o hetsoe, ke habohlokoa ho sebetsa ka potlako hobane tsoekere e ’mobeng o seng o kotutsoe e fela matla kapele. E le ho isa ’moba ka potlako maloaleng, ho na le literempe tse tsamaeang liporong tse lik’hilomithara tse 4 100 tse arohaneng tse fanang ka thuso e hlokahalang libakeng tsa Queensland tseo ho tsona ho lema ’moba ho eketsehang. Literene tse nyenyane tse tsamaeang liporong tsena li na le mebala-bala ha li haola libakeng tse ka thōko, li hula matorokho a mangata a tšetseng ’moba o tletseng tsoete!

Leloaleng

Ho etela leloala la tsoekere ke phihlelo e thahasellisang. Ntho ea pele eo mahlo a e bonang ke mokoloko oa matorokho a ’moba a emetseng ho laolloa. Mechine e meholo e fohlang le e penyang e silakanya litlhaka, e pepetela lero la tsoekere ka ntle. Litlhaka tse setseng, kapa litlheferetsi, lia omisoa ebe li sebelisoa bakeng sa ho beselletsa e le ho fa leloala lohle matla. Tse ling tse setseng li boetse li rekisetsoa ba hlahisang pampiri le thepa ea mohaho bakeng sa ho li sebelisa lihlahisoeng tsa bona.

Joale ho tlosoa litšila tsohle tse teng lerong la tsoekere, ho sale le hloekileng. Litšila tseo tse sa lahluoeng, tse bitsoang seretse, li sebelisoa monontšeng. Nyoponyopo, e leng e ’ngoe ea lintho tse tsoang litšileng tseo, e sebelisoa e le lijo tsa liphoofolo kapa e le sehlahisoa seo ho sona ho ntšoang joala ba rum le joala ba liindastering. Ho fetoha ha ’moba habonolo ho ba ntho e ’ngoe, le tšebetso e tsoileng matsoho eo leloala le e etsang, ka sebele lia tsoteha.

Joale lero le fetoloa mokelikeli o senyekhenyekhe ka hore le belisoe ebe metsi a sa hlokahaleng aa tsoa, ebe ho tšeloa lithollo tse nyenyane tsa tsoekere. Lithollo tsena lia hōla ho fihlela li fihla boholong bo hlokahalang. Ka mor’a moo, li ntšoa ka motsoakong oo ebe lia omisoa. Seo se qetella e le tsoekere e sootho. Ho hloekisoa ho tsoelang pele ho tla fetola tsoekere ena tsoekere e tloaelehileng e hloekileng e tšoeu, e fumanoang tafoleng ea lijo malapeng a mangata.

Mohlomong tee ea hao kapa kofi li tla latsoeha li le tsoekere haholoanyane ka mor’a leeto lena le hlollang le le rutang naheng ea ’moba. Ho hlakile hore haeba u tšoeroe ke lefu la tsoekere, joale u ka ’na ua tlameha ho khaotsa ho ja tsoekere ’me mohlomong u sebelise lintho tse ling bakeng sa eona.

Ka sebele, re khahliloe ke ho feto-fetoha le bohlale ba Ea qapileng le ho hlahisa ka bongata semela sena se makatsang, ’moba—ka sebele joang ba botonana har’a bo bong!

[Lebokose le leqepheng la 28]

Na ke Beet Kapa ’Moba?

Tsoekere e hlahisoa limeleng tse peli tse ka sehloohong lefatšeng. ’Moba o lengoa haholo libakeng tse chesang tse mongobo ’me o fana ka bonyane karolo ea 65 lekholong ea tsoekere lefatšeng. Karolo e setseng ea 35 lekholong e fumanoa ho beet ea tsoekere e lengoang libakeng tse batang tse kang Europe Bochabela le Bophirimela le Amerika Leboea. Tsoekere eona e tšoana hantle.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho chesoa ’moba pele o kotuloa

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho kotula tsoekere ka mochine. Terekere e hula tereilara

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

All pictures on pages 27-30: Queensland Sugar Corporation

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela