Moemphera ea Hlollang
ELE e khōlō ka ho fetisisa ho li-penguin, nonyana ena ea moemphera e telele ho feta mithara ’me e boima bo ka fihlang lik’hilogramong tse 40. Ha li-penguin tse ling li leba leboea li baleha mariha a Antarctica a bohale, a lefifi, linonyana tsena tsa moemphera tsona li leba boroa—ho ea hona Antarctica! Hobane’ng? Ka ho makatsang, ho ea qhotsa litsuonyana.
Ha nonyana ea moemphera e tšehali e behela lehe, e tona e le nka ka potlako leqhoeng e le beha holim’a maoto a eona. Joale e le beha sebakeng seo e tla tseba ho le fuama—lephetheng la letlalo la eona le tlaase mpeng. Joale e tšehali e kena leoatleng ho ea batla lijo. Nakong eo boemo ba leholimo bo hlokofetseng ka ho fetisisa, e tona e alama lehe ka matsatsi a 65, ha eona e phela ka mafura a ’meleng oa eona. E le ho boloka mocheso ’meleng ha li ntse li puputloa ke lifefo tse matla tse nang le tšeola tse ka ’nang tsa feta ka lebelo la lik’hilomithara tse 200 ka hora, linonyana tsena tse bohlale li iketsa seqhoqho ka lihlopha tse khōlō, li fapanyetsana ho ba ka thōko, li furaletse sefefo.
Ka ho boloka nako ho tsotehang, lehe le qhotsoa hantle ka nako eo e tšehali e khutlang ka eona. Empa e fumana molekane oa eona joang har’a phiphitha e kaalo ea tse tšoanang? Ka pina. Ka lekhetlo la pele ha li ferehana, linonyana tsena tse peli li ile tsa binelana ’me tsa kenya sena ka ho teba mehopolong ea tsona. Ha tse tšehali li khutla, tse tona le tse tšehali li bina ka matla ’ohle a tsona. Batho ba ne ba ka ferekanngoa ka ho feletseng ke molumo oo o hlaha, empa linonyana tsena tsa baemphera tsona li fumana balekane ba tsona ka potlako. Joale, ka mor’a hore ka lesisitheho e fane ka tsuonyana e sa tsoa qhotsoa, nonyana e tona e shoeleng ke tlala e therekela le ho thella ka mpa lehloeng lik’hilomithara tse ka bang 70 moo e batlang metsing le lijo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
By courtesy of John R. Peiniger