Puisano—Ke ea Bohlokoa Bophelong bo Rarahaneng ba Lintho Tse Phelang Lefatšeng
HA Julie e sa le lesea, batsoali ba hae ba ne ba lebeletse ka cheseho nako eo a tla bua mantsoe a hae a pele. ’Mè oa Julie o re: “Ho utloa lesea le re ‘’Mè’ kapa ‘Ntate,’ ke monyaka oo ho seng motsoali ea ka o hlalosang ka botlalo. Lekhetlo la pele ha Julie a mpitsa ‘’Mè,’ ho ne ho tšoana le ha eka o nkopa ka matsoho a hae a manyenyane ’me a re: ‘U ’Mè. Kea u rata, ke batla ho bua le uena.’ Ke tla lula ke hopola nako eo e khethehileng.” E, ka sebele matla a ho tseba ho bua ke mpho e babatsehang!
Ke ’nete hore batho hase bona feela libōpuoa tse tsebang ho buisana. Le hoja liphoofolo li laoloa ke tlhaho, le tsona li na le mekhoa e tsotehang ea ho buisana. Ka mohlala, li-emperor penguin tse leferehong tsa Antarctica e leqhoa li etsa tloaelo ea tsona ea selemo se seng le se seng pele mariha a kena, e leng ea ho hlabelana mokhosi—eseng li bapala. Ho ameha bophelo ba litsuonyana tseo li tla li qhotsa. Joang?
Ka mor’a hore sethole se behele, se fetisetsa lehe ho e tona hore e le fuame ka ho le beha lephetheng la letlalo la eona ha sethole sona se leba leoatleng ho ea sela. Hoo e ka bang matsatsi a 65 hamorao, sea khutla, ka mor’a hore se tsamaee lik’hilomithara tse 150 se sekamela ka mona le ka mona le ho chipiritsa leqhoeng ka mpa. Ho fumana sehlopha sa habo sona ka bohona ke mohlolo, empa se fumana e tona le tsuonyana ea eona e sa tsoa qhotsoa joang har’a tse mashome a likete tse hlabang mokhosi? Nakong ea lefereho, nonyana e ’ngoe le e ’ngoe e tšoara ka hlooho pina ea molekane oa eona e le hore le ka mor’a likhoeli li arohane, ho se be thata ho fumanana!
Ho phaella melumong e ikhethang ka ho fapa-fapana ha eona, puisano ea liphoofolo e akarelletsa ho etsa lipontšo tse itseng, ho hlahisa mebala e hapang, li hlahisa khanya ea tsona ea tlhaho le ho ntša lephoka le ikhethang. ’Me le hoja ho ka utloahala ho le thata ho lumela, esita le limela li ka buisana le tse ling tsa ba tsa buisana le liphoofolo, joalokaha re tla bona. E, puisano ka sebele ke ea bohlokoa linthong tse phelang tse itšetlehileng ka ho feletseng ka tse ling bophelong bona bo rarahaneng lefatšeng.
Na u rata ho tseba ho eketsehileng ka e meng ea mekhoa e hlollang ea puisano lefatšeng lee leo re phelang ho lona? Hona na u ka rata ho eketsa kananelo ea hao ka tsebo eo u nang le eona ea ho bua, esita le hona ho e ntlafatsa? Lihlooho tse latelang li ka u thusa.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Sethole sa “emperor penguin” se fumana molekane oa sona joang?