Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 10/8 maq. 20-25
  • Puisano Lefatšeng Leo re Phelang ho Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Puisano Lefatšeng Leo re Phelang ho Lona
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipontšo ka Menko
  • Limela Tse “Buang”
  • Ho buisana ka ho ‘Taitsa Mabone’
  • Bo-’malitšibana Likheleke Tsa ’Mino
  • Puisano ea ka Tlas’a Metsi
  • Libōpuoa Tse Ipabolang ka ho Buisana Lefatšeng
  • Ho Buisana ka Lapeng le ka Phuthehong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bohlale ba Molimo bo Bonahala Pōpong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Puisano—Ke ea Bohlokoa Bophelong bo Rarahaneng ba Lintho Tse Phelang Lefatšeng
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 10/8 maq. 20-25

Puisano Lefatšeng Leo re Phelang ho Lona

“Ntle ho puisano, ntho e ’ngoe le ’ngoe e phelang e ne e tla ba pulumo ea seema nosi.”—The Language of Animals.

SETSIKETSING sa moru, thoteng kapa le hona jareteng ea hao, e ka ’na eaba ho na le liphoofolo tse ngata tse ntseng li buisana. Buka ea The Language of Animals e re: “Liphoofolo li sebelisa mefuta eohle ea tsona ea kutlo, li etsa lipontšo ka litho tse itseng tsa ’mele le ho ema ka tsela e itseng; li romela le ho amohela melaetsa e poteletseng—kapa eseng e poteletseng hakaalo haeba ho ka feta nakeli e tšohileng—e leng ka seputa seo e se ntšang; li ntša melumo e fapaneng e kang oa tsoi-tsoi-tsoi!, koak-koak!, tsoe-tsoe-tsoe! le ho bina; li romela le ho amohela melaetsa e itseng e nang le motlakase oa tsona oa tlhaho; li taitsa mabone; li fetola ’mala oa letlalo; ‘lia tantša;’ esita le ho tila fatše le ho thothometsa lefatše leo li tsamaeang ho lona.” Empa lipontšo tsee kaofela li bolela’ng?

Ka mor’a hore bo-rasaense ba ithute ka hloko, ba sibolotse hore na lipontšo tse etsoang ke liphoofolo li bolela’ng. Ka mohlala, ba hlokometse hore ha mofuta oa khoho ea motjetjelekoane (khoho e ’mele o monyenyane e ruuoang) e bona phoofolo e itseng e li jang, e kang mochalla, e lla ka lentsoe le bohale e re kok-kok-kok! ho lemosa metjetjelekoane e meng. Empa haeba e bona phakoe, e lla nako e telele ka lentsoe le hlabang. Sello se seng le se seng e se etsa hore tse ling li arabele ka potlako ho latela hore na ke sa mofuta ofe, e leng ho bontšang hore linonyana li fetisa melaetsa e loketseng ha li buisana. Ho ’nile ha hlokomeloa hore linonyana tse ling li lla ka tsela e tšoanang ho fetisa molaetsa o itseng ka ho khetheha.

Buka ea Songs, Roars, and Rituals e re: “Tsela e ’ngoe ho tse ka sehloohong tsa ho ithuta puisano ea liphoofolo ke ho rekota lipontšo tse thahasellisang ebe u li bapalla liphoofolo tsa habo tsona ho bona hore na li tla arabela ka tsela eo ho nahannoeng ka eona kapa che.” Teko e entsoeng likhohong tsa metjetjelekoane e bile le liphello tse tšoanang le ho tse hlaha. Mokhoa ona o oa sebetsa le likhong. E le ho bona hore na ke eng e khahlang sekho se setšehali sa mofuta oa wolf hore se lumele se setona—seo sona se lekang ho hapa se setšehali ka ho tsoka maoto a sona a ka pele a phophomang boea—ba etsang lipatlisiso ba ile ba etsa teko ka ho nka ka video sekho se setona, ebe ka mor’a moo ba se hlahisa videong se se se se na boea maotong. Ha ba bapalla sekho se setšehali video ena, ka potlako se setšehali se felloa ke thahasello. Thuto ke efe? Ke hore sekho se setšehali sa mofuta oa wolf se khahloa feela ke likho tse tona tse tsokang maoto a tsona a phophomang boea!

Lipontšo ka Menko

Liphoofolo tse ngata li etsetsana lipontšo ka ho ntša lik’hemik’hale tse matla tse bitsoang li-pheromone, tseo hangata li tsoang litšoeleseng, kapa ka moroto oa tsona le mantle. Feela joalokaha terata, lebitso le nomoro li khetholla setša sa motho, li-pheromone li seha qholo le ho tšoaea hore na meeli ea liphoofolo tse itseng e fella hokae, ho akarelletsa le ea lintja le ea likatse. Le hoja o sa bonahale, mokhoa ona o atlehang haholo oa liphoofolo oa ho tšoaea o etsa hore liphoofolo tse ling li se tanakelle moo.

Empa li-pheromone ha li felle feela ho seheng qholo. Li tšoana le buka eo liphoofolo tse ling li e “balang” ka thahasello e khōlō. Buka ea How Animals Communicate ha e bua ka menko e tšoaeang e re: “Ho ka etsahala hore ebe e na le boitsebiso bo eketsehileng ka phoofolo e lulang moo, hore na e hōlile hakae, e tona kapa e tšehali, e matla hakae le lintho tse ling tseo e khonang ho li etsa, [esita le hore na] e palesitse kapa che . . . Monko oa phoofolo o tšoaileng o tšoana le bukana ea boitsebiso ea motho.” Ka ho utloahalang, liphoofolo tse ling li nka menko eo li tšoaileng ka eona ka botebo—e leng ntho e tsejoang haholo ke bahlokomeli ba libakeng tsa polokelo ea liphoofolo. Bahlokomeli ba ’nile ba hlokomela hore liphoofolo tse ngata, ka mor’a hore ho hlatsuoe masaka a tsona kapa metero, kapelenyana li tšoaea libaka tsa tsona hape. Buka e boletsoeng ka holimo e re, ka sebele “ho ba sieo ha monko oa tsona hoa li tetebetsa ebile ho ka etsa hore li itšoare ka tsela e sa tloaelehang, mohlomong li be li nyope.”

Li-pheromone li boetse li phetha karolo e khōlō lefatšeng la likokoanyana. Ka mohlala, li-pheromone tse fanang ka temoso li hlohlelletsa ho homeloa ho kang ha linotši kapa ho hlaseloa ka litsela tse ling. Li-pheromone tse memang li hohela tse ling lijong kapa sebakeng se loketseng sa ho aha. Li akarelletsa li-pheromone tse bolelang hore na ke e tona kapa e tšehali, e leng tseo liphoofolo tse ling li khonang ho li nkhella haholo. Tšoele e tona e na le manaka a mabeli a manyenyane a shebahalang joaloka lekala le lenyenyane, le bonojoana la mamahuoaneng. Manaka ana a bohale hoo a ka nkhellang le molek’hule e nyenyane ea pheromone ea e tšehali! Limolek’hule tse ka bang 200 li tla etsa hore e tona e tsome e tšehali. Leha ho le joalo, puisano ka lik’hemik’hale ha e felle feela liphoofolong.

Limela Tse “Buang”

Na u ne u tseba hore limela li ka buisana le tse ling kapa hona ho buisana le liphoofolo tse itseng? Makasine ea Discover e tlaleha hore bafuputsi Netherlands ba hlokometse hore ha limela tsa linaoa tsa lima li hlaseloa ke likokoanyana tse nyenyane tse kang sekho, li ntša k’hemik’hale e bolelang hore li maqakabetsing, e hohelang likokoanyana tse ling tse jang tsena tse nyenyane tse kang likho. Ka ho tšoanang, ha limela tsa poone, koae le k’hothone li hlaseloa ke popane, li ntšetsa moeeng lik’hemik’hale tse hohelang bobi—e leng sera sa popane se bolaeang. Mofuputsi e mong o itse: “Limela ha li re feela ‘Hele! ka tla ka lemala,’ empa li boetse li bolela le hore na li lematsoa ke mang. Ke tsamaiso e rarahaneng le e babatsehang haholo.”

Ho buisana ha limela le hona ke ntho e hlollang. Ho latela Discover, bafuputsi ba “hlokometse hore sefate sa moluoane, papoliri, alder le sa birch se mamela sa habo sona le hore sethopo sa harese se mamela sethopo sa habo sona. Boemong ka bong, limela tse hlasetsoeng, ebang ke popane, fungus kapa phori, [kapa] li hlasetsoe ke likokoanyana tse nyenyane tse kang likho, . . . li romela melaetsa ea lik’hemik’hale eo ho bonahalang e etsa hore limela tse haufi tse e-s’o hlaseloe li itšireletse hang-hang.” Esita le limela tseo e seng tsa habo tsona li ’nile tsa arabela melaetseng ena ea temoso.

Ha semela se hlaseloa kapa se lemosoa ka kotsi, sea itšireletsa. Li itšireletsa ka chefo e bolaeang likokoanyana kapa ka lik’hemik’hale tse thibelang kapa ho emisa bahlaseli ho khona ho ja semela. Liphuputso tseo e leng hona li tla etsoa karolong ena e hlollang li ka ’na tsa sibolla lintho tse ling tse eketsehileng tse hlollang, tseo tse ling tsa tsona li ka ’nang tsa e-ba molemo temong.

Ho buisana ka ho ‘Taitsa Mabone’

Setsebi sa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, Susan Tweit se ngotse tjena sehloohong se buang ka linakangoeli: “Ho fofa ha tsona li khantšitse, li tai-taitsa ka pel’a linaleli, ho ile ha khantša tikoloho ea haeso e tloaelehileng ka mohlolo ona o makatsang.” Tweit o re, likokoanyana tsena tsa mofuta oa bo-maleshoane li buisana ka khanya, “ebang ke e lemosang kapa e rarahaneng ea ha e tona le e tšehali li bitsana le ho arabelana nakong ea lefereho.” Mebala ea khanya ea tsona e ka ba tala kapa ea ba tšehla, esita le ho ba ’mala oa lamunu. Kaha tse tšehali li fofa seoelo, boholo ba khanya e taitsang eo re e bonang ke ea tse tona.—Bona lebokose le reng “Khanya e sa Cheseng ea Senakangoeli.”

Mefuteng e 1 900 ea linakangoeli, se seng le se seng se na le mokhoa oa sona o khethehileng oa ho bonesa. Se ka ’na sa taitsa makhetlo a mararo, ’me se time hoo e ka bang motsotsoana lekhetlo ka leng, kapa sa taitsa nako e telele ka linako tse sa tšoaneng le ho tima ka linako tse sa tšoaneng. Ha se setona se batla molekane, se taitsa ka mokhoa o iketang. Makasine ea Audubon e re: “Se setšehali se lemoha hore na se taitsa joang, ebe se arabela ka ho taitsa ho fetisa molaetsa o reng ‘Ke ’na enoa,’ se tsamaea se khefutsa ka nako e tšoanelang mofuta oa sona.” Se setona se hlokomela karabelo ea sona e se memang se ntse se khutsitse, ebe se fofela ho sona.

Bo-’malitšibana Likheleke Tsa ’Mino

Bukeng ea hae ea The Life of Birds, David Attenborough o re: “Ha ho molumo oa phoofolo leha e le efe o ka tšoanang le oa pina ea nonyana ha ho tluoa tabeng ea ho bina nako e telele, ho bina lipina tse fapaneng le ka mokhoa o rarahaneng.” Lipina tsa linonyana ha li qale ’metsong, empa li qala kolung, tlaase sefubeng sa nonyana haufi le moo qoqotho e arohanang teng ho kena matšoafong.

Linonyana li futsa lipina tse itseng, ha tse ling li ithuta tsona ho batsoali ba tsona. Ka hona, linonyana li ka ba tsa bina ka tsela e itseng ho latela sebaka seo li leng ho sona. The Life of Birds e re: “Linonyana tsa mofuta oa bo-maborokoane li hlahile ho tse neng li ile tsa isoa Australia lekholong la bo19 la lilemo hore li eo thabisa batho ba Europe ba falletseng moo ka melumo ea tsona ea hae moo ba tsoang, ’me hona joale li se li lla joaloka tsa Australia.” Lipina tsa nonyana e tona ea lyrebird, tseo ho thoeng li thata ka ho fetisisa empa li boetse li le monate ho feta lipina tsohle tsa linonyana tse ling, kaofela ha tsona li batla li ithutiloe linonyaneng tse ling. Ha e le hantle, linonyana tsa lyrebird li na le neo ea ho etsisa hoo li ka etsisang molumo leha e le ofe oo li o utloang—ho akarelletsa le liletsa tsa ’mino, lintja tse boholang, alamo, ho ratha ha selepe esita le molumo oa k’hamera ha e nka lifoto! Ha e le hantle, e etsisa melumo ena tjena hore e tsebe ho khahla e tšehali eo e iketang ho eona.

Mohetle, oo ka tloaelo o fatang ka molomo ha o batla lijo, ke oona o itlhommeng pele linonyaneng kaofela tabeng ea ho etsa molumo o nang le morethetho, ha o kokota ka molomo sefateng se ommeng kapa lekaleng ho fetisetsa molaetsa linonyaneng tse ling. Attenborough o re tse ling li ka ba tsa “nka monyetla ka ho ea kokota linthong tse bonahalang li thahasellisa tseo li sa li tloaelang . . . marulelong a masenke kapa chomeleng ea setofo.” Linonyana li boetse li buisana ka ho bonana, li bina kapa li sa bine. Ka mohlala, li ka ’na tsa etsetsa e ’ngoe pontšo ka ho etsa menyakoe ka masiba a tsona a mebala e metle.

Ha e tsebahatsa sebaka sa eona, nonyana ea Australia e tona ea mofuta o itseng oa papakhaie e leka makhobonthithi ’ohle—e etsa molumo o nang le morethetho, e bine, e thenthetse le ho etsa menyakoe ka masiba a eona. E roba lehlaku le nepahetseng, e le ngoame ka leoto ebe e tila ka lona kutung e omeletseng. Ka nako e tšoanang, e qhalanya mapheo a eona, e phahamise letlopo, e bilikise hlooho le ho lla ka lentsoe le hlabang—ka sebele ke liketso tse ntle ho bohoa!

Lipina tse ling tsa linonyana li tsejoa ke liphoofolo tse ling. Nka mohlala ka tšehlo, e leng nonyana e nyenyane e batlang e tšoana le thume, eo hangata e fumanoang Afrika. Nonyana ena, ka pina ea eona e ikhethang, e tla lebisa sele, e leng phoofolo ea mofuta oa mosha, sefateng seo linotši li hahetseng ho sona. Ha nonyana ena e lula sefateng seo kapa haufi le sona, e bina pina e fapaneng eo ha e le hantle e reng, “Mahe a linotši a kae-kae hona mona!” Sele e fumana sefate seo, e se petsole ka maro a eona ebe e itšetla ka mahe a linotši.

Puisano ea ka Tlas’a Metsi

Haesale ho qaptjoa mechine ea ho mamela melumo ka metsing, bafuputsi ba ’nile ba hlolloa ke melumo e mengata e hlahang leoatleng. Ebang ke molumo o tebileng kapa o kang oa likatse, kapa oona o hlabang, melumo ena e mengata hoo bakhanni ba likepe tsa ka tlas’a metsi ba ’nileng ba ikhakanya ka ho e sebelisa hampe. Empa melumo ea litlhapi le eona e na le mekhoa eo e ka khetholloang ka eona. Bukeng ea hae ea Secret Languages of the Sea, Robert Burgess o re: “Le hoja tlhapi e le ’ngoe e ka ‘korotla, ea etsa molumo o kang oa ho bataola leleme le oa ho bohola,’ ebe e pheta melumo eo hape, e ’ngoe e ka ’na ea etsa molumo ‘o hlabang le o kang oa ho kometsa,’ joale ebe e etsa molumo o kang oa ho ‘karapa le o kang oa ho fala’ bakeng sa nako e tlang.”

Kaha tlhapi ha e na kolu, e ntša molumo joang? Burgess o re tse ling li sebelisa mesifa “e metseng maboteng a sebululoana sa moea se tlhaping ho thothometsa mabota ao ho fihlela sebululoana” se lumaela joaloka meropa. Litlhapi tse ling li tsikitlanya meno kapa li bule le ho koala matšoafo a tsona ka molumo o tlaase kapa o kang oa ho opa liatla. Na melumo ee eohle ke “puisano” e sa reng letho? Ha ho bonahale ho le joalo. Joaloka liphoofolo tse sa pheleng metsing, Burgess o re litlhapi li etsa melumo e itseng hore li “khahle tsa bong bo fapaneng, bakeng sa ho itloaetsa sebaka, ha li itšireletsa lireng leha li buisana feela le tse ling kapa li tšosa tse ling.”

Tlhapi e boetse e na le litsebe tse lethoethoe. Ha e le hantle, mefuta e mengata e na le litsebe ka hare hammoho le lisele tse ngata tse bohale tse parolang lehlakore ka lehare. Lisele tsena tse ngata, tse bitsoang lateral line, li ka utloa maqhubu a bakoang ke molumo ha o tsamaea ka metsing.

Libōpuoa Tse Ipabolang ka ho Buisana Lefatšeng

Moprofesa eo e leng setsebi sa lipuo, Noam Chomsky o ile a ngola: “Ha re ithuta lipuo tsa batho, re fumana seo ba bang ba ka se bitsang litšobotsi tse ikhethang tsa kelello, tseo ho fihlela joale re tsebang e le tse ikhethang ho batho.” Barbara Lust, moprofesa eo e leng setsebi sa lipuo le sa ntšetso-pele ea batho, o itse: “Bana ba banyenyane ba lilemo tse tharo ba se ba ntse ba e-na le tsebo e tsotehang ea sebōpeho sa puo le tsela eo lipolelo li hokahanngoang ka eona, e leng ntho e rarahaneng le e nepahetseng hoo ho leng thata ho tseba hore na ke molao-motheo ofe o tsejoang o ka lateloang.”

Leha ho le joalo, Bibele e fana ka tlhaloso e utloahalang ka mohlolo oa puo ea motho. E bontša hore ke mpho e tsoang ho ’Mōpi, Jehova Molimo, ea entseng batho ka “setšoantšo” sa hae. (Genese 1:27) Empa litšobotsi tsa Molimo li bonahatsoa joang tabeng ea hore ebe re tseba ho bua?

Ka mohlala, nahana ka ho reha ntho e itseng lebitso. Moprofesa oa puisano, Frank Dance, o ile a ngola hore batho “ke bona feela libōpuoa tse ka rehang ntho e itseng lebitso.” Ena ke tšobotsi ea Molimo e bonahalang ka ho hlaka ka Mangolong. Ha e tlaleha ka lekhetlo la pele ka pōpo, Bibele e re bolella hore Molimo o ile a bitsa “leseli Motšehare, empa lefifi a le bitsa Bosiu.” (Genese 1:5) Ho latela Esaia 40:26, ho hlakile hore Molimo o ile a reha naleli e ’ngoe le e ’ngoe lebitso—e leng mosebetsi o hlollang!

Ka mor’a hore Molimo a bōpe Adama, o mong oa mesebetsi ea pele oo a ileng a mo fa oona e ne e le ho reha liphoofolo mabitso. E tlameha ebe mosebetsi oo o ne o hloka hore Adama a be le bokhoni bo bokaakang ba ho li hlahlobisisa le ba ho tseba ho qapa! Hamorao Adama o ile a reha mosali oa hae Eva. Eva eena hamorao a reha ngoana oa bona oa letsibolo Kaine. (Genese 2:19, 20; 3:20; 4:1) Ho tloha ka nako eo, batho ba ’nile ba etsa sohle se matleng a bona ho reha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ka khonang ho e reha lebitso—’me sena sohle e le molemong oa puisano. E, nahana feela hore na ho ne ho tla ba thata hakaakang ho buisana hantle haeba ho ne ho se na mabitso.

Ntle le ho ba le tsebo le lerato la ho reha lintho mabitso, batho ba na le mekhoa e meng e mengata ea puisano, eo e meng ea eona e sa etsoeng ka ho bua. Ka sebele, ho batla ho se na moeli tabeng ea seo re ka buisanang le ba bang ka sona, ebang ke ho fetisa likhopolo tse rarahaneng kapa maikutlo a mosa o lerato. Leha ho le joalo, ho na le mokhoa o mong oa puisano o fetang ena e meng kaofela, joalokaha re tla tloha re bona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

KHANYA E SA CHESENG EA SENAKANGOELI

Matla a fetang karolo ea 90 lekholong a tleloubu e bonesang a qetella a fetohile mocheso. Khanya ea senakangoeli, e khantšoang ke phetoho e itseng e rarahaneng ea lik’hemik’hale, e tšepahala ka karolo ea 90 ho ea ho ea 98 lekholong, empa e sa ntše mocheso le o monyenyane. Ka hona, ho nepahetse hore e bitsoe khanya e sa cheseng. Phetoho ea lik’hemik’hale e khantšang e etsahala liseleng tse khethehileng tse bitsoang li-photocyte. Methapo ea kutlo ke eona e etsang hore li-photocyte li taitse.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

John M. Burnley/Bruce Coleman Inc.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

LINTLHA TSE THUSANG HO NTLAFATSA MEKHOA EA HAO EA HO BUA

1. Mamela ka hloko ha ba bang ba bua, ’me e se ke ea e-ba uena feela ea buang. Batho ba ke ke ba tsotella ha u bitsitse lentsoe le itseng hampe kapa u sa beha polelo hantle, empa ba ke ke ba thabela ho ba le motho ea batlang hore ho bue eena feela, a sa mamele ba bang. Bibele e re: ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’—Jakobo 1:19.

2. Thahasella bophelo le lintho tse u potolohileng. Bala lintho tse fapa-fapaneng empa u khethe hore na u bala life. Ha u qoqela ba bang seo u ithutileng sona, qoqa ka boikokobetso, u sa iphahamise.—Pesaleme ea 5:5; Liproverbia 11:2.

3. Eketsa mantsoe ao u ua tsebang ka ho ithuta a mang—empa e be mantsoe a tla u tsoela molemo, eseng mantsoe a thata ao u batlang feela ho hapa thahasello ea batho ka ’ona. Batho ba ile ba re ka Jesu: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Johanne 7:46) Empa esita le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng” ba ne ba se na bothata ba ho utloisisa mantsoe a Jesu.—Liketso 4:13.

4. Bua ka ho hlaka, u bitse mantsoe hantle. Empa u qobe ho bua ka tsela e sa tloaelehang le ka makōkō. Ha re bua ka mokhoa o hlakileng ’me re qoba ho koenya mantsoe kapa ho a khaola ka lehare, re fa puo ea rōna seriti le ho bontša ho nahanela bamameli ba rōna.—1 Bakorinthe 14:7-9.

5. Hlokomela hore bokhoni boo u nang le bona ba ho bua ke mpho e tsoang ho Molimo. Sena se tla u susumelletsa hore u sebelise bokhoni boo hantle ka tlhompho.—Jakobo 1:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Tšoele e na le manaka a bohale haholo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Phil Pellitteri

[Setšoantšo se leqepheng la 22, 23]

Mohetle

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bird of paradise

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Michael S. Yamashita/CORBIS

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Palm cockatoo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Roland Seitre

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela