Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 7/8 maq. 30-31
  • Na ho Siama ho Fosahetse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Siama ho Fosahetse?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea ba Ileng ba Siama Mehleng ea Bibele
  • Lebaka Leo re Siamang ka Lona
  • Le Hoja Re Sareloa, Re na le Tšepo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na ho Utloa Bohloko ba ho Shoeloa ho Fosahetse?
    Tsoha!—1994
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?
    Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 7/8 maq. 30-31

Pono ea Bibele

Na ho Siama ho Fosahetse?

“HO FETA MOO, BARAB’ESO, HA RE BATLE HORE LE HLOKE TSEBO MALEBANA LE BA ROBALANG LEFUNG; E LE HORE LE SE KE LA SARELOA FEELA JOALOKAHA BA BANG KAOFELA BA SE NANG TŠEPO LE BONA BA SARELOA.”—1 BATHESALONIKA 4:13.

BIBELE e fana ka tšepo bakeng sa bohle ba shoeleng. Tsoho ea bafu eo Jesu a ileng a e etsa, haesita le lithuto tsa hae, li lebisa tlhokomelo nakong eo ka eona ba shoeleng ba tlang ho tsosoa. (Matheu 22:23-33; Mareka 5:35, 36, 41, 42; Luka 7:12-16) Tšepo ee e lokela ho re ama joang? Mantsoe a moapostola Pauluse a qotsitsoeng ka holimo a bontša hore tšepo ena e ka re tšelisa ha eo re mo ratang a e-shoa.

Haeba u shoetsoe ke motho eo u mo ratang, ha ho pelaelo hore u utloile bohloko bo tsamaisanang le tlokotsi e joalo maikutlong. Theresa, ea shoetsoeng ke monna oa hae ea lilemo li 42 nakoana ka mor’a ho buuoa pelong, oa hlalosa: “Ke ile ka tšoha haholo! Ntho ea pele, ke ile ka apareloa ke tšabo ka ho feletseng. Eaba ho latela bohloko bo sa tloaelehang bo neng bo ntse bo tota ha nako e ntse e tsoela pele. Ke ne ke sa phetse ho lla.” Na maikutlo a joalo a bontša ho hloka tumelo tšepisong ea Jehova ea ho tsosa bafu? Na mantsoe a Pauluse a bolela hore ho siama ho fosahetse?

Mehlala ea ba Ileng ba Siama Mehleng ea Bibele

Re fumana likarabelo tsa lipotso tseo ka ho hlahlobisisa mehlala ea ba ileng ba siama mehleng ea Bibele. Litlalehong tse ngata lefu la setho se haufi-ufi sa lelapa le ne le lateloa ke nako ea ho siama. (Genese 27:41; 50:7-10; Pesaleme ea 35:14) Maikutlo a amanang le ho siama hona, hangata a ne a e-ba matla haholo.

Ak’u nahane kamoo banna ba bang ba tumelo ba ileng ba siama kateng ka lebaka la lefu la baratuoa ba bona. Ka mohlala, Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla ea hore Molimo o ne a ka tsosa bafu. (Baheberu 11:19) Le hoja a ne a kholisehile hakaalo, ha mosali oa hae a shoa, o ile “a bokollela Sara le ho mo llela.” (Genese 23:1, 2) Ka mor’a hore bara ba hae ba bue leshano le ho mo bolella hore mora oa hae ea ratoang, Josefa o shoele, Jakobo o ile ‘a hahola liaparo tsa hae, a tsoela pele ho mo llela.’ (Genese 37:34, 35) Ka lebaka leo, le ka mor’a lilemo tse ngata ha a nahana ka lefu la mora oa hae ea ratehang, Jakobo o ne a ntse a tepella maikutlo! (Genese 42:36-38) Morena Davida le eena o ile a sareloa pepenene le ka ho teba haholo ka lebaka la lefu la bara ba hae ba babeli Amnone le Absalome. Le hoja ka bobeli ba bona ba ile ba bakela Davida le lelapa la hae matšoenyeho, e ne e ntse e le bara ba hae, ’me lefu la bona le ile la etsa hore a sareloe.—2 Samuele 13:28-39; 18:33.

Ka linako tse ling, sechaba sohle sa Iseraele se ne se siama, joalokaha se ile sa siamela lefu la Moshe. Deuteronoma 34:8 e re bolella hore Baiseraele ba ile ba mo llela ka matsatsi a 30.

Qetellong, ke mohlala oa Jesu Kreste. Motsoalle oa hae ea haufi Lazaro o ile a shoa. ’Me eitse ha Jesu a bona kamoo Maretha le Maria, likhaitseli tsa Lazaro, le metsoalle ea bona e neng e lla kateng, “a bobola moeeng ’me a khathatseha.” Le hoja a ne a tseba hore metsotsong e ’maloa feela o ne a tla tsosa motsoalle oa hae, o ile “a ntša meokho.” Jesu o ne a rata metsoalle ea hae Maretha le Maria. Kahoo o ile a ameha ka ho teba ha a bona kamoo ba neng ba tepelletse kateng ka lebaka la lefu la moena oa bona.—Johanne 11:33-36.

Le hoja Abrahama, Jakobo, Davida hammoho le Jesu ba ne ba e-na le tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae, ba ile ba sareloa. Na ho siama ha bona e ne e le letšoao la ho fokola moeeng? Na ho sareloa ha bona ho ne ho bontša hore ba hloka tumelo tsohong ea bafu? Le hanyenyane! Ho siama ka lebaka la lefu la motho eo u mo ratang ke ntho e tloaelehileng.

Lebaka Leo re Siamang ka Lona

E ne e se morero oa Molimo hore batho ba shoe. Morero oa Jehova oa mathomo, joalokaha o ile oa hlalosetsoa Adama le Eva, e ne e le hore lefatše lohle le fetoloe paradeise e ntle eo ho eona ho neng ho tla tlala lelapa le nang le lerato le le thabileng. Ho ne ho tla ba le lefu feela haeba banyalani ba pele ba ne ba ka khetha ho se mamele Jehova. (Genese 1:28; 2:17) Ka masoabi, Adama le Eva ha baa ka ba mamela, ’me ka lebaka la ho se mamele ha bona, “lefu la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:12; 6:23) Ka lebaka leo lefu ke sera se sehlōhō se neng se sa rereloa ho ba teng.—1 Bakorinthe 15:26.

Kahoo, ke ho utloahalang hore ebe ketsahalo eo e seng ea tlhaho ea lefu la motho ea haufi e bake bohloko bo tebileng ba maikutlo ho bao le ba amang. Lefu le bula sekheo se seholo bophelong ba bona. Theresa, mohlolohali eo ho builoeng ka eena ka holimo, o ile a bua tjena ka monna oa hae: “Kea kholoa hore ke tla ’mona hape tsohong ea bafu, empa ke mo hlōloheletsoe haholo hona joale. Ke sona se nkutloisang bohloko.” Lefu la motsoali le ka ’na la re hopotsa hore le rōna re ka shoa. Lefu la mocha le ka re utloisa bohloko ka ho khetheha hobane ke ketsahalo e sehlōhō ’me ha aa ka a phela bophelo ka botlalo.—Esaia 38:10.

E, lefu hase ntho ea tlhaho. Bohloko bo bakoang ke lona ke ntho e ka lebelloang, ebile Jehova ha a talime ho siama e le ho hloka tumelo tsohong ea bafu. Joalokaha re bone mehlaleng ea Abrahama, Jakobo, Davida, sechaba sa Iseraele le Jesu, ho bontša bohloko boo re bo utloileng ka pelong pepenene hase letšoao le bontšang hore rea fokola moeeng.a

Leha ho le joalo, le hoja rōna joaloka Bakreste re utloa bohloko ka lebaka la lefu, ha re sareloe “joalokaha ba bang kaofela ba se nang tšepo le bona ba sareloa.” (1 Bathesalonika 4:13) Ha re itlohelle hore re sareloe ka tsela e feteletseng hobane ha re hloke tsebo malebana le boemo ba bafu. Rea tseba hore ha ba bohlokong kapa matšoenyehong empa ba boemong bo tšoanang le ba boroko bo tebileng, bo khutsitseng. (Moeklesia 9:5; Mareka 5:39; Johanne 11:11-14) Hape re kholisehile ka ho feletseng hore Jesu, e leng “tsoho le bophelo,” o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho tsosa bohle ba “mabitleng a khopotso.”—Johanne 5:28, 29; 11:24, 25.

Ka lebaka leo, haeba u saretsoe hona joale, tšeliseha ka ho tseba hore Jehova o utloisisa bohloko boo u leng ho bona. E se eka tsebo ena le tšepo ea tsoho ea bafu li ka kokobetsa mesarelo ea hao le ho u thusa ho thulana ka katleho le tahlehelo ea hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa thuso mabapi le ho sebetsana le ho sareloa, bona leqephe la 14-19 la bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela