Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 7/8 maq. 15-18
  • Sebaka se Ikhethang sa Lipalesa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebaka se Ikhethang sa Lipalesa
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Tšoane ho Hlollang
  • Lihlahla Tse Nang le Lero le Tsoekere le Linonyana Tse Monyang Lero le Tsoekere
  • Litšebelisano Tse Ling Tsa Bohlokoa
  • Tšebelisano e Belaetsang
  • Peō ea Limela—Phofshoana e Nang le Bophelo
    Tsoha!—2007
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Mahakoe a Sepakapaka sa Afrika
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 7/8 maq. 15-18

Sebaka se Ikhethang sa Lipalesa

Ka mongoli oa Tsoha! Afrika Boroa

KA MOR’A hore a hlophise lipalesa tsa Afrika ka lihlopha, Carolus Linnaeus, setsebi sa limela sa lekholong la bo18 la lilemo o ile a hlalosa sebaka seo li tsoang ho sona e le “paradeise eane e lefatšeng, Cape of Good Hope, eo ’Mōpi ea Molemo a e ruisitseng ka limakatso tsa Hae tse hlollang ka botle.”

Limela tsena tse bitsoang limakatso tse hlollang ka botle li fumaneha sebakeng se ntlheng e ka boroa ea Afrika. Bajaki ba Madache ba ile ba reha libaka tse nang le limela tseo fijnbosch, e bolelang “hlathe e ntle” kapa “moru o motle.” Kaha lentsoe fijn le bolela “nyenyane,” ho ka etsahala hore ho ne ho hlalosoa makhasi le limela tse nyenyane hammoho le lifate tse tšesaane tse melang sebakeng sena. Ka mor’a nako, lentsoe fijnbosch le ile la fetoha “fynbos.” Makhasi a limela tse melang sebakeng sa Fynbos a ka ’na a e-ba manyenyane ’me a e-ba thata, empa lithunthung tse hlahang moo lia hlolla ka boholo, ka mebala le ka libōpeho.

Fynbos e sebakeng se nang le lipalesa se fapaneng haholo le tse ling lefatšeng—sebaka sa Lipalesa sa Cape.a Le hoja sebaka sena e batla e le se senyenyane haholo, ke lehae la mefuta-futa ea limela—mohloli o mong o re ke mefuta e fetang 8 550—likarolo tse peli ho tse tharo tsa eona ha li fumanoe kae kapa kae lefatšeng.

Table Mountain feela, ho baliloe mefuta ea limela e 1 470! Koranta ea New Scientist e re: “Mefuta ena e mengata ho feta e fumanoang Lihlekehlekeng tsohle tsa Brithani.” Leha ho le joalo, Fynbos e susumelitse le likarolo tse ling tsa lefatše. Joang?

Ho se Tšoane ho Hlollang

Haeba u behile mofuta oa palesa ea geranium fensetereng ea hao, ho ka etsahala hore ebe u hlokomela semela se senyenyane sa mofuta o melang Fynbos. Mefuteng e 250 e itlhahelang ka tlhaho lefatšeng, likarolo tse peli borarong li fumaneha sebakeng sa Fynbos.

Ho phaella moo, karolo ea boraro ea lipalesa tse 1 800 tse oelang lelapeng la Iridaceae e mela mona, ho kopanyelletsa le mefuta e fetang 72 ea gladioli e sa fumaneheng leha e le kae lefatšeng. Ha e le lishoeshoe le vygies tsona, karolo e ntlheng e ka boroa ho Afrika e ikhantša ka mefuta e 1 646 ea tsona.b Tsena li akarelletsa mefuta e sa fetoheng le ha e omisitsoe, e bolokang botle ba eona ’me e sebelisoa ka lilemo mefuteng ea lipalesa tse omisitsoeng.

Leha ho le joalo, mofuta o ikhethang o melang Fynbos, ke palesa e thunyang e bitsoang erica, kapa heath. Mohlolo ke hore, sebaka sa Fynbos se na le mefuta e 625 ea erica ho e 740 e fumanehang lefatšeng lohle!

Lihlahla Tse Nang le Lero le Tsoekere le Linonyana Tse Monyang Lero le Tsoekere

Linnaeus o ile a hlahloba sehlopha se seng sa lipalesa tsa sebaka sa Fynbos tse nang le libōpeho tse ngata tse sa tloaelehang. O ile a li reha Protea (mofuta oa lelapa la Proteaceae), a li rehella ka molingoana oa Bagerike, Proteus, eo ho neng ho lumeloa hore o fetohela mefuteng e fapaneng ea ’mele. Ka kakaretso, mefuta e fapaneng e 328 ea li-protea e simolohile sebakeng sa Fynbos. Ho nyakallisa hakaakang ho hahlaula lithabeng tsa Cape le ho bona ka tšohanyetso protea ea tonana! Ka linako tse ling thunthung ea teng e ba khōlō ho feta sefahleho sa motho.

Protea e ’ngoe e tloaelehileng ke ea sehlahla se nang le lero le tsoekere. Lipalesa tse sefateng sena ekare ke likomiki, ’me li tšetse lero le lengata le tsoekere. Bajaki ba pele-pele ba ne ba tloaetse ho sisinya lipalesa tseo e le ho bokella lero la tsona ka nkhoaneng, ebe hamorao ba belisa lero leo ho etsa sirapo.

Nonyana e monyang lero le tsoekere ea Cape—e fumanehang feela sebakeng sa Fynbos—le eona e rata lero la li-protea. Ka molomo oa eona o molelele le leleme le lelelele, nonyana ena e monyang lero le tsoekere e hula lero le hlahisoang ke semela sena ’me e lebohe ka ho nka peō ea sona e phofo ho e isa paleseng e ’ngoe—e leng tšebeletso e atlehang ea ho jala peō. Ho feta moo, nonyana ena e monyang lero le tsoekere e ja likokoanyana tse hohetsoeng ke lipalesa tsena tse khōlō. Ka hona, nonyana hammoho le palesa ena lia hlokana hore li tsoele pele ho phela.

Litšebelisano Tse Ling Tsa Bohlokoa

Lipalesa tse ling tsa protea li hōlela fatše, li ipata tlas’a limela tse ling. Litali li hoheloa ke lephoka la lipalesa tsena tsa protea le kang la tomoso. Litali tsena li sunya lihlooho tsa tsona lipaleseng tsena, ’me li noa lero ebe li ea paleseng e ’ngoe, ka tsela eo li fetisetse ho eona peō e phofo e lutseng lifahlehong tsa tsona tse boea. Ka tsela ena, litali le li-protea lia sebelisana hore li tsoele pele li phela.

Tšebelisano e tšoanang e fumaneha lipakeng tsa lipalesa tsa erica le linonyana tsa litaletale tse mebala-bala, tse lifuba li ’mala oa lamunu, tse fumanehang feela sebakeng sa Fynbos. Kaha lipalesa tsena li bōpehile joaloka liphaephe tse kobehileng, li loketse melongoana ea litaletale hantle. Ha nonyana ena e sunya molomo oa eona ho monya lero, hlooho ea eona e bokella peō e phofo. Selemo ho pota, li-erica tse thuntseng li khotsofatsa tlhoko ea taletale, ’me semela sena le sona se rua molemo ka tšebetso ea nonyana ena ea ho tsamaisa peō. Ke ho khahlang hakaakang ho tsamaea leralleng le ho shebella tšebelisano-’moho ee!

Libōpuoa tse ling tse phelang ke tsa bohlokoa sebakeng sena sa Fynbos. Ka mohlala, ka ho khetheha serurubele se bitsoang botle ba Table Mountain se tsamaisa peō e phofo mefuteng e 15 ea lipalesa tse khubelu. E ’ngoe ea lipalesa tsena ke disa e tsebahalang haholo, e khabisitseng Table Mountain.

Joale ho na le mefuta ea likhoto tse jang metso e likotola ea limela tsa orchid, likhahla le mefuta ea iris. Likhoto tsa Cape li ea le likotoana tsa metso mekoting ea tsona ’me li e behe. Likarolo tse ling tsa eona li oela tseleng kapa li siuoe li sa jeoa ka mokoting, ’me hangata li mela hape ebe lia hōla.

Peō ea limela tse makholo tsa Fynbos e hlahisa makala a manyenyane a hlabosang, a tšoetšoethang a hasanyang monko o hohelang likokoanyana. Ka mor’a hore likokoanyana li khe “makala” ana, li hulela peō ka tlas’a lefatše. Ka morao ho moo, likokoanyana li ja makala a bonojoana empa li siea karolo e thata ea peō. Ka tsela eo, hamorao peō eo e kupelitsoeng, e sirelelitsoeng linonyaneng le litaling, ea mela.

Ho boetse ho na le lintsintsi tse nang le mokalinyana o molelele o tlohang melomong. Lintsintsi tsena li jala peō ka tsela e babatsehang limeleng tsa Fynbos tse nang le lipalesa tse kobehileng ka ho keneletseng. Ntsintsi e ’ngoe e na le mokalinyana o ka bang bolelele ba lisenthimithara tse robeli. Ka sebele, tšebelisano ke ea bohlokoa bakeng sa hore lintho tse fumanehang Fynbos li lule li phela!

Tšebelisano e Belaetsang

Setsebi sa tikoloho, T.F.J. van Rensburg bukeng ea hae ea An Introduction to Fynbos, se re: “Ho utloisa bohloko hore ebe Motho, eo e leng eena ea fuoeng matla a ho hlokomela Pōpo, maemong a mangata ke eena ea ikarabellang tšenyong ea libaka tsa tlhaho.” Ka sebele, tšenyo e khōlōhali e ’nile ea e-ba teng ka nako e khutšoanyane, joalokaha Dr. Piet van Wyk a hlalosa: “Lilemong tse ka bang 300 kapa tse isang moo ho tloha ha sebaka sena se ne se etsoa kolone, lesabasaba la fynbos le phuleng le ’nile la tsekolloa le ho fetoloa ke motho hoo ho setseng karolo ea 31 lekholong feela . . . ea limela tsa tlhaho tsa fynbos tse ntseng li hlaha. Mefuta e 39 ea fynbos e shoele, ha maemo a tse ling tse 1 033 a fetohile ’me li fumaneha seoelo.”

Liketso tsa motho li boetse li sokela le tšebelisano e teng lipakeng tsa liphoofolo tsa sebaka sa Fynbos le limela. Buka ea Table Mountain—A Natural Wonder, e re: “Ke hona litsebi tsa tikoloho le lintho tse phelang ho eona li qalang ho utloisisa tšebelisano e rarahaneng e teng lipakeng tsa liphoofolo le limela tsa fynbos. Ha semela se e-shoa, na ntho e tsamaisang peō (khoto, serurubele kapa kokoanyana) le eona ea shoa?” Hona ho thoe’ng ka linonyana tsa sebaka sa Fynbos? Ho latela setsebi sa baeloji sa Afrika Boroa, C. J. Skead, bophelo ba linonyana tse monyang lero le tsoekere bo kotsing ka lebaka la “kamano e haufi eo li nang le eona le mefuta ea Protea.”

Litlaleho tse nyahamisang joalo ka sebaka sena sa Fynbos li etsa hore ho be le ngongoreho. Leha ho le joalo, ho batho ba lumelang ho “’Mōpi ea Molemo” joaloka Linnaeus, ho boetse ho na le lebaka la tšepo. Etsoe motho a ka lula a kholisehile hore lefatše le tla atleha le ho tlala lipalesa ho feta leha e le neng pele ha Jehova Molimo a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho “etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lefatše le arotsoe ka libaka tse tšeletseng tsa lipalesa. Libaka tsena li lemohuoe ke litsebi tsa jeokrafi ka lebaka la limela tse ikhethileng tseo li nang le tsona. Sebaka se potolohileng Cape e Afrika Boroa ke se seng sa libaka tsena tse tšeletseng.

b Lishoeshoe ke tsa lelapa la Asteraceae, ’me vygies tsona ke lebitso la mona bakeng sa lipalesa tsa mesems, tsa lelapa la Mesembryanthemum.

[Limmapa tse leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Sebaka sa Fynbos (se bontšitsoe ka botala)

Table Mountain

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

“Painted lady,” o mong oa mefuta e 72 e sa fumaneheng leha e le kae lefatšeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Una Coetzee (www.agulhasfynbos.co.za)

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Li-“protea” tse ling li khōloanyane ho sefahleho sa motho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Nigen Dennis

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Palesa e sa fetoheng sebōpeho e kang monokotšoai

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Nigel Dennis

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Table Mountain feela, ho tlalehiloe ho e-na le mefuta e fapaneng ea limela tse 1 470

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

O mong oa mefuta e mengata ea lishoeshoe tse fumanehang Fynbos

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kirstenbosch, Cape Town

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Botle ba Table Mountain ke mofuta o ikhethang o tsamaisang peō e phofo mefuteng e 15 ea lipalesa tse khubelu

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Colin Paterson-Jones

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

“Pincushion protea”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

National Parks Board of South Africa

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho na le tšebelisano e ikhethang lipakeng tsa lipalesa tsa “erica” le litaletale

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Colin Paterson-Jones

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Li-“protea” le linonyana tse monyang lero le tsoekere tsa Cape ke metsoalle e khethehileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kirstenbosch, Cape Town

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

“Watsonia”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kirstenbosch, Cape Town

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

National Parks Board of South Africa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela