Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 9/8 maq. 5-7
  • Ho Lemoha Matšoao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lemoha Matšoao
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matšoao a Tloaelehileng
  • Ho Loantšana ha Maikutlo ho Ferekanyang Kelello
  • Ho Phela le ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng
    Tsoha!—2004
  • Tšepo Bakeng sa ba Kulang
    Tsoha!—2004
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba E-na le Khatello ea Maikutlo? Ba ka Thusoa Ke’ng?
    Tsoha!—2017
  • Ho Sibolla Motso oa Taba
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 9/8 maq. 5-7

Ho Lemoha Matšoao

“Ho hlomoha ke boikutlo ba tlhaho bo loketseng; ho tepella maikutlong hona ke boloetse. Bothata bo tabeng ea ho utloisisa le ho lemoha phapang pakeng tsa tsona.”—Dr. David G. Fassler.

JOALOKA maloetse a mang, ho tepella maikutlong ho na le matšoao a hlakileng. Empa ha ho bonolo ho lemoha matšoao ao. Hobane’ng? Hobane nako le nako, hoo e batlang e le bacha bohle ba na le linako tsa ho hlonama, joalo feela ka batho ba baholo. Phapang ke efe pakeng tsa ho hlonama feela tjee ho tloaelehileng le ho tepella maikutlong? Boholo bo tsamaisana le ho teba ha boemo le nako eo e bo qetang.

Ho teba ho akarelletsa tekanyo eo ho ameha habohloko maikutlong ho hlokofatsang mocha ka eona. Ho le bohloko ho feta ho nyahama ho itseng ha nakoana, ho tepella maikutlong ke lefu le senyang maikutlo leo ka ho teba le sitisang mocha ho etsa lintho ka tsela e tloaelehileng. Dr. Andrew Slaby o hlalosa bohloko ba boemo bona tjena: “Ak’u nahane ka bohloko bo kenang pelong habohloko boo u kileng ua bo utloa—ba lesapo le robehileng, ba ho opa ha leino kapa ba pelehi—bo atise ka makhetlo a leshome ’me u nke hore ha u tsebe hore na bo bakoa ke eng; joale ke hona u ka batlang u utloisisa bohloko ba ho tepella maikutlo.”

Nako e bolela bolelele boo boemo ba ho nyahama bo e qetang. Ho latela liprofesa tsa bongaka, Leon Cytryn le Donald H. McKnew e monyenyane, “ngoana ea sa bontšeng matšoao a ho tšeliseha kapa a ho khutlela bophelong bo tloaelehileng beke ka mor’a hore a nyahame (ka lebaka leha e le lefe)—kapa ea sa bontšeng matšoao ao nakong ea likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore a hlaheloe ke ntho eo a e nkang e le tahlehelo e khōlō ho eena—o kotsing ea ho tšoaroa ke ho tepella ho hoholo ha maikutlo.”

Matšoao a Tloaelehileng

Ho tepella maikutlo ho lemohuoa feela ha mocha a bonahatsa matšoao a mangata letsatsi le leng le le leng, hangata ka letsatsi, bonyane libeke tse ka bang peli. Ho thefuleha ha nakoana ho bitsoa ketsahalo e tepelletsang. Dysthymia, mofuta o sa foleng oa ho tepella maikutlo ho itekanetseng, o lemohuoa ha matšoao a lula a le teng bonyane selemo, a khefutsa nako e ka tlaase ho likhoeli tse peli. Boemong leha e le bofe, a mang a matšoao a tloaelehileng a ho tepella maikutlo ke afe?a

Ho fetoha ha tšohanyetso maikutlong le boitšoarong. Mocha eo pele a neng a le bonolo ka tšohanyetso o se a fetoha ea hlokang botsoalle. Ho ba lerabele, mohlomong le ho baleha lapeng, ho tloaelehile bacheng ba tepelletseng maikutlo.

Ho itšehla thajana. Mocha ea tepelletseng maikutlong o ikarola ho metsoalle ea hae. Kapa mohlomong metsoalle ke eona e ikarolang ho mocha ea tepelletseng maikutlo ha e hlokomela phetoho eo ba sa e rateng boikutlong le boitšoarong ba hae.

Ho felloa ke thahasello hoo e batlang e le mesebetsing eohle. Ha hoa tloaeleha hore mocha e be ea sa rateng ho etsa letho. Mosebetsi oa ho itlosa bolutu oo haufinyane mocha a neng a o nka o thahasellisa o se a o nka e le o borang.

Phetoho e bonahalang mekhoeng ea ho ja. Litsebi tse ngata li nahana hore maloetse a kang ho itima lijo ho tlōla moo motho a reng o theola boima ba ’mele, ho ja haholo le ho itlhatsisa ka mor’a moo le takatso ea ho ja ho tlōla tekano hangata a tsamaisana le ho tepella maikutlong (’me ka linako tse ling a bakoa ke hona).

Mathata a boroko. Bacha ba robala nako e nyenyane haholo kapa e ngata haholo. Ba bang ba ba le mekhoa e ferekaneng ea boroko, ba falimeha bosiu bohle ’me ba robale letšehare lohle.

Ho se sebetse hantle sekolong. Mocha ea tepelletseng maikutlong o na le mathata a ho se utloane le mesuoe ea hae le lithaka tsa hae, ’me limaraka tsa hae li qala ho theoha. Ho e-s’o ho ee kae, mocha o ba leqe ho ea sekolong.

Ho ba kotsi kapa ho etsa lintho tse mo ntšang kotsi. Liketso tse ‘kotsi-kotsi’ li ka bontša hore mocha ha a thahaselle ho phela. Ho ipoma litho (ho kang ho itšeha letlalo) le hona e ka ba letšoao.

Boikutlo ba ho hloka thuso kapa ba ho ikutloa molato ho sa tšoanelang. Mocha o itšoaea liphoso ho tlōla tekano, o ikutloa a se na thuso esita le haeba maemo a ka bontša ho fapaneng le hoo.

Mathata a tšoaeang lefu la kelello. Haeba ho sa fumanoe lebaka le tšoarehang, ho opa ha hlooho, ho opeloa ke mokokotlo, ho tšoaroa ke mala le mathata a kang ao a ka bontša bothata bo ka sehloohong ba ho tepella maikutlong.

Ho nahana khafetsa ka lefu kapa ho ipolaea. Ho phathahana ka litaba tse nyahamisang ho ka bonahatsa hore mocha o tepelletse maikutlong. Ho joalo le ka litšoso tsa hore o tla ipolaea.—Bona lebokose le ka tlaase.

Ho Loantšana ha Maikutlo ho Ferekanyang Kelello

Matšoao a tšoanang le ana a ka ’na a bonahala boloetseng bo bong bo tsietsang—boloetse ba ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello. Ho latela Dr. Barbara D. Ingersoll le Dr. Sam Goldstein, ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello (ho tsejoang hape e le boloetse ba kelello bo bakelang motho ho thaba le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng) ke “boemo bo iponahatsang ka boikutlo bo matla ba ho tepella bo tsamaisanang le ho thaba kapa ho hlonama le ho ba mafolofolo—ho ba ka tsela e matla hoo ha e le hantle ho fetang thabo e tloaelehileng.”

Boikutlo bona bo matla bo bitsoa ho ferekana kelellong. Matšoao a bona a kopanyelletsa maikutlo a phahameng, ho bua ho feta tekano le ho fokotseha ha linako tsa ho tšoaroa ke boroko. Ha e le hantle, mokuli a ka qeta matsatsi a sa robale ho se letho le bontšang hore o felloa ke matla. Letšoao le leng la ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello ke ho etsa ntho ka maikutlo a phahameng ho sa tsotellehe hore na liphello e tla ba life. U.S. National Institute of Mental Health e re: “Ho ferekana kelello hangata ho ama mokhoa oa ho nahana, oa ho ahlola le ho ba le botsoalle ka litsela tse bakang mathata a tebileng le ho baka ho hlajoa ke lihlong.” Boemo ba ho ferekana kelellong bo nka nako e kae? Ka linako tse ling boemo bona bo nka matsatsi a ’maloa feela, maemong a mang bo nke likhoeli tse ’maloa pele bo suthela mphato oa bona e leng ho tepella maikutlong.

Batho ba kotsing ea ho tšoaroa ke boloetse bona ba ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello, ba akarelletsa litho tsa malapa a batho ba nang le boloetse bona. Litaba tse monate ke hore ho na le tšepo bakeng sa ba tšoeroeng ke lona. Buka ea The Bipolar Child e re: “Haeba boloetse bona bo fumanoe kapele ’me ba phekoloa ka nepo, bophelo ba bana bana hammoho le malapa abo bona e ka ba bo tsitsitseng hantle haholo.”

Ke habohlokoa ho hlokomela hore ha letšoao le itlhahela le le leng, ha le bolele hore motho o tepelletse maikutlong kapa hona ho ba le ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello. Hangata e ba matšoao a mangata a iponahatsang ka nako e telele a etsang hore ho fumanoe hore motho o tepelletse maikutlong. Leha ho le joalo, potso ea sala, Ke hobane’ng ha lefu lee le ferekanyang le hlasela bacha?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Matšoao a boletsoeng mona ke a akaretsang ’me hase a lekanyetsang hore motho o fela a tepelletse maikutlong.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Ha Ngoana A Batla Ho Shoa

Ho latela U.S. Centers for Disease Control, selemong se seng haufinyane tjena bacha ba bangata United States ba ile ba qetoa ke ho ipolaea ho feta ho qetoa ke kankere, lefu la pelo, AIDS, bokooa ba tsoalo, stroke, pneumonia, ntaramane le mafu a sa foleng a matšoafo li kopane. ’Nete e ’ngoe e tšoenyang ke ea hore: Ho ’nile ha e-ba le keketseho e matla tlalehong ea ho ipolaea har’a bacha ba pakeng tsa lilemo tse 10 le tse 14.

Na ho ipolaea ha batho ba lilemong tsa bocha ho ka thibeloa? E, maemong a mang. Dr. Kathleen McCoy oa ngola: “Lipalo-palo li bontša hore bongata ba batho ba ipolaileng ba ile ba leka ho ipolaea pele kapa ka ho fana ka maikutlo a ho batla ho ipolaea le ho fana ka litemoso. Ha ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a fana ka maikutlo a ho nahana ho ipolaea, ke nako ea hore u lebise tlhokomelo e khōlō ho eena le ho batla thuso ea litsebi ha ho khoneha.”

Ho ata ha ho tepella maikutlong ha bacha ho hatisa tlhokahalo ea hore batsoali le batho ba bang ba baholo ba nke ka ho teba matšoao leha e le afe ao mocha a fanang ka ’ona a hore o batla ho ipolaea. Dr. Andrew Slaby, bukeng ea hae ea No One Saw My Pain, oa ngola: “Hoo e batlang e le ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe ea ho ipolaea eo ke e hlahlobileng, matšoao a hore mocha o ne a rera ho hong a ile a hlokomolohuoa kapa a se ke a nkoa ka ho teba. Litho tsa lelapa le metsoalle ba ne ba sa utloisise boholo ba liphetoho tseo ba neng ba li bona. Ba ile ba lebisa tlhokomelo liketsong tseo a li etsang ho e-na le ho hlahloba sesosa sa tsona, ebe ba nahana hore li bakoa ke ‘mathata a lelapa’ kapa ‘tšebeliso ea lithethefatsi’ kapa ‘ho itima lijo ho tlōla ka khopolo ea ho theola boima ba ’mele.’ Ka linako tse ling ho ile ha phekoloa bohale, pherekano le ho teneha kapele empa ha se ke ha phekoloa ho tepella ha maikutlo. Eaba bothata bo ka sehloohong boa sala, bo baka bohloko le ho eketseha ho feta.”

Molaetsa o hlakile: Nka matšoao ’ohle a ho batla ho ipolaea ka ho teba!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ka linako tse ling, ho ba lerabele ke pontšo ea ho tepella maikutlong ho patehileng

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Hangata bacha ba tepelletseng maikutlong ba lahleheloa ke thahasello mesebetsing eo pele ba neng ba e nka e thahasellisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela