Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 leq. 32
  • Kamoo a Ileng a Hapa Moputso oa Pele Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo a Ileng a Hapa Moputso oa Pele Kateng
  • Tsoha!—2002
Tsoha!—2002
g02 3/8 leq. 32

Kamoo a Ileng a Hapa Moputso oa Pele Kateng

Mocha e mong o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Lusaka, Zambia, a bontša kananelo bakeng sa makasine ea Tsoha! O hlalositse hore ka lebaka la makasine ena, o ile a hapa moputso oa pele tlhōlisanong ea ho ngola ea liithuti tsa sekolo se phahameng. Liithuti li ne li fuoe sehlooho se reng “Peiso ea Sepakapakeng—Tšenyo e Khōlō ka ho Fetisisa ea Chelete Lefatšeng” ’me li ne li lokela ho etsa lipatlisiso ka sona. Mocha eo oa hlalosa:

“Kapele ka mor’a moo ke ile ka fumana tokollo ea Tsoha! [ea Senyesemane] ea September 8, 1992. Makasine eo e ne e fupere seo ke neng ke se batla. Ke ile ka qotsa le lihloohong tsa litokollo tse ling tsa Tsoha!” Moputso oa pele o hapiloeng ke mocha enoa o ne o akarelletsa cheke ea R675. Ha a bontša kananelo, o ile a re: “Tsoha! e ipakile e le koranta e hapang moputso ho batho ba bangata.”

Ha batho lefatšeng ka bophara ba nahana ka lenaneo la sepakapaka—ho kopanyelletsa le merero ea mebuso ea ho sireletsa libaka tsa eona litlhaselong—ba bangata baa ipotsa hore na ho tla ke ho be le lefatše le se nang ntoa. Eona potso ena ke sehlooho sa bukana e maqephe a 32 e fanang ka bopaki bo matla ba hore lefatše le joalo le tla ba teng. Empa joang? hona neng?

Re u mema hore u bale bukana ea Will There Ever Be a World Without War? U ka kōpa bukana ena ka hore u tlatse setlankane se bontšitsoeng ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng bukana ea Will There Ever Be a World Without War? (Ha e fumanehe ka lipuo tsa Seafrika.)

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela