Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 leq. 30
  • Diabolose—Na ke Bokhopo bo Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Diabolose—Na ke Bokhopo bo Teng?
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Diabolose—Hase Tumela-khoela Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na Diabolose ke Motho oa Sebele?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 leq. 30

Diabolose—Na ke Bokhopo bo Teng?

MALUMELING a mangata, Diabolose o nkoa haholo e le setšoantšo sa tumela-khoela—o nkoa e le setšoantšo se iqapetsoeng ke batho. Ka lebaka leo, Dionigi Tettamanzi, moarekabishopo oa Genoa—e mong oa bak’hadinale ba ka sehloohong Italy—o ile a tsosa moferefere ka lengolo la hae le maqephe a 40 le eang ho baruti le neng le bua ka mokhoa oa ho hanela Diabolose. Le ne le thathamisitse “melao e leshome.”

Oa Pele: “U se ke ua lebala hore diabolose o teng,” kaha “leshano [la hae] la pele” ke ho “etsa hore re lumele hore ha a eo.”

Oa Bobeli: “U se ke ua lebala hore diabolose ke moleki. . . . U se ke ua nka hore a ke ke a u hlasela kapa hona ho u ntša kotsi.”

Oa Boraro: “U se ke ua lebala hore diabolose o bohlale ka ho fetisisa ’me o masene. O tsoela pele ho thetsa ka ho hohela, e leng seo a ileng a se etsa ho motho oa pele.”

Oa Bone: “Falimeha: mahlong le pelong. Hape e-ba matla: boikemisetsong le bokhabaneng.”

Oa Bohlano: “Lumela ka tieo hore Kreste o hlōtse moleki” kaha sena “se tla u sireletsa le ho u tiisa esita le nakong ea ha u hlaseloa ka mabifi a maholo.”

Oa Botšelela: “Hopola hore Kreste o u entse ea arolelanang tlhōlo le eena.”

Oa Bosupa: “Tsoela pele u mamela Lentsoe la Molimo.”

Oa Borobeli: “Ikokobetse ’me u rate ho behoa tlaase boemong.”

Oa Borobong: “Rapela kamehla, u se ke ua khathala,” e le hore u ka hlōla teko.

Oa Leshome: “Rata Morena Molimo oa hao ’me u rapele eena feela.”

Lengolo lee le neng le e-ea ho baruti le ile la ba le phello efe? Keletso ea lona ha ea ka ea amoheloa hantle ke Setsi sa Lithuto tsa Bolumeli sa Milan. Setsi seo se ile sa pheha khang ea hore “boitsebiso [boo] ba bolumeli ke ba monahano oa boholo-holo.” Ho latela ’muelli oa sona, “ho beha diabolose molato oohle ho ka thusa batho hore ba itlhohlolle boikarabelo ba [liketso tsa bona].”

Le hoja Bibele e sa tlose boikarabelo ba batho liketsong tsa bona, e bontša ka ho hlaka hore Satane Diabolose ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” eena ea ileng a leka Jesu. E boetse e senola matla a Satane le morero oa hae oa ho ‘foufatsa likelello tsa ba sa lumelang.’—2 Bakorinthe 4:4; Matheu 4:1-11.

Ka sebele, joalokaha moapostola Petrose a ile a ngola, Satane o “joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Hase feela moapostola Johanne a ileng a hopotsa balumeli: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Re tla be re etsa hantle ha re sa hlokomolohe temoso ena ea Mangolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela