Mathata a ho ba ’Mè
Ho ba ’mè ke phihlelo e ikhethang le e hlollang. Bo-’mè ba ba le linako tse monate tseo ho seng letho le leng le ka li nkelang sebaka. Empa ka linako tse ling ba bang ba ikutloa eka ba haufi le ho hlanya. Helen o nka hore bophelo ba hae ba ho ba ’mè bo na le mathata a bona. ’Me ho bonahala hore ha nako e ntse e feta, ho ba le mathata a eketsehileng le a maholoanyane.
Bo-’mè ba ka tela nako ea bona ea bolokolohi le e ngata eo ba ka beng ba ikhatholla ka eona e le hore ba kholisehe hore bana ba bona ba hlokometsoe hantle. Esther eo e leng ’mè oa bana ba bahlano o re: “Ho hlokahala hore ke be teng ka linako tsohle. Ho e-na le ho iketla ka bateng, ke se ke hlapa ka potlako shaoareng, ho e-na le hore ’na le mohats’a ka re thabele masutsa a lijo mantsiboea re shebane mahlong, re se re itjella lijo tse phehoang ka lepotlapotla ka microwave. Ha ke sa khona ho etela koana le koana, ho bona libaka kapa ho etsa lintho tse ling. Empa liaparo tsona kea li hlatsoa ke be ke li mene!”
Ho hlakile hore bo-’mè ba bangata ba ne ba tla boela ba bue ka linako tse ikhethang tsa thabo tseo ba bang le tsona ha ba ntse ba hōlisa bana ba bona. Esther o re: “Pososelo eo u e bonang nako le nako, le mantsoe a monate a reng, ‘Kea leboha ’Mè,’ le ho kopuoa ka mofuthu—lintho tsena li u fa matla a ho tsoela pele u khothetse.”a
’Mè oa Hiroa
Bothata bo ka sehloohong bo rarahantseng karolo ea ’mè ke hore ba bangata ba phetha boikarabelo bo tloaelehileng ba lelapa ha ka nako e tšoanang ba etsa se hlokahalang mosebetsing e le hore ba phelise lelapa. Bongata ba bo-’mè bana bo tlameha ho sebetsa hōle le hae, e se ka boikhethelo. Baa tseba hore haeba ba ne ba lula hae, litho tsa malapa a bona, haholo-holo bana ba bona, ba ne ba tla hloka lintho tse ngata. Meputso ea bona—eo hangata e leng tlaase ho feta ea banna ba etsang mosebetsi o tšoanang le oa bona—ke ea bohlokoa haholo.
Ka mohlala, São Paulo, Brazil, karolo ea 42 lekholong ea batho bohle ba sebetsang ke basali. Koranta ea moo e ne e re bo-’mè ba etsang mosebetsi oa ho hōlisa bana ka nako e tletseng ba “kotsing.” Mahaeng a Afrika, ho tloaelehile ho bona ’mè ea roetseng ngata ea patsi hloohong, a pepile ngoana.
Mosebetsi o Boima
Ho phaella mathateng ana, bahiri ba ka ’na ba batla hore bo-’mè ba sebetse lihora tse ngata. Ho ka ’na ha se ke ha fella moo. Ha Maria, ea lulang Greece, a ne a hiroa, mohiri oa hae o ile a mo kōpa hore a saene tokomane eo ho eona a tšepisang hore o tla qeta lilemo tse tharo a sa ime. Haeba a ne a ka ima, o ne a tla tlameha ho lefa. Maria o ile a saena tokomane ena. Empa ka mor’a nako e ka etsang selemo le halofo, o ile a ima. Eaba mohiri oa hae o bontša Maria tokomane eo a ileng a e saena, eena a ea khotla ho ea hanyetsa molao oa k’hamphani eo a e sebeletsang, hajoale o letetse qeto ea lekhotla.
Maemong a itekanetseng, bahiri ba ka ’na ba hatella bo-’mè hore ba khutlele mosebetsing kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a ho beleha. Hangata ha ba fokoletsoe nako ea mosebetsi ha ba khutla. Ka hona ha ho nahaneloe taba ea hore joale ba se ba e-na le boikarabelo ba ho hlokomela lesea. Boemo ba lichelete ha bo ba lumelle hore ba nke lefi e teletsana. Hape ho ka etsahala hore bo-’mè ba tlamehe ho mamella ho siea bana libakeng tsa tlhokomelo ea masea tse sa khotsofatseng, ’me ba fumana thuso e fokolang ea chelete ’musong.
Ka lehlakoreng le leng, bo-’mè ba bang ha ba sebetse hobane ba hloka chelete, empa ba sebeletsa ho ikhotsofatsa. Sandra o ile a etsa qeto ea ho khutlela mosebetsing ka mor’a hore ngoana oa hae oa pele a hlahe, le ka mor’a hore ngoana oa bobeli a hlahe. Ha a nahana hore ka tšohanyetso o ne a ee a iphumane a le mong lapeng le lesea, oa hopola: “Ka linako tse ling ke ne ke ee ke eme fensetereng ke shebe ka ntle ’me ke ipotse hore na ho ntse ho etsahala’ng libakeng tse ling.” Bo-’mè ba bang ba batla ho balehela khatello ea bophelo ba lelapa ka ho ea mosebetsing. Daily Telegraph ea Brithani e itse: “Batsoali ba bang ba batla ho sebetsa lihora tse eketsehileng ka lebaka la khutso e batlang e le teng mosebetsing. Sena se baka mathata a sa feleng, a fokotsang nako eo ba e qetang ba e-na le bana ba ntseng ba tsoela pele ho se ba tsotelle, ho ba mabifi le ho tsoa tseleng.”
Ho Jara Boikarabelo ka ho Leka-lekana
Ho leka-lekanya mosebetsi oa boipheliso le boikarabelo ba lelapa ha ho bonolo. Ha a pheta maikutlo a ba bangata, ’mè e mong oa Netherlands o itse: “Ke namphane ke mokhathala . Ke tsoha ke ntse ke khathetse. Ke fihla lapeng ke shoele ke mokhathala ha ke e-tsoa mosebetsing. Bana ba se ba ntse ba re, ‘’Mè o lula a khathetse,’ ’me seo se etsa hore ke ikutloe ke le molato. Ha ke batle ho lofa mosebetsing, empa ke boetse ke batla ho ba ’mè ea nang le botsoalle ea khonang ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ha ke makhona-tsohle joalokaha ke batla.”
Ke e mong oa bo-’mè ba limilione ba sebetsang ba nang le maikutlo a hore ‘nako e sebelisoang hamolemo’ le bana e batla e koala sekheo sa ho ba sieo khafetsa—’me ba fumane hore maikutlo ao a fosahetse. Kajeno bo-’mè ba bangata ba bolela hore ho leka-lekanya likhatello tsa mosebetsi le boikarabelo ba lelapa ho ba siea ba khathetse haholo, ba le tlas’a khatello e matla ba bile ba lefshoa hanyenyane.
Ha bo-’mè ba qeta nako e telele ba arohane le bana ba bona, bana ha ba fumane seo ba se hlokang haholo—e leng nako le tlhokomelo ea ’mè oa bona. Fernanda A. Lima, setsebi sa likelello tsa bana sa Brazil, o bolela hore ha ho motho ea ka phethang karolo ea ’mè hantle joaloka ’mè. O re: “Lilemo tse peli tse qalang bophelong ba ngoana ke tsa bohlokoahali. Ngoana o sa le monyenyane haholo hoo a ke keng a utloisisa hore na ke hobane’ng ha ’mè oa hae a le sieo.” Motho ea nkileng sebaka sa ’mè a ka fokotsa ho hlorela ha ngoana ’m’ae, empa a ke ke a nka sebaka sa hae. Lima o re: “Lesea lea lemoha hore ha le fumane tlhokomelo e lerato ea ’m’a lona.”
Kathy, ’mè ea sebetsang ka nako e tletseng ea nang le moralinyana, o itse: ‘Ke ile ka ikutloa ke le molato haholo, eka ke mo lahla kherehloa [sekolong sa tlhokomelo ea bana]. Ho bohloko ho tseba hore u lahleheloa ke monyetla oa ho bona ngoana oa hao ha a hōla a tiea, ’me ho bohloko haholo ho nahana hore o tloaetse sekolo sa tlhokomelo ea bana ho u feta.’ Mosali ea tsamaeang le lifofane Mexico o ile a lumela a re: “Ka mor’a nako e itseng, ngoana oa hao ha a sa u tseba, ha a u hlomphe, feela hobane ha u mo hōlise. Baa tseba hore u ’mè oa bona, empa kapele, ba se ba rata ho ba le mosali ea ba hlokomelang ho feta ho ba le uena.”
Ka lehlakoreng le leng, bo-’mè ba lulang hae ka linako tsohle bakeng sa ho hlokomela bana ba bona ba re ba tlameha ho mamella ho nyenyefatsoa le ho khelloa fatše ke sechaba se tloaetseng ho rorisa batho ba sebeletsang moputso. Lichabeng tse ling ho ba ’mè oa lelapa ha ho sa nkoa e le boemo bo hlomphehang, ka hona, basali ba ba tlas’a khatello ea ho ithutela mosebetsi o itseng, le haeba moputso oa monna o lekane.
O Siiloe a le Mong Hore a Ikhoantlelle
Se eketsang mathata a ho ba ’mè ke ’nete ena: A khathalitsoe ke mosebetsi oa letsatsi lohle, ’mè ha a khutlele hae ho tla phomola, empa o tlela ho tla tsoela pele ka mesebetsi e tloaelehileng ea lelapa. Bo-’mè, ebang ba sebetsa mosebetsi oa boipheliso kapa che, hangata ba talingoa e le bona ba ka sehloohong ba ikarabellang bakeng sa ho hlokomela ntlo le bana.
Le hoja palo e hōlang ea bo-’mè e sebetsa lihora tse ngata, hase kamehla bo-ntate ba ba thusang. The Sunday Times ea London e re: “Sechaba sa Brithani ke sa bo-ntate ba sa luleng hae, ho latela patlisiso e ncha e bontšang hore banna ba qeta metsotso e ka bang 15 feela ka letsatsi le bana ba bona. . . . Banna ba bangata ha ba thabele ho qeta nako le malapa a bona. . . . Ha ho bapisoa, ’mè oa Brithani ea sebetsang o qeta metsotso e 90 ka letsatsi a e-na le bana ba hae.”
Banna ba bang ba belaela ka hore basali ba bona ba thatafalloa ho ba fa mosebetsi hobane ba tsitlella hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela ea bona. Banna ba re: “Ha u sa e etse ka tsela eo, u e etsa ka tsela e fosahetseng.” Ho totobetse hore e le hore monna oa hae a mo thuse, ho ka ’na ha hlokahala hore ’mè oa lelapa ea khathetseng a ikemisetse ho tenyetseha mabapi le tsela eo mesebetsi e meng ea lelapa e etsoang ka eona. Ka lehlakoreng le leng, monna ha aa lokela ho sebelisa boemo bona e le lebaka la ho se thuse mosali oa hae.
Mathata a Eketsehileng
Litloaelo tse metseng ka metso le tsona li ka eketsa mathata. Japane ho lebeletsoe hore bo-’mè ba hōlise bana ka tsela e tšoanang le ea lithaka tsa bona. Haeba bana ba bang ba ithuta ho letsa piano kapa ho etsa litšoantšo ka ho taka, ’mè o ikutloa a tlamehile ho etsa hore bana ba hae ba etse se tšoanang. Likolo li hatella batsoali ho etsa hore bana ba bona ba etse mesebetsi e etsoang ka mor’a sekolo eo bana ba bang ba e etsang. Ha ngoana a sa etse lintho tseo ba bang ba li etsang a ka hlorisoa ke bana ba bang, matichere, batsoali ba bana ba bang le beng ka eena. Boemo boa tšoana le linaheng tse ling.
Papatso le ho hohela bareki li ka etsa hore bana ba batle ho rekeloa ntho’ena le ntho’ane. Linaheng tse tsoetseng pele bo-’mè ba ka ’na ba ba le maikutlo a hore ba lokela ho rekela bana ba bona seo ba se batlang hobane ba bona bo-’mè ba bang ba rekela bana ba bona. Haeba ba sitoa ho etsa joalo, ba ka ’na ba ba le maikutlo a hore ba hlōlehile.
Ho tšohla taba ena ea karolo ea bo-’mè kajeno ha hoa lokela ho etsa hore ho hlokomolohuoe mosebetsi o babatsehang oa bo-’mè ba limilione ba sebetsang ka thata, ba itetseng, ba etsang sohle seo ba ka se khonang ho phetha o mong oa mesebetsi e khabane ka ho fetisisa—e leng oa ho hōlisa meloko e tlang ea lelapa la motho. Ena ke tokelo. Bibele e re: “Bana ke tlhohonolofatso le mpho e tsoang ho MORENA.” (Pesaleme ea 127:3, Contemporary English Version) Miriam, e leng ’mè oa bana ba babeli, o bontša hore ke e mong oa bo-’mè ba joalo hantle ha a re: “Ho sa tsotellehe mathata, ho ba ’mè ho na le thabo eo ho seng e ka bapisoang le eona. E etsa hore rōna bo-’mè re khotsofale ha re bona bana ba rōna ba arabela koetlisong le taeong eo ba e fuoang ’me e e-ba sechaba se nang le boikarabelo.”
Bo-’mè ba ka thusoa ke eng hore ba thabele mpho ea bona haholoanyane? Sehlooho se latelang se tla fana ka litlhahiso tse sebetsang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lihlooho tsena li lebisitse tlhokomelo ho bo-’mè ba nyetsoeng. Tokollo ea Tsoha! e latelang e tla sebetsana le mathata a bo-’mè ba se nang balekane le ba sa nyaloang.
[Lebokose le leqepheng la 6]
“Letsatsi la Bo-’mè”
Bofuma, ho se rutehe, ho hloka boikarabelo ha banna, ho hlekefetsa ho sa khaotseng le lefu la seoa la AIDS li hlasela bo-’mè Afrika e ka boroa. Ha e bua ka Letsatsi le leng la Bo-’mè la morao tjena, koranta ea Afrika Boroa, The Citizen, e ile ea tlaleha: “Basali ba likete ba tla hlekefetsoa ke balekane ba bona ’me ba bang ba tla shoa ka Letsatsi la Bo-’mè.” Mathata a joalo a etsa hore bo-’mè ba Afrika Boroa ba likete ba lahle bana ba bona kherehloa selemo le selemo. Lilemong tse peli tse sa tsoa feta, ho bile le keketseho ea 25 lekholong ea bana ba lahliloeng kherehloa. Ho hobe le ho feta ke palo e ntseng e eketseha ea basali ba ipolaeang. Haufinyane tjena, mosali e mong oa sebakeng se hlasetsoeng ke bofuma o ile a beha bana ba hae ba bararo sefubeng, a ema ka pel’a terene e atamelang. Ba ile ba shoa kaofela. Hore ba iphelise, bo-’mè ba bang ba fetoha matekatse le ho rekisa lithethefatsi tse seng molaong kapa ba khothalletsa barali ba bona ho etsa joalo.
Ho tlalehoa hore Hong Kong “bo-’mè ba bang ba bacha ba bolaea masea a bona ha ba beleha kapa ba a akhela ka meqomong ea lithōle, kaha ha ba khone ho sebetsana le likhatello.” South China Morning Post e boletse hore basali ba bang ba bacha ba nyetsoeng Hong Kong “hona joale ba tlas’a khatello e khōlō [hoo] likelello tsa bona li ferekanang ho ea bohōleng boo ba ipolaeang.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
Boemo ba ho ba ’mè Linaheng Tse sa Tšoaneng
Nako e fokola haholo
❖ Phuputso e entsoeng Hong Kong e bontšitse hore karolo ea 60 lekholong ea bo-’mè ba sebetsang ha e qete nako e lekaneng le bana. Matsatsing a mosebetsi ba etsang karolo ea 20 lekholong ho bana ba lilemo li tharo ho ea tlaase bao batsoali ba bona ba sebetsang, ha ba lule hae hangata ba lula le batsoali ba batsoali ba bona nakong eo.
❖ Basali ba Mexico ba qeta lilemo tse ka bang 13 bophelong ba bona ba hlokomela bonyane ngoana a le mong ea ka tlaase ho lilemo tse hlano.
Bo-’mè le mosebetsi
❖ Ireland karolo ea 60 lekholong ea basali e lula hae bakeng sa ho hlokomela bana. Greece, Italy le Spain, hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea basali e etsa se tšoanang.
Ho thusa ka mesebetsi ea lapeng
❖ Japane, karolo ea 80 lekholong ea bo-’mè ba malapa e boletse hore e lakatsa eka setho se seng sa lelapa se ka ba thusa ka mesebetsi ea lapeng, haholo-holo ha ba kula.
❖ Netherlands banna ba qeta lihora tse ka bang peli ka letsatsi ba e-na le bana ba bona le 0,7 ea hora ba etsa mesebetsi ea lapeng. Basali ba qeta lihora tse ka bang tharo le bana ba bona le tse 1,7 ba etsa mesebetsi ea lapeng.
Bo-’mè ba imetsoeng
❖ Jeremane karolo e ka holimo ho 70 lekholong ea bo-’mè e ikutloa e imetsoe. Hoo e ka bang karolo ea 51 lekholong e lla ka lesapo la mokokotlo le seholoholo. Ba ka holimo ho karolo ea boraro ba lula ba khathetse ’me ba nyahame. Hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong e khathatsoa ke hlooho e ngabaolang.
Bo-’mè ba hlekefetsoang
❖ Hong Kong basali ba etsang karolo ea 4 lekholong bao ho buisanoeng le bona ha ho etsoa phuputso ba boletse hore ba hlekefelitsoe nakong ea boimana ba bona.
❖ Phuputso ea makasine ea Focus Jeremane e bontšitse hore hoo e ka bang ’mè a le mong ho ba tšeletseng o lumetse hore o kile a otloa ke ngoana oa hae bonyane hang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho ba ’mè ho ka ba boima, kaha basali ba bangata ba tlameha ho leka-lekanya mosebetsi oa boipheliso le bophelo ba lelapa