Ho Etsa Hore Boimana ba Hao e be bo Sireletsehileng
KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO
HO LATELA Letlōle la Baahi la Machaba a Kopaneng, selemo se seng le se seng basali ba fetang halofo ea milione ba bolaoa ke mathata a tsamaisanang le boimana. Ho feta moo, Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (UNICEF) le tlaleha hore ka selemo, basali ba fetang limilione tse 60 ba ba le mathata a tebileng ha ba imme ’me ba ka etsang karolo ea boraro ea bona ba sala ba holofetse kapa ba tšoaelitsoe lefu le itseng. Linaheng tse tsoelang pele basali ba bangata ba ima ba sa tsoa ima, ba pepa joalo-joalo ’me ba sitoa ho itlhokomela, e leng ho ba sieang ba khathetse ba bile ba kula. E, ho ima ho ka ba kotsi—ho ka ba ha bolaea. Na ho na le seo mosali a ka se etsang hore a sireletsehe ha e le moimana?
Ho Itlhokomela Pele ho Boimana
Thero. Banna le basali ba ka ’na ba lokela ho buisana ka hore na ba batla ho ba le bana ba bakae. Linaheng tse tsoelang pele ho tloaelehile ho bona basali ba nang le bana ba banyenyane ba anyesa oa lesea, ha ka nako e tšoanang ba lebeletse le leng. Ho rera lintho ka hloko le ho nahanela ho ka etsa hore bana ba hlahlamisoe hantle, e leng se tla imolla mosali hore a boele a tiee ka mor’a ho pepa.
Phepo. Ho latela Coalition for Positive Outcomes in Pregnancy, pele mosali e e-ba moimana, o hloka bonyane likhoeli tse ’nè e le hore ntho leha e le efe e kotsi eo a neng a e sebelisa e tsoe ’meleng ’me a fepehe ka ho lekaneng. Ka mohlala, monyetla oa hore ngoana a hlahe a holofetse lesapo la mokokotlo, e leng ho bakoang ke ho koaleha ha mothapo o hlahisang lesapo la mokokotlo, o fokotseha haholo ha ’mè ea lebeletseng ngoana a e-na le folic acid e ngata ’meleng. Kaha mothapo ona o hlahisang lesapo la mokokotlo leseeng le ka pōpelong o koaleha ka mor’a matsatsi a 24 ho ea ho a 28 ka mor’a kemolo—le pele basali ba bangata ba lemoha hore ke baimana—basali ba bang ba rerang ho ima ba iphepa ka folic acid.
Ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke tšepe. Ha e le hantle, nakong eo mosali a immeng, o hloka tšepe e ngata le ho feta. Haeba e se ngata ’meleng—e leng bothata ba basali ba bangata linaheng tse tsoelang pele—a ka ba le bothata ba khaello ea tšepe maling. Boemo bona bo ka mpefala ha a boetse a ima, kaha mosali a ka se be le nako e lekaneng ea ho haha tšepe ’meleng pele a ba le ngoana e mong.a
Lilemo. Bananyana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 ba na le monyetla oa 60 lekholong oa hore ba shoe nakong ea boimana ho feta ba lilemong tse 20 ho ea holimo. Ka lehlakoreng le leng, basali ba seng ba fetile lilemo tse 35 ba na le monyetla o moholo oa ho ba le bana ba lihole, ba kang ba nang le Down’s syndrome. Bo-’mè ba banyenyane haholo lilemong kapa ba seng ba fetile lilemo tsa ho ba le bana ba na le monyetla o moholo oa ho finahana mesifa nakong ea boimana. Ho kula hona ho ka ’na ha bonahala ka ho ba le khatello e phahameng ea mali ka mor’a libeke tse 20 tsa boimana, borurusi le ho eketseha ha protheine moseseng, ’me ho eketsa menyetla ea hore ’mè le ngoana oa hae ba shoe.
Tšoaetso. Tšoaetso moseseng, molomong oa pōpelo le ka maleng nakong ea ho ima e ka mpefala ’me e ka eketsa menyetla ea hore ngoana a hlahe pele ho nako le ho baka ho finahana mesifa. Ho molemo ho phekola tšoaetso leha e le efe pele ho ho ima.
Ho Itlhokomela Nakong ea Boimana
Ho itlhokomela pele ngoana a hlaha. Ho bona ngaka khafetsa nakong ea boimana ho fokotsa menyetla ea hore ’mè a shoe. Esita le linaheng tseo ho tsona ho haellang litleliniki le lipetlele, bapepisi ba rupetsoeng hantle ba ka fumaneha.
Ho itlhokomela pele ngoana a hlaha ho ka thusa ba koetlisitsoeng ho lemoha maemo a ka hlokang tlhokomelo e khethehileng. Maemo ana a akarelletsa ho ima mafahla, ho ba le khatello e phahameng ea mali, mathata a pelo le a liphio le lefu la tsoekere. Linaheng tse ling, mosali ea immeng a ka entoa ka tetanus toxoid ho mo thibela ho khathatsoa ke likerempe ka mor’a ho pepa. A ka boela a hlahlojoa hore na ha a na baktheria ea Group B Streptococcus ha a le libeke tse 26 ho isa ho tse 28 e le moimana. Haeba libaktheria tsena li le teng maleng, li ka tšoaetsa ngoana nakong eo a hlahang ka eona.
’Mè oa moimana o lokela ho ikemisetsa ho fana ka boitsebiso bohle ha a le ngakeng, ho akarelletsa le histori ea bokuli ba hae. O boetse o lokela ho botsa lipotso ka bolokolohi. Ho lokela ho fumanoe thuso ka potlako haeba ’mè oa moimana a ka ilela khoeli, a ruruha sefahleho ka tšohanyetso, a tšoaroa ke hlooho e matla kapa e sa khaotseng, kapa a opeloa ke menoana, a fifalloa ke pono kapa a bonela leroothong, a tšoaroa ke lehlaba le matla mpeng, a hlatsa khafetsa, a ba le serame kapa feberu, ha ba le phetoho tseleng eo ngoana a tloaetseng ho sisinyeha ka eona kapa a qala ho sisinyeha haholo, a tsoa metsi sethong sa botšehali, a opeloa ha a ntša metsi kapa a haelloa ke mosese ka tsela e sa tloaelehang.
Joala le lithethefatsi. Ha ’mè a noa joala ’me a sebelisa lithethefatsi (ho akarelletsa koae), o eketsa menyetla ea hore ngoana oa hae a holofale kelellong, ’meleng esita le ho itšoara ka tsela e sa tloaelehang. Bana ba bo-’mè ba lemaletseng lithethefatsi ba bile ba tsejoa ka ho ba le matšoao a lesasa. Le hoja batho ba bang ba lumela hore ho noa khalase e le ’ngoe ea veine ha ho kotsi, hangata litsebi ha li ho khothalletse ho hang nakong eo motho e leng moimana. Bo-’mè ba immeng ba boetse ba lokela ho ela hloko hore ba se heme mosi oa koae.
Meriana. ’Mè oa moimana ha aa lokela ho noa moriana leha e le ofe ntle leha a laetsoe ke ngaka e tsebang boemo ba hae ’me e hlahlobile hore na o mo loketse. Livithamine tse itseng tse tlatsetsang le tsona li ka ba kotsi. Ka mohlala, vithamine A e ngata e ka holofatsa lesea le e-s’o tsoaloe.
Ho nona. Mosali oa moimana o lokela ho qoba ho fetelletsa lintho. Ho latela Krause’s Food, Nutrition and Diet Therapy, ho na le menyetla e 40 ea hore ngoana ea hlahang a le boima bo fokolang a shoe, ho feta ea ngoana ea hlahang a le boima bo tloaelehileng. Ka lehlakoreng le leng, ho jela batho ba babeli ho ka etsa hore a none. Ho nona ka tsela e itekanetseng—ho bonahalang haholo khoeling ea bone ho ea pele—ho bontša hore ’mè ea lebeletseng ngoana o ja ka ho lekaneng ho latela litlhoko tsa hae tse eketsehileng.b
Bohloeki le lintho tse ling tse ka nahaneloang. Moimana o ntse a ka tola ka bateng le ho hlapa shaoareng, empa ha aa lokela ho sebelisa metsoako e hloekisang setho sa hae sa botšehali. Mosali oa moimana o lokela ho qoba ho ba haufi le motho leha e le ofe ea nang le tšoaetso ea vaerase, e kang lekhopho eo hape e bitsoang maselese. Ho feta moo, e le hore a thibele tšoaetso tsamaisong ea methapo ea kutlo, o lokela ho ba hlokolosi ho qoba ho ja nama e sa butsoang hantle ’me o lokela ho qoba ka ho khetheha mantle a likatse. Mekhoa e tloaelehileng ea bohloeki, e joaloka ho hlapa matsoho le ho hlatsoa lijo tse sa phehoang ke ea bohlokoa. Ho kopanela liphate ha ho atise ho ba kotsi, ntle le libekeng tsa ho qetela tsa boimana kapa haeba moimana a tsoa mali haholo, a e-na le likerempe, kapa a ile a senyeheloa ke mpa nakong e fetileng.
Ho Pepa ka Katleho
Mosali ea itlhokomelang nakong ea ha a ntse a lebeletse lesea o iphokoletsa mathata ha a il’o pepa. Ha ho pelaelo hore o tla be a rerile hore na o batla ho pepela hae kapa sepetlele. Hape o tla be a tseba hantle seo a lokelang ho se lebella le kamoo a ka sebelisanang kateng le mopepisi ea nang le tsebo kapa ngaka. Motho eo eena o tla be a tseba khetho ea mosali enoa—moo ho khonehang hore a khethe—linthong tse kang boemo boo a batlang ho pepa a le ho bona, hore na a sehoe ho mo thusa ha a pepa, hore na ho sebelisoe litšepe tse tšoarang lesea, a fuoe litlhare tse thethefatsang bohloko le hore na lesea le shejoe ka mochine. Ho lokela ho be le tumellano le linthong tse ling: Haeba mosali ea pepelang hae a e-ba le mathata, ba tla ea sepetleleng sefe kapa tleliniking efe? Ho tla etsoa’ng haeba a lahleheloa ke mali a mangata? Kaha ho tsoa mali haholo ho bolaea bo-’mè ba bangata, ho lokela ho be le lintho tse sebelisoang bakeng sa mali molemong oa bakuli ba sa amoheleng tšelo ea mali. Hape ho lokela ho nahanoe esale pele hore na ho tla etsoa joang haeba ho ka hlokahala hore mosali eo a pepisoe ka thipa.
Bibele e re bana ke “lefa,” tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 127:3) Ha mosali a tseba haholoanyane ka ho ima ha hae, o tla atleha haholoanyane. Ka ho itlhokomela pele a ima, nakong eo a immeng le ka ho nahana esale pele ka mekhoa e sa tšoaneng ea ho pepa, mosali o tla be a etsa sohle seo a ka se khonang ho tiisa hore ho ima ha hae ho sireletsehile.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lijo tse ling tse nang le folic acid le tšepe ke sebete, linaoa, meroho e metala, linate le lijo-thollo. E le ho fumana tšepe e ngata lijong, ho ka ’na ha thusa ho kopanya lintho tsena le tse ling tse nang le vithamine C, tse kang litholoana tse sa tsoa khuoa.
b Ho bontšoa hore mosali ea imang a le boimeng bo itekanetseng ba ’mele, qetellong a ka ba le boima bo eketsehileng ka lik’hilograma tse 9 ho ea ho tse 12. Leha ho le joalo, ba imang ba le lilemong tsa bocha kapa bo-’mè ba haelloang ke phepo e nepahetseng ba ka ba le boima bo eketsehileng ba ’mele ka lik’hilograma tse 12 ho ea ho tse 15, ha ba immeng nakong eo boima ba bona ba ’mele bo neng bo feta bo amohelehang bona ba lokela ho eketseha feela ka lik’hilograma tse 7 ho ea ho tse 9.
[Lebokose le leqepheng la 14]
LITLHAHISO BAKENG SA BASALI BA BAIMANA
● Lijo tsa letsatsi le leng le le leng tsa mosali oa moimana li lokela ho akarelletsa litholoana, meroho (haholo-holo e metala, e ’mala oa lamunu le e mefubelu), linaoa (ka mefuta ea tsona, lensisi, le lierekisi), lijo-thollo (ho akarelletsa koro, poone, oats, le harese—haholo-holo ha e le likhobe kapa li haitsoe), lijo tse tsoang liphoofolong (tlhapi, nama ea khoho, nama ea khomo, mahe, chisi le lebese, haholo-holo le okotsoeng mafura). Mafura, tsoekere le letsoai li lokela ho sebelisoa ka tekanyetso. Noa metsi a mangata. Qoba ho noa lino tse nang le k’hafeine, hammoho le lijo tse nang le metsoako e li thibelang ho bola le e meng (e kang e fanang ka ’mala le tatso). Setache, mobu le lintho tse ling tse sa jeoeng li ka baka khaello ea phepo e nepahetseng le ho ba chefo.
● Hlokomela likotsi tse ka bang teng tikolohong eo u leng ho eona, tse kang ho pepesehela mechine ea X-ray le lik’hemik’hale tse kotsi. Lekanyetsa linyanyatsi tseo u li sebelisang le lintho tse ling tsa ka tlung. U se ke ua chesa haholo ka lebaka la ho ba tlas’a mocheso o feteletseng kapa ka lebaka la ho ikoetlisa haholo. Qoba ho ema nako e telele le ho sebetsa haholo. Itlame ka lebanta la pholoso ka tsela e nepahetseng.