Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 8/8 maq. 16-17
  • Na Molimo o Hlile o Tsotella Bana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Hlile o Tsotella Bana?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Nyatsa Bahlekefetsi
  • Jehova o Rata Bana
  • Tšepo Bakeng sa Bana
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang
    Tsoha!—2005
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 8/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Na Molimo o Hlile o Tsotella Bana?

BANA ba limilione tse makholo ba tšoaroa hampe, baa hlekefetsoa le ho hlaseloa ka mabifi selemo se seng le se seng. Ba bangata ba sebetsa joalokaha eka ke makhoba tlas’a maemo a kotsi. Ba bang baa koeteloa ’me ba qobelloa ho ba masole kapa ho ba matekatse a bana. Tšepo ea bana ba bangata e sentsoe le ho feta ke beng ka bona ba kopanelang liphate le bona kapa ho tšoaroa ka sehlōhō ka litsela tse ling.

Hoa utloahala hore batho ba tšepahalang, ba tsotellang, ba tšoenngoa ke mahlomola ana a bana. Le hoja ba lumela hore meharo ea batho le tšenyeho ke tsona tse ikarabellang haholo tšoarong e mpe joalo, ba bang ba ntse ba fumana ho le thata ho amohela hore Molimo ea lerato o ne a ka lumella ho hloka toka ho joalo hore ho etsahale. Ba ka ’na ba nahana hore Molimo o lahlile bana bana le hore mohlomong ha a bile ha a ba tsotelle. Na hoo ke ’nete? Na ’nete e bohloko ea hore bana ba tšoaroa hampe ’me hangata baa hlekefetsoa e bolela hore Molimo ha a ba tsotelle? Bibele eona e re’ng?

Molimo o Nyatsa Bahlekefetsi

Ha ho mohla Jehova Molimo a ileng a rera hore bana ba tšoaroe hampe ke batho ba baholo ba sehlōhō. Ho hlekefetsa bana ke e ’ngoe ea liphello tse bohloko ka ho fetisisa tsa ho rabela ha batho serapeng sa Edene. Ho hana hoo bobusi ba Molimo ho ile ha bula khoro hore batho ba bang ba tšoare ba bang hampe ka bokhopo.—Genese 3:11-13, 16; Moeklesia 8:9.

Molimo o nyonya ba sebelisang hampe batho ba fokolang le ba se nang ba ka ba sireletsang. Lichaba tse ngata tsa boholo-holo tse neng li sa sebeletse Jehova li ne li etsa mahlabelo ka bana, empa Jehova o ile a re sena e ne e le ‘ntho eo a neng a sa ka a e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea hae.’ (Jeremia 7:31) Molimo o ile a lemosa batho ba hae ba boholo-holo: “Haeba u ka mo hlorisa [moshanyana ea se nang ntate], joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae; ruri bohale ba ka bo tla tuka.”—Exoda 22:22-24.

Jehova o Rata Bana

Kameho ea Molimo ka bana e bonahala litaelong tse bohlale tseo a li fang batsoali. Bana ba hōletseng lelapeng le sireletsehileng ba na le monyetla oa ho ba batho ba baholo ba hōlileng tsebong, ba tsitsitseng. Ka hona, ’Mōpi oa rōna o ile a theha lenyalo, tokisetso ea bophelo bohle eo ho eona ‘monna a tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e be nama e le ’ngoe.’ (Genese 2:24) Ka Bibeleng, ho kopanela liphate ho lokela ho etsoa feela ke batho ba nyalaneng e le hore bana leha e le bafe ba ka hlahang ba tsebe ho hlokomeloa hantle tikolohong e tsitsitseng.—Baheberu 13:4.

Mangolo a boetse a hatisa bohlokoa ba koetliso ea batsoali. Bibele e re, “Bara ke lefa le tsoang ho Jehova; litholoana tsa mpa ke moputso. Joaloka metsu letsohong la monna ea matla, bara ba bocha ba joalo.” (Pesaleme ea 127:3, 4) Bana ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo, ’me o batla hore ba atlehe. Molimo o khothalletsa batsoali ka matla hore ba fe bana ba bona tataiso e ntle bophelong, feela joalokaha ea fulang metsu a korola ka hloko ha a betsa metsu. Lentsoe la Molimo lea laela: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.

Tsela e ’ngoe eo Jehova a bontšitseng hore o rata bana ka eona ke ka ho ruta batsoali hore ba sireletse bana ba bona likoeteng. Iseraeleng ea boholo-holo, esita “le bana ba banyenyane” ba ne ba laeloa hore ba mamele Molao, o neng o akarelletsa ho khetholla boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng ba ho kopanela liphate. (Deuteronoma 31:12; Levitike 18:6-24) Molimo o batla hore batsoali ba etse sohle seo ba ka se khonang ho sireletsa bana ba bona mothong leha e le ofe ea ka ba tšoarang hampe kapa a ba hlekefetsa.

Tšepo Bakeng sa Bana

Lerato la Jehova le sa feleng ho bana le ile la bonahatsoa ka tsela e babatsehang ke Jesu Kreste, e leng eena ea bonahatsang ka ho feletseng botho ba Ntate oa hae. (Johanne 5:19) Ha baapostola ba hae ba ne ba etsa boiteko bo fosahetseng moo ba reng ba thusa Jesu, ’me ba hanela batsoali ho tlisa bana ba bona ba banyenyane ho eena, Jesu o ile a ba khalemela ka matla. O ile a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na. . . . Eaba o sika bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa.” (Mareka 10:13-16) Bana ke ba bohlokoa mahlong a Jehova Molimo le a Mora oa hae.

Ha e le hantle, ka Morena eo a mo khethileng, Jesu Kreste, haufinyane Molimo o tla nka khato ho imolla bana ba tšoeroeng hampe. Bahanyapetsi ba meharo le bahlekefetsi ba sehlōhō ba lefatše lena ba tla felisetsoa ruri. (Pesaleme ea 37:10, 11) Ha e le ba ikokobelitseng ba batlang Jehova, Bibele e re ka bona: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Khabareng, Molimo o bontša lerato la hae hona joale ka ho fana ka thuso ea moea le ea maikutlo ho bohle ba tšoaroang hampe le ba hlekefetsoang. Oa tšepisa: “E lahlehileng ke tla e batla, ’me e hlahlathetseng ke tla e khutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa ’me e kulang ke tla e matlafatsa.” (Ezekiele 34:16) Ka Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le ka phutheho ea Bokreste, Jehova o tšelisa bana ba hateletsoeng le ba futsanehileng. Ho thabisa hakaakang ho tseba hore hona joale, feela joalokaha a tla etsa le ka moso, ‘Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, . . . o re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna.’—2 Bakorinthe 1:3, 4.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

© Mikkel Ostergaard /Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela